Skip to main content
x

A.  Re Tobana le Bobodu

1. Tshebediso e mpe ya mehlodi bakeng sa thuso mabapi le Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1. Kabinete e thuisitse ka maswabi ditlaleho tsa moraorao tsa diketso tsa bobodu le boshodu ba mehlodi e batlehang ka matla eo mmuso o e abileng ho baballa maphelo le boiphediso nakong ya sewa sa COVID-19.

1.2. Dilalome tse itseng le dikhamphani esale di utswa mehlodi ya puso e neng e reretswe ho fana ka dijo malapeng a hlokang le thepa ya boitshireletso (di-PPE) ho bahlanka ba ka pelepele twantshong ya kokwanahloko ena, ka ho qolleha basebeletsi ba tlhokomelo ya kalafo. 

1.3. Mesebetsi e kang eno ya botlokotsebe le boitshwaro bo hlephileng e kenyeleditse ho nyolla ditheko tse behilweng, ho kgaoletsa le ho fapohisa diphuthelwana tsa dijo tse reretsweng bafutsana, le diketso tsa boqhekanyetsi tse kenyeletsang matlole a reretsweng ho fedisa mathata a basebeletsi le dikgwebo tse anngweng ke ho kwalwa ha mesebetsi ya moruo nakong ya ho kginwa ha ditshebeletso le metsamao ya batho ka hara naha. 

1.4. Kabinete e ipiletsa ho ditheo tsohle tsa mmuso ho tsitlallela maemo a hodimo ka ho fetisisa a bokgabane le boikarabelo, mme di phethe thomo ya tsona ka bohlwahlwa le ka makgethe. Kabinete e dula e itlametse ho aha puso e kgonang, e boitshwaro bo botle le e tswelang pele. E tshehetsa kgoeletso ya haufinyana tjena ya Moporesidente Cyril Ramaphosa ya hore makala a qobello ya molao a etse kahohle-hohle ho tshwara ba amehang bobodung, ho sa natswe hore ke bo mang le ho netefatsa hore a thola ditjhelete tse utsuweng.

1.5. Ke ka dilemo mmuso o hlahisitseng maitshunyako a fapafapaneng ho lwana kgahlanong le kgoba ya bobodu, bo amang phano ya ditshebeletso hampe ho bafutsana le batho ba tsietsing. 

1.6. Setsi sa kgokahano se ikgethang se sa tswa thehwa se reretswe ho matlafatsa maiteko a kopanetsweng hara makala a qobello ya molao ho thibela, ho fokisa, ho batlisisa le ho tjhutjhisa ba molato ka bobodu bo amanang le COVID-19. Se bopilwe ka Setsi sa Boutlwela ba tsa Ditjhelete; Lekgotla le Ikemetseng le Batlisisang Mapolesa; Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha; Lekgotla la Dipatlisiso tsa Ditlolo tsa Molao tse ka Sehloohong (Hawks) la Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa, Tshebeletso ya Mautlwela a Botlokotsebe le Tshebeletso ya Bofokisi; Tshebeletso ya Lekeno ya Afrika Borwa; Yuniti e Ikgethang ya Dipatlisiso (SIU) le Lekala la Tshireletso ya Puso. 

1.7. Dipelaello tsa bobodu tse fuputswang di kenyeletsa phepelo e fapohileng ya diphuthelwana tsa dijo, ditjhelete tsa kimollo ya setjhaba tsa mmuso, theko ya di-PPE le thepa e nngwe ya bongaka, le ho utsuwa ha Letlole la Inshorense ya ba sa Sebetseng (UIF) la COVID-19 bakeng sa ho imolla Basebeletsi/Bahiri.

1.8. Ho akofisa le ho matlafatsa motjha wa ho sebetsana le bobodu, Moporesidente Ramaphosa haufinyana tjena o saenne phatlalatso e fang SIU matla a ho fuputsa boitshwaro leha e le bofe bo seng molaong kapa bo sa nepahalang mabapi le theko ya thepa leha e le efe, mesebetsi le ditshebeletso nakong ya maemo a naha a koduwa kapa tse amanang le ona setheong sefe kapa sefe sa mmuso.

SIU e fuwe matla a ho fuputsa dipelaelo leha e le dife tse amanang le tshebediso e mpe ya matlole a COVID-19 ho parola le dikarolo tsohle tsa Puso le ho kenya tshebetsong ditsamaiso tsa ho buseletswa ditshenyehelo kapa ditahlehelo tsa Puso. Ho netefatsa hore ho nkuwa mehato e potlakileng, Moporesidente o tla thola ditlaleho tsa nakwana tse mabapi le dipatlisiso dibekeng ka ding tse tsheletseng. O tla boela a thola ditlaleho ho tswa ho Foramo e Kgahlanong le Bobodu ya Lekala la Kalafo le fuweng mosebetsi wa ho fuputsa manyofonyofo le mamphemphe lekaleng la kalafo. 

