Kabinete e kopane ka Laboraro, mohla la 24 Phupu 2019 Tuynhuys Motse Kapa
A. Dintlha tsa Maemo a Renang Jwale
1. Diphetoho tsa moruo le tlhahiso ya mesebetsi
Kabinete e amohela thahasello e eketsehileng ya bao e ka bang batsetedi ba kamoso esita le bao ba seng ba le teng, ka ho supa Aforika Borwa e le sona sebaka seo ba ikgethelang ho tsetela ho sona. Dikananyetsano tsa moraorao tsa sebele le tse ka kgonahalang, di thasisetsa ntlha ena ka bokgabane ebile di akga le dikananyetsano tse lekaleng la makoloi (Ford), setsi sa tlhahiso ya dikhemikhale (BFG Rail) le disebedisuwa tsa diindasteri tsa motlakase (Aberdare) esita le botsetedi bo ka kgonahalang bo kang ba ho etsuwa ha dihlahiswa tsa temothuo (PepsiCo), athe ena yona e itshetlehile mesebetsing e tswelang pele ya beng ba diabo le taolo.
1.2 Ketso ya PepsiCo ya ho bea R25 bilione tafoleng e le ho reka khamphane ya Pioneer Foods, e babaditswe e le ho tshepela ho totobetseng moruong wa Aforika Borwa.
1.3 Baetsi ba makoloi a Ford ba tsebisitse hore merero ya bona ya katoloso e tla thea mesebetsi e 1200, ho ya ka ho kenngwa tshebetsong ha boikitlaetso ba botsetedi ba R3 bilione. Setsi sa khamphane ena se Silverton, se hoketse bokgoni ba ho hlahisa makoloi a di-Ford Ranger le di-Everest a fihlellang ho 168 000 ka selemo – e leng keketseho ya makoloi a 44 000 le pele ho katoloso.
1.4 Ho feta moo, botsetedi ba R50 milione ba khamphane ya tlhahiso ya BFG Rail setsing se hatetseng pele sa tlhahiso Gauteng, bo tla etsa hore ho be le setsi sa maemo a hodimo se momahantsweng sa tlhahiso, se ipabolang ka mesebetsi e ntlafaditsweng ya boinjiniere ho sebediswa dithekenoloji tse hatetseng pele.
1.5 Nelson Mandela Bay teng, khamphane ya Aberdare Cables e tsebisitse ka katoloso ya mesebetsi ya yona ha e ne e bula Setsi sa High-Voltage Power Cable, ka botsetedi ba R135 milione e be e thee mesebetsi e 58 kahodimo ho mesebetsi e 429 e sebakeng seo ha jwale khamphane e sebeletsang ho sona.
1.6 Botsetedi setsing se setjha, disebedisweng le tlhahisong e ekeditsweng, bo thea mesebetsi e metjha ebile bo hodisa Paloyohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP). Makala ohle ao tlhahiso e ntjha e etsahalang ho ona, a kahara makala a hlwailweng ke Moporesidente Ramaphosa Puong ya hae ya Boemo ba Naha (SoNA). Aforika Borwa e fana ka dibopeho tse qollehileng tsa meralo ya motheo ya moruo tse tswetseng pele haholo, mebaraka ya moruo e mahlahahlaha e thuthuang le phihlello mebarakeng e holang ka sekgahla se hodimo khontinenteng ya Aforika. Aforika Borwa le yona ke hlohla ya makala a matjha a botsetedi a kang a moruo o sa senyeng tikoloho, kaho ya dikepe tsa oli le kgase esita le moruo wa mawatleng.
