Skip to main content
x

 

Maemo a Renang

1.    Seboka sa Afrika Borwa sa Matsete sa 2023

1.1.    Kabinete e elellwa ho fihlelwa ha matsete a ditrilione tse R1.2 ao Mopresidente Cyril Ramaphosa a neng a ipehetse ona ka 2018. Boinehelo bona ba matsete bo etsahetse sebokeng sa bohlano sa Matsete se ileng sa etsa hore mmuso o kgone ho feta moedi oo o neng o ipehetse ona ka dibilione tse R300.

1.2.    Le hoja mosebetsi o tlamehang ho etswa o sa le mongata, empa sena se netefatsa hore Afrika Borwa e boela maemong a yona a hoba sebaka se pele sa matsete. Ho fihlela matsete a ditrilione tse R1.2 ke bopaki ba hore boramatsete ba lehae le ba matjhabeng ba ntse ba tshepa Afrika Borwa haholo. 

1.3.    Ho fihlela ha jwale, ke diprojeke tse 82 tsa boleng ba dibilione tse R170.7 tse seng di phethetswe; tse 79 tsa boleng ba dibilione tse R514 di ntse di tswela pele, mme ha e le tse 28 tsa boleng ba dibilione tse R132.9 tsona di sa tswa thakgolwa. Diprojeke tsena, di kenyeletsa ho ahwa a difektri tse ntjha, ho rekwa ha disebediswa, ho tjhekwa ha merafo ha mmoho le marangrang a moralo wa motheo wa broadband. 

1.4.    Mmuso o sebetsa ka matla ho shebana le mathata ao naha ena e shebaneng le ona jwalo ka ha karolo ya bobedi ya matsete a ditrilione tse R2 e qala. 

2.    Lekgotla la Dinyewe la Matjhaba

2.1    Kabinete e boetse e netefatsa hore Afrika Borwa e ntse e le setho sa Lekgotla la Dinyewe la Matjhaba (ICC) athe hape e ntse e le setho le Molao wa Roma. 

2.2    Afrika Borwa e tla tswela pele ho tiisa maqhama a yona le mekgatlo ya puso ya matjhaba mme hape e tla tswela pele ho lwanela tshebediso e hlokang leeme ya molao wa matjhaba. 

2.3    Mopresidente o kgethile Komiti ya Matona e eteletsweng pele ke Motlatsa Mopresidente ho shebana le taba ena. 

3.    Seboka sa Kgwebelano ya Dinaha tsa Afrika Ntle le Tshitiso (AfCFTA)

3.1    Afrika Borwa e sa tswa tshwara seboka sa pele sa Kgwebelano ya Dinaha tsa Afrika Ntle le Tshitiso (AfCFTA) mane Kapa ka la 16 -18 Mmesa 2023 ka maikemisetso a ho potlakisa ho kengwa tshebetsong ha AfCFTA le ho thakgola tsa matsete le dikgwebo. Ke batho ba ka bang 1000 ba neng ba le teng sebokeng sena ho tswa kontinenteng ena ya Afrika. 

3.2    Sebokeng sena sa matsatsi a mararo, ho sekasikilwe ditaba tse amang makala a kang la tlhahiso ya makoloi, ya meriana, tsa temo le tlhahiso ya dihlahiswa tsa teng, dihlahiswa tsa letlalo, dieta, tsa transporoto le meralo ya teng ya motheo esitana le moruo le kgwebo ho tsa dijithale. 

3.3     Tshehetso ya ntlafatso ya tlhahiso ya Afrika makaleng ohle a moruo e ile ya elwa hloko e le taba ya bohlokwa ho kenyeng AfCFTA tshebetsong. Lekala le ikemetseng le lona le ile la kotjwa ho hlwaya menyetla e tla thusa ho eketsa matsete maemong a sedika le ho ntshetsa pele tlhahiso tsa lehae tse tla phahamisa kgwebelano ya dinaha tsa Afrika. 

4. Letsholo la Taolo ya Tshebediso ya Motlakase 

4.1  Seo bohle re ka se etsang ho baballa motlakase ke ho fokotsa tshebediso ya ona,  haholoholo nakong tseo o hlokahalang haholo ka tsona jwalo ka pakeng tsa hora ya  bo 5 le ya bo 9 ka phirimana, mme sena e be Letsholo la ho Laola Tshebediso ya ona. Ho fokotsa tshebediso ya ona ho ka re tswela molemo kaofela jwalo ka ho fokotsa ho imelwa ha metjhini ya phepelo le ho fokoletsa malapa le dikgwebo ditshenyehelo le ho bebofatsa maemo a bophelo. 