1.9. Kabinete e boetse e ananela dihlomathiso melawaneng ya mathomo ya Khomishene e Fuputsang Dipelaelo tsa Kgapo ya Puso, Bobodu le Boqhekanyetsi ka hara Lekala la Mmuso, ho kenyeletswa le Dikarolo tsa Puso. Melawana ena e hlomathisitsweng jwale e tla dumella ho arolelana ha tlhahisoleseding le makala a mang a qobello ya molao. Sena se tla thusa ho akofisa dipatlisiso le botjhutjhisi ba dinyewe tse amanang le bobodu.

1.10. Jwaloka karolo ya ho matlafatsa maitshunyako ana, Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana ho thehwa ha moifo wa Matona a mahlano ao hara tse ding, a tla shebana le ditheko tse amanang le COVID-19 tse entsweng nakong ya ho kginwa ha ditshebeletso le ho matlafatsa ditsamaiso tsa hajwale tsa ditheko. Moifo ona o bopilwe ka Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, Monghadi Ronald Lamola (Mookamedi); Letona la Ditjhelete, Monghadi Tito Mboweni, Letona la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso, Monghadi Senzo Mchunu, Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, Ngaka Nkosazana Dlamini- Zuma le Letona Kantorong ya Moporesidente, Monghadi Jackson Mthembu. 

1.11. Mafapha ohle a mmuso a tla lebellwa ho hlahisa dikonteraka tsa theko kaofela tse fanweng nakong ena ho moifo ona wa matona hore di tle di phatlalatswe le ho fihlellwa ke setjhaba. 

1.12. Kabinete e amohela tsebiso ya hore bonyane dinyewe tse 36 tse amanang le bobodu di maemong a fapaneng a dipatlisiso le botjhutjhisi. Dinyewe tsena di romela molaetsa o matla wa hore mmuso o keke wa mamella diketso tsohle tsa bobodu, ka ho qolleha hara bahlanka ba ona, le hore batlodi kaofela ba molao ba tla tshwarwa le ho qoswa. 

1.13. Bobodu ke botlokotsebe bo boholo ka ho fetisisa bo falatsang bafutsana le ho ba tima ditshebeletso tsa motheo. Jwaloka setjhaba, ho boikarabellong ba rona ho lwantshana le bobodu mme re lokela ho bo pepesa ntle le tshabo kapa ho utlwela ba bang bohloko. Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho sebedisa mehala e fapaneng ya naha le ya makala e reretsweng ho tshehetsa maiteko a ho pepesa le ho latella melato e amanang le bobodu.

B. Diqeto tsa Bohlokwa    

2. Lewa la Naha la Dijithale le Maitsebelo a Bokamoso

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Lewa la Naha la Dijithale le Maitsebelo a Bokamoso. Lewa lena ke sephetho sa Pampiri e Tshweu ya Tlhahisoleseding le Thekenoloji ya Naha tse Kopanetsweng e neng e phatlalatswe ka Loetse 2016. 

2.2. Lewa lena le arabela ho moralo o hokahantsweng bakeng sa ho kgothaletsa matla a boitsebelo bakeng sa makala kaofela a moruo ka hara mookotaba wa diphethoho ho tsa dijithale le ntshetsopele ya thekenoloji ya 4IR. E fana ka tjhebelopele ya bokamoso le katamelo e tla kenngwa tshebetsong ka tshebedisano e tla kenyeletsa lekala la poraefete, dirutehi le setjhaba ka kakaretso. 

3. Lewa la Naha la Kamohelo ya Diphethoho tsa Tlelaemete (NCCAS)

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NCCAS hore e kenngwe tshebetsong. Lewa lena le sebetsa jwaloka Moralo wa Naha wa Kamohelo jwaloka ha ho tekilwe ke Khonvenshene ya Moralo ya Diphethoho tsa Tlelaemete ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng. NCCAS e teka sete ya merero, maitshunyako le diphetho bakeng sa ho thusa naha ya rona ho fana ka boleng ba boitlamo ba Afrika Borwa ho Tumellano ya Paris ya diphethoho tsa tlelaemete.

3.2. Lewa le ileng la hlahiswa ka ditherisano le mmuso, lekala la poraefete le badudi ba lehae le reretswe ho fokotsa ho ba kotsing ha setjhaba, moruo le tikiloho ho ditlamorao tsa diphethoho tsa tlelaemete. Le boetse le fana ka katamelo e kopanetsweng le ho hokahanngwa bolaoding ba metjha ya kamohelo karabelong ya diphethoho tsa tlelaemete. 
Kaha jwale le se le amohetswe, Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi le tla hokahanya dikarolo tsohle tsa mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kakaretso bakeng sa ho kenngwa tshehebetsong. Moralo ona wa dilemo tse 10 o tla lekolwa botjha dilemo ka ding tse hlano.

