A. Maemo a Renang Hajwale
1. Puo ya Boemo ba Naha
1.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla fana ka Puo ya Boemo ba Naha (SoNA) ya selemo sa 2021 ka Labone, 11 Hlakola ho tloha ka hora ya bo supa ka phirimana. Puo ena e tla ka nako eo bohle re tlamehang ho ema mmoho ho lwantsha kgahlamelo ya sewa sena sa kokwanahloko ya Khorona, ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa le ho hodisa moruo. Kabinete e kgothaletsa dikarolo tsohle tsa setjhaba ho sebetsa mmoho ho netefatsa ho bopahana botjha e le hore re tle re kgone ho betla tsela ya ho etsa Afrika Borwa sebaka se betere bakeng sa rona bohle.
1.2. Maafrika Borwa ohle a kotjwa ho sebedisa puo ya Mopresidente e le ntlha eo re tlamehang ho bopahana ka yona tabeng ya ho fetola moruo, ho fedisa tlhekefetso ya bonng le ho bolawa ha basadi (GBVF) le ho lwantsha bofuma, ho se lekane esitana le leqeme la mesebetsi. Diboka tsa boraditaba tse tla latela ka mora SoNA, di tla manolla haholwanyane Meralo ya Tshebetso ya Mmuso ya selemo sa 2021 le sa 2022.
2. Matsete
2.1. Kabinete e thabetse matsete a diranta tse dibilione di 16 a khamphane e hlahisang makoloi ya Ford mane diahelong tsa yona Silverton. Matsete ana, a tla nyolla maemo a ho romelwa kantle ho naha ha makoloi mmoho le ho theha mesebetsi e ka bang 1 200.
2.2. Sena ke karolo ya Tshwane Automotive Special Economic Zone e thehilweng ka selemo sa 2019 ho theha setsi se seholohadi sa tlhahiso ya makoloi Afrika. Ho fihlela jwale, ho sona ho se ho kene bahlahisi ba dikarolwana tsa makoloi ba ka bang 12, mme tlhahiso ya bona ho fihlela jwale e se e entse lekeno la diranta tse dibilione di 4.33. Matsete ana, a paka taba ya hore Afrika Borwa ke naha e nepahetseng ho ka tsetela ho yona, le ho bontsha ka moo indasteri ya tlhahiso ya makoloi lefatsheng ka bophara e tshepang naha ena ka teng.
3. Letsholo la ho entela COVID-19
3.1. Mmuso o behile pele leano la ho enta setjhaba twantshong ya COVID-19. Kabinete e rata ho netefaletsa Maafrika Borwa hore leano lena le ntse le le motjheng. Hona jwale re tla behella ente ya AstraZeneca ka thoko mme re sebedise ena ya Johnson & Johnson.
3.2. Diphetoho tsena di bakilwe ke se fumanweng ke borasaense ba rona hore ente ena ya AstraZeneca ha e na matla a lekaneng ho lwantsha mofuta ona o sa tswa fumanwa naheng ena wa COVID-19, e leng wa 501Y.V2. Ente ya Johnson & Johnson yona ho na le bopaki bo feletseng ba hore e na le matla a ho lwantsha mofuta ona wa 501Y.V2.
3.3. Kabinete e babatsa mosebetsi wa borasaense le boradipatlisiso wa ho kgona ho fumana mathata a ente ena ya pele kgahlano le mofuta ona wa 501Y.V2. Sena se paka hore naha ena e na le borasaense ba nang le boiphihlelo, ba hlontjhuwang lefatsheng ka bophara.
3.4. Ente ya AstraZeneca e rekilwe pele ho fumaneha mofuta ona o motjha wa 501Y.V2, mme e ne e sebetsa hantle mofuteng wa pele wa kokwanahloko ena. Ente ena e fihlileng kwano ka la 1 Hlakola, ho tswa Serum Institute, India, ha e a fellwa ke nako mme hape re ne re tla qeta mokgahlelo wa pele wa ho enta e so fellwe ke nako.
3.5. Kabinete e itshepa haholo ka leano lena la ho enta setjhaba le tla qala ka basebeletsi ba tsa bophelo bo botle ba fetang dimilione tse 1.2. Lefapha la Bophelo le sebedisana le la Matlotlo, le tla tswelapele ho reka diente tse ding ho ka fihlela pehelo ya mmuso ya ho enta palo e kgolo ya setjhaba.
3.6. Ho netefatsa hore leano lena la ho enta le tsamaya hantle, Lefapha la Bophelo le thakgotse Leano la ho Ingodisetsa ho Entwa la Mokgwa wa Eletroniki ho https://sacoronavirus.co.za/evds/tscs/(link is external). Kabinete e kgothaletsa bohle ba lokelang ho entwa mokgahlelong ona wa pele ho qala ho ingodisa.
