1. Ho KenngwaTshebetsong ha Mananeo a Mmuso
1.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla hlophisaSeboka sa Moporesidente sa Mebuso ya Lehae sa boraro ho tloha ka la 6 ho isa ka la 7 Mmesa 2017 tlasa mookotaba:”Re fetola Dibaka Tsa Bomasepala bakeng sa Ntshetsopele e Matla ya Kahisano le Moruo”.
Seboka se tla tsepamisa maikutlo hodima matlafatso ya tsamaiso ya mebuso ya lehae jwaloka karolo ya mokgahlelo wa bobedi wa lenaneo la Re Boela Sethathong. Hodima moo, se tla sebetsana le ho hloka toka ha tlhophiso ya dibaka le ho se nyallane ha dibaka ho tswelang pele ho ba le kgahlamelo maphelong a batho ba bo rona.
Dintlha tse ding di kenyeletsa: ho ahwa ha metse e itsekang bakeng sa ho phema le ho fokotsa kgahlamelo ya dikoduwa; le ho fohla ditumellano tse akaretsang mmuso bakeng sa ho ntlafatsa phethoho ya kahisano le moruo maemong a mebuso ya lehae.
Mebuso ya lehae ke taba e amang mang le mang – Kabinete e ipiletsa ho bankakarolo ba setjhaba le ba poraefete, setjhaba ka kakaretso le boradikgwebo ka kakaretso ho kgothometsa mananeo a reretsweng ho tshehetsa bomasepala.
1.2. Pitso ya bo-3ya Bohahlaudi ba Mebuso ya Lehae e tla tshwarwa ho tloha ka la 3 ho isa ho la 4 Mmesa 2017 Emperors Palace, ho la Gauteng tlasa mookotaba: “Meralo ya bohahlaudi ke taba ya mang le mang.”Pitso e tla tsepamisa maikutlo hodima bohlahlaudi bo ntseng bo hola ka hara naha ka ho bo kenyeletsaka hara mawala kaofela a kgolo le ntshetsopele a diporofense le bomasepala.
1.3. Setheo sa Naha sa Diphaka sa Aforika Borwa (SANParks) se tla tshwara Seboka sa Matsete a Bohahlaudi ka la 4 Mmesa 2017, se tla beng se tsepamisitse maikutlo hodima menyetla e metjha e 55 ya matsete. Dilemong tse 15 tse fetileng, SANParks e tswetse pele ho eketsa palo ya ditumellano tsa Bolekane ba Setjhaba le ba Poraefete, tse akaretsang lethathama le phatlaletseng la diporojeke, ho kenyeletswa bodulo, direstjhurente, mabenkele, diketsahalo, boemafofane ba Skukuza le Motjha wa Kheibole ya Moyeng ya Table Mountain.
1.4. Moporesidente Jacob Zuma, jwaloka Modulasetulo wa Komiti ya Dihlooho tsa Dipuso ho Phanele ya Maemo a Hodimo ya Metsi ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN), o butse semmusoSeboka le Dipontsho tsa Letsatsi la Metsi la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng le hape ho thakgola kgatiso ya bo-17 ya Tlaleho ya UN ya Ntshetsopele ya Metsi a Lefatshe, e tsepamisitseng maikutlo hodima taolo ya metsi a silafetseng bakeng sa meruo e hlasimolohileng, badudi ba itsekang le paballo ya ditikoloho tse lokileng ho phatlalla le lefatshe.
Kabinete e ananelaboitlamo ba Phanele ya Maemo a Hodimo ya Metsi ba ho sebetsa haholo le bankakarolo ba metsi ho netefatsa hore maikemisetso a amanang le metsi a Lenaneo la 2030 le ka nqane a ya fihlellwa.
Dipheo tsa Ntshetsopele ya Moshwelella di kenyeletsa maikemisetso a ho netefatsa hore mang le mang o fihlella metsi a hlwekileng ka 2030, ho etsa metsi e be ntlha ya bohlokwa ntweng ya ho fedisa bofutsana bo feteletseng. Metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere ke ntho ya bohlokwa ntshetsopeleng ya moshwelella, e hlokolosi bakeng sa ho phela ha batho le tikoloho.
1.5. Mohopolo wa Naha wa Mmuso wa Lebenkele le Rekisang Tsohle o ileng wa thakgolwa ke Moporesidente Zuma ka la 17 Hlakubele 2017, jwale o se o sebetsa mme o buletswe kgwebo bakeng sa boramatsete bohle. Le sebetsa jwaloka ntlha e tsepamiseditsweng maikutlo le ho ba sebaka sa kopanelo sa mafapha a fapaneng se fanang ka tshebeletso ya mohopolo o le mong le ya seporofeshenale ho ba batlang ho theha dikgwebo kapa ho tsetela ka hara Aforika Borwa. Ditshebeletso tsena kaofela di fumaneha sebakeng se le seng.
1.6. Moporesidente Jacob Zuma o atolositseKomiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) ya Bofalli ka ho kenyeletsa Ditonakgolo kaofela tsa Diporofense le Mokgatlo wa Aforika Borwa wa Mebuso ya Lehae (Salga) jwaloka ditho.
Sena se tla netefatsa ho tsepamisa maikutlo ho hokahantsweng hodima dintlha tsohle tsa bofalli ho kenyeletswa le leano la Aforika Borwa la bofalli, ditsela tseo ka tsona makala a fapafapaneng a ka sebetsang le mmuso ho kgothaletsa bofalli bo hlophisitsweng hantle le ho matlafatsa dikamano tse ntle pakeng tsa baahi le melata.
