Kabinete e ile ya kopanela Tuynhuys Motse Kapa, ka Laboraro, mohla la 22 Phato 2018.
A. Dintlha tsa Ha jwale
1. Moruo
1.1. Diketsahalo tsa moraorao tsa moruo Turkey, di lebisitse ho nyotobeleng ho hobe ha boleng ba ditjhelete tsa mebaraka e ntseng e thuthua, ho akga le Ranta ya Aforika Borwa.
1.2. Lephallo la ditjhelete tse tswang mebarakeng ena le nyollotse sekgahla mme ditswala tsa kadimo di eketsehile, e leng ntho e sisithehisang kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi. Mekitlane e meholo e qollotsweng ya tjhelete ya phapanyetsano le dinaha tse ding ya Turkey, le sekgahla se tlase sa dipolokelo tsa tjhelete ya phapanyetsano le dinaha tse ding, e beile naha tlokotsing ya lephallo la ditjhelete le leholo ebile e le le ruthuthang.
1.3. Kabinete e a elellwa hore Aforika Borwa e na le dintlha tse ngatanyana tseo e leng matla ho tsona, ho akga le banka e bohareng e ikemetseng, mmuso o tsepamisitseng maikutlo ho sekgahla sa tswala moo sekgahla sa tswala se dulang se le boemong bo lebeletsweng, mokitlane wa ditjhelete tsa phapanyetsano le dinaha tse ding o boemong bo tlase hammoho le morero o totobetseng wa momahanyo ya ditjhelete. Kabinete e ikemiseditse ho boloka dintlha tsena tseo e leng matla ho tsona di ntse di le jwalo.
1.4. Ka ho tshwanang, mmuso o tla tswelapele ho kenya tshebetsong diphetoho tsa ho eketsa kgonahalo ya kgolo ya moruo, o be o ntlafatse ho tshepahala ha diqeto tsa maano a rona.
1.5. Mmuso o tla tswelapele ho sebedisana le ba kgwebo, bosebetsi le setjhaba ho kgutlisa boitshepo moruong esita le ho hleka ditshita tsa kgolo ya moruo. Ha re sebetsa mmoho, re ka fetola merero ya rona hore e be diketso tsa sebele tsa ho ntshetsapele moruo wa Aforika Borwa.
2. Lekgetho la Theko (VAT)
2.1. Kabinete e amohela tlaleho ya Setlamo sa Ditsebi sa Matona, se hlophileng botjha lenane la dihlahiswa tse sa angweng ke lekgetho la theko yaba se kgothaletsa ho kenyeletswa ha bohobe bo bosweu, folouru ya bohobe, folouru ya dikukusi, disebediswa tsa bohlweki le diyunifomo tsa sekolo.
Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho hlahisa maikutlo ka tlaleho ena e buletsweng ditshwaelo tsa setjhaba, ho fihlela ka la 31 Phato 2018. Letona la tsa Ditjhelete, Monghadi Nhlanhla Nene, o tla etsa kgetho e tsepameng ka hore na ke dife ditshisinyo tseo a di kenyang tshebetsong. Ditshwaelo di ka etswa ka ho ngolla ho vatsubmissions@treasury.gov.za
3. Kgwedi ya Basadi
3.1. Kabinete e etsa kgoeletso ho baahi bohle hore ba tswele pele ka tjantjello ya ho netefatsa boteng ba polokeho le matlafatso ya basadi setjhabeng sa habo rona. Re thoholetsa makala ohle a setjhaba ka ho etella pele dikgato tse reretsweng ho lwantsha ditlhekefetso tse amanang le bong (GBV).
3.2. Jwalokaha Kgwedi ya Basadi e ya mafelong, Kabinete e tswela pele ho tlotla basadi ka moya o tshwanang le oo re tlotlang basadi ba 1956 ka wona, ba ileng ba hwantela Union Buildings Pretoria, ba hanana le puso e soto e neng e batla ho sebedisa melao ya kgethollo ya dipasa ho hobosa seriti sa bona.
3.3. Haesale ho tloha tshimolohong ya demokerasi ya rona ka 1994, dikgato tse kgolo di se di nkilwe ho netefatsa hore basadi ba fumana ditokelo tse tshwanang le tsa bomphato ba bona ba banna thutong, mesebetsing, thepeng, mafeng le tokeng. Tsamaisong ya moruo o kenyeletsang bohle, re tiisitse meqheleba ho netefatsa seabo se phethahetseng sa basadi moruong, le ho tsamaiseng moruo o kenyeletsang bohle.
3.4. E le karolo ya ho keteka Kgwedi ya Basadi, Lefapha la Temo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi –ka selekane le Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Tlhabollo ya Mobu, le khamphane ya Total South Africa – ka Labone mohla la 23 Phato 2018, ba tla ba le moketjana wa bo19 wa Selemo le selemo wa Dikgau tsa Bahwebi ba Basadi East London Kapa Botjhabela.
