Kabinete e bile le kopano ya pele eo e neng e tshwaretswe sebakeng se le seng ho tloha haesale ho kginwa ditshebeletso ka 2020. Sena ke e nngwe ya ditsela tseo Kabinete e lekang ka tsona ho iltlwaetsa tsela e ntjha ya ho etsa dintho jwaloka ha naha e ntse bula ditshebeletso butle butle.
A. Maemo a Renang Hajwale
1. Ho emiswa ha nakwana ha Lenaneo la Sisonke la ho Entelwa COVID-19 le kgothaletso ya hore le tswele pele
1.1. Kabinete e ile ya fumana tlaleho ka ho emiswa ha nakwana ha Lenaneo la Sisonke la ho Entelwa COVID-19 ka ente ya Johnson and Johnson (J&J). Ho emiswa hoo, e ne e le mohato wa tlhokomediso o neng o neha borasaense ba rona monyetla wa ho lekodisisa dintlha tsa batho ba seng ba entilwe. Sena se entswe ho latela ho emiswa ha lenaneo la ho enta setjhaba ka ente ena ya J&J kamora hore batho ba tsheletseng ba fumanehe ba e na le mahlwele a sa tlwaelehang methapong ya madi kamora ho entwa ka ente ena. Ho emiswa hona, e bile ka lebaka la ho emiswa ha tshebediso ya yona ke beng ba yona e leng J&J dinaheng tsa Yuropa.
1.2 Ho emiswa ha nakwana ha ente ena Afrika Borwa, ke ho ikamahanya le leano la mmuso la tiisetso ya polokeho ho setjhaba lenaneong lena la ho entwa. Dipatlisiso di bontshitse hore ho basebeletsi bohle ba kalafo (di-HCW) ba seng ba entilwe ka ente ena, ha ho le ya mong ya bileng le mahlwele a bolelwang mading a bona.
1.3 Kabinete e amohetse kgothaletso ya Botsamaisi ba Bolaodi ba Dihlahiswa tsa Boitekanelo ba Afrika Borwa (SAHPRA) ya hore Lenaneo lena la ho enta ka ente ya J&J la Sisonke, le tswele pele.
1.4. Borasaense ba rona ba tla tswela pele ho beha lenaneo lena leihlo le ntjhotjho. Ho fihlela mahareng a Mmesa 2021, e ne e se e le basebeletsi ba kalafo ba fetang 292 623 ba neng ba se ba entilwe Lenaneong lena la Sisonke.
2. Lenaneo la ho enta setjhaba
2.1. Kabinete e amohetse kgatelopele tumellanong ya ho rekwa ha diente tse ding tsa J&J tse tla lekana hore ho entwe setjhaba kaofela. Kabinete e boetse ya thoholetsa Letona la tsa Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize le Letona la tsa Kgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano, Monghadi Ebrahim Patel, ka ho phakisa ho rarolla dintlha tse neng di saletse morao tumellanong ena ntle le ho beha naha ena kotsing.
2.2. Ho feta moo, Kabinete e boetse ya thabela tumellano e fihleletsweng ya ho fumana diente tse ding tse 10 milione tsa Pfizer, e leng se behang palo ya ente tsa Pfizer ho 30 milione. Sena se bolela hore Afrika Borwa e se e tla enta batho ba 15 millione ka ente ya Pfizer ho ena le 10 milione feela ya pele.
2.3. Ho itokiseletsa Mokgahlelo wa Bobedi wa ho enta setjhaba, o qalang ka la 17 Motsheanong 2021, Kabinete e kgothaletsa batho ba dilemo di 60 le ho feta ho ingodisetsa ho entwa ka Mokgwa wa Elektroniki ho: https://vaccine.enroll.health.gov.za.
2.4. Batho ba sa kgoneng ho sebedisa inthanete, ba ka ingodisa ditsing tsa ho enta tse fetang 3 338 naheng ka bophara. Ho tla ba le dihlopha tse tla romelwa ho thusa maqheku, ba hlokang bodulo le batho ba dulang dibakeng tsa mahae.
