Kabinete e bokane bakeng sa kopano ya ho qetela ya selemo sa 2017 Union Buildings ho la Pretoria.
A. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Naha la Lekala la Bohahlaudi (NTSS) 2016-2026 bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. NTSS e thehilwe hodima ditshiya tse hlano tsa lewa, e leng ho le bapatsa, ho thusa ka phihlello e bobebe bakeng sa bahahlaudi, ho matlafatsa boiphihlelo ba baeti, bolaodi ba dibaka tsa ketelo le melemo e pharalletseng.
Tokomane ka botlalo e fumaneha websaeteng ya Lefapha la Bohahlaudi: www.tourism.gov.za.
2. Kabinete e tjhaelletse monwana moralo bakeng sa ho thehwa ha Khamphani ya Naha ya Marangrang a Pharalletseng. E tla boptjwa ka ho kopanngwa ha Sentech le Broadband Infraco. Sena se tla thusa ka phano ya dintlha tse ikemetseng ka kopanelo ka mokgwa o hokahaneng le ho bopa mampodi wa marangrang a pharalletseng.
3. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya Kgatelopele ya Pele ya Selemo ka seng mabapi le ho Kenngwa Tshebetsong ha Tokomane ya Moralo ya Ditokelo tsa Batho ba Nang le Boqhwala (WPRPD). Tlaleho e akaretsa nako ya ho tloha ka la 1 Pherekgong ho isa ka la 31 Tshitwe 2016.
Tlaleho e fana ka tekolo ya boemo bo phahameng ya tsela eo mafapha a mmuso a qadileng ho theha ditshupiso tsa leano la WPRPD ka hara ditsamaiso tsa ona tsa meralo, ditekanyetso, le phano ya ditshebeletso le ho tlaleha ka tatelano.
4. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Lewa la Moralo wa Leano la Boqhwala bakeng sa Tsamaiso ya Thuto le Thupello ya kamora Materiki bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.
5. Kabinete e tsebisitswe ka sephetho sa ho Shejwa botjha ha Lenaneo la ho Thusa Boraditekesi ka Ditjhelete le hlophisitsweng ho tloha ka Pudungwana 2015 ho fihla ka Loetse 2016. Lenaneo lena ke karolo ya Lewa la Dipalangwang tsa Setjhaba le Bataletseng, le reretsweng ho fana ka tsamaiso e kopanetsweng le ho ba hlwahlwa ha dipalangwang ka hara Aforika Borwa.
Kabinete e tjhaelletse monwana ntlha ya hore ho be le dipuisano le mosebetsi o mongata le mafapha a amehang pele Lefapha la Naha la Dipalangwang le ka kenya tshebetsong katamelo e hlabollotsweng botjha.
6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho lokollelwa setjhaba ha kgatiso ya bo-8 ya Ditshupane tsa Ntshetsopele (2016). Tlaleho ya Tshupane ya Ntshetsopele e tsepamisa maikutlo hodima ntshetsopele ya Aforika Borwa esale ho tloha qalong ya demokerasi mme e beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP): Tjhebelopele ya 2030.
7. Kabinete e tjhaelletse monwana mekgwa ya ho matlafatsa bolaodi ba boitshwaro ba basebeletsi ba setjhaba mabapi le bahlanka ba etsang dikgwebo le makala a puso. E fana ka sefutho ho Melawana ya Tshebeletso ya Mmuso ya selemo sa 2016, e thibelang basebeletsi ba mmuso hore ba se ke ba kena kgwebong le Puso. Ho tloha ka la 1 Hlakubele, Lefapha la Matlotlo a Naha, le tsheheditswe ke Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso (DPSA), le tla beha leihlo hodima boingodiso kaofela bo botjha ho marangrang a inthanete a Dathabeisi e Bohareng ya Bafani ba Ditshebeletso (CSD) kgahlanong le Tsamaiso ya Persale.
8. Kabinete e tjhaelletse monwana Bolaodi bo Botjha ba Tshebetso le Tsamaiso ya Ntshetsopele ya Dihlooho tsa Mafapha, bo bontshang ka nepo kgokahano pakeng tsa motho ka bo mong le tshebetso ya setheo ka kakaretso. E tla qala ho sebetsa ka la1 Mmesa 2018.
9. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebahatswa le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Sekema sa ho Thaothwa ha Dirutehi tsa Tshebeletso ya Mmuso. Sena se bopa karolo ya lenaneo la ntshetsopele ka hara Tshebeletso ya Mmuso ho hohella dirutehi tse nang le talente ka hara Tshebeletso ya Mmuso.
Moralo o kenyeletsa ho supa diphesente tsa dikgeo tsa mesebetsi tsa lefapha ka leng bakeng sa ho thaothwa ha dirutehi mesebetsing e haellang. Letona la DPSA hape le tla matahanya moralo ona le Lenaneo la Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha.
10. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa phatlalatso ya Ditsebiso tse latelang Koranteng ya Mmuso tse amanang le Tokiso ya Dikahlolo tsa Makgotla a Dinyewe, e reretsweng ho eketsa phihlello ya toka bakeng sa batho ba neng ba qheletswe ka thoko pele le metsana ya mahae e sa tholeng ditshebeletso tse lokelang. Tokiso ena e diterekeng tsa bomaseterata Freistata le Kapa Leboya, le ho tloswa ha Ditereke tsa Bomaseterata tse itseng ho Karolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Gauteng le ho di beha tlasa bodisa ba Karolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Leboya Bophirima.
11. Kabinete e tjhaelletse monwana Melawana ya Melao ya Bonamodi ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Tshireletso ya Matsete, 2015 (Molao wa bo-22 wa selemo sa 2015). Melawana ena e fana ka hore motsetedi ya nang le kgang mabapi le mohato o nkuweng ke mmuso o amang matsete, ho kopa Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri (dti) ho kenella ka mokgwa wa bonamodi o ka bang teng.
12. Kabinete e tjhaelletse monwana ho bitswa le ho tshwarwa ha dipitso tse latelang:
Pitso ya Ditherisano ya Naha ya Lenaneo la Ntshetsopele ya Basebeletsi ba Badudi ya selemo sa 2018 ke DPSA.
Pitso ya bo-23 ya Selemo ka seng ya Mokgatlo wa Matjhaba wa Batjhutjhisi, e tla tshwarwa ke Bolaodi ba Naha ba Botjhutjhisi ho la Durban ka Loetse 2018.
Foramo ya Lefatshe ya Saense ya selemo sa 2021 ka hara Aforika Borwa. Lefapha la Saense le Thekenoloji le tla buisana le Komiti ya Tsamaiso ya Foramo ya Lefatshe ya Saense ka kgonahalo ya ho tshwara pitso ena.
Dipuisano tsa Boemo bo Phahameng tsa 2017 tsa Kopano ya Aforika (AU), e tla tshwarwa ke DPSA ho tloha ka la 6 ho isa ka la 8 Tshitwe 2017.
13. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa meralo ya letoto la dikhoine tsa sehopotso tsa babokelli le potoloho hore di ntshuwe ka selemo sa 2018.
Meralo ya dikhoine, le diphatlalatso tsa tsona, di tla hatiswa Koranteng ya Mmuso:
2018 2oz, 22-dikharate tsa gauta tsa Krugerrand;
2018 24-dikharate tsa gauta tsa letoto la dikhoine tsa Natura (Kgolo ya Sube – Archosauria);
2018 24-dikharate tsa letoto la dikhoine tsa gauta tsa R1 (Dihahabi tsa Aforika Borwa – kgudu);
2018 khoine ya ditshepe tse pedi ya R5 e potolohang (Dilemo tse Lekgolo tsa Nelson Mandela);
2018 24-dikharate tsa letoto la dikhoine tsa Protea tsa gauta le steling sa silifera (Bophelo ba Mohale – Nelson Mandela);
2018 letoto la steling sa silifera sa Korone ya R2 le letoto la Teke ya 2 ½ (Ditshibollo tsa Aforika Borwa – Ditshwantsho tsa mahlasedi a X-ray tse entsweng ka khompyutha; le
2018 letoto la dikhoine tse kentsweng mebala tsa steling sa silifera (Dinonyana le Dipalesa tsa Resefe ya Tlhaho ya Waterberg).
B. Dintlha tsa Hajwale
14. Sephetho sa Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP)
Kabinete e thabisitswe ke kgolo ya moruo wa Afrika Borwa o hotseng ka sekgahla sa 2% tsa selemo ka seng kotareng ya boraro ya selemo sa 2017, ho tloha ho phahameng ho shebuweng botjha ha 2.8% kotareng ya bobedi. Tshebetso ena e matla kamoo ho neng ho sa lebellwa ke ka lebaka la kgolo e matla e ntseng e tswela pele lekaleng la temo, le nyehetseng ka dintlha tsa diphesente tse 0.9 moruong ka kakaretso ha ho shejwa kgolo ya 44.2% kotara-le-kotara.
