Skip to main content
x

A.    Maemo a Renang

1.    Motlakase

1.1.    Kabinete e ile ya fumana tlaleho ho tswa ho Letona la Dikgwebo tsa Mmuso Pravin Gordhan ka mekgwa eo Eskom e tlang ho e sebedisa ho lwantshana le ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa. Kabinete e boetse hape ya fumana le tlaleho ya kgatelo pele mosebetsing wa Komiti ya Naha e Shebaneng le Mathata a Motlakase. 

1.2.    Ha ditlaleho tsena ka bobedi di se di sekasekilwe ho tla ba teng phatlalatso e tla etswa. 

1.3.    Kabinete e ikwahlaya haholo ka ditshitiso tse bakwang ke ho tingwa hona ha motlakase dikgwebong le malapeng, haholoholo nakong eo mmuso o kenyang tshebetsong matsapa a neng a phatlalatswe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Phupu 2022. 

2.    Matsete 

2.1.    Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Sitsi se setjha sa Tlhahiso sa Sandvik Khomanani mane Kempton Park, seo e bileng karolo ya ditshepiso tse neng di etswe Sebokeng sa bone sa Matsete sa Afrika Borwa (SAIC) se neng se tshwaretswe Sandton Convention Centre ka la 24 Tlhakubele 2022 sa dimilione tse R350. 

2.2.    Sitsi sena se setjha se bobatsi ba 62 000m², se kopantse tshebetso ya ditsi tse hlano tse neng di sebeletsa mona nakong e fetileng mme se hirile batho ba ka bang 550. Sena ke se seng sa ditsi tse kgolo le tse tswetseng pele tsa Sandvik lefatsheng ka bophara mme se kgona ho hlahisa dipersente tse fetang tse 60 tsa tlhahiso Afrika Borwa.

2.3.    Kabinite e boetse ya amohela ho etela ha Mopresidente ho thakgolweng ha sitsi sa tlhahiso sa Hesto Harnesses mane Stanger, KwaDukuza ka la 13 Loetse 2022. Sitsi sena ke se seng sa diprojeke tse hlano tsa matsete tseo e leng karolo ya matsete a Metair Investments Limited a dibilione tse R1.4 a tlo tshehetsa katoloso ya tlhahiso ya mofuta o motjha wa koloi ya Ford Ranger.

2.4.    Mopresidente o ile a boela a etela le ho bulweng ha khamphane e atolotsweng ya ha Sappi Saiccor Mill e bitsang dibilione tse R7,7 mane Umkomaas, e ikemiseditseng ho atolla tlhodisano ya tshebetso ya yona maemong a matjhaba ha mmoho le ho eketsa menyetla ya mosebetsi bakeng sa nako e kgutshwane le e telele. 

2.5.    Matsete ana ke a mang a ditshepiso tse neng di etswe ke diindasteri tsena ho SAIC. Matsete a mang le a mang a matjha naheng ena a thusa letsholong la kahobotjha le tsoseletso ya moruo, mme hape a tswela pele ho etsa Afrika Borwa sebaka se setle sa ho etsa matsete. 

3.    Ntshetsopele ya Meralo ya Motheo

3.1.    Kabinete e amohetse ho bulwa ha karolo e ntjha ya Mmila wa Ring Road wa Musina mane Limpopo o tla bebofatsa kgwebelano ha mmoho le ho tsamaya ha batho Musina le dinaheng tsa boahisane tse ka borwa ho Afrika. Projeke ena ya dimilione tse R640, e thehile mesebetsi ya moshwelella e fetang e 275 mme ya thehela le dikgwebo tse nyane, tse bohareng le tse kgolo menyetla. 

3.2.    Ho ahwa ha mmila ona wa Musina Ring Road ke karolo ya leano la mmuso la meralo ya motheo tlasa lenaneo la ERRP, leo ka lona ho ikemiseditsweng ho theha le hona ho hodisa menyetla ya mesebetsi setjhabeng ho tswa makaleng a fapafapaneng. 

4.    Koduwa ya Jagersfontein 

4.1.    Kabinete e lebisa kutlwelo bohloko ya yona ho malapa ohle a lahlehetsweng ke beng ka ona ka lebaka la ho phatloha ha letamo la morafo o neng o se o sa sebediswe wa Jagersfontein mane Foreisitata ka Sontaha sa la 11 Loetse 2022. Koduwa ena e sentse meralo e mengata ya motheo esitana le matlo le dikoloi tsa batho. 

