Skip to main content
x

 

Kabinete e ne ekopane Tuynhuys ho la Motse Kapa.

1. Dintlha tsa hajwale

1.1. Kabinete e amohetse diphetho tsa Seboka se Tlwaelehileng sa bo-37sa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) sa Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso se neng se tshwaretswe Aforika Borwa ho tloha ka la 9 ho isa ka la 20 Phato 2017 tlasa mookotaba: “Re theha Selekane le Lekala la Poraefete mabapi le ho Ntshetsapele Diindaseteri le Mathathama a Dikgwebo a Lebatowa”.

Seboka se ne se tsepamisitse maikutlo hodima ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la kaho ya Diindaseteri le Mmapa wa SADC ho akofisa kgolo ya moruo le ntshetsopele ka hara lebatowa. Lewa lena le rerile ho fetola sebopeho sa meruo sa lebatowa le ho hodisa keketseho ya boleng ho tsepamisitswe maikutlo hodima tswelliso ya dihlahiswa tsa temo, bokgolamolemo ba diminerale le meriana.

Seboka se tobokeditse tlhokeho ya ho ba le diphetho tse tiileng tse tsitsisang ding tsa rona tsa naha.

Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho leboha Motlotlehi Morena Mswati III, Modulasetulo ya tlohelang marapo wa SADC,mabapi le nyehelo ya hae ya bohlokwa le boetapele, ha Aforika Borwa e nka bodulasetulo ba SADC ho tloha kaPhato 2017 ho isa ka Phato 2018.

1.2. Kabinete e hlompha basadi bohle, le ho fetisa diteboho tse tebileng ho ba nkileng karolo mabapi le ho keteka le ho hopola basadi jwaloka ha re kwala Kgwedi ya Basadi, tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Basadi ba Kopane mabapi le ho Ntshetsa Aforika Borwa Pele”.

Leha basadi ba entse dikuno tsa bohlokwa ka hara Afrika Borwa, se sa le sengata se lokelang ho etswa mme mananeo a mmuso a tla tswela pele ho beha ka sehlohlolong ho kenyeletswa ha basadi mabapi le ho ntshetsa pele metse ya bo rona, moruo le naha. Basadi ba ntse ba tswela pele ho tobana le maemo a sa amoheleheng a tlhekefetso le dikgoka, bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.

1.3. Kabinete e lemohile Tlaleho ya Mekgwa ya Bofumae lokolotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (StatsSA) mme e tla e sekaseka. Kabinete e boeleditse boitlamo ba yona ba mananeo a ho sebeletsa bafutsana, ka ho qolleha bana ba tswang malapeng a futsanehileng.

Dilemong tse 23 tse fetileng, mmuso o ekeditse lenaneo la dithuso tsa ditjhelete ho badudi ba futsanehileng le ba kotsing ho tloha ho batho ba 2,7 milione ho ya ho ba 17 milione. Lenaneo lena le akaretsa bana ba tshwanelehang ba fetang 91% le 95,5% ya maqheku a tshwanelehang. Dikolo tse fetang 20 000 di nkuwe e le tse sa lefiseng ditjhelete tsa sekolo, ka baithuti ba fetang dimilione tse robong ba kgolang molemo mananeong a phepo a dikolo.

Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti(NSFAS) ho tloha ka selemo sa 1999 se se se fanne ka ho fetang R72 bilione ya dikadimo le dibasari ho baithuti ba tswang malapeng a futsanehileng.

Sena se bakile hore baithuti ba fetang dimilione tse pedi ba tswang metseng e futsanehileng ba fihlelle thuto e phahameng. Palohohle ya bana ba 1,7 milioneba fihlella ditshebeletso tse ngodisitsweng tsa Dikolo tsa Thuto ya Dikonyana (ECD), e leng motheo o hlokolosi bakeng sa thuto. Ka selemo sa 2012 mmuso o boetse o tsebahaditse lenaneo la boitekanelo la dikolo, e leng boitshunyako ditshiteng tse ding tse sitisang kgatelopele ya ba bang ba baithuti.

