Skip to main content
x

 

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka la 27 Hlakola 2019, Tuynhuys Motse Kapa

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Puo ya Ditekanyetso ya selemo sa 2019

1.1 Kabinete e ananela Puo ya Ditekanyetso ya selemo sa 2019 e tshetlehilweng ke Letona la Ditjhelete Tito Mboweni Palamenteng, Motse Kapa ka Laboraro, la 20 Hlakola 2019, e le moralo o behileng Aforika Borwa Motjheng moo re tla kgona ho ntjhafatsa le ho aha botjha moruo wa rona hore e be o kenyeletsang le ho atleha.

1.2 Puo ya Ditekanyetso e kenya tshebetsong maitlamo a tekilweng ke Moporesidente Cyril Ramaphosa Puong ya hae ya Maemo a Naha Palamenteng, Motse Kapa ka la 7 Hlakola 2019.

1.3 Kabinete e tshehetsa maikitlaetso a fapafapaneng, a kenyeletsang ho fokotsa bili ya mekgolo ya lekala la mmuso, bakeng sa ho fehla dipolokelo tse eketsehileng ho matlafatsa ditjhelete tsa mmuso. Ho beha maemo a tiileng a tshehetso ya ditjhelete ho Eskom ho thusa setheo sena ho boptjwa botjha hore e be mokgatlo o tla itseka le ho ananelwa.

1.4 Bohle re na le karolo eo re lokelang ho e bapala mabapi le ho hodisa moruo le ho bopa mesebetsi bakeng sa batho ba bo rona. Ho hlola diphephetso tse matla tse bakuweng ke mmuso wa kgethollo ho bolela ho sebetsa mmoho le mmuso bakeng sa ho kenya tshebetsong mananeo a ona, ho hodisa moruo le ho hohela matsete a mangata a ka ntle.

2. Eskom

2.1 Kabinete e fumane tlaleho e tswang ho Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza ka mosebetsi wa Komiti e Ikgethang ya Kabinete e kopanetsweng mabapi le Eskom e thehilweng ho arabela mabapi le ditshitiso tsa phepelo ya motlakase tsa moraorao le kgahlamelo e mpe ya tsona moruong. Mekutu ya mmuso e kopanetsweng ho tlisa bokgoni ba ditjhelete, ba tshebetso le ba sebopeho ka hara Eskom e tswela pele hantle.

2.2 Komiti e Ikgethang ya Kabinete e thehilwe ke Motlatsi wa Moporesidente mme e kenyeletsa Letona la Dikgwebo tsa Mmuso, la Energy, la Dipalangwang, la Ditjhelete, la Sepolesa le la Tshireletso ya Puso. E lebeletswe ho beha leihlo phepelo ya motlakase ya letsatsi ka leng.

2.3 Ho ipapisitswe le boitlamo ba Moporesidente Ramaphosa ba hore karabelo ya mmuso tabeng ya koduwa ya motlakase e lokela ho kenyeletsa le ho shebisanwa, Letona la Dikgwebo tsa Mmuso le Modulasetulo wa boto ya Eskom ba bile le kopano ya bona ya pele ya dipuisano le ketapele ya mekgatlo ya basebetsi e meraro e ananelwang ke Eskom, indaseteri ya merafo ya mashala le mekgatlo ya boenjinere.

2.4 Kopano le mekgatlo ya basebetsi e tlalehile ka mathata a tsamaiso ya ditshebetso le phehlo a Eskom, tokiso le ho kgaoha ho sa rerwang. Kopano e ne e rerile ho teka motheo wa dipuisano tsa nako e tlang. Ho boptjwa botjha ha Eskom le hona ho ile ha tshohlwa, mme mekga kaofela e ile ya dumellana ka hore ho tla ba le ditherisano tse ding hore ho tle ho utlwisisehe hantle ka meralo ya ho ya pele le dikateng tsa ho arola Eskom ka ditheo tsa kgwebo tse tharo tse arohaneng tsa tshebetso.

2.5 Kopano ya indaseteri ya merafo ya mashala e ne e bitsitswe tlasa sekgele sa Lekgotla la Diminerale la Aforika Borwa (MINCOSA), mme kopano ena e ile ya hlahisa mathata a amanang le phepelo ya mashala, ditjeho le theko, le boleng ba mashala a fuwang Eskom.