4.2.    Ketelong ya hae sebakeng sena sa koduwa ka Mantaha wa la 12 Loetse 2022, Mopresidente Ramaphosa o ile a thoholetsa matsapa a neng a se a entswe ho leka ho thusa sebakeng seo. O ile a ba a ikana hore mmuso o tla fana ka tshehetso e hlokahalang setjhabeng seo sa Jagersfontein. Kabinete e boetse ya kgothatswa ke taba ya hore beng ba morafo ona ba ikemiseditse ho tshehetsa mmuso ka tshehetso ya setekginiki haeba e ka kotjwa ke Moifo o okametseng Dimenerale Afrika Borwa. 

4.3.    Indasteri ya merafo ke le leng la makala a nang le seabo se seholo kgolong ya moruo wa naha ena ka ho theha menyetla ya mesebetsi, ho romelwa ha thepa dinaheng tsa kantle ha mmoho le ho etsa matsete dinaheng tsa kantle, tseo tsohle tse tswelang batho ba dibaka tsa merafong molemo. 

4.4.    Mmuso le mekgatlo e ikemetseng ba ile ba phallela ho thusa mahlatsipa ka dintho tse kang mepheme ya nakwana, ditshebeletso tsa ho thojwa maikutlo le ditlhoko tsa sethatho tse kang dikobo, mealo ha mmoho le dijo. Metsi le motlakase le tsona di boetse setlwaeding sebakeng sena. 

4.5.    Ha ho se ho hlwekisitswe sebakeng seo sa koduwa, boratekginiki ba tla hlahloba maemo a matlo a moo. Kabinete e leboha ba ditshebeletso tsa tshohanyetso, mekgatlo ya setjhaba le setjhaba ka kakaretso ka ho phallela ka thuso. 

5.    Moruo 

5.1.    Kabinete e ile ya sekaseka maemo a moruo a naha ena ho latela dipalopalo tse sa tswa lokollwa ke Lefapha la Dipalopalo (Stats SA) la naha ena tse bontshang ha tlhahiso ya thepa kotareng ya bobedi ya selemo sena e theohile ka persente tse 0,7%. Hara dintlha tse bakileng phokotseho ena re ka bala ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, ntwa ya Rashiya le Ukraine ha mmoho le ho nyoloha ha ditjeho tsa bophelo ka kakaretso. 

5.2.    Matsapa a ileng a etswa ka Lenaneo la Kahobotjha le Tsoseletso ya Moruo a ile a thusa haholo ho thibella ho lahleha ho hong ha mesebetsi ha mmoho le kgahlamelo e mpe ya maemo a matjhaba moruong wa rona. Matsapa ana a mmuso a bontsha katleho e kgolo, mme bopaki ba teng bo bonahetse dipalopalong tsa Kotara tsa Stats SA tsa Dipatlisiso tsa Batho ba Sebetsang. Dipalopalo tsena di bontsha ha e le batho ba 648 000 ba fumaneng mesebetsi pakeng tsa kotara ya pele le ya bobedi ya selemo sa 2022. 

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Ho Behwa Leihlo le ho Lekolwa Botjha (M&E) ha Moralo wa Leano la Naha la Batjha (NYP)

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana moralo wa M&E mme o tla matlafatsa ho behwa leihlo ha ditshiya tsa NYP 2020-2030. Moralo ona o na le dipontsho tse hlano tse tsamaisanang le ditshiya tsa NYP.

1.2.    Dipontsho tsena di ile tsa thehwa ka tshebedisano mmoho le bankakarolo ba nang le thahasello tshehetsong le ntshetsopeleng ya batjha naheng ena. Dintlha tsa teng di tla arolwa ho ya ka dilemo, bonng, maemo a ho itekanela, morabe ha mmoho le dibaka. 

1.3.    Ho behwa leihlo hona ho tla etsuwa maemong ohle a mmuso ha mmoho le lekaleng le ikemetseng. Tlaleho ya teng e tla bokeletswa jwalo ka kotara mme e phatlalatswe habedi ka selemo. 

2.    Moralo wa Leano bakeng sa Moralo wa Kopanelo 

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Leano bakeng sa Moralo wa Kopanelo mmusong oo ka ona ho ikemiseditsweng ho hlwaya dikgeo tse teng moralong wa ha jwale. 