4.2 Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho thusa paballong ya motlakase ka ho o sebedisa ka nepo nakong eo Eskom e ntseng e leka ho eketsa phepelo ya ona ka ho sebedisa Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase. 

4.3 Mokgwa ona wa Taolo ya Tshebediso ya Motlakase o etsahala lefatsheng ka  bophara mme o se o bontshitse katleho ho paballo le ho fokotseng tshebediso ya ona.

4.4 Re ile ra bontsha sena nakong ya Mohope wa Lefatshe wa 2010.  Maikemisetso ke hore kaofela re baballe motlakase ka ho tima disebedisa tseo re sa di sebediseng tse kang kisara, ho sebedisa kgase ho pheha le ho kenya mabone a baballang motlakase.

4.5 Maikemisetso a rona ke ho baballa motlakase o ka bang 1000 MW e leng o  lekanang le ho tingwa hora tse pedi ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa. 

4.6 Kabinete e elellwa taba ya hore batho ba bangata ba se ntse ba nka karolo Letsholong lena la Eskom la ho Baballa Tshebediso ya Motlakase mme e etsa kgoeletso ho banka karolo ba bang ba kang dikgwebo, diindasteri le malapa le bona ho kena letsholong lena. 

5. Ho Fumana Phepelo ya Metsi

5.1 Kabinete e thabela ho bulwa ha Sitsi sa Tlhwekiso ya Metsi sa Spring Grove mane Rosetta ha mmoho le sa Phepelo ya Metsi sa Bruntville e le karolo ya Letsholo la Phepelo ya Metsi la Greater Mpofana mane Mooi River, Seterekeng sa uMgungundlovu, KwaZulu-Natal.

5.2  Projeke ena e fepela metsi setjhabeng sa malapa a fihlellang ho a 130 000 seterekeng seo mme sena se tswela setjhaba molemo le ho tsa bodulo le moruo. 

5.3 Kabinete e elelletswe hore ho na le kgatelo pele le Projekeng ya Metsi ya Giyani moo metsana e 24 ho e 55 e se e hlwailwe hore haufinyane e tla fumana metsi. 

6. Dintlafatso Molaong wa Dikgetho

6.1 Kabinete e thabetse ho tekenwa ha Ntlafatso ya Molao wa Dikgetho wa 2022  hore e be molao ke Mopresidente Ramaphosa. Ntlafatso ena e tlisa botsitso jwale boitokisetsong ba Dikgetho tse Akaretsang tsa 2024. 

 6.2 Molao ona o Ntlafaditsweng o dumella le batho ba ikemetseng hore e be bonkgetheng maemong a naha le a profensi. 

6.3 Molao ona o Ntlafaditsweng wa Dikgetho, o neha setjhaba kgetho e  eketsehileng ya ho kgetha baetapele ba sona maemong a naha le a profensi. 

7. Letsatsi la Tokoloho

7.1 Maobane ho ketekilwe Letsatsi la Tokoloho dibakeng tse fapafapeng ho phatlalla le naha mme letsatsi la la 27 Mmesa 2023 le re hopotsa hore re setjhaba se le seng se bopahaneng seo motheo wa sona e leng ho hlomphana le ho ba motlotlo ka naha ya habo rona. 

7.2 Mokete o moholo wa Letsatsi lena la Tokoloho o ne o tshwaretswe Mmasepaleng wa Setereke sa Ngaka Kenneth Kaunda profensing ya Leboya Bophirima tlasa lepetjo le reng “Re Tiisa le hona ho Baballa Kuno ya Demokrasi”.

7.3 Ka Letsatsi la Tokoloho la 2023 re keteka dilemo tse 29 tsa tokoloho le tse 27 tsa Molaotheo wa rona. 

8. Dikamano tsa Matjhabeng

8.1 Mopresidente Cyril Ramaphosa o amohetse Mopresidente Hage Geingob wa Namibia Ketelong ya hae ya Semmuso naheng ena ho tla tiisa maqhama a nako e telele a dinaha tsena. 

