A. Mathata a Tikolohong
1. Motlakase
1.1. Letona la tsa Motlakase, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa, o ile a etela diteishene tse 14 tsa motlakase hore a tle a iponele le ho ikutlwela ka diphephetso tseo Eskom e tobaneng le tsona boemong ba seteishene sa motlakase.
1.2. Diketelo tsena di ile tsa fa Letona menyetla ya ho buisana le bolaodi, basebetsi le diyuniono ka bo ena, ka sepheo sa ho theha tshebedisano boemong ba seteishene sa motlakase, ele karolo ya lenaneo la ho ntlafatsa ho fehla motlakase le ho qetella ho rarollotswe tlhokeho ya ona.
1.3. Kabinete e ema le Letona bakeng sa ho ananela hore basebetsi ba Eskom ba na le karolo ya bohlokwa tharollong ya mathata a rona a eneji.
2. Phuputso ya Kotara ka Nngwe ya Manane a Basebetsi (QLFS) bakeng sa manane a mesebetsi
2.1. Kabinete e ananetse ho ata ha palo ya batho ba sebetsang ka hara naha jwalo ka ha QLFS e tlalehile kgolo ya 48 000 palong ya mesebetsi lekaleng le e seng la temothuo kotareng ya bone ya 2022. Kgolo ya mesebetsi e susumeditswe ke lekala la kgwebisano, ditshebeletso tsa kgwebo le merafo, mme e tlisa boemo ba khiro ka hara naha ho dimiliyone tse 10.
2.2. Kgolo e tsitsitseng ya palo ya mesebetsi e susumeditswe ke boikitlaetso bo tebileng ba bankakarolo bohle, ka tshebedisanommoho le mmuso, bakeng sa ho kenya tshebetsong Morero wa Kahobotjha le Tokiso ya Moruo (ERRP).
2.3. Dipalopalo tsa mesebetsi tsa kotara ya bone di tlatselletsa ho theho e tsitsitseng ya mesebetsi e 648 000 kotareng ya bobedi ya 2022 le e 204 000 e thehilweng mahareng a kotara ya bobedi le ya boraro ya 2022.
2.4. Ho kenngwa tshebetsong ho tsitsitseng ha ERRP ho tlisa diphetho tsa ho kena dipakeng bakeng sa theho ya mesebetsi le twantsho ya tlhokeho ya mesebetsi le bofuma.
3. Seboka le Dipontsho tsa ho Reka Lapeng ka Motlotlo tsa Afrika Borwa
3.1. Kabinete e thoholeditse ho tshwarwa ho atlehileng ha Seboka le Dipontsho tsena tsa bo11 tsa Afrika Borwa tsa ho Reka Dihlahiswa tsa Lapeng ka Motlotlo tse neng di tshwaretswe Johannesburg ka tlasa mokotaba o reng: “Ho hodisa moruo le ho theha mesebetsi ka tsela ya ho bapatsa lapeng” mme Motlatsa Mopresidente, Monghadi Paul Mashatile o ile a fana ka puo, ka la 28 Tlhakubele 2023.
3.2. Dipontsho di ile tsa bontsha dihlahiswa le ditshebeletso tsa lapeng tse fetang 200 tsa boleng bo hodimo ho tloha ka dibapadiswa, disebediswa tsa thuto, fenetjhara, dihlahiswa tsa dijo le dino ho isa ho diilektroniki, ho bontshwa bokgoni bo boholo ba Afrika Borwa ba boiqapelo, ho ikamahanya le mesebetsi ya tlhahiso le boitsebelo ba bahlahisi ba naha ena.
3.3. Kabinete e kgothaleditse dikgwebo le baahi ho reka thepa ya lapeng kaha theko e nngwe le e nngwe kapa tlhoko ya dihlahiswa le ditshebeletso tsa lapeng e nka karolo ho tlhabollo ya moruo mme e tshehetsa ho thewa ha mesebetsi.
4. Dikamano tsa Afrika Borwa le Belgium
4.1. Kabinete e ananetse boitshepo bo bontshitsweng Afrika Borwa ka Ketelo e bileng nalane ya Motlotlehi Morena Philippe le Motlotlehi Mofumahadi Mathilde, ba Borena ba Belgium, ba neng ba menngwe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa, ho tloha ka la 22 ho isa ho la 27 Tlhakubele 2023.
