Skip to main content
x

 

A.  Maemo a Renang ha Jwale

1.  Paballo ya Metsi


1.1.  Kabinete e leboha Maafrika Borwa ka ho ikobela dipehelo mabapi le ho fokotswa ha phepelo ya metsi dikarolong tse itseng tsa Johannesburg, Tshwane le Ekurhuleni ka boiteko ba ho imolla mehlodi ya rona. Mehlodi le matamo a rona a tlasa kgatello e kgolo ka lebaka la maemo a motjheso o phahameng Gauteng, e leng se qobelletseng ba ha Rand Water ho fokotsa phepelo ya bona ya metsi ho bommasepala bana. Khamphane ena ya metsi e fepela batho ba fetang dimilione tse 11 Gauteng le karolong tse ding tsa Mpumalanga, Foreisitata le Leboya Bophirima. 

1.2.  Ho fokotswa hona ha phepelo ka hona ho ikemiseditswe ho leka ho baballa metsi ho fihlela maemo a ntlafala. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba hore se tswele pele ho ikobela dipehelo tsa ho fokotswa hona ha phepelo ya metsi ka hore se a sebedise ka nepo. 

2.  Seteraeke sa ha Transnet 

2.1.  Kabinete e amohetse tumellano ya nyollelo ya meputso ya dilemo tse tharo e fihletsweng ke mokgatlo wa basebetsi wa United National Transport Union (UNTU), le Transnet e tla qala morao ho tloha ka la 1 Mmesa 2022 ho fihlela ka la 31 Tlhakubele 2025. Komeshene ya Tharollo ya Ditaba tsa Basebetsi (CCMA) ke yona e neng e laola dipuisano tsena mme sena se tlisitse mohwanto ona wa ditho tsa UNTU pheletsong hanghang. Kabinete e boetse ya amohela kgoeletso ya mokgatlo wa basebetsi wa South African Transport and Allied Workers Union wa ho fedisa seteraeke sa bona. 

2.2.  Kabinete e amohela hape boinehelo ba Transnet ba ho shebana le mosebetsi wa ho leka ho fokotsa mosebetsi o saletseng morao boemakepeng le ditereneng tse tsamaisang thepa e bakilweng ke seteraeke sena, e leng se ammeng moruo wa naha le bohle ba tshepetseng tshebeletsong ya Transnet. 

2.3.  Kabinete e leboha tshehetso le tshebedisano mmoho e bontshitsweng ke dikgwebo nakong ena ya seteraeke. Kabinete e kgothaletsa taba ya hore dikamano tsena di tswele pele pakeng tsa Transnete le mekgatlo ya basebetsi molemong wa khamphane le moruo wa naha. 

3.  Dikamano tsa Afrika Borwa le naha ya Saudi Arabia 

3.1.  Kabinete e amohetse ketelo e bileng le katleho ya Mopresidente Cyril Ramaphosa naheng ya Saudi Arabia ka la 15 le la 16 Mphalane 2022. Ketelong ena dinaha tsena tse pedi di ile tsa saena ditumellano tse 17 makaleng a mangata a kenyeletsang la temo, botshwasi ba dihlapi, la merafo, ho fehlwa ha motlakase ka tsela ya tlhaho, tsa tshireletso, dipalangwang le la tlhahiso ya dimela le diphoofolo tsa lewatleng. Ho boetswe ha saenwa le ditumellano tsa ho thehwa ha Moifo wa tsa Kgwebo le tshebedisano ho tsa sesole le theko ya thepa ya mmuso ha mmoho le tsa tlhahlobo ya maemo a lefatshe. 