8.2 Hara tse tshohlilweng ke Presidente tsena tse pedi le Matona a tsona, ke dikamano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi ditabeng tsa matjhaba le tshebedisano ho tsa kgwebo le matsete. Tshebedisano ya dinaha tsena e tla boela e tiiswa ke seboka sa borakgwebo ba dikhamphani tsa dinaha tsena tse pedi ha morao selemong sena. 

8.3 Mopresidente Cyril Ramaphosa o sa tswa amohela le Mopresidente wa naha ya Finland, Sauli Väinämö Niinistö Ketelong ya hae ya Semmuso ka la 25 Mmesa. Dikamano pakeng tsa Afrika Borwa le Finland di tloha hole tabeng ya tshehetso ya yona ho mekga ya dipolotiki ya Afrika Borwa e neng e lwanela tokoloho.  

8.4 Dikamano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi haesale di hola ho tloha ka 1994,  mme Finland e entse matsete a fetang dibilione tse R2 Afrika Brwa dilemong tse tharo tse fetileng. 

9. Ho Pholoswa ha Maafrika Borwa le ba Dinaha tse ding Sudan
 
9.1 Kabinete e amohela katleho ya taba ena e thata ya ho pholoswa ha Maafrika Borwa naheng ya Sudan moo ntwa ya teng e amang baahi ba naha eo le melata e naheng eo. 

9.2 Lefapha la Dikamano tsa Matjhabeng le Sesole sa Moyeng sa Afrika Borwa ba sebeditse mmoho ho pholosa Maafrika Borwa. 

9.3 Letsholo la pholoso la Afrika Borwa le thusitse le ho pholosa baahi ba dinaha tse kang Angola, Namibia, Zimbabwe, Lesotho le Brazil. 

9.4 Kabinete e leboha mmuso wa Ekgepeta ka ho tshehetsa letsholo rona la pholoso ha mmoho le wa United Arab Emirates ka ho pholosa Moafrika Borwa a le mong mane Jeddah hore a kgone ho kgutlela lapeng. Ho ntse ho na le Maafrika Borwa a mahlano a ntseng a le Sudan a sa kang a kgona ho ikopanya le ntlo ya bonqosa ya Afrika Borwa e mane Sudan nakong ya letsholo la pholoso. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ho tlalehela dikantoro tsa rona tsa dikamano tsa matjhabeng ha a etela dinaheng tse ding ho kenyeletsa le haeba ba eya phomolong teng. 

9.5 Kabinete le yona e etsa kgoeletso ya peho fatshe ya dihlomo le ho tliseng kgotso mekgeng e lwanang Sudan ha mmoho le ho ntshetsa pele kgoeletso ya Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (AU) ya ho fedisa ntwa ya dithunya kontinenteng ena. 

10. Ho Etsa Matsete Ditsing tsa Thuto e Phahameng 

Ka la 24 Mmesa 2023, Letona Nzimande le sa tswa bula meaho e mmedi Yunivesithing ya Kapa Bophirima (UWC) e ahilweng ka kopanelo ka tshehetso ya ditjhelete ya Letlole la Lefapha la Meralo ya Motheo le ya Lananeo la Ntshetso Pele la Sibusiso Bengu. 
 
a. Moaho o Motjha wa Lekala la tsa Thuto (o bitswang South Campus Education Precinct Project) – o bitsitse dibilione tse R268.659 mme o tsheheditswe ka ditjhelete ke IEG le SB-DP e ileng ya boela ya sebedisetswa ho ntlafatsa moaho o neng o sebedisetswa dithuto tsa Meriana, Dipalo, tsa Dikhomputara le Lekala la Dipalopalo. 
 
b. Moaho o bitswang Unibell Residence – o bitsitse dibilione tse R670 o tsheheditswe ka ditjhelete ke IEG le kadimo ho tswa ho DBSA ho aha moaho wa bodulo ba baithuti o kenyang dibethe tse 2720 o nang le mekato e mene moaho ka mong mme ho ahilwe meaho e tsheletseng ka lehlakoreng la Belhar mme o kopana le o ka lehlakoreng la Bellville.

Moaho ona wa Unibell Residence ona ke projeke ya kopanelo pakeng tsa Lefapha lena la Meralo ya Motheo ka dimilione tse R235, e leng persente tse 35 tsa ditjeho tsa kaho, UWC yona ya ntsha persente tse 30, ha e le DBSA yona ya ntsha persente tse ding tse 35. 
 