Hodima moo, mmuso o na le mekgwa e mengata ya ho ema kgahlanong le bofutsana e fanang ka phihlello ya mahala ya ditshebeletso tsa motheo ho dimilione tsa malapa a fumanehileng tse kang metsi a mahala a pompo, tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase wa mahala le ho thotha matlakala. Mmuso hape o kentse tshebetsong mananeo a kgiro ya setjhaba le dikema tsa matlo ho thusa batho ba futsanehileng ho ba le matlo.

Mmuso o tla tswela pele ho batlana le ditsela tse ding tsa ho matlafatsa mananeo a tsa polokeho ya kahisano a reretsweng ho tshehetsa badudi ba futsanehileng le ba kotsing.

1.4. Kabinete e thoholetsaho thakgolwa ha Sebaka sa Radio sa Tekolo ya Dinaledi sa Ghana, ke Moporesidente wa Ghana Nana Akufo-Addo le Letona la Saense le Thekenoloji la Aforika Borwa, MofumahadiNaledi Pandor.

Sena ke sa bohlokwa bakeng sa bonkakarolo ba Aforika porojekeng ya Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara (SKA). Sebaka sa tekolo ya dinaledi ho la Ghana ke sa pele ntle le Aforika Borwa, jwaloka e nngwe ya dinaha tsa bomphato.

Jwaloka bomphato ba SKA ya Aforika, sehlopha sa SKA South Africa/Hartebeesthoek Radio Astronomy Observatory se sebedisane mmoho le Ghana ho qhaneha bokgoni ba anthena ya astronomi ya radio ya dikgokahanyo tsa disatalaete e teng Kuntunse. Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba (DIRCO) le thusitse ka ditjhelete karolo e kgolo ya porojeke ena ya ho fetolaka Letlole la Tlhaboloho ya Aforika le Tshebedisano ya Matjhaba, le reretsweng ho matlafatsa tshebedisano-mmoho pakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tse ding tsa Aforika.

Karolo ya bohlokwa ya mokutu o lebisitseng kahong ya SKA kontinenteng ya Aforika dilemong tse leshome tse tlang ke ho ntshetsa pele maitsebelo, melawana le bokgoni ba ditheo tsebatlehang dinaheng tsa bomphato ba SKA ho phahamisa bonkakarolo ba Aforika porojekeng ena.

1.5. Kabinete e amohela tsebiso ya Letona la Lefapha la Merero ya Tikoloho, Mofumahadi Edna Molewa ya hore Aforika Borwa e qetella diporofenseng tse saletseng morao, netefatso ya bohlakisiya pokello e teng ya beng ba poraefete ba manaka a ditshukudu. Bohlakisiba pele bo neng bo hlophisitswe ke diporofense bo a lekolwa le ho netefatswa ke Lefapha la naha la Merero ya Tikoloho.

Sena se tla thusa bakeng sa ho thibela kgonahalo ya ho mokolwa ha manaka a ditshukudu a fumanweng ka tsela e seng molaong mme se tla netefatsa hore naha e na le tlhahisoleseding e nepahetseng mabapi le palo ya manaka a ditshukudu ka hara Aforika Borwa nakong leha e le efe, hammoho le monga manaka a jwalo ya ngodisitsweng.

Kahlolong ya Lekgotla la Dinyewe le Phahameng la Gauteng Leboya mabapi le ho ntsha tumello ya ho rekiswa ha manaka a Ditshukudu bakeng sa motswadisi wa ditshukudu Monghadi John Hume, moo ho bonahetseng ho ba le fantisi ya pele ya manaka a Ditshukudu ho marangrang a inthanete ka hara Aforika Borwa, Kabinete e boeletsa hara maemo a mang a tshebetso, hore; maemo a monga tumello, ya lokelang hore a fumane tumello ya ho rekisa e ntshitsweng ho ya kaMolao wa Naha wa Bolaodi ba Tikoloho ya Diphapang tsa Tlhaho, 2004 (Molao wa bo-10 wa selemo sa 2004), o mo dumellang ho reka manaka a ditshukuduho monga tumello ya ho rekisa, tabeng ena e leng Monghadi Hume.

Tumello ena hae e dumelle kgwebisano ya matjhaba ya manaka a ditshukudu. Kgwebisano ya matjhaba ya manaka a ditshukudu e ntse e thibetswe, ho ya ka dipehelo tsa Khonvenshene ya Kgwebisano ya Matjhaba ka Mefuta e Kotsing ya Diphoofolo le Dimela tse Hlaha (CITES). Nakong ya fantisi ena kaofela lefapha la tikoloho le lokela ho nehwa phumantsho ya fantisi ya marangrang a inthanete ho etsa bodisa ba boimatahanyo bo batlehang.