3.5. Mmuso, hammoho le balekane ba wona, ba tla tshwara Mmoka wa Naha wa Bong, ho hahamalla tumellanong ya kamoo ho ka sebetsanwang hantle ka teng le GBV.
3.6. Letona la Sepolesa, Monghadi Bheki Cele, o laetse botjha ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) ho bea dinyewe tse amanang le tlhekefetso ya basadi le bana ka sehloohong. Ha mosadi kapa ngwana a tlaleha tlolo ya molao kapa tlhekefetso, e tlameha ho salwa morao ka potlako yohle e e lokelang e be e ilo phethelwa ka botlalo.
4. Ho nkuwa ha mobu
Kabinete e leboha maAforika Borwa a bileng le seabo dipitsong tsa palamente tsa nonyo ya maikutlo a setjhaba ka kgonahalo ya tlhophobotjha ya Karolo ya 25 ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa wa 1996, ho dumella ho nkuwa ha mobu ntle le ditlhapiso. Komiti ya Palamente ya Tlhophobotjha ya Molaotheo e phethetse dipitso tsa yona diprofenseng tsohle. Dipuisano tse neng di le dipitsong tsena esita le diphehiso tse ngotsweng, jwale di tla sekasekwa ke Palamente.
Dipuisano tabeng ya boithuelo ba mobu Aforika Borwa e bohlokwa, mme ha re sebetsa mmoho re ka netefatsa hore ditlhabollo tsa mobu di ka boela tsa thusa ho hodiseng moruo wa rona, haholoholo lekaleng la temo di be di rarolle qaka ya ho se lekane ha boithuelo ba mobu naheng ya rona.
Moporesidente Cyril Ramaphosa o thontse Komiti ya Matona a Kopaneng, eo modulasetulo wa yona e leng Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza, ho hlophisa le ho kenya tshebetsong dikgato tsa ho akofisa kabobotjha ya mobu, katoloso ya tshireletso ya ho dula sebakeng se itseng, phano ya tshehetso ya tsa temo le ho lokisa ho se lekane ho renang jwale, kahare ho kabobotjha e batsi e phethahetseng ya mobu esita le lenaneo la ntshetsopele ya temo.
5. Letsholo la Matlwana a Loketseng Dikolo (SAFE)
5.1. Kabinete e amohela kgakolo ya letsholo la SAFE ka Moporesidente Ramaphosa, e le karolo ya karabelo ya mmuso diphephetsong tsa matlwana tseo tse ding tsa dikolo tse futsanehileng ka ho fetisisa naheng ena di tobaneng le tsona.
5.2. Kgato ya SAFE e etelletswe pele ke Lefapha la Thuto ya Motheo, ka selekane le Letsete la Tshebedisanommoho la Thuto ya Naha.
5.3. Kabinete e etsa kgoeletso makaleng ohle a setjhaba, ho akga le dikgwebo tse kgolo le mekgatlo eo e seng ya mmuso, ho tshehetsa kgato ena e reretsweng ho fedisa tshallomorao ya meralo ya motheo bakeng sa dikolo tse dibakeng tse futsanehileng.
6. Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS)
Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ke Letona la Thuto e Phahameng le Thupelo, Mofumahadi Naledi Pandor, ka diphephetso tseo NSFAS e tobaneng le tsona. E le ho tsitsisa le ho rarolla ka nepo diphephetso tseo NSFAS e tobaneng le tsona kanetsong ya ditjhelete baithuting ba tshwanelehileng, Kabinete e tsheheditse ho thonngwa ha Motsamaisi, Ngaka Randall Carolissen.
Thonyo ya Ngaka Carolissen e qhala Boto ya jwale ya NSFAS hanghang. Motsamaisi hammoho le setlamo sa botsamaisi ba hae ba tla sebeletsa ho nka qeto e ntle ka tshallomorao le diphephetso tse ding tseo setheo se tobaneng le tsona, ho netefatsa hore letlole la baithuti le tsamaiswa ka bokgabane ka 2019, le hore diqaka tsohle tse salletseng morao tsa 2017 le 2018 di a rarollwa.
7. Ho heletswa mosebetsing
Kabinete e tshwenyehile ka ditsebiso tse sa tswa etswa ka ho heletswa mosebetsing le ho fela ha mesebetsi ho ka nnang ha etsahala diindastering tse ding, ho akga le merafo le mehlodi ya ditaba. Re thasisetsa boipiletso ba rona ho ba kgwebo hore ba lekodisise mekgwa e mengata e fapaneng pele ba ka nahana ka taba ya ho heletsa mosebetsing, ba boele ba lekole mekgwa e meng e teng ya ntlafatso ya ho boloka mesebetsi.
Mmuso o tswelapele ho sebedisana le ba kgwebo le ba bosebetsi, mme o ntse o na le tshepo ya hore ha re sebetsa mmoho, re ka hodisa moruo wa rona re be re thee mesebetsi e metjha.