Ka la 21 Mmesa 2023, Letona Nzimande le ile la bula meaho e mmedi e leng wa IT lekaleng le Mthatha la Univesity ya Walter Sisulu (WSU) le ona o tsheheditsweng ka ditjhelete ke Letlole la Lefapha la Meralo ya Motheo (IEG) ha mmoho le Lananeo la Ntshetso Pele la Sibusiso Bengu (SB-DP). Meaho ena e ka lehlakoreng la Nelson Mandela Drive le karolong ya kamohelo ya thepa e ka ho Zamukulungisa:
 
a. Holo ya Borutelo e ka Botjhabela – e bitsitse dimilione tse R25.971 e leng tshehetso e tswang ho IEG e ileng ya ho thusa ho ntlafatsa diholo tse 19 tsa borutelo ha mmoho le tse 13 tsa tshebediso ya ho etsa mosebetsi wa sekolo ka lehlakoreng la kamohelo ya thepa ka ho Nelson Mandela Drive.
 
b. Sebaka sa bodulo sa baithuti – se bitsitse dimilione tse R52.799 se tsheheditswe ka ditjhelete ke IEG e ileng ya thusa ho qetella ho ntlafatsa dibaka tsa bodulo tsa baithuti sa KTC le sa KGB tse nang le dibethe tse 314 ka lehlakoreng la Nelson Mandela Drive la kamohelo ya thepa.
 
c. Sebaka sa IT – se bitsitse dimilione tse R14.135 mme se tsheheditswe ka ditjhelete ke SB-DP e thusitseng ho aheng moaho o motjha wa IT o ka lehlakoreng la kamohelo ya thepa ka ho Zamukulungisa mme ona o tla thusa baithuti le matitjhere.

11. Diqeto tsa Kabinete

Kgiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.    Ntate Siyabonga Charles Zama e le Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): Karolong ya Ntlafatso ya Dibaka tsa Baipehi ha mmoho le Matlo a Tshohanyetso Lefapheng la ho dudiswa ha Setjhaba. 

2.    Mme Zenkosi Dumile Mhlongo e le DDG: Dipatlisiso ka tsa Melawana, Maano le Meralo Lefapheng la ho Dudiswa ha Setjhaba. 

3.    Ntate Jabulani Hugh Hlatshwayo e le DDG: Tsa Kgokahano, Tlahisoleseding le Thekenoloji Lefapheng la Ntshetsopele ya Molaotheo. 

4.    Ntate Dipepenene Serage e le DDG: Tlhahisong ya tsa Temo, tsa Bophelo bo Botle le Polokeho ya Dijo le Taolo ya Dikoduwa Lefapheng la tsa Temo, Bong ba Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng. 

5.    Mme Hlengiwe Bhengu e le Motshwari e Moholo wa Matlotlo Lefapheng la Dikamano tsa Matjhabeng. 

6.    Mme Lucy Bele e le CFO Lefapheng la ho Dudiswa ha Setjhaba. 

Kabinete e dumellane le ho hirwa ha batho ba latelang

Boto ya Balaodi ya Komeshene ya Dipatlisiso ka tsa Metsi

(a)     Ngaka Rethabile Melamu (Modulasetulo);
(b)     Ngaka Harrison Pienaar (Motlatsi wa Modulasetulo);
(c)    Mopr Nnenesi Kgabi
(d)    Ntate Willem Baird
(e)    Moatvodate. Reinette Mary Rosey;
(f)    Mopr Aldo Stroebel;
(g)    Mme Zama Portia Dlamini;
(h)    Ngaka Tendai Sawunyama;
(i)    Mme Nkuli Mxenge-Mayende; le 
(j)    Mme Megan Schalkwyk

Boto ya Komeshene ya Diloto

(a)    Mme Beryl Ferguson;
(b)    Mme Precious Mvulane;
(c)    Ntate Willie Hofmeyr;
(d)    Ntate Tembinkosi Bonakele;
(e)    Ntate Lionel October; le 
(f)    Mme Irene Ramafola 

Ditho tsa Lekgotla la tsa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong 

