Skip to main content
x

 

Kabinete e ne e kopane Union Buildings ho la Pretoria.

1. Dintlha tsa hajwale
1.1. Ha re ntse re keteka Kgwedi ya Basadi, Kabinete e lakaletsa Mofumahadi Getrude Shope tse molemo letsatsing la hae la tswalo la dilemo tse 92. MmaShope, jwaloka ha a ne a tsejwa, ke thatohatsi ya ntwa ya tokoloho le tokoloho ya basadi ka ho qolleha. Ke moamohedi wa Isithwalandwe/Seaparankwe, e leng tlotla e kgolohadi e kileng ya fanwa ke African National Congress (ANC) ho ba entseng nyehelo e babatsehang le boinehelo ntweng ya tokoloho.

Kabinete hape e fetiseditse ditakalaletso tsa yona tse molemo ho Mofumahadi Zondeni Veronica Sobukwe letsatsing la hae la tswalo la dilemo tse 90. Aforika Borwa ke naha e betere ka lebaka la boinehelo bo entsweng ke basadi ba mofuta wa hae.

Ha naha e ntse e keteka Kgwedi ya Basadi tlasa mookotaba “Selemo sa OR Tambo: Basadi ba Kopane Bakeng sa ho Ntshetsa Aforika Borwa Pele”, Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa kaofela mabapi le ho tlotla basadi ba sebete ba ileng ba hwantela Union Buildings ka selemo sa 1956 ho ipelaetsa ka melao ya dipasa.

Ka moya wa OR Tambo wa pehelo ya ‘Flowers of the Revolution’, re hopola karolo e bapetsweng ke basadi jwaloka baetapele ba mokgatlo wa basadi ka hara naha ena, re ananela hore ha o matlafatsa mosadi, o matlafatsa setjhaba.

Jwaloka naha re fihlelletse tse ngata lepatlelong la matlafatso ya basadi. Pele ho selemo sa 1994 Palamente e ne e na le feela 2,7% ya boemedi ba basadi, mme kamora dikgetho tsa pele tsa demokerasi, boemedi ba basadi ka hara Kopano ya Setjhaba bo ne bo eme ho 27,7%. Ka selemo sa 1999 palo eo e nyolohetse ho 30% mme yaba e nyolohela ho ya ho 32,7% ka selemo sa 2004. Kamora dikgetho tsa naha tsa selemo sa 2009 boemedi ba basadi bo fihletse 42%. Mafapha a eteletsweng pele ke Basadi hajwale a etsa 43% ya Kabinete.

Re na le basadi ba bangata maemong a boetapele mme ho na le dibopeho tse ding tsa mmuso tse teng bakeng sa ho ntlafatsa boemo ba basadi. Hajwale re na le Lefapha la Basadi ka hara Kantoro ya Moporesidente.

1.2. MaAforika Borwa ho phatlalla le dikarolo tsohle a sebeditse hantle bakeng sa ho nka karolo sehopotsong sena. Maano a mmuso a hatetseng pele a tswela pele ho beha sehlohlolong matlafatso ya basadi, ka ho qolleha ba dulang dibakeng tsa mahae, bao hangata ba lokelang ho mamella bofutsana.

1.3. Ha re ntse re keteka kgatelopele eo re e entseng mabapi le ho lokollwa ha basadi, Kabinete e hopotsa naha ka e mong wa basadi eo e neng e le molwanedi kgahlanong le kgethollo ya ileng a bolawa ka la 17 Phato 1982. Ruth First o ile a bolawa ka sehloho ka qhomane ya lengolo le neng le romeletswe ho yena ha a ne a le Mozambique. O lefile ka bophelo ba hae ba boinehelo ha a ne a tsitlalletse tokoloho ya batho ba Aforika Borwa.