2.6 Dipuisano tse ding di ile tsa tshwarwa le mokgatlo wa boenjinere, tlasa sekgele sa Lekgotla la Boenjinere la Aforika Borwa (ECSA). Mafapha oohle a ditsebi tsa boenjinere a ne a emetswe ke mekgatlo ya yona ya baithaopi ka ho latelana, ho kenyeletswa le Mokgatlo wa Naha wa Baenjinere ba Batho Batsho.

2.7 ECSA e fane ka manollo ya yona ya mathata a tobileng Eskom le ho fana ka dikgothaletso tsa kamoo ho ka kenyeletswang mokgatlo o pharalletseng wa dirutehi le ditsebi tsa porofeshenale tsa tekginiki maitshunyakong a potlakileng a batlehang bakeng sa ho tlisa botsitso ba phepelo ya motlakase.

2.8 MINCOSA le ECSA ba tla thusa mmuso ho theha Moifo wa Tjhebobotjha wa Ditshebetso tsa Setekginiki le Tokiso bakeng sa Eskom o tla tsebiswa haufinyana.

3. Eneji e hlwekileng

3.1 Kabinete e tshehetsa tsebiso ya Letona la Eneji Jeff Radebe, e tiisetsang mohopolo wa motheo o mabapi le eneji e hlwekileng bakeng sa ho namola ho sekgahla se sebe sa mehlodi ya mafura a tlhaho e kang oli le mashala.

3.2. Eneji ke sethusi se ka sehloohong morerong wa Aforika Borwa o lebisitseng kgolong le ntshetsopeleng ya moruo wa kahisano. Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) o re Aforika Borwa e hloka bonyane dimekawate tse 20 000 tsa eneji e hlwekileng ka selemo sa 2030. Lenaneo la Theko ya Eneji e Hlwekileng la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Motlakase le entse tshusumetso ya bohlokwa hodima moruo, tlhahiso ya mesebetsi, matlafatso ya badudi, phethoho moruong le ho fetofetoheng ha tlelaemete.

3.3. Leha Aforika Borwa e tswela pele ho etsa nyehelo ya bohlokwa boitekong ba lefatshe ka dintshetsopele tsa khabone e tlase le boitseko ho tsa tlelaemete, mmuso o dula o itlametse ho netefatsa ho fetohela ho bokamoso bo hlwekileng.

3.4. Sehlopha sa Banka ya Lefatshe haufinyana se ne se tshwere Khonferense ya Ditsamaiso tsa Aforika Borwa tsa Eneji e Hlwekileng le Pokello ya Eneji Motse Kapa ho tloha ka la 25 ho isa ka la 26 Hlakola 2019 tlasa mookotaba: “Dibeteri, Pokello ya Eneji le Bokamoso bo Hlwekileng – Re leba ho 100% ya Ditsamaiso tsa Eneji e Hlwekileng ho ya Bathong”. Baemedi ba diindaseteri, ba ditjhelete, ba ditheo, balaodi, mmuso le dirutehi ba tshohlile dintshetsopele ho lekala la eneji e hlwekileng ho kenyeleditswe dintlha tsa maano, bolaodi, ditjhelete, dikgwebo, tsa thekenoloji, ditshebetso, ntjhafatso, dikhoutu le maemo tse batlehang bakeng sa ho namalatsa eneji e hlwekileng.

3.5. Dithekenoloji tsa eneji e hlwekileng le pokello ya eneji di re thusa ho fetolela matla a motlakase sebopehong sa eneji le ho e boloka bakeng sa tshebediso hamorao ha e batleha. Mekgwa ya ho boloka eneji e fokotsa tlhokeho ya bokgoni ba tshehetso ha ho ka ba le mathata a mashala kapa kgase dipolanteng bakeng sa ho fehla motlakase, mme ka seo ha fokotswa mesi e kotsi e tswang makaleng a matla a motlakase ho bebofatsa sekgahla sa ho fetofetoha ha tlelaemete.

4. Lenaneo la Mabatowa a Ikgethang a Moruo (di-SEZ)

4.1 Kabinete e ananela tshepo ya batsetedi ba lehae le ba matjhaba e bontshitsweng ka matsete ho Lebatowa la Ntshetsopele ya Diindaseteri la Saldanha Bay (SBIDZ), e holang ho ba setsi sa maemo a lefatshe sa mabopong le lewatleng. Sena ke karolo ya Lenaneo la Lefapha la Kgwebisano le Diindaseteri (dti) la di-SEZ.

