Skip to main content
x

 

A.  Dintlha ka Maemo a Renang Hajwale

1.  Pitso ya Matsete ya Afrika Borwa (SAIC)


1.1.  Kabinete e thuisitse diphetho tse ntle tsa SAIC le Foramo ya Matsete ya Afrika (AIF) tse neng di tshwerwe ka ho latelana ho tloha ka la 5 ho isa ka la 7 Pudungwana 2019 le ho tloha ka la 11 ho isa ka la 13 Pudungwana 2019, ka ho latelana ha tsona.

1.2.  Boleng ba R363 bilione ba boitlamo ba matsete bo ile ba tsebiswa ho SAIC ya bobedi ya Afrika Borwa mme se ka etsang boleng ba US$40 bilione ya boitlamo ba matsete a ile a tsebiswa ho AIF. Sena se boela se bontsha tshepo e matla e teng moruong wa rona.

1.3.  Khamphani e kgolo ya pampiri Sappi le e kgolo ya thitelo Heineken di ne di le hara dikhamphani tse mmalwa tse ileng tsa itlama ka matsete a dibilione tsa diranta. Ngwahola, pitso ya pele ya matsete e tshwasitse maitlamo a matsete a boleng ba R300 bilione mme ya hohela maitlamo ho tswa hara tse ding, khamphani e kgolo ya e-commerce Amazon, Aspen Pharmacare le ya Rwanda ya thekenoloji, Mara Corporation. Maitlamo ana kaofela a matsete a tswela pele ho tiisa hore Moporesidente Cyril Ramaphosa o dula a le motjheng wa sepheo se rerilweng sa matsete a R1,2 trilione dilemong tse hlano.

1.4.  Bekeng e sa tswa feta, Setsi se Ikgethang sa Dikhamphani tsa ho Etsa Makoloi (SEZ) sa Tshwane se tsebisitse matsete a ka hohelang se ka etsang R3,6 bilione le ho hlahisa mesebetsi e otlolohileng e 6 700. Ford SA, e tla sebetsa ho tloha ho SEZ ena, e rerile ho eketsa tlhahiso ya yona ya divene tsa Ranger ho tloha ho tse 520 ho isa ho tse 720 ka letsatsi bakeng sa mebaraka ya matjhaba le ya lehae. Khamphani ya Japane, Isuzu, le yona e tsebisitse ka R1,2-bilione ya matsete ka hara tlhahiso ya yona ya lehae ho la Port Elizabeth, e leng a tla matlafatsa moruo wa Kapa Botjhabela.

1.5.  Kabinete e hlahisa kananelo ya yona e tebileng le ho leboha boramatsete kaofela le bankakarolo bakeng sa pitso e nngwe ya matsete e atlehileng. Ka ho sebetsa mmoho, re ka ntshetsa Afrika Borwa pele.

2.  Pitso ya Matona a Merero ya Tikoloho a Afrika (AMCEN)

2.1.  Kabinete e ananela ho thonngwa ha Letona la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi Barbara Creecy jwaloka Modulasetulo wa AMCEN bakeng sa dilemo tse pedi tse tlang.

2.2.  Afrika Borwa e nkile bodulasetulo ba AMCEN pitsong ya dilemo tse ding le tse ding tse pedi e neng e tshwaretswe Motsemoholo wa eThekwini, KwaZulu-Natal ho tloha ka la 11 ho isa ka la 15 Pudungwana 2019. Ena ke foramo ya bohlokwa bakeng sa hore Matona a Afrika a tle ka mawa a moshwelella a diphapang tsa tlhaho e ruileng ya Afrika. E boela e thusa kontinente ho tla ka maemo a tshwanang a ditherisano bakeng sa diforamo tsa matjhaba tse kang Pitso ya bo-25 ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ya Diphethoho tsa Tlelaemete (COP25) e tla tshwarwa Madrid, Spain, ho tloha ka la 2 ho isa ka la 13 Tshitwe 2019.

3.  Seboka sa Brazil, Russia, India, China, Afrika Borwa (BRICS)

3.1.  Kabinete e amohela diphetho tsa Seboka sa bo-11 sa BRICS se neng se tshwaretswe Brasilia, Brazil tlasa mookotaba: “Kgolo ya Moruo bakeng sa Bokamoso bo Ntjhafetseng”.