Tlhekefetso ya Dikgoka tse amanang le Bong (GBV)
1.4. Kabinete e tlatseleditse ho tshwela ka mathe vidio e bontshang moo ngwanana wa sekolo a hlaselwang ke moithuti wa moshemane sekolong se seng KwaZulu-Natal mme e ananela ho tshwarwa ha mmelaelwa. Polao ya haufinyana tjena ya titjhere e thuntsweng kapela baithuti ba yona ke molekane wa hae e re hopotsa diphephetso tseo re ntseng re tobane le tsona tsa tlhekefetso ya basadi.

1.5. Ditlhokofatso le dikotsi tsa matla a bonna tse qetellang ka dikgoka kgahlanong le basadi le bana di tshwanela ho lwantshwa ke rona kaofela jwaloka setjhaba. Makala a qobello ya molao le tsamaiso ya toka ya botlokotsebe a tshwanela ho sebetsa ka matla kgahlanong le baetsi ba diketso tsena.

Seboka sa Ntshetsopeleng ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC)
1.6. Aforika Borwa, jwaloka modulasetulo ya tla nka marapo a SADC, e tla tshwara Seboka sa bo-37 se Tlwaelehileng sa SADC sa Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso ho tloha ka la 9 ho isa ka la 20 Phato 2017 tlasa mookotaba: “Re theha Selekane le Lekala la Poraefete mabapi le ho Ntshetsa pele Diindaseteri le Mathathama a Dikgwebo a Lebatowa”.

Aforika Borwa e tla sebedisa maemo a yona ho tla ka mawa a tla ntshetsapele ditabatabelo tsa naha jwaloka ha di tekilwe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), ho kganna ho thehwa ha diindaseteri tsa lebatowa le tsa kontinente le kopano bakeng sa ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Aforika la 2063 la Kopano ya Aforika (AU). Lenaneo la 2063 ke moralo wa lewa bakeng sa diphethoho tsa moruo wa kahisano wa kontinente bakeng sa dilemo tse 50 tse tlang. Le ahella hodima le ho batla ho akofisa ho kenngwa tshebetsong maikitlaetso a fetileng le a teng a kontinente bakeng sa kgolo le ntshetsopele ya moshwelella.

Metjha e meraro ya bokgoni ba kgolo, e leng ho tswellisa dihlahiswa tsa temo, bokgolamolemo ba diminerale le mathathama a moruo a tswellisang dihlahiswa bathong ba maemong a tlase, e se e hlwauwe.

Seboka hape se tla lebisa hlompho ho Moporesidente ya tlohelang marapo José Eduardo dos Santos wa Angola, ya tla beng a theoha setulo kamora dilemo tse 37 jwaloka Moporesidente le ho etella pele naha ya hae ka ho e ntsha ka hara ntwa ya nako e telele ya bana ba mpa.

1.7. Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa, maemong a hae jwaloka Mothusi wa SADC Boreneng ba Lesotho, le yena o tla teka tlaleho ho Makala a Mabedi a Seboka se tla tshwarelwa Pretoria ka la 18 Phato, moo Mmuso wa Lesotho o lebeletsweng hape ho teka mokgwa wa ho fihlella diphethoho. Sena se latela ditherisano pakeng tsa Motlatsi wa Moporesidente le mmuso o motjha, baetapele ba mekga ya bohanyetsi, mokgatlo wa marena le bankakarolo ba setjhaba ka kakaretso ka hara Borena bona, e le ho kgatha tema bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ka botlalo ha diqeto tsa SADC tsa diphethoho tsa molaotheo le tsa lekala la polokeho.

1.8. Kabinete e amohela sephetho sa kamohelo ya Moporesidente Jacob Zuma ya Moporesidente Ellen Johnson Sirleaf wa Riphabliki ya Liberia, nakong ya Leeto la Puso. Dinaha ka bobedi di dumellane ka ho shebana le ho ntlafatsa tikoloho e kgontshang bakeng sa ho bebofatsa mokgwa wa kgwebisano ka hara dinaha tsena. Kabinete e kgothaletsa dikhamphani tse ngata tsa lekala la poraefete ho tsetela ka hara Liberia.