4.2 Ho thehwa ha di-SEZ ho phatlalla le naha ho fedisa taba ya hore mesebetsi ya moruo e bokane dibakeng tse itseng feela ka lebaka la moralo wa taolo ya dibaka ke mmuso wa kgethollo.

4.4 Esale di thehwa, di-SEZ di nyehetse mabapi le ho hohela matsete a otlolohileng a matjhaba a kang a saenweng haufinyana tjena a R3-bilione ho SBIDZ.

4.5 Motjha wa matsete a SBIDZ o kenyeletsa bonyane matsete a mang a mahlano a tla eketsa hape ka R2.4 bilione ya matsete bakeng sa tjhebahalo ya nako e kgutshwane le e bohareng ya lebatowa, hang ha le phethetswe.

5. Phepelo ya Metsi

5.1 Kabinete e ananela meralo ya motheo ya maemo ya Porojeke ya Metsi a Mzimvubu motsaneng wa Esiqhungqwini, Tsolo, e fumanehang Masepaleng wa Lehae wa Mhlontlo ho la Kapa Botjhabela, jwaloka mohlala wa kamoo mmuso o tswelang pele ho kgotsofatsa ditlhoko tsa badudi ho sa natswe taba ya hore Aforika Borwa ke naha e nang le bothata ba metsi.

5.2 Ho ba teng ha diporojeke tse jwalo tsa metsi ho bopa menyetla ya mesebetsi le ho netefatsa phepelo ya metsi a bolokehileng bakeng sa tshebediso ya malapeng le ya diindasetering.

5.3 Esale ho tloha ka ho thehwa ha demokerasi ho se ho entswe mosebetsi o mongata ho netefatsa hore badudi ba fumantshwa ditshebeletso tsa motheo tse kang tsa metsi a hlwekileng. Ho ka etsang 90% ya malapa hajwale a fumantshwa metsi a pompo.

6. Polokeho Dikolong

6.1 Kabinete e tshwela ka mathe diketsahalo tsa bonkwapo, ditlatlapo le dikgoka ka hara tse ding tsa dikolo tsa naha. Bana ba rona ba hloka ditikoloho tse bolokehileng tsa ho ithuta mme re ipiletsa ho baithuti, matitjhere, batswadi le bahlokomedi ho sebetsa mmoho bakeng sa ho sireletsa bana ba rona bophelong, mmeleng le maikutlong.

6.2 Kabinete hape e thoholetsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) ka ho tshwara ka potlako babelaellwa ba amehang ketsahalong ya maiteko a ho hapa makoloi ka dikgoka sekolong sa Edenvale ho la Gauteng.

6.3 Kabinete e etsa boipiletso bo ikgethang ho makgotla a taolo ya dikolo (di-SGB) ho hlahloba meralo ya motheo ya hajwale dikolong tsa bona ho netefatsa hore meaho ya dikolo e bolokehile, le ho lokiswa kgafetsa le hore e loketse ho ithutela teng.

7. Mesebetsi e sa amoheleheng ya baetapele ba bang ba dikereke

7.1 Kabinete e tshwenyehile haholo ke ditlaleho tsa moraorao tsa boraditaba ka mesebetsi e meng e sa amoheleheng ya baetapele ba bang ba dikereke. Taba ya haufinyana tjena ya ho tsoswa bafung ha motho eo ho neng ho thwe o shwele ke e nngwe ya mesebetsi ena. Bongata ba diketsahalo tse kang tsena di etsahetse nakong e fetileng, ho tloha ha barapedi ba ne ba nyanyatswa ka tjhefu ya dikokonyana ho ya moo ba neng ba kgothaletswa ho nwa peterole, ho ja ditweba le jwang, hara tse ding.

7.2 Batho ba ya dikerekeng ho ya phahamiswa moyeng le ho matlafatswa kelellong, haholoholo ha ba nyahame le ho ba mathateng. Kabinete e ipiletsa ho batho bohle ho sebetsa mmoho ho fedisa diketsahalo tsena tse thefulang batho ha ba na le mathata le ho beha maphelo a bona kotsing. Makala a qobello ya molao a lokela ho kenella moo diketso tsa botlokotsebe di entsweng tlasa tumelo ya bosawana. Kabinete hape e lemohile hore Khomishene ya Kgothaletso le Tshireletso ya Ditokelo tsa Setso, Ditumelo le Dipuo (CRL) e batlisisa diketsahalo tsena, tse tla fana ka boitshunyako bo pharalletseng bo tla di fedisa.

