Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, 20 Phuptjane 2018, Union Buildings, Pretoria.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Lekgotla la Tshireletso la Dinaha tsa Matjhaba tse Kopaneng (UNSC)

1.1. Kabinete e fetisetsa kananelo ho ditho tsa Dinaha tsa Matjhaba tse Kopaneng (UN) tse ileng tsa tshehetsa Afrika Borwa ka mokgwa o hlollang hore e sebetse e le setho se eseng sa moshwelellaho UNSC themeng ya 2019 ho fihlela 2020.

1.2. Kgetho ena e tla ka mora tharollo ntle le kganyetso ya ho bitsa kopano ya Seboka sa Matjhaba sa Kgotso tlotleng ya Mopresidente wa mehleng Nelson Rolihlahla Mandela ka Loetse 2018, seo e leng selemo sa mongwahakgolo sa ntate wa mothei wa Afrika Borwa. Botho ba rona ho UNSC bo ikemiseditse ho tlotla lefa la Madiba.

1.3. Afrika Borwa e tla sebedisa botho ba yona ho qhobela pele dintho tse leng bohlokwa tsa Ajenda 2063 ya Mokgatlo wa dinaha tsa Afrika, eo e leng moralo wa lewa la phetoho ya kontinente dilemong tse 50 tse tlang.

2. Therisano ka mekgolo ya Eskom 

2.1. Kabinete e amohetse bonamodi bo entsweng ke Letona la Dikgwebo tsa Setjhaba Pravin Gordhan ka ditherisano tsa meputso qhabang e dipakeng tsa botsamaisi ba Eskom le mekgatlo ya basebetsi.Phano ya motlakasi ke e nngwe ya dintho tse bohlokwa ho hodiseng moruo wa rona le ho theha mesebetsi e meng e mengata.

2.2. Kabinete e ipiletsa ho mekga yohle hore e sebetse ka potlako ho rarolla ditherisano tsa keketso ya meputso molemong wa botsitso le paballeho ya moru wa naha.

3. Boipelaetso mmileng e meholo

3.1. Kabinete e seholla ho kwalwa ha mmila e meholo e mmalwa ha mmamorao tjena ke baipelaetsi dikarolong tse itseng tsa naha. Mmila e meholo ke karolo e bohlokwa haholo ya meralo ya metheo ya dipalangwang e tshehetsang tsamaiso ya thepa le ditshebeletso tsa makala a mefutafuta a moruo. Molaotheo wa demokrasi ya rona o nehelana ka dipolatefomo moo batho ba ka hlahisang dintlha tsa bona ntle le ho baka ditshitiso di fe kapa di fe. 

3.2. Diketso tsa tlolo ya molao tsa leqhoko le ditshitiso ha di tlo mamellwa mme Kabinete e ipeletsa ho bahlanka ba ikamahantshang le tsa molao ho nka mehato e tshwanetseng, ho ya ka meedi ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa ya 1996, ho netefatsa hore batlodi ba molao ba fumantshwa kotlo.

B. Diqeto tsa Kabinete

4. Beke ya Tsebiso ya Lenaneo la Tshebetso

4.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ditlaleho tsa kgatelopele ya tshebetso ya nako ya ho tloha ka la 1 Mphalane 2017 ho fihlela ka la 30 Hlakubela 2018tse etsahalang ha bedi selemong. Kabinete e ananetse kgatelopele e entsweng boholong ba diphethwaneng tse bohlokwa mme e ile ya dumella bonamodi bo sisintsweng ho tse ding tsa dikarolo tse bontshitseng kgatelopele e nyenyana. Dihlopha tsohle di tla tshwara seboka sa ditaba ho manolla kgatelopele le dikarolo tse hlokang bonamodi. 

4.2. GCIS e tla hokahanya sehlopha sa diboka tsa ditaba le ho phahlalatsa lenanetsamaiso ho www.gov.za ha nako e ntse e tsamaya.

5. Tsebiso ka ditherisano tsa merafong

5.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ke Letona la Mehlodi ya Dirashwa Gwede Mantashe kopanong ya matsatsi a mabedi e neng e tshwerwe ka Hlakubele 2018 le balekane ba emetsweng ke mekgatlo ya bahwebi le mekgatlo ya basebetsi Balakane bohle ba dumelane ka tlhokeho ya ho matlafatsa dipuisano tsa setjhaba lekaleng la merafo le ho hlwaha bonamodi bo bohlokwa bo hlokehang ho netefatsa hore lekala la merafo le behwe tseleng e kenyeletsang le e baballang kgolo. 

