Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, 4 Loetse 2019 mane Tuynhuys e Motse Kapa

A. Dintlha tsa Ha Jwale 

Ho ya ka manollo ya dintlha tsa ha jwale, Kabinete e dumellane ka tse latelang: 

1. Dikgoka tse Kgahlano le Basadi (GBV)

1.1. Kabinete e lla mmoho le setjhaba ka dipolao, peto tlhekefetso ya basadi matsohong a banna tse ntseng di tswela pele naheng ya rona. Ditlhaselo tsena tse soto basading di bontshahatsa tlholeho ya rona bohle ya ho arabela dillo tsa ba kotsing ka ho fetisisa hara rona. 

1.2.  Botebong ba tsena ke ponahatso ya tlhokeho e tebileng ya karabelo e sa lekanang ho ditlhekefetso tse tswelang pele letsatsi le letsatsi tsa masea, bana, maqheko, basadi ba holofetseng, basadi ba ratanang le basadi, banna ba ratang le banna, le batho ba ratang banna le basadi, ba sa itsebiseng ka bong boo ba hlahileng ka bona, bahlahileng ka ditho tsa botona le bosadi bobedi ha mmoho le basadi ba melata. 

1.3. Kabinete e ipileditse hore ho nehelwe ka dikotlo tse hodimodimo ho baetsi ba diketso tsena. Le ha feela ho ena le ntlha ya palo e hodimo (74%) ya batho ba fumanwang ba le molato wa GBV le baetsi ba diketso tsena bafetang 4 000 ba ileng ba fumantshwa dikahlolo tsa bophelo bohle tjhankaneng, di sa le ngata tse hlokang ho phethahatswa. Mosadi ya le mong ya bolauweng, ya betilweng, ya hlekefeditsweng o lekana le basadi ba bang ba ba ngatangata. 

1.4. Rejisetara ya Naha ya Diketso tsa Tlhekefetso ka Motabo e tla iswa Palamenteng ho sekaseka ho fetola Molao wa Diketso tsa Tlhekefetso ka Motabo. Diphetoho tsena di tla netefatsa hore rejisetara e atoloswa ho kenyeletsa batlodi ba molao ba ileng ba etsa diketso dife kapa dife tsa tlhekefetso ka motabo, ha jwale rejisetara e kenyeletsa feela, batho ba ileng ba fumanwa ba le molato mme ba ahloletsweng ho hlekefetsa bana ba dilemo tse tlase kapa batho ba holofetseng kelellong.

1.5. Kabinete e fetisesa matshediso a yona ho ba malapa le metswalle ya Uyinene Mrwetyana, Leighandre Jegels, Nolunde Vumsindo, Meghan Cremer, Jess Hess, Ayakha Jiyane le bana ba habo ba bararo le basadi le bana bohle ba bolauweng ka sehloho ke banna. 

1.6. Kabinete e ile ya kgwefutsa nakwana mme ya romela baromuwa ba Matona ho tswa kopanong e tlwaelehileng ya Kabinete hore a buisane le makgolokgolo a baipiletse ba neng ba kgobokane Palamenteng ho ipiletsa kgahlano le GBV. 

1.7. Kabinete e ile ya boela e theha komiti ya kopanelo ya matona e tla sebetsa mmoho le setjhaba ho fedisa GBV. Komiti ena e kenyeletsa Letona la Bopresidente, Monghadi Jackson Mthembu; Letona la Seponesa, Monghadi Bheki Cele; Letona la Dikamano le Tshebedisanommoho tsa Matjhaba, Ngaka Naledi Pandor; Letona la Bodulo, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Mme Lindiwe Sisulu; Letona la Tshireletso le Mekaubere ya Sesole, Mme Nosiviwe Mapisa-Nqakula; Letona la Ditshebeletso tsa Toka le Tlhabollo ya Batshwaruwa, Monghadi Ronald Lamola; Letona la Tshireletso ya Mmuso, Mme Ayanda Dlodlo, Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba, Mme Lindiwe Zulu le Letona la Bopresidente la Basadi, Batjha le Batho ba holofetseng, Mme Maite Nkoana-Mashabane. 

