1. Diqeto tsa Kabinete
1.1. Kabinete e tshohlile Ditlaleho tsa ho Behwa Sehlohlolong tsa Sephetho sa Tshebetso sa Kotara ya Boraro bakeng sa nako ya Mphalane ho isa ho Tshitwe 2016, e behang leihlo ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Mmuso la Tshebetso (PoA) ho ipapisitswe le dipehelo tsa Lewa la Moralo wa Nako e Bohareng (MTSF) le Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).
Matona a Dihlopha ka ho latelana, ka Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS), a tla hokahanya dikopano tsa boraditaba ho hlahisa mekolokotwane ya mafapha e fihlelletsweng nakong eo.
Dintlhakgolo tse latelang di tla hlakiswa nakong ya dikopano tsa Matona a dihlopha.
a. Phethoho ya moruo
1.2. Phethoho ya moruo e batla phethoho e matla motheong wa tlhahiso ya moruo wa Aforika Borwa; hape e batla phethoho ya mekgwa ya bonkakarolo ba batho ba neng ba tinngwe menyetla pele ka hara moruo.
1.3. Ho latela tsebiso ya Mmmuso ya hore o tla hlahisa boradiindaseteri ba batho ba batsho ba 100 sebakeng sa nako e bohareng ho tlisa phethoho moruong, Boradiindaseteri ba Batho ba Batsho ba 27 ba tsheheditswe esale lenaneo lena le thakgolwa, moo ba robong ba bona ba tsheheditsweng kotareng ena.
1.4. Tshehetso ya Mmuso e bakile hore ho be le matsete a rerilweng a lekala la poraefete a R956 milione ha ho rerilwe ho theha mesebetsi e 1 053. Hodima moo, tshehetso yohle ka matlole ya Koporasi ya Ntshetsopele ya Dindaseteri (IDC) bakeng sa boradiindaseteri ba batho ba batsho e fihlile ho R4, 575 bilione, ho tloha kotareng ya pele ya 2015/16 ho ya ho kotara ya boraro ya 2016/17.
b. Matsete
1.5. Ka mekutu ya ho matlafatsa maemo a tshepo, Mmuso ka ho sebedisa Invest SA o hlwaile diporojeke tse 40 tsa kgahlamelo e matla tse malala-a-laotswe bakeng sa ho kenngwa tshebetsong nakong ya dilemo se pedi tse tlang. Tshehetso ho tswa ho Lefapha la Kgwebo le Diindaseteri e hohetse R4 bilione ho matsete a lekala la poraefete, ka bokgoni ba ho baballa le ho hlahisa mesebetsi e akanngwang ho 3 614 kotareng ya Loetse ho fihla ho Tshitwe 2017. Boemakepe ba Kgwebisano ba Dube bo hohetse R1.3 bilione ya matsete a lekala la poraefete ha SEZ ya Boemafofane ba Matjhaba ba OR Tambo e hohetse R260 milione e le matsete a lekala la poraefete.
1.6. Maikitlaetso a bodipolomate ba moruo a nkuweng a hlahisitse dithekiso tse eketsehileng tsa dihlahiswa tsa lekgetho la boleng tse rekisetswang dinaha tsa ka ntle ka R247 milione e tlisang palo kaofela e kopaneng bakeng sa selemo ho R4. 105 bilione.
1.7. Matsete a ka Kotloloho a Matjhaba (FDI) a tiisa hore Aforika Borwa e dula e le sebaka se ratwang sa matsete. Ditlatseletso tsa Kotara ya bo 3 ho Motjha wa Peipi di emetse bokgoni bo ka bang teng ba FDI ya R4.55 bilione haholoholo lekaleng la eneji le la dikhemikhale. Sena se tlisa bokgoni kaofela ba FDI ho R34.892 bilione. Bahlanka ba ka sehloohong ba sebetsa ka matla ho tlosa matsete ana a tshepisang ho tloha ho motjha wa peipi ho ya ho matsete a tebileng.
