Kabinete e kopane ka Laboraro, 7 Pudungwana 2018, Tuynhuys e Motse Kapa.
A. Dintlha tsa Ha jwale
1. Seboka sa Boporesidente se Kgahlano le Dikgola le Dipolao tsa Basadi
1.1. Kabinete e amohela katleho ya dipuisano tsa Seboka sa boMoporesidente se Kgahlano le Dikgoka tsa bong le Dipolao tsa Basadi se tshwerweng ka la 01 le 02 Pudungwana 2018. Seboka se netefaditse potlako ya ho theha tumellano ka ho shebana le qaka ya dikgoka tsa bong, kgethollo e kgahlano le basadi le diphapano tsa bong.
1.2. Mmuso o tjhaetse monwana ho hlahlobisa meralo ya naha ya hofedisa dikgoka tsa bong le ntshetsopele ya Moralo wa Tshebetso wa Naha wa ho lwantsha dikgoka tsa bong. O tswella ho itlama ho sebetsa le bohle ba nang le seabo ho netefatsa hore re fedisa maemo a dikgoka tsa bong ka sekgahla – mme qetellong re di fedise ka botlalo.
1.3. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ho sebedisana mmoho ho fetola motheo wa maitshwaro, ditlwaelo le ditheho ho fedisa dikgoka tse kgahlano le basadi.
2. Letsete
2.1. Kabinete e amohela katleho ya Seboka sa Letsete se ileng sa nka sebaka ka Mphalane mane Sandton, Johannesburg. Seboka sena sa Letsete se entse hore Afrika Borwa e kgone ho bokella ditshepiso tsa boitlamo ba ho tsetella R290 bilione mekgahlelong e fapaneng ya moruo. Sena ke hodima ditshepiso tsa boitlamo ba ho tsetela tjhelete e fetang R400 bilione tse ileng tsa fumanwa nakong ya letsholo la letsete ka baemedi ba ikgethileng le ho tswa dinaheng tse fapaneng nakong ya maeto a mmuso.
2.2. Ho ne ho le barumuwa ba fetang 1 000 ba neng ba le teng Sebokeng sena, ho tswa dinaheng tse 35. Meya le maikutlo e ne e le ya lethabo mme le naha ya bontshahatsa menyetla ya letsete le boiteko ba maano a thusang ho theha tikoloho e dumellang letsete.
2.3. Kabinete e lebohisa sehlopha se sebeditseng Sebokeng sena mme e thabetse ho fumantshwa dipehelo tsa ka mehla ka ho phethahatsa boitlamo bo entsweng.
2.4. Jwalo ka ha Afrika Borwa le Afrika ka kakaretso di tswela ho phahamisa moruo wa kontinente, Kabinete e boela e amohela tlhomamiso ya Foramo ya Letsete ya Africa, le ntseng le nka sebaka ho fihlela ka la 09 Pudungwana 2018, Johannesburg. Foramo ya Letsete ya Afrika e tshwerwe ke Banka ya Ntshetsopele ya Afrika. E ikemiseditse ho aha katleho ka ho tlisa mmoho batsetedi ba makala a mmuso le a poraefete ho rala tsela e ntjha ya kgolo molemong wa Kontinente ya Afrika yohle.
2.5. Seboka sa G20 sa Afrika se neng se tshwerwe ha mmamorao tjena se tswella ho matlafatsa kgonahalo ya kgolo ka boitlamo bo fapaneng bo phahamisang letsete la poraefete le ho ba le seabo morung wa dinaha tsa Afrika jwalo ka karolo ya Mokgatlo wa Tumellano le Boiteko ba Afrika. Mokgatlo wa Tumellano le Boiteko ba Afrika e dulwasetulong ka kopanelo ke Afrika Borwa le Jeremane ka Sehlopha sa Dikeletso sa Afrika.
