Kabinete e kopane ka Laboraro, mohla la 10 Phupu 2019 Tuynhuys Motse Kapa.
A. Dintlha tsa Maemo a renang jwale
1. Diphetho tsa Mmoka wa Setlamo sa baetapele sa ba Mashome a Mabedi (G20)
1.1. Kabinete e amohela diphetho tsa Mmoka wa G20 o neng o tshwaretswe Osaka, Japan, ho tloha ka la 28 ho isa ho la 29 Phupu 2019. Moporesidente Cyril Ramaphosa o ile a tshwara dipuisano tse ngatanyana mathokong a mmoka oo, e le ho matlafatsa dikamano le dinaha tse ngatanyana.
1.2. O ile a tshwara kopano ya dinaha tse tharo le Modulasetulo wa Kopano ya Dinaha tsa Aforika (AU), Moporesidente Abdel Fattah el-Sisi wa Egepeta, le Modulasetulo wa Selekane se Setjha sa Ntshetsopele ya Aforika, Moporesidente Macky Sall wa Senegal, mme o ile a boela a ba le dikopano tsa dinaha tse pedi le Rashea, le Tjhaena, le Japane le Saudi Arabia; esita le Moporesidente wa Banka ya Lefatshe, Monghadi David Malpass.
1.3. Moporesidente Ramaphosa o phethetse lenaneo la hae la Osaka ka ho teana le borakgwebo nakong ya ho Dula Majwana ha di-CEO tsa Dikgwebo tsa Japane le Aforika Borwa, e le ho bapatsa naha ya rona e le sona sebaka se setle seo ho ka tsetelwang ho sona.
1.4. Baetapele ba lefatshe ba neng ba le mmokeng oo ba ile ba thasisetsa ka boikitlaetso ba bona ho kenngweng tshebetsong ha Lenanetshebetso la Ntshetsopele ya Nako e Telele la 2030, esita le Lenanetshebetso la Kgato ya Addis Ababa.
2. Ketelo Lesotho
2.1. Mosebetsi wa moraorao wa ketelo ya Moporesidente Ramaphosa Lesotho, o tswelapele ho ahella hodima dikamano tse matla di bile di le mofuthu dipakeng tsa ditjhaba tsa rona tse pedi. O ne a boetse a le moo e le mothusetsi wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) Lesotho.
2.2. Nakong ya ketelo ena, Moporesidente o ile a hlajwa malotsana ka kgatelopele ya tlhabollo e tswelang pele Lesotho. Lesedi lena le tla nontsha tlaleho ya hae ho Dihlooho tsa Dinaha le Mebuso ya SADC, kopanong e tla tshwarelwa United Republic of Tanzania ka Phato 2019.
2.3. Kabinete e amohela ho tekenwa ha tumellano ke mekga ya dipolotiki ya Lesotho, e le ho thea Lekgotla la Naha la Tlhabollo ya Ketso ya Melao. Tumellano ena e hlalosa hore ho tla botjwa lekgotla la tlhabollo ho ya ka Molao wa Palamente, mme lekgotla leo le tla tataisa naha hore e kenye tshebetsong ditlhabollo tsa molaotheo, tsa puso, tsa tshireletso le tsa mehlodi ya ditaba.
2.4. Kabinete e ipiletsa ho mekga yohle hore e tshehetse pulobotjha ya Palamente, e tla netefatsa hore tumellano ena e a ananelwa.
3. Tshenyo ya thepa ya setjhaba
3.1. Kabinete e seolla ho tjheswa ho sa tswa etswa ha sekolo sa poraemare ke baipelaetsi Katlehong, Gauteng. Ha ho sello sefe kapa sefe, le haeba e le sa mmokotsane, se ka lokafatsang ho senngwa ha thepa ya setjhaba e kang sekolo, e sebetsang e le leri ya bohlokwa kahong ya bokamoso ba bana ba rona.
