Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, 27 Loetse 2017, Union Buildings, Pretoria.

1. Dintlha tsa Hajwale

1.1. Kopano Kakaretso ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNGA)

Kabinete e amohetse puo ya Moporesidente Jacob Zuma ho Tulo e Tlwaelehileng ya bo-72 ya UNGA New York, Amerika ka la 12 Loetse 2017, tlasa mookotaba “Re Tsepamisa Maikutlo Bathong: Re tsitlallela Kgotso le Bophelo bo Kgabane bakeng sa Bohle Polaneteng ya Moshwelella”.

Dipuisano di ne di tsepamisitse maikutlo hodima, hara tse ding, Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella (di-SDG); ho fetofetoha ha tlelaemete; le ditaba tsa kgotso le tshireletso le diphethoho tsa UN, ka ho qolleha diphethoho tsa Lekgotla la Tshireletso la UN.

Moporesidente Zuma hape o saenne Tumellano e mabapi le Thibelo ya Dibetsa tsa Nutleleya, e bontshang boitlamo bo tswellang ba Aforika Borwa mabapi le ho fihlella lefatshe le hlokang tshoso e bakwang ke dibetsa tsa nyutleleya le ho netefatsa hore thekenoloji ya nutleleya e sebedisetswa merero ya kgotso feela.

Mopresidente Zuma o ne a hlophisitse dijo tsa mantsiboya tsa ho keteka dilemo tse lekgolo ho hlompha mofu Moporesidente wa mehleng wa African National Congress (ANC), Monghadi Oliver Reginald Tambo.

1.2. Kgwedi ya Bojalefa

Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela bakeng sa ho keteka Kgwedi ya Bojalefa ka Loetse le ho boeletsa molaetsa wa Moporesidente Zuma wa Letsatsi la Bojalefa hore bohle ba ka hara naha ba hahamalle kopano e matla le ka hara diphapang.

Jwaloka ha naha e phethela Kgwedi ya Bojalefa tlasa mookotaba “Selemo sa Oliver Reginald Tambo: ho keteka tokoloho ya letlotlo la bojalefa ba rona”, maAforika Borwa a kgothaletswa ho ahella hodima dipehelo tsa bophelo tse ka hara Molaotheo le ho matlafatsa mekutu ya ho aha setjhaba se hlokang bofuma, tlala, ho hloka bodulo le ho se lekalekane.

Bakeng sa ho tiisa moya wa bojalefa, Kabinete e amohela tumellano e saennweng pakeng tsa Aforika Borwa le Tanzania, e reretsweng ho baballa nalane ya ntwa ya tokoloho.

UN e fafielletse ho kenngwa tshebetsong ha Porojeke ya Ditsela tse Lebisang Boikemelong ka hara Aforika. Ka ho ketekwa ha moya wa bonngwe le tshebedisano-mmoho hara mekgatlo ya tokoloho ya Aforika mme e tla baka ho ahuwa ha museamo, laeborari le dibaka tsa polokelo ya nalane.

1.3. Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaudi

Aforika Borwa, tlasa boetapele ba Letona la Bohahlaudi, Mofumahadi Tokozile Xasa, e nkile karolo ho Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaudi (27 Loetse 2017) le ho Kgwedi ya Bohahlaudi, tlasa mookotaba, “Bohahlaudi ba Moshwelella – Sesebediswa sa Ntshetsopele”. Sena se fana ka lepatlelo bakeng sa ho tshehetsa diphethoho leanong, ditlwaelong tsa dikgwebo le boitshwaro ba basebedisi ba bohahlaudi, tse lebisitseng ho lekala la bohahlaudi la moshwelella, le ka nyehelang ka matla mabapi le ho fihlellwa ha di-SDG. Nakong ya Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaudi, dinaha le ditso tse fapaneng di keteka bongata ba diketsahalo tse itshetlehileng mabatoweng tse kang kgothaletso ya dikepele tse ikgethang le/kapa ho batalatsa ho fihlella dibaka, ho dumellwa ho kena ka bongata mahala diphakeng le dirapeng, le dipuisano tse fapafapaneng le bangkakarolo.