2.2.    Matsapa ana a rerilweng, ka ona ho ikemiseditswe ho shebana le ho hloleha ho etsa meralo maemong ka boraro a mmuso. Matsapa ana a tla tla ka lenaneo le bontshang bopaki le tla beha tshebetso leihlo. Leano lena le boetse le tla le leano la tjhebelopele la nako e telele, e bohareng le e kgutshwane maemong ohle a mmuso. 

2.3.    Sena se tla thusa ho tla le diphetoho melaong ka maikemisetso a ho ntlafatsa tshebedisano meralong le tjhebelong pele. 

3.    Ho Amohelwa ha Tumellano ya ho Thehwa ha Akgente ya Meriana ya Seafrika (AMA)

3.1.    Kabinete a amohetse ho tekenwa ha Tumellano ya ho Thehwa ha AMA le ho tliswa ha yona Palamenteng bakeng sa ho sekasekwa. Sena se tla thusa ho theha tumellano eo ho neng ho dumellanwe ka yona Palamente ya Dinaha tsa Afrika ka 2019. Ka tumellano ena, ho tla thehwa AMA bakeng sa kontinente ya Afrika. Akgente ena e tla laola meriana yohle ya kontinente ena mme e ntlafatse le polokeho le tshebediso ya yona. 

3.2.    Ho tekenwa ha tumellano ena ho tla ntshetsa pele boinehelo ba Afrika Borwa matjhabeng ba ho ntlafatsa ho laolwa ha meriana kontinenteng ena. 

4.    Tlaleho Tshebetsong ya Dipatlisiso le Ntshetsong Pele (R&D) ya Lenaneo la Merokotso ya Lekgetho – 2019/20 le 2020/21

4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Lenaneo la R&D la Merokotso ya Lekgetho la dilemo tse pedi tse fetileng (2019/20 le 2020/21). Sena se tsamaisana le karoloya bo 11D (17) ya Molao wa Lekgetho, wa 1962 (Molao wa bo 58 wa 1962), o bolelang tlhokeho ya ho tliswa ha ditlaleho tsena Palamenteng. 

4.2.    Lenaneo lena la merokotso ya lekgetho le kgothaletsa dikhamphane tse ikemetseng ho tsetela ho R&D e le ho tshehetsa kgolo ya matsete. Lenaneo lena le tshehetsa ntlafatso ya saense le mahlale kgolong ya moruo le matlafatsong ya tlhodisano. 

4.3.    Kabinete e kgotsofetse ka tlaleho ena e bontshang dikhamphane tse ntjha tse kentseng dikopo tsa merokotso ya lekgetho. Sena se kgothaletsa dikhamphane tse ngata ho nka karolo ka maikemisetso a ho hodisa matsete a tsona le ho matlafatsa kgolo ya moruo. 

4.4.    Dikhamphane tse nne tse ka pele lenaneong lena la merokotso ya lekgetho ke tsa lekala la tlhahiso ya tsa temo, tsa merafo, tsa dikhemikhale, ditlolo, meriana, setekginiki le tsa thekenoloji ya dikhomputara mme Kabinete e nkile makala ana e la ona a ka Sehloohong Leanong la Meralo ya Diindasteri. Tlaleho e feletseng e ka fumaneha ho websaete ya Lefapha la Saense le Mahlale: www.dst.gov.za. 

5.    Foramo ya Afrika ya Menyetla ya Kgolo (AGOA) – 2023

5.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Foramo ya AGOA ya 2023. AGOA e ne e thakgolwe ke naha ya Amerika ka selemo sa 2000 ho fana ka tshebedisano ya tsa kgwebo dinaheng tse ka tlase ho lehwatata la Sahara. 

5.2.    Thumello ya thepa ya Afrika Borwa ka tlasa lenaneo la AGOA e kenyeletsa ditholwana, matokomane, dikoloi, dikarolwana tsa dikoloi, menerale ya ho etsa tshepe, tshepe le dihlahiswa tsa dikhemikhale. Sebaka le letsatsi la seboka seo di tla phatlalatswa ha nako e ntse e tsamaya. 

6.    Seboka sa Matona sa Tlhahlobo ya Lefatshe (GEO) – 2023

6.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarelwa ha Seboka sa Matona sa GEO mane Kapa ka 2023. GEO ke mokgatlo wa kopanelo wa mmuso o neng o thehwe ka selemo sa 2003 ka mora Seboka sa Matjhaba sa Ntshetsopele se neng se tshwarwe ka 2002. Lena ke lepatlelo leo dinaha tse fapafapaneng di fanang ka kabelo ya tsona molemong o le mong wa ho aha tshebeletso ya GEO. 