8. Dikgetho tsa selemo sa 2019 tsa naha le tsa diporofense

8.1 Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela a nang le tokelo, haholoholo batjha ba tla beng ba qala ho vouta ba ingodisitseng ka bongata, ho sebedisa tokelo ya bona ya ho vouta Dikgethong tse tlang tsa Naha le tsa Diporofense ka Laboraro, la 8 Motsheanong 2019, mme ba be le lentswe bokamosong ba naha.

8.2 Moporesidente Ramaphosa o phatlaladitse le ho kenya koranteng ya mmuso hore la 8 Motsheanong 2019 ke letsatsi la dikgetho tsa naha le tsa diporofense. Sena se bolela hore lenane la bakgethi jwale le kwetswe semmuso mme batho ha ba sa tla kgona ho ingodisetsa dikgetho tsa Motsheanong selemong sena. Moporesidente hape ho ya ka Karolo ya 2A ya Molao wa Matsatsi a Setjhaba a Phomolo, 1994 (Molao wa bo-36 wa 1994), jwaloka ha o hlomathisitswe, o tsebahaditse la 8 Motsheanong 2019 e le letsatsi la phomolo ho phatlalla le naha.

8.3 Ka hara Aforika Borwa, tokelo ya ho vouta e tlile ka lebaka la dilemo tse ngata tsa ntwa ya rona ya tokoloho. E tlile ka theko e thata moo banna le basadi ba naha ya bo rona ba ileng ba tela maphelo a bona.

9. Caster Semenya

9.1 Kabinete e ipapisa le bohle ka hara Aforika Borwa ba emeng ka ntswe leng ho tshehetsa kgalala ya rona Caster Semenya. Nyewe ya hae, e mametsweng ka pela Lekgotla la Bonamodi la Dipapadi, ke taba e ka nqane ho dipapadi. Ke taba ya ditokelo tsa motheo tsa botho le ho hlomphuwa ha seriti sa batho ka ho lekana.

9.2 Re ipiletsa ho setjhaba ho bontsha tshehetso ya sona ho #HandsOffCaster. Ha re bontsheng lefatshe hore re setjhaba se kgathallang dintle tse hlokang leeme, tekatekano le seriti sa botho.

10. Indaseteri ya boqapi

10.1 Kabinete e thabile ka diphetho tse ntle tsa dipuisano le Indaseteri ya Boqapi tse neng di eteletswe pele ke Letona la Dikgokahanyo Stella Ndabeni-Abrahams, tse neng di tshwerwe tlasa Mookotaba: “Re itshetleha ka Mapatlelo a Dijithale bakeng sa diphethoho tsa thekenoloji (4IR) tsa Boqapi”. Sepheo e ne e le ho buisana le indaseteri ena bakeng sa ho lekola tshusumetso ya 4IR lekaleng la boqapi, le ka hara kgaso le ka hara lekala la diutluwang-dibonwang, le ho ntshetsapele mapatlelo a semmuso a bankakarolo a lebisitsweng diphethohong tsa yona.

10.2 Bankakarolo ba dumellane ka hore mmuso o lokela ho buisana le bankakarolo le Palamente mabapi le Sehlomathiso sa Bili ya Ditokelo tsa Kgatiso, ntshetsopele ya Tjhata ya Diphetho tsa Mapatlelo a Ditaba, ho buisana le dikgaso ka boiteko ba ho thibela ho jewa tsuo ha bahlahisi ba banyane le ba ikemetseng, le ho netefatsa hore beng ba dikateng ba kgola molemo ho tswa ho dikateng tsa bona tse sebediswang mapatlelong a inthanete.

11. Diakhaonte tse Fosahetseng tsa dikgokahanyo tsa inthanete

11.1 Kabinete e tshwenyehile haholo ke diakhaonte tse fosahetseng tsa LinkedIn le Facebook tseo ho thweng ke tsa Matona le Batlatsi.

11.2 Re batla ho lemosa setjhaba hore se seke sa lahlehiswa le ho hohelwa ke diakhaonte tsena tse fosahetseng, tseo tse ding di tshepisang menyetla e fosahetseng ya kgwebo, le tse kopang batho hore ba lefe tjhelete hore e be karolo ya menyetla ena ya kgwebo. Ha ho setho sa Phethahatso se tla batla tefo bakeng sa tumellano leha e le efe ya semmuso ka marangrang a dikgokahano tsa inthanete. Haeba o na le dipelaelo, o koptjwa ho ikopanya le dikantoro tse fapafapaneng tsa matona kapa mafapha a bona ho www.gov.za.

