A. Maemo a Renang ha Jwale
1. Letsholo la ho entelwa Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)
1.1. Kabinete e thabetse kgatelo pele ka letsholo la ho ena setjhaba ka ente ya COVID-19 moo ka Labobedi la 8 Phuptjane 2021 ho neng ho se ho entilwe batho ba 1 524 589 mme Tekanyetso ya Pele ya ente ya ha Pfizer ka yona ho seng ho entilwe batho ba fetang milione, re bua ka batho ba 1 045 245, e leng katleho e babatsehang. Ho feta moo, e se e le batho ba fetang dimilione tse tharo ba seng ba ingodiseditse ho entwa ka Mokgwa wa Eletroniki, e leng mohato o babatsehang letsholong la ho lwantsha kokwanahloko ena.
1.2. Tshebedisano ya rona le ba lekala le ikemetseng mabapi le letsholo la ho enta le mananeo ohle a twantsho ya COVID-19 e matlafatsa boiteko ba rona ba ho pholosa maphelo esitana le ho netefatsa hore molaetsa wa polokeho ka koduwa ya COVID-19 o fihlella bathong ba bangata.
1.3. Kabinete e boetse e thabetse ho tjhaelwa monwana ha ente ya COVID-19 ya Sinovac ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle hore e ka sebedisetswa maemo a tshohanyetso, e leng se nehang Mokgatlo wa Taolo ya Meriana hore o phakise ho lekola kopo e tswang ho ba ha Sinovac.
1.4. Kabinete e hopotsa Maafrika Borwa ohle hore a tswelepele le ho ikamahanya le dipehelo tse tlasa Maemo a Bobedi a ho kginwa ha ditshebeletso naheng ka bophara. Leqhubu la boraro la kokwanahloko ena le ka fihla leha e le neng mme ke rona ba nang le matla a ho le hlola. Ha re nkeng boikarabelo ba ho apara dimonkwana setjhabeng, ho qaqolohana le ba bang ka mitara le halofo, ho hlapa matsoho kgafetsa ka metsi le sesepa kapa ho a hlwekisa ka sebolaya dikokwanahloko se nang le tekanyetso ya persete tse 70 tsa alekhoholo esitana le ho qoba dibaka tsa setjhaba mmoho le ho ba mokgoping.
2. Dipalo tsa Kotara tsa Batho ba Sebetsang (QLFS)
2.1. Kabinete e nketse hloko sephetho sa QLFS sa kotara ya pele ya 2021 se bontshang hore leha palo ya batho ba sebetsang e theohile hanyane ka batho ba 28 000, empa palo kakaretso e ntse e dutse ho dimilione tse 15. Palo ya batho ba sa sebetseng le yona e bonahala e sa fetoha hakalo ha e bapiswa le korata ya bone ya 2020. Leha e nyolohile hanyane ka batho ba 8 000, empa ka kakaretso e ntse e dutse ho dimilione tse 7,2. Palo ya batho ba seng ba feletswe ke tshepo ya ho fumana mosebetsi yona e nyolohile ka batho ba 201 000 (6,9%) pakeng tsa kotara tsena tse pedi mme dibakeng tse se nang dibaka tsa kgiro teng palo ena e nyolohile ka batho ba 164 000.
2.2. Ka kakaretso, diphetoho tsena tse nyenyane ha di kopana di bontsha hore palo ena e nyolohile ka persente tse 0,1 ho tloha ho persente tse 32,5 kotareng ya bone ya 2020 ho tla ho persente tse 32,6 kotareng ya pele ya 2021– e leng palo e hodimo ho tloha QLFS e qadile ka 2008. Ha re se re akaretsa kaofela re ka re palo ena e nyolohile ka persente tse 0,6 ya ya ho persente tse 43,2 ka kotara ya pele ya 2021 ha e bapiswa le kotara ya bone ya 2020.
