Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 13 Hlakola 2019, Tuynhuys Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Puo ya Boemo ba Naha (SoNA)


1.1. Kabinete e ananela SoNa ya Moporesidente Cyril Ramaphosa ya selemo sa 2019, e leng e tshwayang dilemo tse 25 esale ka Tulo e Kopanetsweng ya Palamente ka hara Aforika Borwa e ntjha ya demokerasi. Bongata ba maAforika Borwa le ona a ananetse puo eo, e re tlisetsang tshepo le ntjhafalo.

1.2. Moporesidente Ramaphosa o bontshitse kgatelopele e entsweng selemong se fetileng. Ho ahella hodima dikatleho tsena, Moporesidente o tekile dintlha tse tla tsepamisetswa maikutlo monongwaha. Tsena di kenyeletsa ho tswella ka mekgwa ya boitshunyako bakeng sa ho akofisa kgolo ya moruo o kenyeletsang le ho hlahisa mesebetsi; ho ntlafatsa tsamaiso ya thuto ya rona le ho ntshetsapele maitsebelo bakeng sa bokamoso le ho ntlafatsa ntwa kgahlanong le bobodu le ho hulwa ha mmuso ka nko.

1.3. Bekeng e tlang, Letona la Ditjhelete Tito Mboweni le tla manolla leano la ditjhelete ha le tshetleha Puo ya Ditekanyetso. Ka dipuo tsa mafapha tsa ditekanyetso, Matona a tla manolla meralo ya tshebetso ya ona e tla fana ka sekgahla ho SoNA ya Moporesidente.

1.4. Kabinete e ntse e ikemiseditse ho kgannela naha ya bo rona tabeng ya ho fihlella Tjhebelopele ya 2030 ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), e leng motheo wa ho fedisa bofuma le ho fokotsa ho se lekalekane le tlhokeho ya mesebetsi ka hara naha ka selemo sa 2030.

2. Indaba ya Merafo ya Aforika

2.1. Aforika Borwa e tshwere ka katleho Indaba ya ho Tsetela Merafong ya Aforika ya bo-25 ya selemo ka seng, e leng kopano e kgolo ka ho fetisisa ya bankakarolo le bankadiqeto ba merafo lefatsheng. Ho lelekisitswe ho hohela matsete merafong, Indaba ya monongwaha e ne e tshwerwe tlasa mookotaba: “Re Qala Ntshetsopele ya Moshwelella ya Moruo wa Aforika”.

2.2. Kabinete e ananela tumellano e saennweng ke bankakarolo ba tsa merafo. Tumellano ena e thusa bakeng sa ho kgothaletsa matsete a ka kotloloho a matjhaba makaleng a fapaneng a indaseteri ya merafo.

2.3. Mmuso, ka Lefapha la Kgwebisano le Diindaseteri (the dti) le Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri, o hlwaile ho kgolwa ha melemo ya diminerale e le sebaka se nang le menyetla e mengata seo batsetedi ba ka se sebedisang bakeng sa ho hodisa lekala la merafo. Sena se fana ka bokgoni bo matla ba ho nyehela bakeng sa ho hodisa moruo wa naha, tlhahiso ya mesebetsi, diphethoho le phediso ya bofuma.

3. Eskom

3.1. Letona la Dikgwebo tsa Mmuso Pravin Gordan le tsebisitse Kabinete ka ho kgaoha ha motlakase ho ammeng tsamaiso ya moruo ho phatlalla le naha. Ditshitiso tsena di bile le kgahlamelo e kgolo ho malapa a Aforika Borwa le moruo.

3.2. Phepelo ya eneji ya Aforika Borwa e ntse e le taba ya bohlokwa mme boemo ba hajwale ba Eskom bo tlisa mathata a maholo ka hara naha, botsitsong ba yona ba ditjhelete le moruong. Lewa la ho arola Eskom dikoto tse tharo tse fapaneng tsa Mmuso ka ho phethahala – phehlo; phepelo le kanetso - ke se batlehang bakeng sa bophelo ba nako e telele ba moshwelella ba mohlodi ona wa matla le naha.

3.3. Ho tobana le boemo bona ba moraorao, Moporesidente Ramaphosa o thontse Komiti e Ikgethang ya Kabinete mabapi le Eskom e eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moporesidente mme e thehilwe ke Letona la Dikgwebo tsa Mmuso; Letona la Eneji; Letona la Ditjhelete; Letona la Dipalangwang; Letona la Tšhireletšo ya Mmušo le Letona la Sepolesa. Komiti ena e tla sebetsana le ditaba tsa Eskom letsatsi ka leng le ho fana ka ditlaleho tsa letsatsi ka leng ho Moporesidente mabapi le se lokelang ho etsahala ho tiisetsa phepelo ya motlakase.

