Skip to main content
x

 

A. Maemo a Renang

1. Mohwanto wa ditekesi wa South African National Taxi Council (SANTACO) Kapa Bophirima 

1.1. Kabinete e ile ya tekelwa tlaleho mabapi le qwaketsano e tswelang pele pakeng tsa SANTACO ya Kapa Bophirima le Masepala wa Kapa, e bakileng mohwanto o nang le dikgoka ka lebaka la hobane Masepala wa Kapa o hapa ditekesi.

1.2. Kabinete e tshwela ka mathe diketso tsa dikgoka le merusu Toropong ya Kapa mme e kopile SANTACO ho netefatsa hore mohwanto wa yona o etswa ka kgotso ebile ha o phatsamise ditokelo tsa batho ba bang. Ntlheng ena, re ile ra tsebiswa hore ha ho a ba le diketso tsa dikgoka dihoreng tse 48 tse fetileng. Leha ho le jwalo, Sepolesa sa Afrika Borwa ha mmoho le makala a mang a a qobellang molao ba laetswe ho netefatsa hore diketso tsa dikgoka di a laolwa hore baahi ba kgone ho tsamaya ba bolokehile ha ba ya dikolong, mesebetsing le ha ba phetha mesebetsi e tlwaelehileng ya letsatsi le letsatsi.

1.3. Kabinete e boetse ya tsebiswa ka hore ha re tla ho bo raditekesi, ho Molao wa Naha wa Taolo ya Sephethephethe wa 1996, (Molao wa bo 93 wa 1996) le Molao wa Naha wa Taolo ya Dipalangwang wa 2009 (Molao wa bo 5 wa 2009), o laolang ditlolo tsa melao ya sephethephethe ha mmoho le dikotlo tsa teng, tse kenyelletsang ho hapa makoloi. Kabinete e laetse Letona la Dipalangwang, Mme Sindisiwe Chikunga, ho netefatsa hore dipehelo tsohle tse seng molaong tse lebisitsweng ho boraditekesi e a tloswa.

2. Ho lwantsha ho rafa ka tsela e seng molaong

2.1.    Kabinete e ile ya amohela tshebediso ya lekala le kgethehileng la sepolesa, le tsheheditsweng ke sesole ho lwantshana le bothata ba ho rafa ka tsela e seng molaong, Riverlea, Johannesburg. 

2.2.    Ho phaella moo, Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha babelaellwa ba fetang 194 ba tshwerweng ka lebaka la diketso tsa ho rafa ka tsela e seng molaong mme e laetse makala a sepolesa ho thibela bothata bona ka potlako ha mmoho le ditlolo tse ding tse mpe tsa molao naheng ena. 

2.3.    Lefapha la Dirafshwa le Eneji (DMRE) le itlamme hore le tla kwala mekoti ya yohle e bulehileng ya ditjhafo le ya merafo e seng e sa sebetse e Riverlea pele kgwedi ya Loetse 2023 e kodumela, mme le tla kwala mekoti yohle ya merafo e seng e sa sebetse naheng ena ka bophara.

3. Boemo ba tshireletso naheng ya Niger

3.1. Kabinete e lemohile kamoo boemo ba tshireletso naheng ya Niger bo amang maeto a difofane pakeng tsa Afrika Borwa/Karolo e ka Borwa ya Afrika le Dinaha Tsa Yuropa Bophirima, mme di ama kgwebo le batho hampe ebile bo thefula indasteri ena ya difofane e ntseng e iphumana kamora mathata a sewa sa Kokwanahloko ya Corona ka 2019 (COVID-19).

3.2. Kabinete e boetse ya phetha mantswe a mmuso a ho tshwela ka mathe ho ketolwa ha mmuso wa Niger mme ya kopa hore puso ya demokrasi e tsosoloswe ka potlako naheng eo, mme hape ya thoholetsa bohato ba ho kgutlisetsa dintho setlwaeding tlasa Lebatowa la Moruo la Dinaha tse ka Bophirima ba Afrika.

