Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, 14 Hlakubele 2018, Tuynhuys, Motse Kapa

A. Dintlha tsa Maemo a jwale

1. Kgolo ya moruo

1.1. Kabinete e amohela kgolo ya moruo ya 1.3% ka 2017. Sena ke keketseho ya ho tloha ho 0.3% ka 2016. Tshebetso ya moruo tlasa maemo a thata e lepa tse ntle bakeng sa menyetla ya kamoso ya moruo wa naha.

1.2. Manane a kgolo ke letshwao la hore moruo o mathuleng a ho phahama, moo Lefapha la Matlotlo a Naha le lebeletseng hore moruo o hole ka 1.5% selemong sena o be o akofele ho 2.1% ka 2020.

1.3. Kabinete e ipiletsa ho makala ohle a setjhaba ho ahella hodima mokoka o motle wa 2017, a be a sebetse le mmuso ho lokisa meralo ya ona hore e be kgato e tiileng ya ho tsitlallela kgolo ya moruo le ho thea mesebetsi.

2.Tlhabollo ya Mobu 

2.1. Kabinete e amohela tshisinyo e ananetsweng ya ho hlomathisa Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996 bakeng sa ho dumella kamoho ya mobu ntle le ditlhapiso.

2.2. Haesale ho tloha ka 1994 mmuso o sebetsa ka matla ho sotholla masalla a ho nkelwa naha tlasa bokoloniale le mmuso wa kgethollo. Mmuso, o sebetsa o itshetlehile ka molao, o se o entse boholo ho netefatsa tlhahiso e tswelang pele ya ditswamobung, ha ka nqa e nngwe o akofisa motjha wa ho lokisa botjha bakeng sa ba anngweng ke ho nkelwa mobu.

2.3. Taba ena e fetiseditswe ho Komiti ya Tjhebobotjha ya Molaotheo, e tlamehang ho tlalehela Palamente ka la 30 Phato 2018. Dikgothaletso tse iswang ho Seboka sa Naha di tla
susumetswa ke letoto la dipitso tsa nonyo ya maikutlo a setjhaba tse tla latelwa ke dikopano tsa komiti.

2.4. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba amehang hore ba tshwaele nakong ya mothati ona wa dipuisano, o tla tataisa ho utollweng ha ditharollo tse tla ntshetsa naha ya habo rona pele. Re le mmuso o tsotellang o bile o sebetsa le batho, bohle ba amehang ba tla kenyeletswa nakong ya mothati ona.

2.5. Kabinete e boela e kopa setjhaba ho lesa ho inkela mobu ho seng molaong. Re naha e ikokobeletsang molao ebile e rata kgotso, ka mekgwa e amohelehileng ya ho rarolla diqaka, ho akga le qaka ya mobu.

2.6. Aforika Borwa e dula e butse menyetla bakeng sa kgwebo, mme botsetedi ho tsa temo le bohwai bo amohetswe. Ho molemong wa Aforika Borwa hore e be le dihwai tsa kgwebo mme mothati ona o ka netefatsa hore re bile re na le manane a hodimo a dihwai tsa kgwebo tse atlehileng.

3. Porojeke ya setjhaba sa Nofingxana ya Double Drift Wildlife Economy

3.1. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Porojeke ya setjhaba sa Nofingxana ya Double Drift Wildlife Economy, Serapeng sa Diphoofolo tse Hlaha sa Double Drift Kapa Botjhabela ke Letona la Merero ya Tikoloho, Ngaka Edna Molewa. Sena se ne se kenyeleditse ho fana ka lengolo la bonga thepa ho Mokgatlo wa Likhaya Lethu Communal Property (CPA) lebitsong la Letona la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu, Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane.

3.2. Setjhaba sa Double Drift se ne se nkelwe ditokelo tsa bodudi le tsa makgulo ke Molao wa Mobu wa 1913. Ka 1994, setjhaba sena se ile sa kenya tseko ya mobu e ileng ya rarollwa ka 2012, moo ho ileng ha thehwa Likhaya Lethu CPA.

