Skip to main content
x

 

A.  Dintlha tsa Tikoloho

1.  Motlakase


1.1. Kabinete e ananetse ntlha ya tswelopele ya Eskom ya Keketseho ya Motlakase, e hajwale e leng haufi le diperesente tse 70. Ho ekeditswe ka dimekawate (MW) tse ka bang 400 pokellong ya motlakase mme tlhokomelo e rerilweng e ntlafetse haholo ka mora nako e fokolang. 

1.2.  Kabinete e boetse e lemohile qeto ya Ofisiri ya Boleng ba Moya ya Lefapha la Meru, Ditlhapi le Tikoloho ya ho tjhetjhisa nako ya pallo ya Eskom ya ho fihlella bonyane ba dipehelo tsa Tlhweko ya Moya Setsing sa Phehlo ya Motlakase sa Kusile se Mpumalanga, ho itshetlehile ka maemo a itseng a batsi. 

1.3.  Ho tjhetjhiswa hona ho tla thusa Eskom hore e lokise metjhini e ileng ya robeha ka la 23 Mphalane 2022. Setsha sena sa motlakase se tla boela se aha metjhini e meraro ya nakwana e lebelletsweng ho kgutlisetsa dimekawate tse 2 100 tsa motlakase boemong ba naha le ho fokotsa timatima ka mekgahlelo e mmedi.

1.4.  Kabinete e phaelletse ka hore mmuso o sebetsa ka thata ho Just Energy Transition (JET) mme o tsitlalletse ho bebofatsa kgahlamelo ya phetoho ya maemo a lehodimo. Lenaneo la JET, le thehilweng ka 2020, le ikemiseditse ho fihlella "Net Zero" e leng phihlello ya tekatekano ya meya e tswang le e senngwang lefaufaung pele kapa ka 2050.

1.5.  Kabinete e lebohile Maaforika Borwa a tswellang ho sebedisa motlakase ka nepo, haholoholo ka nako e tshebediso ya ona e leng hodimo. Boikgathatso ba rona ka kakaretso ba motlakase bo thusitse ho fokotsa mekgahlelo ya timatima.

1.6.  Kabinete e ile ya boela ya ananela boitlamo bo entsweng Sebokeng sa Selekane se Setjha sa Ditjhelete tsa Lefatshe se neng se tshwaretswe Paris, naheng ya Fora ho tloha ka la 22 ho isa ho la 23 Phuptjane 2023. Moporesidente Cyril Ramaphosa o ne a ile sebokeng seo, se neng se reretswe ho theha selekane dipakeng tsa dinaha tsa Leboya le tsa Borwa bakeng sa ho sekaseka mathata a phetoho ya maemo a lehodimo, ntshetsopele le mekitlana.

2.  Maemo a fetelletseng a lehodimo

2.1.  Kabinete e hlahisitse kananelo ya yona ho dihlopha tsa Botsamaisi ba Porofense ba Dikoduwa ka thuso e potlakileng ha ba ne ba thusa setjhaba se anngweng ke dikgohola tse sa tswa feta KwaZulu-Natal le Kapa Leboya. Kaofela re utlwisitswe bohloko ke ho kgaoha ha ditshiu KwaZulu-Natal, mme re fetisetsa matshediso a rona ho maloko le metswalle ya ba lahlehetsweng ke bophelo. 

2.2.  Ditsela, phepelo ya motlakase, tsamaiso ya dikgwerekgwere le matlo a dibakeng tse amehileng KwaZulu-Natal di senyehile haholo mme ditsela tsa dikarolo tse itseng tsa Kapa Leboya di senyehile hampe.

2.3.  Mmuso le mekgatlo ya diphallelo di tswela ka ho nehelana ka thepa e thusang setjhaba se amehileng sa KwaZulu-Natal, mme yona e akga ka hare diphuthelwana tsa dijo,dikobo, dipolasetiki tse kgolo le mabokose a tshohanyetso. 

2.4.  Eskom le mafapha a dimasepala a motlakase le bona ba kene tshebetsong ya ho kgutlisetsa motlakase dibakeng tse amehileng. 