8. Kgaso
Kabinete e amohela ditaba tsa hore Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC) le tla hasa dipapadi tsa English Premiership League. Leha kgaso ena e ka nna ya eba monyetla wa pokello ya tjhelete ho SABC, mmuso o tshepa hore ho haswa ha dipapadi tsena ha ho ka ke ha sekisetsa dipapadi tsa lapeng kapa wa mpefatsa boemo ba ditjhelete ba mohasi wa setjhaba, ha ho shejwa diphephetso tsa jwale tsa ho fellwa ke tjhelete.
Kabinete e utlwile ka Memo ya ho etsa Kopo ya ho ntshuwa ha dilaesense tsa bobatsi ba kgaso bakeng sa phano ya boingodisetso ba ditshebeletso tsa kgaso ke Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahano la Aforika Borwa (ICASA).
Leha merero ya ho ntshuwa ha dilaesense e le boikarabelo bo qollehileng ba ICASA, ho ya ka Karolo ya 192 ya Molaotheo, mosebetsi wa ho ntshuwa ha dilaesense o tshwanela ho etswa ka mokgwa o sa thunthetseng lepatlelo la maqhubu a kgaso nakong ya phetoho ya ho tloha mokgweng wa kgale wa kgaso wa analoko ho ya ho o motjha wa dijithale, kapa o kgothaletsang ho se qothisane lehlokwa. E tshwanela ho netefatsa hore beng ba dilaesense ba batjha ba kgona ho qothisana lehlokwa ka mokgwa o lokolohileng ebile e le o se nang leeme.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha Tumellano ya ho thewa ha Sebaka sa Kgwebisano ya Mahala sa Kontinente ya Aforika, bakeng sa ho tjhaellwa monwana. Tumellano ena e tla thusa ka phihlello mebarakeng e metjha e hatetseng pele Aforika yohle, haholoholo mebaraka e metjha ya Aforika Bophirimela le Aforika Leboya. E tla boela e fana ka menyetla ya diyantle bakeng sa dihlahiswa tsa Aforika Borwa. Sena se tla boela se tsamaisana le mokgwa wa ntshetsopele e momahantsweng kontinenteng. E tla qholotsa ntshetsopele ya diindasteri, botsetedi le ho thewa ha mesebetsi kontinenteng.
2. Diphuputso tsa bobatsi ba tikoloho ya kgaso ha ho ntshuwa ha dilaesense
Kabinete e ananetse sephetho sa diphuputso tse entsweng ke Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindasteri (CSIR), tse neng di habile ho fumana hore na bobatsi ba kgaso bo teng bo boholo hakae bakeng sa phihlello le ho ntshuwa ha dilaesense ka bolokolohi indastering. Diphuputso di netefatsa hore bobatsi ba tikoloho ya kgaso bo ka ntshetsa dikhamphane tse qalang tse nang le boitsebelo tsa Marangrang a Phihlello e Bulehileng ya Waelese (WOAN) le diindasteri tseo e leng kgale di le teng sebakeng sena dilaesense tsa kgaso.
Ho tse ding, ho tla fihlellwa ditlhoko tsa leano la naha, ditjeo tsa dikgokahano; ho tlosa ditshita tsa ho kena bakeng sa dikhamphane tse nyenyane le tse mahareng, esita le ho boloka matsete a seng a le teng. Letona la Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Siyabonga Cwele, o tla tshwara seboka se phethahetseng sa ditaba ho manolla tlaleho ena.
3. Kgatelopele profenseng ya Leboya Bophirimela
Kabinete e amohetse tlaleho ya bone ya kgatelopele ka Karolo ya 100(1) ya bokenadipakeng Leboya Bophirimela. Kabinete e kgotsofetse ka kgato ya ho kenngwa tshebetsong, moo dikatleho tse ngatanyana di fihlelletsweng, ho ya ka mokgwa oo projeke e hlophisitsweng ka teng profenseng.
- Tokomane ya Kutlwisisano dipakeng tsa mmuso wa naha le wa profense e tekennwe ke Sehlopha sa Tshebetso ya Matona a Kopaneng (IMTT) mabapi le Leboya Bophirimela;
- Batsamaisi ba bahlano ba mafapha a kentsweng katlasa Karolo 100(1) ba se ba thontswe mme ba kentswe semmuso e le bahlanka ba ikarabellang;
- Metjha le methati e latelwang dipakeng tsa Matona a Naha le Ditho tsa Lekgotla la Ketsamelao (bo-MEC) e se e tekennwe, ho ipapisitswe le Karolo ya 100(1)(b); ebile
- Mohlophisi ya akaretsang wa bolaodi ba bokenadipakeng ba Leboya Bophirimela o se a thontswe.
Kabinete e boetse ya bontsha kgotsofalo ka bokenadipakeng ba hanghang ba Lebotho la Sesole sa Naha la Aforika Borwa (SANDF), esita le Akgente ya Tshehetso ya Meralo ya Motheo ya Bomasepala qakeng ya dikgwerekgwere Masepaleng wa Dibaka wa Ditsobotla Leboya Bophirimela. Ho qhalana ha dikgwerekgwere, e leng ntho e fetohileng tlokotsi bophelong bo botle ba setjhaba, ho se ho lokisitswe.
