Skip to main content
x

 

A.    Maemo a Renang Hajwale

1.    Phano ya Ente ya Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1.    Kabinete e tiiseditse botjha ho qala Mokgahlelo wa bobedi wa lenaneo la Phano ya Ente ka Mantaha, 17 Motsheanong 2021. Mokgahlelo ona o tla qala ka kentelo ya batho ba dilemo tse 60 le ho feta. Lefapha la Bophelo bo Botle la naha le a diprovense a tla fana ka tlhahisoleseding e mabapi le dibaka tse fetang 3 000 tsa ditsi tsa kentelo. 

Qalo ya Mokgahlelo wa bobedi o tla tsamaya hong le kentelo e ntseng e tswela pele ya basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo (di-HCW) bao kentelo ya bona e ileng ya angwa ke dintlha tsa taolo tse neng di ama ente ya Johnson & Johnson Amerika le Yuropa. Moralo wa kentelo wa Sisonke o ileng wa atolosetswa ditsheng tse 95 ho phatlalla le naha o se o entile di-HCW tse 434 980 ho fihlela jwale mme o tla fella ka la 14 Motsheanong 2021. Kabinete e thabetse hore masalla a di-HCW a tla entwa ka ente ya Pfizer ho fihlela ho etswa tsebiso e fapaneng hape.

1.2.    Kabinete e ipileditse ho baahi ba dilemo di 60 le ho feta ho ingodisa Lenaneong la ho Ingodisetsa ho Entwa ka Mokgwa wa Elektroniki (EVDS) bakeng sa ente ya COVID-19 websaeteng ya https://vaccine.enroll.health.gov.za. Batho ba se nang inthanete kapa di-smartphone ba ka ingodisa ka SMS ka ho tobetsa *134*832*o kenye nomoro ya boitsebiso morao o tobetse#. Haeba o se na nomoro ya boitsebiso, tobetsa *134*832#. Boingodiso bo ka boela ba etswa ka nomoro ya WhatsApp ka ho romela lentswe “REGISTER” ho 0600 123 456. Baahi ba lokela ho netefatsa hore ba ngola dinomoro tse nepahetseng tsa mohala le aterese ya bodulo hore ba tle ba fumane tlhahisoleseding e mabapi le lenaneo la kentelo, ha ho hlokeha. Ba se nang disebediswa tsa thekenoloji ba ka nna ba ingodisa setsheng se haufi sa kentelo kapa ho basebeletsi ba kalafo ba badudi ba tla etela metse e fapafapaneng.

1.3.    Pele batho ba ka entwa ba lokela ho ingodisa hobane ena ke ntho ya bohlokwa ha ho ka etsahala hore ho be le tlhokeho ya ho ba mohlaleng wa bona kamora ho entwa. 

1.4.    Ha o hloke datha kapa airtime ho fihlella ditshebeletso tsa boingodiso tsa SMS le tsa WhatsApp tse sa lefellweng. Ba ka thulanang le diphephetso ha ba ntse ba ingodisa ba ka letsetsa mohala wa thuso wa COVID-19: 0800 029 999.

1.5.    Kabinete e ile ya tsebiswa ka maemo a renang India mabapi le ditshwaetso tsa COVID-19 le ho tshehetsa qeto ya ho nyehela ka difehlamoya India e le karolo ya boitlamo ba Afrika Borwa ba hore ntwa kgahlanong le COVID-19 lefatsheng ka bophara e batla maiteko a kopanetsweng.

1.6.    Kabinete e boetse e lemoha dingongoreho hara maAfrika Borwa ka boemo ba COVID-19 India, mme e lakatsa ho netefaletsa maAfrika Borwa hore Lefapha la Bophelo bo Botle le borasaense ba rona ba tswela pele ho beha leihlo tse ntseng di etsahala naheng eo mme ho nkuwa mehato e hlokehang le e nepahetseng ya kelehloko le melawana e kenngwang tshebetsong ho sireletsa maAfrika Borwa. 

1.7.    Hodima moo, Kabinete e ile ya tsebiswa ka keketseho e seng kae ya ditshwaetso tsa COVID-19 ka hara naha le tshebediso ya mehato e hlokehang ho kgina ho nama. 