1.7. Jwaloka ha re kwala Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho Kabinete e leboha maAforika Borwa a neng a imatahantse le mekete ya naha ya Letsatsi la Ditokelo tsa Botho, le neng le tlotla bahale ba rona ba ntwa ya kgethollo ba lwanetseng ditokelo tse ngata tseo re nang le tsona kajeno. Sena se ne se kenyeletsa sehopotso sa dilemo tse 40 sa lefu la Bantu Steve Biko.
Ho keteka bahale ba rona ba naha ho netefatsa hore batjha ba rona le meloko e tlang e tla tseba le ho utlwisisa nyehelo ya bona le seo ba neng ba se emetse.
1.8. Re bone keketseho e nyarosang ya diketsahalo tse ngata tsa bosemorabe, tse suthang ho dikuno tseo re di entseng jwaloka demokerasi.
Re lokela ho tsota hore re dula naheng e kgothaletsang ditokelo tsa botho le seriti. Dikunu tsena di tlile ka theko e thata. Batho ba lahlehetswe ke maphelo a bona. Ha re a tshwanela ho lebala dihlabelo tse entsweng bakeng sa tokoloho le demokerasi ya rona. Re lokela ho tswela pele ho aha Aforika Borwa e kgothaletsang ditokelo tsa botho bakeng sa bohle, ho sa shejwe maemo a bona, bong kapa moo ba dulang teng.
1.9. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho imatahanya le Letsatsi la Naha la Tokoloho le mekete ya Kgwedi ya Tokoloho. Kgwedi ya Tokoloho le Letsatsi la Naha la Tokoloho di tshwaya ho tswalwa ha tokoloho le demokerasi ka hara naha ya rona, le leeto la rona ho tloha naheng e neng e thuntheditswe ke lehloyo le dikarohano ho ya setjhabeng se ahang bokamoso bo tshwanang.
Mekete ya Kgwedi ya Tokoloho e hodisa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) jwaloka tjhebelopele ya rona ya nako e telele bakeng sa bolekane ba ho fihlella Aforika Borwa e lohothwang ho Molaotheo, Bili ya Ditokelo ya rona le Tjhata ya Tokoloho e etsang nalane ya selemo sa 1955.
1.10. Kabinete e mema baithuti kaofela ba dikolo tse phahameng ho nka karolo ho tlhodisanoya moqoqo ya dikolo tsa sekondari ya selemo sa2017 ya Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa(SADC), e buletsweng baithuti kaofela ba dikolo tsa sekondari ka hara lebatowa la SADC.
Sehlooho sa Tlhodisano ya Moqoqo wa Dikolo tsa Sekondari ya SADC ya selemo sa 2017:"Re Qhaneha Eneji ya Moshwelella bakeng sa Ntshetsopele ya Moruo wa Lebatowa."
Lefapha la Thuto ya Motheo le tla thusa baithuti ba lakatsang ho kenela tlhodisano ena ya moqoqo. Meqoqo e meraro e tla kgethwa ho tswa porofenseng ka nngwe e tla romelwa ho Lefapha la Thuto ya Motheo ka la 5 Motsheanong 2017. Meqoqo e hlolang ya naha e tla romelwa ho Bongodi ba SADC ka la 31 Motsheanong 2017.
2. Diqeto tsa Kabinete
2.1. Ditho tsa Phethahatso ho phatlalla le dikarolo tse tharo tsa mmuso di tla buisana le maAforika Borwa naha ka bophara nakong ya Imbizo ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ho tloha ka la 17 ho isa ka la 23 Mmesa 2017 tlasa mookotaba “Mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa Pele”.
Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho ba baahi ba mafolofolo le ho ba le boikarabelo, ho buisana le baetapele ba mmuso mabapi le mananeo a kenngwang tshebetsong ho ntlafatsa maphelo a batho le ho ba rwesa boikarabelo. GCIS e tla hokahanya lenaneo lena, leo dintlha tsa lona di tla fumaneha ho www.gov.za.
2.2. Kabinete e tjhaelletse monwanaho phetwa ha selemo ka seng ha borobong ha Tshebetso ya Leano la Diindaseteri (IPAP) ha 2017/18 ho isa ho 2019/20 le sebetsanang le diphephetso tse ka sehloohong tsa kgolo ya moruo le ya diindaseteri le bofuma bo itshetlehileng hodima morabe, ho se lekalekane letlhokeho ya mesebetsi. Sena ke se seng sa bohlokwa sa dikateng tsa Moralo wa Dintlha tse Robong waMoporesidente Jacob Zuma mme o matahantswe le mmono wa leano la Phethoho e Matla ya Moruo.
IPAP e fihletse katleho ya bohlokwa dibakeng tse ngata tsa bohlokwa: ho boloka difeme tse ngata le mesebetsi, ho tshehetsa makala a bohlokwa bakeng sa menyetla ya Aforika Borwa yaho theha diindaseteri bakeng sa nako e telele le ho bula dibaka tse ntjha tsa kgolo ya moruo ho ahella hodima monyetla wa rona wa boipapiso le bokgoni ba diindaseteri tse matla tsa lefatshe.
Dintlha tse kgannang IPAP 2017-2020 di kenyeletsa: boitlamo bo menahaneng habedi ho Phethoho ya Moruo e Matla; mekutu e tswelang pele ya ho fihlella kgolo e abelanwang le e kenyeletsang; akofiso e potlakileng ya Lenaneo laBoradiindaseteri ba Batho ba Batsho, le tsepamiso ya maikutlo hodima kgiro ya basebeletsi ba bangata ho phatlalla le mathathama a dikgwebo a hokelang makala a mantlha a moruo ho makala a tlhahiso le ditshebeletso hammoho le mekutu e matlafetseng ya dihlahiswa tse romellwang dinaheng tsa ka ntle.