3. Sekgahla sa tshwaetso ya Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)
3.1. Kabinete e boetse ya fumana tlaleho mabapi le tshwaetso ya COVID-19 naheng ka bophara mme e leboha maAfrika Borwa ho tswela pele ho sebedisa ditsela tseo e seng tsa bongaka tsa ho itshireletsa e leng ho kenya dimaske ha re le bathong, ho qaqolohana le ba bang ka mithara le halofo le ho hlapa matsoho kgafetsa ka metsi le sesepa kapa sebolaya-dikokwanahloko se nang le motswako wa alkhohole wa 70%.
3.2. Leha ho le jwalo, tlaleho ena e boetse ya bontsha ho eketseha ka 4,9% ha palo ya batho ba tshwaeditsweng matsatsing a 14 a fetileng, ho fihlela ka la 18 Mmesa 2021. Matsatsing a 14 pele ho moo, e ne e le batho ba 14 113 mme matsatsing a 14 a latelang ya ba ba 14 807.
3.3. Ho eketseha hona ho honyane, ho amahanngwa le ho ropoha botjha ka lebaka la ho kgobokana ha batho provenseng ya Foreistata le ya Kapa Leboya mme basebeletsi ba tshohanyetso ba tlotse matjato a masesane ho tsoma batho ba ileng ba kopana le batho bana ba sa tswa tshwaetswa.
4. Tsosoloso ya moruo
4.1. Kabinete e amohetse Tlaleho ya Selemo sa 2021 ya ho nonywa ha maikutlo ho tsa Motjha wa Kgwebo wa Basebeletsi ba Thusang Batho ha ba fihla Dikantorong (BPO), e behileng Afrika Borwa maemong a pele lefatsheng jwalo ka sebaka se bolokehileng bakeng sa ho etsetswa mosebetsi ho sona (BPO).
4.2. Ho nonywa ha maikutlo hona ho entswe ho bahlanka ba phethahatso ba fetang 600 ho tswa dinaheng tse robedi tse ka sehloohong mebarakeng ya basebeletsi ba hlwahla e leng Australia, Canada, Fora, Jeremane, Italy, Spain, Engelane le Amerika.
4.3. Sena se paka tshebetso e ntle ya mmuso le lekala lena ntlafatsong ya ho etsetsa ba bang mosebetsi naheng ena, e leng se bontshitseng le kgolo e matla ditsing tsa kamohelo ya mehala, tshehetso ya setekginiki, ditshebeletso dikantorong kamohelong ya batho le ka hare bakeng sa dikhamphani tsa matjhaba le tsa Afrika Borwa.
4.4. Maemo a hodimo a infrastraktjha ya dijithale, basebeletsi ba nang le boitsebelo ,tsebo ya thekenoloji le ditshebeletso tsa ditjhelete le ho tseba Senyesemane ka botlalo, di tswetse pele ho etsa naha ena e be le kgohedi ho tsa BPO.
5. Tlhahiso ya mesebetsi
5.1. Kabinete e thabetse ho bona hore maitshunyako a mmuso a ho kenyeletsa bohle moruong, haholoholo batjha, a qala ho beha ditholwana.
5.2. Lenaneo la Mopresidente la Tlhasimollo ya Mesebetsi, le thakgotsweng ka Mphalane 2020 ho lwantshana le kgahlamelo ya COVID-19, le se le thehile kapa hona ho sireletsa mesebetsi e 360 010 mafelong a Hlakola 2021, haholoholo batjheng ba neng ba sa sebetse. Ntle le moo, lenaneo lena le boetse la thusa batho ba ka bang 60 539 ka tshehetso tse fapaneng tse kenyeletsang divaotjhara tsa tshehetso ya tlhahiso ho balemi.