3.3. Likhaya Lethu CPA e na le ditho tsa Setjhaba sa Double Drift tse 1 500 mme e amohetse R6 milione e tswang Lefapheng la Merero ya Tikoloho, ho ntshetsapele boiteko ba kgwebo ya diphoofolo tse hlaha polasing ya Naudeshoek (1 400 ya dihektara). Selekane se ile sa sebetswa ka Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Mobu.

4. Banka ya VBS Mutual

4.1. Kabinete e nketse hloohong tsebiso ya Banka ya Resefe ya Aforika Borwa mabapi le Banka ya VBS Mutual. Bohlokomedi bo thontsweng bo tla tshehetsa Banka ya VBS Mutual ho busetsa bokgoni ba yona ba maemo a ditjhelete bo be bo sebetsane le ditabatabelo tsa setjhaba esita le ba kwalletseng tjhelete VBS. Kabinete e dula e ikitlaelleditse ho se tshwaneng le ho fetoleng lekala la tsa dtjhelete ntle le ho beha ditabatabelo tsa ba kwallang tjhelete tlokotsing.

5. Letsholo la botsetedi

5.1. Kabinete e amohela letsholo la ‘CEOs Know’ la Brand South Africa, ka tshebedisano le Boetapele ba Kgwebo ba Aforika Borwa, ho phahamisa Aforika Borwa jwaloka sebaka seo ho ka tsetelwang ho sona.

5.2. Sena se ahella hodima meralo ya rona ya motheo e maemong a hodimo, ka Lebenkele le Rekisang Tsohle la InvestSA, bokgoni ba diphuputso le ntshetsopele, ntlafatso le motheo o tsitsitseng wa tlhahiso ho tshehetsa batsetedi. Dibaka tse ntjha tsa kgolo le tsona di butswe moruong wa mawatle, ho eneji e hlwekileng, moruo o sa senyeng tikoloho le ho phopholetsa kgase ya shale.

5.3. Letsholo lena le kenyeletsa Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) ba tswang dikgwebong tsa dinaha tse ngata empa di tsepame kahara Aforika Borwa, tse thakelanang tsebo ya tsona mabapi le botsetedi bo tswelang pele Aforika Borwa.

5.4. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ka moya wa “Thuma Mina” (Roma Nna) o fokang naha ka bophara hore ba be le seabo sa bona ka ho arolelana dipale tse monate mabapi le ho aha lebitso le letle la naha ya habo rona esita le ho hodisa boipiletso ba yona ba botsetedi.

6. Lenaneo la Phumantsho la Bahlahisi ba Motlakase ba Ikemetseng (di-IPP)

6.1. Kabinete e e etse hloko taba ya nyewe ya Lekgotla le Phahameng e hlahletsweng ke mekgatlo e mmedi eo e seng ya mmuso mabapi le qeto ya mmuso ya ho tekena ditumellano tsa theko ya motlakase le di-IPP tse 27. Taba ena e tla phethelwa ke Lekgotla le Phahameng ka la 27 Hlakubele 2018. Ka moya wa matla a molaotheo le taelo ya molao, ho tekena ho tjhetjhisitswe.

6.2. Kabinete e tiisa boikitlaetso ba ho rarolla diqaka tse amanang le mananeo ana. Lenaneo la Phumantsho la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Eneji e Hlwekileng ba Matla a Motlakase, le tla netefatsa hore basebedisi naheng ya rona ba fumantshwa eneji e theko e tlase ebile e le e hlwekileng, mme le tla tlisa matsete a hlokehang haholo kwano Aforika Borwa. Diporojeke tsena di tla fana ka mesebetsi ya moshwelella e 61 600, moo 95% ya yona e tla ba ya baahi ba Aforika Borwa, ho tsepamisitswe maikutlo haholo ho batjha.

