Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro la, 23 Motsheanong, Tuynhuys, Cape Town.
    
A. Dintlha tsa Hajwale 

1. Tlhekefetso e Amanang le Batho ba Bong bo Itseng (GBV)

1.1. Kabinete e kgalema ka matla tlhekefetso ya basadi le bana. Diketsahalo tsa moraorao tsa Nonkululeko Mpanza le Nompumelelo Mhlongo ho la Thokoza, Ekurhuleni; Katlego Joja ho la Mamelodi, Tshwane; Promise Mthembu wa KwaZulu-Natal; le Jabulile Nhlapo, moithuti wa Unisa, di totobatsa boemo bo phahameng ba tlhekefetso bo phepetsang maphelo a basadi le bana ba rona.

1.2. Kabinete e fetisa matshediso a yona a tebileng ho malapa le metswalle ya basadi le bana bana. Taba ya tlhekefetso ya basadi le bana e hloka hore bohle re itahlele ka setotswana twantshong ya yona.

1.3. Kabinete e tswelapele ho matlafatsa ditsi tsa tshebetso ya molao tekong ya ho emisa GBV. Hara Dibili tse amohetsweng Kabineteng ena ya ho qetela ke Bili ya Phetolo ya Tshebetso ya Tlhekefetso ya 2018, e fetolang Molao wa Tshebetso ya Tlhekefetso, 1977 (Molao wa 51 wa 1977). Bili e tla atolosa lethathamo la ditlolo tsa molao tsa thobalano mabapi le qoso mme, ho leng bohlokwa, e tla dumella dinyewe tse amanang le thobalano hore di ye kapela makgotla le kamora dilemo tse 20. 

1.4. Meralo ena e eketsa hodima mehato e meng eo mmuso o seng o e kentse tshebetsong. Ho se ho butswe Ditsi tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela tse 54 naheng ka bophara hore ebe ditsi tsa ditshebeletso tsohle ele ho fokotsa tlhekefetso ya mofuta wa bobedi le ho fokotsa nako e nkwang ho phethela dinyewe tse amanang le thobalano.

1.5. Mmuso o se o thehile Makgotla a Tlhekefetso ya Thobalano a 75 ho sebetsana ka kotloloho le ka matla le tlhekefetso kgahlano le basadi. Ho feta moo, Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa e thehile ditsi tse 1 047 bakeng sa mahlasipa diteisheneng tsa sepolesa naha ka bophara bakeng sa bodulo le thuso ya mahlasipa a GBV.

1.6. Beke ya Tshireletso ya Bana e tla tshwarwa ho tloha la 27 Motsheanong ho isa la 2 Phuptjane 2018. Kabinete e ipiletsa ho batswadi, bahlokomedi le setjhaba ho sebetsa mmoho le ditsi tsa molao ho sireletsa bana ba rona. Kabinete e boetse e hlalosa hore ha o belaela hore ngwana wa hao o nyametse, tlalehela seteishene se haufi le wena sa sepolesa.

1.7. Re tlameha ho sebetsa mmoho jwalo ka setjhaba se ratang kgotso hape se ikobelang molao ho fedisa ditlolo tsohle tsa molao kgahlano le basadi le bana. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba tsebang ka ditlolo dife kapa dife tsa molao kgahlano le bana hore ba letsetse mohala wa mahala wa Childline ho 0800 055 555 kapa wa Crime Stop ho 08600 10111. Haeba o le mosadi ya mathateng, kapa o tseba ka mosadi e mong ya mathateng, nomoro ya mahala ya Setsi sa Taolo sa GBV ke 0800 428 428 kapa (0800 GBV GBV). 

1.8. Kabinete e ipiletsa ho rona bohle hore re sebetseng mmoho ho etsa haholwanyane ho thibela tlhekefetso ya basadi le bana, ho tshehetsa mahlasipa a tlhekefetso le ho qosa batlodi bamolao. Ke tshwanelo ya mang kapa mang ho tlaleha batho ba utlwisang bohloko, ba hanyapetsang le ho hlekefetsa basadi le bana hore batlodi ba molao ba tle ba tshwarwe le ho ahlolwa.