2.6. Kabinete e ile ya boela e amohela ho bulwa ha Paka ya Indasteri ya Phuthaditjhaba e boleng ba R50 milione Foreistata e tla phahamisa tshebetso ya diindasteri le ho theha mesebetsi ya lehae le kgolo porofenseng.
2.7. Kabinete e dumela hore bonamodi bona qetellong bo tla qala ho fokotsa diphephetso tsa tlhokeho ya mesebetsi tse tobaneng le naha, ka ho tsoseletsa moya wa tshepo.
3. Theho ya Mesebetsi
3.1. Mmuso o tiisa boiteko ba ho theha mesebetsi e meng e mengata molemong wa batjha le maAfrika Borwa ka kakaretso, o tsipamisitse maikutlo meruong ya makeisheneng le mahaheng, le dikgwebong tsa basadi le batjha bao hangata e leng bona ba sotlwang ke diphephetso tsa maemo a moruo.
3.2. Kabinete e tshepa hore mekgwa ena ya pakana ya ho hlaphohela, e tla kenya R50 bilione ho makala a bohlokwa a jwalo ka a temothuo, moralo wa setjhaba, meruo ya makeishaneng le mahaheng, e tla nehelana ka matla a hlokehang ho theha mesebetsi le ho thusa ho tlhaphohelo ya moruo.
3.3. Sena se eketsa diphetho tse phethahetseng tsa Seboka sa Mesebetsi moo mmuso, dikgwebo le basebetsi ba ileng ba itlama ho: reka dihlahiswa tsa lehae, ho kenya mekgwa e tsitlallelang ho eketsa diromelwakantle; bonamodi tsamaisong ya boleng ba temothuo le tshehetso ya dikgwebo tse nyane le tse bohareng ho phahamisa mesebetsi.
3.4. Kabinete e dumela hore bonamodi bona bo bohlokwa ho lokiseng sephetho sa Dipatlisiso tsa Palo ya Basebetsi ya Kotara e nngwe le e nngwe sa kotare ya boraro ya 2018, e bontshitseng kgolo ka bobedi ho mesebetsi le keketseho palong ya batho ba hlokang mesebetsi. Nakong ya dikgwedi tse tharo, ho thehilwe mesebetsi e 92 000. Empa ‘batho ba batlang mesebetsi ba neng ba nyahame nako e fetileng’ ba 131 000 ba ile ba kena mmarekeng wa mesebetsi hape kotareng eo, palo ya batho ba hlokang mesebetsi yona e ile ya eketseha, ka pento ya phesente ya 27.5 phesente kang.
3.5. Ho ya ka Dipalopalo tsa Afrika Borwa (StatsSA) kgolo ya mesebetsi e bonahetse bohwebing ba ditshebeletso tsa kgwebo le kaho, le ha feela ho bile le tahleho ya mesebetsi merafong, tlhahisong, dipalangweng le basebetsing ba malapeng. Mesebetsi e lekaleng la semolao e ile ya fokotseha, ha mesebetsi e lekaleng le seng semolaong e ile ya hola.
4. Keteko ya dilemo tse 20 ya Molao wa Tlhodisano
4.1. Kabinete e elelwetse hore Molao wa Tlhodisano o tshwere dilemo tse 20 esale o thehwa ka Mphalane 1998. Nakong ena ya dilemo tse mashome a mabedi, balaodi ba tlhodisano ba ngodisitse katleho twantshanong ya dikhatele, tlhekefetso ya phahamelo dimaraka le tshireletso ya molemong wa setjhaba nakong ya ho kopantsha dimmaraka. Balaodi ba ile ba nehelana ka dikotlo tse fetang R8 bilione dikhamphaning mabapi le ho tlola Mola. Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo, ka tekanyetso ya Molao wa Tlhodisano, le ile la etsa R5 bilione ka tjhelete e ikgethileng ho phahamisa dikgwebo tse nyane, bafani ba lehae le ho kenyeletsa bahwai ba batho ba batsho moruong o tlwalehileng.