1.8.    Kabinete e hopotsa maAfrika Borwa ohle ho tswella ho ikobela melawana eo e seng ya bongaka ya bophelo bo botle bakeng sa ho thibela ho nama ha COVID-19 ya ho dula re kentse dimaske ha re le bathong; ho sielana sebaka sa bonyane mithara le halofo; ho hlapa matsoho kamehla ka metsi le sesepa kapa ho sebedisa sebolaya-dikwanahloko se nang le 70% ya motswako wa alkhohole; le ho phema ho nka maeto a sa hlokahaleng le ho dula lapeng.

2.    Nyahlatso ya Dintlha tse Amanang le Ditokelo tsa Kgwebisano ya Thepa ya Mahlale (TRIPS) Mabapi le Diente tsa COVID-19

2.1.    Kabinete e ananetse tshehetso ya Amerika bakeng sa hore Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano (WTO) o nyahlatse TRIPS mabapi le diente tsa COVID-19. 

2.2.    Afrika Borwa le India esale di etella pele boikitlaetso ho WTO bakeng sa ho nyahlatsa TRIPS. Nyahlatso ya TRIPS e tla thusa ka phumantsho ya dithekenoloji tse tla fana ka sekgahla ho tlhahiso e pharalletseng ya diente tsa COVID-19. Ka mohato ona ho bonahetse ha dinaha tse fetang 100, ho kenyeletswa le Tjhaena, di tshehetsa boiteko ba ho nyahlatsa dikarolo tse itseng tsa TRIPS ya WTO.

2.3.    Phumantsho e fokolang ya COVID-19 e thibetse boholo ba dinaha tse ntseng di tswela pele ka ho qolleha ka hara kontinente ya Afrika ho etsa kgatelopele e bonahalang ntweng kgahlanong la COVID-19. Maikutlo a Kabinete ke hore ho thibela dinaha ho itlhahisetsa diente tsa tsona ha di tobane le sekgahla se hodimo sa batho ba hlokahalang ka lebaka la kokwanahloko ya corona ha se boitshwaro bo amohelehang. 

2.4.    Tabeng ena, Kabinete e ananela boitlamo ba R3 bilione ba ho fetisetsa thekenoloji ya moraorao ya ho hlahisa diente le dipheko tsa tlhaho Afrika Borwa bo phatlaladitsweng ke Ngaka Patrick Soon-Shiong, e leng moetapele wa kgwebo wa thekenoloji ya tsa tlhaho eo hape e leng modudi wa naha ya Afrika Borwa le ya Amerika.

2.5.    Kabinete e thoholetsa tshehetso e tletseng mafolofolo ya Ngaka Soon-Shiong le barekolli ba bang bakeng sa phepelo e lekalekanang ya diente tsa COVID-19, ditlhahlobo le dipheko. 

2.6.    Kabinete e boetse e amohela kananelo ya Ngaka Soon-Shiong ya kgatelopele ya Afrika Borwa ho tsa saense, matla a kgiro ya batho, bokgoni le takatso ya ho hlahisa diente tsa moloko wa bobedi bakeng sa ho sebetsana le mefuta e metjha ya kokwanahloko ya corona e ka fokotsang matla a diente tsa hajwale.

3.    Phano ya Mobu ho Badudi ba Covie

3.1.    Kabinete e amohetse phano ya mangolo a thuo ya matlo ke Motlatsi wa Moporesidente David Mabuza – boemong ba hae jwaloka Modulasetulo wa Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) ya Tlhabollo ya Mobu – ho badudi ba Covie ho la Kapa Bophirimela ka Labohlano, la 30 Mmesa 2021.  

3.2.    Phano ya mobu ho badudi ba Covie ke karolo ya mosebetsi o tswelang pele wa IMC mabapi le Tlhabollo ya Mobu ho akofisa phumantsho ya mobu e le karolo ya ho lokisa ho hloka toka ha Leano la Kgethollo la mehleng. 

4.    Letsatsi la Basebetsi (1 Motsheanong)

4.1.    Kabinete e tiisitse hore basebetsi ba dula e le mokokotlo wa moruo wa setjhaba mme ba bohlokwa bakeng sa ho aha bokamoso bo betere bakeng sa bohle.

4.2.    Kabinete e ananetse kgahlamelo e mpe eo sewa sa COVID-19 se bileng le yona  basebetsing, moo boholo ba basebetsi ba ileng ba lahlehelwa ke mesebetsi, ba fokoletswa lekeno hobane bahiri ba ile ba lokela ho shebana le mehlodi ya maikitlaetso a ho boloka maphelo.

