Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro,la 21 Phuptjane 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

1. Dintlha tsa hajwale

1.1. Kabinete e tshohlile ditsebiso tsa haufinyana tjena tsa makala a maholo a tekolo ya maemo a moruo. Ka boraro ba ona a hlahisitse dintlha tse tshwanang tse kang diphethoho tse monyebe tsa matlafatso ya kgolo, tshebetso ya dikhamphani tsa mmuso(di-SOC) le dikotsi tsa sepolotiki, hara dintlha tse ding.

Kabinete e hlahisitse tshepo maitshunyakong a yona a hlohlomisitsweng hantle bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tsa naha tsa moruo hammoho le mosebetsi oo ho kenweng ho ona wa ho matlafatsa tshebetso ya di-SOC. Mmuso o ntse o le motjheng mabapi le ho baballa moralo wa ona wa maemo a ditjhelete tsa puso, ho netefatsa maano a tsitsitseng, le ho sebetsa bakeng sa ho netefatsa kgolo le diphethoho moruong.

Kabinete e boeletsa hore motheo wa motjha o phahameng wa kgolo le ntshetsopele ya moruo wa kahisano o se o behilwe. O tsepamisitse maikutlo hodima tshepo ya batsetedi le basebedisi ka ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha diphethoho tsa sebopeho bakeng sa kgolo ya moruo.

Moporesidente Jacob Zuma o bitseditse ba Lekgotla la Boeletsi la Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong(BEE) boitjhorisong ka Labobedi, la 20 Phuptjane 2017, moo ho neng ho tsepamisitswe maikutlo hodima diphethoho tse matla tsa moruo. Boitjhoriso bona, hara tse ding, bo ile ba shebana le diphephetso tse hlohlomisitsweng le tsa sebopeho tsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao o Pharaletseng wa Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong (BBBEE), wa selemo sa 2003 (Molao bo-53 wa selemo sa 2003) le dikgothaletso tse sisintsweng tsa ho fihlella merero ya mmuso mabapi le diphethoho tse matla tsa moru wa kahisano.

Bolekane pakeng tsa mmuso, dikgwebo, basebetsi le setjhaba ka kakaretso bo hlokolosi bakeng sa ho matlafatsa maemo a tshepo, hore ha re sebetsa mmoho re kgone ho tseka botjha le ho baballa ditekolo tsa maemo a botsetedi.

1.2. Jwaloka ha Kgwedi ya Batjha e ya mafelong, Kabinete e leboha makala kaofela a nkileng karolo diketsahalong tsa ho phatlalla le naha. Bonkakarolo ba dikete tsa batjha diketsehalong tse fapafapaneng tsa Kgwedi ya Batjha tsa matlafatso tse neng di tshwerwe ke mafapha, dikaho tsa mmuso le lekala la poraefete ke bo kgothatsang.

Selemo sena se tshwaya selemosabo-41 sa Meruso ya Baithuti ya Soweto ya selemo sa1976 mme sehopotso se sebetsa jwalo ka kgopotso ya hore batjha ba ka hara naha ba ne ba le ka pele Ntweng ya rona.

Kabinete e ipiletsa ho batjha ho sebedisa tshehetso yohle le mehlodi eo mmuso e di hlahisitseng bakeng sa ho ntlafatsa maemo a bona le ho ntshetsapele bonkakarolo ba bona moruong.

1.3. Kabinete e tshwela ka mathe merusu le ditshoso tsa bapalami tsa haufinyana tjena nakong ya boipelaetso ba beng ba ditekesi. Diketsahalo tse jwalo ha di tsamaelane le bophelo ba rona ba demokerasi. Maitshunyako a tletseng kgotso tabeng efe kapa efe a tla dula a tswela bohle ba amehang molemo.