Tshebetso e matla ho tsa temo, e bileng le kgolo e matla ka dikotara tse tharo tse latelanang, ke ka lebaka la dimela tsa masimong (tse kang poone) dibakeng tsa pula ya lehlabula le dihlahiswa tsa ditshingwaneng. Merafo le difeme tsa tlhahiso di nyehetse kgolong e rekotuweng, moo merafo le dikwari di phahameng ka 6.6% le ho nyehela dintlha tse 0.5 tsa diphesente kgolong ya moruo.
Lekala la motlakase ke lona le hulanyang maoto ka ho fetisisa, le theohile ka 5.5%. Kgolo bakeng sa dintho tse sebediswang malapeng ya 2.6% ke ka lebaka haholo la ho reka thepa ya nako e telele, e bakileng keketseho ya dintlha tsa diphesente tse 1.6 tsa keketseho ya 2.6%. Kgolo ena e neng e sa lebellwa le ho shejwa botjha ho phahameng ha sephetho sa kgolo ya kotara ya bobedi e bolela hore kgolo e ka fihla ho 0.9% ka selemo sa 2017.
Sena se ka hodimo ho feta 0.7% e neng e lebeletswe nakong ya Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBP). Mmuso o lokela ho netefatsa hore lebelo lena la kgolo le dula le le jwalo ka ho tswela pele ho kenya tshebetsong mekgwa e 14 ya ho matlafatsa tshepo e hahellang hodima ho ntlafatsa tshepo ya basebedisi le ho kgutlisetsa tshepo ya borakgwebo.
15. Lebenkele le Abelanang Tsohle la InvestSA
Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Lebenkele le Abelanang Tsohle la InvestSA KwaZulu-Natal ke Moporesidente Jacob Zuma e le karolo ya mekutu ya ho ntlafatsa bobebe ba ho etsa dikgwebo ka hara Aforika Borwa. Lena ke Lebenkele la boraro le Abelanang Tsohle le thakgotsweng ka hara naha. Le reretswe ho bopa tikoloho e nepahetseng ka ho fana ka sebaka sa boikopanyo bakeng sa batsetedi hore ba fumane ditshebeletso tsohle bakeng sa ho akofisa diporojeke le ho fokotsa metjha e mengatangata ya mmuso ha motho a qala kgwebo.
16. Dikamano tsa Aforika Borwa le Angola
Kabinete e amohela ditumellano tse saennweng nakong ya Leeto la Puso Aforika Borwa la Moporesidente wa Angola João Manuel Gonçalves Lourenço. Ho saennwe ditumellano tse latelang: Memorandamo wa Kutlwano (MoU) mabapi le ho boptjwa ha Khomishene ya Boporesidente ya Dinaha tse Pedi, MoU wa Tshebedisano Lepatlelong la Tikoloho, Ditataiso tsa ho Kenngwa Tshebetsong ha pebofatso ya phumantsho ya divisa, Porothokhole ya Tshebedisano ya Sepolesa le Tumellano ya Thusano Mabakeng a Tsamaiso ya Makgetho a Madiboho.
17. Seboka sa Bohlano sa AU le Kopano ya Yuropa (EU)
Kabinete e amohela sephetho sa Seboka sa Bohlano sa AU le EU. Seboka sena se fanne ka monyetla bakeng sa Aforika Borwa ho matlafatsa mawa a dikamano tsa moruo le bodiplomate ka dipuisano tse fapafapaneng sebokeng sena le diketsahalong tse ka thoko tse kang Foramo ya Kgwebo le Seboka sa Batjha, ka ho tsepamisa maikutlo hodima kgolo ya moruo e kenyeletsang kgiro ya batjha le boetapele ba dikgwebo.
18. Kgwebisano ya Bokgoba ya Bafalli ba batho batsho ba maAforika
Kabinete e imatahanya le badudi ba matjhaba mabapi le ho tshwela ka mathe ditlaleho tsa ho fantiswa ha bafalli ba batho batsho ba maAforika ho la Libya jwaloka makgoba. Diketso tse jwalo tse hlokang botho di kgahlanong le mehopolo ya AU, le disebediswa tse amehang tsa Aforika le tsa matjhabeng, ho kenyeletswa Tjhata ya Aforika le Ditokelo tsa Botho le tsa Batho.
