Skip to main content
x

A. Maemo a Renang ha Jwale

1. Moruo

1.1. Kabinete e amohetse taba ya ho fokotseha hanyane ha palo ya batho ba sa sebetseng naheng ena ka persente tse 0.6, ho tloha ho persente tse 34.5 ho ya ho tse 33.9 ka kotara ya bobedi ya selemo sa 2022. Ho ya ka dipalopalo tse phatlaladitsweng Tokomaneng ya Kotara ya Dipalopalo tsa Ditaba tsa Kgiro, e phatlaladitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa, mesebetsi e mengata e fumanehile lekaleng la Ditshebeletso tsa Ntshetsopele ya Setjhaba (276 000), la tsa Kgwebo (169 000), la Ditjhelete (128 000) le la Kaho (104 000).

1.2. Palo ya batho ba sebetsang ha jwale ke dimilione tse 15,6 kotareng ya bobedi ya selemo sa 2022 mme palo ya ba sa sebetseng yona e eketsehile ka batho ba 132 000 ho ya ho ba dimilione di 8,0 ka kotara ya bobedi ya selemo sa 2022 ha ho bapiswa le kotara e fetileng.

1.3. Keketseho ena le ha e le nyane, empa e bontsha kgatelo pele boitekong ba mmuso le mahlahana a ona ba ho aha moruo botjha esitana le ho theha menyetla e hlokahalang ya mesebetsi.

1.4. Sena ke bopaki ba hore ha re tshwarisane, mme re sebetsa mmoho re ka hlola diphephetso tse shebaneng le moruo wa rona.

1.5. Kabinete e utlwisisa hantle pherekano e maikutlong a Maafrika Borwa jwalo ka ha a hula ka thata ka lebaka la leqeme la mesebetsi le ditjeho tse hodimo tsa ho phela. Jwalo ka mmuso o hlokomelang, re ikemiseditse ka hohlehohle ho sebedisana le mahlahana a rona ho aha bokamoso bo betere bakeng sa batho bohle. Mmuso o ntse o ikemiseditse ka taba ya ho tshehetsa dikgwebo tsa lapeng ka ho reka le ho sebedisa ditshebeletso tsa lapeng.

2. Disebediswa tsa Setjhaba

2.1. Kabinete e hanyetsana haholo le taba ya tshenyo ya disebediswa tsa setjhaba ke baahi ba Tongaat mane KwaZulu-Natal nakong ya boipelaetso ba bona ka lebaka la ho kgaoha ha phepelo ya metsi. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba hore se be le mamello jwalo ka ha mosebetsi o se o qadile wa ho lokisa Sitsi se Hlwekisang Metsi sa moo Tongaat. 

2.2. Kabinete e utlwisisa hantle pherekano ya baahi jwalo ka ha ba tlameha ho sebedisa metsi a tliswang ka dilori ka lebaka la tshenyo e neng e bakwe ke dikgohola botjheng ba selemo sena. Leha ho le jwalo, meruso le ho senya disebediswa tsa setjhaba ha se tharollo, empa e le ho eketsa mathata setjhabeng.

3. Dintlafatso Molaong o Laolang Tsela ya Tshebetso ya Bommasepala wa Selemo sa 2022

3.1. Kabinete e amohetse ho saenelwa ha Tshisinyo ya Dintlafatso Molaong o Laolang Tsela ya Tshebetso ya Bommasepala wa Selemo sa 2022, (Molao wa bo 3 wa Selemo sa 2022) ho ba molao ka botlalo ke Mopresidente Cyril Ramaphosa. Ka molao ona, ho ikemiseditswe ho ntlafatsa maemo le boleng ba tshebetso ya bommasepala. Molao ona, ke karolo ya matsapa a mmuso a ho ntlafatsa maemo a Phano ya Ditshebeletso tsa Setjhaba, e leng tokelo ya sona e ngotsweng ho Molaotheo wa Afrika Borwa wa Selemo sa 1996.