Ditumellano tse latetseng seo pakeng tsa Mokgatlo wa Ditekesi wa Aforika Borwa le Lekala la Dithuso tsa Ditjhelete tsa Ditekesi la Aforika Borwa ke tiisetso e nngwe ya hore dipuisano tsa kgotso di ka rarolla dintlha tse jwalo ntle le ho hahlamela batho ba hlokang molato le ho sitisa moruo. Kabinete e amohela qeto eo, e leng molemong wa bapalami le indaseteri ya ditekesi.

Kabinete e amohela dipuisano tse ntseng di tswela pele hajwale pakeng tsa Lefapha la Dipalangwang le baetapele ba indaseteri ya ditekesi mabapi le ho fumana tharollo ya moshwelella.Lefapha le tla buisana le dikaho tsa ntshetsopele ya ditjheletebakeng sa ho batlana le ditsela tse ding tsa ho thusa boraditekesi ka ditjhelete.

1.4. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona a tebileng ho bohle ba lahlehetsweng ke baratuwa ba bona dikoduweng tsa haufinyana tjenaho la Kapa Bophirima le Kapa Botjhabela ka tatelano. Bongata ba badudi hape ba feletswe ke bodulo le ho lahlehelwa ke thepa.

Kabinete e thoholetsa katamelo ya ka potlako e kopanetsweng le karabelo ho tswa mmusong, borakgwebo le maAforika Borwa ka kakaretso mabapi le ho thusa malapa a amehileng. Kabinete e lebisa hlompho ho mohale wa moithaopi wa ditimamollo, Bradley Richards le mokganni wa dilori John Blaaw ba thusitseng batimamollo ka ho tsamaisa metsi le ho lahlehelwa ke bophelo ba e mong wa bona ha ba ne ba thusa batho ba motse wa bo bona.Kabinete hape e fetisetsa kananelo e ikgethang ho sehlopha sa Working on Fire se lwantshitseng mello e neng e befile ka sebete. Ke motlotlo wa rona! Kabinete e lakaletsa batimamollo ba babedi ba lemetseng ho fola ka potlako ho kenyeletswa Ian Barnard ya ileng a lemala ha a ne a leka ho pholosa Bradley Richards.

Moporesidente Zuma o etetse badudi ba Wit Lokasie le Knysna Heights ba anngweng ha bohloko ke mello. Moporesidente Zuma o ile a kenela tshebeletso ya bofifi ya Monghadi Richards.Ka moya wa nnete wa sehlopha sa batimamollo, Monghadi Barnard o ile a kgona ho ba teng tshebeletsong ya bofifi ya mosebetsi-mmoho le yena Monghadi Richards.

Moporesidente o nehelane ka tshehetso ya botho le tshehetso e nngwe dibakeng kaofela tse amehileng. Sena se ile sa hokahanngwa ka sebopeho sa Setsi se Kopanetsweng sa Naha sa Taolo ya Dikoduwa, ka tshebedisano le dihlopha tsa Mmuso wa Porofense wa Kapa Bophirima le Porofense tsa Taolo ya Dikoduwa.
Kabinete e leboha mekgatlo yohle eo e seng ya mmuso, lekala la poraefete, baithaopi le badudi ba tshehetsang badudi ba amehileng.

1.5. Kabinete e kgothaletsa badudi ba Limpopo ba arolelanang moedi le Zimbabwe ho fadimeha le ho ela hloko dikgoho tsa bona. Sena se latela tlaleho ya ho ropoha ha kokwanahloko ya ntaramane ya dinonyana le dikgoho e bitswang H5N8. Kgwebisano ka dihlahiswa tsa bommaditshibana ho tswa Zimbabwe e sa fanyehilwe.Kokwanahloko ya H5N8 e kgona ho baka mafu a mang haholo le ho tshwaetsana ka ho fetisisa, le ho lebisa maemong a phahameng a ho shwa.Borapolasi ba kgwebo le bona ba kgothaletswa ho eketsa mekgwa ya tshireletso ya tsa tlhaho mapolasing a bona.