Aforika Borwa e atlehile bakeng sa ho hodisa bohahlaudi ka dibaka tsa yona tse fapafapaneng tse nang le kgohedi tse kang diphaka tsa rona, mabopo a rona a lewatle a maemo a hodimo, le ditsha tsa bojalefa tse tjhaelletsweng monwana ke lefatshe.

Bokgoni ba Bohahlaudi ba ho amohela basebetsi e dula e le sebetsa se seholo kgahlanong le tlhokeho ya mesebetsi. Jwaloka sebaka sa bohahlaudi, Aforika Borwa e tobane le kgonahalo ya ho hodisa makala a yona a parolang le makala a mang a moruo ho kgonahatsa bokgoni bo matla ba moruo ka makala a mang a mehleng eo esale a le ka sehloohong a moruo. Ana a kenyeletsa bohahlaudi ba dibaka tsa mahae, tsa bongaka, tsa temo le tsa botjhaba.

1.4. Tumellano ya ho beha ditheko tsa meriana ya HIV

Kabinete e amohela tumellano e etsang pale ya ditefello e fihlelletsweng ke Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, ka tshebedisano le mekgatlo e mengata ya matjhaba, ho akofisa boteng ba mokgahlelo wa pele wa pidisi e le nngwe ya kalafo ya HIV.

Ho akanngwa hore ho fokotswa ha tefello ho tla baka dipoloko tse ka fihlang ho R11.7 bilione dilemong tse tsheletseng tse tlang. Sena se tla thusa Aforika Borwa ho ngodisa bakudi ba bangata bakeng sa kalafo.

Tumellano ya ditefello e etsa hore moriana wa Dolutegravir, o kgothaletswang ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO), o kgonahale bakeng sa mebuso ya dinaha tsa lekeno le tlase le le mahareng.

Ho ya ka tumellano ya ditefello, Lefapha la Bophelo bo Botle le rera ho tsebahatsa motswako wa ho nowa ho tsitsitseng ha meriana e meraro, Tenofovir, Lamivudine le Dolutegravir ka Mmesa 2018.


Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela a a seng a le maemong a ho kena ho tsa thobalano, ka ho qolleha batjha, ho tswela pele ho phela bophelo bo itekanetseng ba ho amohela mekgwa ya thibelo e kang ho dula ba kena thobalanong e bolokehileng ka ho ikgula thobalanong, ho tshepahala le ho sebedisa dikgohlopo, le ho kenela diteko tsa HIV kgafetsa.

1.5. Bophelo bo Botle

Kabinete e amohela ho thakgolwa ha lehlakore le letjha la Sepetlele sa Cecilia Makiwane Mdantsane, ho la Kapa Botjhabela. Ke mokolokotwane o lebisitseng ho kenngweng tshebetsong ha Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle e tla baka hore ho be le phano ya tlhokomelo ya kalafo ya boleng, ka ho qolleha ho badudi ba futsanehileng.

Sepetlele sena sa dithuto tse hodimo sa maemo a lefatshe ke matsete a ho fihlella tjhebelopele ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le di-SDG tsa UN tsa tlhokomelo ya kalafo ya lefatshe.

Sepetlele sena sa dibethe tse 526 se tshehetswa ke tsamaiso e kopanetsweng e tla matlafatsa phano ya tlhokomelo ya kalafo ya boleng. E sebedisa ntjhafatso ya thekenoloji ho fokotsa dinako tsa badudi tsa ho ema, e ntlafatsa ho hlahlojwa le ho thusa ka boitshunyako bo potlakileng ba kalafo bakeng sa bakudi.

Matsete ana a meralo ya motheo a R1 bilione a tla tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa lehae ka hara makeishene. Ha re ntse re tsoseletsa meralo ya motheo ya boitekanelo ba setjhaba, hape re atolosa menyetla bakeng sa badudi ba lehae ya ho ntlafatsa maphelo a bona ka tlhahiso ya mesebetsi le ntshetsopele ya dikgwebo tsa lehae.