4.2. Dikamano tse matla tsa naha tse pedi tse tsepameng ho kgwebisano, matsete a tobileng a ka ntle ho naha le bohahlaudi ke tsona tse ileng tsa eba ka sehlohlolong Ketelong ena ya pele ya Semmuso. Ho feta moo, Foramo ya Kgwebo ya Afrika Borwa le Belgium e fane ka monyetla wa phapanyetsano le dipuisano tsa makala bakeng sa ho ntlafatsa kgwebisano le dikamano tsa matsete, e leng tse nang le bokgoni ba ho phahamisa tswelopele ya Afrika Borwa.
4.3. Belgium ke e mong wa balekane ba Afrika Borwa ba bohlokwa haholo ho tsa moruo le diyantle. Ka 2020 Afrika Borwa e rometse diyantle tsa dibiliyone tse 2.38 tsa didolara ho Belgium makaleng a kang a taemane, dilori tse tsamaisang dithoto, dikhemikhale tse sa ntlafatswang le dikerapa tsa tshepe ya bohlokwa. Hape ho na le menyetla ya bohlokwa ya matsete mahareng a dinaha tsa rona tse pedi ho tsa eneji, moralomotheo le tlhokomelo ya bophelo.
5. Seboka sa Naha se Mabapi le Molaotheo
5.1. Kabinete e ananetse puisano ka Molaotheo e neng e tshwaretswe Sebokeng sa Naha sa matsatsi a mararo (22-24 Tlhakubele 2023) tlasa mokotaba wa: “Tshekatsheko ya Molaotheo: Phetho ya molao, boikarabelo, toka ya tsa setjhaba le moruo”. Ditherisano tse bontshitsweng dilemong tse 25 tse fetileng tsa Molaotheo le tse bontshitseng se lokelang ho etswa.
5.2. Molaotheo o dula e le tokomane e phelang le ya bohlokwa tsitlallelong ya mmuso ya ho fetola maphelo a Maafrika Borwa ohle hore a ntlafale.
6. Seboka sa Naha sa Toka ya tsa Thobalano le ho Tswala
6.1. Phihlello ho Ditokelo tsa Bophelo bo Botle ho tsa Thobalano le ho Tswala (boikatiso) e ne e tadinngwe ka leihlo le ntjhotjho sebokeng se neng se tshwerwe ka la 22 ho isa ho 24 Tlhakubele, mme e ne e eteletswe pele ke Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mofumahadi Lindiwe Zulu. Mmuso o itlamme ho netefatsa hore batho bohle ba na le matla le disebediswa tsa ho etsa diqeto tse lokileng mabapi le mmele ya bona, maikutlo ho tsa bong le tsa tswalo.
6.2. Tlaleho ya bobedi ya Seboka ya Maemo a Phahameng mabapi le Kopano ya Nairobi ya Seboka sa Matjhaba mabapi le Palo ya Batho le Ntshetsopele eo sehlooho sa yona e leng ‘Toka ho tsa Thobalano le ho Tswala jwalo ka sesebediswa sa ho tsamaisa Boitlamo ba Kopano ya Nairobi’ le yona e ile ya thakgolwa. Sena se fana ka tataiso ya ho fihlella toka ya tsa thobalano le tsa tswalo bakeng sa bohle Afrika Borwa.
7. Dikgohola le Maemo a Mabe a Lehodimo
7.1. Moporesidente Cyril Ramaphosa o ile a etela Port St. Johns Kapa Botjhabela ka la 28 Tlhakubele 2023 bakeng sa ho hlahloba karabo ya mmuso le setjhaba mabapi le boemo ba ka mora tshenyo e kgolo e bakilweng ke dikgohola tse sa tswa feta sebakeng seo. Mopresidente o netefaleditse setjhaba hore mmuso o tla ba tshehetsa mme a thoholetsa mosebetsi wa ditshebeletso tsa tshohanyetso ba thusitseng ditekong tsa pholoso, ka mora dikgohola Port St. Johns le dibakeng tse e potapotileng, tse bakileng ho ritsa ha mobu, tsa tsomula difate, tsa thiba ditsela mme tsa ama bophelo ba batho hampe haholo.
