Kabinete e kopane ka Laboraro la, 9 Motsheanong 2018, Tuynhuys, Motse Kapa
A. Dintlha tsa Hajwale
1. Tlhekefetso e Amanang le Batho ba Bong bo Itseng (GBV)
1.1. Kabinete e boeletsa kgalemo ya yona ya tlhekefetso ya basadi le bana, mme e re kgothaletsa bohle mafapheng a rona a fapaneng hore re nke mehato kgahlano le tlhekefetso ya basadi, bana le ditjhaba tsa Basadi ba ratanang le basadi, Banna ba ratanang le banna, Batho ba ratanang le batho ba bong ka bobedi le Batho ba sa ikamahanyeng le bong ba bona ba tlhaho.
1.2. Ke mosebetsi wa moAfrika Borwa e mong le e mong ho ruta ba bang ka ditokelo tsa basadi le bana, le ka mekgwa e fapaneng e teng ho thusa mahlasipa a tlhekefetso.
1.3. Kabinete e amohela qeto ya Lekgotla le Phahameng la Gauteng Borwa ya ho ahlolela mmolai ya fumanweng molato Sandile Mantsoe ho hlola dilemo tse 32 tjhankaneng bakeng sa polao ya kgarebe ya hae ya mehleng Karabo Mokoena. Dikgetsi tse ding tse jwalo ka ho fumanwa ha setopo sa Katlego Joja ya dilemo di 10 ho la Mamelodi Bophirima, botjhabela ho Pretoria le polao ya Zolile Khumalo, ke mmelaelwa eo e leng moithuti wa mehleng, Yunivesithing ya Theknoloji ya Mangosuthu ho la Durban, ke sesupo sa mathata a tswellang ho re phepetsa jwalo ka naha. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa la Joja le la Khumalo.
1.4. Ha mekgatlo ya toka le tshebetso ya molao di shebane le ho netefatsa hore batlodi ba molao ba fumana kotlo tse ba loketseng, rona jwalo ka setjhaba re na le karolo eo re lokelang ho e bapla ho emisa bonokwane bona. MaAfrika Borwa a kgothaletswa ho ikakgela ka setotswana maneneong a tshehetso le ho atolosa tsebo ditjhabeng le makaleng a bona.
1.5. Kabinete e kgothaletsa mahlasipa ho tlaleha ditlolo tsena tsa molao tse soto ho ditheo tsa molao, tse tlamehang ho batlisisa ditlaleho tsena tsa GBV le ho nka mehato e tiileng e molaong ho netefatsa hore ba fihlela toka.
1.6. Tabeng e fapaneng empa e amanang, Lekgotla le Akaretsang la Matjhaba a Kopaneng (UNGA) le phatlaladitse la 13 Phuptjane e le Letsatsi la Matjhaba la Tsebisahatso ka Boswefe. Letsholo lena le ikemiseditse ho atolosa tsebo mabapi le batho ba phelang le boswefe ba sireleditsweng ka botlalo ke Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. Ke boikarabello ba maAfrika Borwa ohle ho ithuta le ho ruta ba bang setjhabeng ka boswefe ele ho fedisa ditumelo tse seng nnete le tse fosahetseng. Hona ho tla fokotsa masisapelo ao batho ba nang le boswefe le malapa a bona ba fetang ho ona.
2. Qeto ya Difedereishene tsa Mekgatlo ya Matjhaba ya Diatlelete (IAAF)
2.1 Kabinete e hlahisitse matshwenyeho a yona mabapi le diketsahalo tse amanang le melawana ya IAAF.
2.2 Kabinete e amohela mosebetsi o etswang ke Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo la Afrika Borwa, le taba ya hore phanele ya maemo a hodimo ya ditsebi makaleng a amanang a tsa bongaka le molao e se e kopantswe ke lefapha. Phanele ena e tla hlahloba melawana ena ka hloko mme e manolle bopaki ba saense boo IAAF e itshetlehileng ho bona. E tla lekola bopaki bohle bo teng ba dipatlisiso le saense hammoho le dintlha tse amehang tsa boitshwaro le ho sebedisa sephetho ho phephetsa melawana ena diforamong tse loketseng.