2.3. Kabinete e tsebisitswe kadiphetho tsa Dipatlisiso tsa Diphuputso tsa Naha le Ntshetsopele ya Diteko tsa2014/15 (Dipatlisiso tsa R&D).
Ditshenyehelo-Kakaretso tsa Aforika Borwa tsa R&D(GERD) e ne e le R29, 345 bilione ka 2014/15. Sena ke keketsehoe seng kae ya 14.4% ho tloha ho R25, 661bilione ka 2013/14. Sena ke selemo sa bone ka tatelano hore GERD e eketsehe kamora ho honyela ka 2009/10 le 2010/11. GERD e na le phesente ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha(GDP), e leng tshupane e ka sehloohong yamatla a R&D ka hara moruo, e phahametse ho 0, 77% ka 2014/15.
Matsete a hlwahlwa le a nepahetseng ho R&D a ya batleha ho fihlella merero ya NDP.
2.4. Kabinete e tshehetsatlaleho ya dilemo ka ding tse pedi ya Maemo a Saense le Thekenoloji ya Phethoho ya Tlelaemete ka hara Aforika Borwa.
Tlaleho, e tla fumaneha hohle, e fana ka kakaretso ya tekolo e hlokolosi le ya papiso ya diphuputso tsa saense tsa phethoho ya tlelaemete le dintjhafatso tsa thekenoloji tse amehang. E etsa dikgothaletso tse robedi bakeng sa ho ntlafatsa maemo a saense le thekenoloji ya diphethoho tsa tlelaemete ka hara Aforika Borwa le ho beha naha maemong a ho ba monkakarolo wa kontinente le wa lefatshe ho saense le thekenoloji ya phethoho ya tlelaemete. Sena se tla sebediswa ho matlafatsa, ho bebofatsa le mawa a boimatahanyo kgahlanong le phethoho ya tlelaemete.
2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso yaLewa la Tshehetso ya Thekenoloji ya Dikgokahanyotsa Tlhahisoleseding (ICT) leDikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME) bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sepheo sa Lewa lena ke ho hlahisa maitshunyako a ho akofisa ntshetsopele le kgolo ya dikgwebo tse nyenyane lekaleng la ICT, le ho thusa ka keketseho maemong a tsebo le tshebediso ya di-ICT ke lekala la dikgwebo tse nyenyane ka kakaretso.
2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa haNational E-Strategy bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.
E-Strategy ke mohopolo wa tjhebeleopele bakeng sa ntshetsopele e kenyeletsang ya setjhaba sa tlhahisoleseding le moruo wa tsebo bakeng sa naha e itshetlehileng hodima ditlhoko tsa baahi ba yona, lekala la dikgwebo le la setjhaba. Sena se fana ka lepatlelo bakeng sa maAforlika Borwa ho kenyeletsa thekenoloji maphelong a bona ka mokgwa o tswelang setjhaba kaofela molemo.
Sepheo ke ho ntshetsapele tsebo e itshetlehileng hodima tsebo ya setjhaba, ho fetola setjhaba sa Aforika Borwa le moruo o itshetlehileng hodima phihlello le tshebediso ya dithekenoloji tsa dikgokakanyo tsa tlhahisolesedingtsa sejwalejwale.
2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya National e-Government Strategy le Mmapa bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.
Lewa lena le tataisa diphethoho ho tsa dijithale tshebeletsong ya mmuso hore e be setjhaba se kenyeletsang ho tsa dijithale, hore ho kgontshe baahi hore ba kgolemolemo menyetleng e hlahiswang ke dithekenoloji tsa dijithale ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona.
Sena se tla nyehela mabapi le ho fihlellwa ha merero ya NDP hammoho le ho matlafatsa meralo ya Mmuso le mananeo a ho fana ka ditshebeletso tsa Mmuso ka mokgwa o hlwahlwa.
2.8. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Naha la Boipaballo Mebileng la 2016-2030. Sena se sebetsana le diphephetso le dikgeo tse hlwauweng ke Lefapha la Dipalangwang mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mawa a fetileng, ho kenyeletswa Lewa la Naha la Boipaballo Mebileng la selemo sa 2006.
Sena se nyehela mabapi le ho fihlella sepheo sa NDP sa ho “fokotsa ditemalo, dikotsi le merusu ka 50% ho tloha maemong a selemo sa 2010”. Hape le arabela ho tlhokeho ya ho bopa marangrang a meralo ya motheoa hlwahlwa, a hlodisanang le ho arabela a moruo ho netefatsa meralo ya motheo ya mebila e bolokehileng le ho tshepahala.
Dikotsi tsa mebila di na le ditlamorao tse bohloko ho malapa le badudi ka ha di baka tahlehelo ya maphelo le ho eketsa morwalo hodima tsamaiso ya polokeho ya kahisano le ya thekolohelo.
2.9. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Moralo wa Lewa la Lekala la Naha la Bohahlaudi bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sena ke moralo wa ntshetsopele ya kgolo ya bohahlaudi ba Aforika Borwa.
Lewa le rerile ho eketsa nyehelo e otlolohileng ya bohahlaudi moruong ho tloha ho R118 bilione ho fihla ho R302 bilione ka selemo sa 2026 ka meralo ya tshebedisano, le ho kenngwa tshebetsong ha mesebetsi e ka sehlohlolong eo ho dumellanweng ka yona.
Ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Lekala la Naha la Bohahlaudi la hajwale le nyehetse mabapi le kgolo ya bohlokwa ho ya ka methamo ya bahahlaudi, nyehelo ho GDP, le tekanyo ya bohlokwa e ntle ya kgwebo le tlhahiso ya mesebetsi. Mokgahlelo o tlang wa kgolo o tsepamisitse maikutlo kgolong e kenyeletsang le diphethoho ka hara lekala lena.
2.10. Kabinete e tjhaelletse monwanaLeano la Moralo wa Naha (NSP) bakeng sa (Tshwaetso e Hlaselang Masole a Mmele a Tshireletso) HIV, Lefuba (TB) le Mafu a Tshwaetsang ka Thobalano (di-STI) la 2017-2022.
Karabelo ya Aforika Borwa ho mafu a HIV le TB ho bolela hore moAforika Borwa ya jwale o phela dilemo tse leshome halelele ho feta kamoo ho neng ho le kateng ka selemo sa 2004. Sekgahla sa ditshwaetso tsa HIV se fokotsehile fela jwalo le ka mafu a bakwang ke TB.
NSP ena ya bone e rerile ho eketsa dikatleho ha ka nqa e nngwe ho tsebahatswa mawa a matjhaa ho thibela ditshwaetso tse ntjha, ho hlwaya batho ba tshwaeditsweng ka potlako le ho ba phekola le ho ba hlokomela ka katleho. E teka moralo wa lewa bakeng sa bolekane le makala a mangata ho akofisa kgatelopele mabapi le ho fokotsaho kula le ho hlokahala ho amahanngwang le HIV, TB ledi-STI. Sena se matahantswe le NDP e ananelang ditlamorao tse tebileng tseo HIV le TB di nang le tsona mabapi le ho diehisa ntshetsopele ya Naha.
2.11. Kabinete e tsebisitswe kaTlaleho ya Komiti ya Matona ya Moralo wa Leano bakeng sa Tsamaiso ya Boqhwala le Thuto le Thupello ya Kamora Materiki, e entseng dikgothaletso mabapi le ntshetsopele ya Moralo wa Leano la Lewa la Boqhwala.
Sena se fana ka sefutho ho Molaotheo mabapi le ho tlosa ditshita ntlheng ya ho kenyeletsa dihlopha tse kotsing setjhabeng ka kakaretso jwaloka ditho tse nkang karolo tsa setjhaba.
2.12. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Khonvenshene e Shebilweng Botjhaya Kananelo ya Dithuto, Ditifikeiti, di-Diploma, Dikgerata le Mangolo a mang a Thuto Thutong e Phahameng ka hara Dipuso tsa Aforika Palamenteng bakeng sa kamohelo. Letona laThuto e Phahameng le Thupello le tla fana ka sesebediswa sena se amohetsweng ho Mokgatlo wa Thuto le Botjhaba wa Matjhaba a Kopaneng (UNESCO).
Khonvenshene ena e Shebilweng Botjha e rerile ho fana ka tikoloho e kgontshang ho phatlalla le Dipuso tsa Aforika bakeng sa ho ananela mangolo a thuto e phahameng a kang ditifikeiti, di-diploma, dikgerata le mangolo a mang a thuto moo ho tla thusa mabapi le ho tsamaya ka bolokolohi ha baithuti, dirutehi le basebetsi ho phatlalla le kontinente.
2.13. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Leano la Naha bakeng sa Tsamaiso e Kopanetsweng ya Ntshetsopele ya Makala a Thuto bakeng sa Aforika Borwa, bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.
Leano le fana ka tikoloho e kgontshang bakeng sa Ditshebeletso tsa Ntshetsopele ya Makala a Thuto ka maano, ditataiso, diporothokhole, mekgwa, dibopeho, maikarabelo a abelanwang le tshebedisano. Sena se tla tswela pele mabapi le ho netefatsa hore baahi ba dilemo kaofela, ba fihlella tlhahisoleseding ya boleng ya makala a thuto le ntshetsopele ya makala a thuto, maphelong a bona le diqeto tsa bophelo tse fanang ka maemo a hodimo hore ba kgone ho etsa diqeto tse hlwahlwa ka makala a thuto le bophelo tse fanang ka maemo a hodimo a kgiro le ho thusa ho eketsa kgolo ya moruo ya moshwelella ka hara naha le ho matlafatsa bonkakarolo ba bona ntshetsopeleng ka kakaretso ya Aforika Borwa.
Sena se matahantswe le NDP e kgothaletsang kgodiso ya kgolo ya moruo le kgiro, ho matahanya basebetsi le mesebetsi, ho eketsa ntshetsopele ya maitsebelo le dipalo tsa dirutehi tsa diyunivesithi.
2.14. Kabinete e tsebisitswe ka kgatelopele e entsweng mabapi leTjhebo botjha ya Tsamaiso ya Toka ya Botlokotsebele ho etsa hore Tsamaiso ya Toka ya Botlokotsebe e be ya sejwalejwale ka Lenaneo la Toka le Kopanetsweng.
Kabinete e tjhaelletse monwana moralo o pharaletseng bakeng sa ntshetsopele ya Tsamaiso e Kopanetsweng ya Toka ya Botlokotsebe o tla sebetsana le diphephetso le dikgaello ho phatlalla le lethathama la toka ya botlokotsebe.
Tsamaiso e Kopanetsweng ya Toka ya Botlokotsebe e reretswe ho matlafatsa tshebedisano le kenyeletso ya makala a qobello ya molao mabapi le ho fihlella lewa la sepheo sa NDP – sa ho aha metse e bolokehileng le ho bopa Tsamaiso ya Toka ya Botlokotsebe e lwantshang bobodu e itsekang. Sena se nyehela ho Sephetho sa horeBatho Kaofela ka hara Aforika Borwa ba Bolokehile le ho Ikutlwa jwalo.