3.  Ketelo ya Tshebetso Mmoho ya Netherlands le Denmark

3.1.  Kabinete e ananetse Ketelo e atlehileng ya Tshebetso Mmoho ya Tonakgolo ya Netherlands, Monghadi Mark Rutte le Tonakgolo ya Denmark, Mofumahadi Mette Frederiksen e tiisitseng dikamano tsa Aforika Borwa le dinaha tsena tse pedi makaleng a haedrojene e tala, a tlhahiso ya matla a ntjhafatswang le a JET. 

3.2.  Ketelo ena e boetse ya tlisa sehlopha sa batsetedi Aforika Borwa bakeng sa ho tiisa tshebetso mmoho le dikamano tse ntle mahareng a naha le balekane ba yona ba bohlokwa ba babedi ba Yuropa. 

3.3.  Nakong ya semmuso ya dipuisano, Aforika Borwa le Netherlands di ile tsa tekena Memorandamo wa Kutlwisiso Lekaleng la Haedrojene e Tala, mme Aforika Borwa le Denmark tsona tsa ntjhafatsa tumellano e mabapi le Ntshetsopele ya Tshebedisano Mmoho e amanang le Lenaneo la Bolekane la Eneji la 2017.

4.  Pitso ya Moporesidente ya Mohlala wa Ntshetsopele ya Setereke sa KwaZulu-Natal (DDM) 

4.1.  Moporesidente Ramaphosa, mmoho le baetapele ba mekgahlelo yohle e meraro ya mmuso (naha, porofense le lehae), ba ile ba tshwara DDM ya bosupa ya Pitso ya Moporesidente ya Tsamaiso ya Botshelela ka Labohlano la 30 Phuptjane 2023 Seterekeng sa Masepala wa Thukela, KwaZulu-Natal. Baetapele ba mmuso ba ile ba sebedisa monyetla ona bakeng sa ho buisana le baahi ka mathata a phano ya ditshebeletso le maano a ntshetsopele ya setereke.

4.2.  Kabinete e ipileditse ho baahi ho bapala karolo e hlwahlwa ya ho lokisa bokamoso ba setjhaba ka ho nka karolo lenaneong la DDM ya Pitso ya Moporesidente.

4.3  Baahi bohle ba naha ba kgothalletswa ho bapala karolo ya bona ntshetsong pele ya setjhaba ka ho ba baahi ba hlwahlwa. Ha re sebetsa mmoho, re ka hlwaya dintlha tse re tshwenyang mme ra tlosa ditshita tsa tshebetso mmoho ho phano ya ditshebeletso. 

5.  Moruo

5.1.  Kabinete e tshwaetse ho Dipalopalo tsa Khiro tsa Kotara e sa tswa feta tse ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA) tse bontshitseng ho theoha ha ho hira mafapheng a itseng le ho nyoloha ho a mang. Le ha e le mona kgolo e sa le tlase, moruo wa rona o sa itlohelleng o tswela pele ho theha mesebetsi, le ha e se ka sekgahla se re se batlang. 

5.2.  Dithuso tse jwalo ka lenaneo la Tshusumetso ya Mosebetsi la Moporesidente di thusa ho fetola maemo. Kabinete e kgothaditswe ke hore ka Tlhakubele 2023, batho ba fetang miliyone fielwane pedi ba ne ba se ba unne molemo lenaneong lena ho tloha ha le ne le qala ka selemo sa 2020. Ho fihlela hajwale, ho se ho thehilwe mesebetsi e ka bang 800 000 ya nakwana bakeng sa batjha, makaleng a kang la thuto, dikolo tsa dikonyana le la polokeho ya setjhaba.

5.3.  Lenaneo lena le entse bonnete ba hore Maaforika Borwa a mangata a hlokang thuso a sebetsa mme a fumana mokgolo ka dinako tsohle. Le thusitse ho fokotsa mathata a moruo ho diketekete tsa malapa. 

6.  Haedrojene e Tala

6.1.  Kabinete hape e amohetse phatlalatso e kopanetsweng ya maikemisetso a ho theha Lebotho la Tshebetso la Aforika Borwa le Jeremane la Haedrojene, e ileng ya tekenelwa ke Letona la Boporesidente le ikarabellang ho Motlakase, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa le Motlatsa Motjhanselara e leng Robert Habeck. Sehlopha sa tshebetso se tla lekola hore mmaraka wa haedrojene e tala o tla thehwa jwang le ho ntshetswapele, le ho theha menyetla ya kgwebisano dipakeng tsa dinaha tse pedi. Haedrojene e tala e hlahiswa ka matla a ntjhafatswang mme e na le mosi o tlase wa khabone ho feta haedrojene e tlwaelehileng. 