3.2. Nakong ya dilemo tse 25 tse fetileng, mmuso o tsetetse dibilione tsa diranta kahong ya dikolo tse ntjha esita le ntlafatsong ya meralo ya motheo ya dikolo tse seng di le teng. Monongwaha, mmuso o abile tjhelete e ka bang R30 bilione ya ho aha dikolo tse ntjha esita le ho lokisa meralo ya motheo e seng e le teng, hore e dule e le boemong bo botle.
3.3. Kabinete e kopa setjhaba hore se baballe meralo ya sona ya motheo, eo sona ka bosona se folang melemo ho yona. E boela e etsa kgoeletso setjhabeng hore se sebedisane le sepolesa, ho netefatsa hore batho ba senyang thepa ya setjhaba ba a tshwarwa.
4. Tlaleho ya Mohlakisikakaretso wa Aforika Borwa (AGSA)
4.1. Kabinete e ngongorehiswa ke diphetho tse sa tswa ntshuwa ke AGSA tsa ditlhahlobo tsa dibuka tsa ditjhelete tsa bomasepala. Maemo a tswileng taolong a sa kgotsofatseng a puso e mpe, haholoholo tsamaiso ya matlole a setjhaba bomasepaleng ba bangatanyana, e bontsha phethahatso e mpe haholo ya mananeo a phano ya ditshebeletso.
4.2. Molao wa Sehlomathiso sa Tlhahlobo ya Dibuka tsa Ditjhelete tsa Setjhaba, 2018 (Molao wa 5 wa 2018), o fa AGSA matla a hore bao ba fumanweng e le bona sesosa sa tsamaiso e mpe ya ditjhelete, ba nke boikarabelo e be e kgine tshebediso e mpe ya disebediswa tsa mmuso, haholoholo bomasepaleng ba bontshitseng bosiyo ba dintlafalo diphethong tsa bona tse latellaneng.
4.3. Ho feta moo, Kabinete, e sebetsa ka Letona la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso, Ngaka Nkosazana Dlamini-Zuma, le Lefapha la Matlotlo a Naha, e ananela morero wa ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la phano ya Ditshebeletso tsa Mantlha o tataisang kaho ya bokgoni bomasepaleng. Morero ona, ho tse ding, o habile ho aha basebetsi ba nang le bokgoni, ka tshebediso ya dithupelo le phetisetso ya tsebo, le qobello ya maemo a mathomo a boikamahanyo bakeng sa baokamedi le bahlanka ba baholo ba bomasepala.
4.4. Letona Dlamini-Zuma, a sebetsa le baetapele ba diprofense, o tla tswelapele ho fana ka tshehetso e hlokehang ho bomasepala.
5. Diphetoho tse Kgolo tsa Diindasteri tsa Thekenoloji (4IR)
5.1. Kabinete e thabisitswe ke hore Aforika Borwa e atlehile ho tshwara Mmoka wa yona wa pele wa Moruo wa Dijithale, o neng o tshwaretswe Johannesburg ka la 5 Phupu 2019, e le katleho e kgolo ya bohlokwa ya ho bopa morero o momahaneng wa 4IR bakeng sa naha ena. Moporesidente Ramaphosa, le molepi wa bokamoso George Friedman, tsa bosebetsi, barutehi le mekgatlo ya setjhaba; ba ne ba ile mmokeng oo o ileng wa qholotsa dipuisano, kutlwisiso le merero ya tshebetso e tla bea Aforika Borwa e le naha e nang le bokgoni ba ho qothisana lehlokwa mebarakeng ya lefatshe.
5.2. Kabinete e boela e amohela merero ya Google ya ho aha kheibole e ntjha e tsamayang katlasa metsi a lewatle ho tloha Portugal ho ya Aforika Borwa, e tla fana ka bokgoni ba marangrang a dikgokahano ka ho menahaneng le ho feta ha 20, e le ho netefatsa hore ho ba teng tshebeletso e akofang le ho feta ya inthanete. Kheibole eo e lebelletswe ho phethelwa ka 2021. Bokenadipakeng bo jwalo bo tla thusa ho etseng Aforika Borwa hore e be lepatlelo le letle ho batsetedi ba ka bang teng ba kwano lapeng esita le ba matjhaba.