11.3 Setjhaba se kgothaletswa ho ba sedi mme ba kileng ya ba diphofu tsa batho bana ba iketsang matona ba lokela ho bula dinyewe hanghang sepoleseng.

11.4 Kabinete e tshwela ka mathe diketso tse etswang ka lebitso la ditho tsa Phethahatso kapa setho leha e le sefe sa setjhaba ka diakhaonte tse fosahetseng tsa dikgokahano tsa inthanete.

11.5 Ha re ikamahanye le ditshwaelo, mehopolo le ditshwantsho tse hlahiswang ke diakhaonte tsena tse fosahetseng.

12. Venezuela

12.1 Kabinete e ngongorehile ka maemo a Venezuela, haholoholo diphephetso tsa botho tse batlang mehato e potlakileng. Re thoholetsa mekutu ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ya ho fana ka tshehetso ho tsa botho mabapi le ho tshehetsa batho ba moo le ho ipiletsa ho badudi ba matjhaba ho tshehetsa batho ba Venezuela nakong ena e boima.

12.1 Kabinete e boela e tshehetsa kgoeletso ya batho ba Venezuela hore ba fuwe monyetla wa ho etsa qeto ka bokamoso ba bona. Ho ya ka seo re se boneng Aforika Borwa, re kgolwa hore tharollo ya moshwelella e ka fihlellwa feela ka dipuisano tsa ka lapeng le tse kenyeletsang tsa sepolotiki tse amang mahlakore oohle a amehang naheng eo.

B. Diqeto tsa Kabinete

13.Moralo wa Naha wa Tshebetso (NAP) wa Twantsho ya Semorabe, Kgethollo ka Morabe, Lehloyo la Melata le ho se Mamellane

13.1 Ho tloha ka selemo sa 1994, ditsamaiso tse latelanang esale di sebeletsa ho kopanya batho ba bo rona, ho kgothaletsa bonngwe ba setjhaba le ho netefatsa momahano ya setjhaba e matla. Ho phekola dikarohano tsa nako e fetileng ke motjha o tswellang o lokelang ho kgema mmoho le ho netefatsa menyetla e matla ya moruo bakeng sa batho ba bangata. Ke kahoo Kabinete e tjhaelletseng monwana NAP bakeng sa Twantsho ya Semorabe, Kgethollo ka Morabe, Lehloyo la Melata le ho se Mamellane hore e tekwe ho UN.

13.2 Sena se latela ditherisano tse tebileng le mafapha a mmuso, Ditheo tse Tshehetsang Mmuso, mekgatlo ya setjhaba ka kakaretso le bankakarolo ba amehang diporofenseng kaofela.

13.3 NAP e tla nyehela le ho netefatsa boimatahanyo ba mmuso le ditshwanelo tsa ona tsa matjhabeng, tsa lebatowa le tsa naha, haholoholo Khonvenshene ya Matjhaba ya Phediso ya Dibopeho tsohle tsa Kgethollo ka Morabe le Tumellano ya Thekong le Lenaneo la Tshebetso e amohetsweng ke UN ho latela Pitso ya Lefatshe ya Bo-3 kgahlanong le Semorabe (WCAR) e neng e tshwaretswe Thekong, KwaZulu-Natal ka selemo sa 2001.

14. Porothokhole ya Boikgethelo ho Khonvenshene kgahlanong le Tshotlo le Tshwaro kapa Kotlo e Sehloho, e se nang Botho kapa e Tlontlollang

14.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Porothokhole ya Boikgethelo ho Khonvenshene kgahlanong le Tshotlo le Tshwaro kapa Kotlo e Sehloho, e se nang Botho kapa e Tlontlollang Palamenteng bakeng sa kamohelo ho ya ka Karolo ya 231(2) ya Molaotheo wa Riphabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996.

14.2. Kamohelo e kgothaletsa tshebetso ya molaotheo, ditokelo tsa botho mme e tsamaya ho ya ka ditshwanelo tsa Aforika Borwa tsa Matjhaba. Molaotheo o fana ka thibelo ya ho thunthetswa ha ditokelo tsa motho ya kwalletsweng ka kotlo ya mmuso kapa taelo ya lekgotla la dinyewe.