3.2.  Moporesidente Ramaphosa le baetapele ba bang ba BRICS ba ile ba boela ba kopana le Lekgotla la Kgwebo la BRICS ho matlafatsa le ho kgothaletsa maqhama a moruo, kgwebisano, kgwebo le matsete hara ditho tsa BRICS. Kabinete e ananela ho amohelwa ha Seboka sa Tumellano ya BRICS ke Dihlooho tsa Dipuso tsa dinaha tsena.

3.3.  Tumellano e kenyeletsa boitlamo ba ho lwantsa ho beha ditheko tse tlase tsa thepa e tswang ka ntle, le ditsela tsa ho matlafatsa tlhokeho le kgolo. E boela e mafiella maiteko a ho tswellisa tshebedisano ya rona dihloohong, tse kenyeletsang matsete ho e-commerce le ho dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo.

3.4.  Botho ba Afrika Borwa ba BRICS bo beha naha botleng mabapi le kgwebisano e eketsehileng, matsete, bohahlaudi, kaho ya bokgoni, maitsebelo le phethisetso ya thekenoloji, e leng tse bohlokwa maikemisetsong a rona a ho sebetsana le diqholotso tse tharo tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane.

4.  Dilemo tse 25 tsa Tokoloho

4.1.  Kabinete e amohela ho thakgolwa ha tlaleho ya Tjhebobotjha ya Dilemo tse 25, e leng ditholwana tsa ditherisano tse phatlaletseng ho phatlalla le naha le kontinente ya Afrika. Tlaleho e ananela diphihlello tsa rona mabapi le ho tseka botjha seriti sa batho ba bo rona le ho matlafatsa phumantsho ya bona ya ditshebeletso tsa mantlha.

4.2.  Tse ding tsa diphihlello di kenyeletsa phumantsho ya thuto ya mantlha ho bohle, katoloso ya phumantsho ya thuto e phahameng, phumantsho ya ditshebeletso tsa kalafo tsa mahala ka hara lekala la mmuso le ho kenngwa tshebetsong dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba. Leha re entse menyabuketso ena e babatsehang, moruo wa rona o ntse o batla ho fetolwa ka botlalo mme ho etswe hore o sebeletse setjhaba. Hape, meralo ya dibaka eo esale e tsitlallelwa ke dikarohano tsa mmuso wa kgethollo e ntse e so fetohe.

4.3.  Tlaleho e kgothaletsa hore naha e lokela ho ahella hodima dikuno tsa dilemo tse 25 tse fetileng tsa demokerasi ka ho qolleha mabapi le ho fetola ka matla bobedi moruo wa rona le moralo wa dibaka wa naha ya rona. Tlaleho e ka fumaneha websaeteng ya Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhahlobo ya Tshebetso: www.dpme.gov.za.

5.  Bolaodi ba dikoduwa

5.1.  Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa a 14 a maAfrika Borwa a bo rona a hlokahetseng nakong ya difefo tsa haufinyana tjena KwaZulu-Natal mme e lakaletsa ba lemetseng ho fola kapele.

5.2.  Ditshebeletso tsa Bolaodi ba dikoduwa di sebetsana le tshenyo ya lehoduotswana le sentseng infrastraktjha ya mmuso le ho ama malapa a fetang 798 mane New Hanover le Bergville ho la KwaZulu-Natal.

5.3.  MaAfrika Borwa a kgothaletswa ho ba sedi le ho nka mehato e hlokehang ya tshireletso kaha kotsi ya dipula tse matla le mahadima a bohale di ntse di le teng dikarolong tse ding tsa naha.

6.  Eskom

6.1.  Kabinete e tsheheditse ho thonngwa ha Monghadi Andre de Ruyter jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) e motjha wa Eskom. Thonyo ya CEO ya ka nako tsohle ke mohato wa pele wa bohlokwa mabapi le ho matlafatsa Eskom, ho sebetsana ka matla le mmuso le diphephetso tsa bolaodi ba ditjhelete ditheong tse tla netefatsa phepelo e tsitsitseng ya motlakase bakeng sa setjhaba.