Bobedi bona hape bo dumellane ho phethela ho saenela Pebofatso ya Dipehelo tsa Tumellano ya Divisa bakeng sa Beng ba Diphasepoto tsa Sedipolomate le tsa Semmuso. Hape bo dumellane ka ho potlakisa dipuisano le ho phethelwa ha disebediswa tse ding tsa dinaha ka bobedi mabapi le temo, bohahlaudi, bophelo bo botle, eneji, metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere hara tse ding.

1.9. Kabinete e thoholetsa batho ba Rwanda mabapi le ho ba le dikgetho tse tletseng kgotso moo ho bonahetseng ho kgethwa hape ha Moporesidente Paul Kagame. Ho phethelwa hape ha dikgetho tse atlehileng ka hara Aforika ke letshwao le hlakileng la kgatelopele ya demokerasi e ntseng e tswela pele ho phatlalla le kontinente.

1.10. Kabinete hape e imatahantse le AU mabapil ho thoholetsa Kenya ka ho tshwara dikgetho tse atlehileng. Jwale ho se ho le matsohong a baahi bohle ba Kenya ho amohela sephetho sa dikgetho le ho tswela pele ho sebeletsa bonngwe ba setjhaba ka hara naha.

BRICS
1.11. Mopresidente Zuma kajeno, ka la 17 Phato 2017, o tla etella pele ho thakgolwa semmuso ha Banka e Ntjha ya Ntshetsopele (NDB) ya Setsi sa Lebatowa sa Aforika sa Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS) Hoteleng ya Michelangelo, Sandton. Ho thakgolwa ha Setsi sa Lebatowa sa Aforika se tla pepesa ditshebeletso tse fanwang ke NDB, ho hlakisa bokgoni ba karolo ya banka mabakeng a ntshetsopele ya meralo ya motheo le ya moshwelella ka hara dinaha tse ntseng di thuthuwa le ho tswela pele.

1.12. Aforika Borwa e hara dinaha tsa ditho tsa BRICS tse amohetseng Moralo wa Tshebetso wa Dintlha tse Supileng o tsepamisitseng maikutlo hodima katoloso ya tshebedisano-mmoho ya diindaseteri, kopanong ya BRICS ya Matona a Diindaseteri e neng e tshwaretswe Hangzhou, China. Dinaha tsena di tla boela di sebedisane mmoho mapatlelong a kang a ntshetsopele ya meralo ya motheo ya diindaseteri, ntshetsopele le ntlafatso ya thekenoloji, le dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng.

1.13. Matona a Dikgokahanyo ho tswa sehlopheng sa BRICS le ona a nkile karolo kopanong ya bohlokwa, moo sehlopha sena se ileng sa phatlalatsaTumellano ya Matona ya Thekenoloji ya Dikgokahanyo, ditjhaba tsa BRICS di matlafatsa tshebedisano-mmoho mabapi le polokeho ya tlhahisoleseding, kaha thekenoloji ya dikgokahanyo tsa dijithale e ntse e eketsa ho bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho kganna kgolo ya moruo.

1.14. Kabinete e leboha Mmusisi wa mehleng wa Banka ya Risefe ya Afrika Borwa, Monghadi Tito Mboweni, bakeng sa boporofeshenale le boitelo ba hae nakong ya dilemo tse pedi tseo a sebeditseng ka tsona jwaloka motsamaisi eo e seng wa phethahatso wa BRICS NDB. Motsamaisikakaretso wa Lefapha la naha la Matlotlo, Monghadi Dondo Mogajane,o tla nka marapo ao.

Momahano ya setjhaba
1.15. Kabinete e tshwela ka mathe diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa semorabe ke batho ba bang ka hara setjhaba sa rona. Boitshwaro bo jwalo bo kgahlanong le dipehelo tsa boitshwaro tsa ditokelo tsa rona tsa molaotheo wa rona, maikarabelo le dintle, mme seo ha se na sebaka ka hara setjhaba sa rona sa demokerasi.