6. Eneji
6.1. Kabinete e amohela tsebiso ya Eskom ya hore Yuniti ya boraro ya Seteishene sa Motlakase sa Medupi se haufi le Lephalale Limpopo, e se e sebetsa mme e hokelletswe setsiketsing sa matla a naha.
6.2. Sena se tla fana ka bokgoni bo matlafaditsweng ka di-megawatt tse 796. Banka ya Lefatshe le yona e bontshitse tshepo matsapeng ana a mmuso a ho tshehetsa Eskom.
6.3. Leha re ntse re tswelapele ho tshehetsa Eskom, Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa hore a nne a tswele pele ho baballa motlakase, haholoholo dipakeng tsa 17:00 le 21:00, ha sekgahla sa tshebediso ya motlakase se le hodimodimo naheng ena.
7. Ditlolo tsa molao
7.1. Kabinete e bontshitse ho tshoha le ho swaba kamora ho fenethwa ha batho ba 13 Phillipi, Motse Kapa, mafelong a beke. Re fetisetsa matshediso a rona ho baratuwa ba mahlatsipa, a neng a akga le basadi ba tsheletseng ba dipakeng tsa dilemo tse 18 le tse 26.
7.2. kabinete e hlokomedisitswe ka kgato e nkuweng ya ho matlafatsa polokeho le tshireletseho sebakeng seo, ebile e ipiletsa ka matla hore batho ba nang le lesedi le ka lebisang ho tshwarweng ha babolai bana, ba tlalehe seo diteisheneng tsa sepolesa tse haufi le bona.
8. Ho ropoha ha lefu la dikolobe
8.1. Kabinete e rorisa Lefapha la Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Mahae ka ho phahamela mapoqo ho ropoheng ha lefu lena la dikolobe le tlalehilweng Leboya Bophirimela, Gauteng, Freistata le Mpumalanga. Sena se thusitse ho kgina ho ata ha lefu lena. Leha lefu lena la dikolobe le sa ame batho, nama kapa dihlahiswa dife kapa dife tse tswang dikolobeng tse amehileng, di ka nna tsa eba mohlodi wa tshwaetso dikolobeng tse ding.
8.2. Kabinete e kopa dihwai tsohle tsa dibakeng tse amehileng hore di dule di le sedi, di be di tlalehe ha di bona matshwao afe kapa afe a lefu lena diphoofolong tsa tsona.
9. Polokeho ditsing tsa kokelo
9.1. Kabinete e buile ka bohlokwa ba polokeho ya basebetsi ba tlhokomelo ya bophelo bo botle hammoho le bakudi. Sena se latela diketsahalo tse sa tswa tlalehwa tsa ditlhaselo tsa basebetsi ba ditshebeletso tsa tshohanyetso ha ba ne ba ilo arabela kgoeletsong ya tshohanyetso. Ho tloha ka Pherekgong 2019, lenane lohle la diketsahalo tse 10 tsa ditlhaselo tse jwalo di se di tlalehilwe, ya moraorao e ne e le ya Cosmo City Extension 2, Johannesburg. Kabinete e etsa kgoeletso ho makgotla a qobello ya molao a sebetsang le ditsi tsa kokelo tsa setjhaba, ho matlafatsa polokeho le tshireletso ditsing tsena esita le makoloing a bakudi.
9.2. Kabinete e boela e kopa basebetsi bohle ba bophelo bo botle, hore ba dule ba tsitlalletse maemo a bona a seporofeshenale mabapi le bakudi ba tlhokomelong ya bona.
10. Ditefiso tsa elektroniki tsa mebileng e meholo ya Gauteng
10.1. Moporesidente Ramaphosa o file Letona la Dipalangwang Fikile Mbalula, Letona la tsa Ditjhelete Tito Mboweni le Tonakgolo ya Gauteng; matla a ho fumana tharollo tabeng ya ditefiso tsa elektroniki mebileng e meholo ya Gauteng.