6.2.  Monghadi de Ruyter hajwale ke CEO ya khamphani ya Nampak. O kile a tshwara maemo a ho ba moetapele wa tsa semolao, wa dithekiso, le ditshebetso Sasol ka hara Afrika Borwa, Jeremane le Tjhaena – moo maemo a hae a ho qetela Sasol e neng e le ya ka Sehloohong wa Phethahatso wa Ditshebetso tsa Sehlopha ka hara Afrika Borwa.

6.3.  Monghadi de Ruyter o tla ka boiphihlelo ba bohlokwa ba matjhaba boemong bona; boiphihlelo bo tebileng ba ho sebetsana le mebuso le balaodi dibakeng tse fapafapaneng; maitsebelo a ho fetola dintho ka ho fokotsa ditjeo, ho ntlafatsa meedi, le ho fetola sebopeho sa mekgatlo, nalane ya ho tlisa diphaello tsa moshwelella le boleng bakeng sa bankakarolo; lewa le matla le ho phethahatsa ditsebo ka maikemisetso a ho nahana le ho kenyeletsa dimotlolo tsa tshebetso le mawa a phano.

6.4.  Kabinete e dumela hore Monghadi de Ruyter o tla sebetsa le boetapele ba Eskom ho kganna maitshunyako a lohothwang a Eskom jwaloka ha tekilwe pampiring ya Eskom ya sehlooho se reng “Roadmap for Eskom in a Reformed Electricity Supply Industry”.

6.5.  Kabinete e tla tswella ho tshehetsa Eskom maitekong a yona oohle a ho tsitsisa bokgoni le bokgoni ba yona ba ho fana ka phepelo ya eneji e sa sitiseheng.

7.  Seteraeke sa basebeletsi ba Tshebeletso ya Difofane ya Afrika Borwa (SAA)

7.1.  Kabinete e ipiletsa ho mekga yohle e amehang seteraekeng sa SAA ho sebetsa mmoho mabapi le ho thola ditharollo tse tla ba molemong wa bohle mme ka ho qolleha molemong wa naha.

7.2.  Leha Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996 o teka hore ke ditokelo tsa basebetsi ho kgina tshebetso ya bona, leha ho le jwalo re lemosa kgahlanong le dipuo tsa phatlalatsa tse hlokang boikarabelo le ditshoso polokehong ya bapalami kapa ba malapa a bona nakong ena. Mokgwa o tletseng kgotso le o sa sitiseng wa ho rarolla dikgang ke ona o batlehang. Kabinete e dula e na le tshepo ya hore ho tla fihlellwa tharollo ya kgotso seteraekeng sena se nkileng nako e telele sa SAA.

8.  Lefu la Mokaka (FMD)

8.1.  Kabinete e ile ya tsebiswa ka FMD ya moraorao dikarolong tse ding tsa naha. Leha lefu lena le se kotsi bakeng sa boitekanelo ba batho, le tshwaetsana haholo hara diphoofolo tsa ditlhako tse kwalehileng. Kabinete e ipiletsa ho badudi bohle ba amehang ba Limpopo ho ikamanya le melao ya polokeho e le tsela ya ho thibela ho nama ha lefu lena.

8.2.  Borapolasi ba koptjwa ho phema ho bokella mehlape mmoho bakeng sa difantisi, dipontsho kapa diketsahalo tse ding. Hape ba kgothaletswa ho fadimehela matshwao a bongaka a lefu lena le ho iteanya le ngaka ya diphoofolo kapa setsebi sa kalafo ya diphoofolo, haeba ho hlokeha.

9.  Leeto la Boromuwa bo Ikgethang naheng ya Borwa ba Sudan

9.1.  Kabinete e amohela kgatelopele e entsweng mabapi le tharollo e phethahetseng ya dikgohlano le ho tlisa botsitso naheng ya Borwa ba Sudan . Afrika Borwa e fana ka tshehetso ya maiteko oohle a ho kenya tshebetsong Tumellano e Tsoseleditsweng ya naheng ya Borwa ba Sudan ho imatahantswe le maikarabelo a Boromuwa bo Ikgethang.

9.2.  Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza, boemong ba hae e le Moromuwa ya Ikgethang naheng ya Borwa ba Sudan, o ile a tsamaisa ditherisano le Moporesidente wa Uganda Yoweri Museveni le Moporesidente wa Lekgotla le Ikemetseng la Diphethoho la Sudan, Khartoum Abdalftah Alburhan A. Alrahman.