1.6. Kabinete e amohetsekahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le tsebisitseng hore Karolo 18 ya Molao wa Tsamaiso ya Botlokotsebe, 1977 (Molao wabo-51 wa 1977) ha o ipapise le molaotheo, le phahamiseditse moedi ho dilemo tse20 bakeng sa ho ritela dinyewe kgahlanong le ba qoswang ka diketso tsa tlhekefetso ka thobalano. Kahlolo ena e tla thusa haholo mabapi le ho matlafatsa bokgoni ba tsamaiso ya rona ya toka bakeng sa ho sebetsa kgahlanong le ba tsitlalletseng merusu kgahlanong le basadi le bana.

1.7. Kabinete e amohela tulo ya haufinyana tjena ya badudi ya Inthanete bakeng sa Bohle e neng e tshwaretsweKliptown, Soweto. Tulo ena– e neng e eteletswe pele ke Letona la Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa PosoSiyabonga Cwele,ka bolekane le Foramo ya Lefatshe ya Moruo, lekala la poraefete le setjhaba ka kakaretso– e entse hore ho be le thupello ya motheo ya maitsebelo a Tlhahisoleseding le Thekenoloji ya Dikgokahanyo (ICT) bakeng sa batjha ba ka bang 500. Tumellano ya Inthanete bakeng sa Bohle e amohetse sebopeho sa boetapele mme hape le ho hlwaya tse lokelang ho kenngwa tshebetsong nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse tlang.

Kabinete hape e amohetse boitshunyako ba Lefapha la Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso ka Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa le Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo ka Khomishene ya Diphehisano, ho hlahloba ditjeho tse hodimo tsa datha tse tswelang pele ho ba tshita bakeng sa ho eketsa phumantsho yadi-ICT.

1.8. Kabinete e tshwenyehile ka ditlaleho tsa ho sitiswa ha ditshebeletso dimotjhareng tsa Gauteng ka lebaka tsa dikgang tsa basebetsi tse ntseng di tswela pele. Ka lebaka leo, malapa a bofifing ha a kgone ho tseka ditopo tsa bo bona. Lefu lelapeng le leng le le leng le tlisa bodutu le bohloko ho ba lelapa ba setseng. Jwaloka setjhaba ha ho ntho e kgolo hakalo e ka lokelang maemo a bosula hakana. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba amehangho fumana tharollo ya kgotso ya dikgang tsa bona ntle le ho ama ba malapa a ba hlokahaletsweng.

1.9. Kabinete e amohela ho thehwa ha Foramo ya Batjha ya Ntshetsopele ya Mebuso ya Lehae. Foramo ena e reretswe ho ba lentswe la tswelopele la batjha mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha maikitlaetso a fapafapaneng a ntshetsopele ya batjha ka hara mebuso ya lehae. Foramo ena e ne e tshwere pitso ya yona ya ho thakgolwa la pele ka la 20-21 Phuptjane Muldersdrift, ka bophirima ho Johannesburg.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Pampiri ya Mosupatsela ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI), e tla kenngwa koranteng ya mmuso jwaloka tokomane ya maano. Pampiri ya Mosupatsela e re atametsa ntlheng ya ho netefatsa hore maAforika Borwa kaofela a fumantshwa tlhokomelo ya kalafo, ho sa natswe maemo a bona a ditjhelete.

NHI ke tsamaiso e thusang ka ditjhelete ho tsa kalafo e abang matlole bakeng sa phumantsho ya tlohokomelo ya kalafo.

Sena se kgema le maikemisetso a Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) a batlang ho netefatsa hore mang le mang o fumantshwa tlhokomelo ya kalafo, ho sa tsotellwe lekeno la hae.

Lefapha la Bophelo bo Botle le tla tshwara kopano ka la 29 Phuptjane2017 ho hlopholla ka botlalo dikateng tsa Pampiri ya Mosupatsela.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa le Shebilweng Botjha la Ntshetsopele ya Mehlodi ya Basebetsi le lebisang selemong sa 2030. Lewa lena le shebilweng botjha le sebetsana le bofokodi bo hlwauweng dilemong tse hlano tse fetileng dikarolong tse ding tsa tsamaiso ya thuto le thupello mme hape le hlwaile bohokahanyi pakeng tsa dikarolo tse fapaneng tsa tsamaiso.