4. Seboka sa Russia le Afrika

4.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o bile hara baetapele ba dinaha tse ding tsa Afrika ba bileng teng Sebokeng sa Bobedi sa Russia le Afrika, mane St Petersburg naheng ya Russian Federation ka la 27 le 28 Phupu 2023. Sebokeng sena, ho ile ha ananelwa Leano la Seboka sa Tshebedisano ya Russia le Afrika se neng se tsepamisitseng maikutlo ho matlafatseng maqhama ditabeng tsa dipolotiki le tshireletso, moruo, ho fana ka diphallelo setjhabeng, le ditaba tse ka etsang hore bobedi bo une molemo le ho atleha.

4.2. Hona sebokeng sena, Dihlooho tsa Dinaha le Mebuso ya Afrika tseo e neng e le karolo ya Leano la Kgotso la Afrika qwaketsanong e pakeng tsa Russia le Ukraine, di ile tsa tshwara dipuisano tse ding le Mopresidente Vladimir Putin tse amanang le mehato e tshohlilweng sebokeng se fetileng ya ho tshepana e tla rala dipehelo tsa therisano e tla fedisa ntwa ena. 

4.3. Mopresidente Ramaphosa le Mopresidente Putin le bona ba ile ba tshwara seboka moo bobedi ba buisaneng ka menyetla ya ho eketsa kgwebisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi, le hore Naha ya Russia e eketse matsete naheng ya Afrika Borwa.

5. Ho ba Malala-a-laotswe ho Tshwara Seboka sa BRICS

5.1. Kabinete e tsebisitswe hore Afrika Borwa e se e le malala-a-laotswe ho ka tshwara Seboka sa bo 15 sa BRICS Johannesburg ho tloha ka la 22 ho ya ho la 24 Phato 2023. 

5.2. Seboka sa ho qetela sa diboka tsa Matona a BRICS – Seboka sa Matona Mererong ya Temo a BRICS – se ntse se tswela pele hona jwale, athe sa Matona a Ditaba tsa Matjhabeng, a Tshireletso, a Kgwebisano, a Indasteri, a Thuto, a Saense, a Basebetsi, a Dikgokahano, a Bophelo bo Botle, le sa Ditoropo, di phethetse ditlaleho tsa tsona bakeng sa Seboka sa Baetapele. 

5.3. Mananeo a BRICS a Tlhaboloho ya Setjhaba a makala le metse ka ho fapana le ona a se a ntse a phethetswe. 

5.4. Ditherisano tsena di file mebuso, mekgatlo, ditsebi le dirutehi dinaheng tsa BRICS monyetla wa ho tsohla ditaba tseo kaofela tse tla ba tataisa ha ba etsa diqeto nakong ya Seboka sa BRICS.

6. Tlhahlobo ya Leano la Naha la Ntshetsopele (NDP) la Dilemo Tse Leshome

6.1. Kabinete e amohetse Tlhahlobo ya Dilemo tse Leshome ya NDP e entsweng ke Komishine ya Moralo wa Naha e supileng hore moruo o ntse o radilwe ka tsela e sa sebeletseng Maafrika Borwa ohle ka dintho tseo a di hlokang, e leng lebaka le leholo le susumetsang dipalo tse ntseng di hlwa mekwalaba tsa bofuma le ho se lekalekane. 

6.2. Mmuso o ntse o ikemiseditse ho hlophisa botjha le ho fetola moruo molemong wa hore Maafrika Borwa ohle a fumane molemo.

7. Motlakase 

7.1. Ka la 25 Phupu e bile Sehopotso sa Pele ho tloha ha Mopresidente Ramaphosa a phatlalatsa Leano la ho Rarolla Bothata ba Motlakase.

7.2. Kabinete e amohetse kgatelopele e entsweng ho tla fihlela ha jwale Moralong wa Tharollo ya Bothata ba Motlakase o tswelang pele ho ntlafala Ntlheng ya Phumaneho ya Motlakase le ho ntlafatsa mekgahlelo ya ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa. 