4  Sehopotso sa Kgwedi ya Basadi, Phato 2020

4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana lenaneo la sehopotso sa Kgwedi ya Basadi tlasa mookotaba: “Ho lemoha ditokelo tsa basadi bakeng sa bokamoso bo lekalekanang”. Kgwedi ya Basadi ya monongwaha e tsepamisitse maikutlo hodima kgoeletso ya ho tsitlallela ditokelo tsa basadi le tekatekano ya bong. 

4.2. Mmuso o itlamme ho lwana bakeng sa ho fedisa dikgoka tse kgahlanong le bong le dipolao tsa basadi (GBVF). Kabinete bekeng ena e tjhaelletse monwana Dibili tse tharo bakeng sa ho tekwa ka hara Palamente, e leng tse tla matlafatsa tsamaiso ya rona ya toka bakeng sa ho tshehetsa le ho sireletsa mahlatsipa a GBVF.

4.3. Lenaneo lena la kgwedi kaofela le tla matlafatsa temoso ya basadi le ho matlafatsa ditheo tse hlophisitsweng tsa basadi tse tla lebisa motjheng wa moshwelella wa tshebetso o mabapi le ditaba tse ba amang. Ka Sontaha, sa 9 Phato 2020, Moporesidente Ramaphosa o tla ba teng lenaneong le tla haswa thelevisheneng naha ka bophara, hammoho le moifo wa dibui tsa bohlokwa.

C.  Dibili

5. Dibili tse tjhaetsweng monwana tsa GBVF

5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Dibili tse tharo tsa GBV – Bili ya Sehlomathiso ya Selemo sa 2020 sa Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano le Dintlha tse Amehang); Bili ya Sehlomathiso sa Rejistara ya Naha ya Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano) le Bili ya Sehlomathiso sa Dikgoka tsa Malapeng – ka hara Palamente. Dibili tsena di arabela dintlheng tse ngata tse ileng tsa hlahiswa nakong ya Seboka sa Boporesidente Kgahlanong le GBVF se neng se tshwerwe ka selemo sa 2018 mabapi le tsamaiso ya toka ya botlokotsebe.

5.2. Dihlomathiso tsena di itshetlehile hodima karabelo ya mahlatsipa tsamaisong ya toka ya botlokotsebe e mabapi le ditlolo tsa molao tsa thobalano. Di tiisa dipehelo tsa beili bakeng sa baetsi ba ditlolo tsa molao tsa thobalano. Mangolo a tshwaro ha a sa tla hlola a hlokeha pele makala a qobello ya molao a arabela ditlolong tsa molao wa thobalano tse tlalehilweng. Dipehelo tsa parola le tsona di matlafaditswe le dikotlo le tsona di ekeditswe. Dihlomathiso le tsona di matlafatsa ditlamorao tsa ho tlola taelo ya tshireletso. 

5.3. Bili ya Sehlomathiso sa Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano le Dintlha tse Amehang) e boetse e hlomathisa Rejistara ya Naha ya Batlodi ba Molao wa Thobalano ka ho pharalatsa mothamo ho tloha ho bana le batho ba sa itekanelang kelellong feela, mme e atolositswe bakeng sa ho sireletsa dihlopha kaofela tse kotsing. Batho ba teng rejistareng ena ba qobelletswe ho pepesa tlhahisoleseding ena ha ba kenya dikopo tsa ho sebetsa le dihlopha tsena.

5.4. Bili ya Sehlomathiso sa Dikgoka tsa Malapeng e thusa ka ho fumantshwa ditaelo tsa tshireletso kgahlanong le diketso tsa dikgoka tsa malapeng ka tshebediso ya marangrang a elektroniki. E tlama Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le Lefapha la Bophelo bo Botle ho fana ka ditshebeletso tse itseng ho mahlatsipa a dikgoka tsa malapeng le ho matahanya dipehelo tsa Molao wa Dikgoka tsa Malapeng, wa selemo sa 1998 (Molao wa bo-116 wa selemo sa 1998) le dipehelo tsa Molao wa Tshireletso ya Tlhekefetso, wa selemo sa 2011 (Molao wa bo-17 wa selemo sa 2011).

6. Bili ya Tshebediso ya Matekwane Mabakeng a Merero ya Batho ya selemo sa 2020

6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Bili ya Tshebediso ya Matekwane Mabakeng a Merero ya Batho ya selemo sa 2020 bakeng sa ho sekasekwa. Bili ena e fana ka matla ho kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo e tsebahaditseng hore dikarolo tse itseng tsa Molao wa Dithethefatsi le Tsamaiso ya Dithethefatsi, wa selemo sa 1992 (Molao wa bo-140 wa selemo sa 1992) le Molao wa Taolo ya Meriana le Dintho tse Tsamaelanang, wa selemo sa1965 (Molao wa bo-101 wa selemo sa 1965) ha di tsamaisane le Molaotheo. 