9.3.  Ditherisano di ne di le mabapi le ho kenngwa tshebetsong Tumellano e Tsoseleditsweng ya Tharollo ya Dikgohlano ka hara Riphabliki ya Borwa ba Sudan.

10.  Pitso ya Matjhaba e buang ka Setjhaba le Ntshetsopele (ICPD25)

10.1.  Seboka sa moraorao sa ICPD25 se tshwaretsweng Nairobi, Kenya, se fane ka sehlahlo ho Lenaneo la Tshebetso la ICPD le ho aha lebelo bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la selemo sa 2030 la Ntshetsopele ya Moshwelella.

10.2.  Afrika Borwa e ntlafaditse boitlamo ba yona ba ho matlafatsa diphihlello tse mabapi le tekatekano ya bong ka matlafatso ya basadi le banana ho phatlalla le Afrika Borwa ka maikitlaetso a kenyeletsang lesedi ka thero ya malapa le ditshebeletso; ho se be le bana le ho hlokahala ha bomme ho kenyeletsang phumantsho ya ditokelo tsa thobalano le tswadiso hammoho le ho matlafatsa maitshunyako a ho kgina dikgoka tsa thobalano le tsa bong le dipolao tsa Basadi (GBVF) le ditlwaelo tse kotsi kgahlanong le basadi le banana.

B.  Diqeto tsa Kabinete

11.  Matsatsi a 16 a Letsholo la Twantsho ya Dikgoka Kgahlanong le Basadi le Bana

11.1.  Kabinete e ipapisa le Moporesidente Ramaphosa mabapi le ho amohela kotlo ya bophelo bohle tjhankaneng ka makgetlo a mararo e fuweng mabeta le mmolai wa moithuti wa Yunivesithi ya Motse Kapa Uyinene Mrwetyana ke Lekotla le Phahameng la Dinyewe la Kapa. Ena ke e nngwe ya dikotlo tse ngata tse fanweng ke makgotla a rona kgweding ena e fetileng. Re eme re ishapile sefuba hore batho ba etsang botlokotsebe bona bo nyarosang kgahlanong le basadi le bana ha ba na sebaka setjhabeng sa bo rona mme ba lokela ho teana le letsoho le matla la molao.

11.2.  Afrika Borwa e tla ipapisa le badudi ba lefatshe tabeng ya Matsatsi a 16 a Letsholo la Twantsho ya Dikgoka Kgahlanong le Basadi le Bana (ho tloha ka la 25 Pudungwana ho isa ka la 10 Tshitwe – Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho), ho pepesa temoso ya GBVF ka hara naha.

11.3.  Kabinete e thathiselleditse katoloso ya Matsatsi a 16 a Ntwa ho ba lenaneo la Matsatsi a 365 le tla hodiswa ka temoso, tshehetso le lenaneo la thuto ho kgina dikgoka kgahlanong le ditho tse kotsing tsa setjhaba, ka ho qolleha basadi le bana.

11.4.  Matsatsi a 16 a Ntwa, e leng a tsepamisitseng maikutlo hodima tsebahatso e matla le temoso, a tla thakgolwa ke Mohlomphehi Moporesidente wa Riphabliki, Monghadi Cyril Ramaphosa ka la 25 Pudungwana Motsaneng wa Ga-Seleka ho la Limpopo. Mookotaba, “Ho lekane: Mmoho re akofisa thibelo ya dikgoka tsa bong”, o ahellang hodima kgatelopele e entsweng mabapi le ho tla ka karabelo e pharalletseng, e kenyeletsang makala oohle ho GBVF.

11.5.  Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa kaofela ho itlhahisa le ho balellwa hara ba itahletseng ka setotswana ntweng e kgahlanong le dikgoka tsa bong bakeng sa ho bopa malapa, metse le dibaka tsa setjhaba tse bolokehileng bakeng sa bohle.