6.2.    Ha jwale GEO e na le ditho tsa mebuso ya dinaha tse fetang tse 113, mme tse 30 tsa tsona ke tsa mona Afrika. Afrika Borwa haesale e le setho se ka sehloohong ho tloha ka selemo sa 2005 mme borasaense ba rona ke karolo ya dipatlisiso tse ngata tse etswang ke GEO. 

7.    Mphalane Kgwedi ya Dipalangwang (OTM) – 2022

7.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho thakgolwa ha letsholo la OTM ka Moqebelo wa la 1 Mphalane 2022 tlasa lepetjo le reng: “Sishov’ingolovane: mmoho re aha moralo wa motheo wa dipalangwang o ntlafatsang maphelo a batho.” 

7.2.    Lenaneo la selemo la OTM ke leo ka lona ho hlokomediswang setjhaba ka bohlokwa ba dipalangwang jwalo ka karolo ya kgolo le ntshetsopele ya moruo. Ho tla ba le diketsahalo tse fapafapaneng mefuteng yohle ya dipalangwang jwalo ka difofane, dikepe, dipalangwang tsa setjhaba ha mmoho le tsa mebila. Diketsahalo tsena di tla hlokomedisa ka tshireletso le polokeho dipalangweng. Bankakarolo ba tla bontshana le ka diphephetso tse tobaneng le lekala la dipalangwang. 

7.3.    Mmuso o ntse o ikemiseditse ka taba ya ho ntlafatsa meralo ya motheo ya dipalangwang, mahaeng le ditoropong ka sepheo sa ho bebofatsa ho thothwa ha batho le thepa. 

8.    Kopano ya Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Lenaneo la ho Dudiswa ha Batho 

8.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha kopano ya UN-HABITAT Johannesburg ka la 16 le la 17 Mphalane 2022. 

8.2.    Lefapha la ho Dudiswa ha Setjhaba ke lona le tla tsamaisa seboka sena sa matsatsi a mabedi seo ho sona ho tla tla boradipolotiki, basebeletsi le boradipatlisiso lekaleng lena ho kenyeletsa ditho tsa bohlokwa tseo e tla beng e le Kemedi ya UN-HABITAT ho tswa Nairobi, Kenya. Taba e tla ba ka sehloohong mona e tla ba ho nkuwa ha mehato mabapi le dibaka tsa baipehi le ba mekhukhung. 

8.3.    Sephetho sa dipuisano tsena e tla ba ona mokotaba o tla theha Moralo wa Matjhaba o tla tliswa ho Kopano ya UN-HABITAT ho tla pasiswa ka 2023.

C.    Ditshisinyo tsa Melao

1.    Tshisinyo ya Molao wa Moifo wa Naha o Shebaneng le Tlhekefetso tsa Basadi le Dipolao tsa Bona (GBVF) wa 2021 

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Tshisinyo ya Molao wa 2021 wa Moifo wa Naha o Shebaneng le GBVF bakeng sa ho sekasekwa. Tshisinyo ena e tla le moralo wa molao o tla thusa ho theha komiti ya molao e tla shebana le taba ya GBVF. 

1.2.    E boetse e dumella ho thehwa ha Boto e tla tla le maano le ho kenya tshebetsong ha Leano la Moralo wa Naha o shebaneng le GBVF le neng le tjhaelwe monwana ke Kabinete ka Mphalane 2020. Boto ena e tla ba le kemedi ya persente tse 51 ho tswa setjhabeng le tse 49 ho tswa mmusong. Tshisinyo ena ya molao e se e phatlaladitswe bakeng sa maikutlo a setjhaba. 

2.    Tshisinyo ya Molao o Laolang Kwae le Disebediswa tsa ho Tsuba tsa Elektroniki wa 2018

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha Tshisinyo ya Molao o Laolang Kwae le Disebediswa tsa ho Tsuba tsa Elektroniki wa 2018 Palamenteng oo ka ona ho ikemiseditsweng hore o kene sebakeng sa Molao o Laolang Kwae wa 1993 (Molao wa bo 83 wa 1993) jwalo ka ha o ntlafaditswe. 