Lewa jwale le matahantswe le NDP le Lewa la Moralo wa Nako e Mahareng (MTSF) la 2014-2019.

Hape le tsepamisitse maikutlo hodima bankakarolo kaofela ba amehang (mmuso, basebetsi, mekgatlo ya setjhabale mafapha a poraefete) mabapi le ditlhoko tsa moruo le bohlokwa ba ho tshehetsa lewa la diindaseteri bakeng sa ho fihlella kgolo e kenyeletsang le ntshetsopele.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya diphetho tsa bohlokwa tsa diphuputso tsa 2015/16 mabapi le thuso ya mmuso ka ditjhelete bakeng sa Mesebetsi ya Saense le Thekenoloji.Pampiri ya Mosupatsela e mabapi le Saense le Thekenoloji ya selemo sa 1996 e batla hore Lefapha la Saense le Thekenoloji le behe leihlo thuso ya ditjhelete ya makala a saense le thekenoloji, le nyehelo ya yona kgolong le ntshetsopeleng ya Aforika Borwa.

Sephetho sa diphuputso tsa mafapha a naha a 30 se supa hore se akanngwang ho R23,4 bilione se sebedisitswe ho tswa matlotlong a mmuso selemong sa ditjhelete sa2015/16.Kabinete e lemohile keketseho e bonahalang ya 6.6% ha ho bapiswa le selemo se fetileng ha ho shejwa ditshita tsa hajwale tsa matlotlo.

Matsete ana kaofela a emela1.7% ya palohohle ya ditekanyetso tsa naha tsa selemo. Kabinete e ananetse ntlha ya hore boholo ba matlole ana a sebedisitswe ditshebeletsong tsa saense tse tshehetsang phano ya ditshebeletso dibakeng tsa bohlokwa tsa bokgoni ba mmuso tse kang thuto, kalafo, diminerale, eneji, temo le tikoloho.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Lebollo la Setso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e rerile ho tshireletsa, ho hodisa le ho laola diketsahalo tsa lebollo la setso. Hang ha e se e tjhaelletswe monwana, Bili e tla fana ka mekgwa le maemo a amohelehang mabapi le ho tsamaisa diketsahalo tsena tsa setso. E tla sebetsana le tshebediso e mpe ya diketsahalo tsa setso, e leng moo palo e ngata ya bashanyana e shwelletseng mephatong.

Mmuso le dikaho tsa boetapele ba setso ba nkile mohato wa ho se hlole ho hang ba mamella mafu a makolwane ka lebaka la diketsahalo tsa mephatong.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwanaSehlomathiso sa Bili ya Motheo wa Naha wa Diphuputso (NRF) ya selemo sa 2017bakeng sa ho tekwa Palamenteng. Bili e se e ile ya feta ka botlalo mohatong wa dipuisano le setjhaba. Dihlomathiso di hlakisa bolaodi ba Letona la Saense le Thekenoloji hodima motheo le ho hlakisa maikarabelo aNRF mabapi le dipuisano ka tsa saense. Dihlomathiso tsena di tla matlafatsa bolaodi ba Letona bakeng sa ho tataisaNRF bakeng sa ho ntlafatsa bohlwahlwa.

Hape di tla matlafatsa karabelo le bohlwahlwa ba diphuputso, phano ya ntshetsopele le ntlafatso ho boleng ba bophelo ba maAforika Borwa, ka boimatahanyo bo betere le dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Sehlomathiso sa Bili ya Bofofisi ba Setjhaba ya selemo sa 2017bakeng sa ho tekwaPalamenteng. Bili e matlafatsa polokeho ya bofofisi, tshireletso le moralo wa bolaodi ba tshireletso ya tikoloho ho netefatsa boteng ba moshwelella le botsitso ba indaseteri ya bofofisi ya setjhaba.