1.6. Kgwedi ya Ntshetsopele ya Kahisano

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho tswela pele ho phahamisa ba hlokang lehlohonolo le tshwanang le la bona pele ho Kgwedi ya Ntshetsopele ya Kahisano ka Mphalane.

Kgwedi ya Ntshetsopele ya Kahisano e tshwarwa selemo ka seng ho hopola menyabuketso e mengata e entsweng ke naha, mabapi le ho fana ka thuso ya kahisano ho ba fumanehileng le ba tsietsing haholo ka hara Aforika Borwa.

Moporesidente Zuma o tla thakgola semmuso sehopotso sa Ntshetsopele ya Kgwedi ya Kahisano ka Labohlano, 29 Loetse 2017.

Kabinete e lakaletsa ka mofuthu maqheku kaofela le batho ba hodileng Letsatsi le monate la Batho ba hodileng, le tla hopolwa ka Sontaha sa, la 1 Mphalane 2017.

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho sebedisa kgwedi ya Mphalane ho ananela karolo le sehlabelo sa bohlokwa se entsweng ke batho ba hodileng mabapi le ho fihlella tokoloho ka hara naha ya bo rona. Ke mosebetsi wa baahi mmoho ba bo rona, e seng feela mmuso, ho fana ka tlhokomelo e eketsehileng ho maqheku a rona le dihlopha tse tsietsing.

Lenaneo la Mmuso wa Aforika Borwa la dithuso tsa setjhaba le thehilwe hodima tumelo e tiileng ya hore dithuso tsa polokeho ya setjhaba ke tokelo ya motheo ya botho mme di bohlokwa bakeng sa ho kgutlisa seriti sa baahi ba yona. Dithuso tsa setjhaba di imolla mathata a ditjhelete a dimilione tsa malapa mme ka ho sebetsa mmoho le mmuso di matlafatsa ba tsietsing hore maemo a bona a bophelo a ntlafale a be le seriti.

1.7. Boitokisetso ba Dihlahlobo

Kabinete e lakaletsa baithuti kaofela tse molemo, ka ho qolleha ba etsang Kereiti 12, jwaloka ha ba itokisetsa dihlahlobo tsa mafelo a selemo.

Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE) le malala-a-laotswe bakeng sa dihlahlobo tsa materiki tse qalang ka la 16 Mphalane 2017 tse tla ngolwa ke baithuti ba fetang 798 000 ba ingodisitseng.

DBE e fana ka tshehetso e eketsehileng ho baithuti ba materiki ka dithuto tsa tlatsetso hona sekolong kamora dihora tsa sekolo, le mafelong a beke le ka matsatsi a phomolo ya dikolo.

Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi ho fana ka tshehetso e batlehang ho baithuti ha ba ntse ba itokisetsa dihlahlobo.

1.8. Beke ya Selemo ka seng ya Thusong Service Centre

Mmuso o phethetse ka katleho Beke ya Selemo ka seng ya selemong sena ya Thusong Service Centre, e etsahetseng ho tloha ka la 18 ho isa ka la 22 Loetse 2017 tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo – Re Ntshetsapele Dikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo ho di-Thusong Service Centre”.

Sena se bopile karolo ya Kgwedi ya Tshebeletso ya Mmuso le ho kgothaletsa Lenaneo la Thusong ka ho pepesa lenaneo le kopanetsweng la ho fihlella dibaka ka dibaka le bokgabane ba lona mabapi le ho arabela ditlhoko tsa baahi. Di-Thusong Services Centre di tlisa mokeke wa ditshebeletso tsa mmuso le tlhahisoleseding haufi le batho.

Lenaneo lena le fihlella bakgolamolemo ba akanngwang ho dimilione tse tsheletseng selemo ka seng ka Lenaneo le Kopanetsweng la Phihlello ya Dibaka ka Dibaka la Phihlello, Beke ya Selemo ka seng ya Thusong Service Centre le mapatlelo a mang a Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS).