2. Moruo 

Kabinete e amohela kgolo e ntle ya khiro ya mesebetsi e 206 000 e bontshitsweng kotareng ya pele ya 2018, ho tswa Patlisisong ya moraorao ya Bahiruwa ya Kotara e ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (stats SA). Kgolo ena ya khiro e susumeditswe ke keketseho diindastering tse tsheletseng ho tse 10. Sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi hara batjha, leha ho le jwalo, se ntse se phahame ho 52.4%, ka sekgahla sa monyelo sa 12.2% feela. Kabinete e ipiletsa ho makala ohle a mmuso hore a tswelepele ho sebetsa mmoho ho lwantsha tlhokeho ya mesebetsi hara batjha. 

Tatelong ya mantswe a reng ‘Thuma Mina – Roma Nna’ e kgothaleditsweng ke Mopresidente Cyril Ramaphosa Puong ya hae ya pele ya Boemo ba Naha ka Hlakola 2018, Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle, haholo lekala la poraefete, ho thusa ho theha mesebetsi le ho tsetela kahare ho naha hore maAforika Borwa a mangata a tle a hohellwe kahare ho moruo.

3. Matla

Kabinete e amohetse kgatelopele ya tlhomamiso ya Xina Solar One Projeke ya Matla a Teteyaneng a Letsatsi ho la Kapa Leboya. Ke e nngwe ya Diprojeke tse supileng tsa Matla a Teteyaneng a Letsatsi e tlasa Lenaneo la Kgohelo ya Bahlahisi ba Matla ba Ikemetseng ya Matla a Ntjhafatswang la Lefapha la Eneji.

Feme ya Xina Solar One e tla fana ka motlakase o hlwekileng ho Eskom tlasa tumellano ya theko ya matla ya dilemo tse 20. Sena se tla fetolelwa ho malapa a 95 000 a maAforika Borwa a fumanang motlakase o hlwekileng, haholo nakong ya dihora tse sephethephethe. 

4. Leboya Bophirima 

4.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya bobedi ho tswa ho Komite ya Mafapha a Kopaneng (IMC) mabapi le Leboya Bophirima mme e kgotsofetse ka kgatelopele ya ho tlisa botsitso porofenseng eo.

4.2. Kopanong ya yona e fetileng, Kabinete e dumetse hore Leboya Bophirima e bewe tlasa Karolo ya 100 (1) ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996. Kabinete e boetse ya eketsa ditho tsa IMC ho kenyeletsa Letona la Thuto ya Motheo; la Tshebeletso ya Mmuso le Taolo; la Bodulo ba Batho; la Ntshetsopele ya Setjhaba; la Bohahlaodi; la Merero ya Tikoloho le la Dipalangwang.

4.3. IMC e kopilwe ho etsa mosebetsi o eketsehileng porofenseng le ho eletsa Kabinete hore na ke mafapha a fe a porofense a lokelang ho bewa tlasa Karolo ya (1) (a) (b) ya Molaotheo.

4.4. Ka lebaka la mosebetsi ona, Kabinete e dumetse hore mafapha a mahlano a porofense a bewe tlasa Karolo ya 100 (1) (b):

(1) Kantoro ya Tonakgolo; 
(2) Lefapha la Polokeho ya Setjhaba le Taolo ya Dipalangwang;
(3) Lefapha la Thuto ya Motheo le Ntshetsopele ya Dipapadi; 
(4) Lefapha la Bophelo bo Botle; le 
(5) Lefapha la Mesebetsi ya Mmuso le Ditsela. 

Mafapha a mahlano a tlo bewa tlasa karolo ya 100(1) (a):
(1) Lefapha la Ditjhelete, Moruo le Ntshetsopele ya Dikgwebo;
(2) Lefapha la Mmuso wa Lehae le Bodulo ba Batho; 
(3) Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae, Tikoloho le Temo;
(4) Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba; le 
(5) Lefapha le Bohahlaudi.