4.2. Kabinete e lebohisa balaodi ba tlhodisano ka mosebetsi o entsweng ho bula moruo molemong wa ba batjha tlhodisanong le ho kgothaletsa bohwebi bo thuthuhang le tlhodisano.
5. Kopano ya bo 18 ya Lekgotla la Matona a Mokgatlo wa Ntlheng ya Lewatle la India (IORA)
5.1. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Dikamano tsa Matjhabeng le Tshebedisano ka ho tshwara ka katleho Kopano ya Lekgotla la Matona (COM) ya bo 18 ya Mokgatlo wa Ntlheng ya Lewatle la India (IORA) e neng e tshwaretswe Durban, KwaZulu-Natal ka la 02 Pudungwana 2018 tlasa mokotaba: Re kopantsha batho ba Afrika, Asia, Australasia le Middle East tshebedisanong e atolositsweng ya Kgotso, Botsitso le Ntshetsopele ya Mokoka”.
5.2. E nngwe ya diphetho tsa kopano ya IORA ya bo18 e ne e le Phatlalatso e Ikgethileng ya ho tlotla Moporesidente Nelson Mandela eo e leng e mong wa bathehi ba IORA. Sena se bakile ho thehwa ha lenaneo la borupellwa la “IORA Nelson Mandela ‘E ba Lefa’” le lebeletsweng ho thakgolwa semolao ka Phupu 2019. Boiteko bona bo ikemiseditse ho matlafatsa le ho kgontsha batjha ba IORA ka bokgoni ba ho sebetsa makaleng a dithuto tsa bona.
6. Ho Lwantsha Tlolo ya Molao
6.1. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Yuniti e Kgahlano le Bokebekwa Hanover Park, Kapa Bophirima, ke Moporesidente Cyril Ramaphosa. Tlatseletso ena ya bonamodi ba mmuso e tla thusa haholo ha ho nkwa diqeto tse shebaneng le bothata ba ditlolo tsa molao tse amanang le bokebeko le dithethefatsi tse e leng sewa setjhabeng sa rona.
6.2. Yuniti ena e na le ditho tse kwetliseditsweng ho tobana le maemo a kotsi haholoholo ka ha di hlaha dihlopheng tsa karabelo ya tshireletso e ikgethileng ya seponesa (e tsebahalang haholo ka hore ke maberethe), basebetsi ba tshebetso e ikgethileng ha mmoho le yuniti ya bonamodi ya naheng. Baikemisetsong ya ho lwantshana le tlolo tsa molao, bonamodi bona bo eteletsweng pele ke mmuso bo tla kengwa hohle naheng.
6.3. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho sebedisana le kemedi ya tsamaiso ya molao ho boloka polokeho le tshireletso tse bohlokwa ntshetsopeleng ya setjhaba se fe kapa se fe. E itlamme ho netefatsa hore ditjhaba di tshireletsehile ditulong tsa bona tse fapaneng e bile di ikutlwa di tshireletsehile hohle mo ba leng ka naheng.
7. Sehla sa Lekgetho
7.1. Kabineete e leboha balefi ba lekgetho bohle ka ho nehelana ka kgafo ya lekgetho ya bona ya selemo le selemo ka nako sehleng sa kgafo ya lekgetho sa 2017/18, se kwetsweng ka 31 Mphalane 2018. Lekeno le e ntsweng ka lekgetho e ntse e le wona mohlodi wa bohlokwa wa ditjhelete tse netefatsang hore mmuso o kgona ho nehelana ka ditshebeletso setjhabeng.
8. Morero wa Naha wa Thuso ya Tjhelete tsa Baithuti (NSFAS)
8.1. Kabinete e hopotsa baithuti bohle ba batlang ho kenya dikopo tsa Morero wa Naha wa Thuso ya Tjhelete tsa Baithuti (NSFAS) wa thuso ya ditjhelete ka 2019 hore dikopo tse hoketsweng di kwala ka la 30 Pudungwana 2018.
