Kabinete e kopane ka Laboraro la 6 Phuptjane 2018, Meahong ya Kopano, Pretoria.
A. Dintlha tsa Hajwale
1. Moruo
Kabinete e lemohile phokotseho ya 2,2% ho Dihlahiswa Tsohle tsa Naha (GDP) kotareng ya pele ya 2018. Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (StatsSA) le ntshitse dipalo bekeng ena. Diindasteri tsa temo, dimmaene le tlhahiso di kentse letsoho phokolong ena kotareng ya pele. Kabinete e laetse Sehlopha sa Matona a Moruo hore a kopane ka potlako ho sekaseka mehato ya ho ya pele mabapi le dipalo tsena.
Diphetho tsa GDP di totobatsa tlhokeho ya hore makala ohle a naha a sebetse mmoho ho tshehetsa moruo wa lehae wa Afrika Borwa. Makala a kgwebo le tshebetso a hloka ho tswelapele ho sebetsa le mmuso ho tshehetsa matsholo a jwalo ka Morero wa Dintlha tse Robong ho tsosolosa kgolo ya moruo le ho theha mesebetsi e hlokwang haholoholo. E nngwe ya ditshiya tsa yona tsa mantlha ke Morero wa Tshebetso wa Pholisi ya Diindasteri (IPAP), e tsepameng hodima ho eketsa tlhahiso, theho ya mesebetsi le direkisetswa-ntle. Kabinete e na le tshepo ya hore IPAP e tla thusa ho hodisa lekala la rona la indasteri le moruo.
Hamorao selemong sena, mmuso o tla tshwara Kopano ya Matjhaba ya Tsetelo ho hlahisa Afrika Borwa jwalo ka sebaka sa tsetelo. Sepheo sa ketsahalo ena ke ho sebeletsa ho hlahisa R1,2 trilione ka matsete a matjha dilemong tse hlano tse tlang, e leng se tlang ho ba le kgahlamelo ya bohlokwa ho kgolo ya moruo le theho ya mesebetsi.
2. Matsete
Kabinete e amohela tlhomamiso ya feme ya maemo a lefatshe e etsang dihlahiswa tsa theknoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo ho la East London, Kapa Botjhabela ka la 5 Phuptjane 2018 ya Yekani Manufacturing, e leng khamphani ya batho ba batsho feela. Letsete lena la R1 bilione le tla theha mesebetsi e 1 000 e metjha ya maemo kahodima palo ya basebetsi ba sentse ba le teng ba 450, bao boholo e leng batjha le basadi.
Letsete lena le unne molemo ho tswa ho bobedi Letsholo la Sebaka se Kgethehileng sa Moruo le Morero wa Boraindasteri ba Batho ba Batsho (BIS).BIS e bone ha Lefapha la Kgwebisano le Indasteri (dti) le dumela phano ya tshehetso ya dihlapiso ho boraindasteri ba batho ba batsho ba 103 nakong ya dilemo tse pedi tse fetileng tsa ditjhelete. Dikhamphani tse 48 le tsona di fuwe tshehetso ya phihlello ya mmaraka, mme tse robedi tsa tsona di Kapa Botjhabela.
3. Mokgolo o Tlase wa Naha (NMW)
Kabinete e amohela kamohelo ya Bili ya NMW ke Seboka sa Naha (NA). E leboha baamehi bohle Lekgotleng la Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Tshebetso bakeng sa mosebetsi wa bona ho fihlelleng tumellano ena. Hona ho qala tshebetso e tla kwala sekgeo sa mokgolo, haholo bakeng sa batho ba kgolang tjhelete e nyane. Ke basebetsi ba ka bang 6,4 milione Afrika Borwa ba tla una molemo hang ha Bili e fetotswe molao. Leha ho le jwalo, Kabinete e ananela hore ho ntse ho hlokahala mosebetsi o eketsehileng ho kwala sekgeo sa diphapano tsa mekgolo tse ntseng di le teng naheng ena.