Kabinete e dumetse hore puisano e hlokehang e romelwe ho Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP) le hore ho be le dipuisano le baamehi ba loketseng ho la Leboya Bophirima. Mosebetsi wa diphuputso wa Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Bosenyi le Tshireletso o lokela ho tswelapele ditabeng tsohle tse hlokang ditsi tsa molao hore di kene dipakeng.

5. Dikamano tsa Matjhaba 

5.1. Kabinete e tshwetse ka mathe diketso tsa dikgohlano tse soto tse entsweng ke masole a maIsiraele ho thatika ka lediboho la Gaza, tse lebisitseng ho dipolao tsa palo tse kgolo tsa batho. Ka lebaka la mokgwa o hlokang kgethollo o bohale wa tlhaselo ena ya moraorao ya Isiraele, mmuso wa Aforika Borwa o entse qeto ya ho hula Moambasadara Sisa Ngombane ho fihlela ho ba le tsebiso e nngwe.

5.2. Kabinete e ipiletsa ho Sesole sa Tshireletso sa Isiraele ho ikgula ho Gaza Strip le ho emisa ditlhaselo tsa bosenyi le kgatello dibakeng tsa Palestina. Ditlhaselo tsena tsa bona di baka tshitiso ho fumaneng tharollo ya moshwelella ho kgohlano, e lokelang ho tla ka mokgwa wa dinaha tse pedi, ya Palestina le ya Isiraele, hore di phele mmoho ka kgotso.

5.3. Kabinete e boelletsa dipitso tse entsweng ke dinaha tse mmalwa tsa ditho tsa Matjhaba a Kopaneng bakeng sa dipatlisiso tse ikemetseng mabapi le dipolao tsena, ka morero wa ho qosa ba ikarabellang.

6. Boshodu ba Makoloi a Tsamaisang Tjhelete (CIT) 

Kabinete e tshwenyehile haholo ke poelletso ya boshodu ba di-CIT mme e hanana le botlokotsebe bona bo pepeneneng. Re boetse re thoholetsa ditsi tsa molao bakeng sa karabelo e potlakileng ya ho tshwara babelaellwa le ho leboha ditho tsa setjhaba tse thusitseng sepolesa ho tshwara ditlokotsebe tsena.

Ditho tsa setjhaba tse ka bang le tlhahisoleseding ya pele ho mona ba kgothaletswa ho kenya letsoho le ho iteanya le ditsi tsa molao.

B. Diqeto tsa Kabinete 

7. Khansele ya Mopresidente ya Dikgwebo tsa Mmuso (PSEC)

Kabinete e amohetse ho thehwa ha PSEC eo modulasetulo wa yona e tla ba Mopresidente Ramaphosa. Melawana ya tshebetso e pharalletseng ke ho busetsa dikgwebo tsa mmuso (di-SOE) maemong a ho ba disebediswa tse loketseng tsa ntshetsopele ya moruo.

PSEC e tla fana ka tsamaiso ya sepolotiki le taolo ya moralo. Hara dintlha tseo e tla be e shebane le tsona e tla ba ho matlafatsa moralo wa puso ya di-SOE le ho netefatsa hore merero e itseng e kengwa tshebetsong ho tlisa botsitso ho dikhamphani tsena.

Botho ba PSEC bo tla kenyelletsa Matona a amehang, ditsebi, mekgatlo ya basebetsi le ya setjhaba ka kakaretso. Mabitso a ditho tsa PSEC a tla phatlalatswa nakong e tlang. PSEC e tla ahella hodima mosebetsi wa IMC – SOE o thehilweng ka Hlakola 2015, eo modulasetulo wa yona e neng e le Motlatsi wa Mopresidente.

