Skip to main content
x

 

Kabinete e kopane ka Laboraro, 18 Loetse 2019 mane Tuynhuys e Motse Kapa

A. Dintlha tsa ha Jwale

1. Mokgwa wa Ntshetsopele ho ya ka Disetereke

1.1. Kabinete e ananela ho thakgola semmuso ke Mopresidente Cyril Ramaphosa, ha Mokgwa wa Ntshetsopele ho ya ka Disetereke o motjha mane Masepaleng wa Setereke sa OR Tambo, o Kapa Botjhabela. Mokgwa ona o kopantsha dikarolo tse tharo tsa mmuso hore di sebedisane mmoho, ho tshwarana ka matsoho le ho kopantsha mosebetsi wa bona ka botsitso bo ikgethileng ho desetereke ka ho shebana le diphepetso tsa ntshetsopele le ho kgothaletsa phano ya ditshebeletso, phano ya lehae le ho theha mesebetsi. Mokgwa ona o ile wa tjhaelwa monwana ke Kabinete, mekgahlelo ya mmuso wa lehae, dikemedi tsa setso le Lekgotla la Bohokahanyi la Mopresidente (PCC). 

1.2. Le ha feela Setereke sa OR Tambo e le sa pele sa ho thakgola mokgwa ona ka semmuso, o tla kengwa tshebetsong diseterekeng tse 44 le ditoropong tse robedi naheng ka bophara. O tla atometsa mmuso haufinyana le batho ka ho kenyeletsa baahi le ba nang le seabo ntshetsopeleng ya moralo o le mong wa ho nehela ka bokgapukgapu ba ditshebeletso le ho theha menyetla ya moruo boemong ba motheo ba setereke. 

1.3.  Mopresidente Ramaphosa o thakgotse semmuso Inshorense ya Naha ya Bophelo bo Botle (NHI) mane Tliliniking ya motse wa Lusikisiki, e tla nehelanang ka tlhokomelo ya bophelo bo botle e maemong a hodimo lefatsheng. Ho tse ding tse ngata, tliliniki e haheletswe ka disebediswa tsa sejwalejwale, ditshebeletso tsa tshohanyetso le phaphosi ya ho pepela e butsweng letsatsi lohle. 

1.4. Mopresidente Ramaphosa o boetse a buisana le setjhaba sa Setereke sa OR Tambo ka Tlhekefetso ya Dikgoka e amang Basadi le Bana (GBV) mme a hlwaya tlhoko e bohlokwa ka ho fetisisa e leng ya Ditsi tsa Thuthuzela sebakeng seo mmoho le ho theha laboratri ya DNA ka potlako mane Kapa Botjhabela. 

2. Ntwana Kgahlano le GBV

2.1 Kabinete e ema mmoho le Mopresidente Cyril Ramaphosa boipiletsong ba hae ho maAfrika Borwa hore ba sebetse mmoho ho emisa dikgoka le dipolao tsa basadi le bana. Sebokeng sa Kopanelo sa Palamente maobane, Mopresident o nehelane ka meralo ya tshohanyetso ya ho lwantsha GBV le ho netefatsa katoloso ya ho phethahatsa dipheto tsa Seboka sa Bopresidente sa GBV sa 2018. 

2.2 Meralo ya tshohanyetso e ileng ya phatlalatswa ke Mopresidente e tla phethahatswa dikgweding tse tshelela tse tlang ho kenyeletsa meralo ya melao ya tshohanyetso ya ho laola GBV, kwetliso e potlakileng ya seponesa, batjhotjhisi le dimakgistrata/baahlodi ba sebetsanang le dinyewe tsa GBV, matlafatso e potlakileng ya mokgwa wa tsamaiso ya Molao, kenyeletso e potlakileng ya GBV dithutong tsa sekolo, kaho e potlakileng ya bokgoni le Ditsi tsa tshehetso tsa Thuthuzela tse ding tse ngata. Bokenadipakeng bo boela bo kenyeletsa botsitso bo Ikgethileng kotlong ya ba entseng peto, tlhekefetso le dipolao tsa basadi le banana.