Aforika Borwa e dula e itlamme bakeng sa tsamaiso e laolang kgwebisano ka mefuta e kotsing kapa e tshireleditsweng e tsamaelanang le melao ya ka lapeng, hammoho le dipehelo tse tlamang semolao tsa CITES.

1.6. Kabinete e amohela kahlolo ya Lekgotla le Phahameng ya ho bona molato bahlokofatsi ba nyewe e amanang le tlolo ya molao ya semorabe ya monna wa motho motsho ya neng a kentswe ka lekaseng la bafu a phela ka ho qobellwa.

Kahlolo ya ho bonwa molato e tla sebetsa jwaloka temoso ho ba ntseng ba tswela pele ho phehella kgethollo ya semorabe ka hara naha. Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore sebopeho leha e le sefe sa semorabe kapa ketso ya lehloyo di keke tsa mamellwa. Momahano ya kahisano e dula e le tokelo eo rona kaofela jwaloka setjhaba eo re lokelang ho e aha le ho e matlafatsa.

1.7. Kabinete e amohetse Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo le laetseng hore bomasepala ba keke ba hlola ba beha boikarabelo ho beng ba batjha ba matlo bakeng sa mekitlane ya masepala ya beng ba pele ba matlo. Taelo ena ke kimoloho ho beng ba matlo, bao bang ba bona esale ba imetswa ka mokitlane wa dilemo tse 20 tse fetileng.

Taelo e jwalo e betla tsela bakeng sa beng ba thepa ba kamoso. Kabinete e ipiletsa ho bomasepala ho matahanya mekgwa ya bona ya pokello ya mekitlane le taelo ena.

1.8. Kabinete e lemohile hore Lefapha la Naha la Matlotlo le okametse dipatlisiso tsa diforensiki mabapi le ho se sebetse hantle ha lenaneo la Tsamaiso e Kopanetsweng ya Bolaodi ba Ditjhelete (IFMS).

Kabinete e thoholetsa Lefapha la Naha la Matlotlo bakeng sa ditaolo tsa yona tsa ka hare tsa tlhatlhobo tse matla, tse hlwaileng ditshenyehelo tse sa lokang. E tshepa hore ho tla ba le thuto e nepahetseng mabapi le diphephetso tse fihlelletsweng, le hore ketso efe ya phoso ya ka boomo kapa ho se tsotelle e tla hlwauwa mme ba amehang batla ikarabella.

Kabinete e na le tshepo e feletseng ho matla a semolao a Lefapha la Naha la Matlotlole bohlokomedi ba lona ba ditjhelete tsa mmuso. Kabinete e boela e hlahisa tshepo ya yona ho makala a kenyang tshebetsong mananeo a IFMS – Lefapha la Naha la Matlotlo, Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso, le Lekala la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Puso– bakeng sa ho kenya tshebetsong porojeke ena ka katleho.

1.9. Kabinete e tshwela ka mathe ho nyenyelepa ha Memo wa Kabinete o sisinyang mekgwa e fapaneng ya ho thusa botjha Tshebeletso ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA). Memo wa Kabineteke tokomane ya lekunutu mme ho e nyenyelepisa ke tlolo ya moralo wa tshireletso ya tlhahisoleseding ya mmuso, o bitswang Maemo a Tlase a Tshireletso yaTlhahisoleseding.

Kabinete e fane ka mosebetsi ho Karolo ya Tshireletso, ya Toka, le Thibelo ya Botlokotsebe ho batlisisa ho nyenyelepa ha tlhahisoleseding ya lekunutu le ho ipiletsa bakeng sa mekgwa ya kotlo e tla sebediswa hodima ba ikarabellang.

1.10. Kabinete e amohela ho eketswa ha thuso ka ditjhelete ke Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri (IDC) bakeng sa botsetedi hobokgoni ba tlhahiso ka hara Aforika Borwa, jwaloka ha ho bonahala sephethong sa yona se lokolotsweng haufinyana tjena sa ditjhelete ho fihlela ka Hlakubele 2017. Kgweding ya Naha ya Basadi, IDC e tjhaelletse monwana dithuso tsa matlole tsa R3,2 bilione bakeng sa dikgwebo tse matleng a basadi, e leng keketseho ya 178% ha ho bapiswa le selemong se fetileng.