1.8. Moporesidente Jacob Zuma o tla thakgola Lebenkele la Naha la Ditshebeletso Tsohle la Invest SA hosane ka Labohlano la 17 Hlakubele 2017 Khemphaseng ya dti ho la Pretoria, Sunnyside.
c. Ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane
1.9. Jwaloka karolo ya ho kenya tshebetsong 30% ‘e beheletsweng ka thoko’ ya palo kaofela ya ditjeho tsa ditheko bakeng sa Dikgwebo tse Nyenyane tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME), Lefapha la Naha la Matlotlo le lekotse botjha Moralo wa Melawana ya Molao le ho kenya dihlomathiso koranteng ya mmuso ka Pherekgong 2017 ya Leano la Ditheko tse ka Sehloohong.
1.10. Kotareng ya ho tlaleha – Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le tsheheditse dikgwebo tsa makeisheneng tse 1 388 le dikoporasi tse 48, ka ditsiane.
1.11. Mmuso wa Naha le wa Diporofense e sebetsa mmoho ho tsoseletsa diphaka tsa diindaseteri tsa lehae, e le ho tshehetsa dikgwebo tse ntseng di le teng le ho hohela tse ntjha. Kaha hajwale, Phaka ya Diindaseteri ya Komani (Kapa Botjhabela) e na le dikhamphani tse 30 mme e hirile batho ba 555, ha Phaka ya Botshabelo (Foreisetata) e tshehetsa maphelo a batho ba ka bang 10 000.
d. Temo le ntshetsopele ya mahae
1.12. Ha maemo a nako e telele a komello, ho tloha ka selemo sa 2014, a qadile ho fokotseha kotareng ya bone ya selemo sa 2016 kaha pula e tlisitse tshepo e ntjha moruong wa rona, kgahlamelo e tla nka dikgwedi tse mmalwa. Ho ropoha ha seboko sa Sesenyi sa Hwetla Limpopo ho hlahisa kotsi e ntjha mabapi le dimela.
1.13. Nakong ya kotara ena, dihektare tse 374 299 tsa mobu o sa sebedisweng ka tshwanelo di ile tsa lengwa mapolasing tlasa Lenaneo la Tshehetsobotjha le Ntshetsopele.
Leha komello e ne e le teng ho bile le phihlello ya 50% ya sepheo sa ho tlhahiso ya dijo ha ho bapiswa le dikotara tse tharo tse fetileng.
1.14. Batho ba 244 073 ba kgotse molemo ho tswa ho maikitlaetso a tlhahiso e sa haelleng ya dijo a kenyeletsang tse neng di fepelwa Ditsheng tsa Ntshetsopele ya Phepo ya Badudi. Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le rekile dihlahiswa ho tswa dikoporasing tsa ka naheng tse 43 ka R1 684 238.21 ho ipapisitswe le ditshisinyo tsa ho reka 75% ya dihlahiswa tsa ka naheng.
1.15. Baithuti ba 6 784 179 ho tswa dikolong tse 10 300 tsa poraemari le tsa sekondari (tsa khwinthaele 1-3) di kgotse molemo Lenaneong la Naha la Phepo ya Dikolo. Bafani ba ditshebeletso ba 5 408 (Dikoporasi tse thehilweng ka badudi tse 1 142, di-SMME tse 3 112 le mabenkele/diholeseile tse 1 154) di fuwe dikonteraka tsa ho fepela dihlahiswa tsa dijo dikolong. Batjha ba 541 121 le basadi ba 291 304 ba kgotse molemo maitshunyakong a kentsweng tshebetsong dibakeng tsa mahae kotareng ena.
e. Meralo ya motheo
- Eneji
1.16. Malapa a 46 382 a hoketswe ho marangrang kapa sekema se mahareng sa motlakase le malapa a 2 116 a hoketswe ho thekenoloji e sa kenngwang ho marangrang. Ho feta moo, malapa a itlhophereng a dibaka tsa mahae a 141 191 a fuwe phumantsho ya motlakase wa mantlha wa mahala. Kaho ya Setsi se Kopanetsweng sa Eneji sa Nwaabe se se se phethetswe.