10.2. Dipontshano tsa kahare mmusong ona nakong ya dibeke tse tlang, di lebelletswe ho tla le diphetho tse sebetsang, tse tla kenngwa Kabineteng ho ella mafelong a Phato 2019.
10.3. Karabelo e kopaneng e tswang mahlakoreng ohle a mmuso e a hlokeha dinthong tse kang ditefiso tsa elektroniki, e le ho netefatsa hore maAforika Borwa a ba le tshepo mosebetsing wa mmuso.
11. Divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete
11.1. Ka Phupu 2019, mafapha ohle a teka divoutu tsa ditekanyetso tsa ona tsa ditjhelete, e leng tsona tse fanang ka merero e tiileng ya tsa ditjhelete boikitlaetsong bo thasiseditsweng ke Moporesidente Ramaphosa, Puong ya hae ya pele ya Boemo ba Naha ya botsamaisi ba botshelela ba demokrasi.
11.2. Divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete di fana ka dintlha tse tebileng tsa merero e fapaneng ya mafapha ya selemo, e leng yona e susumetsang Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng wa 2019-2024.
11.3. Kabinete e kgothaletsa baahi ho sekaseka divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete ba be ba etse hore mafapha a nke boikarabelo. Divoutu tsa ditekanyetso tsa ditjhelete di netefatsa hore ditjhelete tsa setjhaba di sebediswa ho ya ka lethathama la dintho tse ka sehloohong tsa mmuso, ebile e le ka mekgwa e tla thusa maAforika Borwa ka ho fetisisa.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e ananetse ho kenngwa ha Tlaleho ya naha ya Tlhophobotjha ya Boithaopo ba Naha ho Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN). Aforika Borwa ke enngwe ya dinaha tse lekgolo le mashome a robong a nang le metso e meraro (193) tseo e leng ditho, tse ananetseng semmuso Dipheo tsa Ntshetsopele ya Nako e Telele (di-SDG). Ka 2017, Aforika Borwa e bile enngwe ya dinaha tse 51 tse ileng tsa ithaopa ho kenya ditlaleho tsa tsona tsa kgatelopele ho UN.
2. Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), Lenanetshebetso la AU la 2063 le di-SDG tsa UN, tsohle di dumellana ka ho matlafatsa botjha lenanetshebetso la ntshetsopele la Aforika Borwa le khontinente ya Aforika.
3. Tlaleho ya kgatelopele e ile ya kopanngwa ka pontshano le ba amehang ba bangatanyana, ho akga le mekgatlo ya setjhaba, lekala la poraefete le barutehi. Tlaleho e boela e talola dibaka tse dulang di na le diqholotso. Hang ha e se e kentswe, e tla fumaneha websaeteng ya UN (https://www.un.org/en/).
C. Dibili
1. Kabinete e ananetse Bili ya Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) ya 2018 bakeng sa hore e tekwe Palamenteng. Ka 2018, Kabinete e ile ya ananela taba ya hore Bili ena e ntshuwe hore e ilo tshohlwa le setjhaba ka nako ya dikgwedi tse tharo, ho tloha ka Phupu ho ya ho Loetse 2018. Ditshwaelo tse fumanweng tshebetsong ena di ile tsa kenyelletswa tlhalosong ena ya moraorao, eo le yona e ntseng e tla feta dingangisanong tse boima dikopanong tse ding tsa palamente.
2. Bili e tla fana ka sephetho sa moshwelella ho NDP ena e habileng ho nanabetsa ditshebeletso tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa boleng bo phethahetseng ho maAforika Borwa ohle, ho sa natsehe hore na dipokotho tsa bona di eme ha jwang. Bili ena e tla itshetleha ka makgabane a toka, a ho se kgethe nku ka pere esita le a momahano ya setjhaba. E tla rarolla bothata ba ha jwale ba tsamaiso ya dipetlele tsa poraefete tse thusang maAforika Borwa a diperesente tse 16 feela, ha ka ho le leng e kotela boholo ba batho ba dipetleleng tsa setjhaba.