6.3. Kabinete e tiisa botjha boikitlaetso ba yona ba selekane se tiileng sa lekala la mmuso le la poraefete ha re ntse re hahamallela mererong ya rona ya kamoso ya diphetoho ho tsa eneji esita le bophelo bo betere bakeng sa bohle. Sena se a hlokahala ho tlisa botsitso bo batlehang haholo ba maano le bolaodi, le ho baballa boemo ba Aforika Borwa jwaloka sebaka se setle se ka kgethelwang botsetedi ho tsa eneji.

7. Listeriosisi

7.1. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona a tswang botebong ba pelo ho metswalle le ba malapa a ba ileng ba hlokahala kamora ho tshwarwa ke Listeriosisi, mme e lakaletsa ba ntseng ba hlaphohelwa hore ba fole ka potlako. Batho ba fetang 180 ba hlokahetse mme ho tlalehilwe diketsahalo tse 940 Aforika Borwa.

7.2. Kabinete e kgothatswa ke matsapa a matla a Lefapha la Bophelo bo Botle, Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsang (NICD) le Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO) ho kgina kokwanahloko ya listeria hore e se ke ya jaleha. Ho tswela pele ho matlafatsa matsapa ana, Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, le tla kopana le Lekgotla la Baoki la Aforika Borwa (SANC) ka Labone, mohla la 15 Hlakubele 2018.

7.3. Kabinete e ananela kgatelopele e ntle e entsweng mabapi le ho hlwaya le ho kotela sesosa sa ho ropoha ha Listeriosisi ena e bolayang. Kgato e latetsweng ya ho tloswa ha dihlahiswa tsa dijo tse tswang ditsing tse tharo tsa tshebetso ya nama tsa Enterprise le Rainbow – moo ho kokwanahloko e fumanweng teng – e ne e le nako ya bohlokwa ya ho kgina ho ropoha hona. Lefu lena le fumanehang dijong le hlwailwe kgetlo la pele ka Phupjane 2017.

7.4. Listeriosisi ke lefu le kotsi empa le ka thibelwang la ba la alafuwa ka katleho ka tshebediso ya diantibayothiki. Ba kotsing ka ho fetisisa ke basadi ba immeng, masea a manyane haholo, metsofe le batho bao masole a bona a mmele a fokolang haholo. Batho ba bontshang matshwao a feberu, mesifa e opang, ho nyekelwa ke pelo kapa letshollo ba lokela ho ya ngakeng kapa ditliliniking tse haufi hanghang.

7.5. Kabinete e na le tshepo ya hore Aforika Borwa e tla hlola ho ropoha ha lefu lena mme e kopa batho bohle ho lemoha melawana e mehlano ya boipaballo dijong nakong ena:

  • Hatlela ka sesepa le metsi pele o tshwara dijo, le kamora ho sebedisa ntlwana;
  • Phehisisa dijo mme o se ke wa ja dijo tse sa butswang kaha kokwanahloko e shwa ha dijo di butswitse;
  • O seke wa tshwara dijo tse tala le tse phehilweng mmoho;
  • Boloka dijo motjhesong o nepahetseng; mme
  • Etsa bonnete ba hore dihlahiswa tsohle tsa lebese di hlwekile kapa bonnyane di hakonositswe o be o hlatswe dijo tse sa phehwang ka metsi a hlwekileng a phallang pele o di ja, kapa ka metsi a neng a bedisitswe.

7.6. Ba nang le qeaqeo efe kapa efe e amanang le Listeriosisi, ba ka ikopanya le NICD ho 011 386 6400.

8. Ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba

8.1. Kabinete e tsebisitswe ka boemo ba ho ba malalaalaotswe ha Lekala la Aforika Borwa la Polokeho ya Setjhaba (SASSA) ba ho fana ka mmotlolo o kopantsweng habedi wa kabo ya ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba ho bakgolamolemo ka la 1 Mmesa 2018. Sena se tsamaelana le kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo (ConCourt) e laetseng katoloso ya konteraka ya hajwale le Cash Paymaster Services (CPS) ho fihlela ka la 31 Hlakubele 2018.