Komiti ena e tla kgothaletsa setjhaba ka kakaretso ho ema kgahlano le pharela ya GBV, mme e nehelane Kabinete le setjhaba ka tlaleho ya ka mehla ka matsapa a ho thibela GBV. Komiti e tla netefatsa hore malapa le mahlatsipa a GBV a tshehetswa. 

1.8. Kabinete e bontshitse kgatelopele e entsweng ho phethahatseng Phatlalatso ya Seboka sa Mopresidente se Kgahlano le GBV le Dipolao tsa Basadi se neng se tshwaretswe Centurion ka 1 le 2 Pudungwana 2018 ho ntshetsapele moralo wa naha wa kgato e kgahlano le GBV. Sebopeho sa Nakwana se ile sa thehwa ka Pherekgong 2019 se kenyeleditse baemedi ba dihlopha tsa baahi le mafapha a mmuso. Moralo wa Lewa la Naha wa Nakwana o se o ntsheditswepele, o itshetlehileng ho dikopano tsa dipuisano, o hapilweng ka Phatlalatso e nkuweng. Dipuisano di ntse di tswela pele naheng ka bophara mme di tla phethela ka ho theha Lekgotla la Naha la GBV le Dipolao tsa Basadi, le tla nehelwa disebediswa tse hlokehang ho tsamaisa lenaneo la GBV. 

1.9. Le ha feela re fetisitse melao e mengata ho tobana le diketsahalo tsa dikgoka tse kgahlano le basadi le bana, le ha feela re ananela maiteko ao seponesa le dikemedi tsa phetahatso ya molao tse ding – tse kenyeletsang batjhotjhisi ba rona, dimakgistrata le baahlodi – di ile tsa kwalla le ho ahlola bao ba ikarabellang ditlolong tsena tsa molao tse nyarosang, Kabinete e ipiletsa ho makala ohle a setjhaba, haholoholo banna, hore ba eme kgahlano le bao ba tswellang ho beta, ho hlekefetsa le ho bolaya basadi setjhabeng sa rona. 

1.10. Baetapele ba dikereke le bodumedi ba tlameha ho ema ka maoto mme ba sebedise tshusumetso ya bona setjhabeng le ho aha phedisano ya setjhaba e ntle kgahlano le GBV. Ba kgaso ba tlameha ho ba le seabo ho lokiseng maitshwaro a mabe a seng e le setlwaedi setjhabeng ha mmoho le ditumelo tse bakang GBV ha baetapele ba dikgwebo ba tlameha ho lokisa mekgwa yohle ya dikgoka mesebetsing le ho tshehetsa maiteko a rona a naha a ho fedisa GBV. Kabinete e dumela hore ke ha feela setjhaba ka kakaretso se ka sebedisanang mmoho mo re ka kgonang ho fedisa GBV le dipolao tsa basadi. 

1.11. Kabinete e ipileditse ho maAfrika Borwa hore a netefatse hore ngwana moshemane o hodiswa ka tsela e hlomphang ditokelo tsa batho bohle, haholoholo basadi setjhabeng. Ngwana moshemane o tlameha ho hodiswa a tseba hore basadi ba lekana le bona mme ha ba ka tlase ho bona hoo ba ka qobellwang tlasa mefuta yohle ya tlhekefetso hoo ba qetellang ba bolailwe. 

2. Dikgoka le Morusu wa Setjhaba 

2.1. Kabinete e seholla dikgoka tsa ha mmamorao tse tletsetletseng dikarolong tse itseng tsa Gauteng le KwaZulu-Natal. Afrika Borwa ke mmuso ka molaotheo wa demokrasi o buswang ka melao, ka hoo, batho bohle ba ratang kgotso ba tlameha ho seholla maitshwaro a jwalo a seng molaong mme a tswileng taolong ka dipeelo tse matla ka ho fetisisa. Afrika Borwa e amohela bohle ba kenang ka naheng ka tsela ya molao mme ba ikobelang melao ya yona. Ha ho pelaelo efe kapa efe e hlalosang ditlhaselo tse dikgoka ho batho ba bang, ho thuba le ho utswa mabenkeleng, tshenyo ya thepa le ho kwala ditsela, e leng diketso tse seng molaong le ditlolo tsa molao tse tla otlwang ka molao. 