1.17. Lefapha la Eneji le phethetse theko ya mekgwa ya matla a letsatsi malapeng a 31 100 bakeng sa ho hokelwa (maikemisetso a selemo ka seng ke 20 000). Ho hokelwa ho tla qala kotareng ya bone.
1.18. Mmuso o tswetse pele ho fana ka Lenaneo la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Matla a Motlakase (IPP) ka diphihlello tse latelang: (i) ho bulwa ha R201 bilione ho tswa Lenaneong la Matla a ka Ntjhafatswang la IPP; (ii) Tse ka Ntjhafatswang jwale di fana ka 3 175MW ho Marangrang; (iii) memorandamo wa tlhahisoleseding ya porojeke bakeng sa kgase ya IPP o phethetswe ka Kopo ya Tshisinyo e tla hlahiswa pele ho mafelo a selemo se setjha sa ditjhelete; le (iv) 900MW di ile tsa rekwa ho tswa ho IPP ya mashala.
- Phano e Akofisitsweng ya Meralo ya Motheo ya Dikolo
1.19. Mabapi le ho fedisa ditshallomorao tsa meralo ya motheo dibakeng tsa mahae: thuso ya sekolo ka seng e ile ya phethelwa, e thusitsweng ka matlole ke Boikitlaetso ba Phano e Akofisitsweng ya Meralo ya Motheo ya Dikolo, dikolo tse 389 di fumantshitswe metsi, dikolo tse 57 di fumantshitswe motlakase le dikolo tse 157 di fumantshitswe tsamaiso ya dikgwerekgwere e nang le seriti.
Hodima moo tse latelang di ile tsa abelwa makala a kenyang tshebetsong: diporojeke tsa kaho ya dikolo tse 293; diporojeke tsa metsi a dikolo tse 959; diporojeke tse 535 tsa motlakase le diporojeke tse 585 tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere.
• Meralo ya Motheo ya tsa Kalafo
1.20. Kgatelopele mabapi le ho fedisa ditshallomorao ho ditsha tsa kalafo e kenyeletsa: kgatelopele ho tokiso ya ditliliniki tse 70 le Ditsha tsa Kalafo tsa Badudi, dipetlele tse 18 le ditsha tsa kalafo tse 67 diterekeng moo Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) e ntseng e lekwa. Kaho ya Ditsha tsa Kalafo ya Mantlha tse tharo le Ditsha tse tharo tsa Kalafo ya Badudi e phethetswe; empa kaho ya Ditsha tsa Kalafo tsa Badudi tse nne e motjheng.
• Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere
1.21. Malapa a 29 626 a fumantshitswe phihlello ya metsi a pompo nakong ya kotara ena e ntseng e lekolwa. Kaho ya dibaka tsa tlhwekiso ya metsi ya Ncora le tsamaiso ya dipeipi ya Kalahari Botjhabela ho ya Mier e phethetswe; Jozini Pongolapoort le Letamo la Gariep di maemong a ho phethelwa a kaho. Hodima moo diporojeke tsa ntshetsopele ya metsi tse 98 le tse 51 tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere di phethetswe.
1.22. Malapa a 611 360 a fumantshitswe phihlello ya ditshebeletso tsa dikgwerekgwere le malapa a 20 599 a sebeleditswe ka Dithuso tsa Ditjhelete tsa Meralo ya Motheo ya Malapa a Dibaka tsa Mahaeng ho fedisa tshallomorao ya tsamaiso ya dikgwerekgwere: Mabakete a 1 405 a ile a tloswa ka ho kenya ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere tse nepahetseng dibakeng tsa bodulo tse ahilweng ka ditene.
f. Thuto
1.23. Qetellong ya Pudungwana 2016 – 89% (4 107 ya 4 612) ya dirutehi tsa Funza Lushaka tse qetileng dithutong tsa bona tse nang le tshwanelo ya ho kenngwa mesebetsing ka selemo sa 2016 ho ruta dikolong di kentswe mesebetsing e leng ntlafalo ya 2% ho tloha kotareng e fetileng le 4% ka hodimo ho feta maikemisetso a selemo ka seng.