7.2. Setsi sa Taolo ya Dikoduwa sa Naha se hokahanya karabo ya mmuso ka ho sebedisana mmoho le Kapa Botjhabela le ditsi tsa taolo ya dikoduwa tsa setereke sa OR Tambo ho fokotsa ditlamorao tse mpe tsa dikgohola setjhabeng sa rona. Kabinete e lemohile tshebediso ya saense ho karabo le diteko tsa ho bebofatsa ka mosebetsi o etswang ke Lekgotla la Dipatlisiso tsa Saense le Indasteri, mmoho le Lekala la tsa Sepakapakeng la Naha la Afrika Borwa, Mafapha a Tshebetsommoho Tekolong ya Tikoloho (SAEON) le Tshebeletso ya Boemo ba Lehodimo ya Afrika Borwa.
7.3. Ka kameho e tebileng ya phetoho ya boemo ba lehodimo, seabo sa saense, theknoloji le boiqapelo mabapi le pebofatso ya koduwa, karabo le, maemong a mang, thibelo, di bile bohlokwa le ho feta.
7.4. Kabinete e hopoditse batho ba dulang dibakeng tse tlase le tse dibakeng tse ka hoholwang ke dikgohola ha bobebe hore ba dule ba fadimehile haholo mme ba latele ditemoso tsa maemo a lehodimo.
8. Dipuisano tsa meputso tsa mafapha a mmuso
8.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka dipuisano tse tswellang tsa meputso makaleng a mmuso mme e ile ya ananela diponahalo tsa pele tsa kgoneho ya ho fihlella tumellano le diyuniono tsa basebetsi tse emetseng boholo ba basebetsi ba mmuso.
9. Karabo ya Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Bosenyi le Tshireletso (JCPS) Mohwantong wa Boipelaetso wa la 20 Tlhakubele
9.1. Kabinete e thoholeditse matsapa a Sehlopha sa JCPS le Sehlopha sa Naha sa Tshebetsommoho ho Bohlwela ho netefatsa hore mohwanto wa boipelaetso wa la 20 Tlhakubele 2023 o fetile ntle le diketsahalo tse mpe.
9.2. Leha e ananela hore diketsahalo tsa mofuta o jwalo di keke tsa eba teng letsatsi le leng le le leng, Kabinete e laetse hore Sehlopha sa JCPS e thehe le ho theibola Morero wa Thibelo ya Bosenyi o hokahantsweng le o etellwang pele ke tsa bohlwela hore o sebetsane ka potlako le ka katleho le bosenyi bo hlophisitsweng, polokeho le tshireletso ya batho ba Afrika Borwa.
9.3. Kabinete e bontshitse kananelo ya yona ya kutlwano e bontshitsweng ke bongata ba Maafrika Borwa ka ho hana pitso ya mohwanto wa ho kwala naha mme ba sireletsa demokerasi ya molaotheo.
10. Diphuputso Mabapi le Mabeta wa Facebook Thabo Bester
10.1. Kabinete e ile ya jwetswa ka kgatelopele mabapi le matsapa a ho tshwara sekweta se Thabo Bester, Mabeta wa Facebook ya balehileng tjhankaneng e tsamaiswang ke khampani ya tshireletso ya G4S.
10.2. Kabinete e ile ya laela Lefapha la Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa hore le phethele ka potlako mekgwatshebetso ya ho nka tsamaiso ya tshebeletso ya ditjhankana tse pedi tse tsamaiswang ke dikhampani tsa poraefete le ho netefatsa tsamaiso e nang le ditlamorao bakeng sa bohle ba nang le seabo.
11. Ho Bolawa ha Barena ba Murray e leng Thomas le Cloete
11.1. Kabinete e seholla ho bolawa ha Barena ba Murray e leng Thomas le Cloete, basebetsi ba ho tjhona ba neng ba ena le seabo dinyeweng tsa maemo a hodimo tsa ho tjhona mme e romela matshediso a yona ho lelapa la Murray ka tahlehelo ya bona.
11.2. Kabinete e laetse mafapha a kenyang molao tshebeletsong hore a phenyekolle a sa siye letho, mme a tshware ka potlako babolayi le batho ba ba hirileng ho tla ahlolwa.
12. Lefapha la Taolo ya Meedi (BMA)
12.1. Kabinete e thoholeditse mosebetsi wa ditokisetso tse kenelletseng o entsweng bakeng sa ho netefatsa hore BMA e qala ho sebetsa jwalo ka setheo se ikemetseng, ho tloha ka la 1 Mmesa 2023.