Kabinete e thoholeditse mosebetsi o seng o entswe ke Batsamaisi ho fihlela jwale katlasa boetapele ba IMTT, moo modulasetulo e leng Letona Nkosazana Dlamini-Zuma.
4. Morero wa Mehlodi e Kopantsweng (IRP)
Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Morero o ntlafaditsweng wa Mehlodi e Kopantsweng bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.
Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) o hlwaya tlhokeho ya Aforika Borwa ya ho tsetela marangrang a matla a meralo ya motheo ya moruo, a raletsweng ho tshehetsa dipheo tsa naha tsa nako e bohareng le tsa e telele ya moruo le setjhaba. Meralo ya motheo wa eneji ke sesebediswa sa bohlokwa se matlafatsang diketsahalo tsa moruo le kgolo ho pharalla le naha; e tshwanela ho ba matla le ho ba batsi ka ho lekaneng ho fihlela ditlhoko tsa diindasteri, dikgwebo le tsa malapeng.
Ho phethelwa ha IRP ho tla fana ka botsitso bo hlokehang ho ba nkang seabo indastering esita le ho bareki, ho ya kamoo tshireletso ya phepelo ya motlakase ya nako e bohareng le e telele e leng ka teng.
Letona la Eneji, Monghadi Jeff Radebe, le lefapha ba tla dula majwana le Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Lekgotla la Bosebetsi EXCO ka Labohlano, mohla la 24 Phato 2018 mabapi le tlaleho ya nakwana, e tla boela e phatlalatswa Koranteng ya Mmuso le websaeteng ya Lefapha la Eneji (www.energy.gov.za) ho fihlela ka Mantaha, mohla la 27 Phato 2018.
5. Kabinete e ananetse Leano la Mmuso la Dikgokahano, le tla sebediswa mmusong ka kakaretso. Leano lena le rala mekgwa le maemo bakeng sa basebetsi ba mmuso ba dikgokahano. Le boela le qobella mafapha ohle a mmuso ho fana ka bajete ya dikgokahano le thupello ya basebetsi e lefelletsweng ka botlalo. Leano lena le tla thusana le Khoutu ya jwale ya Boitshwaro bakeng sa Tshebeletso ya Setjhaba.
6. Kabinete e ananetse hore Lewa la ho Qetela la ho Rarolla Tshilafalo ya Moya Bathong ba fumanang Lekeno le Tlase Aforika Borwa le kenngwe tshebetsong. Leano lena le fana ka mokgwa o hlophisitsweng wa ho fokotsa tshilafalo ya moya e amanang le mesi e kunkelang dibakeng tsa batho ba fumanang lekeno le tlase.
Moya o fokaelang ha jwale dibakeng tsena, o feta tekanyo ya Maemo a Naha a Boleng ba Moya wa Tikoloho jwalokaha a lekantswe Bolaoding ba Naha ba Tikoloho: Molao wa Boleng ba Moya, 2004 (Molao wa 39 wa 2004). Lewa lena le fana ka bokenadipakeng ba ho fokotsa tshilafalo le bile le kgothaletsa mananeo a tlhokomediso a tla totobatsa thefuleho ya bophelo bo botle ha tshilafalo e tswelapele. Le boela le fana ka mekgwa e meng ya eneji.
7. Kabinete e ananetse Lewa la Dipalangwang tse sa Senyeng Tikoloho, le tla thusa ho fokotsa ho kunkela ha dikgase tse senyang tikoloho (GHG) hore di se ke tsa ya tikolohong. Ha jwale, lekala la dipalangwang le na le karolo ya 10,8% palong yohle ya di-GHG tse kunkelang, moo dipalangwang tsa mebileng le ikarabelang ka 91,2% ya di-GHG tsena tse kunkelang.
Lewa lena le hlahisa mekgwa e mengatanyana ya bokenadipakeng e tla fana ka phokotseho ya ho kunkela. Le kgothaletsa mekgwa e meng esele ya dipalangwang e tla ntsha di-GHG tse fokolang hore di ye tikolohong. Lewa lena le se le fetile dipuisanong mmoho le setjhaba ka 2017.
8. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha tokomane e theang Mokgatlo wa Polokeho ya Bofofisi ba Difofane (SASO) wa Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (SADC), bakeng sa ho tjhaellwa monwana. Tokomane ena e fana ka moralo wa molao wa ho thea SASO, ho thusa Dinaha tseo e leng Ditho tsa SADC ka tekolo ya polokeho ya bofofisi ba tsona ba difofane. E tla boela e nolofatsa kaho e kgabane ya meralo ya motheo ya bofofisi ba difofane Dinaheng tseo e leng Ditho tsa SADC.