2.3 Meralo ena ya tshohanyetso e tla phethahatswa ke Komiti ya Tsamaiso ya GBV e sisintsweng, eo e tla beng e le kantorong ya Bopresidente, e kenyeletsang mmuso le ditheo tsa mekgatlo e seng ya mmuso (di-NGO) ho hlahloba phethahatso.

2.4  Mopresidente o phatlaladitse hore matlolo, ka tsamaiso ya tlwaelo ya ditekanyetso tsa mafapha, a tla netefatsa phethahatso dikgweding tse tshelela tse tlang. 

2.5  Kabinete e ipiletsa ho ditjhaba tsohle ho tswella ho bapala karolo ya bona tataisong le kgodisong ya bana ba bashemane hore ba be le kutlwelobohloko le ho hlompha basadi le banana.

3 Ditlhaselo tsa Dikgoka ho baahi ba melata le bomphato ba maAfrika Borwa 

3.1 Kabinete e boela hape e seholla dikgoka le ditlolo tsa molao tsa setjhaba tse tsamaelanang le diketso tsa nnete kapa mehopolo ya ho hlekefetsa batho ba rona. Re dula re ntse re le mmuso wa demokrasi o ikobelang molao le molaotheo.

3.2 Le ha kabinete e utlwisisa diphepetso tsa moruo wa setjhaba tseo baahi ba tobaneng le tsona, empa ho hloka mamello le ho sebedisa dikgoka kgahlano le baahi ba melata le maAfrika Borwa a mang di keke tsa rarolla diphepetso tsena. 

3.3 Re amohela mang kapa mang ya kenang naheng ya rona ka semmuso mme a ikamahantsha le melao ya naha ya rona. Ka mokgwa o tshwanang, re dula re le naha e kopaneng ka diphapano tsa rona mme mokgwa ofe kapa ofe o bakang bora bo tobaneng le bomphato ba baholwane le dikgaitsedi tsa rona o keke wa amohelwa.

3.4  Kabinete e ikemiseditse ho shebana ka kotloloho le disusa tse bakileng ditlhaselo tsa baahi ba melata le maAfrika Borwa a mang. Ka mokgwa o tshwanang re tla boela re shebana ka kotloloho le diketso tse seng molaong tse jwalo ka ho hweba ka dithethefatsi, kgwebisano e seng molaong, ho thuba le ho utswa mabenkeleng a batho, ha mmoho le ho senya thepa le bobodu ntle le tshabo kapa leeme ho sa kgathaletsehe hore na ditlolo tseo tsa molao di entse ke moahi wa moAfrika Borwa kapa wa molata. Kganyapetso ya baahi ba melata e etswang ke tse ding tsa dikgwebo tsa rona ke e nngwe ya dintho tse kgalemelwang ka mantswe a bohale. Kabinete e ipiletsa ho baahi hore ba sebedisane mmoho le Diforamo tsa Setjhaba tsa Seponesa (CPF) le Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) ho tobana le ditlolo tsa molao le diketso tse seng molaong. 

3.5 Bili ya Kemedi ya Taolo ya Meedi (BMA) e ntse e phethelwa ho Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP); sena se tla potlakisa ho matlafatsa tshireletso ya meedi ya rona. 

3.6 Mopresidente, hodima mona, o romelletse sehlopha se ikgethileng sa manqosa dinaheng tse mmalwa tsa Afrika ho di netefaletsa hore bomphato ba rona ba maAfrika ba naheng ya rona ba amohetswe tlasa mehopolo ya kopano le boitshematlelo ba Afrika ya Bohle, ho kenyeletsa boitlamo ba Afrika Borwa ba ho busa ka molao le tshireletso ya ditokelo tsa botho tsa bohle ba ka hara meedi ya rona. 