3.2.  Mopresidente o sebedisitse monyetla ona ho mema ba tsa kgwebo Saudi Arabia ho tla sebokeng sa bohlano sa matsete sa Afrika Borwa se tla ba isao ka 2023.  Saudi Arabia ke naha ya bobedi ka boholo e hwebelanang le Afrika Borwa dinaheng tsa Botjhabela ba Bohareng mme hape ke naha eo ho yona ho rekwang thepa e ngata tikolohong ena. Dikamano tsa dinaha tsena di tlisitse tshebedisano e ntle ho tsa kgwebo le matsete. 

4.  Matsete a Meralo ya Motheo

4.1.  Kabinete e amohela taba ya ho simollwa ha sitsi sa tlhahiso sa dihlahiswa tsa polasitiki sa maemo a pele mane Lanseria Gauteng ke khamphane ya matjhaba ya ALPLA Group.

4.2.  Sena se paka boinehelo ba Mopresidente Ramaphosa ba ho ntshetsa meralo ya motheo pele jwalo ka mokgwa wa ho nyolla moruo le menyetla ya mosebetsi. 

4.3.  Sena ke projeke ya matsete a bitsang tjhelete e dimilione di 50 tsa ditollara tsa Amerika mme ke karolo ya projeke ya moralo wa Toropo e sebedisang Marangrang ya Lanseria. Projeke ena, e tla hlahisa botsitso moruong e thehe le mesebetsi e ka bang 350. Projeke ena, e kenyeletsa le mananeo a 36 a thupello ya boratekginiki ho tsa motlakase le ho lokiswa ha metjhini mmoho le ho tsoselletswa botjha ha dintho tse lahlilweng. Ba rupelletsweng lenaneong lena ba tla sebetsa ho ALPLA Group dinaheng tsohle tse Afrika e ka borwa. Lenaneo lena la thupello le tla qala ka 2023 mme ba 12 ba pele ho tla rupellwa ba tla kgethwa hona mona setjhabeng. 

5.  Ho Rashwa Ntle le Molao

5.1.  Ho rashwa ntle le molao ho lematsa setjhaba le moruo wa rona. Sena se tlisa tahlehelo ya lekeno mmusong le lekaleng la merafo. 

5.2.  Kabinete e thabetse ho hatjwa ha dithunya le ho tshwarwa ha babelaellwa ba 20 ba belaellwang ketsong tsena tsa ho rafa ntle le molao mane Stillfontein Leboya Bophirima. 

5.3.  Kabinete e etsa boipiletso ho mekgatlo e qobellang melao ho netefatsa hore matsholo a bona a a atleha. Sena se tla romela molaetsa o pakang hore tlolo tsa molao ha di na molemo, dinokwane di a tshwarwa di kwallwe ntle le tshabo. 

6.  Motlakase 

6.1.  Eskom e sa tswa saena tumellano ya dilemo tse 30 le bahlahisi ba ikemetseng ba tla fehla motlakase seteisheneng sa Majuba le sa Tutuka mane Mpumalanga. Kgiro ya lefatshe leo ho tlo ahwa diteishene tsena ho lona le tla tlisa matsete a ballwang ho dibilione tse 40 tsa diranta. 

6.2.  Dikhamphane tse nne tse tla fehla motlakase ona ke – HDF Energy South Africa, Red Rocket SA, Sola Group le Mainstream Renewable Power Developments South Africa – mme di tla eketsa motlakase wa 2 000 megawatts phepelong ya naha.

6.3.  Motlakase ona o tla hokelwa phepelong ya naha dikgweding tse 24 ho isa ho tse 36 ka mora ho phethelwa ha ditlhoko tse hlokahalang tsa ditjhelete mmoho le ditumello tse mabapi le tshebediso ya mobu. 

7.  Paballo ya Tlhahiso ya Dijo

7.1.  Kabinete e amohela ho tshwarwa ha seboka sa Agri SA sa 2022 mane Tshwane ka la 13 le 14 Mphalane 2022 tlasa lepetjo le reng: “Re Hlahisa tsa Lehae”. Sebokeng sena ho sekasekilwe taba tse kenyeletsang moralo bakeng sa tlhahiso ya lehae, meralo ya motheo bakeng sa bahlahisi ba lehae; ho etsa tikoloho ya rona e dumelle tlhahiso ya dijo bakeng sa nako e tlang ha mmoho le ho thusa bahlahisi ba lehae tshebetsong ya bona ya ho hlahisa dijo kwano. 