3.2. Molao ona, o hlakisa hantle le tsela e tlamehang ho latelwa ha ho hirwa basebeletsi maemong a hodimo. O boetse hape o thibela basebeletsi ba mmuso ho ba ketapeleng ya mekga ya dipolotiki. Molao ona hape o dumella hore dikgeo tsa batsamaisi ba bommasepala di phatlalatswe boemong ba naha ho bebofatsa taba ya ho fumana batho ba nang le bokgoni bo hlokahalang.

3.3. Kabinete e na le boitshepo ba hore diphetoho tsena di tla netefatsa hore ba kgethelwang kapa ba hirelwang dikgeong tseo, ba sebetsa ka tsela e lebelletsweng, e le ho netefatsa hore re ntlafatsa maphelo a batho bohle.

4. Bonokwane

4.1. Kabinete e thoholetsa ba Ditshebeletso tsa Lekgetho Afrika Borwa ka ho kgona ho fumana sethethefatsi sa crystal meth sa boima ba 785kg, se ka bitsang dimilione tse R236. Sethethefatsi sena, se fumanwe mane Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo ka Sontaha sa la 28 Phato 2022. Ho fumaneha ha sethethefatsi sena, ho tla romela molaetsa ho dinokwane hore madiboho a rona a sebetsa ka thata ho lwantsha ditlolo tsa molao.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Tlaleho ya Moifo wa Thuto e Phahameng Mabapi le Dipatlisiso ka Meputso ya Baokamedi ba Diyunivesithi (CHE) le Basebeletsi ba Boemong ba Botsamaisi ho tsona Afrika Borwa

1.1. Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka sephetho sa dipatlisiso ka CHE, tse neng di thakgolwe ke Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale, Ngaka, Blade Nzimande, ho hlahloba taba ya meputso le tsela ya tshebetso ya batsamaisi ba ka sehloohong diyunivesithing dilemong tse 15 tse fetileng, ho tloha ka selemo sa 2005 ho isa ho sa 2019.

1.2. Dipatlisiso tsena, di ne di lekola taba ya tshebetso, katleho le ntshetsopele diyunivesithing kapa lekaleng la thuto e phahameng naheng ena. Tlaleho ena le dikateng tsa yona di kenyeletsa le dikgothaletso tsa teng.

1.3. Tse ding tsa dikgothaletso di kenyeletsa ho matlafatswa esitana le ho sebetsa ka tsela e hlakileng mabapi le ditaba tsa meputso. Tse ding dikgothaletso di eletsa ho thehwa ha komiti e ikemetseng e tla shebana le taba ya meputso. Dikgothaletso tsena, di boetse di sisinya le hore ho be le ho matlafatswa mmoho le ho lekolwa ha tshebetso  ditsing tsa thuto e phahameng. Dipatlisiso tsena, di boetsa tsa lekola le ho fetana ha boholo ba ditsi tsena mme tsa boela tsa bapiswa le maemo a matjhaba.

1.4. Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale ho lebeletswe hore le buisane le ketapele ya diyunivesithi ka maikemisetso a ho di ntshetsa pele. Ka morao ho moo, tlaleho ena e tla phatlalatswa ho websaete ya Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello: www.dhet.gov.za.

2. Ho Potlakiswa ha Diphetoho Dipatlisisong le Mokgweng wa ho Ruta Lekaleng la Thuto e Phahameng

2.1. Kabinete e tshehetsa dikgothaletso tsa dipatlisiso tse pedi tse neng di etswe ho ka eletsa ka tsela le mekgwa e ka sebediswang ho potlakisa diphetoho dipatlisisong le mokgweng wa ho ruta ditsing tsa thuto e phahameng.