3.7 Mopresidente o boetse o kgethile sehlopha se phahameng sa komishini etla fuputsa dintlha tsa nnete e kenyeletsang Mopresidente wa mehleng wa Tanzania monghadi Jakaya Kikwete le Mopresidente wa mehleng wa Mozambique Monghadi Joaquim Chissano. Ba tla buisana le dihlopha tse mmalwa ka hara naha ya rona ka maikemisetso a ho fumana dintlha tsa nnete tse mabapi le ditlhaselo tsa dikgoka tse kgahlano le baahi ba melata le ba lehae, tseo di tsebahalang ka hore ke lehloyo la melata kapa le lehloyo la batho ba batsho. Diphetho tsa komishini ena di tla arolelwana le Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) mme se bohlokwa ka ho fetisisa ke hore e tla re thusa ka ho shebana le phetapheto ya ditlhaselo tsa dikgoka ho baahi ba melata ha mmoho le baahi ba rona.

4. Tlhaselo ya matlo a Balekgotla

4.1 Kabinete e seholla ka matla ho tjhesa matlo a Balekgotla ba Toropo ya Matlosana, mane Khuma e Profenseng ya Leboya Bophirima. Ha ho sebaka sa maitshwaro a jwalo demokrasing ya rona e ntjha. Kabinete e ipiletsa ho ba SAPS hore ba etse tshohle ho kwalla baetsi ba diketso tsena tsa tlolo ya molao. Ha baahi ba Khuma ba ikobelang molao ba sebedisane le balaodi ba phethahatso ya molao ho thusa ho tshwara baetsi ba diketso tsena. Ba ka thusa ka ho nehelana ka lesedi ka ho letsa ntle le ho itsebahatsa mohaleng wa nomoro ya mahala wa 086010111.

4.2 Jwalo ka maAfrika Borwa ha re emeng ho seholla ditlolo tsa molao setjhabeng sa rona. Demokrasi ya rona e nehelana ka tsamaiso ya molao ho bohle ba batlang ho kgetha kapa ho tlosa baemedi ba setjhaba ntle le ho sebedisa dikgoka. Ka hoo re hloka ho ema ho tshireletsa demokrasi ya rona eo re e fumaneng ka thata.

4.3 Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho ema kgahlano le ditlolo tsa molao tse jwalo le ho hlahella ka lesedi lefe kapa lefe ho thusa balaodi ba phethahatso ya molao ka dipatlisiso tsa bona. Afrika Borwa ke naha ya demokrasi mme bao ba sebedisang dikgoka, tsa mofuta ofe kapa ofe, ba tlameha ho ikarabella ditlamoraong tsa diketso tsa bona ka ho tobana le letsoho le matla la molao.

B. Diqeto tsa Kabinete 

1. Pehelo ya Hlahlobisiso ya Dilemo tse 25

1.1 Kabinete e ananetse nehelo ya Pehelo ya Hlahlobisiso ya Dilemo tse 25 tsa 1994 ho fihlela 2019. Pehelo ena e lekanyetsa kgatelo pele ya mmuso (bolekaneng ba ona le balekane ba setjhaba) ho nehelaneng ka boitlamo ba ona ba ho ntlafatsa maphelo a maAfrika Borwa ohle. 

1.2 Tekanyetso e ile ya etelwapele ke Lefapha la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (DPME) e kenyeleditse dipuisano ho fumana maikutlo le mehopolo ho tswa ho ba nang le seabo ba fapaneng. Tsena di kenyeletsa dikgwebo, basebetsi, dithuto, mekgatlo eo e seng ya mmuso le mafapha a fapaneng. Dipuisano tse amanang le tsena di ile tsa tshwarwa, mme di ne di kenyeleditse batho ba phahameng ba tswang kontinenteng ya rona. 