2.2.    Ka tshisinyo ena ho ikemiseditswe ho tiisa melawana ya dipetlele tsa mmuso hore e ikamahanye le ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle o Laolang Kwae. E nngwe ya dintho tse bolelwang ke tshisinyo ena ke dibaka tseo ho sa tsubelweng ho tsona kantle le ka hara meaho; ho kwalwa ha ho rekiswa ha kwae metjhining ya ho rekisa, le hore kwae e be le letshwao la tlhokomediso pakaneng ya yona. 

2.3.    Tshisinyo ena e sekasikilwe ke bankakarolo bohle ho kenyeletsa indasteri ya kwae, mekgatlo ya setjhaba ha mmoho le mafapha a amehang a mmuso. 

D.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Kopano e Tlwaelehileng ya bo 77 ya Matjhaba a Kopaneng (UNGA77) 

1.1.    Afrika Borwa e nka karolo ho UNGA77 e tswelang pele ntlokgolo ya Matjhaba a Kopaneng mane New York City, USA ho tloha ka la 20 ho isa ho la 27 Loetse 2022 tlasa lepetjo le reng: “Nako ya bohlokwa: Tharollo ya diphetoho mathateng a rarahaneng”.

1.2.    Kgahlamelo ya sewa sa Khorona (COVID-19) dinaheng tseo moruo le bodulo ba teng bo seng maemong e bile e kgolo ha e bapiswa le ya dinaha tse setletseng mme dinaha tsena ha di a tlameha ho tlohelwa di sale morao ha re tla tabeng ya kahobotjha le tsoseletso. 

1.3.    Pele ho Ngangisano ya Kopanong eo ya UN, Mongodi e Moholo wa UN, Ntate António Guterres, o tla kopanya seboka se mabapi le “Diphetoho ho tsa Thuto” mme a bitse le kopano ya bohlokwa ya Maano a Ntshetsopele (di-SDG). Dikopano tsena tsa di-SDG ho lebeletswe hore di tle le ditsela tsa ho potlakisa ho kengwa tshebebetsong ha maano. 

2.    Letsatsi la Botjhaba

2.1.    Mopresidente Ramaphosa o tla fana ka puo ya bohlokwa moketeng wa ho keteka Letsatsi la Botjhaba la 2022 mane Union Buildings ka Moqebelo wa la 24 Loetse 2022. Lepetjo la mokete ona ke le reng: “Re Hopola Lefa la Solomon Linda re Thabela le Mmino wa Setso sa Afrika Borwa.” 

2.2.    Selemong sena Kgwedi ena ya Botjhaba e tla tsepamisa maikutlo mminong wa setso sa Afrika Borwa haholoholo wa Isicathamiya ha mmoho le kabelo ya ona dipapading, tsa bonono, tsa setso le botjhaba. Ka lepetjo lena ho ikemiseditswe ho keteka dilemo tse 60 sebini le moqapi wa dipina Solomon Popoli Linda (1909-1962), a hlokahetse mme o boela a tsebisahale ka la Solomon Ntsele, eo e leng moqapi wa pina ya, “Mbube”.

3.    Mokete wa Matjhaba wa 2022 wa Letsatsi la Ditaba tsa Mawatle 

3.1.    Afrika Borwa e tla keteka Mokete wa Matjhaba wa 2022 wa Letsatsi la Ditaba tsa Mawatle mane Thekong ho tloha ka la 12 ho isa ka la 14 Mphalane 2022. Mokete ona o tla tshwarwa nakong ya OTM moo ka lona ho tlang ho etswa tlhokomediso ka dikepe jwalo ka lekala la dipalangwang. Moketeng ona ho tla ba teng le kemedi ho tswa dinaheng tse fapafapaneng ho tla iponela tsa indasteri ya dikepe ya Afrika Borwa. Afrika Borwa haesale e le setho sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Dikepe ho tloha ka selemo sa 1995. Mokgatlo ona ke lekala le laolang tshebetso ya dikepe ho Matjhaba a Kopaneng. 

4.    Kgwedi ya Bohahlaudi

4.1.    Letsatsi la Matjhaba la Bohahlaudi (27 Loetse) Kgweding ena ya Bohahlaudi re tlo le keteka ka lepetjo le reng, “Re Nahana Botjha ka Bohahlaudi”. Tsa bohahlaudi kwano lapeng di bohlokwa bakeng sa kahobotjha ya lekala lena la bohahlaudi, e le karolo e kgolo ya Lekeno la Afrika Borwa ha mmoho le ho thehwa ha mesebetsi. 