2.3 Kabinete e kgothaletsa maAfrika Borwa ho tshehetsa diatlelete tsohle tse ka anngwang ke melawana ena mona lapeng le lefatsheng ka bophara.
3. Boemo Leboya Bophirima
3.1. Kabinete e ile ya fuwa tlaleho ya Sehlopha sa Tshebetso sa Matona a Mafapha a Kopaneng (IMTT) mabapi le Leboya Bophirima. Tlaleho ena e fane ka mosebetsi wa ho qala o seng o entswe dibekeng tse pedi tse fetileng. Kabinete e kgotsofaditswe ke kgatelopele e entsweng ke IMTT maitekong a yona a ho tlisa botsitso Porofenseng.
3.2. IMTT, e etelletsweng pele ke Letona le Kantorong ya Mopresidente, Ngaka Nkosazana Dlamini Zuma, e tla dula e shebane le ditaba tsena tsa Leboya Bophirima. Tlaleho e felletseng mabapi le diphetho tsa mosebetsi ona wa IMTT e tla fanwa ho la Leboya Bophirima bekeng e tlang.
4. Foramo ya Moruo wa Lekala la Setjhaba le la Poraefete ya Japane le Afrika
4.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o fane ka puo ya sehlooho Foramong ya pele ya Moruo wa Lekala la Setjhaba le la Poraefete ya Japane le Afrika e neng e tshwaretswe Sandton Convention Centre ho tloha ka la 3 ho isa la 4 Motsheanong 2018. Foramo e ne e boetse e tsamaiswa ke Afrika Borwa, hammoho le mmuso wa Japane le Mokgatlo wa Japane wa Kgwebo ya Kantle.
Kabinete e amohela boitlamo bo tswellang bo entsweng Kopanong ya Matjhaba ya Tokyo ya Ntshetsopele ya Afrika ho la Nairobi, Kenya ka 2016, moo teng Japane e ileng ya itlama ho fana ka dibilione tse $30 tsa Amerika ho Afrika pakeng tsa 2016 le 2019. Ke dikhamphani tse fetang 100 tsa Japane tse leng teng Afrika.
5. Keketso ya Tefiso ya Tshepe le Aluminiamo ke naha ya Amerika
5.1. Kabinete e swabisitse ke qeto ya Amerika ya hose behelle Afrika Borwa kathoko tefisong ya ditheko tsa tshepe le aluminiamo.
5.2. Mmuso wa Afrika Borwa o tla tswelapele ho bua le ba matleng mmusong wa Amerika ho fumana sephetho se amohelehang ho mahlakore ka bobedi. Kabinete e boetse e kgothaletsa dikgwebo tsa lehae tse rekisang thepa kantle ho naha ho tswelapele ho kopa bareki ba Amerika hore ba etse dikopo tsa dipehellothoko tsa dihlahiswa, kaha dikhamphani tsa Afrika Borwa di rekisa dihlahiswa tse ikgethileng le tse sebeditsweng ka karolo hore di lo sebetswa hape ha di fihla ho la Amerika.
6. Tsosoloso ya Diphaka tsa Indasteri
6.1. Kabinete e amohela phethelo ya mokgahlelo wa pele wa Phaka ya Indasteri ya Phuthaditjhaba Foreisetata jwalo ka mohato wa bohlokwa tshebetsong ya Lenaneo la Tsosoloso ya Diphaka tsa Indasteri.
6.2. Dintlafatso tsa boleng ba R50 milione di tla hohela barekisi ba lehae hore ba thehe dikgwebo tsa bona mona ka lebaka la meaho e ntlafetseng le polokeho.
7. Tsetelo
7.1. Kabinete e lebohisa tshebedisanommoho e pakeng tsa Lefapha la Kgwebo le Indasteri (the dti) le Aspen Pharmacare, e ileng ya lebisa ho phatlalatso ya tsetelo ya R1 bilione femeng ya meriana ho la Port Elizabeth Kapa Botjhabela. Khamphani ena ya meriana e unne molemo ho tswa ho Kgohelo ya Lekgetho ya dti 12I ka mokitlane wa lekgetho o ka fihlang ho R209 milione.