1.3  Pehelo e bontsha mekgahlelo ya kgatelopele e jwalo ka phumantsho ya thuto ya motheo ya maemo a lefatshe; katoloso ya thuto e phahameng, phumantsho ya ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa mahala lekaleng la setjhaba le ho phethahatsa mekgolo ya setjhaba. E boela e bontshahatsa diphepetso tse mmalwa, tse thibelang karabelo ya rona e lekaneng ho ho hloka mesebetsi, phokotso ya bofuma le ho hloka tekatekano. Tse ka sehloohong ho diphepetso tsena ke ho hloka bokgoni ba ho tobana le boholo ba sebopeho sa moruo wa naha. 

1.4  Kabinete e boetse e ananetse mafapha a naha le diprofense ka ho nehelana ka hlahlobisiso ya dilemo tse 25 le tsona.

1.5  Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla thakgola semmuso Hlahlobisiso ya Dilemo tse 25 ho tloha ka 1994 ho ya ho 2019 haufinyana.

2  Pehelo ya Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella (SDG) ya 2019

2.1  Kabinete e ananetse Pehelo ya Naha ya SDG ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba tse kopaneng (UN). Pehelo e tla nehelwa Sebokeng sa SDG nakong ya mokgahlelo wa Seboka sa Kakaretso sa UN (UNGA) ka Loetse 2019. 

2.2  Pehelo ke sephetho sa ho ba le seabo ho akaretsang lekala la mafapha, Stats SA, dithuto le mekgatlo ya baahi. E nehelana ka kgatelopele ya naha ho phethiseng maikemisetso a SDG, a ikamahantshang le Moralo wa Ntshetsopele wa Naha (NDP). Ka mora hore pehelo ya naha e nehelwe mane UN, e tla fumaneha setjhabeng ho websaete ya UN. 

2.3  Afrika Borwa e dula e ntse e itlamme ho ba le seabo mabapi le ajenda ya 2030 ya ntshetsopele e mokoka ya lefatshe. Di-SDG di kenyeletsa maikemisetso a 17 le maipeelo a 169 ho hatisa dintlha tse mmalwa ho tloha ho thuto, bofuma le ditaba tsa tikoloho, kgolo ya moruo le phapang e kgolo ya bong lefatsheng. 

3  Tumellano ya Prothokholo ya Cartagena ya Tshireletso ya Dintho tse Phelang 

3.1 Kabinete e ananetse Pehelo ya Naha ya Afrika Borwa ya Bone ka ho phethahatsa Tumellano ya Prothokholo ya Cartagena ya Tshireletso ya Dintho tse Phelang. Pehelo e tla nehelwa ho Mongodi wa Seboka sa Diphapano tsa Baeloji ka 1 Mphalane 2019. 

3.2 Tumellano ya Prothokholo ya Cartagena e laola motsamao wa ho phela ha dintho tse fetotsweng sebopeho sa tsona sa tlhaho, tse boelang di tsebahala e le Dintho tse Fetotsweng Sebopeho sa Tlhaho (di-GMO), ka hara naha le dinaha tse ding. 

3.3 Afrika Borwa e ikamahantsa le dipeelo tsa Tumellano ya Prothokholo ya Cartagena. Lewa la taolo ya tshireletso ya dintho tse phelang la naha le laolang dihlahiswa tse tsamaiswang ho tswa naheng le tse tliswang naheng. Afrika Borwa e boela e na le seabo ho kwetliseng basebedisi bohle ba di-GMO naheng le dinaheng tsa baahisane.

4  Moralo wa Phethahatso ya Poloko ya Seriti sa Basadi le Banana ba Matsatsing (SDIF)

4.1 Kabinete e ananetse SDIF e phetilweng. Phethahatso ya moralo ona e phethahatsa tokelo ya molaotheo ya seriti le tokelo ya ho phela ho basadi le banana ba tswang malapeng a futsanehileng. 

4.2 SDIF e tataisa ka ho fumana dihlahiswa tsa nako ya matsatsing; mekgwa ya ho aba diphete; ho lahlwa ha diphete tse sebedisitsweng le moralo wa ditsi wa ho lekola kabo. E nehelana ka kwatliso le taolo ya bophelo bo botle ho ba fumantshwang dihlahiswa tsa nako ya matsatsing.