2. Tlaleho ya Lefatshe ka Bophara ya Lenaneo le Kopanetsweng la Matjhaba a Kopaneng la HIV le AIDS (UNAIDS)
2.1 Kabinete e kgothaditswe ke Tlaleho ya moraorao ya Lefatshe ka Bophara ya UNAIDS, e sa tswa kgakolwa Aforika Borwa. Ho ya ka tlaleho ena, Aforika Borwa e atlehile ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha tsa HIV ka sekgahla se kahodimo ho 40%, esita le ho shwa ka mabaka a amanang le AIDS ka sekgahla se ka etsang 40% haesale ho tloha ka 2010. Tlaleho ena e tiisa hore mawala a rona a bokenadipakeng ho HIV le AIDS a ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha le ho alosa bakudi ba seng ba phela le lefu lena, bo tlisa diphetho tse ntle.
2.2. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ohle hore a phele ka boipaballo e le ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha.
3. Twantsho ya ditlolo tsa molao
3.1 Kabinete e boela e tiisa boikitlaetso ba yona ba ho thea tikoloho e bolokehileng ebile e le e tshireletsehileng, kahare ho dibaka tsa rona. Ka tshebedisanommoho ya mmuso le setjhaba, re ka fedisa sewa sa ditlolo tsa molao re be re thee tikoloho e bolokehileng, e nang le kgotso kahare ho dibaka tsa rona, ebile e le e ntle haholo bakeng sa botsetedi.
3.2 Dikgato tse fapafapaneng tse sa tswa nkuwa ke makgotla a qobello ya molao naha ka bophara, di thusitse hore ho tshwarwe babelaellwa ba bangatanyana ha ba ha hapjwa le dithethefatsi tse seng molaong. Lebotho la Sesole sa Naha sa Aforika Borwa (SANDF) le lona le nanabeditswe dibakeng tse ding tseo ho tsona ditlolo tsa molao di jeleng setsi ka ho fetisisa, ho ya tshehetsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) matsapeng a sona a ho bea maqulwana a dinokwane le thekiso ya dithethefatsi taolong.
3.3 Kabinete e kopa setjhaba hore se dule se le sedi se be se tlalehele sepolesa diketso tsohle tsa ditlolo tsa molao, ho sa natsehe hore ke mang ya tjhang a tshola.
B. Diqeto tsa Kabinete
Leano le Motjha wa Leano bakeng sa ho ntshuwa ha Dilaisense tsa Maqhubu a Kgaso a Hlokehang ka ho Fetisisa
1.1 Kabinete e ananetse Leano le Motjha wa Leano bakeng sa ho ntshuwa ha Dilaesense tsa Maqhubu a Kgaso a Hlokehang ka ho Fetisisa kamora dipuisano tse batsi le lekala le setjhaba. Leano le Motjha wa Leano di rala moralo wa diphetoho tsa lekala ka ho thusa ba qalang hore ba kene mmarakeng ona o bohlokwa, ha ka ho le leng ho ntse ho kgothatswa botsetedi le bosibolli. Matsatsing a mmalwa a tlang, Letona la Dikgokahanyo Mofumahadi Stella Ndabeni-Abrahams, o tla ntsha leano la moshwelella le ananetsweng ke Kabinete a be a tsebise mehlodi ya ditaba.
2. Tlaleho ya Setlamo sa Boeletsi bo Tebileng ho Moporesidente ka Tlhabollo ya Mobu le Temothuo
2.1 Kabinete e amohetse tlaleho ya makgaolakgang e tswang Setlamong sa Boeletsi bo Tebileng ho Moporesidente ka Tlhabollo ya Mobu le Temothuo. Moporesidente Ramaphosa o thontse setlamo sena ka Lwetse ya 2018, e le ho fana ka mohopolo wa leano le momahantsweng la tlhabollo ya mobu. Tlaleho ena e fana ka diphumano tsa maemo a renang ha jwale, ebile e etsa dikgothaletso tse tla thusa ho akofiseng mosebetsi wa mmuso wa ho lokisa nalane ya ho se lekane ha kabo ya mobu.