2.2. Kabinete e kgothaditswe ke lebelo leo Tshebeletso ya Seponesa sa Afrika Borwa (SAPS) se potlakileng ka lona ho kwalla batho ba 483 ba amanang le ho thuba le ho utswa, ho sebedisa dikgoka merusung ya setjhaba le tshenyo ya thepa Gauteng mme ba 21 ba kwaletsweng ba amana le ho tjhesa dilori KwaZulu-Natal. Tahlehelo ya maphelo a 10, ao a robedi e leng a maAfrika Borwa le baahi ba melata e mebedi ka lebaka la merusu e Gauteng e ultwisitse Kabinete bohloko. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho ba malapa a bona.

2.3. Kabinete e boela e hlahisitse ngongoreho ya yona ka ho tjheswa ha dilori KwaZulu-Natal ho qadilweng ke menyenyetsi ya hore baahi ba melata ba ratwa ho feta maAfrika Borwa mosebetsing wa ho kganna dilori indastering ya tlhophiso le tsamaiso ya dihlahiswa. Mmuso ha jwale o ntse o emisa dipalangwang ditseleng ho etsa ditlhahlobo, haholoholo ba tsepame diloring, mme haeba bakganni ba fungwana e le baahi ba melata e sa ngodiswang, hanghang ba kgutlisetswa morao naheng eo ba tswaletsweng teng.

2. Seboka sa Moruo sa Lefatshe (WEF) ka Afrika

2.1. Afrika Borwa e tla amohela baetapele ba dinaha ba mmalwa ha mmoho le baetapele ba lebatowa le lefatsheng ba fetang sekete ho tswa dipolotiking, kgwebong, baahing le lekaleng la thuto ho WEF ya bo28 ka Afrika, e tla tshwarwa mane Motse Kapa ho tloha ka la 4 ho ya ho la 6 Loetse 2019. 

2.2. Mokotaba wa seboka, seo boholo ba ba amehang setjhabeng sa Afrika Borwa le moruong ba tla nka karolo, ke: “Ho bopa Kgolo e kenyeletsang Bohle le Bokamoso ka Kopanelo ho Phetoho ya Diindasteri tsa Theknoloji (4IR)”.

2.3. WEF ka Afrika e lwantshana le dintlha tse tobileng kontinente ka ho tsepama ho phahamiseng phetolo ya akhithekte ya lebatowa e amanang le ditheo tsa disebediswa tsa theknoloji, letsete, nyalano, indastri le phetoho. Kopano e tla boela e shebana le Ajenda 2063 ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika, moralo wa tshebetso le morero wa sehlooho wa ho fetola Afrika senatla sa moruo sa ka moso lefatsheng. 

2.4. Ho ba le seabo ha Afrika Borwa ho WEF ka Afrika, ho kopantsha mmoho baetapele ba ka sehloohong ho theha maemo a letsete la moruo wa setjhaba, le ho tswella ho ruhisa mananeo a rona ho ya pele le bonamodi ba ho lokisa diphephetso tsa rona tse tharo tsa ho hloka mosebetsi, ho hloka tekatekano le bofuma. Sena se tla re atometsa haufinyana le ho fihlella Ponelopele ya 2030 ya Moralo wa Ntshetsopele ya Naha, moralo wa rona wa tshebetso le ho fedisa bofuma le ho fokotsa ho hloka tekatekano ka selemo sa 2030. 

2.5. Kabinete e lakaletsa bohle ba tla bang le seabo dipuisanong tse ahang tse tla tswala ditholwana tse molemo ha ba amohelwa ka kamohelo e mofuthu e nang le Botho naheng ya rona. 

3. Bili ya Phetolo ya Tekatekano Khirong

3.1. Kabinete e hlahisitse ngongoreho ka phetoho e monyebo mesebetsing ka mora phatlalatso ya tlaleho ya Khomishini ya Tekatekano Khirong ya bo19. Tlaleho e bontsha maemo a tlase a swabisang a boikamahantsho ho ya ka Molao wa Tekatekano ya Khiro, 1998 (Molao 55 wa 1998) o etseditsweng ho lokisa lefa la kgethollo la ho se lekane le ho hloka tekatekano lekaleng la basebetsi. 

3.2. Ho leka ho matlafatsa Molao wa Tekatekano Khirong wa 1998, mmuso o tla nehelana ka Bili ya Phetolo ya Tekatekano Khirong Palamenteng. 