(a)    Ntate David Msiza (Modulasetulo);
(b)    Ntate Xolile Mbonambi;
(c)    Ngaka Lindiwe Ndelu;
(d)    Ntate Divhudza Victor Mahwasane;
(e)    Mme Constance Titi Kekana (Setho se tjhentjhanang);
(f)    Ngaka Dipalesa Mobokoto (Setho se tjhentjhanang);
(g)    Ntate Mthokozisi  Zondi;
(h)    Ntate Thabo Ngwenya (Setho se tjhentjhanang);
(i)    Ntate Masibulele Naki;
(j)    Mme Naledi Tsipane (Setho se tjhentjhanang);
(k)    Mme Melanie Roy;
(l)    Ntate Victor Radebe (Setho se tjhentjhanang);
(m)    Ntate Nicolaas Van Rooyen;
(n)    Mme J White (Setho se tjhentjhanang);
(o)    Moatevokate. Paul Mardon;
(p)    Ntate Johan Du Toit Boning (Setho se tjhentjhanang); 
(q)    Ntate Phuthuma Manyathi;
(r)    Ntate Gabriel Nkosi (Setho se tjhentjhanang);
(s)    Ngaka Thuthula Balfour;
(t)    Ntate Vijay Nundall;
(u)    Ntate Stuart Sepetla;
(v)    Ntate Ronald Mafoko;
(w)    Ntate Joseph Phakathi (Setho se tjhentjhanang);
(x)    Ms Letisha van der Berg; le
(y)    Ngaka Joseph Matjila (Setho se tjhentjhanang). 

A.    Diketsahalo tse Tlang 

1.    Kgwedi ya Afrika

1.1.    Afrika Borwa e tla keteka Kgwedi le Letsatsi la Afrika kgweding ena ya Motsheanong 2023 ha mmoho le kontinente kaofela. Ka la 25 Motsheanong 2023, Afrika e tla keteka selemo sa bo 60 sa Mokgatlo wa Pele wa Dinaha tsa Afrika (OAU).

1.2.    Kgwedi ena e fana ka monyetla wa ho phatlalatsa bonngwe ba Maafrika ka ho kopanya didika le ho inehela ho ba le tabatabelo e tshwanang. Kabinete e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho sebetsa mmoho ho aha kontinente e bopahaneng le e atlehileng.  

2.    Tlotlo ya Maemo a Naha

2.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla tlotla Mafrika Borwa le ba dinaha tse ding ka Dikgau tsa Tlotla ya Naha ka la 28 Mmesa 2023. Dikgau tsa Tlotla ya Naha ke tsa maemo a hodimo tseo ka tsona ho tlotlwang Maafrika Borwa le ba dinaheng tse ding ba ileng ba ba le kabelo ntshetsopeleng ya demokrasi ya rona le ntlafatsong ya maphelo a Maafrika Borwa. 

2.2.    Dikgau tsa Tlotla tsa Naha di boetse di fuwa le batho ba ileng ba ba le kabelo ho aheng demokrasi ya Afrika Borwa e hlong kgethollo ya borabe le bonng jwalo ka ha Molaotheo wa rona o bolela. 

3. Ditumellano ka Kabo tsa Matlotlo

3.1 Ka Motsheanong mafapha ohle a tla tshetleha Kabo tsa Ona tsa Matlotlo Palamenteng. 

3.2 Kabo tsena tsa Matlotlo di kenyeletsa le ho lekolwa botjha ha tshebetso ya mafapha nakong ya sehla se fetileng sa ditjhelete ha mmoho le morero wa ho kenya tshebetsong boinehelo bo neng bo behilwe ke Mopresidente Puong ya hae ya Boemo ba Naha. 

3.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho baahi hore ba lekodisise kabo tsena tsa matlotlo a mafapha ka ho fapana e le ho tseba seo a se behang pele ha re tla phanong ya ditshebeletso. 

3.4  Ka la 4 Motsheanong 2023, Letona la ho Dudiswa ha Setjhaba mme Mmamoloko Kubayi le tla etella pele Imbizo le Letsholo la Ditshebeletso mane Soweto jwalo ka boitokiseletso ba Kabo ya Matlotlo ya lefapha la hae ka la 10 Motsheanong 2023. 

3.5. Ka letsholo lena, ho tla shejwana le diphephetso tseo komiti ya setjhaba ya ho dudiswa ha setjhaba e shebaneng le tsona tabeng ya ho Dudiswa ha Setjhaba ha mmoho le ho phatlalatsa ha mananeo a tla tswela setjhaba molemo ho tswa komiting ena. 

4. Letsatsi la Basebetsi 

4.1 Letsatsi la Basebetsi le tla ketekwa ka Mantaha wa la 01 Motsheanong 2023 mme ka lona ho tla shejwa karolo ya bohlokwa eo basebetsi ba e bapalang kahong ya moruo wa naha le ntshetsopeleng ya Leano la Naha la Ntsetsopele. 

