Kabinete e kopane ka Laboraro, 4 Phupu 2018, Union Buildings, Pretoria.
A. Dintlha tsa Ha jwale
1. Kgwedi ya Mandela
Kabinete e mema maAfrika Borwa ohle “Ho ba Lefa la kamoso” ha re atamela Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela ka la 18 Phupu 2018. Dinaha tsa Matjhaba tse Kopaneng (UN) di ile tsa ananela letsatsi lena, le dumellang maAfrika Borwa le setjhaba sa lefatshe lohle ho tlotla Mopresidente wa rona wa mehleng eo e leng kgalala, Nelson Rolihlahla Mandela.
Mmuso o phatlaladitse Phupu ho ba Kgwedi ya Mandela, e leng kgwedi ya letsatsi la hae la tswalo. Jwalo ka karolo ya keteko ya ngwahakgolo makala a fapaneng a qadile ka matsholo a mmalwa a honehelana ka tlhompho ho mosebetsi le lefa la Madiba. Ka Labohlano, ho tla nehelwa ka tlhompho e ikgethileng ka tse neng di mo ngongorehisa ka mesebetsi le basebetsi ba banyenyane, ha letsholo la Wear South Africa, ka kopanelo le Nelson Mandela Foundation (NMF), le Mokgatlo wa Basebetsi wa Afrika Borwa wa Diphahlo le Masela a lohilweng, lethakgola Sekipa sa Nelson Mandela, Durban.
Sekipa sena se entsweng mona naheng se fumaneha mabenkeleng a thekiso a itlhommeng pele mme diphahello tse tswang dithekisong tsa sona di tla iswa ho NMF ho ba letlole la mesebetsi e tswellang ho ikamahantsha le pono le bophelo ba hae. Letona la Ntshetsopele ya Moruo, Monghadi Ebrahim Patel, o tla nehelana ka puo ho ba memuweng kemeding ya mmuso. Kabinete e susumetsa maAfrika Borwa ohle ho tshehetsa letsholo la Ho Reka Dintho tse Entsweng Naheng le ho apara diphahlo tse entsweng ka naheng ka motlotlo.
Kabinete e mema batho bohle ho ba karolo ya mohato wa phethoho. Ka ho sebedisana mmoho jwalo ka setjhaba se kopaneng, se hlokang kgethollo ya mmala le kgethollo ya bong, re ka kgona ho hlokomela lefa la Madiba. Kabinete e mema maAfrika Borwa ohle ho nehelana ka metsotso e 67 ya nako ya bona ka la 18 Phupu kabelong ya ho tlisa phethoho maphelong a ba hlokang.
2. Letsete
Kabinete e ananela ho kenyeletswa ha Old Mutual haufinyana dimarakeng tsa stoko JSE. Kenyeletso ena ka khamphaning e nang le maraka wa khapitale ya US$10 bilione (R130 bilione) e bontshahatsa boitshepo bo boholo Afrika Borwa le dimarakeng tsa ditjhelete tsa ka naheng.
Kabinete e ananela hore ho kenyeletsa Old Mutual dimarakeng tsa stoko Afrika Borwa ho e kgutlisetsametsong ya yona ya Afrika mme e fedisa le nako ya yona jwaloka sehlopha sa ditshebeletso tsa ditjhelete mane London. Boitlamo ba Old Mutual ba ho theha letlole la R500 milione ho phahamisa ntshetsopele ya moruo wa selehae, haholoholo ho dikgwebo tse thuthuhang, tsa batho-batsho, bo tla matlafatsa maiteko a naha a ho aha moruo o kenyeletsang bohle. Re mema dikhamphani tse ding tse lekaleng la ditjhelete ho ntshetsapele matlole a disebediswa tsa ntshetsopele a tshwanang le lena ka ho buisana le mmuso.
Dipuisano tsa Foramo ya Moruo wa Lefatshe ka Letsete haufinyana di ile tsa bontshahatsa bokgoni ba Afrika Borwa jwalo ka sebaka se tla eketsang letsete le letjha. Ho ne ho tlile barumuwa ba bangata ba basebetsi ba phethahatso ba difeme tsa ka naheng le tsa matjhabeng Dipuisanong, ba ileng ba buisana le Mopresidente Cyril Ramaphosa le barumuwa ba Matona a Kabinete. Dipuisano di ile tsa thusa ho hlwaya meralo ya ho eketsa maemo a letsete mme ke kgato e bohlokwa Sebokeng sa Letsete se tla bitswang ke Mopresidente hamorao selemong sena.
