Skip to main content
x

 

Kabinete e ile ya kopana ka Laboraro, mohla la 28 Hlakola 2018, Tuynhuys, Motse Kapa.

A. Tse jang motse

1. Puo ya Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Naha

1.1. Kabinete e ananela boitshepo bo tlokomang bo bonahaditsweng ke Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Naha tsa 2018 tse ileng tsa tekwa Palamenteng, Motse Kapa, bekeng e fetileng. Maemong a moraorao a ntjhafatso a hlwibitseng setjhaba sa habo rona se kgabane, Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ikamahanya le mmuso ho hodisa moruo wa rona esita le ho thea mesebetsi ena e hlokehang ka ho fetisisa.

1.2. Phokotso ya tshebediso ya tjhelete e kaalo ka R85 bilione nakong ya dilemo tse tharo tse tlang, e bontsha boikitlaetso ba mmuso ho bokellweng ha ditjhelete esita le kabong e hlokolotsi ya mehlodi ya ho hodisa moruo.

1.3. Dikgato tse tsebisitsweng tsa ho sisithehisa sekgahla sa keketseho ya mekitlane esita le ho kgina kgaello ya ditekanyetso tsa ditjhelete, di ntlafatsa moralo wa rona wa tsa ditjhelete ka bokgabane ebile di fa maAforika Borwa boitshepo matsapeng a bokamoso ba moruo wa rona.

1.4. Kabinete e kgodisehile hore bokenadipakeng bo tla bonahala kgolong ya moruo wa rona, bo tiise boemo ba moruo bo be bo tshireletse maemo a ho theoha ha botsetedi.

1.5. Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Naha tsa 2018 di tshehetsa bafutsana setjhabeng sa rona ka lenaneo le phethahetseng la thusetso ya setjhaba, le thuto ya boemo bo phahameng ya mahala bakeng sa baithuti ba tswang malapeng a futsanehileng.

1.6. Ho arabela dingongorehong tse hlahisitsweng mabapi le dikeketseho tse sisintsweng tsa Lekgetho la Boleng bo Ekeditsweng (VAT), Kabinete e lohotha ho atolla lenane la disebedisuwa tsa mantlha tse sa angweng ke VAT.

2. Dilemo tse Lekgolo tsa Nelson Mandela

2.1. Kabinete e kgema mmoho le Moporesidente Cyril Ramaphosa kgoeletsong ya hae ho maAforika Borwa, ya ho tiisa botjha boikitlaetso bo abelanwang ba ho sebeletsa setjhaba, jwalokaha re tswelapele ho keteka dilemo tse lekgolo tsa tswalo ya Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela. Madiba ke Moporesidente wa pele wa Aforika Borwa ya Demokrasi mme o ne a tla qeta le dilemo tse 100 ka la 18 Phupu 2018.

2.2. Madiba ke thatohatsi ya lefatshe lohle e tlotlehang lefatshe ka bophara e le Mampodi wa Ditokelo tsa Botho, ho se kgetholle ka morabe le ka bong. O bile le seabo sa bohlokwa ho kopanyeng maAforika Borwa, esita le ho kgothaletsa kopano ya demokrasi Aforika ka bophara le lefatshe ka bophara.

2.3. Moketjana wa pele wa dilemo tse lekgolo tsa Nelson Mandela o bile nakong ya Seboka sa Kopano ya Aforika Addis Ababa, Ethiopia ka Pherekgong ya 2018. Diketsahalo tse ngatanyana di tla tshwarwa naha ka bophara monongwaha, ho hetla morao bophelong ba Tata Madiba.

2.4. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle hore a ikamahanye le meketjana ya dilemo tse lekgolo a le mesebetsing, dikolong, dikerekeng le mekgatlong ya setjhaba. E etsa kgoeletso ho e mong le e mong wa rona hore re hate menyabuketsong ya Nelson Mandela ka ho sebetsa ka mekgwa ya rona e fapaneng ho aha naha e kopaneng, e se nang kgethollo ya morabe, le ya bong e bile e le e atlehileng.