4.3 Ka tsamaiso ya Matlole a Mmuso a Naha, ditekanyetso di etseditswe selemo sena sa ditjhelete le dilemo tse ding tse tlang. Ho se patale lekgetho ha dihlahiswa tsa nako ya matsatsing ho ile ha thakgolwa ka 1 Mmesa 2019. 

5 Bohwebi

5.1 Kabinete e fumane pehelo ya sephetho sa dipuisano le United Kingdom (UK) ka tumellano ya ho laola kgwebisano ha ho ka etsahala hore UK e tswe ho Mokgatlo wa Dinaha tsa Europa (EU), seo se tsebahalang ka hore ke Brexit. 

5.2 UK ke naha ya bone ka boholo e hwebisanang le Afrika Borwa dikamanong tsa kgwebisano, ka R142 bilione ho kgwebisano ya dinaha ka bobedi ka 2018.

5.3 Kabinete e ananetse hore tumellano e sisintsweng e qopisitse dipeelo tseo e leng hore ha jwale di ikamahantsha le kgwebisano ya dinaha ka bobedi, e hlahisitsweng tlasa Tumellano ya Bolekane ba Moruo wa Mokgatlo wa Dinaha tsa Europa (EPA) le dinaha tse tsheletseng tsa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Afrika (SADC). E tla ba ka mokgwa o motjha wa EPA dipakeng tsa UK le Afrika Borwa, Namibia, Botswana, Lesotho, Eswatini le Mozambique. E tla phethahala haeba ho etsahala hore UK e tswe EU ntle le tumellano ya ho ikgula e lekaneng.

5.4  Ka mora ho nahanisa pehelo, Kabinete e ananetse EPA. EPA e ntjha e tla boloka ditefello tsa mmuso tse thabelwang, dipalo tse bewuweng, maemo a bophelo bo botle le tshireletso le maemo a mang ho netefatsa hore kgwebisano ya Afrika Borwa le UK e tswella people ntle le tshitiso. Sena se tla tshireletsa tse molemong wa setjhaba.

5.5 Kabinete e ananetse tumellano e sisintsweng, mme ha mekgatlo yohle e se e tekenne tumellano ena e tla tliswa Palamenteng ho tjhaelwa monwana.

6. Boradi ba khoene ya Kgwebo ya Afrika Borwa ya Mint 

6.1. Kabinete e ananetse letoto le latelang la boradi ba dikhoene la babokelli la sehopotso sa 2020 tsa Kgwebo ya Afrika Borwa ya Mint - R2 (2oz.) ya 2020 ya Krugerrand ya silivera e benyang; le R25 (1oz.) ya 2020 ya Natura ya silivera e benyang. Mookotaba wa letoto la dikhoene tsena ke, "Ho tsoha ha didaenaso - tsa Aritjhosauria. Phatlalatso e tla kengwa koranteng ya mmuso ho tsebisa sehopotso sa dikhoene tsena.

C. Diketsahalo tse tlang 

1. Kgwedi ya Dipalangwang

1.1 Kabinete e ananetse Leano la Tshebetso Kgweding ya Dipalangwang, Mphalane 2019 la letsholo la matsatsi a 365 ka tlasa mookotaba: “Mmoho ha re tswelleng ka Phano ya Ditshebeletso tsa Setjhaba ka Potlako Re Tswella le ho Hodisa Moruo". Tshireletso ditseleng tsa rona e hloka hore ho be le puisano ka matsatsi a 365 mmoho le ho tswella pele ho lemohisa basebedi ba ditsela bohle; bakganni le ditaso. 

1.2 Letsholo le tla tswella ho boela le bontshahatsa bokena dipakeng ba mmuso ho ntlafatsa tsamaiso ya dipalangwang, tsamaiso ya botsetedi le maikarabelo a setjhaba a ho hlokomela meralo ya setjhaba.