7.2.  Bakeng sa paballo ya nako e tlang ya tlhahiso ya dijo, Kabinete e amohetse ho thehwa ha Sitsi sa Naha sa Thibelo ya Ditshwaetso tse amang Leruo le Dijalo. Sena se etswa ke Lekala la Mahlale a tsa Temo Lefapheng la Saense le Mahlale ka kopanelo le Yunivesithi ya Tshwane. Sitsi sena se tla thusa thibelong le ho fokotseng ditshwaetso tsa dijalo le diphoofolo, e leng se tla tshehetsa tlhahiso ya dijo le ntshetsopele ya dibaka tsa mahaeng. 

B.  Diqeto tsa Kabinete

1.  Ho Lokiswa ha Tokomane ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika 


1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tokomane ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika bakeng sa Dipehelo, Keketso ya Matla a Tshebetso, Taolo ya Bommasepala le Ntshetso pele ya bona ho tla tla lokiswa. Afrika Borwa e ne e saene Tokomane ena ka Phato 2021. 

1.2.  Tokomane ena ya Keketso ya Matla a Tshebetso e fana ka moralo dinaheng tsohle tseo e leng ditho mabapi le taba ya keketso ya tsela tsa tshebetso ho tloha boemong ba naha ho isa maemong ohle a mmuso. Tokomane ena e shebane haholo le temana ya katoloso ya matla a tshebetso maemong a bommasepala le ntshetsopele ya bona. 

2.  Kopano ya Matjhaba ya bo 32 ya Selemo le Selemo ya Polokeho Ditereneng (IRSC)

2.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarelwa ha kopano ya bo 32 ya Selemo le Selemo ya IRSC Johannesburg ho tloha ka la 1 ho isa ka la 6 Mphalane 2023, tlasa lepetjo le reng: “Re lokisa diterene tsa rona Maemong a sa Lokang”.

2.2.  IRSC ke foramo ya matjhaba e kopanyang ditsebi ho tsa polokeho ho tsa diterene boemong ba matjhaba ho tla hlabana malotsana ka tsa ntlafatso ya polokeho ditereneng. 

2.3.  Mokgatlo wa Afrika Borwa wa tsa Polokeho ho tsa Diterene o ne o qetele ho tshwara kopano ena ka selemo sa 2015. 

3.  Mokgahlelo wa Bobedi wa Moralo wa Naha wa Selemo sa 2050 wa Meralo ya Motheo (NIP 2050)

3.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho hatiswa ha mokgahlelo wa bobedi wa moralo wa NIP 2050 bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba. Moralo ona o fana ka tataiso tabeng ya maano a tshebetso le diprojeke tsa mmuso. 

3.2.  Moralo ona o hlwaya ditshebetso tsa diprojeke lekaleng la ho dudiswa ha setjhaba, ditshebeletso tsa bommasepala tse kenyeletsang motlakase; metsi; ho thothwa ha matlakala; dipalangwang tsa setjhaba; meralo ya motheo ya tsa thuto, bophelo le dijithale le thibelo ya bobodu le bonokwane. 

3.3.  Moralo ona o bontsha moo ho hlokahalang ho tsepamiswa maikutlo teng, le ho lekola maemo a teng a renang ha jwale le se tlamehang ho etswa bakeng sa ho fihlela tjhebelo pele ya moralo ona. Moralo ona o eletsa hore tshebetso ya moralo ona e be ya nako ya dilemo tse tharo.