2.3. Palo e molaong ha jwale ya batjha (e leng batho ba dilemo di 15-34) ba sa sebetseng e ne e le persente tse 46,3 kotareng ya pele ya 2021. Palo ya ba tswang yunivesithing yona e dutse ho persente tse 9,3. Palo ya ba sebetsang mesebetsi ya moshwelella yona e nyolohile ka 79 000 ha makaleng ana a mang teng palo e theohile kotareng ya pele ya 2021. Lekaleng la mesebetsi ya nakwana teng palo e theohile ka 19 000 (0,8%); Basebeletsing ba ka malapeng teng e theohile ka 70 000 (5,8%), ho la temo teng e theohile ka 18 000 (2,2%).
2.4. Indasteri tse ding di kgonne ho theha menyetla ya mesebetsi ha tse ding tsona di lahlehetswe ke mesebetsi kotareng ya bone ya 2020 le ya pele ya 2021, e leng se bolelang hore ka kakaretso ke batho ba 28 000 ba ileng ba lahlehelwa ke mesebetsi. Lekala leo palo ya mesebetsi e nyolohileng betere ho lona ke la ditjhelete (ka palo e fihlellang ho 215 000). Indasteri tse ding tseo mesebetsi e eketsehileng ho tsona ke ya Ditshebeletso tsa Setjhaba le ya Ntshetsopele ya sona (16 000), Disebediswa (16 000), Merafo (12 000) le Tlhahiso (7 000). Mesebetsi e ile ya lahleha ho tsa Kaho (87 000), Kgwebo (84 000), Basebeletsi ba ka malapeng (70 000), Dipalangwang le ho Thothwa ha Thepa (40 000) le la Temo (18 000).
3. Diphetho Mabapi le Tlhahiso ya Thepa (GDP)
3.1. Moruo wa Afrika Borwa o hodile ka persente tse 1,1 kotareng ya pele ya 2021 (Pherekgong ho ya ho Hlakubele), ka kakaretso e leng kgolo ya persente tse 4,6 ka selemo. Sena se bakilwe kgolo e lekotsweng botjha ya persente tse 1,4 (ka kakaretso e leng persente tse 5,8) e leng se bontshang kgolo kotareng ya bone ya 2020.
3.2. Indasteri ya ditjhelete, merafo le dikgwebo, ke tsona tse bileng le kabelo e kgolo lehlakoreng la tlhahiso (phano) moruong wa rona, ha re tla lehlakoreng la tshebediso (tlhokeho) se thusitseng kgolo teng ke tshebediso ya thepa ke malapa le diphetoho tlhahisong ya thepa.
3.3. Leha ena e le kgolo ya boraro ka tatellano, empa moruo wa Afrika Borwa o ntse o haella ka persente tse 2,7 ha o bapiswa le kotareng ya pele ya 2020.
4. Phepelo ya Motlakase o sa Sokodiseng
4.1. Kabinete e utlwisisa hantle tsela eo Maafrika Borwa a ferekangwang ke ho kgaolwa ha phepelo ya motlakase ka teng. Leha ho le jwalo, Kabinete e ntse e ikemiseditse ka ho kenya tshebetsong Leano la Kopanelo la Maano la 2030, leo ka lona ho tlang ho ba le mehlodi e fapafapaneng ya tlhahiso ya matla a motlakase, maikemisetso a sena ke ho fokotsa taba ya hore naha e tshepele mohloding o le mong kapa e mmalwa ya tlhahiso ya motlakase
4.2. Lefapha la Dirashwa le Eneji le thakgotse Leano la Tlhahiso ya Matla a Motlakase ka tsela tse fapapafapaneng tse kenyeletsang moya le mahlasedi a letsatsi leo ka lona le ikemiseditseng ho hlahisa megawatts tse 2 600 tsa motlakase tse tla thusa phepelong ya naha ena. Diphetoho taolong ya matla a motlakase di nehile bomasepala ba kgonang tumello ya ho ka ithekela motlakase mehloding e meng. Maikemisetso a sena ke ho imulla kgatello ho Eskom.