3.3. Bili e tla eketsa dikotlo tsa tlolo ya Molao mme e tla tlama bahiri bohle ba batlang ho kena kgwebisanong le mmuso hore ba nehelane ka setifikete sa boikamantsho le tekatekano khirong. 

4. Kaho ya Setjhaba

4.1. Kabinete e ema mmoho le maAfrika Borwa ho amoheleng kahlolo ya Lekgotla la Tekatekano e thibelang ho bapatsa folakga ya nako ya kgethollo pele ho 1994, e bontshahatsang karohano ya rona ya nako e fetileng. Kabinete e tshehetsa kahlolo ya hore folakga ya kgale “e nyedisa serithi sa batho ba batsho mme bao ba bapatsang folakga ya kgethollo ba kgetha ho hatella tokoloho ya rona ka boomo”. 

4.2. Matshwao a bontshahatsang matsatsi a matsho a Afrika Borwa, haholoholo folakga ya kgale, ha a thuse ho aheng setjhaba se kopaneng, se hlokang kgethollo ya merabe le kgethollo ya bong jwalo ka ho ile ha bonelwapele ke Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 o hatetseng pele. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle hore a phahamise le ho ikemisetsa ho fihlela boitsebiso ba naha bo kenyeleditsweng ho Molaotheo wa rona. 

4.3. Ho bapatsa folakga ya kgale ya kgethollo ho ka dumellwa fela haeba e sebedisetswa mabakeng a bonono, a ho etsa diphuputso tsa dithuto kapa tsa boqolotsi moo diketso tsena di tla be di le molemong wa setjhaba.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Tlaleho ya Dipalopalo tsa Naha tsa Ditlolo tsa Molao ya 2018/19 

1.1. Kabinete e ananetse ho phahlalatsa Tlaleho ya Dipalopalo tsa Naha tsa Ditlolo tsa Molao ya 2018/19

1.2. Dipalopalo tsa tlolo ya molao tsa selemo le selemo di kgontshitse mmuso ho disa boipeelo bo ka sehloohong, haholoholo phokotsong ya ditlolo tsa molao tse mpe tse thehilweng, jwalo ka ha ho hlalositswe ka hara Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng. Ba tla boela ba sebetsa ho matlafatsa ditshebetso tse thibelang tlolo ya molao le ho tataisa mawa a mafapha a fapaneng a mmuso.

1.3. Letona la Seponesa, Mokgenerale Bheki Cele o tla bitsa seboka sa ditaba ho nehela ka diphetho tsa diphuputso tsa dipalopalo tsa ditlolo tsa molao. 

2.  Tsamaiso ya Phano ya Ditokelo tsa Botshwasi ba Ditlhapi (FRAP) ya 2020 

2.1. Kabinete e nehelane ka tumello ho Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi (DEFF) ya ho fetola dinako tse amanang le ho nehelana ka tsamaiso ya dikopo tsa dilaesense ho dibaka tsa botshwasi tse 12. Ka tshwanelo, Letona la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi, Barbara Creecy, haufinyana o tla kenya dinako tse ntjha tsa Tsamaiso ya Phano ya Ditokelo tsa Botshwasi ba Ditlhapi (FRAP) ya 2020 koranteng ya mmuso. 

2.2. Kabinete e Dumela hore ho bohlokwa hore tsamaiso e tshepahale, e be pepeneneng, le ho ba le ntshetsepele phetohong ya indasteri yohle. Dinako tse ntjha di tla dumella DEFF ho phethisa dipeelo tsa taolo ya tsamaiso ya FRAP, ho kenyeletsa ho hlwaha makgotla a baeletsi le saense, ho tla etsa diphuputso ka dihlahiswa tsa tlhapi le ho phetahatsa difuputso tsa dithuto tsa moruo wa setjhaba ho sekaba sa botshwasi ba ditlhapi ka seng. 