Kabinete e thoholetsa botsamaisi ba dikhamphani tsa poraefete tse sebetsanang ka potlako le semorabe, tse bontshang hore bosemorabe ke kgoba ka hara setjhaba sa rona, mme kamehla bo lokela ho lwantshwa bakeng sa ho batlana le mekgwa ya ho thathiselletsa momahano ya setjhaba le ho fodisa mahlaba a nako e fetileng.

Bohle re na le boikarabelo ba ho sebetsa ka potlako ha bosemorabe le kgethollo di etsahala ka hara setjhaba sa bo rona. Bohle re na le boikarabelo ba ho aha setjhaba jwaloka ha ho ne ho lakaditswe kamora dikgetho tsa pele tsa demokerasi.

1.16. Kabinete e hlahisitse matshwenyeho a yona mabapi le maemo a tahlehelo ya mesebetsi ka hara naha, ka ho qolleha makaleng a dithekiso le merafo. Leha ho le jwalo, e amohetse mekutu e etswang ke lekala la merafo ya ho kena dipuisanong tse reretsweng ho baballa mesebetsi. Ho tjhaellwa monwana ha haufinyana tjena ha kopo ya Lonmin ya ho fumantshwa 42,5% ya seabo sa Anglo Platinum ho Pandora – e leng boiteko bo kopanetsweng pakeng tsa Lonmin le Anglo Platinum – ho amohetswe. Boiteko bona bo kopanetsweng ka nqa e nngwe bo pholositse mesebetsi e fetang 3 000 mme sena se a imolla, haholoholo maemong a hajwale a moruo wa lefatshe. Mmuso o dula o itlamme bakeng sa ho bopa tikoloho e loketseng kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

1.17. Kabinete e amohetse qeto ya lekgotla e thathiselleditseng botjha tokelo ya mmuso ya ho etsa diqeto tsa maano le ditaelo ka ho fedisa ka ditjeho kopo ya Mokgatlo wa Bahlabolli Botjha ba Dimetale wa Aforika Borwa. Lekgotla la Molaotheo le nyahladitse kopo ya baromelli ka ntle ba lehae ba metale o sebedisitsweng ya ho ipeletsa kgahlanong le kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Aforika Borwa le Lekgotla le Leholo la Maipiletso.

Lekgotla le tiiseditse pehelo ya Puso ya thekisetso ya ka ntle ya metale o sebedisitsweng e tsebahalang jwaloka monyetla wa ditheko bakeng sa bahlahisi ba tshepe, malwala a manyenyane le baqhibidihisi ba metale o sebedisitsweng. E fana ka hore theko e nyehliswe ka 20% papisong le ditheko tsa matjhaba pele ho tshwaneleho ya tumello ya thekisetso ya ka ntle. Leano lena le tla thusa bakeng sa ho e tsa hore moruo wa naha e be wa diindaseteri le o hlahisang mesebetsi.

1.18. Kabinete e amohetse boitlamo ba Mmuso wa Canada ba ho sebetsa mmoho le Aforika Borwa bolaoding ba meedi. Sena se tlile kamora hoba Letona la Merero ya Lehae, Moporofesara Hlengiwe Mkhize, a kopane le wa mphato wa hae waCanada eo e leng letona la Bofalli, Baphaphathehi le Baahi, Monghadi Ahmed Hussen bekeng ena. Phapanyetsano ena e tla tswela pele ho matlafatsa dikamano tse teng pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