8. Bohahlaudi 

8.1. Kabinete e thabela hore dipalopalo tsa Bohahlaudi tsa Phuptjane 2023 di bontsha ka ho hlakileng hore lekala la rona la bohahlaudi le ntse le iphumana butlebutle ka mora kgahlamelo e bosula ya sewa sa COVID-19. Dipalopalo tsa Phuptjane 2023 tse tswang Lekaleng la Dipalopalo la Afrika Borwa (Stats SA) di bontsha hore bahahlaudi ba kenang le ba tswang ka hara naha ba eketsehileng pakeng tsa Phuptjane 2022 le Phuptjane 2023. 

9. Moruo 

9.1. Kabinete e amohetse ka atla tse pedi tlaleho ya Stats SA e bontshang hore infleishene e tlohile ho diperesente tse 6.3 ka Motsheanong ho ya ho tse 5.4 ka Phuptjane 2023, e leng ho fokotseha ka sekgahla se seholo ho tloha ka Motsheanong 2020. Ho fokotseha hona ho bontsha hore moruo wa rona ha o thefulehe ha bonolo jwalo ka ha Banka e Kgolo ya Afrika Borwa e sa fetola sekgahla sa tswala se sa fetoha se dutse ho persente tse 8.25, e leng ntho e thusitseng moruo wa rona hore o se ke wa tetebela.

10. Tshisinyo ya Molao ya Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa (SASL) 

10.1. Kabinete e amohetse ntlha ya hore moraorao tjena Mopresidente Ramaphosa o tekenne Tshisinyo ya Molao wa SASL hore e be molao, e leng se entseng hore SASL e be puo ya bo 12 e molaong ya Afrika Borwa. Ena ke tsela ya ho thoholetsa ditokelo tsa Maafrika Borwa a ka bang 600 000 a sebedisang SASL. 

B. Diqeto tsa Kabinete 

1. Ho lokollwa ha Khalendara ya phatlalatso ya dipalopalo tsa botlokotsebe tsa dikotara tsa selemo sa ditjhelete sa 2023/24

1.1. Khabinete e tjhaetse monwana ho lokollwa ha khalendara ya phatlalatso ya dipalopalo tsa botlokotsebe kotareng ya selemo sa ditjhelete sa 2023/24. Dipalopalo tsena tsa botlokotsebe di tla lokollwa ka Phato le ka Pudungwana 2023 bakeng sa kotara ya pele le ya bobedi, le ka Hlakola le Motsheanong 2024 bakeng sa kotara ya boraro le ya bone ka tatellano. Ho lokollwa kgafetsa ha dipalopalo tsa botlokotsebe ho bohlokwa bakeng sa ho beha leihlo ditsela tseo ditlokotsebe di sebetsang ka yona ha mmoho le ho etsa diqeto tse ntle tsa ho bo lwantsha.

2. Leano la Ditjhelete le Akaretsang 

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Ditjhelete le Akaretsang hore le kenngwe tshebetsong. Leano lena ke karolo ya diphetoho tsa mmuso melawaneng ya lekala la ditjhelete ebile le ipapisitse le moralo wa Lefapha la Naha la Ditjhelete wa Tsamaiso e Ntlhapedi ya Lekala la Ditjhelete. 

2.2. Hara tse ding, leano lena le tla netefatsa hore ho ntlafatswa boitshwaro mmarakeng le tshwaro e ntle ya bareki lekaleng la ditjhelete. Sepheo ke ho netefatsa hore mekgatlo ya ditjhelete e etsa kgwebo ka tsela e lokileng ho bareki, ho thibela mekgwa e se nang botshepehi mmarakeng ya ditjhelete, le ho matlafatsa boitshepo tsamaisong ya ditjhelete. 

2.3. Ho kenngwa tshebetsong ha leano lena ho tla netefatsa hore naha e matlafatsa ditsamaiso tsa yona tsa ditjhelete ho tshehetsa kgolo ya moruo le ho ntshetsapele phihlello ditshebeletsong tsa ditjhelete le ho kenyelletsa baahi bohle. Ho etswe hloko hore leha maemo a phihlello ya ditshebeletso a ntlafetse diakhaontong tsa thekisetsano, empa seo ha se bonahale hohle dihlahisweng le ditshebeletsong tse ding tse ngata tsa ditjhelete.