4.3.    Ho sa natswe maima a moruo, mmuso o dula o tsitlalletse boitlamo ba ona ba ho netefatsa hore Afrika Borwa e dula e hlompha le ho sireletsa ditokelo tsa basebetsi.

5.    Letsatsi la Matjhaba la Baoki (12 Motsheanong)

5.1     Kabinete e lemohile hore kopano ya yona e ne e tshwerwe ka letsatsi leo lefatshe le neng le tshwaya Letsatsi la Matjhaba la Baoki le ho boeletsa molaetsa wa yona wa teboho ho baoki ka hara Afrika Borwa, kontinente ya Afrika le lefatsheng bakeng sa sebete le boitelo moo ba tjametsweng ke sewa se bolayang sa COVID-19.

5.2    Baoki, hammoho le basebeletsi ba bang ba kalafo, ba tswela pele ho ba ka pelepele ntweng kgahlanong le COVID-19 ba beha maphelo a bona le ba malapa a bona kotsing. Mmuso o dula o tlotla boitseko, boitelo le dipelo tse ntle tsa baoki ba Afrika Borwa ntweng kgahlanong le COVID-19. 

6.    Dinyehelo tsa Madi

6.1.    Kabinete e ipileditse ho maAfrika Borwa a phetseng hantle ho nyehela ka madi ho ba Tshebeletso ya Naha ya Madi ya Afrika Borwa (SANBS), eo hajwale e shebaneng le kgaello e matla ya madi. 

6.2.    SANBS e kakatletse mehato e matla ya kelehloko ho netefatsa polokeho ya banyehedi ka ho hlahlobisisa ka botebo bohle ba etelang ditleliniki tsa banyehedi. 

6.3.    Ho iphumanela tlhahisoleseding e eketsehileng, ba rerileng ho nyehela ba ka iteanya le SANBS nomorong ya mohala ya mahala ho: 0800 11 9031 ho tloha ka Mantaha ho isa ka Labohlano ho tloha ka hora ya bosupa hoseng ho isa ho ya bohlano thapama.

7.    Palestina

7.1    Kabinete e tshwetse ka mathe haholo ditlhaselo tsa baipelaetsi ba maPalestina Moskeng wa Al Aqsa le Dome on the Rock le ho ntshuwa matlong ho seng molaong ha maPalestina malapeng a ona Sheikh al Jarrah Jerusalema Botjhabela e hapuweng bakeng sa ho etsa sebaka bakeng sa bodulo ba baIsraele. Diketso tsa Israele ke thunthetso e pepeneneng ya molao wa matjhaba, le ho se tsotelle Diqeto tsa Lekgotla la Tshireletso la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, (UNSC) Ho kenyeletswa Diqeto 446 (1979) le 2 334 (2016) tse hlakisang kgoeletso ya ho fedisa kgapo ya Israele le phethahatso ya ditokelo tsa batho ba Palestina, ho kenyeletswa boikemelo le boipuso ba ona.

7.2    Kabinete e ipiletsa ho Israele ho emisa ka ditlhaselo tsa boqaba ho maPalestina le ho itlamela maiteko a matjhaba a reretsweng ho tsosolosa motjha wa sepolotiki, o tla lebisa ho thehweng ha puso ya Palestina e nang le botsitso, ho phela mmoho ka kgotso le Israele ka hara meedi e ananelwang ke matjhaba, ho itshetlehilwe hodima e neng e ntse e le teng ka la 4 Phuptjane 1967, moo Jerusalema Botjhabela e leng Motsemoholo, Palestina. 

8.    Mehato e Nkuweng ke Engelane (UK) ho Tshehetsa Maiteko a Makala a Qobello ya Molao a Afrika Borwa

8.1    Kabinete e amohetse mehato e nkuweng ke UK mabapi le ho thusa Afrika Borwa ntweng kgahlanong le bobodu ka ho sebetsana le batho ba qoswang ka diketso tsa boqhekanyetsi le bobodu ka hara naha ya bo rona.

8.2    Tabeng ena, Kabinete e amohetse ho tshwarwa ha Monghadi Michael Lomas UK mabapi le nyewe ya Afrika Borwa ya boqhekanyetsi le bobodu e amang Kusile le ho amohela ho behwa ha dipehelo tse thata tsa beile ke makgotla a dinyewe a UK. 