Sena se kenyeleditse thuso ya matlole bakeng sa tumellano e behang taolo ya morafo o moholo wa mankanisi matsohong a mosadi wa motho e motsho wa Aforika Borwa. Dithuso tsa matlole bakeng sa dikhamphani tse matleng a ba batsho di ne di fihla ho R10,1 bilione, moo R4,7 bilione ya yona e ne e le ya diporojeke tsa matsete tse eteletsweng pele ke boradiindaseteri ba batho ba batsho.

Dipalo tsena di pakahatsa kgatelopele e entsweng ka diphethoho tsa ho ba le dikgwebo moruong ka hara naha. Ho hlahisitswe palohohle ya mesebetsi e 20 881 kapa ho e baballa ka selemo se tletseng sa thuso ya matlole ke IDC, e leng tjhelete e fihlileng ho R15,3 bilione, e leng boemo bo phahameng ka ho fetisisa ho fihlela jwale.

Dilemong tse hlano tse fetileng ho tloha ka selemo sa 2013, IDC e ne e nyehetse R68 bilione ya matlole bakeng sa diporojeke tsa matsete. Mmoho le thuso ya matlole e kopanetsweng le lekala la poraefete, sena se bakile matsete a etsang R200 bilione le ho hlahisa kapa ho baballa mesebetsi e 99 000. Kabinete e thoholetsa IDC le Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo ka tshebetso ena nakong ena eo mekutu ya ho matlafatsa matsete le tlhahiso ya mesebetsi di leng hlokolosi.

1.11. Kabinete e amohela ho thehwa ha Diphuputso tsa Dimmaraka mabapi le ditjeho tse hodimo tsa datha le ho lemoha ho kenngwa koranteng ya mmuso ha dintlha tsa tshupiso ke Khomishene ya Tlhodisano.

Diphuputso tsa Dimmaraka di hlahisitswe ke kopo ya Letona la Ntshetsopele ya Moruo ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Tlhodisano. Ditjeho tse hodimo tsa datha di na le ditlamorao tse matla tsa moruo, di eketsa ditjeho tsa ho etsa kgwebo le ho ka fokotsa bokgoni ba Aforika Borwa ho sebedisa ka katleho dithekenoloji tse ntjha tsa tlhahisoleseding. Kabinete e ipiletsa ho bafani ba ditshebeletso ka hara lekala lena ho fokotsa ditjeho.

1.12. Kabinete e amohelaho saenwa ha Memorandamo wa Kutlwano (MoU) le Mmuso wa Flanders wa kgodiso ya Moruo wa Kahisano ka hara Aforika Borwa. Lewa la moruo la Tsela e Ntjha ya Kgolo le amohetsweng ka selemo sa 2010 le hlwaile moruo wa kahisano jwalo ka se seng sa dintlha tse 10 tsa ho hlahisa mesebetsi.

Ho ya ka MoU, Letona la Ntshetsopele ya Moruole tla sebetsa ka bomphato le Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi (ILO) le Mmuso wa Flanders ho hlahisa mehlala e atlehileng ya dikgwebo tsa kahisano mme le tla buisana le bankakarolo ba lehae mabapi le lewa la maano ho tiisa le ho matlafatsa mosebetsi wa moruo wa kahisano.

Flanders hape e tla etsa bomphato le Lefapha la Merero ya Tikoloho porojekeng ya diphethoho tsa tlelaemete le moruo o hlwekileng, botla tsepamisa maikutlo hodima ho amohela mawa.

1.13. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke mafu a batho mebileng ya naha a bakwang ke bakganni ba dulang ba sa tsotelle, ho kganna bohlwaswa le ho hloka boikarabelo. Haufinyana tjena bana ba 13 ba lemetse kamora ho ba mokganni eo ho belaellwang ho re o ne a tahilwe a thule sefate ka tekesi. Dibekeng tse pedi tse fetilengho etsahetse ketsahalo e nngwe KwaZulu-Natal, e bakileng mafu a 19 le batho ba lemetseng ba robong kamora ho ba tekesi e thule borokgo.