Bili jwale e tla romelwa ho Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP) bakeng sa tumellano pele Mopresidente a e tekenela ho ba molao.
4. Ditshebeletso tsa motheo
Kabinete e thabetse diphetho tsa Sensase e Seng ya Ditjhelete ya Dimasepala ya 2017 e ntshitsweng ke StatsSA. Diphetho di bontsha hore bareki ba bangata ho feta ba fumane ditshebeletso tsa mahala tsa motheo tse jwalo ka motlakase, metsi le tlhwekiso ka 2017 ha ho bapiswa le ka 2016. Mmuso o ntse o ikemiseditse ho fana ka ditshebeletso tsa motheo tsa letsatsi le letsatsi ho baahi ba ona bohle, haholo batho ba kojwana di mahetleng. Projeke ya moraorao e amanang le metsi ke Projeke ya Metsi ya Mhlathuze ya R96 milione ho la Richards Bay, KwaZulu-Natal, e tla fana ka metsi a phallang ho malapa a fetang 6 000.
5. Ditshekatsheko tsa mekgolo tsa Tshebeletso ya Setjhaba
Kabinete e fumane tlaleho ho tswa ho Letona la Tshebeletso ya Mmuso le Taolo (DPSA) mabapi le ditshekatsheko tsa mekgolo tsa Tshebeletso ya Mmuso. Kabinete e leboha boitlamo ba baamehi bohle ya ho fumana tharollo e nang le kgotso e ka bang molemo ho bohle ba nkileng karolo. Kabinete e tiisa boitlamo ba mmuso ba ho sebetsa ka botlalo le basebetsi ho fihlela tharollo e amohelehang ho bohle ba amehang.
6. Ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba
Kabinete e netefaletsa bajalefa bohle ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba hore mmuso o tla tswelapele ho fana ka tshebeletso ena ya bohlokwa, jwalo ka ha e laetswe ke Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. Dithuso tsa setjhaba di tla tswelapele ho lefshwa mme tshebetso ya ho isa karete ya hao ya hajwale ya Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) hore o fumane e ntjha e tla tswelapele ho fihlela qetellong ya Loetse 2018.
Tshebedisanommoho e pakeng tsa SASSA le Kantoro ya Poso ya Afrika Borwa (SAPO) e hlahisa diphetho tse ntle ka ha bajalefa ba bangata ba ntse ba tla ho tla fetola dikarete tsa bona esale ho tloha ka Motsheanong 2018.
Kabinete e kgothaletsa ditjhaba ho se natse melaetsa e mekgutshwane ya morao tjena e laelang bajalefa ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba hore ba ingodise botjha hore ba qobe ho se lefuwe. Melaetsa e tjena e ferekanyang e batla ho tlisa pherekano hara batho ba sotlehileng le ho sitisa mmuso ho netefatsa hore dithuso tsa setjhaba di lefuwa bajalefa ntle le bothata.
7. Leboya Bophirima
Kabinete e amohetse tlaleho ya boraro ya kgatelopele ho tswa ho Sehlopha sa Tshebetso sa Matona a Mafapha a Kopaneng (IMTT) mabapi le Leboya Bophirima. Kabinete e kgotsofetse ka kgatelopele e entsweng ho kenya tshebetsong Karolo ya 100(1) (a) le (b) e ntshitsweng ho mafapaha a porofense ya Leboya Bophirima. Ho boetse ho amohetswe hore IMTT ho tloha jwale e tla tlalehela Kabinete hanngwe ka kgwedi ho dumella dihlopha tse romilweng porofenseng ho tswelapele ka mosebetsi.
Kabinete e tsheheditse ketelo ho la Leboya Bophirima ka la 7 Phuptjane 2018 ho tlalehela Phethahatso ya Leboya Bophirima, Ketsamelao ya Porofense le bahlakisi ba tswang kantle ba ikarabellang bakeng sa porofense.