2. Diqeto tsa Kabinete
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Pampiri ya Thomo bakeng sa Ditekanyetso tsa selemo sa 2018. Sena se tla tswela pele ho kganna ho kenngwa tshebetsong ha NDP. Pampiri ena e matlafatsa matahanyo ya ditekanyetso ho Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF). E theha motheo o hlohlomisitsweng bakeng sa ho etsa maikgethelo hara dintlha tse ka sehlohlolong tse hlodisanang ka hara mehlodi e haellang. Letona Kantorong ya Boporesidente, Monghadi Jeff Radebe, o tla tshwara kopano ya boraditaba ha mmamorao.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa ho Kenya Tshebetsong Bohahlaudi ba Mabopong le Mawatleng, o hlahisistsweng tlasa bodisa ba Moruo wa Mawatle wa Operation Phakisa. Moralo ona o tla hodisa bohahlaudi moruong wa mawatle. O tla hodisa sebaka sa bohahlaudi ba mabopong le mawatleng sa maemo a hodimo a lefatshe le sa moshwelella se tla tsitsisa menyetla ya Aforika Borwa ya tlhodisano ho tsa tlhaho, setso le botjhaba. Letona la Bohahlaudi, Mofumahadi Tokozile Xasa, o tla tshwara kopano e kgethehileng ya boraditaba bakeng sa ho nama ka moralo ona.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Bonkakarolo ba Aforika Borwa ho Leeto la Bobedi la Matjhaba la Lewatle la India bakeng sa selemo sa 2017 – 2020. Bonkakarolo bo tla tshehetsa Bodulasetulo ba Aforika Borwa ba Mokgatlo wa Lewatle la India wa Rim ka 2017/18.

Aforika Borwa e tla sebedisa sekepe sa diphuputso SA Agulhas II ho etsa diphuputso tsa lewatleng ka ho le leng e ntse e rupella le ho hodisa bokgoni ba tsa saense bakeng sa Aforika Borwa le seboka sa dinaha tse ka botjhabela ba Aforika.

Pokello ya motheo ya nako e telele ya datha le tlhahisoleseding ka tsa tikoloho e tla beha dinaha tse ntseng di tswela pele tsa Rim ya Lewatle la India maemong a matle a ho baballa bokgabane ba lewatle la yona le ho thola ditsela tsa ho utulla bokgoni ba meruo ya tsona ka ho latelana bakeng sa ho ntlafatsa maphelo a baahi ba tsona.

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa ka boikitlaetso ba Dilaboratori tsa Phakisa tsa Moruo wa Dikhemikhale le Matlakala, bo reretsweng ho qala ka Phato 2017. Sena se bopa karolo ya boitshunyako ba naha bakeng sa ho laola ditshoso tsa tikoloho le boitekanelo ba batho tse bakwang ke dikhemikhale le matlakala.

Bo tla tswela pele ho fana ka monyetla bakeng sa hore indaseteri ya dikhemikhale ya Aforika Borwa e hlwaye dibaka tsa tlhahiso tse amahanngwang le Dikhemikhale tse Hlwekileng (moralo wa dihlahiswa tsa dikhemikhale le metjha e fokotsang kapa ho fedisa ho hlahiswa ha dintho tse kotsi).

2.5. Kabinete e ile ya tsebiswa ka dikopo tse ngata mabapi le ho sekaseka botjha meedi ya diporofense ho tswa baduding ba diporefense tse fapafapaneng. Hara dibaka tse amehang ke Masepala wa Lehae wa Elias Motsoaledi, Masepala wa Lehae wa Marblehall le Masepala wa Lehae wa Matatiele.

Badudi bana ba hlahisitse mabaka a mangata bakeng sa dikopo tsena, a kang sebaka sa sebopeho sa tlhaho le phihlello ya ditshebeletso. Dikopo di amohetswe ke Boto ya Tsheho ya Meedi ya Bomasepala le Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (COGTA).

Meedi ya diporofense e tekilwe ka hara dipehelo tsa Molaotheo. Tshekatsheko leha e kaba efe ya dikopo tse jwalo e lokelwa ho etswa ho itshetlehilwe hodima moralo wa molaotheo.

Kabinete e dumellane hore motjha wa ho sekaseka botjha meedi, o kenyeletsang Matatiele, o kenngwe tshebetsong. Motjha ona wa palamente hape o tla kenyeletsa bonkakarolo ba setjhaba jwaloka ha ho batleha ho ya ka Molaotheo le Molao.