Kabinete e ipiletsa ho bohle ba nang le bana ba tlhokomelong ya bona ho fadimehela ka matla bakganni ba tsamaisang bana le bapalami. Kabinete e ipiletsa ho makala a qobello ya molao ho fadimeha haholo mebileng ya rona ho netefatsa polokeho ya basebedisi ba mebila.

1.14. Kabinete e tshwela ka mathe merusu, tshenyo ya thepa, le ho tjhesa meralo ya motheo ya setjhaba e kang ya haufinyana tjena ya seteishene sa dibese sa Rea Vaya Gauteng. Meralo ya Motheo ya Setjhaba ya dipalangwang ke mohlodi wa naha o reretsweng ho sebeletsa setjhaba. Ha ho na ho se kgotsofale ho hokalo ho ka bakang tshenyo ya thepa. Kabinete e ipiletsa ho makala a qobello ya molao ho sebetsana le botlokotsebe bo kang bona.

1.15. Kabinete e thoholeditse nyehelo ya ditjhelete ya Setsi sa Naha sa Bolaodi ba Dikoduwa ho Mmuso wa Porofense ya Kapa Bophirima. Tjhelete e fetang R74 milione e ile ya ba teng ho shebana le diphephetso tse amanang le komello, ho kenyeletsa le mello ya haufinyana tjena e matla le kgaello ya furu. Kabinete e tswela pele ho ipiletsa ho maAforika Borwa ho sebedisa metsi ka paballo.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Kabinete e amohetse keketseho ya tshebediso ya dithekenoloji le dintlafatso tse entsweng lapeng ka hara Aforika Borwa. Saense le thekenoloji ke dithusi tse kgolo mokutung wa mekgahlelo e mengata ya naha bakeng sa ho tiisetsa sekgahla se phahamang sa kgolo ya moruo ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Ho ya ka Tlaleho ya Tshebetso ya Saense, Thekenoloji le Ntlafatso ya 2015 ya Lekgotla la Naha la Boeletsi Ntlafatsong (NACI) ditjeho tsa thekenoloji di batlile di menahana habedi jwaloka phesente ya Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ho tloha ho 0.018% ka selemo sa 2005 ho isa ho 0.033% ka sa 2015.

Mafapha a mangata, lekala la poraefete le ditheo tsa diphuputso di tsetetse thekenoloji le ntlafatso tse ngata haholo mananeong a tsona a ntshetsopele ka ho latelana.

Jwaloka tsela ya ho matlafatsa diphihlello tsena ho ya pele, Kabinete e tjhaelletse monwana dibaka tse tharo tsa menyetla tse hlwailweng ke Lefapha la Saense le Thekenoloji ho tshehetsa dithekenoloji tsa kalafo, tshireletso le dithekenoloji tse amanang le polokeho le meralo ya motheo e mabapi le thekenoloji.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana mosebetsi wa tlatsetso wa ho ba mohlaleng le ho metha ntshetsopeleya thekenoloji le ntlafatso ntshetsopeleng ya kahisano le moruo.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebahatswa ha Bili ya Overvaal Resorts Limited ya selemo sa 2017 Palamenteng.

Morero wa Bili ke ho hlakola molao wa ho thehwa ha Aventura, Molao wa Overvaal Resorts Limited, 1993 (Molao wa bo-127 wa selemo sa 1993). Sena se tla thusa ho phethelwa ha ho fediswa ha Aventura. Kabinete e nkile qeto ya ho fedisa Aventura kamora ho ba e nkuwe e le thepa eo e seng ka sehloohong ya mmuso. Bili ena e tswile bakeng sa hore e tshohlwe le setjhaba ka Hlakubele 2017.

3.2. Bakeng sa ho matahanya molao le dintshetsopele lepatlelong la thuto, Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Melao ya Thuto ya Motheo sa 2017 Koranteng ya Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

Bili ke sephetho sa ho shejwa botjha ha melao kaofela ya thuto ya motheo ka morero wa ho matlafatsa bohlwahlwa ba tsamaisohore ho tle ho ntlafatswe taolo, boetapele le boikarabelo, ho fetola ditshebeletso tsa thuto, le ho sireletsa dihlopha tse kotsing ho netefatsa boitekanelo ba baithuti.