8. Matsholo a boipelaetso
Kabinete e tshwela ka mathe matsholo a boipelaetso a dibakeng tse fapaneng kahare ho naha, mme e hlonamisitswe ke diketso tsa bosenyi le ditshoso tsa bakudi le moifo wa basebetsi Sepetleleng sa Thuto sa Johannesburg sa Charlotte Maxeke. Baipelaetsi ba sebedisang tokelo ya bona ya ho ipelaetsa ba lokela ho etsa jwalo ntle le ho hatakela ditokelo tsa ba bang, haholo batho ba leng mathateng. Ha ho pelaelo efe kapa efe e fanang ka toka ya ho etsa bosenyi le boitshwaro ba ho tshosetsa batho ba bang bo bonweng bekeng e fetileng.
9. Polokeho le tshireletseho
Kabinete e amohela le ho tshehetsa ‘morero wa keno dipakeng wa botsitso’ ke Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Sepolesa (SAPS), e tla sebetsa mmoho le maAfrika Borwa ho leka ho etsa ditjhaba tsa rona di bolokehe. Ponahalo e phahameng ya diofisiri tsa sepolesa tse apereng yunifomo tse tsamayang ka maoto le ka makoloi – se tsheheditswe ke lekala la moyeng la SAPS, ditshebetso tse tswellang tsa ho thibela le ho batla, dithibelo tsa mebila le dipatlo tse sa kgathaleng bakeng sa dinokwane tse tsejwang – di tla nka mehato e meholo ho netefatsa hore batho ba naha ya rona ba bolokehile ebile ba ikutlwa ba bolokehile.
Ditjhaba di kgothaletswa ho fana ka tlhahisoleseding e mabapi le polokeho ya bona ho seteishene sa lehae sa sepolesa kapa ho letsetsa nomoro ya mahala ya Crime Stop: 08600 10111. Kabinete e ipiletsa ho ditho tsa setjhaba ho sebedisa mohala wa Crime Stop ka boikarabello. Tlhekefetso ya tshebeletso ena e ka ama mohala wa nnete wa tshohanyetso o ka beng o pholositse bophelo ba motho.
10. Kgwedi ya Batjha
Kabinete e kgothaletsa maAfrika Borwa ohle ho bapala karolo ya bona mananeong le diprojekeng tsa matlafatso ya batjha nakong ya Kgwedi ya Batjha ka Phuptjane. Selemo sena ke sa dilemo tse lekgolo tsa Tata Nelson Rolihlahla Mandela le Mama Albertina Nontsikelelo Sisulu mme Kgwedi ya Batjha ya 2018 e kenyelleditswe tlasa mookotaba wa: “Phela nalane: Ho isa ho batjha ba matlafatseng ntlheng tsa botjhaba le moruo”.
Ba kgothaditswe ke bahale ba bona ba mehleng, batjha ba hloka ho matlafatswa hore ba bapale karolo e matla ho feta ho ntshetsepeleng ditjhaba tsa bo bona ka maikemisetso a ho sebetsa mmoho ho ntshetsa Afrika Borwa pele. Mmuso o sebetsa ka thata ho netefatsa hore batjha ba kgona ho fihlella mananeo a mangata a mmuso a tshehetso le thuto a ka ntlafatsang bonkakarolo ba bona moruong.
11. Dihlahlobo tsa mathomo le tsa mahareng a kotara
Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi ho tshehetsa, haholo kamoo ho kgonehang, bana ba ngolang dihlahlobo tsa mathomo le tsa mahareng a kotara tse ngolwang naha ka bophara.
Kabinete e leboha ka mofuthu mosebetsi wa bohlokwa oo matitjhere ba o bapalang ho bopa bokamoso ba baetapele ba rona ba kamoso ha ba ntse ba theha ditikoloho tse kgothatsang hape tse bolokehileng bakeng sa bana ba rona hore ba ithute. Re boetse re kgothaletsa baithuti bohle ho tswelapele ho ithuta le ho leka ho sebetsa hantle kamoo ba kgonang.