3. Kamoho ya Mobu
Kabinete e ananela ho qalwa ha tsamaiso ya hoba le seabo ha setjhaba tsamaisong ya Palamente ya ho hlahloba Karolo ya 25 ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996, e dumellang kamoho ya mobu ntle le ditlhapiso. Palamente e hlwahile Komiti ya Tlhatlhobo ya Molaotheo ho tshwara dipitso tsa setjhaba naha ka bophara ka mora ho fetisa tshitshinyo ya kamoho ya mobu ntle le ditlhapiso. Dipitso tsena tsa setjhaba di tla nka sebaka diporofenseng tsohle tse robong ho fihlela ka Phato 2018.
Kabinete e mema bohle ba nang le kgahleho ho ba le seabo ka tsela e kgotsitseng dipitsong tsena mme eipiletsa ho setjhaba hore se be le mamello ka dinako tsohle ha ho hlahiswa maikutlo a fapanyetsang a bona, e le ho netefatsa hore bohle ba fumana monyetla wa ho ba le seabo dipitsong.
Kabinete e boela e supisane ka dingongoreho tse hlahisitsweng ke baetapele ba setso ka ditaba tsa mobu. Ka hoo, Kabinete e kgethile sehlopha sa Matona se tla kopana le baetapele ba setso ho buisana le ho batla tharollo e tla tlisang kutlwano dintlheng tse ba ngongorehisang. Letona la Mmuso wa Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (COGTA), Ngaka Zweli Mkhize, ke seepapitso mme o tshehetswa ke Letona Senzeni Zokwana wa Temothuo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi, Letona Maite Nkoana-Mashabane wa Ntshetsopele ya Mahaeng le Kabobotjha ya Mobu le Letona Nomvula Mokonyane wa Dikgokahano.
4. Sehla sa Lekgetho
Kabinete e kgothaletsa balefi ba lekgetho ho romela diforomo tsa bona tsa ho lefa lekgetho tsa selemo le selemo sehleng sena sa lekgetho sa 2017/18, se qadileng ka la 1 Phupu 2018. Pokeletso ya kuno le tlhopiso e nepahetseng di netefatsa matla a mmuso a ho laola kuno, le ho romela diforomo tse nepahetseng nako e sa le teng ho netefatsa hore balefi ba lekgetho ba kgona ho ikamahantsha le melao ya lekgetho. Kuno ya lekgetho e thusa mmuso ho ba le matlole a diprojeke tsa naha a sebedisetswang diphano tsa ditshebeletso le mananeo a mang a ntshetsopele ya moruo wa setjhaba.
5. Keketseho ya theko ya peterolo
Kabinete e eleletswe keketseho ya mafura haufinyana, e latelang keketseho ya theko e nngwe hape e bileng teng kgwedi e fetileng. Keketseho e nngweya theko ya mafura e tla boela e lebeletswe kgweding e tlang. Theko ya dinominetha ya Dolara ya Oli ya Brent Crude e ntse e hahlamela ditheko tsa peterolo, disile le parafini ka kakaretso. Sekgahla sa phaphanyetso sa kharensi ya rona ho dolara ya US se theohile ka phesente e le nngwe ho tloha ka Motsheanong selemong sena.
Diphethoho tsena tse iphethang, tse qetellang ka theko e dulang e fetoha, di na le kgahlamelo e mpe bareking, haholoholo ba futsanehileng. Keketseho ya ditheko tsa peterolo e ama ditjeho tsa dipalangwang le ditheko tsa dijo ka kotloloho, haholoholo ditjeho tsa dijo tse jewang kgafetsa le meriana.
Kabinete e netefaletsa maAfrika Borwa hore mmuso o leka ka hohle ho fokotsa diphephetso tse tobaneng le setjhaba se futsanehileng. Lefapha la matlole a mmuso wa naha le kgethile phanele ya ditho tse robong tsa ditsebi ho hlahloba lenane la ha jwale la Lekgetho le Kenyeleditsweng ditjehong tsa dintho tse se nang sekgahla sa lekgetho tse bopilweng ka dijo tsa motheo tse 19 ha jwale. Mopresidente Ramaphosa o eteletsepele sehlopha, se nang le baemedi ho tswa mmusong le lekaleng la poraefete bobedi, ho hohela batsetedi ba bangata naheng e le ho hodisa moruo wa rona le ho theha mesebetsi e hlokehang haholo, haholoholo molemong wa batjhaba ba sa sebetseng.