5. Mehwanto
5.1. Kabinete e tshwela ka mathe mehwanto e nang le merusu e sa tswa etsahala mane Soweto, e entseng hore ditshebeletso di eme ntsi mme Kabinete e kopa bahwanti ho sebedisa tokelo ya bona ya ho hwanta ntle le morusu.
5.2. Leha ho hwanta e le tokelo ya rona demokrasing ya rona, empa re tlameha ho e sebedisa ka nepo le ka tsela e se nang ho phatsamisa ditokelo tsa ba bang.
5.3. Mmuso o ikemiseditse ho sebetsa le setjhaba kaofela ho phatlalla le naha ho ntlafatsa tsela eo se phelang ka yona.
6. Ho Thibela Bonokwane
6.1. Kabintete e leboha mosebetsi o tswileng matsoho wa sehlopha se thehilweng ka kopanelo se kgonneng ho hapa sethethefatsi sa cocaine e ballwang ho R400m.
6.2. Kabinete e ngongorehiswa ke mokgwa o motjha wa bonokwane ba ho tjheha dikoloi ka meutlwa mebileng e mengata le e meholo ya naha moo bakganni ba bangata ba tshwerweng poho ba bang ba ba ba bolawa. Kabinete e etsa kgoeletse ho ba qobellang molao ho thiba mokgwa ona le ho kwalla ba etsang sena.
6.3. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho tlaleha bonokwane ho kenyeletsa le ba dithethefatsi, se se ke sa inkela molao matsohong kapa sa bolaya babelaellwa.
7. Komiti ya Dihlooho tsa Dinaha tsa Afrika le Mmuso Mabapi le ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo (CAHOSCC)
7.1. Mopresidente Ramaphosa, jwalo ka mohokahanyi wa CAHOSCC, o ile a nka karolo kopanong ya yona ka mokgwa wa inthanete ka Labobedi la 8 Phuptjane 2021. Kopanong ena, ho ile ha amohelwa Tlaleho ya Bahokahanyi ba CAHOSCC e mabapi le bohlokwa ba ho ikokisetsa ha Afrika ho nka karolo Sebokeng sa bo 26 sa Mekga Mokgatlong wa Matjhaba mabapi le ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo (UNFCCC COP26), kgatelo e seng e fihletswe ka Maano a Afrika a mabapi le ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo mmoho le Leano la Tshehetsano ya Dinaha tsa Afrika ho latela Koduwa ya COVID-19.
7.2. Kopanong ena, ho ile ha bolelwa hape hore dinaha tsa matjhaba di tlameha ho eketsa tshehetso ya tsona dinaheng tse ntseng di hola hore di kgone ho shebana le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. Dinaha tsohle tsa Afrika tse hlokang tshehetso dinaheng tsa matjhaba le mekgatlong ya rona ya ntshetsopele di tlameha ho tshehetswa hore di tle di fihlele maikemisetso a rona mabapi le ho fetofetoha ha maemo a lehodimo e leng karolo boitekong ba matjhaba phareleng ena.
7.3. Hona kopanong ena, ho boetswe hape ha dumellanwa ka taba ya hore ho tlamehile ho tsejwe hore dinaha tsa Afrika ha di lekane ka maemo le ka bokgoni, ka lebaka leo ho ke se lebellwe hore di kgone ho finyella maano a tsona ka nako e tshwanang le dinaha tse seng di tswetse pele. Sena se bohlokwa haholo, haholoholo jwalo ka ha ho se lekalekane ho le ho ngata kontinenteng ena ho kenyeletsa leqeme la mesebetsi le tlhokeho ya ntshetsopele haholoholo ho basadi le batjha. Ho feta moo, re boetse hape re tlameha ho hlakisa taba ya hore maano le tshehetso tse fumanehang di tlameha ho fumanwa ke dinaha tsohle ka ho lekana.