Ka lenaneo lena, mmuso o tswela pele ho lokisa ho se lekalekane ha nako e fetileng ka ho tlisa ditshebeletso tsa boleng haufi le badudi bao pele ba neng ba qheletswe ka thoko ntshetsopeleng e tlwaelehileng ya moruo wa kahisano.

Di-Thusong Service Centre hape di matlafatsa badudi ka maitsebelo le thupello e hlokehang bakeng sa ho ntlafatsa maphelo a bona, ka bolekane bo teng le mmuso, ditheo tse thuswang ke mmuso le lekala la poraefete.

Kabinete e boeletsa kgoeletso ya yona ho badudi ho tswela pele ho sebedisa di-Thusong Service Centre ho fihlella ditshebeletso tse kang tsa Lefapha la Merero ya Lehae, la Mesebetsi, la Toka, Lekala la Aforika Borwa la Dithuso tsa Setjhaba (SASA) le Letlole la Dikotsi tsa Mebila (RAF).

1.9. Myanmar

Kabinete e tshwenyehile ka bothata ba badudi ba Rohingya ba balehileng malapeng a bona Myanmar.

Aforika Borwa e tshehetsa pehelo ya Mongodi-Kakaretso wa UN, Monghadi António Guterres, ya tobokeditseng boikarabelo ba Mmuso wa Myanmar ba ho fana ka tshireletso ho badudi bohle ba amehang, le hape ho kopa makala a thekolohelo ya botho ho fumantshwa phihlello ya badudi ba hlokang thuso le tshireletso.

Kabinete e kgothaletsa mahlakore kaofela ho fedisa merusu le ho thibela ho tswela pele ha tshotleho ya batho le ho ipiletsa hore boemo ka hara Puso ya Rakhine bo rarollwe ho itshetlehilwe hodima molao.

1.10. Angola

Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma mabapi le ho thoholetsa Riphabliki ya Angola ka ho hlophisa Dikgetho tsa Naha tsa Ketsamolao tse atlehileng. Moporesidente Zuma o ne a kenetse Mokete wa Tlhomamiso ya Moporesidente João Manuel Gonçalves Lourenço Luanda ka Labobedi, la 26 Loetse 2017.

Aforika Borwa le Riphabliki ya Angola di na le nalane e tshwanang ya ntwa kgahlanong le bokoloniale le mmuso wa kgethollo. Esale ho tloha ka selemo sa 1994, dinaha tsena tse pedi di tswetse pele ho hodisa le ho atolosa maqhama a matla a bobedi bona.

Angola ke e nngwe ya balekane ba baholohadi ba kgwebisano ba Aforika Borwa kontinenteng ya Aforika le ho tswela pele ho hodisa maqhama a yona.

1.11. Tlhaselo ya bahahlaudi ba Netherlands

Kabinete e tshwela ka mathe ho kgothotswa ha haufinyana tjena ha bahahlaudi ba Netherlands ba ileng ba salwa morao ho tloha Boemafofaneng ba Matjhaba ba OR Tambo. MaAforika Borwa kaofela a lokela ho tshwela ka mathe botlokotsebe bo kang bona bo tshosang lekala la rona le dulang le hola la bohahlaudi. Kabinete e boetse e ipileditse ho Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) ho etsa leha e le sefe seo ba ka se kgonang ho tshwara baetsi ba botlokotsebe bona.

Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho tla ka tlhahisoleseding leha e le efe e ka thusang balaodi ba qobello ya molao le ho etsa kgoeletso ya tshebediso ya letsoho le matla la molao bakeng sa ba tla fumanwa ba le molato.

1.12. Ho thakgolwa ha buka ya melao ya setso ya Bakoena Ba Mopeli

Kabinete e thoholetsa ho thakgolwa ha buka, Bakoena Ba Mopeli Customary Law of Succession and Genealogy, jwaloka phihlello ya mokolokotwane bakeng sa boetapele ba setso ka hara Aforika Borwa.

Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, Monghadi Des van Rooyen, le Motlotlehi Morena Letsie III, Hlooho ya Puso ya Borena ba Lesotho, ba ne ba kenetse ketsahalo ena ka Mantaha wa, la 25 Loetse 2017.

Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba le qadile ho hlophisa ditokomane tsa nalane ya dikarolo tse 13 tsa Borena/Bofumahadi ka selemo sa 2011. Buka ena e tla thusa ho utlwisisa nalane ya Bakoena Ba Mopeli le tlhahlamano ya madi bakeng sa ho baballa nalane ya rona.

2. Diqeto tsa Kabinete

2.1. Porothokole ya Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC)

Kabinete e tjhaelletse monwana ho amohelwa ha Porothokhole ya SADC ya Taolo ya Tikoloho bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella, ke Palamente. Sepheo sa porothokhole ke ho kgothaletsa taolo ya tikoloho e parolang le meedi, e leng tabatabelo ya ditho tsa dipuso tsa SADC.

Aforika Borwa, jwaloka Modulasetulo wa SADC ho tloha ka Phato 2017 ho isa ka Phato 2018, e itlama ho matlafatsa mekutu ya lebatowa ya ho baballa mehlodi ya tlhaho ya ho parola le meedi le ho kgothaletsa ntshetsopele ya moshwelella ka hara lebatowa la SADC.

Sena se matahantswe le NDP, e behileng ka sehlohlolong ho tebisa kopanelo ya lebatowa la SADC hammoho le ho netefatsa paballo ya moshwelella ya tikoloho le diphethoho tse lekalekanang tse lebisang moruong wa khabone e tlase.

2.2. Pitso ya Matona ya Bolekane bakeng sa Tshebetso mabapi le Moruo wa Tlhaho

Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha Pitso ya Matona ya Bolekane bakeng sa Tshebetso mabapi le Moruo wa Tlhaho ka Loetse 2018. Lepatlelo lena le tshehetsa dinaha le mabatowa ho beha paballo ya moshwelella motsong wa maano a moruo le ditlwaelo bakeng sa ho ntshetsapele Lenaneo la 2030 la Ntshetsopele ya Moshwelella.

Ke lenaneo la UN le kopanyang mmoho botsebi ho tswa Makaleng a mahlano a UN e leng; Lenaneo la Tikoloho la UN; Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi (ILO); Lenaneo la Ntshetsopele la UN; Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Diindaseteri wa UN le Setheo sa Thupello le Diphuputso.

Ho tshwara Pitso ya Matona ho tla ntshetsapele lenaneo lena, ka lapeng le kontinenteng ya Aforika, la kgolo e kenyeletsang mabapi le ho amohela motjha wa khabone e tlase le wa moruo o itsekang.

2.3. Boto ya Metsi ya Umngeni

Kabinete e tsebisitswe ka maemo a Boto ya Metsi ya Umngeni e leng ya bobedi e kgolohadi ka hara naha e nang le boleng selemo ka seng ba se ka fetang R2,4 bilione le ditekanyetso tsa Ditjeho tsa Tjhelete ya Sehlooho e fetang R7 bilione. Kabinete hape e tsebisitswe ka dipuisano tseo lefapha la metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere le neng le di tshwere le batsetedi ba lona.

Bakeng sa ho tsitsisa dintlha tsa taolo tsa Boto, Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Boto ya Nakwana ha Letona le ntse le akofisa motjha wa ho thonya ka ho phethahala Boto ya Metsi ya Umngeni. Kabinete e kgotsofaditswe ke mosebetsi o etswang ke Letona mabapi le ho tsitsisa Boto ya Metsi ya Umngeni.

3. Dibili

3.1. Sehlomathiso sa Bili ya Tekolo ya Mobu

Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Tekolo ya Mobu bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili ena e fetola Molao wa Tekolo ya Mobu, wa 1997 (Molao wa bo-8 wa 1997).