8.3    Hodima moo, Kabinete e amohetse ho behwa ha dikotlo-qobello ke mmuso wa UK hodima bara ba motho Monghadi Ajay, Monghadi Atul le Monghadi Rajesh Gupta, le wa mphato wa bona Monghadi Salim Essa mabapi le dikarolo tsa bona diketsahalong tse ntseng di phehella tsa bobodu ka hara Afrika Borwa tse bakileng tshenyo e kgolo” ho batho le moruo wa Afrika Borwa.

9.    Ntwa Mozambique 

9.1.    Kabinete e dula e ngongorehile ka maemo a Mozambique le ho tswela pele ho beha leihlo tse ntseng di etsahala. Hantlentle, Kabinete e hlahisitse tshehetso ya yona e tletseng ya maiteko a Badudi ba Ntshetsopele ya Afrika e Borwa (SADC) a ho tlisa kgotso ya moshwelella le tshireletso, hammoho le poelano le ntshetsopele Mozambique.

10.    ACWA Power e Tiisetsa Thuso ya Ditjhelete Bakeng sa Polante ya Motlakase o Fehlwang ka Letsatsi ya Redstone Concentrated (RCSPP)

10.1    Kabinete e amohetse phatlalatso ya hore ACWA Power e fumane thuso ya ditjhelete ya R11.6 bilione bakeng sa ho aha Polante ya Motlakase o Fehlwang ka Letsatsi ya RCSPP Kapa Leboya. Polante ena ke karolo ya Afrika Borwa ya diporojeke tse ka sehloohong tsa infrastraktjha le matsete a maholohadi a eneji e hlwekileng ka hara naha ya bo rona. 

10.2    Polante ya Redstone e reretswe ho hlahisa Dimekawate tse 100 tsa motlakase o hlwekileng tse lebeletsweng ho fepelwa mafelong a selemo sa 2023 mme e tla fepela ka botshepehi phepelo ya motlakase e tsitsitseng ho mahae a fetang 200 000.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Lenaneo la Naha la Sehopotso Bakeng sa Sehopotso sa bo-25 sa Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa Selemo sa 1996

1.1.    Selemo sena se tshwaya hantle dilemo tse 25 esale Afrika Borwa e amohela Molaotheo wa yona ka la 8 Motsheanong 1996, e leng Molaotheo o babatswang e le o kgabane ka ho fetisisa lefatsheng. 

1.2.    Tabeng ena, Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo la Naha la Sehopotso la selemo kaofela bakeng sa Sehopotso sa bo-25 sa Molaotheo wa Afrika Borwa wa selemo sa 1996 seo ho kenngwa tshebetsong ha sona ho tla etellwa pele ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo. 

2.    Pitso ya bo-5 ya Matona a Lefatshe ya Phediso ya ho Sebetsa ha Bana

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana hore Afrika Borwa e tshware Pitso ya bo-5 ya Matjhaba ya Phediso ya ho Sebetsa ha Bana ho tloha ka la 2 ho isa ka la 4 Motsheanong 2022. Pitso ena e bitswa dilemo ka ding tse tharo tlasa boetapele ba Mokgatlo wa Lefatshe wa Basebetsi. Ka lebaka la sewa sa COVID-19, e ile ya tjhetjhiswa ho tloha selemong sa 2021 ho ba ka sa 2022.

2.2.    Pitso e tla tshohla maiteko a lefatshe a ho fedisa ho sebetsa ha bana. Dipuso tsa ditho di tla thola monyetla wa ho lekola maitshunyako a tsona ka ho latelana a ho kgina ho sebetsa ha bana dinaheng tsa tsona. Afrika Borwa e na le Lenaneo la Tshebetso la ho Sebetsa ha Bana, le fanang ka moralo wa naha o lebisang ho phediso ya ho sebetsa ha bana. 

3.    Motjha wa Kahisano wa Thuso Bakeng sa ho Kenngwa Tshebetsong ha Diporojeke tsa Infrastraktjha

3.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana mokgwa o lohothwang wa Thuso ya Kahisano, ditsela le metjha ya ho kenya tshebetsong diporojeke tsa infrastraktjha, jwaloka ha e tekilwe ke Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha (DPWI). Motjha wa thuso o tla nyehela bakeng sa ho netefatsa motjha o kgabane wa ho buisana le badudi mabapi le kaho ya diporojeke ka hara metse.  