6.2.  Mmuso o se o thehile meralo bakeng sa Phula ya Haedrojene, e lebelletsweng ho tloha Limpopo, e fete Johannesburg, ho ya Durban. Phula ena e tla theha menyetla ya diporojeke tse tla qala tshebetso ya haedrojene ditsing ka morero wa ho nyolla moruo le ho theha mesebetsi.

7.  Seboka sa Dihloho tsa Dinaha le Mmuso sa Mokgatlo wa Kopano ya Dinaha tse Borwa ba Aforika wa Lekgetho la tse Rekilweng Kantle ho Naha (SACU) 

Kabinete e lemohile Leeto la Tshebetso la Moporesidente Ramaphosa la Seboka sa bo robedi SACU e leng sa Dihloho tsa Dinaha le Mebuso se neng se tshwaretswe Boreneng ba Swatsing ka Labone la 29 Phupu 2023. SACU, e thehilweng ka 1910, ke Mokgatlo wa Lekgetho la Dithoto tse Rekilweng ka Ntle ho Naha o moholo ka ho fetisisa.

7.1.  Seboka se ile sa buisana le ho fana ka dintlha tse ntjha tsa maemo a ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Moralo wa SACU wa 2022 ho ya ho 2027. Leano la Moralo la SACU le amohetswe ka Phuptjane 2022 jwalo ka mmapa wa ho tebisa kopano ya lebatowa Mokgatlong wa Lekgetho la tse Rekilweng ka Ntle ho Naha le ho theha maqhama a matla mahareng a dinaha tse hlano tseo e leng ditho le ho nka monyetla o tlisitsweng ke Lebatowa la kgwebisano Ntle le Ditefello la Kontinente ya Aforika.

8.  Meepo

8.1.  Kabinete e ngongorehiswa ke borafi bo seng molaong mme mmuso o nka mehato ya ho bo fedisa ka Sehlopha sa Naha sa Bohokahanyi le Boqhetseke ba Taolo (NCSMT). NCSMT e batla ho hokahanya matsapa a mmuso bakeng sa ho thibela borafi bo seng molaong le ho hweba ka majwe ana a bohlokwa.

8.2.  Borafi bo seng molaong le ho hweba ka majwe a bohlokwa ho lematsa moruo wa rona, mme ho na le seabo se sebe polokehong le bophelong ba setjhaba se potapotileng. 

9.  Mehwanto ya Setjhaba

9.1.  Kabinete e boetse ya pheta hore merusu ha se tharollo ya mathata a setjhaba mme ya ipiletsa ho setjhaba ho sebedisa metjha e teng bakeng sa ho hlahisa dingongoreho tsa bona. Sehlopha sa Tshebetso sa Matona se romelletswe Diepsloot Gauteng ho ilo sebetsa le baetapele ba setjhaba bakeng sa ho lokisa dintlha tse ba tshwenyang. 

9.2.  Kabinete e ipileditse ho setjhaba sa Diepsloot le dibaka tse ding ho sebetsa le mmuso, makhanselara a lehae le mapolesa bakeng sa ho rarolla mathata a kang botlokotsebe. 

B.  Diqeto tsa Kabinete

1.  Moralo wa Leano la Matsete a Naha (CIS) 

1.1.  Kabinete e ananetse moralo wa Aforika Borwa wa CIS bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. 

1.2.  CIS, e phatlaladitsweng bakeng sa maikutlo a setjhaba ka 2022, e batla ho beha naha jwalo ka naha ya mantlha ya Aforika ya mmamoratwa ka matsete ka ho phahamisa boleng ba matsete a hlahang ka ntle ho naha le a ka hara naha.