Kabinete e amohela tsebiso ka ba ka sehloohong ya hore ba tla hlophisa mokgwa wa dipalangwang le phalliso ho la Tripoli bakeng sa baphaphathehi le bafalli ba hlokang tshireletso ya matjhaba.
19. Ho ropoha ha Listeriosise
Kabinete e ipiletsa ho batho bohle ho nka mehato ya ho itlhokomela – e jwaloka ho hlapa matsoho pele ba lokisa dijo le ho phema dijo tse tala kapa tse sa phehuwang – ho thibela ho nama ha Listeriosise, ha dipatlisiso di ntse di tswela pele bakeng sa ho tiisetsa mohlodi wa baktheria ena.
Lefu lena le bakwa ke baktheria e fumanwang mobung, metsing, dimeleng le dihlahisweng tsa lebese tse sa hlwekisiswang, mme le ka baka matshwao ao e kang ke a ntaramane e kopaneng le letshollo. Le ka phekolwa ka katleho ka diantibayothiki, haeba e ka hlokomelwa ka nako.
Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tswela pele ho sebedisa metsi ka paballo kaha naha e ntse e tswela pele ho ba ka hara komello. Ho sa tsotellwe dipula tse ntseng di na, maemo a matamo a ntse a tswela pele ho theoha ka hara naha. Sena ke ka lebaka la dithempheretjha tse hodimo hammoho le hore ha re so fumane dipula tse tsitsitseng.
Kabinete e kgothatswa ke ditherisano tse hatetseng pele le bomasepala ba kolotang haholo tse lebisitseng tharollong ya sekoloto sa bomasepala.
C. Dibili
20. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Dibili tse latelang.
20.1. Sehlomathiso sa Bili ya Dithuso tsa Kahisano ya selemo sa 2017
Bili ena e fana ka melemo e ntlafaditsweng mabapi le dithuso tsa mmuso tsa ditshehetso tsa ditjhelete bakeng sa bana ba dikgutsana le ba tsietsing, ho kenyeletswa le ba dulang malapeng a eteletsweng pele ke bana.
20.2. Bili ya Ditsebi tsa Thepa ya Matlo ya selemo sa 2017
Bili e fedisa Molao wa hajwale wa Merero ya Makala a Matlo, 1976 (Molao wa bo-112 wa selemo sa 1976). E bopa tikoloho e kgontshang bolaodi bakeng sa ho matlafatsa mosebetsi wa moruo ka hara indaseteri ya matlo ha hape e sebetsana le tlhokeho ya ho netefatsa diphethoho ka hara lekala lena.
20.3. Sehlomathiso sa Bili ya Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto ya selemo sa 2016
Bili ena e matlafatsa Molao wa hajwale wa Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto, 2008 (Molao wa bo-67 wa selemo sa 2008). E tsebahatsa mekgwa ya ho sebetsana le dintlha tsa mafosi le ho beha ditlamorao ho batho ba fanang ka mangolo a thuto a fosahetseng kapa mekgatlo e fanang ka mangolo a thuto a sa nepahalang.
20.4. Bili ya Botlokotsebe ba Matjhaba ya selemo sa 2017
Bili e fana ka moralo wa ketsamolao o ntlafaditsweng ho sebetsana le botlokotsebe ba matjhaba bo entsweng ka hara Aforika Borwa le mose ho meedi ya rona. Hape e fana ka tshireletso le toka bakeng sa mahlatsipa a botlokotsobe ba matjhaba.
D. Melaetsa
21. Kabinete e thoholeditse:
21.1. Moporesidente Uhuru Kenyatta ka ho hlomamiswa ha hae e le Moporesidente wa Rephabliki ya Kenya le hore ke sehla sa hae sa bobedi mmusong. Kabinete e ikemiseditse ho ahella hodima dikamano tse tiileng tse teng pakeng tsa dinaha tsena tsa bo rona ka bobedi.
21.2. Moporesidente Emmerson Dambudzo Mnangagwa ka ho hlomamiswa ha hae e le Moporesidente wa Rephabliki ya Zimbabwe. Kabinete e ikemiseditse ka ho tswela pele ka dikamano tse matla tsa tshebetso le Mmuso wa Zimbabwe.