12.2. BMA ke karolo ya bohlokwa ya mosebetsi wa mmuso bakeng sa ho tshireletsa ka katleho meedi ya Afrika Borwa ka tsela e tla tshireletsa ditabatabelo tsa naha mme e ntshetse pele tshireletso ya naha.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kgatelopele ya Phallo ya Dijithale ya Kgaso (BDM)
1.1. Kabinete e fumane tlaleho mabapi le lenaneo la BDM ha naha e itukisetsa ho Tingwa ha Analoko le puisano e entsweng le mekga e amehang, ho kenyeletswa le ditho tsa setjhaba.
1.2. Kabinete e lemohile kgatelopele e entsweng ka ho kenngwa ha mabokoso a set-top bakeng sa matlo a batho ba tshwanelehang ba ileng ba etsa kopo ya thuso ya mmuso.
1.3. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Letona la Dikgokahano le Theknoloji ya Dijithale le kenye tsebiso gazeteng ya letsatsi la ho Tima Analoko bakeng sa Afrika Borwa.
2. Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso Mabapi le Paballo le Tshebediso e Tswellang ya Mefuta e Fapaneng ya Diphedi tsa Afrika Borwa
2.1. Kabinete e ananetse Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso mabapi le Paballo le Tshebediso e Tswellang ya Mefuta ya Diphedi Afrika Borwa.
2.2. Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse nang le mefuta e fapaneng ya diphedi lefatsheng mme Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso e tla thusa naha ena ho sebedisa monyetla wa leruo la yona la diphedi tse fapaneng. E hatella bohlokwa ba lekala la diphedi tse fapaneng bakeng sa kgolo ya moruo wa Afrika Borwa, paballo le tekano ho moruo wa diphedi tse fapaneng. Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso e hlakisa bohlokwa ba ho tshireletsa tsebo ya kgalekgale le diphedi tse fapaneng.
3. Leano la Moralo wa Tshehetso ya ditjhelete ho Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME) le Dikoporasi
3.1. Kabinete e ananela kgaso ya Leano la ho Tshehetsa ka Ditjhelete Meralo ya di-SMME le Dikoporasi bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le bopa karolo ya thuso bakeng sa ho tshehetsa dikgwebo tse nyane, tse kenyeletsang National Integrated Small Enterprise Development Framework e ileng ya ananelwa ke Kabinete ka 2022.
3.2. Leano le radilweng le hlahisa hore ho be le bokenadipakeng bo hlokolosi ha 17 bo tlang ho kgontsha di-SMME tse dimiliyone tse 3.2 le dikoporasi tse 43 000 tse naheng ena hore di atlehe. Bokenadipakeng bona bo kenyeletsa ho lokisa mekgwa e sa lekaneng ya tshehetso ya ditjhelete, ho kgobokanya dintlha tsa dikgwebo tse nyane, ho ntlafatsa phihlello ho tjhelete ya ho qala kgwebo le ho eketsa tshehetso ya ntshetsopele ya dikgwebo.
3.3. Mmuso o beile ka pele tshehetso ya di-SMME le dikoporasi hobane dikgwebo tsena di theha mesebetsi e mengata ho fana ka menyetla e mengata bakeng sa batho hore ba kgone ho iphedisa.
3.4. Moralo wa leano o tla phatlalatswa ho Gazete ya Mmuso esitana le ho websaete ya Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane ho www.dsbd.gov.za
4. Moralo wa Metsi le Bohlweki
4.1. Kabinete e ananetse Moralo wa Metsi le Bohlweki o tla sebediswa jwalo ka tataiso ya ka moo ditshebeletso tsa Bohlweki di radilweng, di tsamaiswang le ho laolwa ka tsela e lekanang haholo le ho ikamahanya le dintshetsopele tsa theknoloji.
4.2. Moralo hape o ne o etseditswe ho araba mathata a phano ya ditshebeletso a bonweng ho meralomotheo o tsofetseng le o senyehang ka lebaka la tlhokomelo e siyo, le moralomotheo o neng o sa rallwa ho sebeletsa batho ba bangata.
4.3. Moralo ona hape o tla sebedisetswa ho lokisa dikgeo tsa phano ya ditshebeletso mme o fana ka ditsela tsa ho theola lenane le hodimo la malapa a sa fumaneng ditshebeletso tse lekaneng le tse bolokehileng tsa tlhweko Afrika Borwa, mme sena se kenyeletsa ho fediswa ha matlwana a mabakete metseng ya baipehi.