3.2.    Mokgwa ona o fana ka ditsamaiso tse maemong tsa tshebetso tsa hore ha di kenngwa tshebetsong di tla matlafatsa selekane le tshepo pakeng tsa mmuso le badudi. 

4.    Katoloso ya Boemo ba Naha ba Koduwa 

4.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana katoloso ya Boemo ba Naha ba Koduwa mabapi le COVID-19 ho fihlela ka la 15 Phuptjane 2021. Katoloso ena ke ho ya ka Karolo 27(5)(c) ya Molao wa Taolo ya Dikoduwa, 2002 (Molao wa bo-57 wa selemo sa 2002). Katoloso ena e nkela hloohong tlhokeho ya ho tswella ho tlatseletsa molao o teng le ditlhophiso tsa tshohanyetso tse etswang ke makala a puso ho bebofatsa kgahlamelo ya koduwa maphelong le boiphedisong. 

5.    Boitshunyako Masepaleng wa Lehae wa Lekwa 

5.1.    Kabinete e amohetse tsebiso ka Taelo ya Kgotla e laetseng Lefapha la Matlotlo a Naha ho kenella tsamaisong ya Masepala wa Lehae wa Lekwa, ho la Mpumalanga ho ipapisitswe le dipehelo tsa Karolo 139 (7) ya Molaotheo e dumellang boitshunyako bo kopanetsweng ba Lefapha la Matlotlo a Naha le Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba (CoGTA) mabapi le ho hloleha ha tsamaiso ya ditjhelete ha masepala oo.

5.2.    Ho feta moo Kabinete e amohetse ho qhalwa ha Lekgotla la Masepala la masepala wa Lekwa. Letona la Lefapha la Ditjhelete le Letona la CoGTA kgabareng a tla phatlalatsa ditlhophiso tsa setheo tse tla kenngwa tshebetsong ho tlisa botsitso ka hara masepala le ho netefatsa ho busetswa ha phano ya ditshebeletso.

C.    Dibili

1.    Sehlomathiso sa Bili ya Dithunya ya Selemo sa 2021

1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Dithunya ya selemo sa 2021 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili e sisinya taolo le bodisa bo matla ba dithunya le ho thehwa ha Rejistara ya Naha ya Dithunya. Diphethoho di tla thusa ka ho fokotsa palo ya dithunya tseo beng ba tsona e leng batho ba poraefete mme seo se thuse ho fokotsa diketso tsa botlokotsebe bo tletseng dikgoka. Bili e boetse e ntlafatsa tswelliso, taolo ya dithunya le tsamaiso ya ho etsa dikopo. 

2.    Sehlomathiso sa Bili ya Tshireletso ya Demokerasi ya Molaotheo Kgahlanong le Diketso tsa Boferekanyi le tse Amanang le Bona

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Tshireletso ya Demokerasi ya Molaotheo Kgahlanong le Diketso tsa Boferekanyi le tse Amanang le Bona bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tjhebo botjha ena e reretswe ho matahanya moralo wa ketsamolao wa Afrika Borwa le melao ya matjhaba e reretsweng ho lwantsha boferekanyi. 

2.2.    Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng (UNSC) le amohetse diqeto tse ngata bakeng sa ho matlafatsa mehato ya ho lwantsha boferekanyi lefatsheng. Ditho tsa dipuso di tlamehile ho kenya mehato ena tshebetsong dinaheng tsa bo bona. 

2.3.    Dihlomathiso tsena di hlakisa ditlhaloso tse ding tsa Molao le ho phaella ka ditlolo tse ding tsa molao, haholoholo hodima batho ba tsamayang, ba ntseng ba le tseleng kapa ba fihlang naheng leha e le efe ka morero wa ho kenela kapa ho tshehetsa dihlopha tsa boferekanyi. Di thibela diphatlalatso tse nang le dikahare tse buang ka boferekanyi. Diphatlalatso tsena di boela di arabela ho dikgeo tse ileng tsa hlakiswa ke Botsamaisi ba Phethahatso ba Thibelo ya Boferekanyi ba UN.