Kabinete e ipiletsa ho lekala la poraefete ho thusetsa, ka ho diehisa ho fetisetsa kgahlamelo ya ditheko tsa mafura bareking. Sena se tla thusa haholo ho tshireletsa bafutsana, bao e leng hore ba tla angwa ka kotloloho ke ho fetoha ha ditheko. Ho hodisa moruo wa rona ho tla thusa haholo tsitsisong ya moruo wa rona. Kabinete e boela e ipiletsa ho lekala la poraefete ho sebedisana mmoho le mmuso molemong wa maAfrika Borwa ohle a amehileng, haholoholo bafutsana.
6. Tefo ya matlole a setjhaba
Kabinete e ile ya tsebiswa ke Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mme Susan Shabangu, ka ditiehiso tse phatlaletseng tsa haufinyana shejulung sa tefo ya matlole a setjhaba ho ba unang molemo. Kabinete e ananela hore matlole a mmuso ke mokgwa wa ho iphedisa ho boholo ba ditho tse hlokolosi tsa setjhaba sa rona mme ka hoo e maswabi haholo ka tshitiso ena.
Letona Shabangu o netefaleditse Kabinete hore mathata a setekgeniki a manyane a bileng teng a bakilwe ke ho tlosa ditefo mokgwatshebetsong wa kgale ho ya ho Kemeding ya Tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa/mokgwatshebetso wa Poso ya Afrika Borwa. O ile a netefaletsa Kabinete hore boholo ba batho ba unang molemong ona ba neng ba amehile ba se ba lefuwe. Mothathing, dihlopha tse itetseng di ntse di sebetsa ka thata ho tsitsisa mekgwatshebetso e le ho thibela ho iphetha ha ditiehiso tse jwalo nakong e tlang.
7. Dipatlisiso tsa Bophelo bo botle
Kabinete e amohela ho lokollwa ha tlaleho ya nakwana kajeno ke Lekgotla la Dipatlisiso tsa Maraka wa Tlhodisano indastering ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya proraefete. Modulasetulo wa dipatlisiso ke Moahlodi e Moholo wa mehleng Sandile Ngcobo mme o se a utlwile bopaki dilemong tse tharo tse fetileng ho tswa bathong ba mmalwa ba nang le seabo. Tlaleho ya nakwana e tla bulelwa maikutlo a setjhaba nakong ya dikgwedi tse pedi. Tlaleho e phethetsweng e tla iswa ho Letona la Ntshetsopele ya Moruo mafellong a 2018 mme e tla tekwa Palamenteng.
8. Phatlalatso ya Khartoum
Kabinete e amohela tumellano ya ho emisa ntwa sa rori dipakeng tsa Mopresidente Salva Kiir wa Sudan Borwa le Riek Machar, le ho tekena Phatlalatso ya Khartoum. Sena se phahamisa tshepo ka tumellano ya ho fedisa ntwa e utlwisang bohloko ya naha ya bona.
Phatlalatso e totobatsa hore tlhophiso ya ho emisa ntwa e kenyeletsa hoikgula, karohanyo ya dihlopha tse atomelaneng, ho ikgula ha masole atswang dinaheng tse fapaneng, ho bula diphatjhisi tsa dithuso tsa botho tsa nakwana le ho lokolla batshwaruwa ba ntwa le ba dipolotiki. Tumellano e boela e dumella ditho tsa Mokgatlo wa dinaha tsa Afrika (AU) le Bolaodi ba Pusokopanelo Ntshetsopeleng ho beha ditho tse tla okamela kemisong ya ntwa.
Kabinete e kgothaletsa mekgatlo yohle ho sebedisana mmoho ho netefatsa hore ho emisa ntwa ho tla isa ho fediseng ntwa sa rori le ho netefatsa ho kgutlisa kgotso le ntshetsopele moruong wa Sudan Borwa.