3.7. Kabinete e ipeletsa ho batho bohle ba Afrika Borwa ho tswelapele le ho ikobela melawana ya polokeho kgahlano le tshwaetso ya COVID-19 ka ho qoba ho ba mokgoping, ho hlapa matsoho ka metsi le sesepa kapa ho a hlwekisa ka sebolaya dikokwanahloko, ho apara semonkwana ha o le setjhabeng le ho qaqolohana le ba bang bonyane ka mitara le halofo.
4. Letlole la Twantsho ya Tlhekefetso ya Bonng
4.1. Kabinete e thabetse ho thehwa ha Letlole la Twantsho ya Tlhekefetso ya Bonng ke dikhamphane tse ikemetseng. Letlole lena, le tla thusa naha twantshong ya tlhekefetso ena, le ho kengwa tshebetsong ha Leano la Naha la twantsho ya yona.
4.2. Letlole lena, le tlo thusa hape ho fihlela tumellano ya Sebokeng sa 2018 sa Ntwa Kgahlano le Tlhekefetso ya Bonng, moo ho neng ho etswe kgoeletso teng setjhabeng – ho mmuso, mekgatlong ya setjhaba le e meng – ho sebetsa mmoho ho fedisa tlhekefetso ena.
4.3. Kabinete e thabetse kahlolo e filweng Lungile Nxelelwa ya ho hlola bophelo bohle ba hae tjhankaneng habedi ke Lekgotla la Dinyewe la Manki la Palm Ridge ka molato wa peto le polao ya Keneilwe Pule ya neng a le dilemo di 27 wa Sebokeng ka 2019.
4.4. Kabinete e boetse e thoholetsa ba ditshebeletso tse qobellang molao ka mosebetsi o motle ka mora hore Lekgotla la Dinyewe la Lebowakgomo le ahloletse monna ya dilemo di 27 wa Ga-Tamatis, Limpopo ho hlola bophelo bohle ba hae tjhankaneng ka molato wa peto ya ngwanana ya sa itekanelang ya dilemo di 14.
4.5. Kabinete e arabela ka hore e tla sebetsa ka thata ho matlafatsa ditshebeletso tsa toka hore di tsebe ho ahlola ka thata bahlekefetsi bana, le ho netefatsa hore mahlatsipa a fumana toka ka potlako le ho tlisa polokeho setjhabeng. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba kaofela ho lwantsha tlhekefetso ena ya basadi le bana, le ho tlaleha dikweta tsena sepoleseng.
5. Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU)
5.1. Nako ya Afrika Borwa ya ho etella Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika pele e fedile nakong ena e boima kontinenteng le lefatsheng ka bophara. Nako ena ya Afrika Borwa e ile ya thefulwa haholo ke COVID-19, e thefutseng dinaha tsohle tsa kontinente ena. Leha ho bile le diphephetso tsena tsa sewa sena, empa Afrika Borwa e kgonne ho ntshetsapele merero ya Dinaha tsa Afrika, haholoholo wa ho lwantsha sewa sa COVID-19.
5.2. Nakong ya ketapele ena ya Afrika Borwa, ho ile ha thehwa leano la Kgwebisano la Dinaha tsa Afrika, e leng mohato o matla kgwebong le moruong wa Afrika. Afrika Borwa e boetse ya bapala karolo e kgolo matsapeng a Dinaha tsa Afrika a ho tlisa kgotso pakeng tsa naha ya South Sudan le ya Ethiopia.
5.3. Kabinete e lebohisa Mopresidente Ramaphosa boetapeleng ba hae le ka ho thonngwa ha hae jwalo ka Mpodi wa Letlole la Afrika la Twantsho ya COVID-19. Leha nako ya ketapele ya Afrika Borwa e fetile, Kabinete e tla tswelapele ho tshehetsa matsapa ohle a tshehetso ya basadi ba Afrika moruong ka Lenao la dilemo tse leshome le bitswang Decade of African Women’s Financial and Economic Inclusion le felang ka selemo sa 2030.
6. Maemo a mabe a lehodimo
6.1. Kabinete e fumane tlaleho ka ho kengwa tshebetsong ha leano la naha la dikoduwa ho latela tshenyo e bakilweng ke sefefo se bitswang Eloise. Kabinete e lebisa matshidiso a yona malapeng ohle a lahlehetsweng ke baratuwa ba ona dikgoholeng tsena, e lakaletsa ba lemetseng ho fola ka pele. Mmuso o tswelapele ho sebedisana le setjhaba le mekgatlo eo e seng ya mmuso ho thusa ba lahlehetsweng ke mahae ka lebaka la dikgohola tsena.
6.2. Dikgohola tsena di sentse dibopeho tsa motheo diprofensing tse ngata. Ba Setheo sa tsa Bolepi sa Afrika Borwa (SAWS)ba lemositse ka kgonahalo e nngwe ya dikgohola Limpopo, Foreisitata le Leboya Bophirima matsatsing a tlang. Kabinete e eletsa batho ho ba sedi nakong ena ya maemo a mabe a lehodimo. Setjhaba se eletswa ho ba ka matlung ha dipula tsena tse mpe di na.