D. Melate

1.  Matshediso


Kabinete e rometswe matshediso ho: 
1.1.  Lelapa le metswalle ya Motlatsa Letona la Diratshwa, Mme Bavelile Hlongwa, ya lahlehetsweng ke bophelo ba hae kotsing ya koloi ha mmoho le ba malapa a batho ba bane ba hlokahaletseng mmoho le ene ha ba ntse ba leka ho thusa kotsing e nngwe. 

1.2. Batho le mmuso wa Rephaboliki ya Zimbabwe ka mora ho hlokahala ha Mopresidente wa mehleng Robert Gabriel Mugabe. Ka tlasa ketapele ya Mopresidente Mugabe, Zimbabwe ile ya ikamela le ho hlola ntwa e kgahlano le mmuso wa kgethollo mme wa re nehela tshepo ya hore Afrika Borwa le yona e tla lokoloha ka le leng la matsatsi. 

1.3. Lelapa le metswalle ya se bapadi sa sehlopha sa Springbok sa ka morao sa rekebi, Chester Mornay Williams ya ileng a hapa setumo sa lehae le matjhabeng ka seabo sa hae tlholong ya Afrika Borwa ya Mohope wa Rekibi wa Lefatshe wa 1995. Ditlhaselo tsa hae lebaleng la papadi e ne e bontsha maikemisetso le ditoro tsa meloko ya batjha. 

Mopresidente Cyril Ramaphosa o tlotlile mohale enwa wa rekibi ya seng a hlokahetse, ka tlotla ya Phupu e Ikgethileng ya Semmuso ya Profense ya Mokgahlelo wa Bobedi.

1.4. Lelapa le metswalle ya mofu, e neng e le motshwaruwa wa Robben Island wa nako e fetileng le mokaubere wa Kapa Bophirima, Vincent Diba. Mopresident Ramaphosa o phatlaladitse Phupu e Ikgethileng ya Profense ya Kapa Bophirima ya Mokgahlelo wa Bobedi, hoo ho bolela hore dintlha tsa phupu di tla hlophiswa ke ba SAPS.

1.5. Lelapa le metswalle ya molwanedi wa tokoloho kgahlano le mmuso wa kgethollo, Adelaine Hain – mme wa radipolotiki e moholo wa Britain, Lord Hain - ya hlokahetseng a na le dilemo tse 92. Adelaine Hain o ile a itlhahisa ka ho lwana kgahlano le mmuso wa kgethollo le ho thusa baahi ba hateletsweng – boitlamo boo e leng hore bo ile ba baka hore a thibelwe ho kena naheng ya rona ke Mmuso wa Kgethollo mme ha mmamorao, le monna wa hae, Walter, pele ba qobellwa ho ya telekong mane United Kingdom (UK).

2.  Ditebohiso

2.1. Kabinete e ema mmoho le naha ho theoheletsa Sehlopa sa Batjha sa Mmino sa Ndlovu, ka ho fihlela makgaola kgang a tlhodisano ya America's Got Talent. Sehlopha sena se ntse se tswella ho etsa naha le kontinente ya rona motlotlo tlhodisanong ena.

2.2. Oratilwe AJ Hlongwane ya tsebahalang haholo e le DJ Arch Jnr ya hapileng South Africa’s Got Talent ka 2015 ha a ne a le dilemo tse tharo. Direkoto tsa Guinness World di mo hlwahile e le DJ ya monyenyane ka ho fetisisa lefatsheng ka 2017. O memuwe ho ya letsa dinaheng tse mmalwa mme o phahamiseditse folakga ya Afrika Borwa hodimo ka ho letsa ka bokgabane lenaneong la Britain’s Got Talent: The Champions. Re mo lakaletsa katleho le mahlohonolo ho tsohle. 

Dipotso: Mme Phumla Williams – Molaodikakaretso ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building