4.  Moralo wa Naha wa Ntlafatso ya Tsela ya Tshebetso ya Ditshebeletso tsa Mmuso

4.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha Moralo wa Naha wa Ntlafatso ya Tsela ya Tshebetso ya Ditshebeletso tsa Mmuso. Moralo ona o ne o phatlalatswe ka selemo sa 2021 bakeng sa maikutlo a setjhaba. 

4.2. Moralo ona o fana ka ditshiya tse hlano mabapi le ho ntlafatsa Mokgwa wa Tshebetso wa Ditshebeletso tsa Mmuso. Ditshiya tsena di kenyeletsa tsela ya kamohelo ya ba sa tswa hirwa Ditshebeletsong tsa Mmuso; tataiso ya mosebetsi ho ba sa tswa hirwa; meralo le ho behwa leihlo ha tsela eo basebeletsi ba sebetsang ka yona; thupello e tswellang ha mmoho le menyetla ya ntlafatso ya maemo a thuto. 

5.  Diphetoho dipehelong tsa kgiro ya Balaodi Kakaretso (bo DG)

5.1.  Kabinete e tjhaetse monwana tlaleho e sisinyang dipehelo le boiphihlelo boo ba hirwang jwalo ka Balaodi Kakaretso Mafapheng a Mmuso ba tlamehang ho ba le bona. Tlaleho ena e tla le ditshisinyo tse ngata tse kenyeletsang nako ya kgiro ya bo DG le tsela eo ba maemong a hodimo a taolo ba abang ka teng mosebetsi ho basebeletsi ba tsa ditjhelete. 

5.2.  E nngwe ya ditshisinyo ke ya hore DG ofising ya Mopresidente e boele e be yena Hlooho ya Ditshebeletso tsa Setjhaba. Maemong a diprofensi sena se tla kengwa ofising ya ditonakgolo. Tlaleho ena e boetse e fana ka tataiso ya ka moo mafapha a tlang ho laola ka yona ditumellano tsa kgiro tsa bo DG. 

5.3.  Ho boetse ho na le diphetoho ho tsela eo ho lekolwang Maemo a Tshebetso a bo DG hore di tsamaisane le diphetoho tse tokomaneng ena. 

5.4   Bekeng e tlang Letona le Tshwereng Mokobobo la Ditshebeletso tsa Setjhaba, Ntate Thulas Nxesi, o tla bitsa seboka sa boraditaba ho tla phatlalatsa tsela eo Moralo wa Ntlafatso ya Tsela ya Tshebetso ya Ditshebeletso tsa Mmuso o tla kengwa tshebetsong ka teng le ho hlopholla diphetoho tse entsweng dipehelong tsa kgiro ya bo DG. 

6.  Tlaleho ya Bohlano ya Kgatelopele ya ho Kengwa Tshebetsong ha Tokomane ya Tshebetso Mabapi le Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang ya 2020-2021 (WPRPD) 

6.1.  Kabinete e tjhaetse monwana Tlaleho ya Bohlano ya Kgatelopele ya ho Kengwa Tshebetsong ha WPRPD e fanang ka kgatelopele ho kengweng tshebetsong ha WPRPD. Tlaleho ena e na le diphehiso ho tswa mafapheng a naha le a diprofensi e kenyeletsang le kabo ya teng ya ditjhelete. 

6.2.  Tlaleho ya pele e ne e phatlalatswe ka selemo sa 2017. Ena ya bohlano e se e tjhaetswe monwana hore e ka hatiswa bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso ke Lefapha la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelang. 

7.  Diphetoho Karolong ya bo 20(1) ya Tumellano ya ho Fokotsa Kgethollo Kgahlano le Basadi (CEDAW)

7.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha diphetoho Karolong ya bo 20(1) ya CEDAW ho tla lokiswa. Diphetoho tsena di bolela ka ho eketswa ha nako ya dikopano tsa komiti e sekasekanang le ditlaleho tsa dinaha tseo e leng ditho. 