8. Qeto ya Moifo wa Ditokelo tsa Botho Mokgatlong wa Dinaha tse Kopaneng Mabapi le Ditokelo tsa Botho Naheng ya Palestina
8.1. Kabinete e amohetse qeto ya Moifo wa Ditokelo tsa Botho Dinaheng tse Kopaneng e hatellang bohlokwa ba ho hlompha molao wa matjhaba wa ditokelo tsa botho esitana le wa matjhaba wa tshireletso ya batho mane naheng ya Palestina, ho kenyeletsa Botjhabela ba Jerusalema le Isiraele.
8.2. Qeto ena e kenyeletsa ho thehwa ka potlako ha komeshene ya dipatlisiso e tla fuputsa menyenyetsi ya kgatikelo ya ditokelo tsa botho. Kabinete e hatella taba ya hore ho tlameha ho be teng tharollo ya moshwelella morusung wa naha ya Palestina le Isiraele.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Ho Otlollwa ha Nako ya ho ba Tshebetsong ha Maemo a Koduwa Naheng
1.1. Kabinete e otlolotse nako ya Maemo a Koduwa Naheng ka lebaka la COVID-19 ho fihlela ka la 15 Phupu 2021. Sena se entswe ho latelwa karolo ya bo 27(5)(c) ya Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa bo 57 wa 2002 (Act 57 of 2002).
1.2. Ho otlollwa hona ho etsa hore naha e tswelepele ho sebedisa mekgwa eo e seng ya bongaka ya ho lwantsha COVID-19.
2. Tlaleho ka Kgatelopele ya ho Kengwa Tshebetsong ha Leano la Ditshepiso la Dikgetho tse Fetileng (MTSF)
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana tlaleho ya tshebetso mabapi le ho kengwa tshebetsong ha MTSF (2019-2024) e bokeleditsweng ke Lefapha la Meralo, Bodisa le Tekolo.
2.2. Koduwa ya COVID-19 e phatsamisitse ho kengwa ha MTSF tshebetsong. Ke lebaka lena, dipehelo tse ngata ha di a fihlellwa, ha tse ding di saletse morao ka mabaka a kenyeletsa tekolobotjha ya meralo ya ditjhelete.
2.3. Tlaleho tsa tshebetso di tla nehwa setjhaba le matona mme ho tla tshwarwa diboka tsa boraditaba moo ho tla manollwa teng tlaleho tsena mabapi le katleho le mehato e tla nkuwa ho ntlafatsa tshebetso.
3. Tokomane ya Meralo ya Maikemisetso a Afrika Borwa
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana Tokomane ya Meralo ya Maikemisetso a Afrika Borwa mabapi le ditaba tsa lehae le tsa matjhabeng. Tokomane ena e qotsitswe ho Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996 mmoho le Lenaneong la Ntshetsopele ya Naha.
3.2. Tokomane ena e boetse e hlakisa ntlha kemo ya naha ena mabapi le puso le molaotheo; polokeho le paballo ya setjhaba; katleho ho tsa moruo mmoho le tsela ya ho aha naha ena e be e pele matjhabeng.
3.3. Tokomane e tla phatlalatswa setjhabeng ho websaete ya mmuso le ya Lefapha la Dikamano tsa Matjhabeng.
C. Diketsahalo tse Tlang
1. Seboka sa Baetapele ba Dinaha tsa G7
1.1. Kabinete e na le boitshepo ba hore ho nka karolo ha Afrika Borwa Sebokeng sa Baetapele ba Dinaha tsa G7 mane United Kingdom ho tloha ka la 11 ho ya ho la 13 Phuptjane 2021, tlasa boetapele ba Motlotlehi Mopresidente Cyril Ramaphosa, e tla ba monyetla wa ho hlahisa tse jang motse naheng ena le kontinenteng ena.