1.3.  Leano lena le tsheheditswe ka matsete a ka sehloohong a naha le maikemisetso a ntshetsopele ya moruo jwalo ka ho eketsa mesebetsi, ho fokotsa bofuma, le ho tshehetsa phetoho e ntle ya moruo ho ya ho moruo wa khabone e tlase le tshireletseho ya eneji. 

1.4.  E fana ka mekgwa ya matsete bakeng sa ho hohela dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo ho tsitlallela kgolo ya moruo, haholoholo moruo o motala. Leano lena le boetse le kenella ditumellanong tsa dinaha tse ngata, lebatowa le dinaha tse pedi tse tekennweng ke Aforika Borwa.

1.5.  Leano lena le bapisitswe le maikemisetso a Moralo wa Ntshetsopele ya Naha wa phetoho ya moruo le Leano la Naha la Moralo wa Motheo la 2020 le sa tswa kenngwa tshebetsong.

1.6.  Diporofense tsa naha le bomasepala ba tsona ba metse e meholo di tla ba bohareng ba ho tsamaisa leano lena, le tla dula le ikamahanya le maemo a fetofetohang a moruo.

2.  Tlaleho ya Boraro ya Nako le Nako ya Naha ka Tlasa Tumellano ya Matjhaba Kgahlano le Tlhokofatso le Bokgopo le, ho Hloka Botho kapa Tshwaro e Theolang Seriti kapa Kutlwiso Bohloko (CAT)

2.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha tlaleho ya boraro ya nako le nako ya CAT ya Aforika Borwa ho Mongodikakaretso wa Matjhaba a Kopaneng (UN). Tlaleho e hlalosa mehato eo Aforika Borwa e e nkang bakeng sa ho thibela tlhokofatso le tshwaro e mpe ho baahi. 

2.2.  Aforika Borwa e tekenetse Tumellano ena ka selemo sa 2000 e be e tiiswa ka selemo sa 2008. Ho latela Article 17 ya Optional Protocol ho CAT, enngwe ya ditlamo tse filweng Mekga ya Naha ke ho theha mekgwa ya lehae ya ho thibela tlhokofatso e tsejwang ka Mekgwa ya Naha ya Thibelo.

2.3.  Dilemong tse 10 tse fetileng, mmuso wa demokerasi wa Aforika Borwa o tlositse melao le ditheo tsa puso ya kgethollo, wa aha ditheo tse ntjha tsa demokerasi, mme wa qala melao e itshetlehileng ho ditokelo le ditokoloho tsa molaotheo.

2.4.  Ditho tsa setjhaba di kgona ho tlaleha diqoso tsa tlhokofatso le tshwaro e mpe ho Bolaodi bo Ikemetseng ba Diphuputso tsa Sepolesa ka kotloloho bakeng sa diphuphutso. Aforika Borwa e boetse e na le Khomishene ya Ditokelo tsa Botho e sebetsang hantle, e leng setheo sa naha se thehetsweng ho tshehetsa molaotheo wa demokerasi. 

C.  Khiro 

Khiro tsohle di itshetlehile ho netefatso ya mangolo a thuto le tumello e maleba. 

1.  Mofumahadi Ntomboxolo Mbengashe jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Post Bank ya Aforika Borwa bakeng sa dilemo tse hlano. 
2.  Monghadi Sibusiso Bukhosini jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Isimangaliso Wetland Park Authority (O kgethwa hape).
3.  Mofumahadi Tamlyn Bouwer jwalo ka Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete wa Lekgotla la Naha la Ngodiso ya Baahi ba Matlo.
4.  Monghadi Morongwa Calvin Molongoana jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Tshehetso ya Dipalopalo le Tlhahisoleseding ho Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa. 
5.  Mofumahadi Daphne Yandiswa Morudu jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso Motjha wa Aforika Borwa wa Naha wa Dipalopalo Lefapheng la Aforika Borwa la Dipalopalo. 
6.  Monghadi Rory Gallocher jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Tshebetso Kantorong ya Moporesidente. 

D.  Dibili

1.  Moralo wa Ditokiso tsa Bili ya Dikhamphane wa 2023 

1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Dikhamphane sa 2023 Palamenteng hore e sebetsane le sona. 