7.2.  Afrika Borwa e ne e saene tumellano ena ka 1993 mme ya lokiswa ka Tshitwe 1995. Ho tliswa ha yona Palamenteng ho etsetswa hore tokomane ena e kgone ho tsamaisana le diphetoho tsa Karolo ya bo 20(1) ya tumellano ena.

8.  Tumellano ya Matjhaba ya Kamohelo ya Mangolo a Thuto e Phahameng

8.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tumellano ya Matjhaba ya Kamohelo ya Mangolo a Thuto e Phahameng bakeng sa tokiso. Ha e se e lokisitswe e tla romelwa ho Matjhaba a Kopaneng lekaleng la teng la Thuto, Saense le tsa Botjhaba e leng se etswang ho latela Molao wa Naha o Laolang Mangolo a Thuto e Phahameng wa 2008 (Molao wa bo 67 wa 2008).

8.2.  Tumellano ena ya Matjhaba maikemisetso a yona ke ho netefatsa hore ha ho kgethollo boemong ba matjhaba kamohelong ya mangolo a thuto e phahameng. Sena se etsa hore dinaha tseo e leng ditho di amohele maemo a thuto a dinaha tse 193 tseo e leng ditho tsa Matjhaba a Kopaneng. 

9.  Ho tlohelwa ha diphetoho Bukaneng ya Merokotso ya Ditho tsa Kabinete

9.1   Kabinete e dumellane le phatlalatso ya ofisi ya Mopresidente ya ka Mantaha wa la 17 Mphalane 2022 ya ho tlohelwa ha diphetoho tse neng di entswe Bukaneng ya Merokotso ya Ditho tsa Kabinete ya 2022.

9.2  Diphetoho tsena tse neng di etswe ka Mmesa 2022, di ne di eketsa merokotso diofising tsa Matona a ikarabellang mafapheng a fetang le le leng. Di ne di boetse di bolela ha mmuso o tla lefella ka botlalo motlakase le metsi moo matona a dulang teng. 

9.3  Kabinete e mametse kgoeletso ya setjhaba mme ya nka qeto ya ho lekola diphetoho tsena botjha. Ho lekolwa botjha hona ho tla etswa ke komiti e ikemetseng mme tlaleho ya teng e tla phatlalatswa ho websaete ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Mmuso: www.dpsa.gov.za.

10  Tshebedisano Diphetohong tsa ho Fokotsa ho Silafala ha Moya (JETP) ha mmoho le Moralo wa Matsete a JETP, (JETP-IP)

10.1  Ka mora ho amohela ho phatlalatswa JETP le JETP-IP, Kabinete e tjhaetse JETP-IP monwana mme ya leboha le mosebetsi wa ho e hlahisa. 

10.2  JETP-IP e hlakisa se hlokahalang ho etswa bakeng sa hore mmuso o finyelle maikemisetso a ona a ho fokotsa ho silafala ha moya ho ka tlisa diphetoho setjhabeng le ho basebeletsi ba amehang. 

10.3  Komiti ya Matona ya ho Fetoha ha Maemo a Lehodimo e tla bitsa seboka sa boraditaba haufinyane ho tla fana ka lesedi le eketsehileng. 

C.  Ditshisinyo tsa Molao

1.   Tshisinyo ya Molao wa Bahwebi ba Dikepeng ya Selemo sa 2022


1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Bahwebi ba Dikepeng wa Selemo sa 2022 ho ka sekasekwa. Tshisinyo ena e ntlafatsa molao wa dilemong tse 70 tse fetileng wa Bahwebi ba Dikepeng wa 1951, (Molao wa bo 57 wa 1951). 

1.2.  Ha tshisinyo ena e se e le molao, o tla fana ka moralo wa taolo ya kgwebo ya dikepeng. O tla laola le ho ahwa, ho ngodiswa, ho rehwa mabitso le ho behellwa ha dikepe tse tsofetseng ka thoko. 