12.  Diphetho tsa Bohlahlobi ba Ditjhelete tsa 2018/19 bakeng sa mafapha a mmuso wa provense le a mmuso wa naha

12.1.  Mohlahlobi-Kakaretso wa Ditjhelete (AG) Kimi Makwetu o tsebisitse Kabinete ka diphetho tsa bohlahlobi ba ditjhelete tsa 2018/19 bakeng sa mafapha a mmuso wa provense le a mmuso wa naha. Kabinete e tshwenyehile ka keketseho e ntseng e tswella ya maemo a sa tsitsang. Ditheo tse 12 di ile tsa kgethwa bakeng sa bohlahlobi ba tshebediso ya ditjhelete bo nang le dikgeloho. Tse robedi tsa tsena di ne di kgelohile. Tse supileng e ne e le Mafapha a ikarabellang mmusong wa provense mafapheng a Bophelo bo Botle, Bodulo ba Batho, Thuto; Lefapha la Naha la Budulo, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le Lefapha la Naha la Thuto ya Motheo le Setheo sa Dikgwebo tsa Mmuso e leng Lekala la Bapalami ba Diterene la Afrika Borwa (PRASA).

12.2.  Sehlomathiso sa Molao wa Bohlahlobi ba Ditjhelete tsa Mmuso, 2018 (Molao wa bo-5 wa selemo sa 2018), se keneng tshebetsong ka la 1 Mmesa 2019, se lebeletswe ho matlafatsa mosebetsi wa Kantoro ya AG le ho netefatsa hore mmuso o qala ho sebetsana ka thata le mafapha a tswellang ho se ikobele mawa a taolo.

12.3.  Ka lebaka lena, Kabinete e tjhaelletse monwana qobello ya Molao ona, ka ho qolleha dikgeloho tse batlang hore AG a fetisetse ditlolo tsena tsa molao bakeng sa dipatlisiso tse tebileng, ho kenyeletswa le makala a qobello ya molao.

12.4.  Kabinete e dula e itlametse ho netefatsa taolo e hlwekileng ka hara ditheo tse tsamaiswang ke mmuso. Sekolo sa Naha sa Mmuso se laetswe ho fana ka thupello le tshehetso ho ditheo tse hlokang thupello e tebileng bakeng sa bahlanka ba tsona. Ba tlolang melao ya bolaodi ba ditjhelete tsa mmuso ka boomo ba tla tshwanela ho tobana le ditlamorao tsa ho sebedisa mehlodi ya mmuso hampe.

13.  Porojeke ya Motjha wa Lefa la Boitseko le Tokoloho (RLHR)

13.1.  Kabinete e amohetse tlaleho ya Kgatelopele e mabapi le Porojeke ya RLHR ho tswa ho Letona la Dipapadi, Bonono le Botjhaba Nathi Mthethwa. Lefapha la Bonono le Botjhaba – ka tshebedisano mmoho le Lekgotla la Naha la Mafa le Lekala la Mehlodi ya Mafa la Afrika Borwa – le tla hlwaya, bokella, le ho kgothaletsa paballo ya nalane ya rona le ditsha tsa nalane tse ka hara kontinente tse nang le kamano le mafa a tokoloho ya Afrika Borwa.

13.2.  Porojeke e sebetsa jwaloka kgaolo ya naha ya Lenaneo la Mafa a Tokoloho la Kontinente ya Afrika. Infrastraktjha ya nalane le ditsha di se di hlwauwe diprovenseng kaofela tse robong mme tse ding di sebetsa jwaloka dibaka tsa mafa a bohahlaudi. Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa dilemo tse tharo o tla kenngwa tshebetsong o ileng wa tekwa.

C.  Dibili

14.  Bili ya Bolaodi ba Moruo wa Dipalangwang ya Selemo sa 2019


14.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Bolaodi ba Moruo wa Dipalangwang ya selemo sa 2019 Palamenteng. Bili e matlafatsa melawana ya moruo ya dipalangwang ho ba molao o le mong. E sisinya ho thehwa ha Molaodi a le Mong wa Moruo wa Dipalangwang le Lekgotla la Moruo wa Dipalangwang. Bili e tla sebetsa makaleng a dipalangwang tsa difofane, dikepe, diterene le tsa mebileng.

14.2.  Bili e ile ya kenngwa setjhabeng bakeng sa ditshwaelo habedi ka selemo sa 2018. Ditshwaelo tsa motjha wa dipuisano le setjhaba di ile tsa kenyeletswa Biling ena e shebuweng botjha. Sephetho sa ho kenngwa tshebetsong ha Bili ena ho tla nyehela mabapi le maiteko a Kabinete a ho bebofatsa ho etsa kgwebo ka hara Afrika Borwa. Dikgwebo jwale di tla kenyeletswa sebopehong se le seng sa ditefello tse laolwang ha di sebedisana le indaseteri tsa dipalangwang ka hara naha. Setheo se sa nkeng lehlakore se tla okamela mosebetsi ona ho sisinngwa hore se be tlasa Letona la Dipalangwang.