7.2. Ho bulwa ha setheo sena ho tla hlahisa mesebetsi e 500 e metjha. Ena ke tsetelo e kgolo e tlo phahamisetsa Afrika Borwa boemong bo botjha ba tlhahiso le ho theha mesebetsi e hlokehang eo naha e e hlokang.
8. Ditheko tse Fokotsehileng tsa Datha
8.1. Kabinete e amohela melao e metjha e sisintsweng ke Bolaodi bo Ipusang ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa (Icasa) ho ntlafatsa melawana mabapi le datha, SMS le ditshebeletso tsa lentswe.
8.2. Diphetoho tsena ke mehato e lebisang ho netefatsa toka kgwebong ya ditheko tsa datha le ho netefatsa hore bareki ha bana lahlehelwa ke datha e sa sebediswang. Patlisiso ya Mmaraka e ntseng e etswa ke Khomishene ya Tlhodisano e tla toboketsa le ho tsepama hodima mehato e eketsehileng, ho netefatsa hore ditheko tsa datha tsa Afrika Borwa di tshehetsa phihlello e eketsehileng ya dijithale le ho re lokisetsa menyetla e thehwang ke Phetoho ya Bone ya Indasteri.
9. Lekala la Merafo
9.1. Kabinete e momahana le Mopresidente Ramaphosa ho fetiseng maswabi a bona kamora tahlehelo ya maphelo a basebetsi ba merafong, Morafong wa Sibanye-Stillwater’s Driefontein haufi le Carletonville ho la West Rand, mme hape e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya ba lahlehetsweng. Letona la Dirashwa, Monghadi Gwede Mantashe, o lebelletswe ho emela mmuso tshebeletsong ya bofifi e tlo tshwarwa bekeng ena.
9.2. Kabinete e kgothaletsa lekala la merafo ho potlakisa dipatlisiso tsa lona tse tla re thusa ka bokgoni ba ho fokisa diketsahalo tsa ho reketla ha lefatshe dimmaeneng le ho pholosa maphelo.
10. Letlole la Bana la Matjhaba a Kopaneng (UNICEF)
10.1. Kabinete hammoho le Mopresidente Ramaphosa ba leboha tshehetso ya UNICEF le tshebedisanommoho ho matlafatseng batjha ba Afrika Borwa.
10.2. Mookamedi wa Phethahatso wa UNICEF, Mofumahadi Henrietta Fore, o tshwere kopano ya semmuso ya sediplomate le Mopresitente Ramaphosa ka Mantaha wa la 7 Motsheanong 2018. O ile a hlalosa tlaleho ya UNICEF ya matsholo a Afrika Borwa dibakeng tsa thuto, ntshetsopele ya bokgoni ba mosebetsi le menyetla ya moruo bakeng sa batjha, haholo ba pakeng tsa dilemo tse 10 le 18. UNICEF e ile ya thoholetsa maiteko a Afrika Borwa a ho theha menyetla bakeng sa batjha ho nka karolo ka moruong, mme ya tsebisa hore e ikemiseditse ho thusa dikolo tsa naha ya rona ka phano ya metsi le tlhwekiso.
10.3. UNICEF e memme Afrika Borwa ho arolelana ka dipale tsa yona tsa katleho tsa matlafatso ya batjha jwalo ka karolo ya yona letsholo la lefatshe la ho ntlafatsa menyetla bakeng sa batjha – letshwao la nnete la hore maqhama a naha ya rona le UN aa matlafala.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e amohetse Morero wa Tshebetso wa Pholisi ya Diindasteri (IPAP) 2018/19 – 2020/21. Ena ke pheto ya bo 10 ya morero o tswellang wa ketso o tsamaellanang le disaekele tse latellanang la dilemo tse tharo tsa Moralo wa Tshebediso wa Nako e Mahareng (MTEF).