1.3.  Diphetoho tsena di tla tlisa diphetoho lekaleng lena la dipalangwang tsa mawatleng le ho netefatsa hore naha ena e ipapisa le Ditumellano tsa Matjhaba tsa Dipalangwang tsa Mawatleng. 

2.  Tshisinyo ya Molao wa Dipalopalo wa Selemo sa 2020 

2.1.  Kabinete e amohetse ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Ntlafatso ya Molao wa Dipalopalo wa Selemo sa 2022 ho tla sekasekwa. Tshisinyo ena e sisinya diphetoho Molaong wa Dipalopalo wa 1999 (Molao wa bo 6 wa 1999). Diphetoho tsena di etswa mabapi le ho ralwa ha mmoho le ho kengwa tshebetsong ha Mokgwa wa Tshebetso wa Naha wa Dipalopalo o tshehetsang ho sebediswa ha mokgwa wa dipalopalo o bontshang bopaki. 

2.2.  Diphetoho tsena di matlafatsa tshebedisano mmoho ya Lefapha la Dipalopalo le makala a mang a mmuso ha mmoho le ho atolla tshebetso ya Molao ona. 

D.  Diketsahalo tse tlang

1.  Seboka sa Mopresidente sa Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Kgolwanyane (SMME) le Mekgatlo ya Matsema
 

1.1.  Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane ka kopanelo le lekala le ikemetseng ba tla tshwara Seboka sa Naha sa Mopresidente sa di-SMME le Mekgatlo ya Matsema mane Bryanston, Gauteng ho tloha ka la 13 ho ya ka la 15 Pudungwana 2022. 

1.2.  Seboka sena se tla kopanya ditsebi ho tswa ho mmuso le lekaleng le ikemetseng ho tla bontshana ka tsela tsa ntlafatso lekaleng lena. Hara ba lebeletsweng ke mekgatlo ya dikgwebo, ba sebetsang ka di-SMME, barutehi, bangodi ba melawana le ba mekgatlo ya tshehetso ya ditjhelete. 

1.3.  Sebokeng sena ho tla boela ho sekasekwe Moralo wa Kopanelo wa Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane oo ka ona ho ikemiseditsweng ho matlafatsa lekala lena la di-SMME. Seboka sena hape ho lebeletswe hore se thakgole le taba ya Dikgau tsa Selemo le Selemo tsa Mopresidente tsa di-SMME. 

2.  Seboka sa Mopresidente sa Twantsho tsa Tlhekefetso ya Basadi le Dipolao tsa Bona (GBVF) sa Selemo sa 2022 

2.1.  Mopresidente Ramaphosa o tla tshwara Seboka sa bobedi sa GBVF mane Gallagher Convention Centre, Gauteng ka la 1 le la 2 Pudungwana 2022. Seboka sa pele se ne se tshwarwe ka selemo sa 2018 seo ho sona mmuso le mekgatlo ya setjhaba ba neng ba etse boinehelo ba ho fokotsa ditlhekefetso tsena naheng ena. 

2.2.  Seboka sena sa bobedi ka sona ho tla shejwa tema e seng e kgathilwe ho kenyeng tshebetsong Moralo wa Naha wa GBVF. Lepetjo la selemong sena le tla re: “Re Tiisa Boikarabelo, ho Patlakiswa le ho Matlafatswa HONA JWALE”. 

2.3.  Seboka sena se tla buisana ka taba tse kenyeletsang boikarabelo mafapheng a ikarabellang ha mmoho le bankakarolo ba kang mekgatlo ya setjhaba, lekala le ikemetseng le ya basebetsi. 

3.  Imbizo ya Bohlano ya Mopresidente e leba Kapa Leboya

3.1.  Imbizo ya Bohlano ya Mopresidente ya Ntlafatso ya Ditereke (DDM) e tlo tshwarelwa Upington, Kapa Leboya ka Labohlano la la 21 Mphalane 2022 lebaleng la dipapadi la Mxolisi Dicky Jacobs. 