D.  Diketsahalo tse Tlang

15.  Motlolo wa Ntshetsopele ya Ditereke


15.1.  Mohlomphehi Moporesidente wa Riphabliki, Monghadi Cyril Ramaphosa o tla thakgola Motlolo wa Ntshetsopele ya Ditereke wa boraro Seterekeng sa Waterberg ka Labobedi, la 26 Pudungwana 2019 Lebaleng la dipapadi la Shongoane Lephalale, Limpopo.

15.2.  Sebaka sa Waterberg ke sebaka se seholohadi se hlahisang polatinamo ka hara provense ena, mme ho rafshwa ha mashala le ntshetsopele ya peterole ho ekeditse tlhoko ya sehlahiswa sena bakeng sa ho fehla motlakase. Lephalale e boetse ke lehae la mesebetsi e fapafapaneng ya temo.

16.  Kgwedi ya Temoso ya Ditokelo tsa Diqhwala

16.1.  Afrika Borwa e kena sehopotsong sa Kgwedi ya Temoso ya Ditokelo tsa Diqhwala e qadileng ka la 3 Pudungwana e tla fella ka la 3 Tshitwe 2019. Mookotaba wa selemong sena ke: “Mmoho re aha Afrika Borwa e kenyeletsang Ditokelo tsa Diqhwala”.

16.2.  Mmuso o entse kgatelopele mabapi le ho fana ka thekolohelo ya kahisano bakeng sa batho ba qhwadileng le ho tswella ho fohla ho ya pele ka mananeo a ona a behang ka sehlohlolong kenyeletso ho moruo wa kahisano bakeng sa batho ba qhwadileng.

17.  Letsatsi la Lefatshe la ho Thoholetsa Twantsho ya AIDS

17.1.  Motlatsi wa Moporesidente Mabuza, boemong ba hae e le Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Afrika Borwa la AIDS, o tla etella pele ho tshwauwa ha Letsatsi la Lefatshe la ho Thoholetsa Twantsho ya AIDS ka la 1 Tshitwe 2019 Orkney, Leboya Bophirima. Mookotaba wa Letsatsi la Lefatshe la ho Thoholetsa Twantsho ya AIDS la selemo sa 2019 ke: “Badudi ba etsa phapang”.

17.2.  Letsatsi la Lefatshe la ho Thoholetsa Twantsho ya AIDS la selemo sa 2019 ke monyetla wa dinaha tsa lefatshe wa ho thuisa ka nyehelo ya tsona ka tatelano mabapi le ho lwantsha ho nama ha HIV le AIDS. Mookotaba wa monongwaha o ananela karolo ya bohlokwa e bapetsweng ke badudi le eo ba tswellang ho e bapala bakeng sa ho arabela ho HIV le AIDS.

17.3.  Afrika Borwa esale e sa tjhetjhe morerong wa yona wa ho lwantsha mafu a HIV, AIDS, le TB, ka diphihlello tse bonahalang tse kenyeletsang dintshetsopele tsa saense mabapi le kalafo ya HIV mme batho ba bangata ba fumantshwa kalafo ka meriana ya antiretroviral (ARV).

17.4.  Phumantsho ya kalafo ka di-ARV lekaleng la kalafo la mmuso e hotse ho tloha ho bakudi ba 45 500 ka selemo sa 2004 ho ya ho ba fetang 4,7 milione ka selemo sa 2019. Sena se tlatseletswa ke mananeo a ho fetoha ha boitshwaro a kenyeletsang batho ba dulang ba kenela diteko, le tshebediso ya dikgohlopo tsa basadi le tsa banna bakeng sa ho fokotsa sekgahla sa ditshwaetso.