1.24. Lekgotla la Aforika Borwa la Matitjhere le kgonne ho eketsa palo ya matitjhere a ingodiseditseng ho nka karolo ho Tsamaiso ya Seporofeshenale e Tswellang ya Bolaodi ba Ntshetsopele ya Matitjhere ho ya ho palo yohle ya matitjhere a 6 572.
1.25. Esale ho kenngwa tshebetsong lewa la ho busetsa ditjhelete tsa Sekema sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti, dipokeletso tsa kgwedi ka nngwe di phahame ka lebaka la maikitlaetso a fapafapaneng mme ho fihlela kajeno ho se ho bokeleditswe R268.4 milione kgahlanong le maikemisetso a selemo ka seng a R285 milione.
1.26. Moralo o shebilweng botjha wa Matlole a Diyunivesithi o se o phethetswe mme o tla tshohlwa le lekala la diyunivesithi pele o phatlalatswa.
1.27. Diathisene tse 14 077 di ngodisitswe ke Mokgatlo wa Naha wa Tekolo ya Boleng ba Diathisene.
g. Bophelo bo botle
1.28. Thibelo ke lejwe la motheo la lekala la mmuso la ho lwantsha HIV le AIDS. Jwaloka karolo ya ditshebeletso tsa Diteko le Boeletsi ka HIV, Batho ba 3 022 988 ba ile ba etswa diteko tsa HIV, kgahlanong le maikemisetso a kotara ya boraro a 2 500 000.
1.29. Dikgohlopo tsa banna tse 221 201 467 le tsa basadi tse 6 403 730 di ile tsa fanwa kgahlanong le maikemisetso a kotara ya boraro a 150 000 000 le 4 500 000 ka tatelano. Ho entswe mabollo a banna a bongaka a 155 188 kahlanong le maikemisetso a kotara ka nngwe a 250 000.
1.30. Sekgahla sa katleho ya phekolo e ntjha ya batho ba nang le lefuba (TB) e ne e le 84.2% ho feta maikemisetso a kotara ya boraro a 84%.
1.31. Kotareng ya boraro 66.3% ya basadi ba mmeleng e etetse ditsha tsa kalafo pele ho dibeke tse 20, ho feta maikemisetso a kotara a 63%.
1.32. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Komiti ya Matona, e tla ba tlasa bodulasetulo ba Letona la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso, ho sekaseka dipehelo tse tekilweng tsa maemo a tshebeletso a kang: ntlafatso ya mekgolo ya selemo ka seng, sekala sa mekgolo kapa maemo, dibonase tsa tshebetso, ditsiane tsa mekgolo le ditsiane tsa pentjhene. Kabinete hape e tjhaelletse monwana hore ho hlahiswe Porothokhole ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Ditherisano tsa Mmuso ho netefatsa motjha o kopanetsweng wa mmuso ka bonkakarolo bo nepahetseng.
Sena se bopa motjha o hlwahlwa wa ho matahanya maemo a tshebetso a basebeletsi ka hara makala a fapaneng a tshebeletso ya mmuso le ho netefatsa hore mabaka a ditekanyetso le a phatlaletseng a moruo a nkelwa hloohong ha dintlafatso di sekasekwa.
1.33. PoA ya Mmuso e bapetse karolo ya bohlokwa kgolong ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) jwaloka ha e bonahetse ho dipalo tsa GDP tse lokollotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA). Mabapi le tshehetso ya NDP, Moralo wa Dintlha tse Robong o teka maitshunyako a itseng bakeng sa ho hodisa le ho fetola moruo, ho hlahisa mesebetsi le ho hohela matsete.