5.3. Menyetla e fetang 300 000 ya lenaneo lena e bile ya ho thusa batjha ka ho ba kenya lenaneong la Boikitlaetso ba Kgiro ba Lefapha la Thuto ya Motheo dikolong tse fapafapaneng naheng ka bophara. Kgiro ena ya bona, e thusitse dikolo tsena thutong ya bathuti nakong ena e thata.
6. Ntshetsopele ya infrastraktjha
6.1. Kabinete e boetse ya ananela kgatelopele dintlafatsong le bohlodisaning bo kgabane tse behileng Boemakepe ba Thekong maemong a hodimo, tse fokoditseng le tshubuhlellano mme ha ntlafala le tsela ya tshebetso ho bona.
6.2. Motlotlehi, Mopresidente Cyril Ramaphosa, o ile a etela Boemakepe bona ka Labone la 15 Mmesa 2021 ho lekola kgatelopele ya boemakepe ya ntlafatso ya infrastraktjha ya boemakepe e seng e fihletswe ho latela kopano ya hae le basebedisi ba boemakepe bona le bohle ba nang le kabelo ho bona ka Mphalane 2019.
6.3. Ntlafatso ya boemakepe, haholoholo ba Thekong, ke ntho ya bohlokwa ho mmuso, ho ntshetsa pele maemo a Afrika Borwa a ho ba le boemakepe bo itlhommeng pele ba kgwebisano lebatoweng lena le kontinenteng ka bophara.
6.4. Kabinete e boetse ya amohela tlaleho ya ketelo ya Boemakepe ba Saldanha Bay, Kapa Bophirima ke Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha, Mofumahadi Patricia de Lille– le Motlatsi wa Letona Noxolo Kiviet le Ngaka Kgosientsho Ramokgopa, eo e leng Hlooho ya Matsete le Infrastraktjha Kantorong ya Mopresidente – ka Labobedi la 6 Mmesa 2021.
6.5. Lenaneo la Tokiso le Paballo ya Maemakepe a manyane, e leng Porojeke ya Lewa le Kopanetsweng, e leng karolo ya Moralo wa Matsete a Infrastraktjha le neng le tjhaellwe monwana ke Kabinete ka Motsheanong 2020, hajwale le phethetswe ka 77%. Lenaneo lena, le se le thehile mesebetsi e 611 mme le dikgwebo tse nyane, tse kgolo le tse mahareng tsa una tjheleteng e kalo ka R55m. Projeke ena e lebeletswe hore e phethelwe ka Tlhakubele 2022.
7. Ditlaleho tsa Dipalopalo tsa Kgwedi le Kgwedi
7.1. Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (StatsSA), le tswela pele ho fana ka palo ya ditlaleho tsa kgwedi ka nngwe tsa kamoo makala a fapaneng a moruo a sebetsang kateng. Leha makala a mangata a sa ntsane a hula ka falese, empa ntlafalo e bonahalang ho la temo, tlhahiso le merafo, e tiisa tshepo boitekong ba yona ba kaho botjha ya moruo wa naha ena.
7.2. Kabinete e thabetse hore ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tsosoloso le Kaho-botjha ya Moruo (ERRP) o so o qala ho bontsha kgahlamelo bakeng sa ho hlasimoloha ha Afrika Borwa.
8. Tlhoriso dikolong
8.1. Kabinete e ngongorehiswa haholo ke mokgwa o ditshila o atileng matsatsing ana dikolong tsa rona, e leng ho hlorisa. Sena se etsahetse dikolong tse kang sa Sekondari sa Mbilwi Thohoyandou, Limpopo, se Phahameng sa Dinwiddie Germiston, Gauteng le sa Mathole, KwaZulu-Natal.