3.    Sehlomathiso sa Bili ya Maemo a Dihlahiswa tsa Temo 

3.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Maemo a Dihlahiswa tsa Temo Palamenteng. Molao wa Maemo a Dihlahiswa tsa Temo, 1990 (Molao wa bo-119 wa selemo sa 1990) o fana ka taolo ya thekiso le diyantle tsa dihlahiswa tsa temo tse itseng le ho kgothaletsa polokeho ya dijo.

3.2.    Maitshunyako ana a reretswe ho sireletsa basebedisi. Dihlomathiso tse sisinngwang di matlafatsa moralo wa taolo bakeng sa tlhahiso ya temo, bophelo bo botle le polokeho ya dijo bakeng sa dihlahiswa tse itseng tsa temo. Bili ena e matlafatsa mekgwa ya taolo mapatlelong a tseko ya dileibole dihlahisweng tse rekiswang, le ho tsebahatsa mekgwa e fapaneng ya ditlhahlobo le tekodisiso, hara tse ding. 

3.3.    Bili e ile ya tsamaiswa ka bobatsi bakeng sa ditherisano le setjhaba le bankakarolo bohle ba amehang mme e tla boela e kene motjheng o matla wa ditherisano palamenteng pele e fetiswa hore e be molao.

4.    Bili ya Boitekanelo ba Dijalo (Phytosanitary) ya Selemo sa 2020

4.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Boitekanelo ba Dijalo ya selemo sa 2020 Palamenteng. Bili e reretswe ho kgothaletsa polokeho mabapi le motsamao wa dihlahiswa tsa dijalo bakeng sa ho rekiswa ka ntle le ho rekwa ho tswa ka ntle ho naha. E fetola mehato e thibelang ho kena ha disedi le mafu tse kwalletsweng tsa melata, le ho laola disedi tse sa hlokeng ho kwallwa. Dihlomathiso tsena di matahantswe le disebediswa tsa matjhaba tseo Afrika Borwa e leng mosaenedi ho tsona.  

4.2. Afrika Borwa ke mosaenedi ho Tumellano ya WTO ya Tshebediso ya Mehato ya Bohlweki le Boitekanelo ba Dijalo le Khonvenshene ya Matjhaba ya Tshireletso ya Dijalo. 

4.3.    Bili ena e tla hula Molao wa Disedi tsa Temo, 1983 (Molao wa bo-36 wa selemo sa 1983) wa hajwale o sa nkeleng hloohong Tumellano ya WTO le Khonvenshene ya Matjhaba ya Tshireletso ya Dijalo. E tla kgothaletsa thekiso ya ka ntle le theko ya ho tswa ka ntle ho naha ha kgwebisano ya temo bakeng sa Afrika Borwa.  

5.    Sehlomathiso sa Bili ya Taolo ya Nutleleya ya Naha

5.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Sehlomathiso sa Bili ya Taolo ya Nyutleleya ya Naha bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili e reretswe ho sebetsana le dikgeo tse teng ho Molao wa Naha wa Taolo ya Nyutleleya, 1999 (Molao wa bo-47 wa selemo sa 1999) wa hajwale. E matlafatsa ho qobellwa ha dipehelo tsa bahlahlobi le polokeho ya basebetsi mabapi le dikotsi tsa ho hahlamela basebeletsi ba difofane. E boetse e reretswe ho imatahanya le dipehelo tsa Lekala la Eneji ya Diathomo le ditlwaelo tsa lona tse hlwahlwa. Afrika Borwa ke setho sa Lekala la Matjhaba la Eneji ya Diathomo.

6.    Bili ya Moralo wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Monyollo ya Peterole

6.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Moralo wa Ntshetsopele ya Mehlodi ya Monyollo ya Peterole Palamenteng. Bili e fana ka moralo wa ketsamolao le taolo bakeng sa ho bopa tikoloho e hlwahlwa ya matsete, kgolo le tlhahiso ya mesebetsi mmarakeng wa monyollo ya mehlodi ya peterole. E boetse e hlakisa hara tse ding, mokgwa wa tshebediso; ho ntshuwa ha diphomete le ditokelo; bokgoni ba phethiso ya ditokelo; bonkakarolo ba batho ba batsho; bonkakarolo ba Puso; ditlhokeho tsa diphethoho le ditlhokeho tsa setoko bakeng sa beng ba ditokelo tsa peterole ho rekisetsa Khamphani ya Puso ya Peterole diphesente tse itseng tsa peterole ka theko ya hajwale ya mmaraka. 