Dihlomathiso di sisintswe ho Molao wa Dikolo wa Aforika Borwa, 1996 (Molao wa bo-84 wa selemo sa 1996), le Molao wa Kgiro ya Matitjhere, 1998 (Molao wa bo-76 wa 1998).

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Ka Loetse re tla tshwaya Kgwedi ya Botjhaba, Kgwedi ya Bohahlaudi, Beke ya Tjalo ya Difate, Kgwedi ya Tshebeletso ya Mmuso, Kgwedi ya NDP le Beke yaThusong Service Centre. Dintlha tse batsi ka diketsahalo tsena di tla tsebiswa ke mafapha a amehang.

4.2. Jwaloka modulasetulo wa SADC, Aforika Borwa e dumetse ho tshwara Kopano ya Matona a Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding ya Thekenoloji (ICT) a SADC ho tloha ka la 4 ho isa ka la 7 Loetse 2017 ho tshohla kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Dikgokahanyo le ICT la SADC.

Letona Ayanda Dlodlo le Letona Siyabonga Cwele ba tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa kopanong ena. Morero wa kopano ke ho fana ka tataiso mabapi le dintlha tsa mawa a dikgokahanyo le ICT le ho ba mohlaleng wa ho kenngwa tshebetsong ha diqeto tse entsweng dikopanong tse fetileng.

Aforika Borwa e tla sebedisa kopano ena ho hodisa ho fihlellwa ha ditshebeletso tsa meralo ya motheo tsa ICT, ka seo naha e tla ba boemong ba ho ba sebaka sa meralo ya motheo ya lebatowa le ho hodisa dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME) tlasa mananeo a akaretsang a ho thehwa ha diindaseteri le kopano ya lebatowa a SADC.

4.3. Seboka sa bo-9 sa Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa (BRICS) se tla tshwarwa Xiamen, China ho tloha ka la 4 ho isa la 5 Loetse 2017. Mookotaba wa bodulasetulo ba China ho BRICS ke:“BRICS: Dilekane tse Matla bakeng sa Bokamoso bo Kganyang”.

Kgwebisano ka botlalo pakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tsa BRICS e fihlile ho US$29 bilione ka selemo sa 2016. Sebaka se seholo ka ho fetisisa sa thekiso ya ka ntle sa Aforika Borwa ka hara BRICS e dutse e le China, e latelwe ke India, Brazil mme e be Russia. Paterone e tshwanang e ya bonahala mabapi le dihlahiswa tse kenang ka hara naha, moo China e dutseng e le mohlodi o moholo ka ho fetisisa wa dihlahiswa tsa ka ntle.

Seboka sa selemo sa 2017 sa BRICS se tla tobana le dintlha tse hlano tse ka sehlohlolong e leng, ho tebisa tshebedisano-mmoho, ho matlafatsa taolo ya lefatshe, ho etsa diphapanyetsano tsa batho-ho-batho, ho ntshetsapele dintlafatso tsa ditheo le ho aha dilekane tse batsi.

Lewa la tsepamiso ya maikutlo bakeng sa Aforika Borwa ka hara BRICS ke ho hodisa kgwebisano ya boleng bo eketsehileng, ho hohella matsete ka hara makala a naha a tshepisang a tlhahiso le ho matlafatsa tshebedisano-mmoho ho hodisa merero ya rona ya ntshetsopele.

4.4. Kabinete e lemohile bonkakarolo ba dikhamphani tsa Aforika Borwa Mokgahlelong wa bo-53 wa Dipontsho tsa Kgwebo tsa Matjhaba tsa Maputo, tse tlwaelehileng jwaloka FACIM, tse tla tshwarwa Mozambique ho tloha ka la 28 Phato ho isa ka la 3 Loetse 2017. FACIM ke dipontsho tsa matjhaba tsa kgwebo ya makala a fapaneng tse tshwarwang selemo ka seng ho pepesa Mozambique jwaloka sebaka se hohelang bakeng sa kgwebo le matsete.

Dikhamphani tse 20 di ile tsa thuswa ka matlole ke Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri (dti) ha tse 10 di ile tsa tshehetswa ke Lekala la Mpumalanga la Kgolo ya Moruo.