2.15. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa ho lokollwa haTokomane ya Dipuisano bakeng sa mabaka a ditherisano tse tla baka hore ho be le ntshetsopele ya “katamelo ya mmuso kaofela le setjhaba” ya Lewa la Naha la Twantsho ya Bobodu.
Lewa le reretswe ho sebetsana le bobodu, ka bobedi ka hara makala a mmuso le a poraefete jwaloka ka ha ho hlwauwe ho NDP. Mehato e tsebahaditsweng e rerile ho bopa tsamaiso e itsekang e kgahlanong le bobodu e kgothaletsang tshebedisano ya makala a mangata ho phatlalla le makala kaofela.
2.16. Kabinete e tjhaelletse monwana Lengolo le letjha la Diphethoho tsa Bofalli ba Matjhaba. Sena ke moralo wa leano o tla tataisa tjhebo botjha e pharalletseng ya bofalli le melao e meng e amehang.
Lengolo la Diphethoho tsa e thathiselletsatokelo ya Aforika Borwa ya semmuso ya ho sekaseka kamohelo le maemo a bodulo bakeng sa melata ho imatahantswe le tabatabelo ya naha. E fana ka tjhebelopele e tswetseng pele bakeng sa Aforika Borwa ho eketsa melemo ya bofalli bo laolwang hantle ba matjhaba ha ka nqa e nngwe ho fokotswa dikotsi tse amehang. Bofalli ba Matjhaba bo tshwanela ho ananelwa ha re ntse re tshireletsa boikemelo, kgotso le polokeho.
2.17. Kabinete e tshehetsa Moketjana wa ho Amohela Melata o tla tshwarwa ke Lefapha la Merero ya Lehae le ho tjhaella monwanahore e be tlameho bakeng sa batho ba fuweng boahi ka ho fetolwa ho ba maAforika Borwa ho kenela moketjana ona. Kabinete hape e tjhaelletse monwana hore makgotla a dinyewe a bomaseterata, hara a mang, a sebediswe bakeng sa meketjana ya Kamohelo ya Melata.
Moketjana o fana ka monyetla wa ho ruta baahi ba batjha ka ditokelo le maikarabelo a bona le ho nka kano ya botshepehi ka pele ho Letona.Sena se tla nyehela mabapi le momahano ya kahisano ka ho hlakisa tlhokeho ya maAforika Borwa ho amohela melata e fumaneng boahi ba Aforika Borwa.
2.18. Kabinete e tsebisitswe ka mosebetsi o entsweng ke Sehlopha sa Tshebetso sa Kantoro ya Moporesidente sa Diindaseteri tsa Boiqapelo sa Batlatsi ba Matona. Sehlopha sa Tshebetso tlasa bodulasetulo ba Letona Kantorong ya Moporesidente se fana ka lepatlelo la mawa hore ba nkang diqeto ka hara mmuso, setjhabeng ka kakaretso le lekala la poraefete ho tshohla tshebetso e kopanetsweng e tla akofisa diphethoho indasetering ya boiqapelo. Dintlha tseo ho sebetsanwang le tsona tse kenyeletsang: ho phaereta, tshireletso ya dingolwa le tlolo ya melao, dikateng tsa lehae le nako ya moyeng, polokeho ya kahisano ho kenyeletswa le tokiso ya lekeno, ho lokisa indaseteri ka ho qollehadibapadi, ho fetolwa ha lekala le ntshetsopele ya maitsebelo.
Mosebetsi wa Sehlopha sa Tshebetso o tshehetsa Mzansi Golden Economy, e thusang ka tlhahiso ya mesebetsi, e matlafatsa tekatekano ya kahisanole bokgoni ba phehisano le ho thaotha matsete a ka hara naha mabapi le diketso tse ka bopang kgiro ya moshwelella. Se sebetsa le bankakarolo ba bangata ba indaseteri ena le ho phatlalla le mafapha a mmuso, Sehlopha sa Tshebetso se hlahisitse maitshunyako mabapi le ho bula le ho matlafatsa indaseteri ya dipapadi ho phatlalla le lethathama lena la kgwebo leo a mang a tsona a kenyeletsang Sehlomathiso sa Bili ya Ditokelo tsa Dingolwa le Bili ya Tshireletso ya Dibapadi Palamenteng; ntlafatso ya ho etsa direiti tse kgahlanong le ho phaereta kgafetsa, jwalojwalo.
2.19. Kabinete e tjhaelletse monwana kopo ya Aforika Borwa e shebilweng botjha ho Ditherisano tsa Kgwebisano Ditshebeletsong tsa SADC tse amanang le makala a kaho le dipalangwang.
Sena se hodisa kgolo ya ka hara naha ya makala a ka sehlohlolong ho kenyeletswa ho atolosa menyetla ya phihlello ya mebaraka bakeng sa tshebeletso ya dihlahiswa tse romellwang ka ntle tsa Aforika Borwa.
Tokoloho ya tshebeletso e emetse mohato wa bohlokwa ho kenyeletso e tebileng ya SADC le ho nyehela ho thehweng ha mmaraka wa lebatowao tla tshehetsa ho ropoha le ntshetsopele ya difeme tsa lebatowa bakeng sa ho fana ka ditshebeletso ho mmaraka o moholo wa lebatowa. Sena se nyehela ho dipheo tsa NDP tsa ho kgothaletsa kopanelo ya moruo wa lebatowa le ntshetsopele ya kontinente ya Aforika.