2.5. Naha ena e boela e keteka dilemo tse lekgolo tsa e mong wa baradi ba kgabane ba Aforika, Mama Albertina Sisulu, ya ileng a nyehela bophelo ba hae a lwanela tokoloho ya basadi le ya Aforika Borwa. Kopanong ya yona e latelang, Kabinete e tla rala lenaneo la ho keteka Dilemo tse Lekgolo tsa Mama Albertina Sisulu.

3. Komello

3.1. Kabinete e ananela matsapa a matla a entsweng ke Komiti ya Matona a Kopaneng ka komello, hammoho le ba amehang makaleng ohle a mmuso le kahisanong ho sebetsaneng le maemo a ntseng a ja setsi a komello a thefutseng dikarolo tse ngatanyana tsa naha.

3.2. Ntle le taba ya hore Aforika Borwa ke naha e nang le leqeme la metsi, ditlamorao tsa phuthumalo ya lefatshe lohle di tswelapele ho ama mokgwa oo pula e nang ka wona, mme seo se etsa hore mothamo wa matamo a rona o dule o le tlase.  

3.3. Sehlopha sa Tshebetso sa Matona a Kopaneng se sebetsanang le Komello se tswelapele ho hlophisa mosebetsi dipakeng tsa mmuso wa naha, wa diprofense le wa bomasepala dibakeng tsohle tse thefutsweng ke komello. Sena se akga ho kenngwa tshebetsong ha dikgato tsa nako e kgutshwane, e mahareng esita le e telele ho rarolla le ho nolofatsa ditlamorao tse ka etsahalang tsa komello ena.

3.4. Mmuso o bokelletse tjhelete ya ho fana ka thuso ya nako e kgutshwane diprofenseng tse amehileng. O fane ka dithuso tsa ditjhelete tsa kinolo maqakabetsing tse kaalo ka R473 milione esita le R6 bilione e tla eketswa selemong sa ditjhelete sa 2018/19 ho tlatseletsa meralong ya motheo ya metsi Kapa Bophirimela, Kapa Botjhabela le Kapa Leboya.

3.5. Mmuso o etsa kgoeletso ho bohle ho tswelapele ho sebetsa le mmuso ho bolokeng metsi, ka ho a sebedisa ka boikarabelo le ka paballo. Kabinete e dula e ntse e ikitlaelleditse ho etsa Aforika Borwa hore e be naha e tla kgethwa ke baeti le ke botsetedi ka ho tshwanang. 

4. Dipolao tsa Mapolesa

4.1. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho ba malapa le metswalle ya bahlanka ba bahlano ba sepolesa mmoho le lesole la mehleng, ba sa tswa fenethwa ka sehloho tlhaselong ya Motebo wa Sepolesa wa Ngcobo Kapa Botjhabela.

4.2. Kabinete e tshwela ka mathe polao efe kapa efe ya banna le basadi ba habo rona ba mapolesa. Ho shwa ha mohlanka a le mong wa sepolesa, lesole kapa motho e mong ofe kapa ofe ya sebetsang mosebetsi wa ho tshireletsa kahisano le batho ba habo rona, ha e a amoheleha.

4.3. Kabinete e ikitlaeditse, ka Letona la Sepolesa, ho etsa kahohlehohle kamoo e ka kgonang kateng ho matlafatsa metebo ya habo rona ya sepolesa, e le ho thibela ditlhaselo tse jwalo kamoso.