15. Meralo ya letoto la dikhoene tsa sehopotso

15.1 Kabinete e tjhaelletse monwana meralo ya letoto la dikhoene tsa sehopotso le tla ntshuwa ka 2019-2021:

a) Letoto la 2019 la dikhoene la ‘Re keteka Aforika Borwa’: Dilemo tse 25 tsa Molaotheo wa Demokerasi;
b) Letoto la 2019-2021 dikhoene tsa gauta ya nnete: Diphoofolo tse Hlano tse Kgolo tsa Aforika Borwa;
c) Letoto la 2019-2021 dikhoene tsa polatinamo: Diphoofolo tse Hlano tse Kgolo tsa Aforika;
d) Letoto la 2020 la dikhoene tsa Natura: Kontinente e Kgolo ya Gondwana;
e) Letoto la 2020 la dikhoene tsa Natura: khoene ya silifera ya R25: Cradle of Humankind – Hominids;
d) Letoto la 2020 la tiki ya 2½c le korone ya R2: Boqapi ba Aforika Borwa – Retinal Cryoprobe;
e) Letoto la 2020 la dikhoene tsa mebala la R10 le R5: Dinonyana le Dipalesa tsa Cape Winelands Biosphere Reserve; le
f) Letoto la 2021 la dikhoene tsa Natura: khoene ya silifera ya R25: Kontinente e Kgolo ya Gondwana.

C. Dibili

16. Sehlomathiso sa Bili ya Bohahlaudi

16.1 Bohahlaudi ke lekala le nang le tshepiso ya menyetla e babatsehang mme le lokelwa ho hodiswa le ho ntshetswapele ho ya pele. NDP e ananela hore bohahlaudi ke le leng la makala a maholo a kgannang moruo.

16.2 Mabapi le ho ya pele ka ho tsitlallela bokgoni ba naha ba bohahlaudi e le ho bopa mesebetsi le lekeno, Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Bohahlaudi bakeng sa tshwaelo ya setjhaba, e leng e hlomathisang Molao wa Bohahlaudi, 2014 (Molao wa bo-3 wa 2014).

16.3 Dihlomathiso tsena di ntlafatsa taolo ya Bohahlaudi ba Aforika Borwa jwaloka setheo se tlasa bolaodi ba boto. Hape e matlafatsa Letona la Bohahlaudi ho tiisetsa meedi e mabapi le e amanang le kgiro ya nako e kgutshwane ya malapa.

16.4 Bili hape e fana ka ditlhokeho tsa boitsebelo ba batataisi ba bahahlaudi le bakeng sa ho laola ho kganna ha batataisi ba bahahlaudi.

17. Bili ya Ditshebeletso tsa Kamohelo ya Dikopo ya 2019

17.1 Jwaloka setjhaba re itelletse ho bula le ho netefatsa phumantsho e batsi ya mokgwa wa thuto le thupello ya kamora materiki. Karolo e hlokolosi ya motjha ona e itshetlehile hodima motjha wa ho netefatsa hore baithuti ba lokelang ho ingodisa ba fumantshwa mokgwa o le mong, o kgonehang le o bobebe o akaretsang dibaka tse ngata tsa thuto e phahameng. Ka lebaka lena, Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Ditshebeletso tsa Kamohelo ya Dikopo ya 2019 Koranteng ya Mmuso, bakeng sa tshwaelo ya setjhaba.

17.2 Bili e teka ho thehwa ha setheo sa setjhaba se tla hlohlomisa dikopo tsa mananeo a thuto le thupello e phahameng, se tla fokotsa ditjeho tsa ho etsa kopo, ho fa baikopedi tlhahisoleseding mabapi le mananeo a dithuto le ho thusa Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng le ditsha tsa thuto e phahameng ho beha leihlo tekatekano le maemo a fapaneng a dihlopha tsa baithuti.

18. Bili ya Ditshebeletso tsa Tlhahisoleseding le tsa Dilaeborari tsa Setjhaba ya Aforika Borwa ya 2019

18.1. Ho latelletswe tlwaelo ya ho ba setjhaba se balang, Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Ditshebeletso tsa Tlhahisoleseding le tsa Dilaeborari tsa Setjhaba ya Aforika Borwa ya 2019 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili ena e reretswe ho sebetsana le dintlha tsa diphethoho mabapi le ho fana ka dilaeborari tsa setjhaba ka hara metse, ka ho qolleha metse eo esa le e tinngwe menyetla.