4.2 Letsatsi la Basebetsi le etsa re kgone ho hopola tsohle tseo basebetsi ba di unneng dilemong tsena tse 29 tsa tokoloho ha mmoho le diphephetso tseo ba ntseng ba shebane le tsona moruong ona o aparetsweng ke mathata. 

4.3  Lena e boetse ke letsatsi leo ka lona re tlamehang ho etsa boinehelo ba ho etsa matsapa a ho thehela dimilione tsa Maafrika Borwa a sa sebetseng menyetla ya mesebetsi hore le ona a tle a kgone ho hlahisa makgabane a ona ha mmoho le ho kgona ho fepa malapa a ona. 

4.4   Mmuso o etsa boinehelo ba ho ntlafatsa maemo a ho sebetsa le ho tlisa tekatekano dibakeng tsa ho sebeletsa ka ho ntlafatsa melao e kang wa Ditlhapiso tsa ho Lemala Mosebetsing ha mmoho le wa Tekatekano Mosebetsi eo ka bobedi e sa tswa tekenwa ho ba melao ke Mopresidente  Ramaphosa. 

5.   Letsatsi la Matjhaba la Bolokolohi ba Boraditaba

5.1 Afrika Borwa e tla ba karolo ya matjhaba ya ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Bolokolohi ba Boraditaba ka la 3 Motsheanong 2023. Letsatsi lena le re fa monyetla wa ho lekola maemo a bolokolohi ba boraditaba setjhabeng sa habo rona ha mmoho le diphephetso tseo ba shebaneng le tsona le bohlokwa ba bona setjhabeng. 

5.2  Bolokolohi le ho ikemela ha boraditaba ke karolo ya bohlokwa ya demokrasi mme re tla tswela pele ho netefatsa hore boraditaba ba ba le bolokolohi mme hape ba beha ditaba ka nepo le ho ikemela. 

6. Mohope wa Lefatshe wa Netball 

6.1 Jwalo ka ha ho se ho setse matsatsi a ka tlase ho a 100 pele ho qala Mohope wa pele wa Lefatshe wa Netball o tla tshwarelwa Afrika ho tloha ka la 28 Phupu ho isa ka la 6 Phato, Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho boela se bula diatla ho amohela matjhaba tonamenteng ena. 

6.2 Jwalo ka ha Mohope wa Lefatshe wa Netball o tla tshwarelwa Kapa, Afrika Borwa e tla boela e ipabola ka makgabane a yona a ho tshwara tonamente tsa matjhaba ka katleho jwalo ka ha e sa tswa tshwara ya mabelo a dikoloi ya Formula E Cape Town ePrix.

6.3 Sohle seo re ithutileng sona ditonamenteng tse kang tseo se re thusa haholo ditlhophisong tsa rona ho netefatsa hore baeti ba rona ba thabela ho ba kwano ba bolokehile. 

6.4  Kabinete e etsa kgoeletso ya hore motho ohle a tshehetse sehlopha sa rona sa Netball se bitswang Spar Proteas ka ho apara diaparo tsa bona tsa tsa dipapadi jwalo ka Bolabohlano. 

7. Seboka sa bo 16 sa Taolo ya ho Lahlwa ha Matlakala a Kotsi (COP 16). 

7.1 Afrika Borwa e tla nka karolo ho COP 16 e tla tshwarelwa Geneva, Switzerland ho tloha ka la 01 – 02 Motsheanong 2023.

7.2 Ka seboka sena, ho ikemiseditswe ho sireletsa maphelo a batho ha mmoho le tikoloho kgahlano le ditlamorao tsa ho thothwa ha matlakala a kotsi. Afrika Borwa e ne e qale ho ba setho sa seboka sena ho tloha ka la 5 Motsheanong 1994. 

7.3 Kabinete e tjhaetse monwana dintlha tseo Afrika Borwa e tlang ho di tshetleha sebokeng sena sa COP 16 sa ho Thothwa ha Matlakala a Kotsi. 

7.4 COP 16 e tshwerwe ho latela seboka sa bo 11 sa Ditumellano tsa Retterdam tse mabapi le tsa Tikoloho ha mmoho le Tsela le Mekgwa e Behilweng ya ho Lahlwa ha Matlakala a Kotsi a kang Dikhemikhale le Meriana e Kotsi. 