1.2.  Ditshisinyo tse Biling ena di reretswe ho fokotsa boima ba taolo le tsamaiso ho beng ba dikgwebo mme e tla matlafatsa kgohedi ya Aforika Borwa ho batsetedi ba kamoso. Bongata ba dihlomathiso e ne e le tse tshophodi, mme di ne di ikamahantse le ho nolofatsa le ho hlakisa ditaba tsa tsamaiso. 

1.3.  Enngwe ya dintlha tse ka sehloohong ya mmuso ona wa demokerasi ke ho thehwa ha mesebetsi mme ho ke ke ha fihlellwa ha fela ho sa lokiswe bobebe boo kgwebo e etswang ka bona Aforika Borwa. 

1.4.  Dihlomathiso di boetse di fana ka tlhakiso e toma ya dikarolo tse mmalwa tsa Bili, tse batlang ho fokotsa taolo ya dikgwebo; ho kwala dikgeo tsa tshebediso e mpe ya ditjhelete; ho tiisa ditlhoko tsa phatlalatso le ho ntshetsapele matla a ba nang le diabo khamphaneng. 

1.5.  Moputso o fetang tekanyo, haholoholo maemong a hodimo a khamphane, ke tlhoba boroko matjhabeng le Aforika Borwa. 

1.6.  Dihlomathiso tse Biling di tla kgothaletsa ponaletso le ho hlakisa boikarabelo mahareng a batsamaisi le balaodi ba ka sehloohong ka lehlakoreng le leng, le ba nang le diabo ka ho le leng, mmoho le ho rarolla dingongoreho tsa setjhaba tse mabapi le ho se lekalekane ho teng setjhabeng. 

2.  Bili ya Boitekolo ba Mmuso, Tshehetso le Bonamodi (IMSI) ya 2022 

2.1.  Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya moralo wa Bili ya IMSI ya 2022 bakeng sa maikutlo a setjhaba. 

2.2.  Bili e tla sebediswa jwalo ka phumola keledi ya diphephetso tse ngata tse bileng teng ha mmuso o ne o tshehetsa karolo ya 100 le ya 139 tsa Molaotheo wa Aforika Borwa wa 1996 ha o ne o tshwanela ho etsa seo ka lebaka la bofokodi ba makala a mang a mmuso. 

2.3.  Karolo ya 100 e fa mmuso matla a ho kena dipakeng ha porofense e hloleha ho phethahatsa boitlamo ba yona ba tsamaiso le ba phano ya ditshebeletso mme Karolo ya 139 yona e fa bolaodi ba porofense matla a ho namola ha eba masepala a sa phethise ditshwanelo ka holatela Molaotheo kapa ketsamolao. 

2.4.  Bili ya IMSI e tsebiswa jwalo ka sesebediswa sa taolo bakeng sa ho rarolla diphephetso tsa ho kenya Karolo ya 139 tshebetsong, tlhokomelo le tekolo, le tshusumetso ya bonamodi. 

2.5.  Bili ena etla laola ho kenngwa tshebetsong ha Karolo ya 139 ya Molaotheo, ho kenyeletsa le metjha e maleba. E tla fana ka tshehetso e lokelang ho bomasepala ba hlokang thuso, mmoho le ho fana ka tlhokomelo ya hore bomasepala ba phethisa boitlamo ba bona ba mantlha ka ho latela Molaotheo le ketsamolao.

E.  Diketsahalo tse Tlang

1.  Sehla sa Lekgetho

1.1.  Kabinete e hopotsa bohle hore sehla sa 2023 sa ho tlaleha lekgetho se tla bulwa ka Labohlano la 7 Phupu 2023, mme se tla tswella ho fihla ka 23 Mphalane 2023. Balefalekgetho ba kgothaletswa ho tlaleha lekgetho la bona ho eFilling kapa ho MobiApp ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Lekgetho la Aforika Borwa (SARS). 

1.2.  Motjha wa ho tlaleha lekgetho o se o le bobebe le ho feta mme SARS e tswela pele ka ditlhahlobo tsa auto-assessment selemong sena. Ho tloha ka la 1 le la 7 Phupu 2023, balefalekgetho ba ile ba romellwa melaetsakgutshwe e le ha ba tsebiswa hore ba kgethilwe bakeng sa ditlhahlobo tsa auto-assessment. Ha o ka fumana molaetsakgutshwe, mohato wa hao o latelang e tla ba ho lekola ditlhahlobo tsa auto-assessment ho MobiApp wa SARS kapa ho eFilling. Ha eba o dumellana le ditlhahlobo tsa auto-assessment, ha ho letho le o tlamehang ho le etsa.