8.2. Ka la 01 Phato 2018, dikopo di ile tsa Bulelwa baithuti ba lakatsang ho ntshetsa dithuto tsa bona pele ka 2019 dithutong tse seng di amohetswe diyunivesithing tsa mmuso le dikoletjhe tsa Thuto ya Sethekgeniki le Mosebetsi wa Matsoho (TVET) tsa Afrika Borwa.
8.3. Baithuti ba kgothaletswa ho kenya dikopo tse hoketsweng kapa ba etela setsha sa Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) se haufinyana pele ho letsatsi la ho kwalwa.
B. Diqeto tsa Kabinete
9. Kabinete e tjhaetse monwana Moralo wa Lewa la ho lelekisa lewa le molemong wa moruo wa Afrika Borwa lefatsheng ka bophara ho ya ka kamano ya kgwebisano, letsete le tshebetso ya indasteri. Lewa le ikemiseditse ho netefatsa hore dikamano tsa matjhabeng di sebeletsa leano la dintho tsa lehae tse bohlokwa jwalo ka phokotso ya bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le tekatekano.
Lewa le buela hore Afrika Borwa e lelekise nyalano ya ntshetsopele Afrika kaofela e tshehetswang ke letsete le eteletsweng pele ke lewa le ho aha balekane ba lewa ho phahamisa ajenda la yona. Le boela le tiisa bohwebi le dikamano tsa letsete le dinaha tse tswetseng pele le ho lelekisa matsete a ka hare, bokgoni le phetiso ya thekonoloji le diromelwa kantle tse kenyeleditsweng ditjeong.
10. Kabinete e tjhaetse monwana tokiso ya mekgolo ya ditjeo-tsa-ho phela tsa selemo le selemo tsa ditho tsa Komishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa. Molao wa Komishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, wa 2013 o bontsha hore meputso, ditjhelete tsa tlatsetso le tse ding tsa tlatsetso tsa ho phethela mosebetsi wa kantoro di phethiswe ke Moporesidente ka ho qoqa taba ena le Kabinete le Letona la Ditjhelete.
C. Diketsahalo tse Tlang
11. Mokgatlo wa Basebetsi wa Matjhabeng
Komishene ya Lefatsheng ka Bophara ya Maemo a Phahameng a Mosebetsi wa Kamoso ya Mokgatlo wa Basebetsi wa Matjhabeng (ILO) e tla tshwara mokgahlelo wa yona wa ho qetela ho tloha ho la 15 ho isa ho la 17 Pudungwana 2018. Komishene e tla dulwasetulona ka kopanelo ke Moporesidente Cyril Ramaphosa le molekane wa hae wa Switzerland, Stefan Löfven. Komishene ya Maemo a Phahameng, e qadileng ILO ka 2017, e romuwe ho hlahloba phethoho e potlakileng e etsahalang tulong ya mesebetsi, ho sheba diphephetso tse ka sehloohong le se tlamehang ho etswa ho etsa hore mosebetsi wa kamoso o be betere le ho hloka leeme. Mosebetsi wa Komishene ya matjhabeng o ikamahantsha le tsepamaiso ya maikutlo ya mmuso ya ho theha mesebetsi e hantle e tsitsitseng, le boiteko ba ho netefatsa hore batjha ba Afrika Borwa ba na le botsebi bo hlokehang ho itlhomapele dibakeng tsa mesebetsi tse fetohang.
12. Dipontsho tsa Matjhabeng tsa Dihlahiswa tse Rekwang China (CIIE)
Kabinete e amohela ho ba le seabo ha Afrika Borwa jwalo ka naha ya moeti ya ikgethileng ho Dipontsho tsa Matjhabeng tsa Dihlahiswa tse rekwang China (CIIE) mane Shanghai. Letona la Bohwebi le Diindasteri, Rob Davies, o eteletsepele barumuwa ba mekgatlo ya Afrika Borwa ba 27. Barumuwa ba tsheheditswe ka ditjhelete ke Lefapha la Bohwebi le Diindasteri ka Lewa la Dimaraka tsa Dihlahiswa tse Tswellang kantle le Thuso ya Letsete (EMIA).