18.2. Re ananela ntlha ya hore phano ya dilaeborari tsa setjhaba ho ya ka Molaotheo ke mosebetsi wa bomasepala. Bili ena, hara tse ding, e fana ka melawana le maemo a laeborari ya setjhaba e phethahetseng. Hape e kgothaletsa taolo e kopanetsweng le kgokahano ho phatlalla le mekgahlelo e meraro ya mmuso mabapi le ditshebeletso tsa dilaeborari tsa setjhaba le tsa tlhahisoleseding.

18.3. Hang ha Bili e tjhaelletswe monwana, e tla sebetsana le ho se lekalekane ha nako e fetileng mabapi le dilaeborari tsa setjhaba le ho fana ka mehlodi e lekaneng e loketseng batho ba nang le boqhwala, batjha, maqheku le batho bao puo ya bona e seng Senyesemane ba ditoropong le metseng ya mahae. Letona la Bonono le Setso Nathi Mthethwa le tla tshwara kopano ya boraditaba ho manolla Bili ena.

D. Diketsahalo tse tlang

19. Tsebahatso ya ho lwantshana le dikgoka tsa bong (GBV)

19.1 Ntwa kgahlanong le kgoba ya GBV e tla matlafatswa ka Labohlano, la 8 Hlakubele 2019 ha Moporesidente Ramaphosa, mmoho le mekgatlo e fapaneng eo e seng ya mmuso, a saena tsebahatso ya ho lwantsha GBV. Moketjana wa ho saena o tla tshwarelwa East London ho la Kapa Botjhabela mme o tla latelwa ke Seboka sa Boporesidente se Kgahlanong le Dikgoka tsa Bong le Polao ya Basadi se neng se thakgolwa ka Pudungwana selemong se fetileng.

20. Tulo ya bo-63 ya Khomishene ya UN ya Maemo a Basadi

20.1 Letona la Basadi, Mofumahadi Bathabile Dlamini, o tla etella pele kemedi e tla emela naha ho ya teka tlaleho bakeng sa Tulo ya bo-63 ya Khomishene ya UN ya Maemo a Basadi New York, ho la Amerika ka la 13 Hlakubele 2019.

20.2 Khomishene e tla lohotha “mekgwa ya tshireletso ya setjhaba, phumantsho ya ditshebeletso tsa setjhaba le meralo ya motheo ya moshwelella bakeng sa tekatekano ya bong le matlafatso ya basadi le banana” jwaloka mookotaba o ka sehloohong. Tlaleho e tla hlakisa boitlamo ba Aforika Borwa ba ho sebetsana le ho se lekalekane ha bong ka hara naha, le ho tswella ho tsebahatsa manane le diketso tsa ho sebetsana le tsena.

21. Matsete a Merafo

21.1 Kabinete e ananela ho bulwa semmuso ke Mopresidente Ramaphosa ha Morafo wa Vedanta Zinc International’s Gamsberg ho la Kapa Leboya ka Labone, la 28 Hlakola 2019.

22.2 Matsete a fetang R21.8 bilione a hahella hodima maitlamo a entsweng nakong ya Pitso ya Matsete ya pele ya naha e neng e tshwerwe selemong se fetileng, e hoteditseng leqhubu le letjha la ntshetsopele ya diindaseteri le moruo ka hara naha.

22.3 Mokgahlelo wa pele wa morafo ona o tla amohela matsete a R5.5 bilione mme bophelo ba ona bo akanyetswa ho dilemo tse fetang 30. Morafo o tla hira batho ba 3 000 nakong ya kaho le batho ba 700 ba moshwelella.

22. Dipuisano tsa Pele tsa Lekala la Dipalangwang tsa Lewatle

22.1 Ha re ntse re tswella ho batlana le ho utulla bokgoni ba Aforika Borwa e le naha ya mawatle ka ho hlaloswa ke kgwebisano le ho ba sebopehong se loketseng sa ho ba tseleng e kgolo ya kgwebisano ya lewatleng, Letona la Dipalangwang, Ngaka Blade Nzimande, le tla tshwara Dipuisano tsa Pele tsa Lekala la Dipalangwang tsa Lewatle tsa matsatsi a mabedi ho tloha ka la 28 Hlakola ho isa ka la 1 Hlakubele 2019 Thekong, ho la KwaZulu-Natal.

22.2 Dipuisano tsena di tshwaya boitlamo bo entsweng ke Lefapha la Dipalangwang ka selemo sa 2019 ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha Leano le Pharalletseng la Dipalangwang tsa Lewatle (CMTP) le tjhaelletsweng monwana ke Kabinete ka selemo sa 2017.