2.4. Leano lena le fumaneha webosaeteng ya Lefapha la Naha la Ditjhelete: www.treasury.gov.za 

C. Ditshisinyo tsa Molao

1. Tshisinyo ya 2023 ya Molao wa Lekala la Naha la Botjhotjhisi (NPA)

1.1. Kabinete e tjhaetsa monwana ho tliswa Palamenteng ha Moralo wa Tshisinyo Molao wa NPA wa 2023. Tshisinyo ena e fetola Molao wa NPA wa 1998 (Molao wa bo 32 wa 1998) e le hore ho thehwe Lekala la moshwelella la Mafokisi ka hara NPA esitana le ho eketsa matla a lona a ho fuputsa dinyewe.

2.    Tshisinyo ya ho Fetola Molawana wa ho Kgaoletsa Dipuisano le ya ho Fetola Molao wa Tokisetso ya Tlhahisoleseding e Amanang le Dikgokahano

2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Moralo wa Tshisinyo ya Molao e tlo tlisa Phetoho ho Molao o Laolang Dipuisano le Dintlha tse Amanang le Dipuisano (RICA), wa 2002 (Molao wa bo 70 wa 2002). 

2.2. Diphetoho tsena haholoholo di reretswe ho sireletsa ka ho lekaneng ditokelo tsa batho tse kang tokelo ya ho ba le lekunutu, ya ho ba le phihlello ya makgotla a dinyewe, bolokolohi ba ho ntsha maikutlo ha mekgatlo ya ditaba ho tsamaisanang le kahlolo ya lekgotla la Molaotheo ya 2021 e fumaneng hore molao wa RICA wa 2002 ha o ikamahanye le molaotheo. 

D. Kgiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang. 

1. Ntate Percy Sechemane e le Mookemedi e Moholo wa Trans -Caledon Tunnel Authority. 
2. Mme Thathakahle Nonkqubela Jordan-Dyani e le Molaodi Kakaretso (DG) wa Lefapha la Dikgokahanyo le Theknoloji ya Dijithale. 
3. Ntate Duncan Pieterse e le DG Lefapheng la Naha la Ditjhelete. 
4. Mme Qinisile Precious Delwa e le Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): Ntshetsopele ya Dikgwebo le Boqapi ba Dikgwebo Lefapheng la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane (DSBD).
5. Mme Mosa Keneilwe Makhele e le DDG: Leano la Lekala le Dipatlisiso la DSBD. 
6. Ntate Xolisa Mabhongo e le DDG: Lenaneotsamaiso la Puso ya Lafatshe lohle le ya Khontinente Lefapheng la Dikamano le Tshebedisano le Dinaha tsa Matjhaba.
7. Mme Rosinah Nghaka Dumalisile e le DDG: Rente e Bobebe ya Matlo a Setjhaba Lefapheng la Bodulo ba Setjhaba. 
8. Ntate Thabo Kekana e le DDG: Mananeo le Diprojeke tsa DMRE.

9. Boto ya Naha ya Batsamaisi ya Mokgatlo wa Radioactive wa ho Lahla Matlakala: 
(a) Mme Lemao Dorah Modise (Modulasetulo);
(b) Ngaka Wolsey Barnard (Motlatsi wa Modulasetulo);
(c) Mme Gratitude Ramphaka;
(d) Ngaka Kgaugelo Chiloane (o kgethwa hape); le
(e) Moatvokate Derick Block.

10. Boto ya Naha ya Batsamaisi ba Taolo ya Ditaba tsa Nyutlelie:
(i) Ntate Protas Phili – Modulasetulo (o kgethwa hape); 
(ii) Mme Pinkie Deneo Peta (o kgethwa hape); 
(iii) Ntate Paul Heeger;
(iv) Mme Nolubabalo Zolisa Zwakala;
(v) Ngaka Pathmanathan Naidoo;
(vi) Ngaka Nandi Malumbazo;
(vii) Mme Theodorah Bahlekazi; le
(viii) Ntate Happy Khambule.