Kabinete e boetse e amohela pulo-botjha ya dikolo dibakeng tse fapaneng tsa Leboya Bophirima, ho kenyeletswa Koster le Rustenburg. Sena se tla kamora dibeke tsa boipelaetso le ditshitiso tsa ho ruta le ho ithuta dibakeng tseo. Kabinete e kgothalletsa batswadi, baithuti le matitjhere ho sebetsa mmoho ho leka ho buseletsa nako e lahlehileng le ho itlama ka botlalo ho mananeo a ho ba kgemisa le nako.
12. Komello le mollo
Kabinete e hopotsa maAfrika Borwa hore naha e ntse e le kahara komello. Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse ommeng ho fetisisa tse 30 lefatsheng mme dipula tse tlase ho feta tlwaelo di mpefaditse boemo. Batho bohle ba lokela ho tswelapele ho sebetsa mmoho le mmuso ho boloka metsi ele ho netefatsa hore hona le phepelo e lekaneng bakeng sa bohle.
Ha re kena sehleng sa mariha, Kabinete e lemosa ditjhaba ho ba hlokolosi le ho feta ho thibela mello ya mekhukhu le dihlathe. Mmuso o tswelapele ho sebetsa le ditjhaba ho phahamisa mehato ya polokeho nakong ena eo ka yona batho ba bangata ba sebedisang mefuta e mengata ya dibeso le motjheso hore ba dule ba futhumetse.
13. Saense le Theknoloji
Kabinete e ananela dintshetsopele tsa astroloji mafelong a beke e sa tswa feta moo bora-astronomi tshebetsong mmoho le Patlisiso ya Catalina Sky ho la Arizona, USA, ba utullotseng asteroete e nyane (2018 LA) haufi le tsela ya Kgwedi, mme eo dihora hamorao e ileng ya batla e wela Lefatsheng.
Phatloho e latelang moo e rometseng maqhubu a modumo o tlase (infrasound) a betseha sebakeng a ile a utlwa ke selokodi sa infrasound Afrika Borwa, e neng e rometswe jwalo ka karolo ya Sistimi ya Matjhaba ya Bodisa ya Tumellano e Phethahetseng ya Thibelo ya Diteko tsa Nyutleleya.
Sena se totobatsa bokgoni bo holang ba dipatlisiso tsa morao tjena tsa sebakeng ba ho utulla diasteroete tse tobileng Lefatshe le bokgoni ba Afrika Borwa bo tsejwang lefatsheng lohle.
B. Diqeto tsa Kabinete
14. Kabinete e amohetse nehelano ya tlaleho ya 2016/17 ya tshebetso ya Lenaneo la Tsiane ya Lekgetho la Dipatlisiso le Ntshetsopele (R&D) ho Palamente. Lenaneo lena la ditsiane le dumelletse dikhamphani hore di atolose dipotefoliyo tsa tsona tsa R&D, ho hlahisa thepa ya kelello le ho theha dihlahiswa tse ntjha. Lenaneo la ditsiane, le tsebisitsweng ka Pudungwana 2006, le kengwa tshebetsong ke Lefapha la Saense le Thekenoloji hammoho le Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa le Lefapha la Matlotlo a Setjhaba.
Ho tloha ka Hlakubele 2016 ho isa Hlakola 2017, ke kakaretso ya dikopo tsa ditsiane tsa lekgetho tse 153 tse amohetsweng ho tswa dikhamphaning tse 117, tseo ho tsona tse 58 di neng di etsa dikopo lekgetlo la pele. Dikopo ene e le tsa diprojeke tse 571 tsa R&D tsa boleng bo hakanyetswang ho R3,6 bilione. Kabinete e thabiswa ke kgolo ya palo ya dikhamphani tse tsetelang ho R&D mme e tswelapele ho ipiletsa ho kgwebo ho tsetela haholo ho R&D, e dulang ele tshiya ya bohlokwa ya maiteko a rona a ho hodisa moruo.