9. Kabinete e ananetse Tokomane ya Tataiso ho tsa Bonono, Botjhaba le Letlotlo la botjhaba ya 2018. Tokomane ena ya Tataiso e hlakola dikateng tsa Tokomane ya Tataiso ho tsa Bonono, Botjhaba le Letlotlo la botjhaba ya 1996. Tokomane ya Tataiso ena ke sephetho sa tlhophobotjha ya Tokomane ya Tataiso ya 1996, e neng e ananela dikatleho mapatlelong ohle a bonono, botjhaba le letlotlo la botjhaba ebile e lekola dikarolong tse neng di dula e le phephetso ntshetsopeleng ya kaho ya setjhaba le momahanyo ya setjhaba demokerasing ya rona.
Tokomane ya Tataiso e hahamalletse ho etsa lekala le tswelang pele, le mahlahahlaha ebile e le le hlabollotsweng la bonono, botjhaba le letlotlo la botjhaba la Aforika Borwa le tla kenya letsoho kahong ya setjhaba, momahanong ya setjhaba esita le ho kenyeletswa ha moruo wa setjhaba.
10. Kabinete e ananetse Moralo wa Leano la Naha wa Letlotlo la botjhaba ho tsa Botjhaba ba Metsing, o momahanyang Selekane sa Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng Thutong, Saense le Botjhaba, Molao wa Naha wa Mehlodi ya Letlotlo la botjhaba, 1999 (Molao wa 25 wa 1999) le melao e meng e tshwanelehileng ya naha.
Leano lena le tsheheditswe ke tumelo ya hore letlotlo la botjhaba ho tsa botjhaba ke la batho bohle ba Aforika Borwa. Le hlwaya lethathama la ba amehang le bobapatsi ba letlotlo la botjhaba ho tsa botjhaba ba metsing, esita le ho etsa tlhokomediso ka bohlokwa ba lona le popo ya bokgoni.
11. Kabinete e ananetse Lenaneo la Selemo le Selemo la Ditempe la 2018 le 2019 la Posong ya Aforika Borwa. Ditempe tsena di bontsha botjhaba bo kopakopaneng ba Aforika Borwa, boitsebahatso ba naha, nalane, letlotlo la botjhaba le manoni, bahale ba batona le ba batshehadi, tikoloho esita le ntshetsopele ya moruo wa setjhaba. Ditempe tsena di boela di sebetsa e le maqosa a manyenyane a Aforika Borwa kaha di hlwahlwaela lefatshe ka bophara ka marangrang a poso.
12. Kabinete e ananetse meetso ya lethathama la tjhelete ya tshepe ya babokelli ba letlotlo la sehopotso, e tla ntshuwa ka 2019 ke Khamphane e hatisang Tjhelete ya SA Mint.
C. Dibili
1. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Dikgetho ya 2018. Bili ena e hlomathisa dikoto tse tharo tsa melao, e leng Molao wa Khomishene ya Dikgetho, 1996 (Molao wa 51 wa 1996); Molao wa Dikgetho, 1998 (Molao wa 73 wa 1998) le Mmuso wa Dibaka: Molao wa Dikgetho tsa Bomasepala, 2000 (Molao wa 27 wa 2000).
Bili e etsa dihlomathiso tse ngatanyana ho fetola mesebetsi ya dikgetho ya Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC). Tse ding tsa diphetoho tse sisintsweng di fana ka hore IEC e ka sebedisa mehlodi yohle e teng ya deitha, ho fumana lesedi le hlokehang la ho hlophisa le ho boloka lenane la naha la bakgethi. E boela e thibela tshebediso ya lebitso le kgutsufatso ya lona, meetso ya matshwao kapa tshebediso ya dintho tseo e leng tsa IEC.
2. Kabinete e ananetse ho kenngwa Palamenteng ha Bili ya Sehlomathiso sa Dikgokahano tsa Diilektroniki. Bili ena e hlomathisa Molao wa Dikgokahano tsa Diilektroniki, 2005 (Molao wa 36 wa 2005) ho fa Tokomane ya Tataiso ya Leano la Naha la ICT e Kopantsweng matla, bakeng sa ho hlabolla Aforika Borwa ho ba setjhaba se kenyeletsang bohle, se nang le tsebo le dijithale tsa maemo a hodimo. E boela e fana ka tlhabollo ya lekala ka ho qobella matlafatso e batsi ya ba batsho moruong.
Ho tse ding, e fana ka phokotso ya ditjeo tsa dikgokahano. E boela e fokotsa phetapheto ya meralo ya motheo ebile e kgothaletsa qothisano ya lehlokwa ya ditshebeletso, ka tshebeletso ya WOAN.
3. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Merero ya tsa Ditjhelete bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Dihlomathiso di dikotong tse hlano tsa melao:
- Molao wa Putlamo ya Kgwebo wa 1963, ho matlafatsa taolo ya dikonteraka tseo ho utlwanweng ka tsona, ho ya ka boitlamo ba G20;
- Molao wa Dipenshene tsa Masole wa 1976, ho rarolla karolo ya kgethollo le ho netefatsa bosiyo ba tshekamelo ya bong, e le ho amohela mefuta e fapaneng ya dikamano;
- Molao wa Dibanka wa 1990, ho dumella dikhamphane tseo e leng tsa mmuso tse tshwanelehileng ho etsa kopo ya dilaesense tsa dibanka, haeba ba Phethahatso ba ananela;
- Molao wa Dipenshene tsa Basebetsi ba Mmuso wa 1996, ho fetola mokgwa wa ditefo tlhalanong, ho netefatswe hore ditefo tsa penshene ya ditho ho balekane ba mehleng ha di fetolwe ho ba sekoloto; le
- Molao wa Porofeshene ya Bohlahlobi ba Dibuka wa 2005, ho rarolla diphephetso le dithibelo tseo Boto e Ikemetseng ya Taolo ya Bahlahlobi ba Dibuka e tobaneng le tsona ha e etsa mesebetsi ya yona ya taolo le tekolo.
4. Kabinete e ananetse ho kenngwa ha Bili ya Kgalemo Sesoleng ya 2018 Palamenteng. E lokisa tsamaiso ya mokgwatsamaiso wa boahlodi ba sesoleng, ho thea le ho thonngwa ha ditshebeletso tsa sepolesa sa sesole, le ho mamelwa ha dikgalemo.
Bili ena e tla hlakola Molao wa jwale wa Dikgato tsa Tlatsetso tsa Kgalemo ya Sesoleng, 1999 (Molao wa 16 wa 1999). Bili e tla amanya Kgalemo ya Sesoleng ya SANDF ho ya UN, haholoholo masoleng a dithomong tsa ho boloka kgotso.
5. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Dikhamphane ya 2018 Koranteng ya Mmuso, hore setjhaba se tshwaele. Bili e hlomathisa Molao wa Dikhamphane, 2008 (Molao wa 71 wa 2008). E fokotsa merwalo ya taolo le tsamaiso ho beng ba dikgwebo ebile e ntlafatsa kgohedi ya Aforika Borwa ho batsetedi ba nang le tjheseho ya ho tsetela naheng ena.
D. Diketsahalo tse tlang
1. Kgwedi ya Bohahlaudi ya Lwetse e kgakotswe ka la 16 Phato 2018 Tsitsikama Kapa Botjhabela, katlasa mokotaba o reng: “Bohahlaudi le tlhabollo ya dijithale”, o bontshang mokotaba wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bohahlaudi wa UN le Letsatsi la Lefatshe la Bohahlaudi le tla ba ka la 27 Lwetse 2018.
Ho ya ka tlaleho ya Lekgotla la Lefatshe la ho Eta le Bohahlaudi e ntshitsweng ka Pudungwana 2016, bohahlaudi bo hira batho ba 1.55 milione ka kotloloho le ka tsela e sa otlolohang Aforika Borwa, mme seabo sa bona se otlolohileng ho boleng ba tjhelete ya dihlahiswa tse hlahisitsweng, ke R118 bilione.
Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tshehetsa lekala lena la bohlokwa la moruo. Ho boetse ho bohlokwa hore re sebeletse ho ba le lekala la bohahlaudi le kenyeletsang bohle le bile le utolla bohwebi, menyetla ya moruo le mesebetsi setjhabeng sa habo rona.
2. Kabinete e ananetse Lenaneo la 2018 la Kgwedi ya Tshebeletso ya Setjhaba katlasa mokotaba o reng: “Thuma Mina: Re isa Tshebeletso ya Setjhaba Bathong: Batho Pele: “Re ba lona, Re a Tsotella ebile Re a le Sebeletsa”. Lenaneo la diketsahalo tsa kgwedi kaofela le tla fumantshwa ka websaete ya mmuso (www.gov.za).
3. Letsatsi la naha la Sehopotso la SAPS ka la 2 Lwetse 2018, ka diketsahalo tsa sehopotso tse qalang ho tloha ka la 31 Phato 2018. Sena se etsetswa ho hopola bahlanka ba sepolesa le marisefe ba ileng ba bolawa ba le mosebetsing, kaha ba intshitse sehlabelo ho sebeletseng setjhaba.
Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ananela le ho keteka maphelo a bahale bana ba shweleng ba le mosebetsing. E etsa kgoeletso mafapheng a mmuso ho pharalla le naha ho theolela difolakga halofong, esita le ho ba le motsotso wa kgutso meketjaneng yohle ya bodumedi nakong ya la 31 Phato ho ya ho la 2 Lwetse 2018, e le letshwao la tshehetso ho SAPS.
4. Aforika Borwa e tla tshwara Seboka sa Matjhaba ho Saense, Thekenoloji, Injiniereng le Bolaodi, e hlophisitsweng ke Bofuputsi ba Lefatshe, ho tloha ka la 24 ho ya ho la 25 Phato 2018 Motse Kapa. Seboka sena, se tla fana ka menyetla ho ba nkang seabo hore ba thakelane tsebo le malebela le batho ba lefatshe lohle, se boela se netefatsa hore Aforika Borwa ke sebaka se seholo seo ho tshwarelwang diketsahalo tsa matjhaba ho sona.
5. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ba le seabo diketsahalong tsa ho keteka Kgwedi ya Letlotlo la Botjhaba ka Lwetse. Kgwedi ya Letlotlo la Botjhaba e nkelwa hloohong selemo le selemo, ho kgothaletsa setjhaba ho keteka kopano ya sona ka ho se tshwane ha sona esita le ho tswela pele ho aha naha eo batho ba yona ba tsotellanang ba bile ba hlomphana.
E. Melaetsa
1. Dithonyo bakeng sa Ditlokola tsa Naha
Kabinete e thasisetsa memo ya Moporesidente Ramaphosa ho ditho tsa setjhaba hore di thonye baahi le melata e ipabotseng, bao ba nahanang hore ba lokela ho amohela ditlotla tse hodimodimo tsa naha, Ditlokola tsa Naha. Letsatsi la ho qetela la dithonyo ke mohla la 7 Lwetse 2018.
2. Eid
Kabinete e fetisitse molaetsa wa mahlohonolo ho setjhaba sa Mamoseleme Aforika Borwa le lefatshe ka bophara ha se ne se keteka Eid-ul-Adha maobane, ka Laboraro mohla la 22 Phato 2018. Mamoseleme a kahodimo ho 2 500 a tswang Aforika Borwa a etetse Saudi Arabia ho ya ikamahanya le Masolomane a lekanyetswang ho dimilione tse pedi a tswang lefatsheng lohle bakeng sa leeto le halalelang la Hajj.
3. Melaetsa ya matshediso
3.1. Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Ramaphosa ho fetiseng matshediso ho lelapa le metswalle ya Mme Zondeni Sobukwe, ya neng a tsejwa ka hore ke “Mme wa Azania”. Moporesidente Ramaphosa o tsebahaditse hore o tla tlotlwa ka Lepato le Kgethehileng la Semmuso la Mokgahlelo wa 2. E ne e le mohale wa ntwa ya kgano ebile e le molwanedi wa tokoloho ya maAforika Borwa ohle, ya ileng a tswela pele ka bolwanedi ba hae ho fihlela nakong ya demokerasi. Mohla la 28 Mmesa 2018 – ebile e le katoloso ya meketjana ya Letsatsi la Tokoloho – Moporesidente Ramaphosa o ile a rwesa Mme Sobukwe Tlokola ya Naha ya Luthuli ya Silifera. E ne e boetse e le mofumahadi wa Moporesidente wa Pan Africanist Congress (PAC) Robert Mangaliso Sobukwe. Selemo sa 2018 se boela se tshwaya sehopotso sa bo40 sa lefu la Monghadi Sobukwe. Mme Sobukwe o tla bolokwa ka Moqebelo, mohla la 25 Phato 2018, Setsheng sa Bafu sa Kroonvale Graaff-Reinet Kapa Botjhabela.
3.2. Kabinete e boela e ikamahanya le Moporesidente Ramaphosa ho fetiseng matshediso ka ho hlokahala ha Mobabatsehi Kofi Atta Annan, Mongodi Kakaretso wa mehleng wa UN (UNSG). Monghadi Annan e bile motho e motsho wa pele ho ba UNSG mme a sebedisa setulo sa hae ho ntshetsapele mananeo a Aforika. Lefu la hae ke tahlehelo e kgolo lefatsheng lohle.
3.3. Kabinete e boela e fetisa matshediso ka ho hlokahala ha sebini se tswileng matsoho lefatsheng ebile e le molwanedi wa ditokelo tsa setjhaba Amerika, Aretha Franklin.
3.4. Kabinete e ikamahanya le batho ba matjhaba ho romeleng matshediso Mmusong le bathong ba Italy, le malapa a mahlatsipa, kamora ho wa ha borokgo ba makoloi ba Morandi ka leboya bophirimela ho motse wa Italy wa Genoa. Kabinete e boela e lakaletsa ba lemetseng hore ba fole ka potlako.
3.5 Kabinete e fetisa matshediso ho lelapa le metswalle ya radipolotiki ya tummeng lefatsheng ho tsa moruo ebile e le morutehi wa Aforika, Samir Amin, ya hlokahetseng mohla la 12 Phato 2018 a na le dilemo tse 86. Nakong ya bophelo bohle ba hae e ne e le molwanedi ya matla wa tokoloho ya Dinaha tse Thuthuang, mme maikutlo a hae a fetotse mokgwa oo re utlwisisang bokapitale le boimpheriale ka teng.
3.6 Kabinete e boela e fetisetsa matshediso a yona ho mmuso le batho ba India ka tahlehelo ya maphelo nakong ya dikgohola tsa moraorao le ho ritsa ha seretse tikolohong ya Kerala.