Ho ba le seabo ha Afrika Borwa ho netefatsa hantle hore naha e phahamisa boiphihlelo ba bohwebi le letsete mme re thabetse ho ba le seabo ka ho bontshahatsa ho tswa makaleng, a kenyeletsang tshebediso ya dihlahiswa tsa temothuo, dieta le letlalo, enjenereng, dikhemikhale tsa peterolo, dikhomponete tsa ditereneng, tshireletso, ha mmoho le thekenoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano, ho kgutlela hae le dikopo tsa ho reka. Ditshupong tsa Dipontsho, Afrika Borwa e boetse e tshwere seboka sa letsete se tsepamisitseng maikutlo ho menyetla e lekaleng la tlhahiso.
13. Beke ya Ho Tsepamisa Maikutlo ho Imbizo
Dibeke tse pedi tse tlang tsa bolwanedi ka mmuso di tla tshwara Beke ya Naha ya ho Tsepamisa maikutlo ho Imbizo ya bo09, e hokahangwa ke Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS). Ditho tsa Kemedi ya Phethahatso ya Naha ha mmoho le baetapele ba mmuso wa porofense le wa lehae naheng ka bophara ho tla ba le dikopano tsa setjhaba le Izimbizo. Lenaneo la tsamaiso le tla phatlalatswa ho www.gov.za ho tloha ka la 12 ho isa ho la 25 Pudungwana 2018.
MaAfrika Borwa a kgothaletswa ho sebedisa polatefomo ena ho buisana le ba ka sehloohong ka dintlha tsa phano ya ditshebeletso ho netefatsa hore re sebetsa mmoho ho ntshetsengpele setjhaba sa rona.
D. Matshediso
14. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho ba malapa le baratuwa ba bohle ba lahlehetsweng ke maphelo a bona nakong ya mello ka tatelano mane Tseleng ya Garden Route le ditulo tse e potapotileng, ha mmoho le Kapa Botjhabela. Mollo o ile wa nka bophelo ba Nico Heyns, eo e neng e le mofufisi wa difofane tsa “Working on Fire”. Mme o phethetse ka ho nka maphelo a batho ba bang ba robong le ba kabang 2000 ba hlokang bodulo. Boholo ba meaho le dibaka tse kgolo tsa temo le tsona di ile tsa senyeha. Kabinete e theoheletsa karabelo e potlakileng ya ditima mollo le basebetsi ba taolo ya dikoduwa, ha mmoho le Sesole sa Moyeng sa Afrika Borwa le “Working on Fire” ba ileng ba sebetsa ka boitelo le ho pholosa maphelo le ho tlisa malakabe a mollo tlasa taolo.
15. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho Mmuso le batho ba Indonesia ka mora ho thula ha sefofane se ileng sa bolaya batho ba 189 ka mora hore se tlohe motsekgolo wa Indonesia, Jakarta.
E. Ditebohiso
16. Kabinete e lebohisa Afrika Borwa ka ho kgethwa ho arabela tshehetso ya ho sebetsa Lekgotleng la Mokgatlo wa Meralo ya Dikgokahanyo wa Matjhaba (ITU) ka Mantaha, ka la 05 Pudungwana 2018 nakong ya Seboka sa Barumuwa ba Mmuso, Dubai.
Kabinete e boela e lebohisa Monghadi Mandla Mchunu wa Bolaodi bjo bo Ikemetšego bja Dikgokaganyo tša Afrika Borwa (ICASA) a ileng a kgethwa ho sebetsa Lekgotleng la Melao la ITU ha mmoho le Mme Doreen Bogdan-Martin ho kgethweng ha hae e le Molaodi wa Biro ya Ntshetsopele ya Meralo ya Dikgokahanyo, le ho ba mosadi wa pele wa ho ba karolo ya batsamaisi ba ka sehloohong ba ITU ho tloha esale e thehwa ka 1865.