1.2. Dikopano tse kang Seboka sena sa Baetapele ba Dinaha tsa G7, di bohlokwa dinaheng tse kang Afrika Borwa bakeng la ho pepesa maikutlo a yona ka ho lakatsa ho bona lefatsheng lohle ho rena kgotso. Afrika Borwa e tla boela e hlahisa ka moo koduwa ya COVID-19 e phatsamisitseng maphelo le moruo wa setjhaba sa rona ka teng, maano a mmuso a tsoseletso ya moruo le maphelo a setjhaba.
1.3. Afrika Borwa e tla boela e sebedisa Seboka sa Baetapele ba Dinaha tsa G7 ho kopa hore ho ke ho behellwe ka thoko Dipehelo tsa Tumellano ya tsa Kgwebo mabapi le Ditaba tsa Mahlale mane Mokgatlong wa Matjhaba wa Dikgwebo e le ho netefatsa hore dinaha tsohle di kgona ho fumana ente ya COVID-19 ka ho lekana. Sena se tla etsa hore dinaha tse ngata di kgone ho itlhahisetsa diente tsa tsona le hona ho fumana tsela ya ho theha dikhamphane tsa lehae tse hlahisang meriana ho phatlalla le kontinente.
D. Melaetsa
1. Diteboho
Kabinete e lebohisa:
- Ntate Pitso Mosimane (Mokwetlisi Pitso), ka ho phahamisetsa folakga ya Afrika Borwa hodimo ka ho etella pele sehlopha se seholo sa bolo kontinenteng ena e leng sa Al Ahly, hore se hape mohope wa Afrika wa Super Cup. Ona ke mohope wa bone oo mokwetlisi enwa wa mehleng wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns a o hapang le sehlopha sa Al Ahly haesale a ikamahanya le sona mane Cairo, Ekgepeta nakong ya dikgwedi tse tsheletseng feela.
2. Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso a yona ho malapa le metswalle ya:
- Ntate MacDonald Ndodana Mathunjwa, sebapadi sa dipale se ileng sa tuma dipaleng tse kang Home Affairs, Generations, Soul City, Intsika le Bones of Bones.
- Ntate Mabi Gabriel Thobejane, eo e kileng ya ba sebini se pele sa jazz naheng ena.
- Ntate Ben Kruger, mokaubere wa sebapadi sa dipale, sengodi le mohlahisi ya neng a tumi paleng ya Binnelanders.
- Mme Shaleen Surtie-Richards, sebapadi se pele se neng se tumi filiming ya selemo sa 1988 Fiela se Kind, le karolo ya hae ho Egoli: Place of Gold le 7de Laan.
- Mme Ivy Cikizwa Gcina, ya neng a sebetse dikomiting tse fapafapaneng nakong ya ntwa ya kgethollo ya mmala ho kenyeletsa le mokgatlong wa Port Elizabeth Black Civic Organisation mme ya eba setho sa palamente ho tloha ka (1994 – 1999).
E. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Ntate Nhlanhla Michael Mabaso Motlatsi wa Molaodi-Kakaretso: Lekaleng la Dintlha Lefapheng la Ditaba tsa Lehae.
2. Ditho tsa Boto e Laolang Balekodi ba Dibuka, nako ya mosebetsi ke dilemo tse hlano:
a. Ntate Fulvio Tonelli;
b. Mme Ruth Benjamin-Swales;
c. Mme Thabiso Kutumela;
d. Mme Nalini Maharaj;
e. Ntate Prostas Phili;
f. Mme Zine Mmehengu;
g. Ntate Eugene Zungu;
h. Mme Chuma Mjali;
i. Ntate Richard Hawkins; and
j. Mme Naidene Ford-Hoon.
3. Mopresidente o kgethile Ntate Hlengani Mathebula jwalo ka Modulasetulo wa Boto ya Balaodi ba Media Development and Diversity Agency.
Ditlhakisetso: Mme Phumla Willia – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139