3.7 Matshediso a ile a boela a romelwa ho mmuso le batho ba Sudan kamora ho kgaqwa ha bana ba sekolo ba 24 ba palame sekepe Nokeng ya Naele.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
1. Mofumahadi Deshni Subbiah e le Molaodi Botong ya Koporasi ya Inshorense ya Sekoloto sa Diyantle ya Aforika Borwa SOC Limited.
2. Mofumahadi Thezi Rosemary Mabuza, o thontswe botjha e le Motlatsi wa Mokhomishinara wa Khomishene ya Naha tsa Bareki.
3. Balaodi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Balaodi ba Banka ya Ntshetsopele ya Mobu le Temo:
- Moadvokheiti Sanngakaa Coetzee (thonyobotjha); le
- Mofumahadi Mathane Eveline Makgatho (thonyobotjha).
4. Balaodi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Khamphane ya Baemafofane ba Aforika Borwa:
- Ngaka Nolulamo Nobambiswano Gwangwa (Modulasetulo);
- Mofumahadi Phydelis Ntombifuthi Mvelase;
- Monghadi Yershen Pillay;
- Monghadi Bonang Francis Mohale;
- Monghadi Pascalis Mathealira Mokupo;
- Mofumahadi Nosizwe Nokwe-Macamo; le
- Monghadi Nqobizitha Irvin Phenyane.
5. Ditho tseo e seng tsa phethahatso tsa Boto ya Lekgotla la Mebila ya Naha la Aforika:
- Monghadi Themba Barrange Mhambi (Modulasetulo);
- Monghadi Alderman Robert Haswell;
- Mofumahadi Nkareng Mpobane;
- Monghadi Thamsanqa Piet Matosa; le
- Mofumahadi Dladla.
6. Lekgotla la Naha la Boeletsi Ntlafatsong:
- Mofumahadi Claire Busetti (thonyobotjha);
- Monghadi Paul Steenkamp (thonyobotjha);
- Mofumahadi Thulile Mthethwa;
- Monghadi Isaiah Clive Engelbrecht;
- Rejoyce Gavhi-Molefe;
- Moprofesara Derrick Ian Swartz (Modulasetulo);
- Ngaka Tiisetso Elizabeth Lephoto;
- Mofumahadi Ilse Karg (thonyobotjha ebile e le moemedi wa Lefapha la Kgwebisano le Indasteri (dti));
- Ngaka Molapo Qhobela (thonyobotjha);
- Moprofesara Crain Arthur Soudien (thonyobotjha);
- Ngaka Thulani Humphrey Dlamini (thonyobotjha);
- Monghadi Dhesigen Pydiah Naidoo (thonyobotjha);
- Ngaka Shadrack Moephuli (thonyobotjha);
- Moprofesara Roseanne Denise Diab (thonyobotjha);
- Ngaka Boitumelo Phakathi; le
- Mofumahadi Mamello Matikinca.
7. Lekgotla la Naha la Sepakapaka la Aforika Borwa:
- Mofumahadi Xoliswa Kakana (Modulasetulo);
- Moprofesara Azwinndini Muronga;
- Monghadi Johan Prinsloo (thonyobotjha);
- Monghadi Willie van Biljon (thonyobotjha);
- Monghadi Eugene Jansen (thonyobotjha);
- Monghadi Ashley Naidoo (thonyobotjha ebile e le moemedi wa Lefapha la Merero ya Tikoloho);
- Monghadi Lindelwa Simphiwe Hamilton (thonyobotjha ebile e le moemedi wa Lefapha la Lebotho la Tshireletso);
- Mofumahadi Nomfuneko Majaja (moemedi wa dti);
- Mofumahadi Mariam Paul (moemedi wa Lefapha la Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso);
- Mofumahadi Leago Stella Takalani;
- Mofumahadi Lumka Msibi;
- Moadvokheiti Icho Kealotswe Matlou;
- Mofumahadi Matsie Matooane (thonyobotjha);
- Mofumahadi Innocentia Mmule Pule (thonyobotjha); le
- Mofumahadi Mbaliyethu Mfeka (thonyobotjha).
8. Letsete la Naha la Diphuputso:
- Moprofesara Tinyiko Maluleke (thonyobotjha);
- Moprofesara Nadine Felicity Petersen;
- Ngaka Sarah Mosoetsa (thonyobotjha);
- Ngaka Nompumelelo Obokoh (Modulasetulo);
- Moprofesara Haroon Bhorat;
- Moprofesara Zebion Vilakazi;
- Moprofesara Sinah Saurabh;
- Moprofesara Nomalanga Mkhize;
- Moprofesara Glenda Elisabeth Gray;
- Ngaka Bongani Ngqulunga;
- Mofumahadi Mpho Letlape (thonyobotjha);
- Monghadi Mashangu Ronny Lubisi (thonyobotjha); le
- Mofumahadi Claire Busetti (thonyobotjha).
Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Phala ya Kabinete e Tshwereng Molepo
Mohala: 083 501 0139