3.4. Moifo ona o lebeletswe ho kopana le bankakarolo bohle bakeng sa ho thusa ho busetsa botsitso ho marangrang le ho kgatha tema ho ya pele ha o ntse o netefatsa hore ho ba le ditjeho tse tlase bakeng sa basebedisi le balefi ba lekgetho.

4. Tokelo ya ho vouta

4.1. Kabinete e thoholetsa maAforika Borwa kaofela, haholo batjha le ba tla qala ho vouta kgetlo la pele, ba nkileng karolo mafelong a beke a fetileng a boingodiso ba dikgetho ka la 26 le la 27 Pherekgong 2019 pele naha e tshwara dikgetho tsa botshelela tsa demokerasi tsa naha le diporofense ka la 8 Motsheanong 2019.

4.2. Kabinete e ipiletsa ho bakgethi bohle ba nang le tokelo ho sebedisa tokelo ya bona ka boikarabelo le ho ipiletsa ho maAforika Borwa a so kang a ingodisetsa ho vouta, ho etsa jwalo dikantorong tsa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) tse teng ka hara naha. Hape o ka lekola maemo a boingodiso ba ho vouta ka ho romela SMS le nomoro ya hao ya ID ho 32810 (R1.00 SMS ka nngwe) kapa o hokele app ya mahala ya IEC ya bakgethi le ho e sebedisa ho lekola dintlha tsa hao tsa boingodiso.

4.3. Esale ho tloha ka tswalo ya demokerasi, re ahile demokerasi ya molaotheo e tswang pele ke ditheo tse netefaletsang ditokelo tsa rona tsa mantlha le ditokoloho. Hodima moo, ho na le mananeo a kentsweng tshebetsong a ho fetola sebopeho sa moruo le ho sebetsana le diphephetso tsa rona tse ngata tsa moruo wa kahisano. Dikgetho tse tlang ke monyetla bakeng sa moloko o motjha wa batjha ba Aforika Borwa hore ba sebedise tokelo ya bona ya ho vouta, le ho ba le lentswe ka bokamoso ba bona le ba naha ya bo rona.

5. Tshibollo ya oli le kgase ke khamphani ya Total

5.1. Jwaloka karolo ya mokutu wa naha wa ho hodisa moruo le ho hlahisa mesebetsi, mmuso – ka Operation Phakisa bakeng sa Moruo wa Mawatle – o thusitse ka menyetla lekaleng la naha la oli le kgase bakeng sa kgolo le matsete. Aforika Borwa e na le mehlodi ya bokgoni ya difaki tsa dibilione tse robong tsa oli le maoto a dikhubiki a trilione (tcf) tse 60 kapa difaki tse 11 bilione tsa oli tse ka lekanang le kgase e mabopong.

5.2. Kabinete e thoholeditse tshibollo ya kgase ya lebopong ke khamphani ya oli ya Total le ka bang le difaki tse bilione tsa mehlodi, tse tla matlafatsa phepelo ya oli le kgase ya naha haholo.

5.3. Tshibollo e entswe ke khamphani ena kamora ho bora ditsheng tsa yona tsa Brulpadda Outeniqua, e leng se ka bang dikilomithara tse 175 ho tloha lebopong la Aforika Borwa.

6. Tulo e Tlwaelehileng ya bo-32 ya Kopano ya Aforika (AU)

6.1. Kabinete e thoholetsa thonyo ya Moporesidente Ramaphosa jwaloka Modulasetulo wa AU bakeng sa selemo sa 2020. O tla nka marapo ho Moporesidente wa Egepeta Abdel Fattah el-Sisi, eo hajwale a sebetsang selemong sa hae sa ho qetela sa 2019.

6.2. Moporesidente Ramaphosa o ne a eteletse pele kemedi ya Aforika Borwa ho Tulo e Tlwaelehileng ya bo-32 ya Kopano ya Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso ya AU, e neng tshwaretswe Addis Ababa, Rephabliking ya Bofederale ya Demokerasi ya Ethiopia ho tloha ka la 15 Pherekgong ho isa ka la 11 Hlakola 2019, tlasa mookotaba “Baphaphathehi, Bakgutli le Batho ba Lelerang ka Hara Naha: Pele-ya-Pele ka Ditharollo tsa Moshwelella tsa Qobello ya Boleleri ka hara Aforika”. Sena se fane ka lepatlelo bakeng sa ho thuisa le ho tobana le motso wa sesosa sa qobello ya boleleri ka hara Aforika.