9. Sebaka sa Kgwebisano ya Mahala Kontinenteng ya Afrika (AfCFTA)
Kabinete e amohela ho tekenwa ha tumellano ya AfCFTA le AU ke naha ya Afrika Borwa . Ho tekenwa hona ha tumellano ke Afrika Borwa ho phahamisetsa dipalo tsa dinaha tse seng di tekenne ho tse 49.
AfCFTA e isa kontinente haufi le ho theha sebaka se seholoholo lefatsheng sa kgwebisano ya mahala. Ho lebeletswe hore sena se tla tswela dinaha tsohle tsa kontinente melemo e meholo ya moruo wa setjhaba.
Ho ya ka UN, ho lebeletswe hore AfCFTA e tla matlafatsa kgwebisano ya Afrika ya ka hare ka 53%, ka ho fedisa lekgetho la ho reka ka ntle le ditshitiso tse thibelang ho reka dihlahiswa tsa ka ntle. Tumellano ena e na le bokgoni bo tshepisang ho theheng maraka wa Afrika wa batho ba fetang 1.2 bilione le moruo o boleng ba US$2.5 trilione.
Letona la Kgwebisano le Indasteri, Ngaka Rob Davies,o tla qala ka mokgwatshebetso wa ho fumana tumellano e ananetsweng ke Palamente.
10. Ajenda ya Afrika
Kabinete e amohela Seboka sabo6 sa Mokgatlo wa Taolo ya Thepa ya dinaha tse ka Borwa ba Afrika (SACU) se ileng sa tshwarwa ka la 29 Phuptjane 2018 Botswana, mme ho ne ho ile Mopresidente Ramaphosa. Seboka se ile sa hatella bohlokwa ba ajenda ya nyalanyo lebatoweng e tla phahamisa nyalanyo ya moruo, diindastering le phapantsho ya moruo wa meruo ya SACU.
Mopresidente Ramaphosa o ile a boela a etelapele barumuwa ho ya Rephaboliking ya Semoseleme ya Mauritania, Kopanong e Tlwaelehileng ya bo31 ya Seboka sa Dihlooho tsa Naha le Mmuso tsa AU. Seboka se ile sa nka sebaka ho tloha ka 1 ho fihlela 2 Phuptjane tlasa mookotaba: “Re hlola Ntwa e kgahlano le Bobodu: Tsela e Mokoka Phethohong ya Afrika”. Se tlisitse monyetla o ikgethileng wa ho hlahloba le ho tobana le diphephetso tse amanang le twantsho ya bobodu Afrika.
Ha jwale, Mopresidente Ramaphosa o sa tshwarane le Leeto la Semmuso la ketelo ka wa mphato wa hae wa Ghana, Nana Addo Dankwa Akufo-Addo, ho tloha ka 4 ho fihlela 5 Phupu 2018, ho tswella ho matlafatsa dikamano mahlakoreng a dipakeng tsa dinaha tsena ka bobedi. Afrika Borwa le Ghana di tswella ho natefelwa ke dikamano tse matla tse matlafaditsweng ke kopanelo ya nalane ya setswalle le boitshematlelo. Tshebedisanommoho ya Kgwebisano le Letsete dipakeng tsa dinaha ka bobedi di kenyeletsa merafo, thekiso, inshorense, saense le theknoloji, dipalangwang, bohahlaudi, ho banka, dikgokahano tsa mehala, kahong, ditshebeletso, frentjhaeseng, tlhahisong, botshwasing ba ditlhapi, bobapatsi, bofofisi, le matla.
B. Diqeto tsa Kabinete
11. Kabinete e tjhaetse monwana mohopolo wa pampiri le moralo wa Letsatsi la Naha le Kgwedi ya Basadi ka Phato 2018. Mookotaba wa selemong sena ke “Dilemo tse 100 tsa Albertina Sisulu: Basadi ba Kopane ho Isa Afrika Borwa Pele”. Lenaneo la selemo sena le etsahala hong le dingwahakgolo tse tharo tsa tswalo ya Tata Nelson Mandela, Mama Albertina Sisulu le ho thehwa ha Mokgatlo wa Basadi ba Batsho.