Makala a nyehetseng haholo e ne e le a diindaseteri tsa kgwebisano, phano ya dijo le tsa bodulo hammoho le tsa ditjhelete, thepa ya matlo le ditshebeletso tsa kgwebo, a eketsehileng ka 2,1% le 1,6% ka tatelano. Ka bonngwe di nyehetse 0,3 ya phesente ho kgolo ya GDP.
2. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a Mmuso
2.1. Kabinete e ipapisa le Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa mabapi le ho amohela ho kenngwa tshebetsong ka botlalo ha tumellano ya moputso o tlase ho ileng ha dumellanwa ka hona ke mekgatlo ya basebetsi, mmuso le dikgwebo tlasa boetapele ba Komiti ya Baetapele ya Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (NEDLAC).
Ho amohelwa hona ke mokolokotwane wa bohlokwa motjheng wa ho etsa hore Sekepele sa Naha sa Moputso o tlase e be nnete e tla fedisa mohopolo wa “basebetsi ba fumanehileng ” le ho dumella basebeletsi ho kgotsofatsa ditlhoko tsa letsatsi ka leng tsa malapa a bona. Hape se atolosa letlowa la rona la kahisano ho ba kotsing haholo ka hara setjhaba sa bo rona le ho re thusa ho aha setjhaba se kenyeletsang bohle.
2.2. Mmuso o tiisa tsamaiso ya tshepahalo ya mangolo a thuto le thuto e phahameng. Tsebiso ya Letona la Thuto e Phahameng le Thupello mabapi le mohato o tla nkuwa kgahlanong le mangolo a thuto a mokunyata, ho kenyeletswa le ho tjhutjhiswa, ho phoqa le ho beha poyaneng ba sebedisang mangolo a mokunyata ho tla nyehela bakeng sa ho fedisa boteng ba mangolo a thuto a boqhekanyetsi.
Mafelong a Pherekgong 2017, palo ya mangolo a thuto a 1 276 (444 a ka hara naha le 832 a dinaha tsa ka ntle) a ile a rekotuwa lenaneng la Bolaodi ba Mangolo a Thuto ba Aforika Borwa (SAQA) ao e leng mangolo a thuto a fosahetseng – moo ho phethetsweng diafidavite tse 78 tse ileng tsa fetisetswa ho di-Hawks bakeng sa botjhutjhisi.
Jwaloka karolo ya mohato wa taolo SAQA e tla ngodisa mabitso a beng ba mangolo a fosahetseng websaeteng ya yona.
2.3. Kabinete e thabisitswe ke hore mohala wa mmuso wa twantsho ya bobodu o thusa ho hlwaya dinyewe tsa boqhekanyetsi. Ho tloha ka la 31 Pherekgong selemong sena, dinyewe tse 18 778 di se di fetiseditswe ho mafapha a mmuso mme ho ile ha fumanwa sephetho se mabapi le dinyewe tse 17 249. 90% ya dinyewe di se di kwetswe le bahlanka ba 3 600 ba fumanwe ba le molato wa boitshwaro bo hlephileng pakeng tsa selemo sa 2004 le Pherekgong 2017.
Bongata ba basebeletsi ba mmuso bo a tshepahala le ho tswela pele ho fana ka ditshebeletso le ho etsa mosebetsi wa bona.
2.4. Boikitlaetsong bo bong bo boholo ba twantsho ya bobodu, mmuso o nkile mohato wa ho netefatsa hore basebeletsi ba tshebeletso ya mmuso ba thibelwa ho etsa kgwebo le mafapha a mmuso le ditheo tseo tse ding tsa puso. Nako ya diphethoho bakeng sa hore basebeletsi ba mmuso ba phatlalatse mesebetsi ya bona tlasa melawana ya selemo sa 2016 ya tshebeletso ya mmuso e fihlile pheletsong ka la 31 Pherekgong 2017. Ho tloha ka la 1 Hlakola 2017, basebeletsi ba mmuso ba neng ba kene kgwebong le setheo sa puso ba tshwanela hore ba be se ba dihetse dikgwebong tsa bona, kapa mosebetsing wa tshebeletso ya mmuso.
Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso hajwale le sebetsana le ho bokella tlhahisoleseding mabapi le basebeletsi ba mmuso ba hlolehileng ho imatahanya le melawana e metjha. Hang ha tsamaiso ena e phethetswe metjha ya tayo e tla kenngwa tshebetsong kgahlanong le bohle ba hlolehileng ho imatahanya.
3. Duntlha tsa hajwale
3.1. Kabinete e maswabi haholo ka letshoho le bakuweng ke ho se hlake ha ditefo tsa dithuso tsa mmuso ho bakgolamolemo. Re mmuso o tsotellang mme ditlhoko tsa batho ba bo rona ke ntlha e ka sehlohlolong ho rona. Re sebetsa ka kopanelo bakeng sa ho netefatsa hore baamohedi ba dithuso tsa mmuso ha ba behwe ka mosing ke diketsahalo tsena tse madimabe.
3.2. Kabinete e tiisetsa maAforika Borwa hore re sebetsana le taba ena maemong a hodimo ka ho fetisisa. Re tjhaelletse monwana ho thehwa ha Moifo wa Tshebetso wa Matona o bopilweng ka Matona a latelang: Letona Kantorong ya Moporesidente le ikarabellang ho Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (mohokahanyi), la Ntshetsopele ya Setjhaba, la Ditjhelete, la Saense le Thekenoloji, la Merero ya Lehae, la Meralo ya Dikgokahanyo tsa Mehala le Ditshebeletso tsa Poso le la Tshireletso ya Puso.
Moifo wa Tshebetso o ronngwe ho sebetsana le tse latelang:
- Ho latela kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo – ho sekaseka ditshisinyo ka morero wa ho matlafatsa dipehelo hammoho le taolo ya ditlamorao (ka potlako) le ho hlwaya nako e nepahetseng ya diphethoho;
- Ho netefatsa ditefello tsa dithuso tsa mmuso ho tloha ka la 1 Mmesa 2017;
- Ho batla keletso ya semolao mabapi le kgonahalo ya mehato e meng ya semolao ke Puso, haholoholo mabapi le ho sebetsana le boitshwaro bo seng molaong le bo tshopodi moo ho hlokahalang;
- Ho lekola botjha boitshwaro ba Lekala la Aforika Borwa la Polokeho ya Setjhaba (SASSA) haholoholo mabapi bokgoni ba tsamaiso le bolaodi le ho etsa dikgothaletso;
- Ho hlahisa moralo wa tshohanyetso; le
- Ho tla ka mokgwa o pharaletseng wa setheo wa ditefello tsa dithuso tsa mmuso.
3.3. Kabinete e ananela ka mofuthu boitelo le tshebeletso ya seporofeshenale ya Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) hammoho le melaetsa ya tshehetso le baahi ba ipopileng ho thola Lesea Siwaphiwe Mbambo. Sena se bontsha hore ha maAforika Borwa a sebetsa mmoho re ka etsa phapang maphelong a ba kotsing ka ho fetisisa.
Moporesidente Jacob Zuma o tshepisitse hore Mmuso o tla nka mehato e bonahalang ho lwantsha botlokotsebe ka hara Masepala wa Lehae wa Mhlabuyalingana KwaZulu-Natal leboya bo bakang tsitsipano pakeng tsa maAforika Borwa le batho ba Mozambique.
Kabinete e ipapisa le Moporesidente mabapi le ho kgothaletsa badudi ba lehae ba Mhlabuyalingana le bomasepala ba mabapi ba Mkhanyakude, Hlabisa le Jozini ho ntjhafatsa tshepo ya bona ho sepolesa le ho sebetsa mmoho le sona ho lwantsha botlokotsebe ba madibohong ka ho qolleha ba ho nkuwa ha makoloi ka mahahapa sebakeng seo.