8.2. Kabinete e thasisetsa boikitlaetso ba yona lenaneong la mmuso la thuso ya tsa kahisano, le tsepameng setsiketsing sa dikgato tsa rona tsa phediso ya bofuma ebile le le bohlokwa pusetsong ya seriti sa batho ba habo rona. Kabinete e kgotsofetse ka hore bakgolamolemo ba dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba ba tla lefuwa ka la 1 Mmesa 2018.

Dikarete tsa hajwale tsa SASSA di tla dula di sebetsa ho fihlela ka Tshitwe 2018. Mothati wa ho fetola dikarete tsa bakgolamolemo o tla etswa ka mokgwa o sa belaetseng ebile e le o sa tlo sitisa ho lefuwa ha ditjhelete tsa dithuso. Bakgolamolemo bohle ba tla fumana ditjhelete tsa bona tsa dithuso tsa mmuso ka makala a bona a ditefo a akgang dibanka, Posong ya Aforika Borwa (SAPO) le mabenkeleng a mang.

8.3. Kabinete e ipiletsa ho ba se nang diakhaonte tsa banka ho leba makaleng a haufi le bona a Poso hore ba ilo bula diakhaonte. Kabinete e laetse SASSA, mmoho le Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS), ho etsa ka hohle kamoo e ka kgonang ka teng ho tsebisa bakgolamolemo bohle ka diphetoho dife kapa dife tse ka bang teng motjheng wa diphetoho tsa ho tloha ho CPS ho ya mmotlolong o motjha o kopantsweng habedi. Kabinete e dula e ikitlaelleditse ho netefatsa hore mmuso o ikokobeletsa kahlolo ya ConCourt. Dikantoro tsa SASSA di tla bulwa mme di tla be di le malala-a-laotswe ho sebetsana le dikopo tse ntjha.

8.4. Kabinete e kopa setjhaba sohle, haholoholo bakgolamolemo le ba malapa a bona, ho ikopanya le SASSA ho 0800 60 10 11 kapa ho etela kantoro e haufi ya SASSA, ha o batla ho tseba haholwanyane.

9. Boingodiso ba bakgethi

9.1. Kabinete e ikamahanya le Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) le Moporesidente Cyril Ramaphosa ho leboheng maAforika Borwa ohle a arabetseng kgoeletso ya ho ingodisetsa dikgetho kapa ho lokisa dintlha tsa diaterese tsa bona letsholong la bekeng e fetileng la boingodiso ba bakgethi. Sena ke mokolokotwane mabapi le boitokisetso ba dikgetho tsa botshelela tsa naha le tsa diporofense tse lebeletsweng ho tshwarwa ka 2019.

9.2. Palo yohle ya baahi ba 2 767 139 e etetse diteishene tsa ho voutela mafelong a fetileng a beke.

9.3. Ho bakgethi ba fetang 2.76 milione ba etetseng diteishene tsa bona tsa ho voutela:

  • Ba kahodimonyana ho 1.3 milione ba ingodisitse botjha diterekeng tsa bona tse ntjha tsa ho voutela;
  • Ba kahodimo ho 800 000 ba fetoletse boingodiso ba bona diterekeng tse ntjha tsa ho voutela;
  • Ba ka bang 500 000 e ne e le bakgethi ba ingodisang lekgetlo la pele;
  • Boingodisong bo botjha ba bakgethi, 82% ya bona e ne e le ka tlasa dilemo tse 30 mme ba ka etsang 54% e ne e le basadi;
  • Gauteng ke yona e neng e na le boingodiso bo botjha bo bongata ka ho fetisisa ka 23.69%, ha latela KwaZulu-Natal ka 18.78% le Limpopo ka 17.03%.

9.4. Kapa Botjhabela e bile le boemo bo phahameng ba boingodiso ka 87%, ha latela Freistata hanyane ka hodima 82%, le KwaZulu-Natal, Limpopo le Kapa Leboya ka 79% ka tatelano. Bongodiso ka kakaretso ba Gauteng e ne e le 67.3%.