8.2. Kabinete e utlwile bohloko haholo le ka lefu la Lufuno Mavhunga ya neng a le dilemo di 15 wa Sekolo sa Sekondari sa Mbilwi Thohoyandou, Limpopo, mme e fetisetsa matshediso a yona lelapeng le ho metswalle ya ba Mavhunga. Kabinete e etsa kgoeletso ho ba molao ho fuputsa le ho tlisa toka tabeng ena.
8.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho bankakarolo bohle ho tsa thuto ho kenyeletsa batswadi le bahlokomedi ba bana ho thusa ho qeta ho hlorisa hona dikolong. Ke boikarabelo ba rona kaofela ho bua le ho tlaleha diketsahalo tsa tlhoriso ho ba ikarabellang, haholoholo ha mahlatsipa a tshaba ho etsa jwalo.
9. Lehloyo setjhabeng
9.1. Kabinete e tshwela ka mathe diketso tse mpe tse sa tswa etsahala tsa lehloyo ho batho ba ratanang le ba bong bo tshwanang le ba bona (LGBTIQ+) tse bakileng ho bolawa ha Andile Ntuthela, Siphamandla Khoza le Nathaniel Mbele.
9.2. Bili ya ditokelo e Molaotheong wa Afrika Borwa wa selemo sa 1996, e etsa kgoeletso ho setjhaba ho hlompha ditokelo tsa batho ba bang le ho se kgethollane. Diketso tsena tsa tlhekefetso, ha di hlokahale demokerasing ena ya rona mme kaofela ha rona re tlameha ho di kgalema ka thata.
9.3. Kabinete e kopa leha e le mang ya nang le lesedi le ka thusang ho tshwarweng ha baetsi ba bobe bona, a letsetse sepolesa nomorong ya mahala ya 10111 kapa a tlalehe sepoleseng se haufi.
10. Mokgohlane wa Dikolobe wa Afrika (ASF) le wa Bommaditshibana
10.1. Kabinete e a tseba ka ho ropoha ha ASF e fumanehileng polasing e Potchefstroom Leboya Bophirima mmoho le wa bommaditshibana o fumanehileng polasing ya kgwebo e Lejweleputswa Botjhabela, Gauteng.
10.2. Lefapha la Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le bankakarolo ba bang ba amehang, ba se ba nkile mohato wa polokeho ba ho behella tse tshwaeditsweng hole le tse ding.
10.3. Mokgohlane ona wa dikolobe, o a tshwaetsana mme o tshwara dikolobe feela, tse hlaha le tse ruilweng. Mokgohlane wa dikgoho ona ha o tshwaetse batho.
11. Ditshebetso tsa Datimamollo
11.1. Kabinete e thoholeditse maiteko a basebeletsi ba pholoso le ditimamollo ka ho sebetsa ka thata ho tima mollo o neng o tuka Motse Kapa le Sepetleleng sa Dithuto sa Charlotte Maxeke Gauteng.
11.2. Motse Kapa teng, mollo ona o sentse meaho ya nalane, ha Sepetleleng sa Charlotte Maxeke teng, bakudi ba fetang 400 ba ile ba tlameha ho iswa dipetleleng tse ding. Kabinete e lakaletsa bohle ba lemetseng mellong ena ho fola ka pele. Diphuputso ka disosa tsa mello ena di se di qadile.
12. Dikgohlano Mozambique
12.1. Kabinete e amohetse boiteko ba Badudi ba Ntsetsopele ya Afrika e Borwa) (SADC ka ho tlisa kgotso, polokeho, poelano le ntshetsopele Riphabliking ya Mozambique.
12.2. Seboka se Ikgethileng sa la 8 Mmesa 2021, sa Dihlooho tsa Puso tsa Dinaha tse Tharo le tse Pedi tsa SADC, di ne di tshwere kopano eo ho yona ho ileng ha nkuwa qeto ya ho thusa naha ya Mozambique.