8. Kabinete e amohetse Pholisi ya Thepa ya Kelello (IP) ya Riphaboliki ya Aforika Borwa-Mokgahlelo wa 1. Pholisi e kenyelleditse ditlatsetso tse tswang ho dinehelano tsa baamehi le ditlhahiso. E arabela pitso ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ya kgatello e eketsehileng ho boiqapelo, tlhahiso e ntlafetseng le patlo e matlafetseng ya moruo o nang le tsebo.

Mokgahlelo wa I wa Pholisi ya IP o tlatselletswa hara tse ding ke Molaotheo, NDP, Morero wa Sehlooho wa Meriana ya Naha, Moralo wa Naha wa Pholisi ya Indasteri le dipehelo tse fapaneng tsa Morero wa Ketso wa Pholisi ya Indasteri. 

E tla sebetsa jwalo ka sesebediswa sa bohlokwa sa pholisi ho ntlafatseng boiqapelo, phetiso ya theknoloji, patlisiso le ntshetsopele, boitlhahiso ba bonono, tshireletso ya bareki, ntshetsopele ya indasteri, haholo kgolong ya moruo.

9. Kabinete e dumetse kamohelo ya semmuso ya Tumellano ya Thibelo ya Dibetsa tsa Nyutleleya ke Palamente. Tumellano ena ke sehlohlolo sa letsholo la dibetsa tsa nyutleleya le qadilweng ka 2010. Ke mohato wa moralo o sebakeng sa phediso ya dibetsa tsa nyutleleya le kgohlano ya kgale ho ditshekatsheko tsa ditho tse fapaneng tsa phediso ya dibetsa tsa nyutleleya.

Tumellano ena e tsamaellana ka botlalo le melawana ya kgale ya Aforika Borwa, melao ya kahare ho naha le boitlamo ba yona dinaheng tsa matjhaba.

10. Kabinete e amohetse Tokiso ya Tumellano ya Tshireletso ya Disebediswa tsa Matheriale wa Nyutleleya, e tlo tekwa Palamenteng. 

Tumellano ya Tshireletso ya Disebediswa tsa Matheriale wa Nyutleleya ke sona feela sesebediswa se tlamang semolao sa matjhaba sebakeng sa tshireletso ya sesebediswa sa mathereriale wa nyutleleya. Tumellano e fetotsweng ke kgatelopele ya bohlokwa maitekong a matjhaba a ho ntlafatsa tshireletso ya sesebediswa sa dimatheriale tsa nyutleleya le meaho ka ho beha maemo a tshwanang a tshireletso. 

Hara tse ding, e sireletsa tshireletso ya sesebediswa sa matheriale wa nyutleleya tshebedisong ya ka lapeng, polokelo le tsamaiso, le tshireletso ya dimatheriale tsa nyutleleya le meaho kgahlano le tshenyo ya kaboomo. 

11. Kabinete e amohetse ho tshwarwa ka kopanelo ha Kopano ya Matjhaba ya bo 10 ya Ditsi tsa Namolelo tsa Sesole, ke Kantoro ya Monamoledi wa Sesole, e hlophiseditsweng Mphalane 2018. Ena ke ketsahalo ya selemo le selemo e hlophisitsweng ke Setsi sa Taolo ya Demokrasi ya Sesole, e thehilweng Geneva, Switzerland, mme e tla tshwarwa hammoho le Aforika lekgetlo la pele.

C. Dibili

12. Kabinete e amohetse Bili ya Phetolo ya Merero ya Dikimi tsa Tshebeletso ya Bongaka ya 2018 e tlo hatiswa ho Gazete ya Mmuso hore setjhaba se hlahise maikutlo a sona. 

Bili ena e fetola Molao wa Merero ya Dikimi tsa Tshebeletso ya Bongaka wa 1998 (Molao wa 131 wa 1998) hore o nyalane le Sengolwa sa ho Lokisetsa Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) le Moralo wa Bili ya Letsete la NHI. Bili hara tse ding, e ikemiseditse ho ntlafatsa taolo ya indasteri ya dikimi tsa tshebeletso ya bongaka le ho nyalanya moralo wa taolo ho diphetoho tse etsahetseng dilemong tse leshome tse fetileng lekaleng lena.