4.4. Kabinete e boela e ipiletsa ho batswadi le setjhaba ka kakaretso ho netefatsa hore bana ba bolokehile ka nako tsohle, esita le ho sebedisana le makala a kenyang molao tshebetsong, ho tshireletsa ditokelo tsa bana ba rona. Mokgwa ofe kapa ofe wa tlhekefetso kgahlanong le ngwana, o tlameha ho pepeswa o be o tlalehwe hanghang. Ha re sebetsa mmoho, re ka boloka dibaka tsa rona di bolokehile ra ba ra netefatsa hore baetsi ba ditlolo tsa molao ha ba fumane sekoti sa ho ipata.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Kabinete e ananetse Moralo wa Leano le Lekotsweng Botjha la Pampiri e Tshweu ho tsa Dipalangwang tsa Naha le tla phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano le habile ho fana ka mokgwatsamaiso wa dipalangwang o tlamahanngwang le merero e meng e amanang le lekala ho etsetsa hore ho fokotswe ditjeo tsa ho eta le tsa ho etsa kgwebo. Le boela le nyalanya merero ya dipalangwang ya naha ena le ditlwaelo tsa dipalangwang tsa lefatshe lohle.

2. Kabinete e ananetse Pampiri e Tala Leanong la tsa Mebila la Aforika Borwa, e tla phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano le fana ka moralo o ka sehloohong o netefatsang hore mebila ya Aforika Borwa e laoleha betetshana, e batla e bolokehile mme e kenyeletsa mefuta yohle ya dipalangwang hore e fane ka mokgwa o tsitsitseng wa bolaodi ba mebila. Le tataisa melawana ya tsela, meralo ya motheo, polokeho, ditjhelete tsa mebila le dipalangwang tseo e seng makoloi.

3. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphumano tsa Tshekatsheko ya Naha ya Tswelopele ya Diphuputso le Boithutwane (R&D Survey).

R&D ke karolo ya bohlokwa ya tswelopele ya moruo wa kahisano naheng ena.  Ana e bile matsapa a kopanetsweng a mmuso, diindasteri le ditheo tsa diphuputso. Tlaleho e a fumaneha websaeteng ya Lefapha la Saense le Theknolji (DST) ya: www.dst.gov.za.

4. Kabinete e ananetse metako e fapaneng ya lethathama la 2018 la tjhelete ya sehopotso e lewana, le tla hlahiswa ke khamphane ya Minte ya Aforika Borwa. Pokello ya 2018 ya metako e fapaneng e tla keteka Dilemo tse Lekgolo tsa Nelson Mandela. Dipokello tsena di ne di leleketswe ke tjhelete e lewana ya sehopotso ya 2017 e neng e keteka Aforika Borwa tlasa mokotaba wa Tokoloho, Demokrasi le Botjhaba.

C. Dibili

1. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Lebollo la Setho ya 2018 Palamenteng. Bili e habile ho tshireletsa, ho kgothaletsa le ho laola karolo ya tsamaiso ya lebollo la setho.

E fana ka ditlwaelo le maemo a naha, tse reretsweng tshireletso ya bophelo le thibelo ya ditemalo esita le mefuta yohle ya ditlhekefetso tseo babolotsuwa ba di etswang.

2. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya 2016 ya Sehlomathiso sa Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto Palamenteng. Bili ena, e hlomathisang Molao wa Moralo wa Naha wa Mangolo a Thuto, 2008 (Molao wa 67 wa 2008), e matlafatsa Molao ka ho ntlafatsa dikgato tsa ho sebetsana le maemo a ho se bue nnete, e qobella hore ho be teng ditlamorao bathong ba sa bueng nnete ka mangolo a bona a thuto kapa mekgatlo e ntshang mangolo a thuto a seng molaong.

E boela e sisinya hore ho be teng melawana ya ho netefatsa hore mangolo a thuto a boqhekanyetsi a fetisetswa mekgatlong ya seporofeshenale e tshwanelehileng (pokello ya lenane la batho ba sa bueng nnete ka mangolo a bona a thuto). E boela e rarolla taba ya kananelo ya mangolo a thuto a tswang dinaheng tse ding.

3. Kabinete e ananetse Bili ya 2017 ya Polokeho Ditereneng, e tla phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Bili e habile ho ntlafatsa polokeho ya ditereneng esita le ho thea lekgotla la tsamaiso le lekolang mosebetsi wa Bolaodi ba Polokeho Ditereneng ba Aforika Borwa. E boetse e amahanngwa le Leano la Naha la Diterene mabapi le ho matlafatsa bodisa ba polokeho, esita le ho kgothaletsa le ho qobella boteng ba polokeho ditereneng tsa rona.