2.2. Tlaleho ya pele e ne e etswe ke Komiti e Ikgethileng ya Matona e neng e fuputsa ka thibelo ya kgiro, tshebediso le katleho ya barutehi ba batho ba batsho Afrika Borwa. Tlaleho ya bobedi – e neng e ntshitswe ke Lefapha la Saense le Mahlale mmoho le Mokgatlo wa Naha wa Dipatlisiso – yona e ne e etswe ke Mokgatlo wa Diyunivesithi tsa Afrika Borwa, e leng mokgatlo o emetseng diyunivesithi tse 26 tsa setjhaba naheng ena.

2.3. Ka bobedi ditlaleho tsena di kgothaletsa taba ya ho potlakiswa ha diphetoho dikarolong tse hlano, e leng tshebediso ya dirutehi; ho nka karolo ha basebeletsi ba diyunivesithi; mokgwa le tshebetso ya diyunivesithi; melawana le maano a tshebetso, le kgaello ya disebediswa.

3. Tumellano ya Matjhaba ho Tshebediso ya Dimela le Diphoofolo Tlhahisong ya Dijo le tsa Temo (the Treaty)

3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa ha the Treaty Palamenteng bakeng sa tekolo. Sena se tla etsa hore Afrika Borwa e be karolo ya Tumellano ena e fanang ka tataiso ho dinaha tseo e leng ditho mabapi le paballo le tshebediso ya nako e telele ya dihlahiswa tsa dimela le diphoofolo dijong le ho tsa temo.

3.2. Ho amohelwa ha Tumellano ena, ho tla matlafatsa boitlamo ba naha ena mabapi le paballo le tshebediso ya nako e telele ya dihlahiswa tsa dimela le diphoofolo, mme ho tshehetswe le batho ba mahaeng.

4. Moralo wa Leano la Diphetoho Afrika Borwa

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha Moralo wa Leano la Diphetoho. Moralo ona, o hlakisa ponelopele ka Afrika Borwa e nang le Maemo a Lehodimo a Tsitsitseng. Moralo ona o hlalosa tsela le mekgwa ya ho fihlela sena. Moralo ona o tla ama motho ohle Afrika Borwa, o fane le ka menyetla ya ho lokisa ho se lekalekane ha nako e fetileng le ho aha moruo o tla tswela bohle molemo.

4.2. Komeshene ya Mopresidente ya Maemo a Lehodimo, e buisane le mahlahana a yona mme ya fumana tshehetso e kgolo ka moralo ona. Kabinete e ka netefatsa taba ya hore moralo ona wa ho fihlela tikoloho e moya o hlwekileng ka selemo sa 2050, e tlameha ho tshehetsa moruo le ntshetsopele ya naha ho kenyeletsa menyetla ya mesebetsi ho bohle, tshebedisano le setjhaba le phediso ya bofuma.

4.3. Kabinete e ipiletsa ho mahlahana a yona ohle hore a tshehetse moralo ona. Ho tla ralwa tsela eo moralo ona o tlang ho kengwa tshebetsong ka yona mme o tla kenyelletswa moralong wa maano le kabo ya ditjhelete tsa mmuso.

5. Mofuta o Motjha wa Lengolo la Afrika Borwa la ho Kganna

5.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho fetolwa ha mofuta o sebetsang ha jwale wa lengolo la ho kganna ho ya ho le nang le dikarolo tse ntjha tsa tshireletso.

5.2. Mofuta ona o sebediswang ha jwale, haesale o le tshebetsong ho tloha ka selemo sa 1998. Maemo a thekenoloji a fetohile haholo matsatsing ana mme ho bitsa tjhelete e ngata ho tswela pele le mofuta ona. Mofuta o motjha wa karete, o tsamaisana le Maemo a Matjhaba a Mangolo a ho Kganna le Thekenoloji ya Poloko ya Dintlha tsa Batho. (ISO18013).

6. Melawana ya Leano la Mmuso la Tshehetso ya Setjhaba (EPWP)

6.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha moralo wa EPWP bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena la EPWP, ke leo ka lona mmuso a thusang setjhaba ho leleka bofuma ka ho theha mesebetsi ya nakwana, haholo bakeng sa basadi le batjha.