12.3. Kabinete e boetse e kgotsofetse ke ditaba tsa hore maAfrika Borwa ohle a naheng ya Mozambique a ile a fumana thuso ho lenqosa la naha ena le Mozambique ka tshebedisano mmoho le Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano Setsing sa Taolo sa Bonqosa se sebetsang bosiu le motsheare. MaAfrika Borwa a neng a le Mozambique a kgutletse lapeng, ha a mang a isitswe dibakeng tse bolokehileng hona moo Mozambique.
13. Polao e sehloho ya bara ba Coka
13.1. Kabinete e tshwela ka mathe polao e sehloho ya bara ba babedi ba Coka, e leng Zenzele le Amos Coka, polasing e Mpumalanga. Bahlahlamani bana ba ne ba ilo batla mosebetsi jwaloka basebetsi ba sehla.
13.2. Kabinete e thoholetsa mapolesa ka ho tlola matjato ho tshwara babelaellwa ba ketso ena, ba seng ba bile ba hlahile Lekgotleng la Makgistrata la Piet Retief.
13.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba hore se theole moya mme se nehe ba molao monyetla wa ho netefatsa hore ba molato wa sena ba fumana kotlo e ba tshwanetseng.
14. Qeto ka baipelaetsi Motse Kapa
14.1. Letona la Merero ya Lehae, Ngaka Aaron Motsoaledi, o tlalehetse Kabinete ka kgatelopele e seng e fihletswe ke Mokomishenara e Moholo wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa Baphaphathehi (UNHCR) mabapi le ho rarolla pharela ya baipelaetsi ba Motse Kapa bao boholo ba bona e leng baahi ba Riphabliki ya Demokerasi ya Congo.
14.2. Baipelaetsi ba ile ba nehwa bodulo ba nakwana Paint City le Wingfield Motse Kapa ho latela melawana ya Maemo a Naha a Koduwa ka lebaka la COVID-19.
14.3. UNHCR e tshepisitse ho busetsa baphaphathehi bana setjhabeng moo ba neng ba phela teng hona moo Motse Kapa. Mokgatlo wa Matjhaba wa Bofalli o ithaopile ho thusa bohle ba batlang ho boela dinaheng tsa habo bona ka ditekete tsa sefofane. Kabinete e kopile baipelaetsi bana ho amohela ketso ena e ntle hakana.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Pampiri ya Tshisinyo ya Molao wa Manyalo
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Pampiri ya Tshisinyo ya Molao wa Manyalo bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena, maikemisetso a yona ke ho theha Bili e le Nngwe ya Manyalo. Tshisinyo ena, e tla thusa ho etsa hore molao wa manyalo o ikamahanye le pehelo ya molaotheo ya tekatekano.
1.2. Tshisinyo ena, e tla kenyeletsa le manyalo a batho ba bong bo tshwanang, a dikereke esitana le a setso. Molao ona o motjha o tla fedisa manyalo le bana ba tlase dilemong.
2. Moralo wa Tsosoloso ya Lekala la Bohahlaudi
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Tsosoloso ya Lekala la Bohahlaudi. Moralo ona ke boiteko bo kopanetsweng ba mmuso le lekala la bohahlaudi ho arabela mathateng a bakuweng ke sewa sa COVID-19. Mokgwaritso wa moralo o ile wa lokollelwa setjhaba bakeng sa ho ntsha maikutlo a sona ka leano lena ka Phato 2020.
2.2. Moralo o sisinya dintlha tse supileng tsa lewa la boitshunyako tse kenyeletsang, matlafatso ya tlhoko ya bohahlaudi mona lapeng, ho thakgolwa ha mananeo a pokeletso ya matsete le ho batlana le mehlodi: le kopanelo ya bohahlaudi ba lebatowa.
2.3. Maitshunyako a sisintsweng a boetse a matahantswe le ERRP. Maikemisetso ka lona ke ho baballa mesebetsi le boiphediso, le ho theha menyetla e metjha ya mesebetsi. Moralo o tla boela o tlisa maitshunyako a diphethoho lekaleng lena esitana le ho tshehetsa matlafatso ya basadi, batjha le batho ba qhwadileng lekaleng lena.