4. Kabinete e ananetse Moralo wa Bili ya 2017 ya Taolo ya Ditshenyehelo Ditereneng, e tla phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba le dipuisano. Bili e rarolla taba ya dikgaello tsa taolo le bokgoni mabapi le phano ya mekgwatsamaiso ya dipalangwang e sa senyeng tjhelete ebile e le e sebetsang ka bokgabane.

D. Diketsahalo tse tlang

1. Aforika Borwa, e le Modulasetulo, e tla tshwara Seboka sa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) sa Matona a tsa Bosebetsi, Kgiro le Tshireletso ya Setjhaba, ho tloha ka la 1 ho isa ho la 2 Hlakubele 2018 Setsing sa Diboka tsa Matjhaba sa Motse Kapa (CTICC). Mookotaba wa seboka o re: “Kgonahalo ya mosebetsi o motle: Ho ntshetsapele bohokahanyi, momahano le ho kenyeletsa ba bangata”. Ba tla nka seabo ba tla akga balekane ba kahisanong – dikgwebo tse kgolo, tsa bosebetsi hammoho le setjhaba.

2. Boemong ba hae e le Modulasetulo wa SADC, Moporesidente Ramaphosa o tla kena maetong a dipontshano ho ya Angola, Botswana le Namibia ho tloha ka la 2 ho isa ho la 3 Hlakubele 2018. O tla felehetswa ke Letona la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba, Lindiwe Sisulu le Letona la Lebotho la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole, Nosiviwe Maphisa Nqakula.

3. Aforika Borwa e tla tshwara Seboka sa Lefatshe sa bo-17 se mabapi le Kwae kapa Bophelo bo Botle (WCTOH) ho tloha ka la 7 ho isa ho la 9 Hlakubele 2018 Motse Kapa, katlasa mookotaba o reng: “Ho kopanya lefatshe bakeng sa Moloko o Lokolohileng ditlamong tsa Kwae”. Sena ke seboka sa pele sa ho tshwarelwa Aforika.

WCTOH e etsa kgoeletso ya hore ho be teng kgato ya boitlamo ebile e fana ka lepatlelo la mebuso, mekgatlo ya setjhaba, makgotla a Matjhaba a Kopaneng, mekgatlo ya matjhaba, basebeletsi ba bophelo bo botle le ba bang ba amehang; ho okgelana tsebo le ho thakelana malebela, haholoholo mabapi le batjha le basadi ba pepesehileng tshebedisong ya kwae.

Ho tshwara seboka ho a thusa mabapi le ho tla le ditharollo tsa sepheo sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha ka ho etsa tlhokomediso le thuto ka ditlamorao tse kotsi tsa tshebediso ya kwae, le tlhokeho ya ho matlafatsa dikgato tsa taolo ya kwae.

4. Mohla la 10 le 11 Hlakubele, IEC e tla bula Ditsi tsa Boingodiso ba ho Vouta hore batho ba tle ba tlo ingodisa ba be ba hlahlobe dintlha tsa bona tsa boingodiso. 

Kabinete e kopa bakgethi bohle ba tshwanelehileng ho ya diteisheneng tsa bona tsa ho voutela, ho tsoseletsa lenane la bakgethi e le ho hlophisetsa dikgetho tse akaretsang tsa 2019. Kabinete e etsa kgoeletso, haholoholo ho ba tla be ba vouta lekgetlo la pele, ho netefatsa hore ba ba le seabo tokelong ya bona ya demokrasi ya molaotheo ya ho vouta, ka ho ya ba ilo ingodisetsa ho vouta.

Mafelo ana a beke a boingodiso, ke katleho e kgolo mabapi le pheletso ya projeke ya dilemo tse pedi ya ho fumana diaterese tsa bodulo tsa bakgethi bohle ba ingodisitseng.