22.3 Ketsahalo ena e tla shebana le mehato e tshwanelang ho nkuwa ho tebisa diphethoho, ho hohella matsete ho diporojeke tsa meralo ya motheo ya mawatleng tse nkuwang di le hlokolosi mabapi le boemo ba Aforika Borwa jwaloka Setsha sa Matjhaba sa Mawatle. Hape ke boitokisetso ba ho thehwa ha nako e tlang ha Lekgotla la Lekala la Dipalangwang tsa Lewatle jwaloka ka ha ho lakaditswe ke CMTP.

23. Diketso tse Ntle tsa Bohlweki

23.1 Moporesidente Ramaphosa o tla etella pele letsholo la naha la “Diketso tse Ntle tsa Bohlweki” ka la 8 Hlakubele 2019 Buffalo City, ho la Kapa Botjhabela. Boikarabelo ba ho netefatsa tikoloho e hlwekileng le e bolokehileng ke ba maAforika Borwa kaofela.

23.2 Ho boloka metse ya rona e hlwekile ho qala ka rona, mme ho bohlokwa hore malapa le dikgwebo a kenye tshebetsong ditlwaelo tsa moshwella tsa taolo ya matlakala.

23.3 Moporesidente hape o tla thakgola Operation Phakisa: Moruo wa Dikhemikhale le Matlakala, o reretsweng ho tshehetsa moruo wa Aforika Borwa ha ka nqa e nngwe ho fokotswa menyabuketso ya ona ho tsa tikoloho.

24. Kopanelo ya Naha ya ho Bala

24.1 Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla fana ka morolo ho Kopanelo ya Naha ya ho Bala ketsahalong ya la 8 Hlakola 2019 Mdantsane ho la Kapa Botjhabela. Lenaneo lena le rerile ho ntlafatsa ditlwaelo tsa ho bala tsa maAforika Borwa ka ho hlohlelletsa lerato la ho bala.

25. Batshwasi ba Difeme tse Nyane

25.1 Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi (DAFF), le ipapisitse le Molao wa Mehlodi e Phelang ya Mawatle, 1998 (Molao wa bo-18 wa 1998), jwaloka o hlomathisitswe, o tla aba ditokelo tsa botshwasi ho dikgwebo tse nyane ho badudi ba Matigulu, KwaZulu-Natal ka la 14 Hlakola 2019. Sena se latela ho thakgolwa ha sena Port Nolloth ho la Kapa Leboya.

25.2 DAFF hape e hlophisitse thupello e matla bakeng sa ho tswela molemo haholoholo basadi ba metseng ena. Ho thakgolwa ho tshwanang le hona ho tla boela bo tshwarwa Kapa Botjhabela le Kapa Bophirima. Kabinete e ananela tshebediso ya mehala ya thekenoloji e hlahisitsweng ke DAFF e bitswang Abalobi app, e reretsweng ho thusa batshwasi ba banyane ho hokela tjhai ya bona ya botshwasi le mebaraka e kang ya mabenkele a ditlhapi.

E. Melaetsa

26. Dithoholetso

26.1 Kabinete e thoholetsa:

  • Raditshwantsho wa ka tlasa metsi Allen Walker wa Warner Beach bakeng sa ho hapa mokgahlelo wa ho nka dishaka ditshwantsho ho dikgau tsa World ShootOut 2018 tse neng di tshwaretswe Jeremane.
  • Seapehi Kobus van der Merwe wa restjhurente ya Wolfgat Paternoster ho la Kapa Bophirima, e hapileng Kgau ya Restjhurente ya Selemo moketjaneng wa pele wa World Restaurant Awards ho la Paris.
  • Batho ba Nigeria le Senegal – mme hape re boeletsa maikutlo a Khomishene ya Kopano ya Aforika – bakeng sa ho tshwara dikgetho tse atlehileng. Re lebeletse ho tebisa dikamano tsa sepolotiki, moruo le kgwebisano pakeng tsa Aforika Borwa le dinaha tseo ka bobedi.

27. Matshediso

27.1 Kabinete e ipapisa le Moporesidente Ramaphosa ka ho fetisa matshediso mabapi le lefu la sebini sa jazz seo hape e leng moamohedi wa Tlotla ya Naha ya Ikhamanga, Mama Dorothy Masuka, a le dilemo di 83. Mama Masuka o tla hopolwa ka nyehelo ya hae e kgolo lefeng la setso sa Aforika Borwa le sa kontinente.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

 Union Building