2.4. Letona Mamoloko Kubayi-Ngubane, mmoho le indasteri ya bohahlaudi, ba thakgotse Leano la Tsosoloso Botjha ya Lekala la Bohahlaudi hoseng ha kajeno.
3. Tlaleho ya Tshebetso ya Diphuputso le Ntshetsopele (R&D) ya Lenaneo la Ditsiane tsa Lekgetho
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Tshebetso ya R&D ya Lenaneo la Ditsiane tsa Lekgetho la selemo sa 2018/19 Palamenteng ho latela Karolo 11 D ya Molao wa Lekgetho la Lekeno, (Molao wa bo-58 wa selemo sa 1962.)
3.2. Lenaneo la ditsiane tsa lekgetho, le ile la thakgolwa molemong wa hore naha ena e fumane kgolo ya phesente e le nngwe ya thekiso ya dihlahiswa kaofela tsa lehae ho ditshenyehelo tsa R&D ka 2024. Ha palamente e qeta ka tlaleho ena, e tla e fetisetsa setjhabeng.
4. Sekema sa Ditlhapiso tsa Phoso ya Kentelo
4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Sekema sa Ditlhapiso tsa Phoso ya Kentelo. Sekema sena, se thehilwe ho latela konteraka ya ditumellano le dikhamphani tse tla rekisetsa Afrika Borwa diente tsa COVID-19.
4.2. Sekema sena se bohlokwa tshireletsong ya maAfrika Borwa a ka bang le mathata ka lebaka la ditlamorao tsa diente hore a fumane tshehetso le kalafo.
4.3. Sekema sena le thehilwe ho latela diphethoho tse entsweng ho Karolo ya bo-27 ya Molao wa bo-57 wa Bolaodi baa Dikoduwa wa selemo sa 2002, mme le tla ba tlasa bodulasetulo ba moahlodi.
5. Tlaleho ya Moifo wa Boemo bo Hodimo (HLP) wa Bolaodi ba Diphoofolo tse Hlaha
5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana tlaleho ya HLP ya Bolaodi ba Diphoofolo tse Hlaha o neng o thehwe ke Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho ho shebana le melao le melawana e mabapi le taolo ya diphoofolo tsa hlaha, thuo, ho tsongwa, ho rekiswa le ho baballwa ha diphoofolo tse kotsing naheng ena. Hara tsona re ka bala ditlou, ditau, dinkwe le ditshukudu.
5.2. Lefapha le tla tsebisa setjhaba ka dikgothaletso tsa moifo ona, ho utlwa maikutlo a sona le ho di kenya tshebetsong.
C. Bili
1. Bili ya Sehlomathiso sa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Selomathiso sa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao Palamenteng. Bili ena e tla fetola Karolo ya bo-154(3) ya Molao wa Tsamaiso ya Ditlolo tsa Molao, 1977 (Molao wa bo-51 wa selemo sa 1977), eo kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e bontshitseng ha karolo ena e hloleha ho tshireletsa boitsebiso ba bana bao e leng mahlatsipa a ditlolo tsa molao tsamaisong ya ditlolo tsa molao.
1.2. Polelwana ya hajwale e thibela feela hore ho se phatlalatswe dintlha tse ka behang ngwana ya dilemo di 18 ho ya tlase, eo e leng mmelaellwa, lehlatsipa kapa paki ka mosing nakong ya nyewe.
1.3. Diphetoho tse sisingwang, di tla thibela hohang ho phatlalatswa ha dintlha leha e le dife tsa ngwana eo e leng mmelaellwa, lehlatsipa kapa paki ho tloha nakong eo molato o etsahetseng ka yona. Ke mosebeletsi wa lekgotla la dinyewe kapa moahlodi ya ka fanang ka tumello ya hore ho phatlalatswe dintlha tseo.