9.5. IEC e tlalehile hore jwale lenane la bakgethi le na le bakgethi ba 26 250 939, e leng se ka lekanang le 75% ya batho ba nang le tokelo ya ho kgetha, ho itshetlehilwe hodima dikgakanyong tsa Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (StatsSA) tsa dilemo tsa baahi.

9.6. Baahi ba ka bang 300 000 ba etetseng diteishene tsa ho voutela, ba hara bakgethi ba ka fihlang ho 2.8 milione bao IEC e neng e se na diaterese tsa bona pele ho mafelo ao a beke ya boingodiso.

9.7. Lenane la bakgethi le lokisitsweng ebile e le le nepahetseng le tiisa tshepahalo ya lenane la bakgethi mme le matlafatsa demokerasi ya rona ka ho netefatsa dikgetho tse lokolohileng, tse hlokang leeme ebile e le tse tshepahalang.

9.8. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle a sa kgonang ho etela diteishene tsa ona tsa ho voutela mafelong a fetileng a beke, ho etela kantoro e haufi ya IEC ho ya netefatsa esita le ho lokisa diaterese tsa ona. Ka nqa e nngwe, sesebedisuwa sa IEC sa inthanete ho www.elections.org.za/MyIEC le app ya yona, di dula di fumaneha ka dihora tse 24 ka letsatsi bakeng sa bakgethi ba ingodisitseng ho lekola le ho lokisa dintlha tsa diaterese tsa bona.

10. Ditakaletso tse ntle ho moatlelete Mhlengi Gwala

10.1. Kabinete e ikamahanya le Letona la Dipapadi le Boithapollo, Mofumahadi Thokozile Xasa, mabapi le ho tshwela ka mathe ketso ya bosoto ya tlhaselo kgahlanong le moatlelete ya motjha dilemong, Mhlengi Gwala, ya hlasetsweng ka sakga ya difate ha a ntse a palame baesekele KwaZulu-Natal.

10.2. Kabinete e lakaletsa moatlelete enwa hore a fole ka potlako mme e fetisetsa diteboho tse mofuthu ho moifo wa bongaka wa Sepetlele sa St Augustine o ntseng o mo hlokometse.

Ditlolo tsa molao ha di na sebaka setjhabeng sa habo rona mme Kabinete e ipiletsa ho badudi ho sebetsa mmoho le makala a qobello ya molao hore ho tshwarwe batlodi ba molao.

11. Komello e tsebahatswa e le koduwa ya naha

11.1. Tlasa boetapele ba Letona la Kopanelo ya Mmuso le Merero ya Botjhaba Zweli Mkhize, mmuso o tsebahaditse boemo ba naha ba koduwa ho sebetsana le bothata ba naha ba komello le metsi.

11.2. Kabinete e fetisetsa kananelo ya yona ho bao ba tswelang pele ho boloka metsi ka hara Aforika Borwa, esita le matsapa a sa sisinyeheng a entsweng ke Komiti ya Matona a Kopaneng e mabapi le Komello, hammoho le ba amehang makaleng ohle a mmuso le a setjhaba, mabapi le ho sebetsana le maemo a sa sutheng a komello a thefutseng dikarolo tse ngatanyana tsa naha.

11.3. Ntle le taba ya hore Aforika Borwa ke naha e haellwang ke metsi, Kabinete e kgodisehile hore re dula re ntse re le sebaka se ratwang ke bahahlaudi.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Sehlomathisetso sa 1 se Hlomathisang Tumellano (Tshebedisano Botseteding) ya Porothokhole ya tsa Ditjhelete le Botsetedi (FIP) ya Ntshetsopele ya Dinaha tsa Aforika e ka Borwa (SADC) e tekwe Palamenteng bakeng sa kananelo.

1.1. Sepheo sa FIP ke ho ntlafatsa maano a tsa ditjhelete le botsetedi a Dinaha tseo e leng Ditho, hore di tsamaisane le merero ya SADC. Sena se tla netefatsa hore diphetoho dife kapa dife maanong a tsa ditjhelete le botsetedi Naheng e le nngwe eo e leng Setho ha di tlise diphetoho tse sa batleheng ho Dinaha tse ding tseo e leng Ditho.