Diketsahalo tsa Kgwedi ya Basadi di tla hlophisa setjhaba le ho aha dikamano tse tla nkang qeto ya ho shebana le dintlha tse ka sehlohlolong tse tobaneng le basadi le bananyana, haholoholo dikgoka tsa bong, matlafatso ya basadi moruong, phumantsho ya mobu, ditlwaelo tse kotsi le dintlha tse ding tse lekaleng ho ya ka Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le boitlamo ba Afrika Borwa matjhabeng. Letona le Kantorong ya Mopresidente le ikarabelang Basading, Mme Bathabile Dlamini, o tla phahlolla lenaneo le feletseng hamorao.
C. DiBili
12. Kabinete e tjhaetse monwana pehelo ya Bili ya Tlhomathiso ya Ho Betjha ya 2018 Palamenteng. Bili e se e fetisitswe dipuisanong le setjhaba le bohle ba nang le seabo ba amehang.
Bili e tla nehelana ka bonamodi ho betjheng ka elektroniki, bobapatsing ba ho betjha le sebakeng sa meaho ya ho betjha. E boela e kenya Molaodi wa Ho Betjha wa Naha (NGR) sebakeng sa Lekgotla la Ho Betjha la Naha la ha jwale. E sebedisana le balaodi ba diporofense, NGR e tla ntshetsapele mekgwa ya maemo a tsamaiso e tla sebetsang e le maengwana a tla tataisa mekgatlo e itataisang jwalo ka lekala la mabelo a dipere.
13. Kabinete e tjhaetse monwana pehelo ya Bili ya Tlhomathiso ya Tlhodisano ya 2018 Palamenteng. Ditlhomathiso di tla nehelana ka katoloso ya thomo ya balaodi ba ditlhodisano le ba Phethahatso ho shebana le maemo a phahameng a moru o tsipameng, o thibelang phethoho moruong wa Afrika Borwa le ho hlekefetsa matla a moruo ka ho hatella difeme.
Bili e se ntse e kentswe Kazeteng ho nyonya maikutlo a setjhaba le dipuisanong le bohle ba amehang ba nang le seabo.
D. Diketsahalo tse tlang
14. 100 Men March
Ka tlasa sekgele sa naha sa letsholo la “Roma Nna – Thuma Mina” le eteletsweng pele ke Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS), “Dilemo tse 100 tsa Nelson Mandela le Albertina Sisulu: Mohwanto wa Banna kgahlano le Dikgoka ho Basadi le Bana” o tla nka sebaka la Labobedi, 10 Phupu 2018.
Mohwanto, oo o tla hokantshwa ke GCIS, o tla qala Church Square mme o phethele jwang bo borwa ba Union Buildings, Pretoria.
Kabinete e mema banna le bashanyana bohle ho arabela pitso ena ya kopano ya “Roma Nna –Thuma Mina” ka ho ba le seabo mohwantong, le ho ema kgahlano le sephadi sa dikgoka kgahlano le basadi le bana. Banna ho tswa makaleng a fapaneng, merabeng, nalaneng ya dipolotiki le tumelo tse fapaneng ba tla kopana kemong ya ho emisa dikgoka kgahlanong le basadi le bana.
15. Beke ya Imbizo ya Naha
Mmuso o tla qala ka Beke ya ona ya Imbizo ya Naha ho tloha ka la 9 ho fihlela 15 Phupu 2018, moo ditho tsa Phethahatso di tla buisanang le ditho tsa setjhaba ka kotloloho naheng ka bophara.
E nngwe ya metheo ya Afrika Borwa ya demokrasi ke boitelo ba mmuso ho qala ho ba le seabo le mananeo a karabelo ya setjhaba ho hlalosa maano le meralo ya mmuso.
Kabinete ka moya wa “Thuma Mina” e kgothaletsa ditjhaba tsohle ho ba le seabo ho di-Imbizo tse tla tshwaruwa le basebetsi ba mmuso le ho sebedisa monyetla ona ho buisana ka diphephetso tsa phumantsho ya ditshebeletso.
16. Seboka sa 10 sa BRICS
Afrika Borwa e itokiseditse ho tshwara, ho ikamahantsha le Ubuntu (Botho), seboka sa 10 sa sehlopha sa dinaha tsa Brazil, Rashea, India, Tjhaena le Afrika Borwa (BRICS) ho tloha ka la 25 ho fihlela 27 Phupu 2018, Setsing sa Diboka sa Sandton, Gauteng. Ka Labohlano, 6 Phupu 2018, Mopresidente Ramaphosa o radile ho tla buisana le Sehlopha sa Afrika Borwa nakong ya dijo tsa hoseng ka ho itokisetsa ho tshwara Seboka sa 10 sa BRICS.