Dihlomathiso di matlafatsa metjha ya boikarabelo le taolo le ho fana ka thonyo ya ditho tse itseng tsa Boto ya Melawana ya Tekolo, e le ho matlafatsa taolo ya tekolo ya mobu ka hara Aforika Borwa.

Bili hape e batla ho laola tekolo ya mobu ka hara Aforika Borwa ka ho matlafatsa Molekodi-Kakaretso e Moholo wa Mobu hore a shebane le ho beha leihlo boemong ba naha le tsamaiso hodima ditekolo tsa sebopeho sa mobu, sebopeho sa naha le tsa maemo a dimmapa, tlhahlobo ya dibaka tsa mobu le ditshebeletso tsa tlhahisoleseding ka lefatshe.

3.2. Sehlomathiso sa Bili ya Melao ya Saense le Thekenoloji sa 2017

Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Melao ya Saense le Thekenoloji sa 2017 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e sisinya ho tlisa tsamaelano le ho lokisa maemo a dipehelo tse laolang ditshebetso le taolo ya ditheo tsa setjhaba tse ikarabellang ho Letona la Saense le Thekenoloji. Sena se tla netefatsa botsitso ditlhokong tsohle tse lokelang ho fihlellwa le metjha e lokelang ho latelwa ke ditheo jwaloka ha di amana le taolo.
 

4. Diketsahalo tse Tlang

4.1. Kgwedi ya Dipalangwang

Jwaloka ha Mphalane 2017 e tshwaya Kgwedi ya Dipalangwang tlasa mookotaba: “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa Pele”, Kabinete e ipiletsa ho bohle ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore meralo ya motheo ya naha ya dipalangwang e tswela bohle molemo le ho kgothaletsa basebedisi ba mebila ho nka boikarabelo le ho sebedisa boipaballo mebileng jwaloka karolo ya bophelo ba bona ba letsatsi ka leng. Ka ho sebetsa mmoho re ka fokotsa dikotsi mebileng ya rona.

Nakong ya Kgwedi ya Dipalangwang, mmuso – o eteletswe pele ke Lefapha la Dipalangwang le ditheo tsa lona – o tla hlakisa melemo ya moruo ya lekala lena ka ho pepesa ditshebeletso tsa meralo ya motheo ho tsa bofofisi, mawatle, dipalangwang tsa setjhaba, tsa mebileng le diterene. Ho thakgolwa ha naha ho tshwaretswe Lebaleng la dipapadi la Sinaba Daveyton ka hara Motsemoholo wa Ekurhuleni ka la 29 Loetse 2017.

Matsete lekaleng la dipalangwang a hlasimolla ntshetsopele le ho hlahisa mesebetsi jwaloka karolo ya Aforika Borwa ya Moralo wa Dintlha tse Robong, o reretsweng ho hodisa moruo le ho hlahisa mesebetsi e hlokahalang haholo. Matsete ana a tla netefatsa ho ahuwa ha marangrang a dipalangwang tsa setjhaba a kopanetsweng ho phatlalla le naha.

4.2. Aforika Borwa e tla tshwara Tulo ya bo-2 ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi (BNC) ya Africa Borwa-Zimbabwe

Moporesidente Jacob Zuma o tla amohela wa mphato wa hae wa Zimbabwe, Mohlomphehi Moporesidente Robert Mugabe, ya tla ba teng Aforika Borwa ka la 03 Mphalane 2017 lebakeng la Tulo ya bo-2 ya BNC ya Aforika Borwa-Zimbabwe. Tumellano ya ho theha BNC e saenwe ka Mmesa 2015 le ho hlomamiswa ka Mphalane 2016 Harare, Zimbabwe.