3.2.  Imbizo ena ya Mopresidente ya DDM e tlo lekola kgatelo pele le diphephetso tse teng phanong ya ditshebeletso Kapa Leboya mme ho be le mekgwa ya tharollo. DDM e netefatsa ho potlakiswa ha moralo wa phano ya ditshebeletso, ho kengwa ha lona tshebetsong ha mmoho le kabo ya teng ya ditjhelete. 

3.3.  Pele ho imbizo ena, matona, ditho tsa moifo wa bommasepala le boramotse ba tla tshwara mananeo a fapafapaneng sebakeng seo sa Upington. 

4.  Tlaleho ya Hara Selemo ya Kabo ya Matlotlo (MTBPS) 

4.1.  Kabinete e kgolwa hore ho fana ka MTBPS ya selemo sa 2022 ke Letona la Matlotlo Enoch Godongwana ka Laboraro la la 26 Mphalane 2022, ke karolo ya mehato ya bohlokwa ya ho beha tsohle pepeneng ha re tla kabong ya matlotlo. 

4.2.  MTBPS e fana ka tlaleho ya boinehelo ba mmuso ba ho bontsha ka moo matlotlo a naha a sebediswang ka teng. E boetse e bontsha le ka moo mmuso o tlang ho leka ho fokotsa sekgeo pakeng tsa tjhelete e kenang le e sebediswang. 

5.  Ditlhahlobo tsa Sehlopha sa Leshome

5.1.  Ditlhahlobo tsa Makgaolakgang tsa Sehlopha sa Leshome tsa selemo sa 2022 di tlo qala ka la 31 Mphalane mme di fele ka la 7 Tshitwe 2022. Kabinete e lakaletsa baithuti bana ba Selemo sa 2022 mahlohonolo ditlhahlobong tsa bona. Tshehetso ya matitjhere, batswadi le bahlokomedi e tla thusa baithuti bana ho shebana le ditlhahlobo tsa bona ka boitshepo. 

5.2.  Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi le bahlokomedi ho kgothatsa le ho thusa bana hore ba kgone ho ithuta hantle malapeng. 

6.  Seboka sa Moralo wa Naha wa Ntsetsopele (NDP) le Bokgoni ba Mmuso

6.1.  Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba ka kopanelo le Komeshene ya Naha ya Meralo ka tshebedisano mmoho le lekala la Ntshetsopele Yunivesithing ya Kwa Zulu-Natal di tla tshwara seboka sa NDP le Bokgoni ba Mmuso ho tloha ka la 7 ho ya ho la 9 Pudungwana 2022 lekaleng la Howard College la Yunivesithi ena ya KwaZulu-Natal. 

6.2.  Seboka sena se tla hlahloba bokgoni ba mmuso le tshebetso ya ona dilemong tse leshome tsa pele tsa NDP. Lepetjo la seboka sena ke le reng: “Re Lekola Tshebetso le Bokgoni ba Mmuso Dilemong tse Leshome tsa NDP”.

7.  Ho Nehelanwa ka Lengolo la Bopaki ba Borena ho Morena Misuzulu KaZwelithini

7.1.  Mopresidente Ramaphosa o tla fana ka Lengolo la Bopaki ba Borena ho Morena Misuzulu KaZwelithini mane Lebaleng la Dipapadi la Moses Mabhida, Thekong, ka Moqebelo wa la 29 Mphalane 2022.

7.2.  Mokete ona o latela wa setso o bitswang “Ukungena eSibayeni” o neng o tshwarwe ka la 20 Phato 2022 o neng o paka ho nka ha hae setulo sa borena ba setjhaba sa Mazulu. 