Mokotaba: “BRICS e Afrika: Tshebedisanommoho ya Kgolo e Kelenyeletsang bohle le Katleho ka Kopanelo ho Phethoho e Kgolo ya Indasteri ya bo4”,e bontshahatsang dintho tsa motheo tse bohlokwa tsa ditho tsa BRICS, tse bonahalang di ikemiseditse ho theha setjhaba se kenyeletsang bohle le bolekane ba lefatshe lohle bo tlo tlisetsang batho bohle katleho. Mookotaba o boela o ikamahantsha le ho netefatsa tswelopele e nang le lewa ka bodulasetulo ba Afrika Borwa mekgatlong ka bobedi e leng wa Mokgatlo wa Ntshetsopeleng ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) le Mokgatlo wa Dinaha tse Ntlheng ya Lewatle la India.
Afrika Borwa e tla sebedisa bodulasetulo ba yona ho netefatsa tswelopele ya BRICS le ho tlisa tsipamiso menyetleng ya Phethoho e Kgolo ya Indasteri ya Bonne.
17. Dipuisano tsa Matona a Bokgabo le Botjhaba a Afrika
Lefapha la Bokgabo le Botjhaba le tshwere Dipuisano tsa Matona a Bokgabo le Botjhaba a Afrika Durban ho tloha ka la 5 ho fihlela ka la 6 Phupu 2018. Mosebetsi ona o batla tlaleho ya lesedi ka phumantsho ya ho bontshahatsa kgahlamelo ya ditshebeletso tsa laebrari le lesedi tse ka hara Ajenda ya 2063 ya AU, eo e leng phethoho ya moralo wa lewa la moruo le phedisano wa Afrika dilemong tse 50 tse tlang.
18. Setadimahole sa MeerKAT/Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara (SKA)
Mopresidenete Ramaphosa o lebeletswe ho thakgola setadimahole sa seyalemoya sa dikotlo tse 64, se tsejwang e le MeerKAT, jwalo ka selelekela sa setadimahole sa SKA. MeerKAT e fumaneha dikilomitara tse 90 kantle ho toropo e nyane ya Carnarvon, Kapa Leboya.
Setadimahole sa MeerKAT se tla ba bohlokwa haholo ho eketseng tsebo ya hore na Lefatshe lohle le theowe jwang, le sebetsa jwang le hore na keng se bopang bokamoso ba lona. Ho phethelwa ha sesebediswa ke katleho e bohlokwa haholo e tshwanetsweng ke ho ketekwa ke Afrika Borwa le Afrika ka bophara.
E. Melaetsa
Matshediso
19. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho tswa botebong ba pelo ho Mopresidente wa mehleng Jacob Zuma, le ho lelapa le metswalle ya hae ka tsa lefu la mora hae, Vusi Nhlakanipho Zuma, maqalong a beke ena.
20. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya monkaditshwantsho ya tsebahalang, David Goldblatt. Naha ya rona e tla dula e le motlotlo ka mosebetsi wa hae o ileng wa bontshahatsa tlhekefetso le sehloho sa mmuso wa kgethollo ya mmala.
21. Kabinete e boela e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya mosebetsi wa morafong ya hlokahaletseng Morafong wa Sibanye-Stilwater Khomanani Driefontein, Mpumalanga mme e tswella ho ngongoreha ka tshireletso ya basebetsi ba merafong.
Ditebohiso
22. Kabinete e lebohisa Laebrorari ya Afrika Borwa ya Naha (NLSA), e ketekileng dilemo tse 200 e thehilwe. Maqalong a selemo sena, NLSA e ile ya fihlela katleho e bohlokwa haholo ka ho tshwara pontshahatso e bitswang “Ntlo ya Letlotlo la Tsebo”.
23. Kabinete e amohela qeto ya Mokgatlo wa Thuto, Saense le Botjha wa UN ya ho phatlalatsa Dithaba tsa Makhonjwa, Mpumalanga, tse boelang di tsejwa e le Barberton Greenstone Belt, ho ba Sebaka sa Bojalefa sa Lefatshe. Sena ke Sebaka sa Bojalefa sa Lefatshe sa Afrika Borwa sa bo10.