1.2. Dihlomathiso tsena di habile ho baballa tokelo ya mebuso ya ho laola dintho molemong wa setjhaba, esita le ho tsitsisa ditokelo le ditshwanelo tsa batsetedi le mebuso.

2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Melawana e Boemong bo Tlase e Shebilweng Botjha ya ba ya Rehwa Botjha ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) bakeng sa Tshwaro e Ntle ya Batshwaruwa (“Melawana ya Nelson Mandela”), Palamenteng.

2.1. Ho rehwa botjha ha Melawana ya Boemo bo Tlase ya “Melawana ya Nelson Mandela” ho tlotla lefa la Moporesidente wa rona wa mehleng, ya qetileng dilemo tse 27 tjhankaneng.2.2. Ho boetse ho bile le katoloso ya lefatshe ka bophara ya lepatlelo la Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela, le hlomphuwang ke Dinaha tseo e leng Ditho tsa UN, ka la 18 Phupu, ho phahamisa maemo a botho a botshwaruwa, ho matlafatsa tlhokomediso mabapi le batshwaruwa hore ke karolo ya setjhaba esita le ho tlotla mosebetsi wa basebeletsi ba ditjhankana e le tshebeletso ya kahisano.

2.3. Melawana ena e tla thusa Aforika Borwa ho akofisa diphetoho tse mabapi le tsamaiso ya batho ya ntshetsopele ya tshokollo ya batshwaruwa e tsamaisanang le dipehelo le ditataiso tse fapafapaneng tsa matjhaba.

C. Dibili

1. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Thibelo le Twantsho ya Ditlolo tsa Molao tsa Lehloyo le Puo ya Lehloyo ya 2018 hore e tekwe Palamenteng.

Bili e habile ho bopa ditlolo tsa molao tsa lehloyo le puo ya lehloyo, esita le ho kenya tshebetsong mekgwa ya ho thibela le ho lwantsha ditlolo tsena tsa molao. E rerile ho sebetsana le dikgoka kgahlanong le batho ka lebaka la kgethollo. E tla boela e fana ka tshusumetso ditshwanelong tsa Aforika Borwa ho ya ka disebedisuwa tsa matjhaba tsa ditokelo tsa botho.

2. Kabinete e tjhaelletse monwana Bili ya Setheo sa Naha sa Boitsebelo ba Inthanete sa iKamva (iNeSI) ya 2018 hore e kenngwe Palamenteng. Bili e fana ka ho thehwa ha iNeSI jwaloka setheo se molaong se nang le boetsamolao boo e leng ba sona ho sebetsana le diphephetso tsa bokgoni ba boitsebelo ba inthanete (boitsebelo ba dijithale) ka hara naha. Ntshetsopele ya bokgoni ba boitsebelo ba inthanete e nkuwa e le e nngwe ya dintlha tse ka sehloohong tsa mmuso mabapi le ho aha moruo o kenyeletsang bohle, esita le ho thea naha e nang le bokgoni ebile e le e tswelang pele.

INeSI e tla sebetsa jwaloka sethusi sa tshebedisano le diphetoho, bakeng sa ntshetsopele ya boitsebelo ba dijithale le bokgoni ba ditlhophiso ka hara naha.

3. Kabinete e tjhaelletse monwana  Bili ya Dibopeho tsa Metsing ya 2018 hore e lelekelwe Palamenteng. Bili e habile ho ananela le ho fana ka maemo a ketsamolao Kantorong ya Setsebi sa Dibopeho tsa Metsing, eo esale e le teng ka hara Lefapha la Lebotho la Tshireletso (Lebotho la Lewatleng la Aforika Borwa) haesale ho tloha tshimolohong ya ditshebeletso tsa dibopeho tsa metsing ka hara Aforika Borwa.