5.2. Balekane bana ba ile ba boela ba tswella ho bontshahatsa phokotseho kotareng e fetileng ttlhahisong ya merafo ha mmoho le ditlwaelo tse kenyeletsang tse amanang le botsetedi merafong, tlhahiso le mesebetsi. Ba ile ba dumelana ka tlhokeho ya ho ba le pono e tshwanang lekaleng la merafo, le ho dumella hape ditheoholetso le ho tshehetsana dipakeng tsa phetoho le tlhodisano.

5.3. Kabinete ile  ya boela e tsebiswa ka dihlopha tse pedi tsa baamehiba mmalwa tse thehetsweng ho phethela Tjhata ya Merafong. Ha ho se ho phethetswe theriso ya tsamaiso ya tshebetso, tjhata e tla hlahiswa ka pela Kabinete ho kengwa molaong la ho qetela. 

6. Moralo wa Nakwana wa Ditekanyeto tsa Naha (Pampari ya Thomo)

6.1. Kabinete e dumeletse ho ntshwa ha Moralo wa Bohlokwa wa Ditekanyetso mabapi le Ditekanyetso tsa 2019 le dinako tsa ho phethela Moralo wa Bohlokwa wa Ditekanyetso mabapi le Ditekanyetso tsa 2020.

6.2. Moralo o sisinya hore mananeo a Ditekanyetso tsa 2019 a tla dumella mmuso ho sebetsana le diphephetso tse tharo tsa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le tlhokeho ya tekatekano disebedisweng tse teng.

7. Matla 

7.1. Kabinete e dumeletse boikarabelo ba Kgulo le Tlhekiso ya disebediswa bo kenyeleditsweng Moralong wa nako e fetileng wa Mafelo a sa Tlholeng a Sebediswa a Nutleleya (Boemo ba 1) le mafelong a sebediswang ha jwale (Boemo ba 2) setsheng sa Phelindaba. Boikarabelo bona bo hlahiswa dibukeng tsa Khoporeshine ya Matla a Nutleleya ya Afrika Borwa. Kabinete e dumetse hore tsamaiso ya tshebetso e tlameha ho iswa pele ho ya ka ditherisano le Lefapha la Matlotlo a Naha.

C. Diketsahalo tse tlang 

8. Dipuisano tsa Foramu ya Moruo wa Lefatshe (WEF)


8.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla tshwara Dipuisanotsa WEF Hoteleng ya Park Hyatt Rosebank ka la 28 Phuptjane 2018 ka tlasa mokotaba: “ Ho bopa Ntjhafatso ya Moruo wa Afrika Borwa - karolo ya Kgwebo.”Ketsahalo ena e tla tlisa baselehae le baditjhaba ba ka bang 100 mmoho mme le basebetsi ba Mmuso wa Afrika Borwa ba tla buisana ka menyetla ya botsetedi le bolekane. 

8.2. Ho kopana le setjhaba sa kgwebo sa WEF ke selelekela sa Seboka sa Botsetedi sa mmuso se reretsweng ha mmamorao selemong sena, seo se ikemiseditseng ho bokeletsa botsetedi bo ka fihlang ho US$100 bilione dilemong tse hlano.

9. Seboka sa Mokgatlo wa Taolo ya Thepa ya dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SACU)

9.1. Mopresidente Ramaphosa o tla etelapele barumuwa ba tla yang Sebokeng sa SACU se tla tshwarwa ka la 29 Phuptjane 2018 Botswana. Mopresidente o tla sebedisa kopano ena ho kopana le Mongodi wa Dinaha tse Tswelang pele tsa Aforika e ka Borwa (SADC) ho buisana ka ho phethahatsa mananeo a lebatowa.

9.2. Jwalo ka Modulasetulo wa SADC, Afrika Borwa e ntse e tswella ho tshehetsa nyalano ya mabatowa a batsika SACU le SADC, le ho hlola ntshetsopeleng le nyalahanyo ya diindasteri mabatoweng ka ditsela tse nang le bokgoni tse mmalwa.

10. Seboka sa Institjhute ya Metsi ya Afrika Borwa (WISA)

10.1. Seboka le Pontshahatso tsa selemo le selemo tsa WISA 2018 di tla tshwarwa ka la 24 ho fihlela ka la 27 Phuptjane 2018 Motse Kapa. Lebatowa la dinaha tse Borwa ba Aforika le tobane le tlhokeho ya botsitso le hoba kotsing ha bobebe ho tse amanang le phano ya metsi, le dikarolo tse ding tse ngata tsa Aforika Borwa di bile le maemo a komello ka nako e telele.