7.5 Kopano ena e ntshetsa pele boikarabelo le tshebedisano ho ditho thekisetsanong ya matjhaba ya matlakala ana a kotsi a dikhemikhale. Afrika Borwa e kenela diboka tsena hobane di molemo paballong ya tikoloho le maphelo a batho. 

Melaetsa

1.    Diteboho

Kabinete e lebisa ditebo le ditakaletso tse ntle ho: 

- Lelapa le metswalle ya mokaubere wa jazz Hugh Masekela. Lebitso la Bra Hugh le ngotswe letlapeng la Ertegun Hall of Fame mane New York. Mokaubere ona wa Afrika Borwa o seng o iketse badimong lebitso la ona le kena hara a kang la Louis Armstrong, Nat “King” Cole le Miles Davis.

- Kabinete e boetse e thabetse HOT 102.7FM ka ho ba ho makgaolakgang mekgahlelong e mene ya Dikgau tsa Radio tsa mane New York, Amerika, tse nang le bankakarolo ho tswa dinaheng tse fetang tse 30. 

2.    Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya: 

- Ntate Harry Belafonte, moitseki, sebapadi le sebini sa matjhaba sa Amerika. E ne e le molwanedi wa ditokelo tsa setjhaba sa Maafrika a Amerika mme hape a hapa le mahlo a matjhaba ka twantsho ya hae ya kgethollo ya mmala. 

- O bapetse karolo e kgolo tlhahisong ya telente maemong a matjhaba ho dibini tsa Afrika Borwa tse kang Mirriam Makeba le Hugh Masekela, e leng se neng se behe Afrika Borwa mmapeng wa matjhaba ka melodi le meropa ya Afrika Borwa e neng e fetisa molaetsa ho Maafrika Borwa ha mmoho le ntweng ya tokoloho. 

- Ntate Tiego Moseneke, ramolao ya tummeng, rakgwebo le moitseki wa mehleng wa baithuti. 

- Ntate Mbulelo Musi, setho sa mehleng sa uMkhonto We Sizwe ha mmoho le moitseki eo e neng e le karolo ya mehwanto ya 16 Phuptjane 1976. E ne e boetse e le mokaubere le mosebeletsi ya hlwahlwa wa mmuso ya sebeleditseng mmuso ka botshepehi bo boholo. 

- Tonakgolo ya mehleng ya Foreisitata Mme Beatrice Marshoff, ya sebeleditseng Afrika Borwa ka botshepehi le boinehelo bo boholo bophelo bohle ba hae. 

- Loyiso Nkohla, moitseki wa setjhaba ya neng a inehetse ho sebeletseng setjhaba makeisheneng a Kapa Bophirima. O ne a bolawe a le mosebetsing oo wa hae le setjhaba a thusa setjhaba se dulang haufi le seporo sa terene moo ho neng ho lokisetswa ho tsoseletswa ha seporo seo sa Central Line. Kabinete e laetse ba qobello ya molao ho tshwara babolai bana ba Ntate Nkohla. Kabinete e boetse e lakaletsa ba ileng ba lemala ketsahalong ena ho fola ka potlako. 

- Lelapa la Nqobile Zulu, 5, le motswalle wa hae Tshiamo Ramanye, 6, bao ditopo tsa bona di neng di fumanwe di retlilwe mane Soweto ka Labone la la 20 Mmesa 2023. Kabinete e tshwela dipolao tsena tse sehloho ka mathe mme e etsa kgoeletso ho setjhaba ho thusa mapolesa ho tshwara babolai bana ba sehloho. Mang kapa mang ya nang le lesedi tabeng ena a ka letsetsa Mohala wa Ditlaleho tsa Bonokwane wa 08600 10111.  

- Ditho tse robedi tsa lelapa la ha Memela lekeisheneng la Imbali Pietermaritzburg tse neng di bolawe ha mmoho le basadi ba babedi ba neng ba etile ka Labohlano la la 21 Mmesa 2023. 

- Kabinete e thoholetsa ho potlaka ha mapolesa ho tshwara babelaellwa le ho fumana dithunya tse tharo. Mmelaellwa a le mong o ne a bolawe nakong eo ditlokotsebe tsena di neng di thunyana le mapolesa ka Labohlano la la 21 Mmesa 2023. Mmelaellwa e mong o ne a lemale mme a tshwarwa ha e mong yena a kgonne ho baleha. 
 

Ditlhakisetso: Ntate Tyrone Seale – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 5757 440

 

 Union Building