4.4. Moralo ho feta moo o laela hore mangolo a itseng le boitsebelo bakeng sa balaodi ba tsamaiso mesebetsing ya tlhokomelo ya metsi a dikgwerekgwere le ditlhokeho tsa boitsebelo bakeng sa batsamaisi ba dibakeng tsa tlhwekiso ya metsi a dikgwerekgwere.
5. Leano le Taolo ya Leano Mabapi le Tshebediso e Potlakileng ya Marangrang le Dibaka tsa Dikgokahanyo tsa Elektroniki
5.1. Kabinete e ananetse Leano le Taolo ya Leano mabapi le Tshebediso e Potlakileng ya Marangrang le dibaka tsa Dikgokahanyo tsa Elektroniki.
5.2. Sepheo sa Leano le Taolo ya Leano ke ho laela Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Afrika Borwa (ICASA) ho beha melao ho mekgwatshebetso le mekgwatsamaiso bakeng sa ho rarolla dikgohlano tse ka hlahellang dipakeng tsa monga laesense ya tshebeletso ya marangrang a dikgokahanyo tsa elektroniki le monga sebaka nakong ya tshebediso ya marangrang le dibaka tsa dikgokahanyo tsa elektroniki.
5.3. Tshebediso e sebetsang ya marangrang a dikgokahanyo tsa elektroniki e bohlokwa bakeng sa mmuso ka ha di tshehetsa tswelopele ya naha ho isa ho moruo wa dijithale.
C. Khiro
Khiro tsohle di ka nna tsa netefatswa bakeng sa mangolo le ho hlakisa ho hlokehang.
1. Mof Hapiloe Sello jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso ya Dipaka tsa Naha tsa Afrika Borwa.
2. Moifo wa Balaodi o e seng wa Phethahatso wa Sentech:
(a) Mofumahadi Sedzani Faith Mudau (khiro hape le Modulasetulo);
(b) Mofumahadi Veronica Mmakoma Motloutsi (khiro hape);
(c) Monghadi Themba Phiri (khiro hape);
(d) Mofumahadi Mapuleng Moropa (khiro hape);
(e) Ngaka Tshavhuyo Sesane (khiro hape);
(f) Monghadi Mbasa Metuse (khiro hape);
(g) Moadvokheiti Nkhumeleni Anderson Mudunungu (khiro hape);
(h) Monghadi Luyolo Keyisa; le
(i) Monghadi Kiruben Pillay.
D. Dibili
1. Bili ya Phetolo ya Motlakase ya Moralo
1.1. Kabinete e ananetse bakeng sa tlhahiso ho Palamente Bili ya Phetolo ya Motlakase ya Moralo.
1.2. Merero ya Bili ya Phetolo ke ho:
1.2.1. matlafatsa seabo sa Molaodi wa Eneji wa Naha wa Afrika Borwa,
1.2.2. matlafatsa dipehelo tse amanang le diketsahalo tse ka fuwang laesentse le tse sa tshwanelweng ke laesense (tse lokollotsweng);
1.2.3. etsa dipehelo bakeng sa mehato ya phetoho bakeng sa ho thehwa ha Transmission System Operator (TSO); le
1.2.4. ho hlalosa mesebetsi ya TSO eo, hara e meng, e kenyeletsang ho lokisetsa sebaka sa kgwebisano ka motlakase boemong ba dimmaraka tse ngata, le ho fana ka phihlello ho marangrang a phetiso boemong bo sa kgetholleng.
2. Bili ya Phetolo ya Taolo ya Tsamaiso ya Setjhaba (PAMA) ya 2023
2.1. Kabinete e ananetse bakeng sa tlhahiso ya Bili ya PAMA ya 2023 ho Palamente.
2.2. Sepheo se ka sehloohong sa Bili ena ke ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ka ho amahanya hantle mehlodi ya basebetsi, puso le ditokiso tse amanang ho Makala a mararo a mmuso ka kakaretso.
2.3. Bili ena hape e tlosa ho se lekane ho nang le leeme tsamaisong ya mmuso mme e lokisetsa ho thehwa ha moralo bakeng sa ditherisano tsa kopanelo.
3. Bili ya Phetolo ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2023
3.1. Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili ya Phetolo ya Tshebeletso ya Setjhaba ya 2023.
3.2. Bili ena e reretswe ho hlakisa dikarolo le mesebetsi ya bolaodi ba phethahatso mabapi le le Dihlooho tsa Mafapha (di-HoD) mme e lokisetsa matla a itseng a tsamaiso hore a fuwe di-HoD, ha matla a lewa a tla dula a le ho bookamedi ba phethahatso.