15. Kabinete e amohetse ho hatiswa ha patlisiso ya 2016/17 e mabapi le phano ya ditjhelete tsa mmuso bakeng sa Mesebetsi ya Saense le Thekenoloji. Selemo le selemo patlisiso eo e disa tshebetso ya lekala la saense le thekenoloji, le tlatsetso ya lona ho kgolo le ntshetsopele ya Afrika Borwa. Kabinete e lemohile hore phokotseho ya ditjhelete e lebisitse ho kgolo e butle ya tshebediso ya ditjhelete ya R&D mafapheng a fapaneng.
16. Kabinete e amohetse Moralo wa Pholisi ya Netefatso ya Ditshebeletso tsa Kgeloso Afrika Borwa o lekotsweng botjha. Moralo wa pholisi o thehilwe ka 2010 ho latela Molao wa Toka ya Bana, 2008 (Molao wa 75 wa 2008). Tshebetso ya tekolo-botjha e batla ho netefatsa hore bafani ba tshebeletso ya kgeloso le mananeo a kgeloso ka dinako tsohle a latela maemo a mathomo. Dikgaolo tse tshelela di fetotswe ho ntlafatsa boleng le maemo a ditshebeletso tse fuwang bana ba fumanweng ba le kgahlano le molao.
17. Kabinete e amohetse Moralo wa Kopano ya Lebatowa bakeng sa Thibelo ya Pepeso ho Ditjhefu (Biosafety) le ho kengwa ha yona tshebetsong. Phuputso ya ditshebetso tsa sebayoloji (Biotechnology) e lemohuwa jwalo ka mokganni wa bohlokwa wa kgolo ya moruo mme ke sesebediswa se seholo twantshong ya tlala le bofuma, haholo dinaheng tse tswelang pele.
Moralo ona o tla thusa kgwebo ya dinaha tsa Afrika ka botsona le ho ntlafatsa tlhodisano ya lebatowa dimmarakeng tsa lefatshe. E tla ntlafatsa tshebedisanommoho ya Afrika Borwa kahara lebatowa la Afrika.
C. Dibili
18. Kabinete e amohetse Bili ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) ya 2018 e tlo hatiswa ho Gazete ya Mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili e batla ho theha Letsete la NHI ya Afrika Borwa, jwalo ka setsi sa setjhaba, ele ho fana ka phihlello e tswellang ya bohle ya bophelo bo botle e seng theko e hodimo mme ele ya maemo a hodimo. E boetse e hlalosa diketso, matla le mesebetsi ya yona.
Bili e fana ka moralo bakeng sa theko e matla ya ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle ke letsete sebakeng sa basebedisi le ho theha metjha bakeng sa tshebediso e nang le tekano, e sebetsang hape e potlakileng ya disebediswa tsa letsete ho kgotsofatsa ditlhoko tsa bophelo bo botle ba basebedisi. Letona la Bophelo bo Botle bekeng e tlang le tla fana ka tlaleho e felletseng ya boraditaba ho hlalosa Bili ena.
19. Kabinete e amohetse tsebiso ya Bili ya Phetolo ya Melao ya Saense le Thekenoloji ya 2017 ho Palamente. Bili ena e nyalanya dipehelo tse laolang ditshebetso le puso ya ditheo tsa setjhaba tse itlalehang ho Letona la Saense le Thekenoloji. Sena se tla netefatsa boteng ba tshwano ditlhokong tsohle tse hlokang ho kgotsofatswa le ditshebetso tse lokelang ho latelwa.