Bili ena hape e tla boela e netefatsa hore baphedisuwa ba sireletswa hantle ho feta hape e phahamisa phihlello e betere ho ditjhelete tsa bophelo bo botle ba poraefete. 

13. Kabinete e amohetse tsebiso ya Bili ya Phetolo ya Boikarabello ba Mmuso ya 2018 ho Palamente. Bili ena e fetola Molao wa Boikarabello ba Mmuso wa 1957. E kenyeletsa sebopeho sa tefo ya ditleleime tse kgahlano le Mmuso tse hlahileng ka lebaka la kalafo tse fosahetseng tsa batho ke mahlahana a Mmuso. Sena se tla lebisa ho kameho e fokotsehileng ya ditefo tsa sekolokoto ho ditekanyetso tsa dipetlele tsa setjhaba. 

Diphetolo tsena di tla eketsa disebediswa tsa tjhelete tse fumanehang ho dipetlele tsa porofense ho fana ka ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle. 

14. Kabinete e amohetse kgatiso ya Bili ya Naha ya Phetoho ya Tlelaemete ya 2018 hore setjhaba se hlahise maikutlo a sona. Bili ena e dumella nyalanyo ya dipholisi tse susumetsang karabelo ya Aforika Borwa ya phetoho ya tlelaemete. E tla netefatsa phetoho ya naha ho moruo wa khabone e tlase le o sa fetolweng ke tlelaemete habonolo. 

Ona ke mohato o mong maitekong a Aforika Borwa a ho kenya tshebetsong Pholisi ya Karabelo ya Naha ya Phetoho ya Tlelaemete ho phahamisa ntshetsopele e tswellang le ho kgotsofatsa tokelo ya tikoloho eseng kotsi ho bophelo bo botle le bo iketlileng, jwalo ka ha ho boletswe ho Molaotheo wa rona. 

15. Kabinete e amohetse tsebiso ya Bili ya Phetolo ya Mokgwatshebetso wa Botlokotsebe ya 2018, o fetolang Molao wa Mokgwatshebetso wa Botlokotsebe wa 1977 ho Palamente.

Bili ya Phetolo e sisintsweng e tla atolosa lenane la ditlolo tsa molao tse amanang le thobalano bakeng sa qoso mme ntlha ya bohlokwa ke hore e dumella hore diqo di kengwe leha ele kamora dilemo tse 20. Diphetoho tsena di phethahatsa kahlolo ya Lekgotla le Phahameng la Gauteng Borwa nyeweng ya Levenstein. 

Nyewe ena e phatlaladitse ha Karolo ya 18 ya Molao wa Mokgwatshebetso wa Botlokotsebe wa 1977 o sa tsamaisane le Molaotheo mme o sa sebetse moo e leng hore o thibela, maemong ohle, tokelo ya ho qala qoso bakeng sa ditlolo tsohle tsa molao tse amanang le thobalano, ntle le tse boletsweng ho karolo ya 18 (f), (h) le (i) ya Molao ona kamora ho feta ha dilemo tse 20 ho tloha nakong ya ha tlolo ya molao e etsahala.

Diphetolo di tla dumella Bookamedi ba Botjthutjhisi ba Naha (NPA) matla a pharaletseng ho feta ho qala diqoso ditlolong tsa molao tse amanang le thobalano ho latela Kgaolo ya 2 ya Molaotheo. 