4.2.    Kabinete e thabetse ho ntlafala ha lekala la kamohelo ya baeti le ntlafetseng ka mora sewa sa COVID-19. Halofong ya pele ya 2022, ho bile le maeto a lehae a dimilione di 15.2, e leng keketseho ya persente tse 114 ha ho bapiswa le nako e tshwanang selemong sa 2021. Sena se bontsha keketseho leha ho bapiswa le nako e tshwanang ka selemo sa 2019 moo ho bileng le maeto a lehae a dimilione di 8.6. Jwalo ka karolo ya ho keteka Kgwedi ya Bohlaudi, Kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa hore a etele diprofensi tsa bona ka ho fapana. 

4.3.    Kabinete e amohetse qeto ya Bofofise ba Belgium ba ho ba le difofane tse tlang Afrika Borwa ka ho otloloha ho qalang kgweding ena (Loetse), e leng se tla matlafatsa lekala lena le ho netefatsa taba ya hore Afrika Borwa ke sebaka se setle sa bohahlaudi. Sena se tla kenyeletsa difofane tse tla ya Kapa le Johannesburg jwalo ka beke. 

E.    Melaetsa

1.    Diteboho

Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho: 

- Mopresidente William Samoei Ruto wa Kenya, ya neng a behwa semmuso ka Labobedi la la 13 Loetse 2022, ho latela dikgetho tse se nang morusu tse neng di tshwerwe ka la 9 Phato 2022. Motlatsi wa Mopresidente, Ntate David Mabuza o ne a le teng moketeng oo ho emela Mopresidente Ramaphosa, mmuso le setjhaba sa Afrika Borwa. 

- Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Rabi ha mmoho le Toropo ya Kapa ka ho tshwara ka katleho Mohope wa Lefatshe wa borobedi wa Rugby Sevens ho tloha ka la 9 ho isa ka la 11 Loetse 2022. E ne e le lekgetlo la pele tonamente ena e tshwarelwa Afrika, mme seo se bontsha hantle hore Afrika Borwa e tumme hantle ka kamohelo ya baeti. 

2.    Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya: 

- Bana ba sekolo ba 18 le batho ba baholo ba babedi ba ileng ba hlokahala kotsing e nyarosang ka Labohlano la la 16 Loetse mane Phongola, KwaZulu-Natal ka mora hore lori e thulane le vene e tsamaisang bana ba sekolo. 

F.    Kgiro

1.    Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
a.    Ntate Makgothi Samuel Thobakgale jwalo ka Molaodi Kakaretso (DG): Mokomeshenara wa Naha wa Lefapha la Tlhabollo ya Batshwaruwa. 
b.    Ngaka Malixole Percival Mahlati Motlatsi wa Molaodi Kakaretso DDG: Ya Karolong e sebetsang ka Dipetlele le Thuto e Phahameng ho tsa Bophelo bo Botle le Ntshetsopele ya Ditaba tsa Basebetsi Lefapheng la tsa Bophelo. 
c.    Ntate Siyabonga Blessing Mdubeki jwalo ka Moabi wa Lefatshe ya ka Sehloohong Lefapheng la tsa Temo, Ntlafatso ya tsa Mobu le ho Ntlafatswa ha Dibaka tsa Mahaeng. 
d.    Ntate Phaswa Phineas Mamogale Motsamaisi ya ka Sehloohong wa Ditjhelete Lefapheng la tsa Bophelo. 

2.    Kabinete e dumellana le ho hirwa ha batho ba latelang:
a.    Ntate Tshediso Matona jwalo ka Mokomeshenara wa Komeshene ya Tshehetso ya ba Batsho Moruong (BBBEE).
b.    Ditho tsa Boto ya Maipiletso ya Difilimi le Diphatlalatso: 

- Ntate Siyazi Tyamtyam (Modulasetulo); 
- Mme Sohani Natasha Chundhur;
- Mme Sisanda Nkoala;
- Mme Shandukani Mulaudzi;
- Mme Nomaswazi Rachel Shabangu-Mndawe;
- Ngaka Litheko Modisane;
- Mme Phuti Nehemia Phukubje;
- Mme James Shikwambana; le
- Mme Manko Thalitha Bufffel (o kgethilwe hape). 
 

Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building