D.    Diketsahalo tse Tlang 

1.    Letsatsi la ho Keteka BoAfrika

1.1.    Afrika Borwa e tla ipapisa le kontinente yohle ho tshwaya Letsatsi la ho Keteka BoAfrika ka Labobedi, la 25 Motsheanong 2021. Letsatsi lena ke monyetla wa ho kgothaletsa bonngwe ba Afrika, ho tebisa tshwarisano le ho tlama Afrika botjha bakeng sa bokamoso bo tshwanang.

1.2.    Letsatsi la ho Keteka BoAfrika le Kgwedi ya ho Keteka BoAfrika di re thusa ho utlwisisana betere jwaloka maAfrika, ka bobedi kontinenteng le dinaheng tse mabapi. Ha re keteka Letsatsi la Afrika, re etsa jwalo re ntse re elellwa hore COVID-19 e sa le setshosa ka hara kontinente. Bohle re lokela ho ba ntho e le nngwe mabapi le ho lwantsha kokwanahloko ena le ho netefatsa polokeho ya batho bohle ka hara kontinente.

2.    Seboka sa Lefatshe sa Bophelo bo Botle

2.1    Ka la 21 Motsheanong 2021, Moporesidente Ramaphosa o tla nka karolo ka vidiyo Sebokeng sa Lefatshe sa Bophelo bo Botle se tla tsa tshwarwa ka kopanelo ke Khomishene ya Yuropa le Italy jwaloka Modulasetulo wa G20.

2.2    Seboka sena ke monyetla bakeng sa G20 le baetapele ba menngweng, dihlooho tsa mekgatlo ya matjhaba le mabatowa, le baemedi ba makala a bophelo bo botle a lefatshe, ho arolelana tseo ba ithutileng tsona ka sewa sa COVID-19, le ho hlahisa le ho fafiella dipehelo tsa ‘Tumellano ya Roma’. 

2.3    Ho lebeletswe hore dipehelo tsena di tla sebetsana ho ya pele le tshebedisano ya bongata le mohato o kopanetsweng ho thibela dikoduwa tsa bophelo bo Botle tsa kamoso, hammoho le boitlamo bo kopanetsweng ba ho aha lefatshe le phetseng hantle, le bolokehileng le hlokang leeme la moshwelella. 

3.    Leeto la Tshebetso la Moporesidente ho leba Fora

3.1    Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla nka Leeto la Tshebetso ho leba Paris, Fora, ho tloha ka la 17 ho isa ka la 19 Motsheanong 2021, ho nka karolo Sebokeng sa Thuso ya Ditjhelete sa Meruo ya Afrika e tla bitswa ke Moporesidente wa Fora Emmanuel Macron ka la 18 Motsheanong.

3.2    Seboka se hlohlelleditswe ke ho lemoha hore sewa sa COVID-19 se lebisitse koduweng e qalang ho bonwa haesale ya bophelo bo botle le moruo ho phatlalla le lefatshe. Leha ho le jwalo, Meruo ya Afrika, ka ho qolleha Afrika e Borwa ho Sahara, e hahlametswe haholo ke ho putlama ha moruo ka selemo sa 2020 kamora dilemo tse 25 tsa kgolo e tswellang, mme tlhasimoloho e lepuweng bakeng sa selemo sa 2021 e a fokola. Hona moo, kontinente e na le matla a mmalwa a ka sehloohong le tshepiso ya kgolo.

3.3    Seboka se tla bokanya baetapele ba Afrika le ba balekane, dihloohong tsa ditheo tsa matjhaba tsa ditjhelete, ka morero wa ho loha mehato e kopanetsweng e tla thusa ho phahamisa tsosoloso le kenyeletso tse matla. Tsosoloso ena e tla thehwa hodima lekala la poraefete le nang le boitseko le kgothometso le katoloso ya boetapele ba dikgwebo. Moralo wa tsosoloso o tla batla ho kgothometsa nala le ho akofisa diphethoho tsa tlhweko le tsa dijithale ho imatahantswe le Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella le Tumellano ya Paris ya Diphethoho tsa Tlelaemete.