E.  Melaetsa

1. Diteboho


Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho: 

- Ntate Sam Matekane, ya thonyeditsweng ho ba Tonakgolo ya Mmuso wa Lesotho. Kabinete e boetse e ikopanya le Moifo wa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika o neng o Behile Dikgetho tsa Palamenteng ya Lesotho ka la 7 Mphalane 2022 leihlo, mme e thoholetsa naha eo ka botsitso ba yona ho tsa dipolotiki ka ho tshwara dikgetho tseo ka katleho. 

Afrika Borwa e ntse e ikemiseditse ho tiisa maqhama a yona a tshebedisano le dinaha tsa sedika, kontinete ha mmoho le tsa matjhaba. 

2.  Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya: 

- Ntate Fatere Albert Nolan (88), Moprista ya neng a inehetse haholo wa Afrika Borwa wa Kereke e Katolike ya neng a sa tshabe ho hlahisa maikutlo a hae ka tsa tumelo nakong ya kgethollo ya mmala. Ka selemo sa 2003, Mopresidente wa ka nako eo Thabo Mbeki, o ne a mo tlotle ka Kgau ya Silivera ya Order of Luthuli ka kabelo ya hae ntweng ya demokrasi ya naha ena le ho lwanela toka le ditokelo tsa botho nakong ya kgethollo ya mmala”. 

F.  Kgiro

1.  Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

a.  Moatevokate James Mlawu – Molaodi Kakaretso, Lefapheng la Dipalangwang. 
b.  Ntate Shabeer Khan – Motsamaise e Moholo wa Ditjhelete: Lefapheng la Matlotlo.

2.  Kabinete e dumellana le ho hirwa ha batho ba latelang:

2.1.  Ditho tsa Boto ya Afrika Borwa ya tsa Bohahlaudi: 
a.  Ngaka Nondumiso Maphazi (Modula Setulo);
b.  Ngaka Aubrey Mhlongo (Motlatsi wa Modula Setulo);
c.  Mme Pretty Ntombela;
d.  Mme Nomahlubi Mazwai;
e.  Ntate Odwa Mtati;
f.   Ntate Ravi Nadasen (O kgethilwe hape);
g.  Ntate Enver Duminy (O kgethilwe hape);
h.  Mme Nandipha Mzileni Mbulawa;
i.   Ntate Mduduzi Zakwe (O kgethilwe hape);
j.   Mme Rosemary Anderson;
k.  Mme Lehlohonolo Rapodile; le
l.   Mme Nonkqubela Silulwane (Moemedi wa Lefapha).

2.2.  Ditho tsa Boto ya Koporasi ya Taolo ya Mebila: 
a.  Ngaka Eddie Mogalefi Thebe (O kgethilwe hape);
b.  Mme Thandi Clara Thankge (O kgethilwe hape);
c.  Moprofesara Maredi Mphahlele;
d.  Mme Nomusa Mufamadi (Modulasetulo);
e.  Moatevokate Xola Stemela;
f.   Mme Lerato Magalo;
g.  Moprofesara Chitja Twala;
h.  Ntate Nkumeleni John Kudzingana;
i.   Mme N Jaxa (Setho sa keketso); le 
j.   Mme HM Mbanyele-Ntshinga (Setho sa keketso).

2.3.  Ntate Tshepo Monaheng – Motsamaisi ya ka Sehloohong (CEO): Khamphane ya Naha ya Meru (Tumellano ya kgiro e ekeditswe ka dilemo tse tharo.
2.4.  Ntate Reginald Lavhelesani Demana – CEO: Mokgatlo wa Naha wa Afrika Borwa wa Taolo ya Mebila. 
2.5.  Mme Ditebogo Kgomo – CEO: Taolo ya Naha ya Nuclear.
2.6.  Ntate Risenga Maluleka – Radipalopalo e Moholo (Tumellano ya kgiro e ekeditswe).
2.7.  Mme Kedibone Olga Madiehe – CEO: Mokgatlo wa Taolo ya Penshene ya Basebeletsi ba Mmuso. 

Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building