21.3. Majoro Seitebatso Pearl Block ka ho hapa Kgau ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Moemedi wa Selemo wa Bong ka hara Sesole. Kgau ena e ananela boitelo le mekutu ya mmaballi wa kgotso mabapi le ho kgothaletsa dipehelo ka hara Lekgotla la Tshireletso la UN ho ya ka Tumellano ya 1325, e ipiletsang ho mekga yohle e lwanang ho tshireletsa basadi le banana kgahlanong le tlhekefetso ka motabo le dikgoka tse itshetlehileng hodima bong.
21.4. Ladysmith Black Mambazo, ba fumaneng dithonyo tse pedi bakeng sa Dikgau tsa Grammy tsa selemo sa 2018. Ya pele ke ya mokgahlelo wa Alebamo e Ipabotseng ka ho Fetisisa ya Mmino wa Lefatshe bakeng sa Alebamo ya bona ya Shaka Zulu Revisited: Mokete wa Sehopotso wa bo-30, mme ya bobedi ke ya mokgahlelo ho Alebamo e Ipabotseng ka ho Fetisisa ya Bana bakeng sa Songs of Peace & Love for Kids & Parents Lefatsheng ka Bophara. Dikgau tsa Grammy di reretswe ho etsahala ka la 28 Pherekgong 2018.
21.5. Chad Le Clos, ka ho ba sesesi sa pele sa monna naheng ya rona sa ho hapa letoto la dikola tsa Mohope wa Lefatshe wa Disesi wa FINA. Re motlotlo ka diphihlello tsa hae hape re na le tshepo ya hore o tla tswela pele ho emela Aforika Borwa ka boqhetseke.
21.6. SuperSport United, ka ho fihlella makgaolakgang a Mohope wa Bolaodi ba Bolo wa Aforika.
21.7. Mofumahatsana wa Aforika Borwa, Demi-Leigh Nel-Peters, ka ho rweswa sekola sa Mofumahatsana wa Mmabotle Lefatsheng ka bophara tlhodisanong ya bo-66 ya bommabotle haufinyana tjena ho la Amerika (USA).
21.8. Ngaka Nkosazana Dlamini-Zuma, ya abetsweng Kgau ya Lifetime Achievement ke Foramo ya Lefatshe ya Baetapele ba Basadi ba Dipolotiki.
22. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho:
22.1. Mmuso le batho ba Egepeta ho latela tlhaselo ya boferekanyi moskeng o Penensuleng ya Sinai moo ho bolauweng batho ba fetang 300 le ho ntsha kotsi ba bang ba mmalwa. Kabinete e tshwela ka mathe tlhaselo ena e hlokang kelello ho baahi ba se nang molato.
22.2. Mmuso le batho ba Nigeria ho latela ho qhoma ha bomo ya moipolai ka la 21 Pudungwana 2017 e bolaileng batho ba fetang ba 50 le ho ntsha kotsi ba bang ba bangata. Kabinete e boeletsa ho tshwela ka mathe ho itlhomphileng le ho hlokang ho qeaqea ha yona ha boferekanyi le dikgoka tse nyedisehang.
22.3. Lelapa le metswalle ya Ngaka Mochubela ‘Wesi’ Seekoe, mokaubere wa ntwa ya tokoloho le Lenqosa la mehleng la Aforika Borwa ho la Federeishene ya Russia. O sebeleditse naha ka boqhetseke jwaloka Lenqosa la Aforika Borwa ho la Russia le jwaloka Modulasetulo wa Koporasi ya Eneji ya Nutleleya Aforika Borwa. Moporesidente Zuma o tsebahaditse Lepato le Ikgethang la Semmuso la Porofense bakeng sa hae.
22.4. Lelapa le metswalle ya qhoku ya Ntwa ya Tokoloho le motshwaruwa wa mehleng wa Sehlekehleke sa Robben, Monghadi Eddie Daniels, ya hlokahetseng haufinyana tjena. O tla hopolwa bakeng sa boitelo ba hae bo neng bo hloka boinahanelo le tshebeletso ho batho ba Aforika Borwa.
22.5. Lelapa le metswalle ya Letona la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole, Mofumahadi Nosiviwe Mapisa-Nqakula, ka ho hlokahala ha ntate wa hae, Monghadi Douglas Mapisa. O hlokahaletse Sepetlele sa Cecilia Makiwane East London, ho la Kapa Botjhabela a na le dilemo tse 96.