E.    Melaetsa

1.    Dithoholetso

Kabinete e fetiseditse dithoholetso tsa yona ho: 

  • Sehlopha sa Afrika Borwa sa neheletsano ya lesokwana ya dimithara tse 4x100 bakeng sa ho hapa medale wa gauta ho Bompodi ba World Relay Silesia‚ ho la Poland. 
  • Bahlahisi ba Afrika Borwa ba tlhakisetso ya mantlha ya Netflix, My Octopus Teacher, e hapileng kgau ya Oscar bakeng sa ho ba Tlhakisetso e Hlwahlwa ka ho Fetisisa.
  • Sehlopha sa Bolo ya Maoto sa Tshakhuma Tsha Madzivhandila, ka ho etsa nalane ka ho shapa Chippa United 1-0 ho makgaolakgang a Mohope o kgabane wa Nedbank Lebaleng la Dipapadi la Foreistata, Mangaung ka Moqebelo, wa la 8 Motsheanong 2021, sehleng sa bona sa pele ho DStv Premiership. Sehlopha jwale se tla emela naha ho Mohope wa CAF Confederation sehleng se tlang.

2.    Matshediso 

Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya: 

  • Monghadi Abderrahmane Benkhalfa (72), setsebi sa ditjhelete le Letona la Mehleng la Ditjhelete la Algeria. Nakong ya tshebetso ya Moporesidente Cyril Ramaphosa ya selemo kaofela e le Modulasetulo wa AU, o ile a thonya Monghadi Benkhalfa jwaloka e mong wa Baromuwa ba Ikgethang ba AU ba COVID-19 ho kgwahlapisa tshehetso ya matjhaba ya ditjhelete le tshehetso e nngwe bakeng sa maiteko a kontinente ya Afrika ntweng kgahlanong le sewa sa COVID-19.
  • Mofumahadi Nadia Goetham (46), mophatlalatsi ya kgathileng lekala la hae ho tsa dikgatiso tsa boqolotsi ba ditaba le ho tswela pele ho theha lekala le atlehileng lepatlelong la bophatlalatsi, moo a hlahisitseng tshusumetso e kgolohadi. E ne e le mampodi wa dibuka le ho qoqa dipale, le ho ba le tjhesehelo e matla ya ho ntshetsapele ba bang.
  • Monghadi Isaac Mogase (78), ya ileng a kgethwa jwaloka Ramotse wa pele wa demokerasi wa Motsemoholo wa Johannesburg ho tloha ka selemo sa 1995 ho isa ho sa 2000. E ne e boetse e le mokaubere wa Ntwa ya Tokoloho le qhoku ya mokgatlo wa setjhaba ka kakaretso. 
  • Motlotlehi Mofumahadi Shiyiwe Mantfombi Dlamini Zulu (65), Kgosihadi ya Setjhaba sa amaZulu. O ile a thonngwa ho ba Kgosihadi ya Setjhaba sa amaZulu ho latela ho hlokahala ha molekane wa hae, Morena Goodwill Zwelithini kaBhekuzulu (73) ka Tlhakubele 2021. 

F.     Kgiro

Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.    Ditho tsa Lekgotla la Naha la Thekiso ya Dihlahiswa tsa Temo 
(i)    Monghadi Gerhard Schutte;
(ii)    Monghadi Angelo Petersen;
(iii)    Moprofesara Mzukisi Qobo;
(iv)    Monghadi André Jooste;
(v)    Mofumahadi Thandeka Ntshangase;
(vi)    Monghadi Sifiso Julius Mhlaba;
(vii)    Mofumahadi Nonie Mokose;
(viii)    Mofumahadi Shandini Naidoo;
(ix)    Mofumahadi Fezeka Mkile; le
(x)    Ngaka Sharon Thembi Xaba.

2.    Mofumahadi Susan Clare Middleton jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso (DDG): Bolaodi ba Botshwasi ba Ditlhapi ho Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho. 
3.    Mofumahadi Thembisa Futshane jwaloka DDG: Thuto le Thupello ya Badudi ho Lefapha la Thuto le Thupello e Phahameng.
4.    Monghadi Khumbula Ndaba jwaloka DDG: Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Kgwebo ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba. 
5.    Mofumahadi Sebolelo Mercedes Zwane jwaloka DDG: Meralo le Tshehetso ya Ditheo ho Lefapha la Saense le Ntjhafatso. 
6.    Ngaka Kgosientso David Ramokgopa jwaloka Hlooho: Infrastraktjha ya Afrika Borwa ho Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha. 

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building