Mafapha a Mmuso ka ho qolleha la Sepolesa, la Tshireletso, la Tshireletso ya Puso, la Merero ya Lehae, la Ntshetsopele ya Setjhaba le a mang a tla etsa boitshunyako bo matla kamora leeto la Moporesidente, a sebetsa le Mmuso wa Porofense le bomasepala.
3.4. Leha dikarolo tsa naha di fumane pula e batlehang haholo moo maemo a matamo a bontshang ntlafalo ya bohlokwa moo a mang a bile a tletse ho fihlella mothamo wa ona, komello e ntseng e pheheletse Kapa Bophirima e matla leha ho kentswe tshebetsong mawala a ho baballa metsi.
Dipuisano pakeng tsa makala a mafapha a naha le a porofense hammoho le bomasepala di ntse di tswela pele ka boiteko ba ho fokotsa kgahlamelo ena. Metsi e dula e le mohlodi o haellang ka hara Aforika Borwa mme basebedisi kaofela ba metsi – ka hara malapa le dikgwebong ba kgothaletswa ho tswela pele ho sebedisa metsi ka makgethe.
3.5. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho thoholetsa Moporesidente Nana Addo Akufo-Addo wa Riphabliki ya Ghana ka letsatsi la mokolokotwane la Ghana la Selemo sa bo-60 sa Boipuso ka la 6 Hlakubele 2017.
3.6. Kabinete e ipapisa le Letona la Dikgokahanyo mabapi le ho keteka le bahlodi ba naha ba Aforika Borwa ba Dikgau tsa Boraditaba tsa Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC).
Dikgau di ananela boqhetseke ho tsa boqolotsi ba ditaba le ho kgothaletsa ditsebi tsa ditaba dipusong tsa ditho ho tlaleha ka dintlha tse amanang le lebatowa bakeng sa merero ya ho hodisa momahano le tshebedisano-mmoho ka hara lebatowa. Boraditaba ba Aforika Borwa ba a mengwa ho kenya boiketo ba bona bakeng sa Tlhodisano ya
Dikgau tsa Boraditaba ba SADC tsa selemo sa 2017, pele ho letsatsi la ho kwala la 20 Hlakubele 2017.
3.7. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele mabapi le boitokisetso ba Mokete wa Dilemo tse Lekgolo wa O.R Tambo bakeng sa selemo sa 2017 tlasa mookotaba: “Bophelo le Lefa la O.R Tambo”. Lenaneo la selemo kaofela la ho phatlalla le naha bakeng sa mesebetsi ya ho hlasimolla temoso, thuto, ho keteka le ho tlotla O.R. Tambo di ahella ho mekete ka botlalo ya dilemo tse lekgolo ka la 27 Mphalane 2017, le ho fella maqalong a Tshitwe 2017 ka tlhompho ya mmino Wild Coast Casino, Mbizana. Morero ona wa selemo kaofela wa naha o tiisa karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke O.R Tambo ntweng ya tokoloho le ho fihlella Tokoloho le Demokerasi.
Matsatsi kaofela a Naha le a Sehopotso bakeng sa selemo sa 2017 a tla sebediswa jwaloka mapatlelo a Mekete ya Dilemo tse Lekgolo ya O.R Tambo. Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela ho imatahanya le lenaneo la ona le dikateng ho mookotaba le merero ya Mekete ya Dilemo tse Lekgolo ya O.R Tambo.
4. Dithoholetso
4.1. Kabinete e thoholetsa Letona la Merero ya Tikoloho‚ Edna Molewa‚ ya tla thonngwa jwaloka Motjhanselara wa pele wa Yunivesithi ya Disaense tsa Kalafo ya Sefako Makgatho.