10.2. Seboka se lebeletswe hore se tla hohela barumuwa ba 2 000 ba tla buisanang ka mekgwa e tla netefatsa katleho ya Sepheo sa Phethahatso ya Ntshetsopele sa UN sa nomoro ya botshelela, se shebaneng le ho neerehelana ka metsi a hlwekileng le tsamaiso ya dikgwerekgwere ho bohle ka 2030.

D. Melaetsa

11. Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho tswa botebong ba pelo ho:

11.1. Lelapa le metswalle ya Mohlomphehi Sibusiso Radebe, Setho sa African National Congress Palamenteng ho tswa Mpumalanga, a ileng a bolawa nakong ya maiteko a ho kwetelwa ha sepalangwang sa hae Gauteng. Mohlomphehi Radebe o tla hopolwa e le moitseki wa batjha ya sebeditseng ka thata ho ntlafatsa maphelo a maAfrika Borwa. 

11.2. Lelapa le metswalle ya Mme Joyce Mashamba, eo ka nako ya lefu la hae e neng e le Setho sa Lekgotla la Phethahatso (MEC) ya Temothuo Limpopo. Molwanedi enwa wa tokoloho wa mehleng o sebeditse e le MEC dipotefoliong tsa provense tse fapaneng ho tloha mafubeng a demokrasi. 

11.3. Lelapa le metswalle ya Monghadi Billy Modise, eo e neng e le Hlooho ya Lekala la Taolo ya Boitshwaro Mmusong le ho abelwa Kgao ya Naha ya Luthuli. O tsebahala haholo ka mosebetsi wa hae wa ho aha mokgatlo o kgahlano le mmuso wa kgethollo ka mmala dinaheng tsa Yuropa ka bo1960. 

11.4. Malapa le metswalle ya basebetsi ba bararo ba merafo ba hlokahetseng Morafong wa Sibanye-Stillwater’s Kloof Ikamva pela Westonaria, Gauteng mme e ipiletsa ho baamehi lekaleng ho tswella ho potlakisa tshireletseho merafong ya rona.

11.5. Setjhaba sa Amampondo ka ho hlokahala ha Mme Motswadi wa Morena wa ha jwale wa Amampondo aseNyandeni, Mofumahadi Fikelephi ‘Bongolethu’ Ndamase.

11.6. Lelapa le metswalle ya Monghadi Ismail Bassa le Monghadi Sayaad Hitig, ba ileng ba bolawa nakong ya tlhaselo ntlong ya thapelo ya Mamoseleme Malmesbury, Kapa Bophirima.

12. Ditebohiso

Kabinete e fetisetsa molaetsa wa diteboho ho ba latelang: 

12.1. Ngaka Robert Gess, mofuputsi ya ka sehlohoong wa moAfrika Borwa dithutong tsa diphedi tsa mawatleng tsa Devonian le diphoofolo tse nang le lesapo la mokokotlo tsa mehleng kapa ditlhapi tsa sekgalekgale le diphoofolo tse maoto a mane tsa mehleng. O sibollotse se ho dumelwang e le fosele e dilemo tse dimilione tse 360. Maloko a mabedi a matjha, a bitswang Tutusius le Umzantsia,ke diphoofolo tse nang le lesapo la mokokotlo tse maoto a mane tsa pelepele ho tswa dilemong tse dimilione tse 70 kgale kwana. Tshibollo ena e boela e tiisa sebaka sa rona jwalo ka moetapele wa lefatshe ho tsa saense le diphuphutso. 

12.2. Bongumusa Mthembu ka ho tshireletsa kgao ya hae ya Comrades Marathon le Ann Ashworth ka ho hlola lebelo lena la basadi. Kabinete e boela e lebohisa Xolani Luvuno ka maikemisetso le phehello ya hae ho phethela lebelo lena ka dikroko tsa hae. 

12.3. Ngaka Siyabonga Cwele, Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, ka mora ho kgethwa e le modulasetulo wa Mokgatlo wa Matjhaba wa Sathalaete ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo (ITSO). Afrika Borwa e dula setulong sa ITSO lekgetlo la pele mme e tla tshwara maemo ano dilemo tse pedi. Naha e tla sebedisa bodulasetulo ba yona ho qhobela pele thahasello ya kontinente ya Afrka le dinaha tse holang mekgatlong ya dihlopha tsa ditho.

Dipotso:
MmePhumla Williams – Mmueli wa Kabinete wa nakwana
Mohala: 083 501 0139

 Union Building