6.3. Ba SAWS ba tla tswelapele le ho fana ka tlaleho ya maemo a lehodimo a letsatsi le letsatsi esitana le a beke le beke mmoho le ho lemosa ba Ditshebeletso tsa Dikoduwa e le hore bona ba tle ba fetisetse molaetsa setjhabeng le ho ba ditshebeletso tsa tshohanyetso.
6.4. Mmuso o sebetsa le Mekgatlo eo e seng ya Mmuso, komiti ya Matona, Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso le baetapele ba bomasepala – le ba Ditshebeletso tsa Dikoduwa – ho thusa diprofensi tse amehileng.
B. Deqeto tsa Kabinete
1. Maemo a Koduwa Naheng
1.1. Kabinete e otlolotse nako ya Maemo a Koduwa Naheng ho fihlela ka la 15 Tlhakubele 2021 ho ya ka Karolo ya bo 27(5) (c) ya Molao wa Ditshebeletso tsa Dikoduwa wa bo 57 wa 2002..
C. Melaetsa
1. Mekete ya ho Keteka Selemo
1.1 Kabinete e keteka dilemo tse 24 tsa Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996, o neng o qale ho sebetsa ka la 7 Hlakola 1997 ka mora ho phatlalatswa ke Mopresidente wa mehleng, Nelson Mandela. Molaotheo ona o hlomphuwang lefatsheng ka bophara, o ne o qetella leeto la tokoloho ya naha e lwanetsweng ka thata, eo bohle re tlamehang ho e thabela.
2. Kabinete e lebohisa le hona ho lakaletsa katleho ho:
2.1. Advocate Dumisa Ntsebeza SC ka ho kgethelwa ho ba Moahlodi Lekgotleng la Afrika la Ditokelo tsa Botho.
3. Matshidiso
Jwalo ka ha ena e le kopano ya pele ya selemo sena sa 2021, Kabinete e lebisa matshidiso a yona a siilweng ke nako ho ba lelapa le metswalle ya:
3.1. Ntate Jackson Mphikwa Mthembu, eo e neng e le Letona kantorong ya Mopresidente wa mmusong ona wa botshelela. E ne e le moitseki mme a sebeletsa setjhaba ka boitelo.
3.2. Ntate Jonas Gwangwa, qhoku ho tsa botjhaba, moqapi le mohlahisi wa mmino wa jazz, ya hlomphuwang lefatsheng ka bophara.
3.3. Ngaka Sibongile Khumalo, sebini le morupelli wa mmino ya bapetseng karolo e kgolo ntshetsong pele ya bonono le botjhaba mminong wa jazz le wa opera.
3.4. Mme Rebecca Kotane, ya tsejwang ka la MmaKotane, molwanedi wa tokoloho. O hopoleha ka karolo ya hae Mohwantong wa Basadi o neng o ya Union Buildings ka selemo sa 1956. E ne e le mofumahadi wa maetapele wa mehleng wa Mokga wa Afrika Borwa wa Makomanisi, Ntate Moses Kotane.
3.5. Moahlodi Khayelihle Kenneth Mthiyane, eo e neng e le Motlatsa Mopresidente Lekgotleng la Dinyewe la Boipeletso.
3.6. Mme Thoko Ndlozi, eo e neng e le setho sa ho qetela se phelang sa sehlopha sa mmino sa basadi sa Joy, se neng se etse nalane ka setlabolane sa sona sa, Paradise Road.
3.7. Ntate Wandi Nzimande, e mong wa bathehi ba letshwao la diaparo la Afrika Borwa, Loxion Kulca, ya neng a behe Afrika Borwa nalaneng ho tsa feshene.
3.8. Ntate Knowledge Simelane, ya neng a inehetse haholo paballong ya dipuo tsa setso, mme hape o sihile sekgeo se seholo ho tsa bophatlalatsi ba dikoranta.
3.9. Ntate Welcome ‘Bhodloza’ Nzimande, ya neng a qale ho sebetsa seyalemoyeng sa Ukhozi ho tloha ka selemo sa 1978, a rata mmino wa maskandi haholo mme a utulla le talente ho dibini tse ngata tsa mmino wa setso.
3.10. Ntate Kabelo ‘KB’ Molopyane, sebohodi se qadileng bobohodi ka selemo sa 1996 mme a tuma haholo seyalemoyeng sa Motsweding.
3.11. Ngaka Sam Phillips, sebapadi sa dipale se tummeng lefatsheng ka bophara, sengodi, mohlahisi le molaodi wa mmino ya hapileng dikgau tse ngata.
3.12. Ntate Edwin De Lille, mohatsa Letona Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Dibopeho tsa Motheo, Letona Patricia de Lille.
3.13. Morena Thulare Victor Thulare wa boraro, wa setjhaba sa Bapedi ya neng a fumane lengolo la tiisetso ya borena ba hae ho Mopresidente Ramaphosa selemong sa 2020.
D. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Advocate Doctor Mashabane – Molaodi-Kakaretso Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.
Ditlhakisetso:
Mme Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139