3. Diketsahalo tse tlang
3.1. Kabinete e boeletsa kgoeletso ya Moporesidente Zuma, ya ho hopotsa ditho tsa setjhaba ho thonya batho ho tswa ka makgalo oohle a bophelo ba tshwanelehang ke ho amohela ditlotlo tse kgolo ka ho fetisisa, Ditlotlo tsa Naha, ka Mmesa selemong se tlang.

Mokete ona o tlotla maAforika Borwa le melata e hlahelletseng ka mahetla e ipabotseng ka makgabane mapatlelong a fapafapaneng.

Diforomo tsa dithonyo di a fumaneha websaeteng ya Kantorong ya Boporesidente (www.thepresidency.gov.za), Ditsheng tsa Ditshebeletso tsa Thusong, dikantorong tsa bomasepala le dikantorong tsa mekga ya dipolotiki. Ho lokela ho kenyeletswa kgothatso e kgutshwanyane ka motho ya thonngwang. Dithonyo tsa Ditlotlo tsa Naha tsa selemo sa 2018 di tla kwallwa ka la 31 Phato 2017.

3.2. Lefapha la Saense le Thekenoloji le tla tshwara mokete wa selemo sa 2017 wa Dikgau tsa Basadi ba Aforika Borwa ka hara tsa Saense (WISA). Dikgau di ananela diphihlello tsa bommasaense ba hlahelletseng ka mahetla le ho hlahisa lepatlelo bakeng sa ho kgothatsa basadi ba tsa saense ba nkang karolo diphuputsong.

WISA e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Matlafatso ya basadi moruong lefatsheng le ntseng le fetoha la mosebetsi”, o tsamaelanang le mookotaba wa Khomishene ya Matjhaba a Kopaneng ya Maemo a Basadi bakeng sa selemo sa 2017.

3.3. Kabinete e leboha ditho tsa Ntlo ya Bohlano ya Baetapele ba Botjhaba (NHTL) eo nako ya yona ya tshebetso e fihlang qetellong. NHTL ke setheo se bopilweng ka baetapele ba botjhaba bao e leng kemedi ho tswa matlong a diporofense a Baetapele ba Botjhaba ba Aforika Borwa, ba emelang matlo a diporofense boemong ba naha. Sehlopha sena se bopilwe ka ditho ka bobedi tse tlohelang marapo tsa NHTL le ditho tse kgethuweng hape ho sebetsa bakeng sa sehla se seng hape. Ba emetse boetapele ba botjhaba le badudi ba bona le ho hodisa karolo e bapalwang ke boetapele ba setso ka hara tsamaiso ya molaotheo.

Kabinete e imatahantse le Moporesidente Zuma mabapi le ho leboha Morena PP Maubane (Modulasetulo), Morena SE Mahlangu (Motlatsi wa Modulasetulo) le ditho kaofela tsa Ntlo ena. Kabinete e fetisa maikutlo a mofuthu a kamohelo ho ditho tse tla nka marapo a NHTL ya Botshelela le ba matlo a supileng a diporofense.

4. Melaetsa
4.1. Kabinete e thoholetsa Mofumahadi Senamile Masango eo e bileng mosadi wa pele wa Aforika ya entseng teko ya pele e eteletsweng pele ke maAforika laboratoring ya Diphuputso tsa Nutleleya ya Mokgatlo wa Yuropa (CERN) ho la Switzerland. E ne e le karolo ya moifo wa bafuputsi ba baithuti ho tswa Yunivesithing ya Kapa Bophirima ba ithutang ka isotope selenium-70 bakeng sa ho utlwisisa hantle kamoo sebopeho sa dinyutleleya di amanang le maemo a tsona a eneji.

4.2. Kabinete e thoholetsa mokgatlo wa Batho ba Kgahlanong le Tlhekefetso ya Basadi (POWA), o hlahisitseng App e thusang mahlatsipa a dikgoka tse itshetlehileng hodima bong, a tlasa kgatello ya maikutlo kapa kotsing e ka nnang ya hlaha, ho fihlella ditshebeletso tse kopanetsweng le tse hokahantsweng. Moo ho ka hokahanwang le Setsi sa Taolo sa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, App ena e ka hokelwa ho ditshebeletso tse ding tse kang sepolesa le basebeletsi ba kahisano, ba ka kgonang ho hlwaya sebaka sa moo molaetsa o hlahang teng.