6.3. Aforika Borwa e kentse Sesebediswa sa yona sa ho Fetola Tumellano ya Dikontinente tsa Aforika ya Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng (AfCFTA) nakong ya seboka. Dintlha tse neng di tshohlwa di kenyeletsa kaho botjha ya ditheo le thuso ya ditjhelete ya mokgatlo wa kontinente; Kgotso le Tshireletso ka hara Kontinente; dintshetsopele tse amanang le AfCFTA; le ditherisano bakeng sa tumellano e ntjha ya tshebedisano pakeng tsa dinaha tse ntseng di tswela pele tsa Aforika, Caribbean le Pacific le Kopano ya Yuropa Kamora 2020.

6.4. Tsamaong ya selemo sena, Moporesidente Ramaphosa o lebeletswe hape ho nka bodulasetulo ba kopano ya Komiti ya Dihlooho tsa Puso tsa Aforika le Mmuso ya Diphethoho tsa Tlelaemete (CAHOSCC). CAHOSCC e thehilwe ka selemo sa 2009 ke Kopano ya AU ya Dihlooho tsa Puso le Mmuso ho etella pele Boemo bo Tshwanang ba Phethoho ya Tlelaemete le ditherisanong tsa lefatshe tsa diphethoho tsa tlelaemete.

6.5. Ha Moporesidente Ramaphosa a nka bodulasetulo, o tla sebetsa le dihlooho tse ding tsa puso ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong ka katleho ha Tumellano ya Paris e etsang nalane ya ho bebofatsa le ho mekamekana le ditlamorao tsa phethoho ya tlelaemete. Ka CAHOSCC, Aforika e tla etsa nyehelo ya bohlokwa mokutung wa lefatshe bakeng sa ntshetsopele ya khabone e tlase le ho itseka ha tlelaemete.

7. Thuto e Phahameng

7.1. Kabinete e fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya a moithuti wa Yunivesithi ya Thekenoloji ya Durban, Mlungisi Madonsela. Ditshitiso tsa dithuto le ho kwalwa ha dibaka tsa thuto e phahameng, haholoholo KwaZulu-Natal, tse bakileng lefu la moithuti enwa, di tlisa ngongoreho e kgolo.

7.2. Kabinete e etsa kgoeletso ho bankakarolo kaofela ho rarolla ditaba ka kgotso. Naha ya bo rona e hloka batjha ba rutehileng bakeng sa ho nyehela ntshetsopeleng ya rona.

7.3. Mmuso, ka lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello, le thusa dibaka tsa thuto e phahameng moo ho nang le diphephetso. Letona la Thuto e Phahameng le Thupello Naledi Pandor le boetse le laetse batsamaisi ba Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) ho beha ka sehlohlolong ntlha ya ho arabela matshwenyeho a baithuti.

8. Taolo ya Lefu la Mokaola wa Mehlape (FMD)

8.1. Bakeng sa ho baballa boitekanelo ba setjhaba, Kabinete e thabetse karabelo le maitshunyako a ho thibela ho tsholohela ha ho ropoha ha FMD Seterekeng sa Vhembe, Limpopo. Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi, hammoho le Mokgatlo wa Nama e Kgubedu le bankakarolo ba bang, ba kene kgabong bakeng sa ho tobana le taba ena ka kopanelo.

8.2. Kentelo e qadile ka la 14 Pherekgong 2019, ka mehlape ya dibaka tse amehileng, hammoho le mehlape ya sebaka sa dikilomithara tse 20 ho potoloha metsana e amehileng. Ho fihlela lena, palo kaofela ya mehlape e entetsweng e feta 10 000; mme e ya tshwauwa ho e kgetholla ka hara e meng.

9. Seboka sa Difilimi sa Aforika Borwa

9.1. Indaseteri ya difilimi ya Aforika Borwa esale e bonwa e le sethusi sa kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi ka hara naha. Indaseteri ya boqapi le botjhaba, ka ho qolleha lekala la difilimi, le bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho ntshetsapele pale ya Aforika Borwa le ho nyehela maitekong a kaho ya setjhaba le momahano ya kahisano.

9.2. Ho ipapisitswe le katamelo ena, Kabinete e ananela Seboka sa Pele sa Difilimi sa Aforika Borwa, se neng se tshwaretswe Johannesburg ho tloha ka la 4 ho isa ka la 5 Hlakola 2019 tlasa mookotaba: “Diphethoho le ntjhafatso ka hara Indaseteri ya Aforika Borwa ya Difilimi/Diutluwang-Dibonwang le Diphethoho ho tsa Thekenoloji (4IR). Na re malala-a-laotswe bakeng sa diphethoho?”