IPAP e lekotsweng botjha e fana ka kgutsufatso ya diphihlello tsa pholisi ya indasteri nakong ya dilemo tse robong tse fetileng. E fana ka manollo ya moruo ya moruo wa matjhaba le lehae o amanang le pholisi ya indasteri, e fana ka kgutsufatso ya diphepetso le dithibelo tsa ho kenngwa tshebetsong ho felletseng ha pholisi ya indasteri, hammoho le merero e meng ya sebaka le nako e fuweng makala a amehang.
2. Kabinete e amohetse hore Tumellano ya Dikarolo tse Tharo ya Kgwebo ya Mahala (TFTA) e hlahiswe Palamenteng bakeng sa kamohelo. Tumellano e theha Mmaraka o Tshwanang bakeng sa Afrika e Botjhabela le e Borwa, Setjhaba sa Afrika e Botjhabela le Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC).
TFTA ke morero o etellwang pele ke Afrika o tshwayang mohato o matla wa ho hlola nalane ya kontinente ya bokoloniale ya dimmaraka tse nyane tse arohaneng, ka ho kgothaletsa ditsetelo tsa dinaha tsa Afrika le ho hohela tsetelo e eketsehileng e tswang kantle ho sebaka seo sa kgwebo ya mahala.
Ka lebaka la diteko tsa tshebedisano ya lebatowa le meruo e tsitsitseng, ho bile le kgolo e matla matseteng a dinaha tsa Afrika pakeng tsa tsona.
3. Kabinete e amohetse Tlaleho ya Boraro ya Naha ya Afrika Borwa ya Kgokahanyo hore e nehelanwe ho Kopano ya Moralo wa UN wa Phetoho ya Tlelaemete (UNFCCC).
Maikemisetso a mantlha a UNFCCC ke ho fihlella botsitso ba maemo a dikgase tsa ntlo ya dimela sebakeng hore a fihle boemong bo ka thibelang diketsahalo tse kotsi tsa se-anthrophojeniki hore di se kenakenane le sistimi ya tlelaemete.
Tlaleho ya Afrika Borwa e na le manollo ya kgatelopele ya yona ho tloha Kgokahanyong ya sethathong ya Naha ho ya ho Kgokahanyo ya Bobedi ya Naha ho latelwa ke Kgokahanyo ya Boraro ya Naha, jwaloka ha e lekotswe botjha ke baamehi ba matjhaba le ba lehae.
C. Dibili
1. Kabinete e amohetse nehelano ya Bili ya Ntshetsopele ya Botshwasi ba Ditlhapi ya 2018 ho Palamente. Bili ena, e tswang tshekatshekong e felletseng le baamehi bohle lekaleng la botshwasi ba ditlhapi, e ikemiseditse ho ntlafatsa ntshetsopele ya botshwasi ba ditlhapi moruong wa mawatle. Hara tse ding, e fana ka ditlhophiso tsa setsi bakeng sa lekala; e fana ka ditlhoko tsa ho fumana laesense le tumello bakeng sa botshwasi ba ditlhapi le ho thehwa ha dibaka tsa ntshetsopele tsa botshwasi ba ditlhapi.
2. Kabinete e amohetse nehelano ya Bili ya Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing ya 2018 ho Palamente. Bili ena e fetola Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, 1993 (Molao wa 85 wa 1993). Hang ha o amohetswe, Billi e tla netefatsa tshireletso e eketsehileng ya basebetsi mabapi le dikotsi le malwetse mosebetsing.
Bili e theha Sistimi e hlalositsweng ka ho hlaka ya Tsamaiso ya Bophelo bo Botle le Polokeho mme e tsamaellana le ditlwaelo tse ntle tsa matjhaba. E boetse e bua ka tekolo e tlamang ya kotsi hore e etswe ke mohiri le morero wa tsamaiso ya kotsi o reretsweng mosebetsing o hlahisitsweng le ho kengwa tshebetsong ho fokotsa pepeso ya bahiruwa ho kotsi.