E.  Melaetsa

18.  Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshediso ho:

  • Lelapa la Borena ba AmaXhosa le badudi ka kakaretso, ka ho hlokahala ha Motlotlehi, Morena Mpendulo Calvin Zwelonke Sigcawu.
  • lelapa le metswalle ya sebohodi le moetapele wa mehopolo ya tsebahalang, Monghadi Xolani Gwala. Moporesidente Ramaphosa o phatlaladitse Lepato le Ikgethang la Provense la Semmuso la Mokgahlelo wa Bobedi bakeng sa Monghadi Gwala. O boloketswe Impendle ho la KwaZulu-Natal ka Moqebelo, wa la 9 Pudungwana 2019.
  • lelapa le metswalle ya Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Sehlopha sa SABC wa mehleng, Monghadi Solly Mokoetle.
  • lelapa le metswalle ya rakgwebo, Monghadi Allan Gray, ya thehileng khamphani ya bolaodi ba thepa eo e reeletsweng ka ena.
  • lelapa le metswalle ya sengodi, molwanedi le seroki se tsebahalang sa Afrika Borwa, Monghadi Sandile Dikeni.
  • lelapa le metswalle ya sebapadi, Monghadi Andile Gumbi, ya neng a tsebahala ka dikarolo tsa hae ho Isibaya le The Lion King.
  • lelapa le metswalle ya sebohodi sa mehleng sa YoTV le setho sa sehlopha sa mmino sa Jozi, Monghadi Luther Cohen.

19.  Dithoholetso

Kabinete e fetisetsa dithoholetso tsa yona ho:

  • Letona la Temothuo, Kabobotjha ya Naha le Tlhabollo ya Dibaka tsa Mahae Thoko Didiza, jwaloka Modulasetulo ya kgethilweng wa Komiti ya Setekginiki e Ikgethang ya Kopano ya Afrika ya Temothuo le Tlhabollo ya Dibaka tsa Mahae.
  • MaAfrika Borwa kaofela a tlileng ka bongata ho amohela bahlodi ba sehlopha sa naha sa rakbi, Springboks ho tswa Mohopeng wa Lefatshe wa Rakbi wa selemo sa 2019 Japane.
  • Brad Binder ka ho ba mohlodi wa lebelo la dithuthuthu la Malaysian Moto2 Grand Prix. Re mo lakaletsa tse molemo bakeng sa sehla se tlang ha a tla be a kene tlhodisanong ya MotoGP le moifo wa Red Bull KTM Factory Racing.
  • Chad le Clos bakeng sa ho hapa gauta dipapading ka bobedi tsa lebelo la ho sesa dimithara tse 100 le tsa lebelo la ho sesa dimithara tse 200 Mohopeng wa Lefatshe wa ho Sesa wa FINA Doha, Qatar.
  • Caitlin Rooskrantz bakeng sa ho phunyeletsa ho kenela Diolimpiki tsa selemo sa 2020 ho la Japane kamora ho ba moAfrika Borwa wa pele wa ho hapa Gauta Bompoding ba Lefatshe ba Dijimnastiki tsa selemo sa 2019.
  • Teddy Nzama, ya hapileng bompodi ba selemo sa 2019 ba Starbucks Europe, Middle East le Africa Barista ba tlhodisano ya matjhaba e neng e tshwaretswe London.
  • Maatlelete a Team SA a neng a emetse naha Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Para Athletics ho la Dubai. Ba hapile dimedale di 11 kaofela moo tse pedi e leng tsa gauta. Anrune Weyers: 400m T47 ho Basadi (Gauta), 200m T47 ho Basadi (Silivera), 100m T47 ho Basadi (Boronse); Ntando Mahlangu: 100m T61 ho Banna (Gauta); Simone Kruger: F38 Diskase ya Basadi (Silivera); Mpumelelo Mhlongo: 100m T64 ho Banna (Silivera), T64 Ho Tlolela Hole ha Banna (Boronse); Charl Du Toit: 400m T37 ho Banna (Boronse); Reinhardt Hamman: Javeline F38 ho Banna (Boronse); Anika Johanna Pretorius: 100m T13 ho Basadi (Boronse); le Sheryl James: 400m T37 ho Basadi (Boronse).
  • Luyolo Yiba, eo e bileng mohapi wa Sehla sa bo-15 sa Idols South Africa.

F.  Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

20.  Khomishene ya Tshebeletso ya Lebotho la Tshireletso:

a.    Moatefokate Motlatjo Josephine Ralefatane;
b.    Moatefokate Linda Mbana; le
c.    Mofumahadi Salome Velma Mabilane.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139

 Union Building