9.3. Diphetho tsa seboka di lebeletswe ho nyehela mabapi le ho bopa tikoloho e kgontshang bakeng sa hore indaseteri ena e atlehe. Mmuso o dula o ikemiseditse ho thusa ka matlole ka Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri (IDC) le Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri (the dti).

B. Diqeto tsa Kabinete

10. Momahano ya kahisano le kaho ya setjhaba

10.1. Leha setjhaba sa bo rona se entse menyabuketso e meholo ho tloha ka selemo sa 1994, ditshita tsa maiketsetso tse itshetlehileng hodima semorabe, boemo ba motho le diphapang tsa botjhaba di tswella ho thunthetsa kgatelopele ya rona. Tabeng ena, Kabinete e tjhaelletse monwana Mmono wa Sepolotiki, o fanang ka moralo la leano la molao bakeng sa ho tshehetsa momahano ya kahisano le kaho ya setjhaba ho ya pele.

10.2. Jwaloka ha ho tekilwe ho NDP, moralo ona o tla ba le ditlamorao tse tla re isang hole mabapi le ho kenya tshebetsong merero ya ho aha setjhaba, “setjhaba se kopaneng le se momahaneng empa ha se yona feela merero ya naha; hape ke ditsela tsa ho fedisa bofuma.”

10.3. Makala oohle a setjhaba a kgothaletswa ho tshehetsa moralo ona wa leano ka ho keteka diphapang tsa rona le ho aha setjhaba se suthisang lefa la bokoloniale le kgethollo.

10.4. Lefapha la Bonono le Botjhaba le tla epa Pitso ya Tumellano ya Kahisano mafelong a Hlakubele 2019 Johannnesburg moo makala a fapafapaneng a setjhaba – ho kenyeletswa a badudi, basebetsi, dikgwebo, dirutehi le ditsebi, baditumelo le boraditaba – a tla itlamela porojeke ya momahano ya setjhaba le kaho ya setjhaba. Dipuisano le makala ana di tla etswa kgweding ya Hlakola le mahareng a Hlakubele 2019.

C. Dibili

11. Sehlomathiso sa Bili ya Bana ya selemo sa 2019

11.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Bana ya selemo sa 2019 Palamenteng ho matlafatsa mosebetsi wa setjhaba sa rona mabapi le ho sireletsa ditokelo tsa bana.

11.2. Ka selemo sa 2017 Setsi sa Molao wa Bana se ile sa qosa Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ka tshallomorao ya tlhokomelo ya bana ya batswadi bao e seng ba letswele.

11.3. Lekgotla le Phahameng la Dinyewe le ile la laela Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, hara tse ding, ho hlophisa le ho tsebahatsa ka pela Palamente sehlomathiso se batlehang sa Molao wa Bana, sa 2005 (Molao bo-38 wa 2005) le/kapa Molao wa Thuso ya Setjhaba, wa 2004 (Molao wa bo-13 wa 2004) ho fana ka tharollo ya semolao e pharaletseng bakeng sa ho tobana le diphephetso tsa tlhokomelo ya batswadi bao e seng ba letswele.

11.4. Bana bohle ba lokela ho fumantshwa phihlello ya ditshebeletso tse reretsweng ho ba thusa ka polokeho, tlhokomelo le tshireletso; le tsamaiso ya thekolohelo e hlwahlwa ya kahisano. Ho na le tse ngata tse sa lokang tsamaisong ya hajwale ya tlhokomelo le tshireletso ya bana. Bili ena, hara tse ding, e sebetsana le diphephetso tse amanang le phano le tsamaiso ya tlhokomelo ya batswadi bao e seng ba letswele, le ditaba tse ding tse amanang le tlhokomelo le tshireletso ya bana.

D. Diketsahalo tse tlang

12. Seboka sa Moruo wa Dijithale


12.1. Morero wa lefatshe o lebisitseng ho thekenoloji e susumetswang ke 4IR o tla ka menyetla e metjha ya ho aha setjhaba le moruo wa rona. Hore re dule re itlhomme pele ho dintlha tse ntjha tsa thekenoloji, naha e tla tshwara Seboka sa Moruo wa Dijithale ka Hlakubele 2019.

12.2. Seboka sena se bitsitsweng tlasa sekgele sa 4IR ya Aforika Borwa (4IRSA), e leng selekane pakeng tsa Lefapha la Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, Telkom, Yunivesithi ya Witwatersrand, Yunivesithi ya Johannesburg le Yunivesithi ya Fort Hare.