3. Bili ya NHI e thusa ka hore ho thewe Letlole la NHI e le setheo sa setjhaba se ikarabelang ho Letona la Bophelo bo Botle. E tla thewa e le lenanetshebetso le ikemetseng la 3A le katlasa Molao wa Bolaodi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA), 1999 (Molao wa 1 wa 1999).
4. Hang ha Bili ena e se e amohetswe, morero wa nakwana o seng o le teng wa ho e kenya tshebetsong o tla hlomathiswa ka tshwanelo, hore o fane ka sephetho sa moshwelella tlhophisong ya diphetoho tsa ho anetsa NHI ka mekgahlelo. Nako ena ya phetoho e tla boela e fana ka monyetla wa hore ho hlakolwe dikarolo tse itseng tsa molao, e le ho thusa ka botsitso le momahano.
Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize, o tla tshwara seboka sa ditaba se lehlakoreng moo a tla manolla Bili ena teng.
C. Diketsahalo tse Tlang
1. Ka Labobedi, mohla la 23 Phupu 2019, Moporesidente Ramaphosa o tla etella borumuwa ba mmuso pele ho ya Sebokeng sa matsatsi a mabedi sa “Dilemo tse 25 tsa Demokrasi – Dilemo tse 25 tse tlang” Yunivesithing ya Johannesburg (UJ). Moporesidente o tla tshetleha puo ya ho bula seboka, seo e leng selekane dipakeng tsa Setheo sa Mapungubwe sa Lewa la Boitlhahlobo, UJ le Kantoro ya tsa Boporesidenteng.
2. Seboka sena se tla hetla morao Dilemong tse 25 tsa Demokrasi, se be se fane ka ditataiso tsa dilemo tse 25 tse tlang tse motjheng wa ntshetsopele ya Aforika Borwa. Ho tla ba teng barutehi ba itlhommeng pele, baetapele ba mmuso le baemedi ba balekane ba kahisanong – dikgwebo, mekgatlo ya basebetsi, setjhaba le batjha, ho akga le baithuti.
D. Melaetsa
1. Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso a yona lelapeng le metswalleng ya:
1.1. monono wa mokaubere ya hapileng dikgau tse ngata, Monghadi David Koloane. Motaki enwa ya neng a tumme e ne e le e mong wa bathei ba Bag Factory (e neng e tsejwa ka hore ke Fordsburg Artists Studios) e ileng ya thusa ka hore banono ba batsho le ba basweu ba sebetse mmoho boemong ba seporofeshenale, ntle le melao ya kgethollo.
1.2. Mama Vivian Magdalene Sarah Daniels. E ne e le kokonono ebile e le mohlala o motle, mme o sebeleditse setjhaba twantshong ya puso ya kgethollo. Boitelo ba boitseki ba hae bo entse hore letlotlo la hae le dule le phela dibakeng tseo a di lwanetseng ho potoloha le Motse Kapa.
1.3. Leqosa la mehleng, Ngaka Khorshed Ginwala, eo e neng e le e mong wa basadi ba pele ba ho ba maqosa, ebile e le pulamadiboho ntweng ya tokoloho.
1.4. Monghadi Mandla Maseko, eo e neng e tla ba moAforika wa pele e motsho wa ho ya sepakapakeng. Ka 2014, Monghadi Maseko o ile a hlola baqothisani lehlokwa ba milione e le nngwe, hore e be e mong wa batho ba 23 ba fumaneng setulo ho Axe Apollo Space Academy e tsheheditsweng ka ditjhelete.