2.2 Kabinete e laetse hore Matona ohle, ka mafapha a ona a fapaneng, a tlameha ho bala tlaleho ena hammoho le dikgothaletso tsa yona tse sisintsweng, ka nako ya dikgwedi tse pedi, ebe a kgutlela Kabineteng. Komiti ya Matona a Kopaneng ka Tlhabollo ya Mobu, eo modulasetulo wa yona e leng Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza, e tla alosa mosebetsi ona.
2.3 Kabinete e fetisa tlhompho ya yona ka mosebetsi o entsweng ke setlamo sena seo modulasetulo wa sona e neng e le Ngaka Vuyokazi Mahlathi, mme e ananetse hore tlaleho ena e lokollelwe setjhaba.
2.4 Letona la Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Mahae, Mofumahadi Thoko Didiza, hammoho le setlamo sena, ba tla tshwara seboka se lehlakoreng sa ditaba e le ho manolla dikateng tsa tlaleho ena. Seboka sena sa ditaba se tla ba ka hora ya leshome hoseng ka Sontaha sa la 28 Phupu 2019 Setsing sa Ditaba sa Ronnie Mamoepa se GCIS Hatfield, mme ho tla ba le vidiyo e hokelanang le Setsi sa Imbizo sa GCIS se Motse Kapa.
D. Dibili
3. Bili ya Sehlomathiso sa Kamohelo ya Semolao ya Manyalo a Setso ya 2019
1.1 Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Kamohelo ya Semolao ya Manyalo a Setso ya 2019 Palamenteng.
1.2 Bili ena e etsa hore Karolo ya 7(1) le ya (2) tsa Molao wa Kamohelo ya Semolao ya Manyalo a Setso (RCMA), 1998 (Molao wa 20 wa 1998) di tsamaisane le dikahlolo tsa Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo, le ileng la ahlola ka hore dikarolo tsena ha di a amoheleha ho ya ka molaotheo. Dikarolo tsena di leeme kgahlanong le basadi ba manyalong a setso.
1.3 Bili e lelekela tshwaro e lekanang ya basadi ba manyalong a setso a bomong le a sethepu, ao a bileng teng pele ho Molao ona. Dihlomathiso tsena di fedisa kgethollo ya bong manyalong a sethepu, ao ho itlanngweng ka ona pele ho thakgoha RCMA ya 1998. Balekane jwale ba tla ba le ditokelo tse lekanang tsa kopanelo ya thepa, mabapi le thepa ya bona ya lenyalong.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Momahanyo ya tsa Bophelo bo Botle ya Moporesidente
1.1 Moporesidente Ramaphosa o tla etella pele moketjana wa ho tekenwa ha Momahanyo ya tsa Bophelo bo Botle ya Moporesidente Sepetleleng sa Dithuto sa Ngaka George Mukhari se Ga-Rankuwa, Toropong ya Tshwane, ka Labone, mohla la 25 Phupu 2019. Momahanyo ena ya tsa Bophelo bo Botle e entswe ka lebaka la Mmoka wa tsa Bophelo bo Botle wa Moporesidente, o neng o tshwerwe ka Mphalane 2018. Moketjana ona o bontsha katleho mosebetsing wa kopanelo wa ho fihlella mokgwatsamaiso wa boleng wa nako e telele wa tsa bophelo bo botle.
2. Foramo ya Pele ya Thakelano ya Maikutlo ya Leano la Selemo le Selemo la Boemo bo Hodimo ka Thuto e Phahameng Aforika
2.1 Lefapha la Thuto ya Motheo hammoho le Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Thuto Aforika, di tla tshwara Foramo ya Pele ya Thakelano ya Maikutlo ya Leano la Selemo le Selemo la Boemo bo Hodimo ka Thuto e Phahameng Aforika: Ho Hlophisa Batjha bakeng sa Mesebetsi ya Kamoso.