11. Boto ya Batsamaisi ba Inkomati-Usuthu Catchment Management Agency:
(i) Mme Linda Carol Zulu (Modulasetulo);
(ii) Moatvokate Geraldine Khoza (Motlatsi wa Modulasetulo);
(iii) Mme Shivon Wiggins;
(iv) Ntate Sam Mthembu;
(v) Ntate Mokgobi Andrew Ramushu;
(vi) Ntate Steven Matome Mathetsa; le
(vii) Ntate Salome Chiloane-Nwabueze. 

12. Boto ya Batsamaisi ba State Information Technology Agency: 
(i) Ntate Kiruben Pillay (Modulasetulo);
(ii) Mme Lerato Petlele (Motlatsi wa Modulasetulo);
(iii) Mme Khathu Sibanda;
(iv) Ngaka Lucienne Abraham;
(vi) Ntate Luvuyo Keyise;
(vii) Ntate Mandla Martin Mnisi; 
(viii) Mme Renisha Naidoo;
(ix) Mme Nolitha Pietersen; le
(x) Mme Laura Mseme.

E. Diketsahalo tsa Hona Jwale

1. Kgwedi ya Basadi

1.1. Afrika Borwa e ikgopotsa Kgwedi ya Basadi ka Phato tlasa sehlooho se reng: “Ho potlakisa menyetla ya bosetjhaba le moruo bakeng sa ho matlafatsa basadi” e le ho tlotla basadi ba fetang 20 000 ba ileng ba kena mohwantong o lebang Union Buildings ka 1956 e le ho ipelaetsa kgahlano le melao ya kgatello ya pasa ya mmuso wa kgethollo. 
1.2. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ho sebedisa kgwedi ena e seng feela ho tlotla basadi ba ileng ba lwanela tokoloho ya rona feela, empa e sebedisetswe le ho kgatha tema kahong ya setjhaba se tshehetsang ntshetsopele ya bomme le se netefatsang tshireletso ya bomme le bana. 

F. Melaetsa

1. Thoholetso

Kabinete e lakatsa ho thoholetsa le ho lakaletsa ba latelang tse ntle: 

- Sehlopha sa Netball Spar Proteas, ka hore se fihle hara dihlopha tse hodimo tse tsheletseng Mohopeng wa Lefatshe wa Netball. Kabinete e kgothalletsa Maafrika Borwa ohle ho sebedisa dinako tse kang ena tsa popahano e le monyetla wa ho fihlella Maafrika Borwa a mang e le ho aha setjhaba se bopahaneng le ho kgothalletsa kaho ya setjhaba setjhabeng seo bohle ba ikutlwang ba amohelehile.

- Banyana Banyana, ka monyetla wa bona wa pele wa ho fihlella mokgahlelong wa dihlopha tse 16 tsa ho qetela tse 16 Mohopeng wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA ka 2023. Katleho ya bona e makatsang ka lebaleng e tsositse setjhaba molota mme ya etsa hore folakga ya naha e fofele hodimo. 

- Profesa Thuli Madonsela, e leng Mosireletsi wa mehleng wa Setjhaba, ka hore a kgethwe ho ba Botong ya Boeletsi Ditabeng tsa Saense Matjhabeng a Kopaneng molemong wa Boeletsi bo Ikemetseng ka Diphihlello tsa Saense le Mahlale.

- Tatjana Schoenmaker, ka ho hapa mohope wa kgauta lebelong la 200m la breaststroke le wa silivera lebelong la 100m la breaststroke Dipapading tsa Bompodi ba Lefatshe tsa Dipapadi tsa Metsing mane Fukuoka, Japane. 

2. Matshediso 

- Kabinete e lakatsa ho fetisa matshediso ho ba lelapa le metswalle ya: 

- Imam Achmad Cassiem (78), eo e kileng ya eba motshwaruwa Sehlekehlekeng sa Robben, setho sa Pan Africanist Congress le mothehi wa Qibla Movement, eo e neng e le mohale Ntweng e kgahlanong le puso ya bohatelli Afrika Borwa.

- Batho bao bophelo ba bona bo ileng ba kgaoletswa ke lefu nakong ya mehwanto ya ditekesi Toropong ya Kapa.


Dipotso: Mme Nomonde Mnukwa – Mmuelli wa Mmuso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485

 Union Building