E tla thusa Setsebi sa Dibopeho tsa Metsing sa Lebotho la Lewatleng la Aforika Borwa ho ananelwa jwaloka Setsebi sa Naha sa Dibopeho tsa Metsing. E tla netefatsa hore phano ya ditshebeletso tsa dibopeho tsa metsing e ba ya semmuso mme e bopellwa ka hara molao. Sena se tsamaelana le Mokgatlo wa Matjhaba wa Mawatle le Mmoka wa Matjhaba ya Polokeho ya Bophelo Mawatleng, e leng tumellano ya matjhaba ya tsa mawatleng e beang maemo a tlase a polokeho mabapi le kaho, thepa le tshebetso ya dikepe tsa kgwebo.

D. Diketsahalo tse tlang

1. Kgwedi/Letsatsi la Ditokelo tsa Botho

Mekete ya sehopotso sa Kgwedi/Letsatsi la Naha la 2018 la Ditokelo tsa Botho e tla tshwarwa tlasa mokotaba o reng: “Selemo sa Nelson Rolihlahla Mandela: ho phahamisa le ho tebisa tlwaelo ya ditokelo tsa botho setjhabeng ka bophara”.

Ketsahalo ena ya naha e tla tshwarwa ka la 21 Hlakubele 2018 Lebaleng la Kirikete la George Thabe, Sharpeville ho la Vereeniging. Kabinete e kopa makala ohle ho hlompha letsatsi lena la Naha, le ketekang setso sa ditokelo tsa botho sa Aforika Borwa esita le ho tlotla batho ba kang Madiba ya ileng a intsha sehlabelo molemong wa phihlello ya topollo le tokoloho tseo re nang le tsona kajeno.

2. Beke ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ya Imbizo

Beke ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ya Imbizo e tla ba ho tloha ka la 9 ho isa ho la 15 Mmesa 2018 tlasa mokotaba o reng: “Re le mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa Pele”. Monongwaha, Mokete wa Dilemo tse Lekgolo tsa Mandela o bopa karolo e kgolo ya beke ya tsepamiso ya maikutlo, tlasa mookotaba o monyane o reng: “E ba karolo ya lefa”. Ba Phethahatso ba tla buisana le setjhaba dikarolong tse fapaneng tsa naha. Mananeo a latelanang a Matona a tla tsebahatswa ha mmila o ntse o puta.

3. Kgiro ya Batjha 

3.1. Moporesidente Ramaphosa o lebeletswe ho thakgola bopulamadiboho ba kgato ya Ditshebeletso tsa Kgiro ya Batjha Setsing sa Thuthuhiso ya Dikgwebo sa Riversands ho la Diepsloot ka la 27 Hlakubele 2018. Kgato ena, ka tshebedisano le lekala la poraefete, e habile ho matlafatsa batjha ba milione dilemong tse hlano tse tlang hore ba kene kgabong ya moruo, mohlomong e le ditho tsa setlamo sa basebetsi kapa ba itsamaisetsa dikgwebo tseo e leng tsa bona kapa ba iphumanele tjantjello ya seo ba ratang ho ntshetsa dithuto tsa bona pele ka sona.

4. Maeto a tshebetso ho ya Mozambique le Zimbabwe

Moporesidente Ramaphosa o tla nka maeto a tshebetso ho ya Riphaboliking ya Mozambique le Riphaboliking ya Zimbabwe ka tatelano, ka Moqebelo wa la 17 Hlakubele 2018. Maeto ana a tla tsepamisa maikutlo matlafatsang ya dikamano tsa dinahapedi le dinaha tse qollotsweng ka hodimo mona.

Moporesidente o tla boela a thaka maikutlo ka dintho tse amanang kgotso le polokeho ka hara lebatowa esita le kontinenteng, a boele a tshohle ka dintlha tsa lefatshe tse molemong wa dinaha tsena.

E. Melaetsa

1. Kabinete e thoholetsa Ntsiki Biyela, Mosadi wa pele wa motho e motsho wa Aforika Borwa wa serathodi sa veine ya thakgotseng veine ya letshwao la hae la boitsebahatso. Jwalokaha a na le lengolo la kgerata ya tsebo ya thitelo ya veine la Yunivesithing ya Stellenbosch hammoho le malebela a dilemo tse 13 a sebetsa, ka 2018 Diveini tsa hae tsa Aslina di tla rekisa dibotlolo tse 12 000 Dinaheng tse Kopaneng tsa Amerika, Jeremane, Taiwan le Ghana.