2.20. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa haphihlello ho Khonvenshene ya Nairobi e Fetotsweng bakeng sa Tshireletso, Botsamaisi le Ntshetsopele ya Tikoloho ya Mawatleng le Mabopong a Bophirima ho Lewatle la India, Palamenteng.
Sena se fana ka mokgwa wa tshebedisano ya lebatowa, kgokahanyo le diketso tsa tshebedisano lebatoweng le ka Botjhabela le Borwa ba Aforika. Sena se tla kgontsha Mekga e keneng Konterakeng ho qhaneha mehlodi le boitsebelo ho tswa letotong le batsi la bankakarolo le dihlopha tse nang le thahasello mabapi le ho rarolla mathata a hokahaneng a tikoloho ya mabopong le mawatleng ho kenyeletswa dintlha tsa naha le tsa ka nqane ho madiboho.
Phihlello e tla lwantsha tshilafatso le ho netefatsa bolaodi bo hlwahlwa ba mehlodi ya mabopo le ya mawatle e amang polokeho ya dijo, bophelo bo botle le bokgoni ba kgolo ya moruo.
2.21. Kabinete e tsebisitswe kadiphetho tsa Tulo ya bo-22 ya Pitso ya Mekga (COP22) ho Khonvenshene ya Matjhaba a Kopaneng ya ho Fetoha ha Tlelaemete (UNFCCC), leTulo ya bo-12 ya Pitso ya Mekga e sebetsang jwaloka Kopano ya Mekga ho Porothokhole ya Kyoto (CMP 12), e neng e tshwerwe ho tloha ka la 7 ho isa ka la 18 Pudungwana 2016, Marrakech Morocco.
Marrakesh COP 22 e ne e le motsotso wa bohlokwa wa diphethoho ho tswa ho dilemo tse ngata tsa ditherisanoe hlahisitseng Tumellano ya Paris mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha diketso tsa boimatahanyo le pebofatso. Dipheo tsa COP 22 boholo di fihlelletswe ho ya ka thomo ya Aforika Borwa.
2.22. Kabinete e tjhaelletse monwanathomo ya ho kena ditherisanong ya Aforika Borwa ho sebetsa jwaloka motheo wa dipuisano ho Pitso ya Basel, Rotterdam le Stockholm, e tla tshwarwa o tloha ka la 24 Mmesa ho isa ka la 5 Motsheanong 2017 ho la Geneva.
Sepheo ke ho sebeletsa bakeng sa bolaodi bo hlwahlwa ba dikhemikhale le matlakala bakeng sa ho amohela paballo ya moshwelella ya bophelo ba batho le tikoloho.
2.23. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa haTlaleho ya pele ya Naha ya Selekane sa Matjhaba sa Ditokelo tsa Moruo, Kahisano le Botjhaba ho Komiti ya UN ya Ditokelo tsa Moruo, Kahisano le Botjhaba.
Phihlello ya ditokelo tsa moruo wa kahisano di bopa karolo ya bohlokwa ya Molaotheo le ya NDP. Esale ho tloha ka ketsahalo ya demokerasi Aforika Borwa e entse menyabuketso ya bohlokwa ka ho tswela pele ho fihlella ditokelo tsa moruo wa kahisano bakeng sa batho ba yona. Dilemong tse 18 tse fetileng re ahile ditheo tsa demokerasi, ra fetola tshebeletso ya mmuso, ra atolosa ditshebeletso tsa motheo, ra tlisa botsitso moruong le ho nka maemo a rona jwalo ka naha dinaheng tse ding. Ntle le dikatleho tsena bofuma, ho se lekalekane le tlhokeho ya mesebetsi e ntse e le diphephetso tsa rona tse ka sehloohong.
3. Dibili
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Sekema sa Ditsiane tsa Dikotsi tsa Mebileng, ya selemo sa 2017 Palamenteng. Bili e fana ka sekema sa polokeho ya kahisano bakeng sa mahlatsipa a dikotsi tsa mebileng ka ho fana ka sekema se setjha sa ditsiane tsa dikotsi tsa makoloi se bitswang Sekema sa Ditsiane tsa Dikotsi tsa Mebileng, se nkang sebaka sa Letlole la Dikotsi tsa Mebila(RAF) la hajwale.
3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya hoHlakolwa ha Dibaka tsa Boikgathollo tsa Overvaal, ya selemo sa 2017bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sena se hlakola Molao wa Dibaka tsa Boikgathollo tsa Overvaal wa 1997(Molao wa bo-123 wa 1997, e leng molao wa sethathong wa Aventura. Sena se phethela phediso/ho kwalwa ha Aventura.
Kabinete e nkile qeto ka la 22 Phato 2001 ho fedisa dibaka tsa boikgathollo tsa Aventura tse neng di nkuwa e se thepa ya bohlokwa ya Mmuso.
3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa haSehlomathiso sa Bili ya Tshireletso, yaselemo sa 2017 Palamenteng. Bili e matahanya Molao wa Tshireletso, wa selemo sa 2002 (Molao wa bo-42 wa 2002) le ditlhoko tsa ditlhophiso tsa Lefapha tse tla matlafatsa bohlwahlwa ba Lefapha la Tshireletso. Dihlomathiso mokgwa tsona ke ditlhophiso tsa lefapha mme di sebetsa ka hara Lefapha la Tshireletso.
3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Mesebetsi ya Semolao, ya selemo sa 2017 Palamenteng.
Bili e fetola Molao wa Mesebetsi ya Semolao, wa selemo sa 2014 (Molao wabo-28 wa 2014) bakeng sa ho sebetsana le dintlha tse setlwaeding le tsa setekginiki tsa mofuta o sa bakeng dikgohlano.