D. Diketsahalo tse Tlang 

16. Puo ya Selemokgolo sa Letsatsi la Aforika la Nelson Mandela 

Mopresidente Ramaphosa o tla fana ka Puo ya Selemokgolo sa Letsatsi la Aforika la Nelson Mandela Kopanong ya Tsosoloso ya Aforika, ka la 24 Motsheanong 2018 Setsing sa Dikopano sa Matjhaba sa Inkosi Albert Luthuli, Durban. 
Ketsahalo ena ke karolo ya diketekelo tsa selemo sohle tsa selemokgolo sa maphelo a Mopresidente wa rona wa pele wa demokrasi, Tata Nelson Rolihlahla Mandela le mohale wa Tokoloho Mama Albertina Nontsikelelo Sisulu, tse ntseng di etsahala ho phatlalla le kontinente le lefatshe.

17. Letsatsi la Aforika

Letsatsi la Aforika le tshwarwa selemo le selemo ka la 25 Motsheanong kontinenteng ka bophara ho tshwaya ho thehwa ha Mokgatlo wa Kopano ya Aforika ya mehleng – eo hajwale e bitswang Kopano ya Aforika – ka 1963. Ke mokete wa diphaphano tsa Aforika le kgwelletso ya kopano kontinenteng.

Aforika Borwa e keteka Letsatsi la Aforika ka mokete wa kgwedi yohle wa Kgwedi ya Aforika ya diketsahalo tsa keteko le thuto, ka melemo ya sepolotiki le ya setjhaba le moruo bakeng sa batho ba Aforika Borwa le Kontinente. Mookotaba wa Kgwedi ya Aforika ke: “Selemo sa Nelson Mandela – Ho aha Aforika e Ntlafetseng le Lefatshe le Ntlafetseng”.

E. Melaetsa 

18. Matshediso 

Kabinete e fetisitse matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya mokaubere wa mehleng wa raditshwantsho hape e le moamohedi wa Taelo ya Naha ya Ikhamanga, Monghadi Sam Nzima, ya neng a sebedisa khamera ya hae ho hlahisa bosoto ba puso ya kgethollo. O tla hopolwa bakeng sa setshwantsho sa hae sa bohlokwa sa Hector Pieterson‚ ka la 16 Phuptjane 1976, se qobelletseng lefatshe ho lemoha le ho nka mehato kgahlano le puso e soto ya kgethollo. 

Kabinete e fetisa tlhonamo le matshediso ho lelapa la Ngaka Phillip Nchipi Tabane, ya hlokahetseng kamora ho kula nako e telele ka la 18 Motsheanong 2018. Jwalo ka setho sa motheo sa Malombo Jazzmen, e ne e le e mong wa borammino ba nang le talente ho fetisisa Aforika Borwa. 

Kabinete e fetisa matshediso ho lelapa le metswalle ya Monghadi Sonwabo Eddie Funde eo e neng e le Moemedi wa mehleng wa Aforika Borwa ho Jeremane hape e le Modulasetulo wa Boto ya Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC).

Kabinete e hloname haholo kamora lefu la banana ba babedi ba banyane ba hlokahetseng kamora ho welwa ke lebota Durban. Re fetisetsa matshediso a rona a tebileng ho malapa a bo bona.

19. Ditebohiso 

Kabinete e thoholetsa Vusumuzi Ndlovu ya tlileng boemong ba bosupa dikgaung tsa Sephehi sa Motjha sa S. Pellegrino tsa 2018 tse etsahetseng haufinyane ho la Milan. Boiphihlelo ba hae bo entse Aforika Borwa motlotlo.

Kabinete e lebohisa mampudi ya sa tswa rweswa mohope wa tlholo wa Federeishene ya Matjhaba ya Ditebele (IBF)‚ Mokgatlo wa Lefatshe wa Ditebele (WBA) wa Super le Ring Magazine ba boima ba lesiba bo tlase Hekkie "Hexecutioner" Budler, ya bileng moAforika Borwa wa pele wa ho tshwara dikgau tse pedi tse kgolo tsa lefatshe ka nako e le nngwe kamora ho hapa dikgau tsa IBF le WBA tsa boima ba lesiba bo tlase.

F. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

20. Mofumahadi Boitumelo Mosako jwalo ka Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete (CFO) Bankeng ya Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (DBSA). 