2. Kabinete e thoholetsa Caster Semenya ka ho roba rekoto ya Aforika Borwa ya 1 000m ya dilemo tse 35 mabelong a Athletix Grand Prix a neng a tshwaretswe Tuks ho la Pretoria. Thope ya rona ya pabala e hapile lebelo leo ka nako ya 2:35:44, a hlola rekoto ya kgale ya 1983 ya Ilze Wicksell ka metsotswana e ka bang e mmedi. Kabinete e boela e thoholetsa Semenya ka ho fihlella peelo ya hae ya nako e telele ya ho fumana mangolo a thuto a yunivesithi, ha a ne a phethela lengolo la hae la Diploma ho tsa Saense ya Dipapadi Yunivesithing ya Leboya Bophirima ho la Potchefstroom.

3. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho metswalle le ba lelapa ba Setho se Hlomphehang sa Palamente, Mofumahadi Loliwe Fazeka, ya hlokahaletseng kotsing ya koloi Kapa Botjhabela, bekeng e fetileng.

4. Kabinete e boela e fetisa matshediso a yona ho baratuwa ba Lenqosa la Aforika Borwa naheng ya Sweden, Mofumahadi Faith Radebe, ya hlokahetseng ka Labobedi, mohla la 13 Hlakubele 2018. Pele ho moo e ne e le Mohlahlobi-Kakaretso wa Mautlwela Aforika Borwa.

F. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhathlobisiso.

1. Ngaka Philemon Mjwara e le Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha la Saense le Thekenoloji bakeng sa konteraka e ekeditsweng ya dilemo tse tharo, ho tloha ka la 1 Mmesa 2018.

2. Mofumahadi Memme Sejosengwe e le Mongodi-Kakaretso Kantorong ya Moahlodi e Moholo bakeng sa konteraka e ekeditsweng ya dilemo tse tharo, ho tloha ka la 1 Mmesa 2018.

3. Mofumahadi Thuli E Radebe, e le Motsamaisi wa Phethahatso Setsing sa Ntlafatso ya Tshebeletso ya Setjhaba bakeng sa konteraka e ekeditsweng ya dikgwedi tse tsheletseng.

4. Monghadi Thilivhali Archibald Ramawa jwaloka Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete wa Setheo sa Naha sa Mehlodi ya Ditaba tsa Elektroniki sa Aforika Borwa.

5. Boto ya Sentech SOC Limited:

a. Monghadi Magatho Mello (o thontswe hape e le Motsamaisi le Modulasetulo eo e seng wa Phethahatso);
b. Monghadi Lumko Mthimde (o thontswe hape e le Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso);
c. Ngaka Sandile Malinga (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso); le
d. Mofumahadi Elizabeth Malaka (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso).

6. Boto ya Broadband Infraco:

a. Monghadi Mandla Ngcobo (o thontswe hape e le Motsamaisi le Modulasetulo eo e seng wa Phethahatso);
b. Mofumahadi Nokuthula Selamolela (o thontswe hape e le motsamaisi eo e seng wa Phthahatso);
c. Monghadi Gift Mphefu (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso);
d. Mofumahadi Zandile Matilda Kabini (motsamaisi eo e seng wa Phethahatso); le
e. Mofumahadi Jennifer Schreiner (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso).

7. Boto ya SAPO:

a. Monghadi Comfort Ngidi (o thontswe hape e le Modulasetulo);
b. Mofumahadi Nomahlubi Simamane (o thontswe hape e le Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Adv Juliana Galetlane Rasethaba (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso); le
d. Ngaka Charles Nwaila (Motsamaisi eo e seng wa Phethahatso).

Dipotso:
Phumla Williams
Motshwaredi wa Radiphatlalatso wa Kabinete (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building