Ka ho tobetsa konopo ya letshoho selefounung, lehlatsipa le tla hokelwa ho Setsi sa Taolo. Tshebedisano ena e pakeng tsa mmuso le mekgatlo eo e seng ya mmuso e tla sebetsa ka matla bakeng sa ho lwantsha kgoba ena ya tlhekefetso.

4.3. Kabinete e thoholetsa Sehlopha sa Aforika Borwa bakeng sa diphihlello tsa bona tse babatsehang mabelong a Bompodi ba Lefatshe ba Difedereishene tsa Diatleletiki tsa Mokgatlo wa Matjhaba London.

Caster Semenya o hapile gauta ho 800m le boronse lebelong la basadi la 1 500m, mme hona moo a roba rekoto ya hae e ntle ka ho fetisisa. Semenya o entse naha motlotlo le hara dipuo-puo tse seng monate, o dula a ntse a le matla le ho itseka. O latela menyabuketsong ya Zola Budd, Natalie duToit, wa dipharalimpiki, le Penny Heyns, wa sesesi. Wayde van Niekerk o hapile gauta lebelong la banna la 400m le silifera ho la 200m. Lentswe le ikgethang la teboho le lebiswa ho mokwetlisi, Mofumahadi Anna Botha. Luvo Manyonga o hapile medale wa gauta ka ho tlola bolele ba 8.34m ho makgaola-kgang a ho tlolela hole ha banna, Ruswahl Samaai o hapile boronse ho tloleleng hole ha banna, le Akani Simbine ya nkileng maemo a bohlano lebelong la makgaola-kgang la 100m.

Ditshebetso tsa bona di pepesitse boitsebelo ba dipapadi ba setjhaba sa rona, e leng tshusumetso le kgothatso ho maAforika Borwa kaofela, haholoholo ho maatlelete a ntseng a tla a thuthua.

Maatlelete ana a entse setjhaba sa rona motlotlo le ho fofisa folakga ya rona ya setjhaba ka ho ikgetha. Re ipiletsa ho maAforika Borwa ho tswela pele ho tshehetsa dihlopha tsa rona kaofela tsa naha, hammoho le boradipapadi le bommadipapadi ba rona. Ke sesupo sa setjhaba sa rona se matla, mme ha re qea-qee hore ba tla susumetsa batjha ba bang hore ba latele menyabuketsong ya bona.

5. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
5.1. Monghadi AD Matseke jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Broadband Infraco, ho tloha ka la 1 Loetse 2017 ho isa ka la 30 Phato 2022.
5.2. Katoloso ya konteraka e tsitsitseng ya CEO ya hajwale ya Broadband Infraco, Mofumahadi PV Kwele, ka dikgwedi tse tharo, ho tloha ka la 1 Loetse ho isa ka la 30 Pudungwana 2017.
5.3. Ho thonngwa hape ha Monghadi Ian van Niekerk jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete (CFO) wa Broadband Infraco.
5.4. Ngaka Moshibudi Priscilla Rampedi jwaloka CEO ya Setheo sa Naha sa Diphapang ho tsa Tlhaho sa Aforika Borwa.
5.5. Mofumahadi IL Mathenjwa jwaloka Motlatsi wa Motsamaisikakaretso (DDG): Bodisa le Tlhatlhobo Kantorong ya Khomishene ya Tshebeletso ya Mmuso (OPSC).
5.6. Mofumahadi Wilhemina Reshoketswe Tshabalala jwaloka DDG: Diphethoho tsa Kahisano le Diphetho tsa Moruo ka hara Lefapha la Basadi.
5.7. Monghadi Matome Emmanuel Malatsi jwaloka DDG: Bokgabane le Twantsho ya Bobodu ka hara OPSC.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisikakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building