2.2 E tla tshwarwa ho tloha ka la 29 ho isa ho la 30 Phupu 2019 Emperors Palace, Johannesburg. Foramo ena e tla kgobokanya Matona a ikarabellang ho tsa thuto, batjha le bosebetsi, ho tswa khontinenteng ya Aforika ka Bophara, barutehi; baetsi ba maano; baemedi ba boemo bo hodimo ba tswang balekaneng ba tshebedisano mmoho ya ntshetsopele; lekala la poraefete; mekgatlo ya setjhaba, mekgatlo ya dititjhere le batswadi; mekgatlo ya batjha le mehlodi ya ditaba.
2.3 Dipuisano di tla tsepama ho ralweng le ho kenngweng tshebetsong ha mekgwa ya bosibolli e hlokehang thutong e phahameng Aforika, hore ho hlomellwe dititjhere ho be ho hlophiswe baithuti bakeng sa mesebetsi ya kamoso. Kabinete e tswelapele ho ananela seabo sa rona dipuisanong tse manoni hakaalo.
3. Kgwedi ya Basadi
3.1 Moketjana wa Letsatsi la Naha la Basadi Vryburg, Seterekeng sa Ruth Mompati se Leboya Bophirimela ka Labohlano mohla la 9 Phato 2019, o tla ketekwa tlasa mookotaba o reng: “Dilemo tse 25 tsa Demokerasi: ho Hodisa Aforika Borwa Mmoho bakeng sa Tokoloho ya Basadi”.
3.2 Moketjana ona o hlompha basadi ba kahodimo ho 20 000 ba ileng ba hwantela Union Buildings ka la 9 Phato 1956, ba ipelaetsa kgahlanong le katolosetso ya Melao ya Dipasa basading. Boipelaetso bona e bile mothinya ntweng ya rona ya tokoloho le setjhabeng sa demokrasi.
3.3 Ntle le katleho ya rona e babatsehang ho ntshetseng pele tokoloho ya basadi setjhabeng sa habo rona, sewa sa dikgoka le tlhekefetso ya basadi setjhabeng sa habo rona di ntse di tswela pele. Dikahlolo tse boima tse diilweng dinyeweng tsa tlhekatlheko ya motabo Gauteng, di bontsha hore baetsi ba ditlolo tsa molao tsa motabo le ditlolo tse ding tse amanang le tsona, ba ke ke ba baleha letsoho le letelele la toka.
3.4 Kabinete e ipiletsa makaleng ohle a setjhaba hore a hanyetsane le tlhekefetso efe kapa efe, a be a etse matsapa a kopanetsweng a ho fokotsa lenane la ditlolo tsa molao tsa motabo le ditlhaselo basading le baneng, e le ho fedisa boitshwaro bona bo sa lokang kahohlehohle.
E. Melaetsa
1. Matshediso
1.1 Kabinete e ilela ho hlokahala ha mokaubere wa ntwa ya tokoloho Ntate Isaac Lesibe ‘Bra Ike’ Maphoto, ya hlokahetseng a le dilemo di 88. Moporesidente Ramaphosa o ile a laela hore ho etswe Lepato la Semmuso le Kgethehileng bakeng sa Bra Ike, ya neng a tlohe Aforika Borwa ka 1961 mme a ya thupellong ya sesole le ya sepolotiki Beirut le Soviet Union ya mehleng dipakeng tsa 1961 le 1963, pele a ikamahanya le Lekala le leholo la Luthuli la Umkhonto we Sizwe. Ka 2006, Moporesidente wa ka nako eo Thabo Mbeki o ile a tlotla Bra Ike ka Kgau ya Naha ya Luthuli ya Silifera, bakeng sa seabo sa hae ntweng ya tokoloho le ya demokrasi.
