Skip to main content
x

From The Desk of the President

MaAfrika Borwa a Heso a Ratehang,
 
Esale ho tloha maqalong a Motsheanong, ha re ne re qala ho nyehlisa ho kginwa ha ditshebeletso butle-butle naheng ka bophara ka lebaka la kokwanahloko ya corona, batho ba bangata ba qadile ho kgutlela mesebetsing.
 
Jwaloka karolo ya mokgahlelo wa tlhasimollo ya moruo, dikhamphani tsa diindaseteri tse itseng di kgonne ho bula karolo e itseng kapa dikarolo kaofela tsa ditshebetso tsa tsona.
 
Mohato wa naha wa temoso ka kokwanahloko ya corona hajwale ke wa bo-4, e leng se bolelang hore maemo a matla a ho fadimeha a ntse a le tshebetsong ho ngotla ditshwaetsano ka hara badudi. Morero wa rona ke ho fokotsa ka hanyane mohato wa temoso ka ho boloka sekgahla sa tshwaetso se le tlase le ho etsa hore tsamaiso ya rona ya tsa kalafo e be malala-a-laotswe bakeng sa keketseho e kekeng ya thibelwa ya ditlaleho.
 
Ha ho kginwa ha ditshebeletso ho nyehlisitswe butle-butle, bophelo bo tla nne bo kgutle hanyane-hanyane. Feela e keke ya ba bo tshwanang le ba pele.
 
Leha ho sa na le ho hongata ho sa tsejweng ka sewa sena, ditsebi jwale di a dumela hore kokwanahloko ena e tla dula e le tshoso bophelong bo botle ba setjhaba lefatsheng bakeng sa nako e telele.
 
Ha ho le jwalo re lokela ho ikemisetsa ho phela le kokwanahloko ya corona bakeng sa selemo kapa le ho feta moo.
 
Re lokela ho ikemisetsa dinnete tse ntjha moo ntwa kgahlanong le COVID-19 e tla ba karolo ya bophelo ba rona ba letsatsi ka leng.
 
Katleho ya rona mabapi le ho hlola kokwanahloko ya corona qetellong e tla laolwa ke diphethoho tseo re di etsang boitshwarong ba rona.
 
Le kamora ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho – haholoholo kamora ho kginwa ha ditshebeletso – re tla nne re lokele ho tsitlallela ho sielana sebaka, ho kenya di maske, ho dula re hlapa matsoho kgafetsa, le ho phema ho thetsana le batho ba bang.

Re tla lokela ho hlophisa botjha dibaka tsa tshebetso, dikolo, diyunivesithi, dikoletjhe le dibaka tse ding tsa setjhaba ho diehisa tshwaetso.
 
Re tla lokela ho itlwaetsa ditsela tse ntjha tsa ho rapela, tsa phedisano, tsa ho ikwetlisa le dikopano tse tla fokotsa menyetla ya hore kokwanahloko ena e ate.
 
Ena ke nnete eo dinaha ho phatlalla le lefatshe di lokelang ho tobana le yona. Le dinaha tse seng di qadile ho nyehlisa dithibelo tsa tsona tsa ho kgina ditshebeletso le metsamao ya batho di etsa seo nakwana le ka hloko e kgolo.
 
Jwaloka ha re entse, dinaha tse ngata di kenya tshebetsong mehato ya tlhasimollo bakeng sa ho matlafatsa makala a tsona a tlhokomelo ya kalafo ka ho latelana, di tshehetsa diindaseteri tse hlotsang le basebetsi mme di fana ka kimollo malapeng a tsietsing.
 
Jwaloka rona,di ile tsa tshwanela ho ananela dikgoeletso tsa hore mesebetsi ya moruo e qale. Jwalo feela ka baahi ba rona, batho ba bo bona ba tsielehile le ho nyahama ka lebaka la ho thibelwa ha ditokoloho tsa bona.
 