D. Diketsahalo tse tlang
1. Kgwedi le Letsatsi la Tokoloho
1.1. Mookotaba wa Kgwedi ya Tokoloho selemong sena o re: “Selemo sa Charlotte Maxeke: Moelelo wa Tokoloho tlasa COVID-19”.
1.2. Kabinete e ipiletsa ho bohle ho keteka Kgwedi le Letsatsi la Tokoloho re ntse re hopola hore re tlameha ho lwantsha kokwanahloko ena ha re ntse re hahamalla kenyeletso le momahano e matla ya kahisano.
1.3. Bohle re na le boikarabelo bo le bong ba ho sebedisetsa demokerasi le tokoloho ya rona ntshetsong pele ya Afrika Borwa e kopaneng e nang le morero o le mong wa katleho.
1.4. Selemong sena, Letsatsi la Tokoloho le tla le ketekelwa Foreistata ka mokgwa o sa tlwaelehang.
2. Letsatsi la Lefatshe la Dibuka
2.1. Letsatsi la Lefatshe la Dibuka. le tsebahalang hape e le Letsatsi la Matjhaba la Dibuka le tshwauwa selemo ka seng ka la 23 Mmesa. Letsatsi lena, le sebedisetswa ho kgothaletsa batho dibuka le ho thusa ho theha tlwaelo ya ho bala.
2.2. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho tshehetsa tlwaelo ya ho bala, le ho e kenyeletsa mokgweng wa bophelo wa letsatsi ka leng. Ho bala, ke motheo oo dithuto tsohle di itshetlehileng ka ona mme ho o bulela le menyetla ya mesebetsi.
E. Melaetsa
1. Matshidiso
Kabinete e rata ho fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya:
• Ngaka Sindisiwe van Zyl (45), eo e neng e le ngaka le sebohodi sa Seyalemoya sa Khaya, ya ammeng maphelo a ba bangata le hona ho nka karolo e kgolo ntshetsopeleng ya bophelo bo botle naheng ena.
• Vukosi Ringani, Nhlaluko Maluleke, Freedom Rihlamfu, Aubrey Chauke, Temba Nyambi, le Thomy Masipenda baithuti ba tsheletseng ba Sekolo sa Sekondari sa Jim Chavani Seterekeng sa Vhembe, Limpopo, ba hlokahetseng nakong eo vene eo ba neng ba tsamaya ka yona e neng e thula ntlo.
• Kgosana ya Manyesemane, Philip, Duke wa Edinburgh (100)
• Mohlomphehi Bhekizizwe Vusimuzi Mpila (43), eo e neng e le mokgwenyana wa Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza.
• Mopresidente wa naha ya Chad, INgakaiss Déby Itno (69). Kabinete e tshwela ka mathe ketso tsa meruso tse nkileng maphelo a batho ba bangata ho kenyeletsa le Mopresidente Déby ya neng a eteletse pele sesole sa hae ho lwantsana le marabele.
F. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang
1. Boto ya Letlole la Inshorense ya ba sa Sebetseng (UIF):
(i)Monghadi Zola Luswazi (Modulasetulo);
(ii)Monghadi Edward Malometje Thobejane;
(iii)Mofumahadi Martle Keyter;
(iv)Monghadi Donald Khumalo;
(v)Mofumahadi Louressé Specht;
(vi)Mofumahadi Vuyiswa Miya;
(vii)Monghadi Thembinkosi Josopu;
(viii)Mofumahadi Thandiwe Mfulo;
(ix)Ngaka Hamilton Daluxolo Ntsinde;
(x)Monghadi Takalani Musekwa;
(xi)Mofumahadi Brenda Sibeko; le
(xii)Mofumahadi Ogalaletseng Gaarekwe.