4.2. Kabinete e thoholetsa borasaense ba bahlano ba banyenyane ba Aforika Borwa ba thontsweng ke Akhademi ya Saense ya Aforika Borwa, ba tla kopana le borasaense ba bang ba banyenyane ba 400 ho tswa dinaheng tse 76 tse kgethilweng ho nka karolo ho Kopano ya selemong sena ya bo-67 ya Lindau Nobel Laureate, Lindau, ho la Germany. Bona ke Ngaka Hlamulo Makelane, wa Yunivesithi ya Kapa Bophirima; Frederick Malan, wa Yunivesithi ya Pretoria; Funeka Nkosi, wa Yunivesithi ya Witwatersrand; Retha Peach, wa Yunivesithi ya Leboya Bophirima, le Ngaka Mark Williams-Wynn, wa Yunivesithi ya KwaZulu-Natal. Kopano e tla tshwarwa ho tloha ka la 25 ho isa ka la 30 Phuptjane 2017 moo dikgalala tse 31 di lebeletsweng ho nka karolo.
4.3. Kabinete e thoholetsa sehlopha sa basadi feela sa bafuputsi ho tswa ho Yunivesithi ya Motse Kapa, mmoho le Gasnat Shaboodien le Sarah Krause, le bafuputsi ba tswang Italy ba sibollotseng jini ya lefu la pelo. Tshibollo ena ya nalane ya bongaka e na le bokgoni ba ho thibela makgolokgolo a mafu a amanang le pelo selemo ka seng.
4.4. Lefapha la Dipapadi le Boithapollo la Aforika Borwa le Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa (SARS) di ile tsa abelwa ka kopanelo Kgau ya Maleme a Mangata ya Boto ya Dipuo tsohle tsa Aforika Borwa mokgahlelong wa Lekala la Mmuso/Setjhaba. Ba amohetse thoriso ena bakeng sa ho ananela boikitlaetso ba bona ba ho hodisa tshebediso ya maleme a mangata ka hara Aforika Borwa.
4.5. Phethisetso a atlehileng ya marapo ya bodulasetulo ba khomishene ya Kopano ya Aforika ho tloha ho Ngaka Nkosazana Dlamini-Zuma ho ya ho Moussa Faki Mahamat wa Chad. Kabinete e mo lakaletsa katleho.
4.6. Kabinete e thoholetsa Amajita bakeng sa tshebetso ya bona ho Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa ba ka tlasa dilemo tse 20, ho la Zambia. Ba ile ba fihlella seka makgaola kgang mme ka ho etsa jwalo ba fumanela Aforika Borwa sebaka ho Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa selemo sa 2017 wa ba ka Tlasa dilemo tse 20 o tla tshwarelwa Korea Borwa.
5. Matshediso le ditakaletso tse molemo
5.1. Kabinete e romela matshediso a yona ho metswalle le malapa a ba lahlehetsweng ke baratuwa ba bona mellong e hlasetseng dibaka tsa mekhukhu tsa Motse Kapa e siileng batho ba dikete ba hloka bodulo.
Mmuso o ahile ditente tse pedi tse kgolo ho thusa ka boingodiso ba ba lahlehetsweng ke ditokomane tsa boitshupo mme diholo tse nne di fane ka bodulo ho ba hlokang bodulo, moo ditlhoko tsa mantlha tse kang metsi le dipakete tsa dijo di abuwang.
Mafapha a fapafapaneng a mmuso a itahletse ka setotswana bakeng sa ho fana ka tshehetso le ditshebeletso ho fokotsa sekgahla se teng hodima badudi.
Kabinete e leboha mekgatlo ya Dithuso le baithaopi ba thusang ka mesebetsi ya kimollo sebakeng seo.
5.2. Kabinete hape e lakaletsa mokaubere wa ntwa kgahlanong le kgethollo Winnie Madikizela-Mandela tse molemo nakong eo a ntseng a le sepetlele, mme re kgothaletsa setjhaba ho mo beha mmoho le lelapa la hae menahanong le dithapelong nakong ena.
5.3. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho lakaletsa molwanedi wa tokoloho Ahmed Kathrada ho fola kapele bohlokong ba hae. Ke e mong wa Baqosuwa ba Rivonia ya ntseng a phela mme re kgothaletsa setjhaba ho mo beha mmoho le lelapa la hae menahanong le dithapelong tsa bona nakong ena.
Dipotso:
Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766