3.3. Bili ena hape e eketsa seabo sa Molaodi Kakaretso Ofising ya Mopresidente ho theha Hlooho ya Tsamaiso ya Setjhaba mme hape e hlakisa seabo sa Komishine ya Tshebeletso ya Setjhaba mabapi le ditletlebo.
4. Moralo wa Bili ya Phetolo ya Dikgokahanyo tsa Elektroniki
4.1. Kabinete e ananetse ho gazetwa ha Bili ya Phetolo ya Dikgokahanyo tsa Elektroniki bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.
4.2. Sepheo sa diphetolo tse sisintsweng ke ho eketsa maemo a tlhodisano ho lekala la dikgokahanyo ka mohala le ho theola ditheko.
4.3. Diphetolo ho Molao wa Dikgokahanyo tsa Elektroniki o tla dumella Bolaodi ba Dikgokahanyo bo Ikemetseng ba Afrika Borwa (ICASA) bolokolohi ba ho laola ditaba tsa ditlhodisano lekaleng lena.
E. Diketsahalo tse Tlang
1. Matsatsi a Phomolo ya Dikolo
1.1. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle le matitjhere ho ba le phomolo e monate e ba loketseng.
1.2. Polokeho ya bana ba rona e lokela ho dula e le boemong bo ka pele le matsatsing a phomolo ya dikolo.
2. Paseka le Ramadan
2.1. Kabinete e lebisa ditakaletso tsa yona tse molemo ho Bakreste le Mamoseleme nakong ya Paseka le Ramadan ka ho latelana.
2.2. Kabinete e ikopela ho bao ba tla beng ba nka maeto nakong ena ya matsatsi a phomolo, hore ba hlomphe basebedisi ba bang ba tsela mme ba ikamahanye le melao ya tsela. Bakganni ba lokela ho boloka lebelo le nepahetseng la ho kganna, mme ba netefatse hore dipalangwang tsa bona di maemong a matle a ho kgannwa, mme ba se ke ba nwa tahi ba kganna.
3. Seboka sa Matsete sa Afrika Borwa (SAIC)
3.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele Afrika Borwa ho tshwara Seboka sa Matsete (SAIC) sa bohlano ka la 13 Mmesa 2023 Sandton Convention Centre, Johannesburg.
3.2. Ha esale ho tloha sebokeng sa pele sa matsete ka 2018, Afrika Borwa e se e hohetse ditriliyone tse 1, 14 tsa diranta tsa ditshepiso. Sena se emela diperesente tse 95 tsa sepheo sa rona mme se fetohela ho matsete a akaretsang ho makala a fapaneng a moruo.
3.3. Ho ditshepiso tse 152 tsa matsete tse entsweng nakong e fetileng, diprojeke tse 45 di se di phethilwe, mme diprojeke tse ding tse 57 di sa ntse di sebetswa. Matsete ana a entse hore ho ahwe difeme tse ntjha, ditsi tsa mehala, ditsi tsa matla a solar, dikheibole tsa optiki tsa faeba tse ka tlasa lewatle, katoloso ya mela ya tlhahiso le tshebediso ya ditheknoloji tse ntjha.
3.4. Nakong ya Puo ya Boemo ba Naha, Mopresidente o tsebisitse sekepele tjhebelopele ya diranta tse ditriliyone tse pedi bakeng sa sehla se setjha sa nako ya tlhophiso ya matsete.
4. Foramo ya Kgwebo ya Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng ya Kontinente ya Afrika (AfCFTA)
4.1. Afrika Borwa e tla tshwara Foramo ya Kgwebo ya AfCFTA e hlophiseditsweng ho tshwarelwa Cape Town International Convention Centre ho tloha ka la 16 ho isa ho la 19 Mmesa 2023, ka selekane le botsamaisi ba AfCFTA.
4.2. Foramo ya Kgwebo ya AfCFTA e tla sebetsa jwalo ka motjha wa dikgwebo le batsetedi hore ba hokahane le balekane ba batjha le bareki ba batjha, ba eketse mehato ya bona mme ba fihlelle dimmaraka tse ntjha makaleng a bohlokwa ao ba a hlwayang.