2. Katoloso ya nako ya tshebetso ya Boto ya Bohahlaudi ya Afrika Borwa:
(i)Monghadi Siyabonga Dube (Modulasetulo);
(ii)Mofumahadi Mojankunyana Gumbi;
(iii)Monghadi Aloysius Ikalafeng;
(iv)Monghadi Enver Duminy;
(v)Mofumahadi Michelle Constant;
(vi)Monghadi Ravi Nadasen;
(vii)Mofumahadi Kathleen Elizabeth Rivett-Carnac;
(viii)Mofumahadi Lindiwe Sangweni-Siddo;
(ix)Monghadi Mduduzi Zakwe;
(x)Mofumahadi Zola Baba Tshefu;
(xi)Mofumahadi Gloria Serobe; le
(xii)Mofumahadi Nomzamo Bhengu.
3. Boto ya Batsamaisi ya Naha ya Bolaodi ba Nutleleya:
(i)Mofumahadi Vuyiswa Miya;
(ii)Monghadi Allan Taylor;
(iii)Monghadi Peter Becker; le
(iv)Mofumahadi Khangela Baloyi.
4. Ditho tsa Lekgotla la Boto ya Diflimi le Diphatlalatso:
(i)Mofumahadi Zamantungwa Mkosi (Modulasetulo);
(ii)Ngaka Siyasanga Mhlangabezi Tyali;
(iii)Mofumahadi Lungelo Nxele;
(iv)Mofumahadi Agalutchmi Pillay;
(v)Monghadi Phosa Mashangoane;
(vi)Mofumahadi Gloria Zanele Nkosi;
(vii)Mofumahadi Mpho Sedibe;
(viii)Ngaka Leile Nontso; le
(ix)Moatefokate Lufuno Tokyo Nevondwe.
5. Boto ya Bahlokomedi ba Teraste ya Teraste e Ikemetseng ya Ntshetsopele:
(i)Mofumahadi Tebogo Magogodi Malaka;
(ii)Monghadi Krishen Sukdev;
(iii)Mofumahadi Lerato Kumalo;
(iv)Mofumahadi Karabo Siyila;
(v)Mofumahadi Nthabiseng Mkhwanazi;
(vi)Moprofesara Raymond Nkado;
(vii)Monghadi Mpilo Sakile Mbambisa;
(viii)Mofumahadi Zimbini Hill;
(ix)Monghadi Tim Sukazi; le
(x)Ngaka Michael Sutcliffe.
6. Moemedi e Moholo le Motlatsi wa Moemedi ba Khomishene ya Metsi a Dihlaba a Lesotho:
(i)Monghadi Teboho Nkhahle; le
(ii)Ngaka Musa Furumele.
7. Mofumahadi Thembelihle Mbatha jwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete wa Tshebeletso ya Mosireletsi wa Dikema tsa Badudi Lefapheng la Bodulo ba Batho, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.
8. Mofumahadi Nonhlanhla Nyewula jwaloka CFO ya SENTECH.
9. Monghadi Shonisani Mathews Munzhedzi jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Setheo sa Naha sa Diphapang tsa Tlhaho sa Afrika Borwa.
10. Mofumahadi Nondumiso Mandisa Tshikwatamba jwaloka Motlatsa Molaodi Kakaretso (DDG): Ditshebeletso tsa Kgwebo ho Lefapha la Dipapadi, Bonono le Botjhaba.
11. Mme Constance Moitse jwaloka DDG: Twantsho ya Bobodu le Ditshebeletse tsa Tshireletso Lefapheng la Merero ya Lehae.
12. Ngaka Nicholas Gilmour Crisp jwaloka DDG): Inshorense ya Naha ya Boitekanelo ho Lefapha la Bophelo bo Botle.
13. Monghadi Allan Golden Zimbwa jwaloka DDG: Tshehetso ya Setekginiki ho Lefapha la Tshehetso ya Lekala la Bomasepala la Infrastraktjha.
14. Monghadi Lindokuhle Cedric Mkhumane Motsamaisi Kakaretso ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane.
Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139