D. Diketsahalo tse Tlang
20. Kopano ya Sehlopha sa Dinaha tse Supa (G7)
Kabinete e amohela memo ya Afrika Borwa ya ho ba teng Kopanong e tlang ya G7 ho la Canada. Afrika Borwa e nkile karolo kopanong ena dilemong tse supileng tse fetileng mme memo ena ke sesupo sa tshepo e ntjhafetseng ho moruo wa Afrika Borwa.
Mmuso wa rona o tla leka ho sebedisa monyetla oo ho mema boramatsete ho kenya tjhelete moruong wa rona. Matsete aa hlokeha bakeng sa kgolo ya moruo le theho ya mesebetsi ka sekgahla se tla fokotsa maemo a hajwale a tlhokeho ya mesebetsi haholo.
21. Ketsahalo ya Ketekelo ya Dilemo tse 125 tsa Afrika Borwa le India
Jwalo ka karolo ya diketekelo tsa dilemo tse lekgolo tsa Nelson Mandela le Albertina Sisulu, Kabinete e amohela sehopotso ka la 7 Phuptjane 2018 sa ho ntshwa ha Mahatma Gandhi tereneng Seteisheneng sa Pietermaritzburg dilemong tse 125 tse fetileng. Ketsahalo ena e ile ya qholotsa tumelo ya Gandhi ya Satyagraha (ho bua nnete ka matla o sa lwane), e bileng le kgahlamelo e matla ho boetapele ba rona ba dipolotiki mme ya kenya letsoho ho twanelo ya rona ya tokoloho.
22. Ketelo ya Naha ya Riphaboliki ya Demokrasi ya Saharawi Arab
Mopresidente Cyril Ramaphosa o amohetse mphato wa hae wa Riphaboliki ya Demokrasi ya Saharawi Arab, Brahim Ghali, ka la 4 Phuptjane 2018 nakong ya Ketelo ya Naha naheng ena.
Kabinete e hlahisa kemo-nngwe le batho ba Saharawi ntweng ya bona ya boipuso mme e ipiletsa ho metse ya matjhaba ho fana ka tshehetso e hlokehang ho batho ba Saharawi.
E. Melaetsa
23. Matshediso
23.1. Kabinete e ema le Mopresidente Ramaphosa ho romela matshediso a tebileng ho ba malapa le metswalle ya bashemane ba bahlano ba hlokahalletseng mollong o bohale lehaeng la mekhukhu la Masiya ho la Philippi, Motse Kapa.
Mollo o boetse o tlositse baahi ba 30 matlong a bona mekhukhung moo. Mmuso o sebetsa ka thata ho netefatsa hore hona le bodulo, polokeho le boiketlo bakeng sa maAfrika Borwa ohle.
24. Ditebohiso
24.1. Kabinete e lakaletsa mokaubere wa African National Congress (ANC) Baba Andrew Mokete Mlangeni ditakaletso tse mofuthu tsa letsatsi la tswalo la hae le fetileng. Baba Mlangeni o ketekile letsatsi la hae la tswalo la bo 93 ka Laboraro la, 6 Phuptjane 2018. E ne e le e mong wa ba pele ba ho romelwa kantle ho Afrika Borwa bakeng sa thupello ya sesole mme kamora ho tshwarwa ha a kgutla, o ile a fumanwa a le molato mme a ahlolelwa ho hlola bophelo ba hae bohle tjhankaneng ya Sehlekehleke sa Robben.
24.2 Kabinete e lebohisa moakgela bolo e potlakileng Kagiso “KG” Rabada, ya hlahelletseng ka mahetla Dikgaung tsa Kerikete Afrika Borwa tse neng di tshwaretswe Sandton, Gauteng haufinyane. O ile a ananelwa ka dikgau tse tsheletseng, ho kenyeletswa dikgau tsa Rakirekete wa Selemo le Sebapadi sa Dibapadi sa Selemo. Ebile selemo se makatsang bakeng sa Rabada ya ntseng a le motjha, eo hara diphihlello tse ding tsa hae, a nyolohetseng maemong a 1 bakeng sa ho bowla lefatsheng ho kirekete ya dipapadi tsa Teko. Hajwale ke ena monki wa diwikete ya etellang pele bakeng sa 2018 mme o boetse ho maemong a bo 7 ho kirekete ya Matjhaba ya Letsatsi le le Leng.