1.5. mokaubere wa nketsisane wa ditshwantshiso Mama Nomhle Nkonyeni, ya hlokahetseng a le dilemo di 77. Moporesidente Ramaphosa o sa tswa mo fa Kgau ya Naha ya Ikhamanga ho mo tlotla ka mosebetsi wa hae e le monono. Mmila wa Aggrey o New Brighton Kapa Botjhabela, moo a holetseng teng, o ile wa reellwa ka yena e le ho mo tlotla. O ile a bapala ditshwantshisong tse kang Mzansi, Tsha Tsha, Igazi le lethathama le lekgutshwane la 2007, Society.
1.6. Mama Susan Manana Matona – mme wa Mongodi wa Khomishene ya Merero ya Naha, Monghadi Tseliso Matona – ya hlokahetseng a le dilemo di 90.
1.7. Sebapadi sa mehleng sa di-Springbok James Small, ya hlokahetseng a le dilemo di 50. E ne e boetse e le karolo ya sehlopha sa di-Springbok se neng se hape Mohope wa Lefatshe wa Rakebi ka 1995, o neng o bapallwa hona kwano lapeng.
1.8. Mama Betty Philile Khumalo-Zulu, eo e leng mme matsale wa Motlatsi wa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mofumahadi Hendrietta Bogopane-Zulu.
1.9. mahlatsipa a dipula tsa dikgohola India, ho akga le Mmuso wa India. Kabinete e boela e lakaletsa bao ba lemetseng hore ba fole ka potlako.
2. Dithoholetso
Kabinete e ikamahanya le Aforika Borwa yohle ho thoholetseng:
2.1 moatlelete wa rona wa makgonthe Caster Semenya ka tlholo ya hae lebelong la dimithara tse 800 kwana Prefontaine Classic, Carlifonia, USA. Semenya, eo e leng mampodi wa di-olimpiki ka makgetlo a mabedi, o ntse a e so hlolwe lebelong la dimithara tse 800 haesale ho tloha ka Loetse 2015.
2.2. Bafana Bafana ka ho fetela dikotafaenaleng tsa Mohope wa Dinaha tsa Aforika Egepeta, ebile e ba lakaleditse mahlohonolo kgahlanong le Nigeria.
2.3. Amy Claire King, ya ileng a rweswa tlokola ya ho ba mampodi wa World Masters Singles Bompoding ba maemo a hodimo ba World 8 Ball Pool kwana Blackpool, United Kingdom.
2.4. kgalala ya tenese Kgothatso Montjane, mosadi wa pele e motsho wa moAforika Borwa wa ho bapala Wimbledon. O hlotse Katharina Kruger wa Jeremane dikotafaenaleng tsa di-single tsa basadi ba tsamayang ka tulo-dimabidi. Montjane o boemong ba borobedi lefatsheng.
2.5. Kevin Anderson, ka ho fihlella mokgahlelong wa boraro wa di-single tsa banna, le Raven Klaasen ka ho fihlella ho seka-makgaolakgang sa di-dabole tsa banna.
2.6. sehlopha sa makejakejane a 20 a Aforika Borwa a iketseditseng nalane ho tsa bofofisi, ka ho ikgaela sefofane se ditulo di nne. Sehlopha sena se ahile sefofane ka nako ya dibeke tse pedi ba le katlasa botataisi ba The Airplane Factory, batataisi ba U-Dream hammoho le sehlopha sa baetapele ba bahlano ba Bofofisi ba Denel. Sefofane sena se ditulo di nne se ile sa tsorama Namibia, Malawi, Ethiopia, Zanzibar, Tanzania le Uganda nakong ya leeto la dikilomitara tse 12 000 ho ya Egepeta, kamora hore se tlohe Motse Kapa kgweding e fetileng.
E. Dithonyo
Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.
1. Boto ya Nakwana ya Baokamedi ba Baholo Koporasing ya Matsete a Setjhaba, ho tloha ka la 12 Phupu 2019 ho isa ho la 31 Phupu 2020. Mabitso a ntshitswe maobane ke Lefapha la Matlotlo a Naha.
Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete ya Tshwereng Molepo
Mohala: 083 501 0139