Dikhamphani tsena di ne di emetse makala a fapafapaneng ho kenyeletsa makala a dikhemikhale, a tswelliso ya dihlahiswa tsa temo, a diaparo le masela, a boenjineri, a merafo le thepa ya dikaho tse kgolo, lea tekginiki ya motlakase le a tikoloho ya kaho.

Mozambique ke molekane wa boraro ya moholo ka ho fetisisa wa Aforika Borwa ka hara lebatowa la SADC, kamora Botswana le Namibia. Kgwebisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi e eketsehile ho tloha ho R29 bilione ka 2012 ho isa ho R43 bilione ka sa 2016. Hajwale ho na le dikhamphani tse 300 tsa Aforika Borwa tse sebetsang ka hara Mozambique.

Bonkakarolo ba dikhamphani tsa Aforika Borwa ho FACIM bo fumane kananelo e itseng bekeng e fetileng ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi jwaloka e nngwe ya mapatlelo ao badudi ka hara dinaha ka bobedi ba ka a sebedisang bakeng sa ho buisana mabapi le kgonahalo ya tshebedisano-mmoho le dilekane bakeng sa ho eketsa kgwebisano le matsete pakeng tsa dinaha tsa bo rona.

4.5. Letona la Lefapha la Merero ya Lehae, Moporofesara Hlengiwe Mkhize, o tla nka karolo ho Dipuisano tsa Matona tsa Bofalli bakeng sa Dinaha tsa Borwa ba Aforika tse tla tshwarelwa naheng ya Borena ba Swaziland ho tloha ka la 2 ho isa ka la 4 Loetse 2017. Morero ka kakaretso wa ketsahalo ena ke ho kgothaletsa puisano hara ditho tsa dipuso tsa SADC ho ntlafatsa taolo ya bofalli ka hara lebatowa. Dintlha tse tla sekasekwa di kenyeletsa tlhokahalo ya puso e tsitsitseng, bofalli, bolaodi ba meedi le bofalli ba basebetsi.

5. Melaetsa

5.1. Kabinete e hlahisitse matshediso a yona a tebileng le kutlwelo-bohloko ho:

Letona la Sepolesa Fikile Mbalula le lelapa la hae ho latela ho hlokahala ha mme wa hae, Mama Emma Mbalula. E se e ka ba ka thola matla a ho tobana le bothata le lehlaba le tebileng le tliswang ke ho lahlehelwa ke mme lelapeng leha e ka ba lefe.

Baratuwa ba basebeletsi ba bararo ba morafo bao ho tiisitsweng ba hlokahetse ho latela ho putlama mpeng ya lefatshe ha Morafo wa Kusasalethu haufi le Cartonville Gauteng, ka lebakala ho reketla ha lefatshe ho ngodisitseng 1.8 Sekaleng sa Richter. Kabinete e tshepa hore barafi ba bang ba babedi ba so tholahale ba tla pholoswa ke moifo wa patlo o ntseng o sebetsa hajwale le ho imoloha hore bongata ba barafi ba ile ba tliswa ka hodima lefatshe ka polokeho le hara kotsi ena.

Mmuso le batho ba Rephabliki ya Sierra Leone ho latela tse ding tsa dikgohola tse mpe ka ho fetisisa ka hara kontinente ya bo rona. Koduwa ena ya tlholeho e ripitlile dikarolo tsa bohlokwa tsa naha eo, e leng se bakileng tahlehelo e kgolo ya maphelo, tshenyo ya thepa le ho siya koduwa e matla ya botho. Ka DIRCO, Aforika Borwa e nyehetse ka R8 milione bakeng sa thuso koduweng ena.
 
5.2. Kabinete e thoholetsa Mamoseleme kaofela a entseng ka katleho ‘Haj’ (leeto la bodumedi) le ho ba lakaletsa kaofela ‘Eid-al-Adha’ e monate.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Monghadi Mziwonke Dlabantu jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Lekgotla la Boingodiso la Naha la Diahi tsa Matlo (NHBRC).

6.2. Boto ya Boeletsi ya Dibaka tse Ikgethang tsa Moruo:

Mofumahadi Lizeka Valerie Matshekga (Setho se kgethehileng sa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri); le
Monghadi Sipho Reginald Zikode (Setho se kwalang sekgeo sa Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri).
 
Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building