E. Diketsahalo tse tlang
23. Sehopotso sa Dilemo tse Lekgolo tsa Nelson Mandela
Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa mabapi le ho kenela sehopotso sa bone sa ho hlokahala ha Nelson Mandela ka la 5 Tshitwe 2013. Ka selemo sa 2018 naha e tla tshwaya sehopotso sa dilemo tse lekgolo tsa bophelo ba Mandela mme maAforika Borwa kaofela a kgothaletswa ho imatahanya le mekete ya selemo kaofela ha re tla be re isa tlhompho ho e mong wa bara ba bohlokwa ka ho fetisisa ba Aforika.
Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela bakeng sa bonkakarolo ba bona diketsahalong tse fapafapaneng tsa sehopotso sa OR Tambo ho phatlalla le naha mme e shebile hore ho tla ba le bonkakarolo bo tshwanang ha re hopola qhoku ya rona le Moporesidente wa pele ya kgethilweng ka tsela ya demokerasi wa Aforika Borwa, Madiba.
24. Sehla sa Monyaka
Kabinete e lakaletsa maAforika Borwa kaofela sehla sa monyaka se tletseng thabo le se bolokehileng. Re ipiletsa ho bohle ba tla kena mebileng ho netefatsa hore dipalangwang tsa bona di maemong a loketseng tsela. Basebedisi bohle ba mebila, bakganni le ditaaso ba lokela ho ikobela melao ya tsela.
Letona la Dipalangwang, Monghadi Joe Maswanganyi, o thakgotse letsholo la Arrive Alive Bela-Bela, ho la Limpopo ka la 5 Tshitwe. Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) e tla kenya tshebetsong letsholo la yona la naha ka bophara bakeng sa sehla sa monyaka se bolokehileng mme bohle re na le boikarabelo ba ho tshehetsa SAPS ka ho ikobela molao le ho itshwara ka tsela e nang le boikarabelo.
Lefapha la merero ya Lehae le tla tsebisa meralo ya sehla sa monyaka sa 2017/18 bakeng sa tikoloho ya meedi ya Aforika Borwa. Sena ke mabapi le ho thusa hore ho be bobebe le bolaodi bo matlafetseng ba ho tsamaya ha batho le thepa ho kena le ho tswa ka hara Aforika Borwa nakong ena e hlokolosi.
Hape re ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi hore ba se tlohele bana ba le bang kaha e le mosebetsi wa rona ho hlokomela bana ba rona.
Kabinete e thabile ha e le mona dihlahlobo tsa Materiki di tsamaile hantle ntle le diketsahalo tse tshwenyang mme e lakaletsa sehlopha sa selemo sa 2017 tse molemo ha ba ntse ba emetse sephetho sa bona sa makgaolakgang.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
25. Mofumahadi Ilise Karg jwaloka moemedi wa dti ho Lekgotla la Naha la Boeletsi ba Ntlafatso.
26. Boto ya Teraste ya Letlole la Naha la Matlafatso:
26.1. Mofumahadi Nonkqubela Helen Maliza;
26.2. Mofumahadi Lerato Cynthia Molefe;
26.3. Mofumahadi Nthabiseng Mateboho Moleko;
26.4. Monghadi Ernest Kwinda; le
26.5. Monghadi Sipho Zikode (moemedi wa dti).
27. Monghadi Sandile Mkhize, jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Magalies Water.
28. Monghadi Wiseman Mkhize, jwaloka setho sa Boto ya Bolaodi ba Naha ba Eneji ba Aforika Borwa (NERSA).
29. Monghadi Phakamani Buthelezi, jwaloka CEO ya Overberg Water.
30. Moatefokate Samuel Vukela, jwaloka Motsamaisikakaretso (DG) wa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba.
31. Mofumahadi Brenda Sibeko, jwaloka Motlatsi wa Motsamaisikakaretso (DDG) bakeng sa Polokeho ya Kahisano e Pharalletseng ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
32. Monghadi Zephania Nhleko, jwaloka DDG bakeng sa Meralo ya Moruo le Kgokahano ho Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo.
33. Monghadi Mandla Victor Ngcobo, jwaloka DDG: Mohlanka e Moholo wa Tlhahisoleseding ya Mmuso ho DPSA.
Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083 501 0139