12.3. #4IRSA e rerile ho sebetsana le diphephetso tse tobaneng le Aforika Borwa Mongwaheng wa Dijithale hore ho fumanwe karabelo e momahaneng le ya kopanelo ya naha.

13. Dikgau tsa Boraditaba tsa selemo sa 2019 tsa Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC)

13.1. Jwaloka karolo ya ho kgothaletsa momahano ya lebatowa, tshebedisano le ho ananela boqhetseke ho tsa boraditaba, boraditaba ba Aforika Borwa ba memelwa ho fana ka mabitso a bona ho kenela tlhodisano ya Dikgau tsa Boraditaba tsa SADC tsa selemo sa 2019 ka la 28 Hlakola 2019. Dikgau ke tsa mapatlelo a dingolwa, radiyo, thelevishene le boraditshwantsho.

E. Melaetsa

14. Matshediso


14.1. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Ramaphosa le maAforika Borwa kaofela mabapi le ho fetisetsa matshediso ho malapa le metswalle ya baithuti ba ileng ba hlokahala kamora ho ba borokgo ba moaho ba maoto bo putlame Sekolong se Phahameng sa Driehoek Vanderbijlpark ka Labohlano, la 1 Hlakola 2019. Kabinete hape e lakaletsa baithuti bohle ba lemetseng ho fola ka potlako.

15.  Dithoholetso

15.1. Kabinete e thoholeditse:

  • Soweto Gospel Choir ka ho etsa Aforika Borwa motlotlo hape kamora ho hapa Grammy bakeng sa alebamo ya mmino e hlwahlwa ka ho fetisisa lefatsheng. Sehlopha sena se hapile ka alebamo ya sona ya Freedom – renditions of well-known liberation struggle songs. Ena ke Kgau ya Grammy ya boraro ya sehlopha sena.
  • Banka ya Ntshetsopele ya Aforika e Borwa (DBSA) bakeng sa ho hapa Kgau ya Aforika ya Lenaneo la Eneji e Hlwekileng ho tswa setheong sa London, Project Finance International. DBSA e ananetswe bakeng sa thuso ya yona e ntjhafetseng ka ditjhelete tsa diporojeke tse 14 tsa eneji e hlwekileng ka hara Lenaneo la naha la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Matla a Motlakase o Hlwekileng.
  • Ba babedi ba borasaense ba rona ba hapileng mokgahlelo wa AU wa Dikgau tsa Kwame Nkrumah tsa Boqhetseke ba Saense tsa selemo sa 2018 ho la Addis Ababa, Ethiopia ka la 11 Hlakola 2019:

Moporofesara Aletta Schutte o hapile moputso wa Bomasaense wa US$20 000 bakeng sa mokgahlelo wa Disaense tsa Bophelo le Lefatshe. Ke Moporofesara wa Physiology Yunivesithing ya Leboya Bophirima. Moporofesara Schutte o na le lengolo la SARChI ho Temoho ya ka Nako le Thibelo ya Bohloko ba Pelo ka hara Aforika, bodulasetulo ba diphuputso tsena bo tshehetswa ka matlole ke Lefapha la Saense le Thekenoloji (DST). Diphuputso tsa hae di tsepamisitse maikutlo hodima kgatello e hodimo ya madi le ho hola ha yona hara ditjhaba tsa Aforika.

Moporofesara David Mark Richardson o hapile kgau ya kontinente ya US$100 000 bakeng sa mokgahlelo wa Saense ya Lefatshe le Bophelo. Ke Moporofesara ya Ikgethileng wa Ikholoji Yunivesithing ya Stellenbosch, le Motsamaisi wa Setsi sa Motheo wa Diphuputso wa Boqhetseke wa Naha Bakeng sa Dithuto tsa Bophelo ba Dimela tsa Mekenella sa DST. Diphuputso tsa hae di sebetsana le kutlwisiso ya dintlha tse amanang le mefuta ya difate tsa mekenella tsa melata.

  • Sehlopha sa bolo sa Aforika Borwa sa ba ka tlasa dilemo tse 20, Amajita, bakeng sa ho phunyeletsa mabapi le Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa selemo sa 2019 wa ba ka tlasa dilemo tse 20, o tla tshwarelwa Poland ka Motsheanong 2019. Amajita a beheleditse sebaka sa ona kamora ho phunyeletsa  ho ya ho seka-makgaolakgang sa Mohope wa Ditjhaba tsa Aforika tsa Khonfedereishene ya Bolo ya Aforika ya ba ka tlasa dilemo tse 20 e ntseng e tswela pele ho la Niger.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building