Afrika Borwa e ikokobeditswe ke tshepo eo e nehilweng ke dinaha tse ding ho sebetsa maemong a phahameng makaleng a ITU dilemong tse nne tse tlang. Re tla sebedisa maemo ana ho sututsa ajenda ya ntshetsopele le kenyeletso ya setjhaba tlhahisoleseding dilemong tsa dijithale.
17. Kabinete e boela e lebohisa Rephaboliki ya Demokrasi ya Federale ya Ethiopia ka ho kgetha Moporesidente wa yona wa pele wa mosadi, Motlotlehi Sahle-Work Zewde, eo ha jwale e leng yena feela Moporesidente wa mosadi kontinenteng ya Afrika. Afrika Borwa e tla tswellapele ho matlafatsa dikamano tse amang mahlakore a mabedi le Ethiopia makaleng a mekgahlelong e mengata e kenyeletsang bohwebi, dikamano tsa dipolotiki le moruo.
18. Kabinete e fetisetsa ditebohiso ho Moporesidente wa Cameroon, Paul Biya, ya hlomamisitsweng lekgetlo la bosupa kantorong ya boporesidente. Kabinete e ipiletsa ho batho bohle ba Cameroon ho sebedisana mmoho ho tlisa tharollo e nang le kgotso ka tsamaiso ya dipuisano tse kenyeletsang bohle. Kabinete e thabetse ho tebisa dikamano tsa dipolotiki mahlakoreng ka bobedi, moruo le bohwebi dipakeng tsa Afrika Borwa le Cameroon.
19. Kabinete e lebohisa batho ba Brazil ka ho tshwara dikgetho tse atlehileng tse ileng tsa bona Mokgethwa wa Moporesidente wa Rephaboliki ya Federale ya Brazil, H.E. Jair Bolsonaro a kgethwa ho ba Moporesidente ya latelang wa Brazil.
20. Kabinete e fetisetsa ditakaletso tse ntle ho bohle ba setjhaba sa maHindu Afrika Borwa ba Diwali kapa Deepavali. Moetlo ona ke wa sedumedi o nkang sebaka ho keteka tlholo ya botle ho bobedi, tsebo le bohlale ho boiphaphanyo ha mmoho le tlholo ya kganya lefifing. E se eka kganya ya Modimo e ka hlonolofatsa Afrika Borwa ka kgotso, phomello, nyakallo, katleho le kgotsofalo, mme mmoho re bapale karolo ya rona to hatiseletsa kgutso le kopano phapanong ya ditso le ditumelo tsa naha ya rona.
F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
21. Ho thongwa hape ha Mme Nomfundo Maseti jwalo ka Setho sa Moshwelella sa Molaodi, se ikarabelang taolong ya Kgase ya Peipi, ho sebetsa Lekgotleng la NERSA.
22. Batho ba latelang ba thongwe ho sebetsa Lekgotleng la Dikhamphani tsa Kaho:
a. Absalom Mosabeni Molobe (Modulasetulo);
b. Mme Maphefo K Mogodi (Motlatsamodulasetulo);
c. Mme Zandile Yvonne Mathe;
d. Ngaka Jenitha Badul;
e. Ngwako Edward Hutamo;
f. Mme Noninzi Qina;
g. Gert Hendrik Meyer;
h. Jerry Leigh Magolius;
i. Hendrik Ndlovu;
j. Ngaka Keith Ivor Jacobs;
k. Moadvokheiti Boitumelo Tlhakung;
l. Inge Maree Vieira;
m. Sinenhlanhla Thuleleni Mthembu;
n. Ngaka Prittish Dala
o. Ulandi Exner
p. Mme Florence Rabada;
q. Mme Noluthando Hazel Molao; le
r. Ngaka Claire Deacon.
Dipotso: Mme Phumla Williams – Mmueli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139