1.2 Kabinete e ikamahanya le phohomela ya naha ya ho lla le ba lelapa, metswalle le balatedi ba sebini sa sengodi sa dipina se hapileng dikgau Jonathan ‘Johnny’ Clegg, ya ileng a sebedisa mmino wa hae ho phahamisa setjhaba se se nang kgethollo ya morabe. O tla hopolwa ka boikitlaetso ba hae kahong ya setjhaba, momahanong ya setjhaba le ho se dumellane le semorabe. E ne e le moamohedi wa Kgau ya Naha ya Ikhamanga ya Silifera, ka seabo sa hae se babatsehang lepatlelong la mmino esita le ho kopanyeng mmino wa setso wa Aforika le mefuta e meng ya mmino.
2. Dithoholetso
Kabinete e thoholetsa:
2.1 Sehlopha sa Naha sa Netebolo sa di-Protea, ka tshebetso ya sona e tswileng matsoho esita le ka ho phahamisetsa folaga ya Aforika Borwa hodimo, ka hore se fihlelle ho seka-makgaolakgang a Mohope wa Lefatshe kwana Liverpool. Ntlafalo ya bona ho tloha boemong ba bohlano ho ya boemong ba bone thathamisong ya lefatshe, e thabisa haholo. Hape, e thoholetsa Mofumahatsana Karla Pretorius ka ho thonngwa le ho kgethwa e le Sebapadi sa Thonamente ya Mohope wa Lefatshe wa 2019.
2.2 Baatlelete ba Aforika Borwa ka ho ipabola Mokgatlong wa Matjhaba wa Liki ya Taemane ya Mekgatlo ya Diatleletiki kwana London. Ya tshwereng rekoto ya naha Akani Simbine o ne a le materebe lebelong la banna la dimithara tse 100, ha a ne a hapa makgaolakgang a lona ka nako e ntle ka ho fetisisa sehleng sena ka disekene tse 9.93. Ho tloleleng hole ha banna teng, Luvo Manyonga o hapile tlolelo-hole ya banna ka ho tlolela hole ka ho fetisisa sehleng sena, ka dimithara tse 8.37, le wa mphato wa hae Ruswahl Samaai ya ileng a kena borarong ka tlolo ya dimithara tse 8.11.
2.3 Sehlopha sa Mmino sa Batjha sa Ndlovu, seo tshebetso ya dikgalala tsa sona tse mahlahahlaha e entseng hore se fetele mokgahlelong o latelang wa mananeo a haswang ka kotloloho a America’s Got Talent.
2.4 Sehlopha sa rona sa naha sa Rakebi, di-Springbok, se hlotseng Australia ka 35-17 Johannesburg nakong ya 2019 Rugby Championship. Thonamente ena ke ketsahalo ya bohlokwa dipapading mme e kenyeletsa dinaha tse kang Afrika Borwa, New Zealand, Australia le Argentina. Re ba lakaletsa katleho le mahlohonolo ha ba ntse ba tswelapele thonamenteng ena.
2.5 TeamSA, e thusitseng ka ho ngola botjha nalane ya Aforika sehleng sa bo-30 sa Mekgatlo ya Dipapadi tsa Diyunivesithi tsa Matjhaba kwana Napoles, Italy. Aforika e hapile lenane lohle la dikgau tse 26 ka kopanelo. Dikgaung tse 18 tsa Aforika Borwa, tse tsheletseng tsa tsona e ne e le tsa Gauta, tse robedi e le tsa silifera ha tse nne e ne e le tsa lethose.
F. Dithonyo
Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.
1. Baokamedi ba baholo ba nakwana Botong ya Lekgotla la tsa Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane (SEFA):
(a) Ms Mphokolo Makara;
(b) Adv Nomathemba Mlonzi;
(c) Ms Delicate Mabuza;
(d) Mr Martin Mahosi;
(e) Mr Justice Kganyago;
(f) Mr Maurice Radebe; and
(g) Ms Nonkululeko Dlamini – (reappointment).
Enquiries:
Ms Phumla Williams – Acting Cabinet Spokesperson
Mobile: 083 501 0139