24.3. Kabinete e amohela ho kgethwa hwa Siya Kolisi jwalo ka mokaptene wa pele wa sehlopha sa di-Springbok bakeng sa serise ya dipapadi tse tharo kgahlano le England. Re na le tshepo ya hore o tla etsa Afrika Borwa ebe motlotlo jwalo ka mokaptene wa rona, mme o tla kgothatsa ba bang ka diketso tsa hae le boetapele ka lebaleng la dipapadi le kantle ho lona.
24.4 Kabinete e amohela peho ya Letona la Ditjhelete Nhlanhla Nene jwalo ka Modulasetulo wa Boto ya Batsamaisi ya Banka e Ntjha ya Ntshetsopele (NDB). NDB ke banka ya ntshetsopele ya dinaha tse ngata e thehilweng ke Brazil, Russia, India, China le Afrika Borwa (BRICS) ka 2014. E laetswe ho tsamaisa disebediswa bakeng sa diprojeke tsa meaho le ntshetsopele e tswellang ho BRICS le meruo e meng e hlahang le dinaha tse holang, ho tlatsetsa maiteko a ditsi tsa dinaha tse ngata le tsa mabatowa a ditjhelete bakeng sa kgolo ya lefatshe le ntshetsopele.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
25. Ho thongwa botjhwa ha Monghadi Ebrahim Mohamed jwalo ka Mokhomishenara wa Khomishene ya Naha ya Bareki.
26. Boto ya Sistimi ya Naha ya Afrika Borwa ya Netefatso:
a. Mofumahatsana Fezile Flip Wetes;
b. Monghadi Lulama Lloyd Mayedwa;
c. Monghadi Tom Tshitangano;
d. Monghadi Samuel Mlangeni;
e. Mofumahatsana Lerato Herriette Mothae;
f. Ngaka Matshwenyego Sarah Mohlala;
g. Mofumahatsana Patricia Lindi Tlou; le
h. Mofumahatsana Anna-Marie Lotter (o thontswe botjha jwalo ka moemedi wa dti).
27. Setsi sa Naha sa Boemo ba Lehodimo sa Afrika Borwa (NMISA):
a. Monghadi Ndwakhulu Samuel Mukhufhi (o thontswe botjha jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso).
28. Ditho tseo eseng tsa phethahatso tsa Boto ya NMISA:
b. Monghadi Molelekoa Petrus Mohlomi;
c. Monghadi Odirile Welcome Dingoko;
d. Mofumahatsana Bavelile Gloria Hlongwa;
e. Mofumahatsana Nobom Gcinashe Mfabana;
f. Mofumahatsana Lindie Lankalebalelo;
g. Mofumahatsana Jabu Vuyiswa Mogadime (o thontswe botjha); le
h. Ngaka Tshengedzeni Demana (moemedi wa dti).
29. Ho thongwa botjha ha Monghadi Rakesh Garach jwalo ka Modulasetulo eo Eseng wa Phethahatso wa Boto ya Botsamaisi ya Letsete la Naha la Matlafatso.
30. Boto ya Afrika Borwa ya Mokgatlo wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethileng:
a. Monghadi Norman Tinyiko Baloyi (Mookamedi eo Eseng wa Phethahatso le Modulasetulo);
b. Mofumahatsana Priscilla Onkgodisitse Mokonyane (Mookamedi eo Eseng wa Phethahatso le Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Mofumahatsana Bajabulile Luthuli (Mookamedi wa Phethahatso); le
d. Monghadi Christiaan Johannes van Dyk (Mookamedi eo Eseng wa Phethahatso).
Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139