D. Melaetsa
1. Ditebohiso
1.1. Kabinete e lebohisa Mopresidente Ramaphosa, ya menngweng ke Setheo sa Puso ya Kopano ya Matjhaba ya Basebetsi (ILC) hore ebe badulasetulo hammoho le Khomishene ya Matjhaba ya Bokamoso ba Mosebetsi.
1.2. Mopresidente o boetse o menngwe ho bua kopanong eo, e ketekang kopano ya bo 100. Ha a le moo, o tla hopola le ho tlotla dilemo tse lekgolo tsa Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela. Kabinete e leboha Sehlopa sa Afrika se setheong sa puso sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Basebetsi (ILO) bakeng sa ho etella pele puisano ho la Geneva mme e leboha dipuisano tse tshwerweng ke mokga o busang wa naha mabatoweng a yona a lehae.
2. Matshediso
2.1. Kabinete e fetisa matshediso ho lelapa le metswalle ya Letona la mehleng ebile e le la pele la Ditjhelete la Afrika Borwa ya demokrasi, Monghadi Derek Keys, ya bapetseng karolo ya bohlokwahadi phetisong ya Lefapha la Ditjhelete ho ya ho mmuso o kgethilweng ka demokrasi ka 1994.
3. Ramadan
3.1.Kabinete e fetisa ditakaletso tse molemo ho setjhaba sa maMuslim ha se qala nako ya ho itima bakeng sa kgwedi e halalelang ya Ramadan bekeng e tlang. Nakong ya Ramadan, maMuslim a itima ho tloha ha letsatsi le hlaha ho fihlela ha le dikela, ha ba ntse ba sebedisa nako eo ho tebisa tumelo ya bona.
E. Diketsahalo tse Tlang
1. Kajeno ka la 10 Motsheanong 2018, Mopresidente Ramaphosa o tla etela Lefapha la Tshireletso le Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (CoGTA), jwalo ka karolo ya maiteko a hae a ho sebetsa mmoho le baetapele ba phahameng ho netefatsa hore mosebetsi wa mmuso o tsamaiswa ka nepo. Ketelo ena ke karolo ya boitlamo ba Mopresidente bo phatlaladitsweng Puong ya hae ya pele ya Boemo ba Naha ka Hlakola 2018 ho etela lefapha ka leng la naha ka tsela ena.
2. Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza, kajeno la 10 Motsheanong 2018, o tla fana ka puo Lekgotleng la Ntshetsopele ya Basebetsi la Afrika Borwa la bo 3 Emperors Palace, Johannesburg tlasa mookotaba: ‘Dikamano di tsosolosa mosebetsi le ho ithuta’. Kopano ena ya matsatsi a mabedi e tla kopanya baetapele ba bohlokwa indastering, ditsebi tsa tsa basebetsi le barutehi ho sekaseka dintlha tse fapaneng, ho kenyeletswa ditshisinyo tsa ho sebetsana le tlhokeho ya mesebetsi batjheng, le ntshetsopele ya matlafatso le Phetolo ya Bone ya Indasteri.
3. Kabinete e boetse e boelletsa memo ho maAfrika Borwa hore a nke karolo diketekelong tsa dilemo tse lekgolo tsa Tata Nelson Mandela le Mama Albertina Sisulu, ba thusitseng ho aha motheo wa demokrasi ya Afrika Borwa e re natefelang kajeno. Komiti ya Mafapa a Fapaneng ya Dilemo tse Lekgolo tsa Nelson Mandela le Dilemo tse Lekgolo tsa Albertina Sisulu e qadile Lenaneo la Naha bekeng ena. Dintlha tsa diketekelo tsena di ka fumanwa webosaeting ya mmuso (www.gov.za), moo diketsahalo/ditlaleho tse ding tse tlang di ka fumanwang le tsona.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
1. Mofumahadi Lerato Mataboge jwalo ka moemedi wa dti ho Boto ya Koporasi ya Inshorense ya Mokitlane wa Diyantle SOC Limited.
2. Mofumahadi RS Mogaladi jwalo ka Motlatsi wa Molaodi e Moholo: Tshehetso le Kgokahanyo ya Setsi, CoGTA.
Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139