21. Balaodi bao eseng ba phethahatso ba Boto ya Banka ya Ntshetsopele ya Mobu le Temo:

a. Monghadi Mabotha Arthur Moloto (o thontswe botjha hape ke Modulasetulo);
b. Mofumadi Dudu Hlatshwayo (o thontswe botjha hape ke Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Mofumahadi Susan Ann Lund (o thontswe botjha);
d. Mofumahadi Matome Sydney Makgoba; le
e. Ngaka Steven Thomas Cornelius.

22. Boto ya Bohahlaudi ba Aforika Borwa:

a. Ngaka Tanya Ethel Abrahamse (o thontswe botjha);
b. Monghadi Enver Duminy (o thontswe botjha);
c. Mofumadi Michelle Julie Constant (o thontswe botjha);
d. Monghadi Thebeetsile Ikalafeng (o thontswe botjha);
e. Monghadi Yacoob Abba Omar (o thontswe botjha);
f. Monghadi Monwabisi Peter Fandeso (Modulasetulo);
g. Mofumahadi Pamela Bulelwa Yako;
h. Mofumahadi Kathleen Elizabeth Rivett-Carnac;
i. Mofumahadi Dawn Elizabeth Robertson;
j. Monghadi Ravi Nadasen;
k. Mofumahadi Lindiwe Sangweni-Siddo;
l. Monghadi Mohamed Baba; le
m. Mofumahadi Nomzamo Bhengu (moemedi wa Lefapha la Bohahlaudi).

23. Monghadi Dinizulu Kumalo Percival Sechemane jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso  (CEO) ya Rand Water.

24. Leqwetha (Ngaka) Seswantsho Godfrey Lebeya jwalo ka Hlooho ya Naha ya Bolaodi ba Dipatlisiso tsa Botlokotsebe bo Phahameng.

25. Monghadi Goodman Ntandazo Vimba jwalo ka CEO ya Ejente ya Tshehetso ya Meaho ya Masepala Lefapheng la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba.

26. Monghadi Lindokuhle Cedric Mkhumane jwalo ka Molaodikakaretso: Ntshetsopele ya Dikgwebo le Boitshebeletso, Lefapheng la Ntshepele ya Dikgwebo tse Nyane.

27. Monghadi Phakamani Hadebe jwalo ka Molaodi Phethahatso wa Sehlopha sa Eskom Holdings SOC Ltd (Eskom) le setho (Molaodi wa Phethahatso) wa Boto.

28. Balaodi bao eseng ba phethahatso ho Boto ya South African Express:

a. Mofumahadi Mmakeaya Magoro Tryphosa Ramano (Modulasetulo);
b. Monghadi Ronald Ozzy Lamola;
c. Monghadi Thulani Matiki Norman Kgomo;
d. Mofumahdi Thandiwe January-McLean;
e. Monghadi Kugan Harikrishna Thaver;
f. Monghadi Bongisiwe Mpondo;
g. Mofumahadi Hlengiwe Thandeka Makhathini;
h. Ngaka Thabi Leoka;
i. Monghadi Ahmed Ismail Bassa; le
j. Monghadi Trevor Abrahams (o thontswe botjha).

29. Balaodi bao eseng ba phethahatso ho Boto ya Transnet:

a. Monghadi Popo Molefe (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Mpho Emily Letlape;
c.  Monghadi Louis Leon von Zeuner;
d. Mofumahadi Ursula Nobulali Fikelepi;
e. Mofumahadi Dimakatso Catherine Matshoga;
f. Mofumahadi Ramasela Joyce Ganda;
g. Profesara Edward Christian Kieswetter;
h. Monghadi Aluwani Percy Ramabulana;
i. Ngaka Fholisani Sydney Mufamadi;
j. Mofumahadi Vivien McMenamin;
k. Leqwetha Oupa Motaung; le
l. Mofumahadi Gratitude Ramaphaka.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building