5. Kgwedi ya Tokoloho
5.1. Afrika Borwa e tla etsa sehopotso sa Kgwedi ya Tokoloho ka Mmesa ho ananela phetoho ya naha ho tloha ho mmuso wa kgethollo ho isa ho naha ya demokrasi e lokolohileng. Kajeno, Maafrika Borwa ohle a natefelwa ke tshireletso ya Molaotheo mme re lokolohile ho ba seo re leng sona mme re latela ditabatabelo tsa rona re ntse re ikamahanya le molao.
5.2. Sehopotso sena se re hopotsa boitelo ba ba bangata bo entsweng hore re fumane tokoloho e ileng ya lebisa ho dikgetho tsa pele tsa demokrasi naheng ya rona ka la 27 Mmesa 1994, keteko ya melemo ya tokoloho ya rona le ho tsitlallela mmoho ha rona ho sebetsa ka thata le ho feta bakeng sa ho rarolla diphephetso tse ntseng di aparetse naha ya rona le ho netefatsa hore ha ho motho eo re mo siyang ka morao.
F. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e lebisa dithoholetso le ditakaletso tsa mahlohonolo ho:
- rametlae wa Afrika Borwa, Trevor Noah, ya hapileng Kgau e maemong a hodimo e bitswang Europe’s prestigious Erasmus Prize, e etsang hore e be rametlae wa pele ho hapa moputso ona ho tloha haesale o hatjwa ke Charlie Chaplin ka 1965. Moputso wa Erasmus ke moputso wa selemo le selemo o abelwang batho kapa ditheo tse kentseng letsoho ka boqhetseke ho botjhaba, setjhaba, kapa saense ya phedisano Europe le lefatsheng ka bophara.
- baamohedi ba Dikgau tsa Inaugural Charlotte Maxeke African Women Leadership, tse neng di tshwerwe ke Letona la Dikamano le Tshebedisano tsa Matjhaba, Ngaka Naledi Pandor. Mokete ona o lemoha le ho hlompha baetapele ba kgethehileng ba Basadi ba Afrika bao diphihlello tsa bona, ditshusumetso setjhabeng, le ho nka karolo ha bona ho ekeditseng ntshetsopele ya Afrika makaleng a fapaneng a setjhaba. Dikgau tsena hape di ananela bonkakarolo bakeng sa kgatelopele ya tekatekano ho tsa bong le matlafatso ya basadi.
- Banyana Banyana, ha ba ntse ba itokisetsa ho nka karolo lekgetlo la bobedi Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA. Ba tla etela Serbia bakeng sa papadi ya setswalle ka la 10 Mmesa 2023.
- Bafana Bafana ba ileng ba atleha ho kenela 2023 Africa Cup of Nations ka mora ho hlola Liberia ka 2-1 ho la Monrovia ka la 28 Tlhakubele 2023.
2. Matshediso
Kabinete e lebisa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya:
- Lenqosa Moosa “Mosie” Moolla (88) eo ka 2013 a ileng a apeswa kgau ya The Order of Luthuli ka Silivera bakeng sa mosebetsi wa hae wa boitelo le boqhetseke mokgatlong wa tokoloho eo hangata a neng a beha bophelo ba hae kotsing le bakeng sa ho emela ditabatabelo tsa mokgatlo wa tokoloho le Afrika Borwa matjhabeng. E ne e le e mong wa balwanedi ba Khongrese ba 155 ba ileng ba tshwarwa ka diqoso tsa Teko ya ho Phethola Mmuso ka Tshitwe 1956.
- Batho ba bararo ba ileng ba hlokahala nakong ya dikgohola mane Port St. Johns le dibakeng tse e potapotileng.
- Batho ba bahlano ba ileng ba bolawa le ba bararo ba tswileng dikotsi diketsahalong tse pedi tsa ho thunngwa mane Tongaat, KwaZulu-Natal ka la 3 Tlhakubele 2023.
- Monghadi Randall Robison (81), molwanedi wa Amerika le mothei wa TransAfrica, mokgatlo o maemong a hodimo wa bolwanedi mane Washington o ileng wa thusa ho bopa hape leano la ka ntle la Amerika mabapi le nako ya puso ya kgethollo Afrika Borwa.
Kabinete hape e lebisitse Matshidiso a yona ho:
- Mmuso le batho ba India, Pakistan le Afghanistan mabapi le tahlehelo ya bophelo ka lebaka la ho reketla ha lefatshe ho ammeng dinaha tseo.
Dipotso: Monghadi Michael Currin – Sebuelli sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 082 462 7896