Aforika Borwa le Zimbabwe di na le dikamano tse ntle tsa bobedi bona tsa sepolotiki, moruo le kahisano tse fafielletsweng ka maqhama a nalane ya dilemo tse ngata. Dinaha tse pedi tsena ha di arolelane feela dikamano tse matla tsa nalane empa le tshebedisano ho tsa moruo. Zimbabwe ke e nngwe ya balekane ba Aforika Borwa ba bahlano ba ka hodimo ka ho fetisisa ka hara kontinente ka dipalopalo tse bontshang kgolo selemo ka seng. Ka selemo sa 2016, Diyantle tsa Aforika Borwa ho ya Zimbabwe di ne di akanyetswa ho R29.3 bilione.

5. Melaetsa

5.1. Letsatsi la Tswalo – Mama Winnie Madikizela-Mandela

Kabinete e imatahanya le naha kaofela mabapi le ho lakaletsa Mama Winnie Madikizela-Mandela, ya tsebahalang jwaloka Mme wa Setjhaba, letsatsi la tswalo le monate ha a ne a qeta dilemo tse 81 ka Labobedi, 26 Loetse 2017.

Mama Madikizela-Mandela ke e mong wa diqhoku tsa ntwa ya tokoloho tse babatswang ka ho fetisisa. Kabinete e mo leboha bakeng sa tshebeletso ya hae Ntweng ya tokoloho ya rona e lwanetsweng ka thata le ho mo lakaletsa selemo se latelang se tletseng mahlohonolo bakeng sa hae le baratuwa ba hae le ba lelapa.

5.2. Banyana Banyana

Kabinete e thoholetsa Banyana Banyana mabapi le ho hapa Bompodi ba Basadi ba 2017 ba COSAFA kamora ho hlola ka 2-1 ho makgaola kgang kgahlanong le Zimbabwe ho la Bulawayo. Banyana Banyana ba phahamisitse folakga ya naha ka motlotlo mme mesebetsi ya bona e tswela pele ho kgothatsa ba bang ba batjha ba maAforika Borwa ba nang le talente ya ho ipabola ka makgabane.

5.3. Ho reketla ha lefatshe Mexico

Kabinete e imatahanya le Moporesidente Zuma mabapi le ho fetisetsa matshediso ho Moporesidente Enrique Peña Nieto wa Dinaha tse Kopaneng tsa Mexico le batho ba Mexico ho latela ho reketla ha lefatshe, tsunami le kganyapa tse bakileng tshenyo, e bakileng mafu a fetang 225 le tshenyo e matla ya meralo ya motheo.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumellano e amehang.

6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Boto ya Nakwana ya Boto ya Metsi ya Umgeni:
a. Mofumahadi Ziphozethu Mathenjwa (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Nompumelelo Chamane;
c. Monghadi Visvin Reddy;
d. Monghadi David Dikoko;
e. Mofumahadi Zodwa Manase;
f. Moatefokate Tshidi Hatashe; le
g. Monghadi Midiavhathu Tshivhase.

6.2. Ditho tse tla sebetsa ho Phanele ya Bolaodi ba Phethisetso:
a. Monghadi Sandile Bubele Siyaka (sehla sa bobedi);
b. Monghadi Ntshengedzeni Anthony Michael Tshivhase (sehla sa bobedi);
c. Monghadi Christopher Ewing (sehla sa bobedi);
d. Monghadi Ebrahim Aboobaker Moolla (sehla sa bobedi);
e. Mofumahadi Nonzukiso Zukie Siyotula; le
f. Mofumahadi Nocamagu Nomfundo Mbulawa.

6.3. Batsamaisi bao seng ba phethahatso ho Boto ya Inshorense ya Koporasi ya Mekitlane ya Thepa ya Diyantle ya Aforika Borwa - SOC Limited:
a. Monghadi Dhevendren Dharmalingam (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Vuyelwa Matsiliza (o thontswe hape); le
c. Mofumahadi Siobhain O’Mahony (o thontswe hape).

6.4. Monghadi Patrick Khulekani Dlamini o thontswe hape jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e ka Borwa le ho ba Motsamaisi wa Phethahatso wa Boto.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building