Dihlomathiso di kenyeletsa, hara tse ding, tumello bakeng saboikemelo ba ditshebetso tsa dikotsi tsa difofane le dipatlisiso tsa dikotsi; tumello bakeng sa ho thehwa ha Boto ya Diphuputso tsa Polokeho ya Bofofisi. Hape e hlomathisa le ho kenya ditlhaloso tse itseng ka hara Molao ona.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Dithaetlele tsa Dikarolo tsa Bodulo ya selemo sa 2017bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Dihlomathiso di ntlafatsa mosebetsi, tshebediso, ho sebediswa le tsamaiso ya Molao wa Dithaetlele tsa Dikarolo tsa Bodulo, wa selemo sa 1986 (Molao wa bo-95 wa 1986). Molao wa Dithaetlele tsa Dikarolo tsa Bodulo wa selemo sa 1986 o fana ka ditokelo tse itseng ho beng ba bodulosekemeng sa dithaetlele tsa dikarolo tsa thepa ya bodulo. Sehlomathiso sa Bili se sisintsweng se etsa tshitshinyo ya melawana ya ditokelo tsena ka mokgwa o nang le moelelo.

3.5. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Thuo ya Mobu ke Badudi ya selemo sa 2017 hore e phatlalatswe bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e reretswe ho sireletsa beng ba lefatshe la badudi,ka ho qolleha ba kotsing dibakeng tsa mahae.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Zuma o tla kenela Seboka sa bohlanosa Kopano ya Aforika e Borwa ya Makgetho a Madiboho (SACU) se tla tshwarelwa Swaziland ka la 23 Phuptjane 2017. Seboka sena sa letsatsi le le leng se tla kenelwa ke Dihlooho tsa Dipuso le Mmuso tsa ditho tsa dipuso tsa SACU, tse kenyeletsang Aforika Borwa, Botswana, Lesotho, Namibia le Swaziland.

Seboka sena se tla tshohla dintlha tse fapafapaneng tse amanang le kgwebisano ya lebatowa le kaho ya diindaseteri le lenaneo la tshebetso.Se tla sheba botjha dintlha tsa tumellano ya SACU le dipehelo tsa tshupiso, ho thusa ka ntshetsopele ya meruo ya SACU.Ke kaSACU hore mebaraka e eketsehileng bakeng sa thepa le ditshebeletso ho tswa lebatoweng di ka sireletswa ka ditherisano tsa kgwebisano tse tswellangtse reretsweng ho tswellisa pele kopano e matla ya lebatowa le kontinente.

4.2. Jwaloka ka karolo e tswelang pele ya Imbizo ya twantsho ya ditlolo tsa molao, Moporesidente Zuma o tla nka leeto la Lenaneo la Bodisa la Boporesidente la Siyahlola ho ya Lusikisiki, ho la Kapa Botjhabela ka Moqebelo, 24 Phuptjane 2017.

4.3. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho tshehetsa Mokete wa Knysna Oyster le Marathone wa Knysna tse tlang. Ona ke o mong wa mekete e tummeng haholo o amang haholo barati ba dipapadi le malapa. Bankakarolo kaofela ba sebetsa mmoho ho netefatsa hore Knysna e sebetsa ka botlalo le ho bula bakeng sa kgwebo.

4.4. Letsatsi la Mandela le ipiletsa ho rona bohle, letsatsi ka leng, ho etsa lefatshe tulo e betere. Mookotaba wa Letsatsi la Mandela ka la 18 Phupu, ke #ActionAgainstPoverty.

Ho etsa letsatsi ka leng hore e be Letsatsi la Mandela ke ho keteka bophelo le lefa la Madiba ka tsela ya moshwelella e tla tlisa phethoho ya nako e telele.