Diteishene tsa ho voutela di tla bulwa dipakeng tsa 08:00 hoseng le 17:00 mantsiboya ho thusa bakgethi ba qalang hore ba ingodisetse ho vouta, le ho dumella bakgethi ba seng ba ingodisitse ba falletseng dibakeng tse ding hore ba ingodise botjha diterekeng tsa bona tse nepahetseng tsa ho voutela, ba be ba lokise dintlha tsa diaterese tsa bona lenaneng la bakgethi.

E. Melaetsa

1. Kabinete e thoholetsa matitjhere ohle a ileng a tlotlwa moketjaneng wa Dikgau tsa bo18 tsa Naha tsa Botitjhere, o neng o le Johannesburg ka Moqebelo wa la 17 Hlakola 2018. Dikgau di ne di ananela botitjhere le boetapele bo tswileng matsoho mekgahlelong e fapaneng, ho akga le Kgau ya Katleho ya Bophelo Bohle ya Nelson Mandela, le Kgau ya Moprofesara Kader Asmal.

2. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho Motlatsi wa Letona Obed Bapela ka ho hlokahallwa ke mofumahadi wa hae Constance Bapela, ya neng a sebeletsa naha e le molekgotla nakong ya ho hlokahala ha hae.

3. Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Ramaphosa ho fetisetseng matshediso ho ba lelapa, metswalle le bomphato ba moikonomi wa sepolotiki ebile e le mongodi, Moprofesara Johannes “Sampie” Terreblanche, ya hlokahetseng a na le dilemo tse 84.

4. Kabinete e thoholetsa Letona Naledi Pandor ho ananelweng ha hae ke Yunivesithi ya Leiden e Netherlands e le Moeti ya Tlotlwang wa Oort wa Moporofesara wa Astronomi le Ntshetsopele. Sena se etswa e le kananelo ya katleho e tswileng matsoho eo Letona le e entseng ka ho tlamahanya saense, haholoholo astronomi, e le sesebediswa bakeng sa ntshetsopele ya lefatshe lohle ebile e le molemong wa setjhaba.

F. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse netefaletso ya mangolo a thuto esita le topollo e tshwanelehileng.

1. Mof. Lerato Mataboge e le Motlatsi wa Molaodi e Moholo (DDG): Kgwebisano le Botsetedi Aforika Borwa, Lefapha la Kgwebisano le Diindasteri (dti).
2. Mof. Shandokane Evelyn Masotja e le DDG: Taolo ya tsa Boreki le Dikgwebo tse Kgolo, dti.
3. Mof. Vuyelwa Vumendlini e le DDG: Leano la Moruo la Matjhaba le Lebatowa, Lefapha la Matlotlo a Setjhaba.
4. Mong. Joseph Tebogo Leshope e le Mohlanka e Moholo wa tsa Tshebetso wa SENTECH.
5. Mof. Vuyo Zitumane e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Amatola Water.
6. Moadvokheiti Seeng Catherine Ntsaba-Letele e le Molekodi e Moholo wa Tshebeletso ya Molekodi ya Dikema tsa Setjhaba.
7. Mong. Edward Mamadise e le CEO ya Bolaodi ba Naha ba Ditotobatsuwa tse Tlamang.
8. Ngaka Sagren Moodley e le moemedi wa DST Lekgotleng la Diporofeshene tsa Saense ya Tlhaho la Aforika Borwa.

9. Dithonyo botjha ho Boto e Pepeneneng ya Ditlhahlobo:
a. Mof. Shanaaz Tiry Mahomed;
b. Mof. Sandra Cleiland;
c. Moporofesara Christiena Maria van der Bank; le
d. Moadvokheiti Nhlanhla Paul Sibisi.


Dipotso: Mof. Phumla Williams. – Motshwaredi wa Radiphatlalatso wa Kabinete
Mohala wa letsoho: 083 501 0139

 Union Building