Bili hape e rerile ho laola ditaelo tsa dibaka tsa tshebetso tsa Makgotla a Diporofense, ho laela hore basebeletsi feela ba sebetsang ho tsa molao ba ka etsa mesebetsi kapa ho fana ka ditshebeletso tse itseng, bakeng sa ho laola mesebetsi ya dibanka mabapi le diakhaonte tsa teraste, ho laola nako ya Foramo ya Naha ya Lekala la Molao le ho fana ka letsatsi la ho qhalwa ha makgotla a molao.
4. Dintlha tsa Hajwale
4.1. Mmuso o amohetse kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe laMolaotheo mabapi le holefuwa ha ditjhelete tsa dithuso tsa mmuso. (IMC) ya Polokeho ya Kahisano e Pharalletseng, tlasa bodulasetulo ba Moporesidente Jacob Zuma esale e sebetsa ka thata ho netefatsa hore Mmuso o tswela pele ho lefa dithuso tsa mmuso tsa ditjhelete tse fetang 17 milione ho bakgolamolemo ba nang le tokelo ho tloha ka la 1 Mmesa 2017.
Bakgolamolemo ba amohelang dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso ho tswa mabenkeleng le dibankeng ba tla lefuwa ka la 1 Mmesa 2017 ha ba sebedisang dibaka tsa Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) tsa tefello ba tla lefuwa ho tloha ka la 3 Mmesa 2017. Bakgolamolemo ba dithuso tsa ditjheletetsa mmuso ba lokela ho ela hloko matsatsi a bona a ditefello ka tatelano, a hlahellang dintlankaneng tseo ba di fumanang letsatsing le fetileng la tefello ka Hlakubele 2017. Nomoro ya mahala ya setsi sa SASSA: 0800 60 10 11 e tla bulwa bakeng sa ho thusa bakgolamolemo ka dipotso tsa bona kaofela. Ho entswe ditlhophiso mabapi le ho netefatsa hore tsamaiso ya SOCPEN e ya fumanehabakeng sa dipatlisiso le netefatso ya dikopo tsa dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso.
Lenaneo la Mmuso la thuso ya setjhaba e dula e le letlowa la bohlokwa la polokeho bakeng sa dimilione tsa maAforika Borwa. Le motsong wa lenaneo la mmuso la phediso ya bofuma, mme le thusitse ho kgutlisetsa seriti sa batho ba bo rona. Re mmuso o tsotellang o tswelang pele ho tsitlallela ho ntlafatsa maemo a bophelo a maAforika a fumanehileng, a kotsing le a tinngweng menyetla.
4.2. Kabinete e tiisa horeditokelo le polokeho ya basadi kaofela setjhabeng sa bo rona di tshwanela ho tshireletswa. Diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa tlhaselo ya basadi, ka ho qolleha ke bakganni ba ditekesi ke ntho e tlamehileng ho re tshwenya.
Kabinete e thoholetsa basadi ba sebete ba itlhahisitseng ka ho tlaleha diketsahalo tsena le ho ipiletsa ho badudi ho thusa ho thola baetsi ba diketso tsa merusu kgahlanong le basadi le bana.
4.3. Kabinete e boeletsa maitlamo a entsweng keMopresidente Jacob Zuma nakong eo a neng a tshetleha puo hoDikgau tsa Naha tsa Matitjhere tsa bo-17: hore ho tla nkuwa Bohato kgahlanong le matitjhere a ntseng a tswela pele ho shapa bana dikolong, sena ha se molaong mme ho tla nkuwa mohato kgahlanong le matitjhere a tlolang molao le ho thunthetsa seriti le polokeho ya bana. Bothata ba ho ima ha banana ba sekolo le botlokotsebe dikolong tse ding, tse kang merusu ya maqulwana, dithethefatsi, tahi le bonkwapo le tsona dibehilwe ka sehlohlolong.
4.4. Kabinete e lemohile ka ngongoreho diketsahalo tse ntseng di ja setsi tsa merusu ya ditekesi dikarolong tse ding tsa naha. Bankakarolo kaofela indasetering ya ditekesi ba kgothaletswa ho kenela dipuisano le ho batla ditharollo tsa dintlha tse teng hore di seke tsa ama bapalami ba tshepetseng ditshebeletsong tsa bona hampe. Kabinete e ipiletsa ho lekala la dipalangwang le makala a qobello ya molao ho sebetsa mmoho ho lwantsha ho ropoha botjha ha merusu ya ditekesi.
4.5. Kabinete e ngongorehile haholo ka ho tjhwatluwa dikantorong tsa Moahlodi e Moholo moo dikhompyutha tse mmalwa di ileng tsa utsuwa. Diketso tse jwalo tsa botlokotsebe di hlasela motso wa demokerasi ya rona ya molaotheo mme ha di na sebaka ka hara setjhaba sa rona.
Sehlopha sa Thibelo ya Botlokotsebe ba Toka le Tshireletso, se eteletsweng pele keMoporesidente Jacob Zuma se boeletsa boitlamo ba sonaba ho lwantsha botlokotsebe le ho ipiletsa ho badudi ho tlaleha diketso tse belaetsang ho baetapele ba amehang.
4.6. Kabinete e amohela dipatlisiso tsa Khomishene ya Phehisano tsa ho belaellwang e le boitshwaro ba maqulwana lekaleng la tlhahiso ya meroho le ditholwana tse foreshe le ho emela sephetho sa yona ka potlako.