6.2. Moralo ona o motjha, o tla hlakisa dintho tse ngata tse kang meputso, tshehetso tsa ditjhelete, tshireletso ya setjhaba le hore leano lena le ipapise le melao ya tsa kgiro. Le tla boela le kgothaletsa le tshebedisano mmoho pakeng tsa mmuso le lekala le ikemetseng ho ka netefatsa hore lenaneo lena la EPWP le thusa ho theha mesebetsi ya moshwelella le ho leleka bofuma. Moralo ona, o tla hlaha ka mahlale a ho kenya lenaneo lena la mesebetsi ya setjhaba tshebetsong naheng ka bophara.

7. Diphetoho Mofuteng wa Bone wa Tjhelete ya Tshepe Afrika Borwa

7.1. Kabinete e tjhaetse monwana tlhahisong ya Mofuta o Motjha wa Tjhelete ya Tshepe Afrika Borwa ho tloha ka selemo sa 2023. E tjhaetse monwana ho tjhentjhisana ha tshebediso ya dipuo tse molao tjheleteng ena jwalo ka selemo.

7.2. Lentswe lena “Afrika Borwa” le tla hlahella lehlakoreng le le leng la tjhelete mme ho tjhentjhanywe dipuo tsohle tse molaong. Ho R5, ho tla sebediswa puo tse tharo; ho R2; 50c, 20c le 10c ho sebediswe puo tse pedi mme ho R1 ho sebediswe puo e le nngwe. Dipuo tsena di tla nne di tjhentjhane jwalo ka selemo dilemong tsena tse leshome tse tlang.

8. Moralo wa Molawana wa Tlhwekiso ya Metsi (IWQM) wa Selemo sa 2022

8.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa IWQM bukaneng ya diphatlalatso tsa mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba. Moralo ona, o tla kena sebakeng sa wa kgale wa WQM wa selemo sa 1991, o neng o kengwe tshebetsong ka selemo sa 2006.

8.2. Molawana ona o hlakisa dintlha tsa bohlokwa tsamaisong ya tlhwekiso ya metsi. Moralo ona o tsamaisana le melao yohle ya naha e laolang metsi mme e ntse e ikamahantse le boinehelo ba naha ba ho nka metsi jwalo ka sehlahiswa se sa atang.

9. Moralo wa Molawana o Laolang Maqhubu a Diyalemoya Bakeng sa Nako e Tlang

9.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Molawana o Laolang Maqhubu a Diyalemoya bakeng sa Nako e Tlang bakeng sa maikutlo a setjhaba. Maqhubu a kgaso ya diyalemoya, ke a bohlokwa ho tsa kgokahano le tshebedisong ya dijithale Afrika Borwa.

9.2. Molawana ona, o tla hlakisa taba ya ho fana ka dilaesense bakeng sa diselefounu; kgaso; tshebeletso tsa difofane le tsa dikepe; tsa dipatlisiso le ntshetsopele; tshebedisano le setjhaba ha mmoho le diindasteri tse ding tse amehang. Molawana ona, o tla netefatsa tshebetso e hlokang leemo kabong ya dilaesense lekaleng lena ha mmoho le ho netefatsa hore bohle ba fumana kgokahano e ntle ka mokgwa wa dijithale le dibakeng tse dikoting naheng ena.

10. Kemedi ya Afrika Borwa ho Boto ya Matjhaba ya Moifo wa Taolo ho tsa Kgokahano ya Diyalemoya (ITU)

10.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kgethwa ha Ntate Mandla Samuel Mchunu ho ya emela Afrika Borwa ho ITU (Region D). Ha jwale Ntate Mchunu ke setho sa boto ena. Ho sisintswe hore a boele a kgethelwe ho sebetsa teng hape ho tloha ka semo sa 2023 ho isa ho sa 2026.