Kabinete e mema bohle ba nang le seabo ho tsa lekala la bohahlaudi ho bapatsa dibaka tsohle tsa bojalefa tse Afrika Borwa jwalo ka ha bohahlaudi e le e nngwe ya dintho tse potlakisang ntshetsopele ya moruo wa rona le ho theha mesebetsi ya batho ba ka naheng.
24. Kabinete e hopola ka motlotlo sehopotso sa bo63 sa kananelo ya nalane ya Tjhata ya Tokoloho e ileng ya theha motheo wa Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Kajeno ditheo tse bohlokwa tsa yona di bonahala ditheong tsa Mokgatlo wa Kopano ya Afrika (oo o seng o bitswa AU) mme UN e amahantse Phatlalatso ya Lefatshe Lohle ya Ditokelo tsa Botho le ditheo tsena.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
25. Monghadi Sibusiso E Bukhosini jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Bolaodi ba Serapa sa Sebaka sa Metsi sa iSimangaliso.
26. Moadvokheiti Mmadikeledi Suzan Malebe jwalo ka Motlatsi wa Molaodikakaretso (DDG): Molao wa Menerale, ho Lefapha la Dirashwa (DMR).
27. Mme Buyisiwe Faith Ntokozo Ngcwabe jwalo ka DDG: Leano la Menerale le Phahamiso, ho DMR.
Kabinete e boetse e thontse batho mekgatlong e latelang:
27.1 Lekgotla la Tlaleho ya Maemo a Ditjhelete.
27.2 Boto ya Institjhute ya Naha ya Phethoho ya Dibupuwa tse phelang tsa Afrika Borwa (SANBI).
27.3 Dirapa tsa Naha tsa Afrika Borwa (SANParks).
27.4 Letlole la Dikotsi tsa Mmileng (RAF).
Katoloso ya nako ya ho sebetsa ya ditho tsa Lekgotla la Tlaleho ya Maemo a Ditjhelete:
a. Monghadi Garth Dennis Coppin;
b. Mme Dumisani Manana;
c. Mme Christine Ramon (Motlatsamodulasetulo);
d. Mme Dawn Earp;
e. Monghadi Khaya Dludla;
f. Monghadi Bruce Mackenzie;
g. Mme Tania Wimberley;
h. Ngaka Suresh P Kana (Modulasetulo); le
i. Moadvokheiti Rory Wayne Voller.
Boto ya SANBI:
a. Ngaka Lesley Thulani Luthuli;
b. Mme Thandiwe Godongwana;
c. Porofesa Brian William van Wilgen;
d. Ngaka Crispian Garth Olver;
e. Mme Ntsoaki Mngomezulu;
f. Mme Venete Jarlene Klein;
g. Mme Beryl Ferguson;
h. Mme Judy Hermans;
i. Moemedi wa Lefapha la Saense le Theknoloji;
j. Mme Skumsa Mancotywa (moemedi wa Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho (DEA)); le
k. Ngaka Moshibudi Rampedi.
Ditho tsa Boto ya SANParks:
a. Mme Joanne Yawitch;
b. Ngaka Kungeka Njobe;
c. Mme Sophie Molokoane;
d. Mme Tanya Abrahamse;
e. Moadvokheiti Tshepiso Mphahlane;
f. Mme Tasneem Essop;
g. Ngaka Urshanie Govender;
h. Porofesa Elizabeth Mokotong;
i. Monghadi Tale Daniel Motsepe;
j. Monghadi Lourence Benard Mokgakane (momedi wa Batho le Dirapa);
k. Monghadi Shonisani Munzhedzi (moemedi wa DEA); le
l. Monghadi Fundisile Mketeni.
Bolaodi bo e seng ba Phethahatso ba Boto ya RAF:
a. Ngaka Peter Mathebula – Modulasetulo;
b. Mme Koko Mashigo;
c. Ngaka Fanie Bale;
d. Monghadi Moses Nyama;
e. Ngaka Nomonde Mabuya-Moloele;
f. Monghadi Thulani Tshabalala;
g. Mme Dineo Molefe;
h. Ngaka Mohamed Fazel Randera;
i. Monghadi Khotso Mothobi (o thontswe botjha); le
j. Ngaka Maria Peenze (o thontswe botjha).
Dipotso:
Mme Phumla Williams
Mmueli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139