C.  Dibili

1.    Bili ya Phetolo ya Dintlha tsa Molao ya 2019


1.1. Kabinete e ananetse ho nehelana ka Bili Palamenteng.

1.2. Bili e batla ho fetola Melao e mebedi hore e tle e kgone ho shebana le dikgeo tse tshwahilweng ke Lekgotla la Molao: 

  • Molao wa Tlhalano, 1979 (Molao 70 wa 1979) – phetolo ka Bili e tswela ho laola karolo ya dithepa le tlhokomelo ya ba bang le seabo tlhalanong, tsamaisong ya tlhalano ho ya ka kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo: 
  • Molao wa Lekgotla la Botjhotjhisi ba Naha, 1998 (Molao 32 wa 1998) – phetoho ka Bili e shebana le dintlha tse amanang le peelo ya kantoro ya Balaodi ba Kakaretso ba Botjhotjhisi ba Setjhaba ho ya ka kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo. 

D. Melaetsa

1. Matshediso


Kabinete e romela matshediso ho:
1.1. lelapa le metswalle ya Mokaubere wa Umkhonto We Sizwe le setho sa Mokgatlo wa basadi wa African National Congress, mmakgwebo wa pulamadiboho, Ngaka Thandi Cynthia Ndlovu, ya hlokahetseng ka 24 Phato 2019. Mopresidente ya Tshwereng Mokobobo nakong eo David Mabuza o ile a phatlalatsa Phupu e Ikgethileng ya Karolo ya bo2 ya Semmuso Profenseng ya mofu, e neng e le mohale wa ntwana e kgahlano le kgatello le molwanedi wa tokoloho. Ngaka Ndlovu o ile a fumantshwa dikgao tse mmalwa nakong ya mosebetsi wa hae o ipabotseng, mme o ile a tswella ho ba mohlala o itlhommeng pele ho ba bang, dithutong tsa hae le jwalo ka mmakgwebo ya ipabotseng pele. O phetse bophelo bo sa thuthentsehang jwalo ka moitseki wa dipolotiki le mohale wa matlafatso ya basadi. Ka Hlakola, o ile a bona ha ho tekenwa Bili ya Molao wa Phetolo ya Tlhodisano ya Dikgwebo, 2018 (Molao wa 18 wa 2018), ho etswa molao ke Mopresidente Cyril Ramaphosa. 

1.2. lelapa le metswalle ya mokaubere wa moqolotsi, mongodi le mofuputsi, Monghadi Harry Mashabela. Ka Phupu 1976, o ile a tshwarwa, ha mmoho le baqolotsi ba bang ba bangata ba sehla naheng, ka tlasa Molao wa Boferekanyi o tsejwang ka bobe. O sebeleditse diphatlalatso tse ngata, ho kenyeletsa Rand Daily Mail, The Star, Drum le Financial Mail. O ne a boetse e le mongodi wa dibuka tse ngata tse kenyeletsang Townships of the PWV, a People on the Boil (1988) le Mekhukhu: Urban African Cities of the Future (1990).

1.3. lelapa le metswalle ya moqolotsi le Molaodi wa Ditaba tsa eNCA, Monghadi Ben Said le mohlopholli wa dipapadi le moqolotsi wa SABC, Monghadi David Kekana. Indasteri ya phatlalatso e lahlehetswe ke bahale ba neng ba sebedisa bokgoni ba bona ba boqolotsi ho ruta setjhaba le ho etsa Afrika Borwa e be tulo e betere. 

1.4. Letona la Merero ya Lehae, Ngaka Aaron Motsoaledi le lelapa la hae lohle, ka mora lefu la mme wa hae, Mama Sina Sekeku Motsoaledi.

2. Ditebohiso le Ditakaletso tsa Mahlohonolo

Kabinete e lebohisa:
2.1. Dibapadi tse 31 tsa sehlopha sa Springbok tse leng Japan tse emetseng naha ho Mohope wa Lefatshe wa Papadi ya Rekebi (RWC). Re na le tshepo ya hore ba tla emela naha ya rona ka tlotla le motlotlo, mme re ba lakaletsa mahlohonolo boitekong ba bona ba ho tlisa mohope wa RWC lapeng. 

2.2. Ndlovu Youth Choir, bao ketsahatso ya bona e ileng ya ama dipelo tse ngata lefatsheng ka bophara mme ba finyella ho makgaolakgang a tlhodisano ya America's Got Talent.

E. Dithonyo 

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

1. Ms Mapatane Elizabeth Kgomo jwalo ka Motlatsi wa Molaodikakarestso: Tshehetso ya Taolo ya Phano ya Moralo ho Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (COGTA). 

Dipotso:
Mme Phumla Williams – Mmueli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building