Hona moo, ditsebi tsa kalafo lefatsheng ka bophara di lemosa mabapi ‘leqhubu la bobedi’ la ditshwaetso ha bophelo bo tlwaelehileng bo qala. Dinaha tse ngata tse kenyeletsang Jeremane, Iran le Tjhaena di bile le ho ropoha ha ditshwaetso tse ntjha esale ho nyehliswa dithibelo tse itseng.
 
Ha re a fapana le bona. Re ka nna le ho lebella ditshwaetso ho phahama ha batho ba bangata ba boela mesebetsing. Re lokela ho amohela nnete ena, ho itokisetsa yona le ho e tlwaela.
 
Mokgahlelo o latelang wa karabelo ya rona ya naha ke haholo ka kgatelopele jwalo feela le ka diphethoho le ntjhafatso. Re tla eketsa ka botebo lenaneo la ho hlahlobisiwa ha batho ka botebo, la diteko le taolo ya ditlaleho. Re tla tsebahatsa ditsela tse ntjha tse hlwahlwa tsa ho ba mohlaleng wa ba kopaneng le batho ba tshwaeditsweng. Re tla lokela ho kenya tshebetsong ho hlwekisiswa ha dibaka tsa tshebetso ka bongata, dipalangwang tsa setjhaba le dibaka tse ding.
 
Esale ho kginwa ha ditshebeletso ho qala ho phatlalla le naha, boholo ba maAfrika Borwa a ikobetse melawana e tekilweng bakeng sa bophelo le polokeho ya ona. A entse diqeto tse hlwahlwa tsa ho etsa jwalo, a utlwisisa hore sena se a hlokeha bakeng sa maphelo a bona le maphelong a ba haufi le bona.
 
Ha dithibelo tsa mesebetsi ya moruo le tsa bophelo ba kamehla di nyehliswa, ho bohlokwa hore maAfrika Borwa ohle a dule a na le kelello eo e tiileng ya boikarabelo. Ho tsohle tseo re di etsang, dikarolong tsohle tsa bophelo, re lokela ho hlokomela boitekanelo ba rona le boitekanelo ba ba bang.
 
E ka ba re le batho ka bo mong, bahiri, basebeletsi, mmuso, setjhaba ka kakaretso, mekgatlo ya basebetsi kapa dikgwebo, bohle re tla tswella ho ba le karolo eo re e bapalang mabapi le ho lwantsha sewa sena.
 
Ka tsela e tshwanang le eo re ileng ra lokela ho fetola boitshwaro ba rona ka yona bakeng sa ho thibela ho ata ha HIV, jwale re lokela ho fetola boitshwaro ba rona ho kgina kokwanahloko ya corona.
 
Ho kenya tshebetsong ho kginwa ha ditshebeletso naheng ka bophara hore file monyetla wa lewa. Ho re file nako ya bohlokwa ya ho lokisa tsamaiso ya rona ya bophelo bo botle le ho teka ditsela tsa thibelo. Sena se diehisitse tshwaetso le ho baballa maphelo.
 
Ho tshelela mokgahlelong o latelang wa karabelo ho kokwanahloko ya corona, e leng wa tlhasimoloho, o tla ba boima ho feta wa hona jwale. Kotsi ya ho ropoha ha ditshwaetso ho tla eketseha. Ditleliniki le dipetlele tsa rona di tla hula ka thata le basebeletsi ba bongaka ba tla utlwa boima.
 
Ke kahoo ho nyehliswa ha dithibelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso ho sa lokeleng ho baka boitshwaro bo bohlaswa ba batho kapa ditlwaelo tse hlokang boikarabelo tsa dikgwebo tse tsekelletseng ho qala ka mesebetsi ka ho beha bophelo ba batho tsietsing.
 
Koduwa ya kokwanahloko ya corona e tla feta. Feela ha e le hore e tla dula e le tshoso maphelong a batho ba bo rona, re lokela ho dula re fadimehile, re ikitlaetsa le ho ba le boikarabelo.
 
Hajwale, ho feta pele haesale, katleho ya batho bohle e itshetlehile hodima boitshwaro ba e mong le e mong wa rona.
 
Ke le lakaletsa tse molemo,

Signature

 Union Building