1.3.  Ho kenya tlaleho ya hao ya lekgetho ka nako ho netefatsa hore balefalekgetho ba dula ba le maemong a matle, mme ho thusa mmuso ho fa Maaforika Borwa ditshebeletso le ho hodisa moruo.

2.  Mohope wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA 2023

2.1.  Banyana Banyana, bompodi ba ntseng ba se dutse se maratswana sa Aforika, ebile setjhaba se ipela ka bona, ba tla jara tshepo le toro ya Aforika Borwa ha ba nka karolo Mohopeng wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA 2023 ho la New Zealand le Australia ho tloha ka la 20 Phupu ho leba ho la 20 Phato 2023.

2.2.  Kabinete e ba lakaletsa mahlohonolo jwalo ka ha ba kena letsholong le babatsehang. Aforika Borwa e na le lona ka dinako tsohle, mme re labalabela ho le bona le etsa nalane e ntjha le ho susumetsa letlobo la kamoso. 

3.  Mohope wa Lefatshe wa Netbolo wa 2023

3.1.  Matsasing a mmalwa a tlang, barati ba dipapadi ba tla tsepamisa maikutlo Cape Town, hona mona Aforika Borwa ha Mohope wa Lefatshe wa Netbolo wa 2023 o qala ka la 28 Phupu ho leba ho 6 Phato. Lena ke lekgetlo la pele tlhodisano ena e babatsehang ya lefatshe e tshwarelwa kontinenteng ya Aforika. 

3.2.  Kabinete e ipiletsa ho bohle ka hara naha ho tshehetsa banana ba rona jwalo ka ha ba ikemiseditse ho etsa nalane ka ho hapa kgauta kontinenteng ya Aforika.

F.  Melaetsa

1.  Dithoholetso


Kabinete e lebisa dithoholetso le ditakaletso tsa mahlohonolo ho: 

- Yunivesithi ya Aforika Borwa ka ho fihlella sehlohlolo sa dilemo tse 150 tsa boqhetseke ba thuto e phahameng, le ho ba setheo se seholo le sa kgale ka ho fetisisa sa Aforika e Borwa ba Sahara se sebetsang ka thata ho boleng ba thuto ya matjhaba.

- Monghadi Edward Kieswetter, Mokomishenara wa SARS, ka ho kgethwa jwalo ka modulasetulo wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Lekgetho le ho ba Moaforika Borwa wa bobedi wa ho etella mokgatlo ona pele. 

- Moadvokheiti Pansy Tlakula ka ho kgethwa hape Komiting ya Matjhaba a Kopaneng (UN) ho Phediso ya Kgethollo ya Merabe. Sehla sa hae se tla qala ho tloha ka 2024 ho leba ho 2028.

- Moadvokheiti Thembile Joyini ka ho kgethwa ho ba Moaahlodi wa Matjhaba wa Molao wa Mawatle ho tloha ka 2023 ho leba ho 2032.

- Boto ya Difilimi le Diphatlalatso (FPB) ka ho kgethwa jwalo ka setho se feletseng sa Marangrang a Lefatshe a Melawana ya Tshireletseho Inthaneteng. Botho bo dumella FPB ka karabelo ya lefatshe ya ho lwantsha dikotsi tsa inthaneteng le ho ntshetsapele polokeho ya inthaneteng ka tshebetsommoho le balaodi ba Australia, United Kingdom, Fiji, Ireland le ba bang. 

2.    Matshediso 

Kabinete e tshedisa lelapa le metswalle ya: 

- Mama Sally Motlana (96), mokaubere wa Ntwa kgahlano le puso ya kgethollo le setho se hlomphehang sa Tlhophiso ya Naha ya Baobab ho Silifera.

- Mofumahadi Maggie Mathabatha (61), ke mofumahadi wa Tonakgolo ya Limpopo, Monghadi Stanley Mathabatha.
 

Dipotso: Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebuelli Sa Mmuso Se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485

 Union Building