10.2. Dikgetho di tla tshwarelwa Sebokeng sa ITU sa Kemedi tsa Dinaha se tla ba mane Bucharest, Romania ho tloha ka la 26 Lwetse ho isa ka la 14 Mphalane 2022. Afrika Borwa e ikemiseditse ho ikamahanya le dipehelo tsa ITU ho netefatsa hore kgokahanyo e finyella diqoleng tsohle tsa lefatshe ka mokgwa wa dijithale.

C. 1. Kgwedi ya Botjhaba

1.1. Selemong sena Kgwedi ya Botjhaba e leng ya Lwetse re tla e keteka tlasa lepetjo le reng: “Re Hopola Lefa la Solomon Linda le Mmino wa Setso sa Afrika Borwa”. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa kaofela ho keteka Botjhaba ba rona ka ho fapana ha rona empa re ntse re le setjhaba se le seng se bopahaneng. Re tlameha ho sebetsa mmoho re tshwarane ho fedisa dikarohano le dipherekano tsa nako e  fetileng mme re be setjhaba se le seng se motlotlo ka Afrika Borwa.

D. Melaetsa

1. Diteboho

Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho:

- Bahlodi bohle, ba fumaneng dimetale le bohle ba nkileng karolo lebelong la bo 95 la Comrades e tummeng ka hore ke “Lebelo Botho la ho Hlola Kaofela”, le neng le mathwa ka la 28 Phato 2022. Mokgahlelong wa banna mohlodi e bile Tete Dijana (ka nako ya dihora tse 5, metsotso e 30 le metsotswana e 38). Mohlodi enwa o tswa Mahikeng profensing ya Leboya Bophirima. Mokgahlelong wa basadi teng mohlodi e bile Alexandra Morozova ho tswa naheng ya Rashia (ka nako ya dihora tse 6, metsotso e 17 le metsotswana e 47).

1. Matshidiso

Kabinete e lebisa matshidiso a yona ho lelapa le metswalle ya:

- Mme Rita Alice Ndzanga (88), eo e neng e le molwanedi wa tsa tokoloho le ditokelo tsa basebetsi ya neng a fumane Kgau ya National Order of Luthuli ka selemo sa 2004 ka “Kabelo ya hae ho lwaneleng ditokelo tsa basebetsi le tsa Afrika Borwa e sa kgetholleng ka morabe le bonng.”

- Ditho tse hlano tsa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) tse ileng tsa swahlamana le sefofane Boemafofaneng ba Rand, Germiston, ka Labobedi la la 30 Phato 2022. SAPS e ntse e fuputsa sesosa sa kotsi ena. Kabinete e lakaletsa mofofisi wa teng ya lemetseng haholo ho fola ka potlako.

E. Kgiro

1. Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

a. Mme Gugulethu Abigail Thimane jwalo ka Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): ba keng sa Tekolo le Ntshetsopele Lefapheng la Meralo, Tekolo le Tekolobotjha.
b. Mme Kwena Komape jwalo ka DDG: Ntshetsopele ya Moruo, tsa Kgwebo le Dipapatso Lefapheng la tsa Temo, Ditaba tsa Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng.
c. Ngaka Bongani Elias Sithole jwalo ka DDG: Ofising ya Naha ya Taolo ya Dikoduwa Lefapheng la Puso ya Kopanelo.

2. Kabinete e dumellane le kgiro ya batho ba latelang:

a. Ntate Songezo Booi jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong (CEO): Ofising ya Naha ya Ngodiso ya Matlo.
b. Boto ya Afrika ya Tlhahlobo ya Merafo le Koporasi ya Ditjhelete:

(i) Ntate Zacharias Bernardus Swanepoel (Modulasetulo);
(ii) Ntate Mzwandile Zwelinzima Themba Masondo; le
(iii) Mme Phumzile Mthombeni (Molaodi ya ka Sehloohong).

3. Ntate Patrick Dlamini jwalo ka Motsamaisi ya ka Sehloohong (Lekaleng la Katoloso ya Nako ya Dikonteraka tsa Kgiro) Bankeng ya Afrika Borwa ya Ntshetsopele.

Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

 Union Building