5. Melaetsa ya matshediso

5.1. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Zuma ka ho fetisetsa matshediso:
• ho Letona la Thuto e Phahameng le Thupello, Ngaka Blade Nzimande, le lelapa la hae ka ho hlokahala ha mmae,Mofumahadi Nozipho Nzimande. Mama Nzimande ya neng a ratuwa haholo o ne a qeta dilemo tse 90 kgweding e fetileng. O ne a amohela ka mofuthu balwanedi ba tokoloho ba South African Communist Party (SACP) le ba African National Congress (ANC) lapeng la hae nakong ya merusu e neng e aparetse Pietermaritzburg ho la KwaZulu-Natal le dibaka tse mabapi nakong ya dilemo tsa ho qetela tsa bo-1980 le tse qalang ka bo-1990.
• ka ho hlokahala haLord Joel Joffe. Lord Joffe, ya hlokahetseng a na le dilemo tse 85, e ne e le leqwetha la tshireletso nyeweng ya Rivonia le ya Little Rivonia. O tshireleditse ka sebete balwanedi ba ntwa ya mmuso wa kgethollo, le ho etsa nyehelo e matla porojekeng ya demokerasi ka hara Aforika Borwa.
• ho batho ba Namibia ka ho hlokahala ha Monghadi Toivo ya Toivo, molwanedi wa diphethoho tsa ntwa ya tokolohoho la Namibia le ho ba molwanedi kgahlanong le mmuso wa kgethollo. Letona la Dikgokahanyo Ayanda Dlodlo o tla emela mmuso wa Aforika Borwa semmuso lepatong le tla etsahala ka Moqebelo, wa la 24 Phuptjane 2017.

6. Melaetsa ya thoholetso

6.1. Kabinete e thoholetsasetsebi sa sebopeho sa lefatshe Tshiamo Legoale ya entseng nalane ka ho ba moAforika Borwa wa pele wa ho rweswa kgau ya ho ba Mampodi wa Matjhaba wa FameLab bakeng sa porojeke e fupuditseng ho sebedisa koro bakeng sa ho kotula gauta ho tswa ditutudung tsa merafo.Legoaleke mokgola-molemo wa mananeo a dibasari a mmuso mme haufinyana tjena o hapile kgau ho Mokete wa Saense wa Cheltenham o neng tshwaretswe United Kingdom.

6.2. Kabinete e lakaletsa Sehlopha sa Aforika Borwa tsohle tse molemo bakeng sa Dipapadi tsa Batjha tsa Commonwealth tsa selemo sa 2017 tse tlang tse tla tshwarelwa Nassau, ho la Bahamas ho tloha ka la 19 ho isa ka la 23 Phupu 2017.

Dipapading tsena ke moo Sehlopha sa Aforika Borwa se thotseng maemo a bobedi tafoleng ya dimedale, ka palohohle ya dimedale tse 35, dipapading tsa selemo sa 2015 Apia, ho la Samoa.

Dipapadi tsa Batjha tsa Commonwealth e dula e le ketsahalo e bopeletsweng le dinaledi tsa rona tsa kamoso. Sehlopha sa Aforika Borwa ke kgothatso ho batjha hore ba itahlele ka setotswana dipapading jwaloka mokgwa wa ho fetola maphelo a bona hore e be a betere.

6.3. Kabinete e thoholetsadi-Springbok tse bontshitseng tshebetso e kgahlisang tlhaselong le tshireletsong hore ba hlole dipapading tse pedi tsa teko kgahlanong le Fora.

6.4. Kabinete e thoholetsaLetona la Saense le Thekenoloji Naledi Pandor bakeng sa ho abelwa lengolo la tlhompho la Bongaka ke Yunivesithi ya Nova, ho la Portugal.

6.5. Kabinete e fetisetsa ditakaletso tse molemo homaMoseleme ka hara naha ya rona le lefatsheng ka bophara mabapi le mokete wa thabo waEid-ul-Fitr qetellong ya Ramadaan. Ramadaan le mokete wa Eid-ul-fitr di neha maMoseleme monyetla o ikgethang wa ho tiisa maqhama a setswalle le a malapa ka hara bona le maAforika Borwa a bo bona.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Molaodikakaretsoya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building