Boitshwaro bo hlokang moya wa phehisano bo ama malapa a naha a kotsing ka ho fetisisa le ho nyedisa boiteko ba rona ba naha ba ho eketsa bonkakarolo ba mmaraka o ntseng o runyawa batho ba batsho lekaleng lena.
Re thoholetsa mosebetsi wa Khomishene mabapi le ho kakatlela ditokelo tsa basebedisi le badudi ba bo rona.
4.7. Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi le kopile ba ka sehloohong ba Brazil ho fana ka tlhahisoleseding ya semmuso le lenane la ditheo tse hlwailweng tabeng ya nama e sa bolokehang e romellwang dinaheng tse fapafapaneng, tse ka kenyeletsang le Aforika Borwa.
Ba ka sehloohong ba Brazil ba eleditswe ho thibela kaofela ho romellwa ka ntle ha nama ho tswa ditheong tse jwalo ho fihlela taba ena e rarollotswe ka mokgwa o tla kgotsofatsa Bolaodi ba Aforika Borwa ba Diphoofolo.
4.8. Moporesidente Jacob Zuma o phatlaladitse Lepato le Ikgethang la Semmuso bakeng sa Motshwaruwa wa Nyewe ya Bohlaphio ya Rivonia le qhoku ya ntwa ya tokoloho bakeng sa Aforika Borwa e lokolohileng le ya demokerasi mofu, Monghadi Ahmed “Kathy” Kathrada.
Kabinete e imatahanya leMoporesidente Zuma mabapi le ho romela matshediso a yona a tebileng ho molekane wa hae, letona la mehleng la Dikgwebo tsa Mmuso Mofumahadi Barbara Hogan, lelapa la Kathrada le lehae la hae la sepolotiki,African National Congress, leo Seapara Nkwe sena a le sebeleditseng ka boitelo bophelo ba hae kaofela ba boholong.
Tshebeletso ya bofifi ya semmuso e tla hlophiswa mme dintlha di tla tsebiswa tsamaong ya nako.
4.9. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona holelapa le metswalle ya mothei wa Bloemfontein Celtic Ngaka Petrus Rantlai Molemela. Lefa la hae la mosebetsi o ikgethang le o hlomphehang haholo tsamaisong ya bolo ya Aforika Borwa le nyehetse dipapading le ntshetsopeleng ya badudi.
4.10. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona a tswang botebong ba pelo ho lelapa le baratuwa ba mohale wa dipapadi tsa kalaneng le moetsi wa difilimi Monghadi Joe Mafela ya neng a tsebahala haholo ka lebitso la ‘Sdumo’. O tla hopolwa mabapi le nyehelo ya hae e matla ho lepatlelo la rona la tsa botjhaba.
5. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
5.1. Boto ya Lekala la Ntlafatso ho tsa Thekenoloji:
a) Monghadi Edward Christian Kieswetter (Modulasetulo);
b) Ngaka Steven Lennon;
c) Mofumahadi Joy Sebenzile Matsebula;
d) Monghadi Thabiso Ramasike;
e) Mofumahadi Fuzlin Levy-Hassen;
f) Mofumahadi Patience Lethabo Mlengana;
g) Monghadi Mzwandile Madikizela;
h) Ngaka Jan van de Loosdrecht;
i) Ngaka Judy Coates; le
j) Moporofesara Roy Marcus.
5.2. Boto ya Batsamaisi ya Postbank:
a) Mofumahadi Boitumelo Mothelesi;
b) Monghadi Edward Netshivhulana;
c) Mofumahadi Leonora Noluphumzo Noxaka;
d) Monghadi Ashley Cavel Seymour; le
e) Monghadi Mark Barnes.
5.3. Ho thonngwa hape ha Mofumahadi Nomsa Motshegare jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Bolaodi ba Naha ba Mekitlane.
5.4. Mofumahadi Zodwa Ntuli jwaloka Mokomishenara wa Khomishene ya Matlafatso ya Moruo o Pharaletseng wa Batho ba Batsho.
5.5. Lekgotla la Dinyewe la Dikhamphani:
a) Moatefokate Mohammed Alli Chicktay (Modulasetulo);
b) Mofumahadi Bongekile Zulu;
c) Mofumahadi Ishara Kamini Bodasing;
d) Monghadi Lindelani Daniel Sikhitha;
e) Moporofesara Petrus Albertus Delport (o thontswe hape);
f) Monghadi Maake Francis Kganyago (o thontswe hape);
g) Monghadi Khashane Manamela (o thontswe hape);
h) Mofumahadi Lucia Glass (o hontswe hape);
i) Mofumahadi Khatija Tootla (o thontswe hape); le
j) Mofumahadi Matshego Jacqueline Ramagaga.
5.6. Boto ya Khomishene ya Naha ya Loto:
a) Moporofesara Ntshengedzeni Alfred Nevhutanda;
b) Moatefokate William Elias Huma;
c) Mofumahadi Doris Dondur;
d) Monghadi Muthuhadini Alfred Madzivhandila;
e) Monghadi Yaswant Narotham Gordhan; le
f) Mofumahadi Zandile Nkonyane (moemedi wa dti)
5.7. Lekala le Phatlalatsang Dithuso tsa Thekolohelo la Boto ya Khomishene ya Naha ya Loto:
a) Mofumahadi Ndileka Eumera Portia Loyilane;
b) Mofumahadi Iveda V Kayser Smith;
c) Mofumahadi Chickey Silvy Mofet-Mubu; le
d) Monghadi Jeffrey Du Preez.
5.8. Monghadi Jeremiah Lengoasa jwalokaMohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Ditshebeletso tsa Boemo ba Lehodimo tsa Aforika Borwa.
Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766