6.2. Kahlolo ena e ile ya fanyehwa bakeng sa dikgwedi tse 24 ho dumella Palamente ho lokisa dikarolo tseo. Bili ena e laola tshebediso le ho ba le matekwane le ho jalwa ha matekwane ke motho e moholo ka morero wa tshebediso ya ka boyena. E fana ka thibelo ya palo ya matekwane ao motho e moholo a ka bang le ona mme e etsa hore ho tsuba matekwane phatlalatsa e be tlolo ya molao.

7. Bili ya Sehlomathiso sa Phahamiso ya Mokotla ya selemo sa 2017

7.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ena Palamenteng. Bili ena e lokisa Molao wa Phahamiso ya Mokotla, wa selemo sa 1978 (Molao wa bo-107 wa selemo sa 1978), ka ho matlafatsa matlole a mararo a teng – Letlole la Kimollo ya Dikoduwa, Letlole la Lebotho la Tshireletso la Afrika Borwa le Letlole la Kimollo ya Baphaphathehi – hore e be Letlole le le leng la Ntshetsopele le Kimollo la Naha. 

7.2. Letlole lena kamora moo le tla shebana le dikimollo tsa dikoduwa le ho kgothaletsa ntshetsopele ya kahisano ya badudi. Letlole lena le matlafaditsweng le tla thusa ka ho tjhorisa metjha ya tsamaiso, mme le thuse ka ditshebeletso tse hlwahlwa ho badudi ba futsanehileng le ho fokotsa ditjeo. Le tla kopanya diboto tse tharo hore e be boto e le nngwe.

D.  Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

8.1. Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa
a. Mobrikadiri Ebrahim Ahmed Kadwa – Hlooho ya Provense ya Gauteng: Hawks; le
b. Mobrikadiri Moiki Obed Ngwenya – Hlooho ya Provense ya Kapa Botjhabela: Hawks. 

8.2. Monghadi Collins Letsoalo – Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Letlole la Dikotsi tsa Mmila.
8.3. Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Lekala la Ditlolo tsa Molao tsa Sephethephethe:
a. Mofumahadi Bongekile Zulu (Modulasetulo);
b. Monghadi Tshikane Owen Mtsetweni;
c. Ngaka Prittish Dala;
d. Mofumahadi Dorcas Khosa-Shikwambana; le
e. Monghadi Bonolo Molemo Ramokhele.

8.4. Batsamaisi bao e seng ba phethahatso ho Boto ya Khamphani ya Maemafofane ya Afrika Borwa:
a. Mofumahadi Dudu Hlatshwayo; le
b. Ngaka Kgabo Badimo. 

8.5. Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Bolaodi ba Polokeho Ditereneng:
a. Monghadi Boy Johannes Nobunga; (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Yongama Pamla (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Monghadi Sisa Lunga Mtwa;
d. Moatefokate Nokuzola Gloria Khumalo;
e. Mofumahadi Nompumelelo Ekeke;
f. Mofumahadi Dineo Mathibedi;
g. Mofumahadi Salome Chiloane-Nwabueze;
h. Moatefokate Frans Johannes van der Westhuizen; le
i. Moatefokate Johannes Collen Weapond.

8.6. Monghadi Khathutshelo Ramukumba – Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete wa Kantoro ya Poso ya Afrika Borwa. 
8.7. Monghadi Mlamli Booi – CEO ya SENTECH SOC Limited (O thontswe hape). 
8.8. Ngaka Mzubanzi Bismark Tyobeka – CEO ya Bolaodi ba Naha ba Nutleleya (O thontswe hape).

8.9. Boto ya Bolaodi ba Naha ba Nyutleleya:
a. Ngaka Thapelo Motshudi (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Dineo Peta (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Monghadi Protas Phili; 
d. Mofumahadi Devinagie Bendeman;
e. Ngaka Nomusa Qunta;
f. Monghadi Bernard Pelei Petlane;
g. Monghadi David Mamphitha; le
h. Mofumahadi Lindelwa Dlamini. 

8.10. Boto ya Batsamaisi ho Setheo sa Naha sa Tahlo ya Matlakala a Radioactive:
a. Mofumahadi Thandeka Zungu (Modulasetulo);
b. Monghadi Mogwera Khoathane (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Ngaka Kgaugelo Chiloane;
d. Ngaka Cornelius Ruiters; 
e. Mofumahadi Leandra Vilakazi;
f.  Mofumahadi Lerato Makgae (Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le Eneji); le
g. Monghadi Trevor Mark Gordon (Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi).

8.11. Katoloso: Nako ya Tshebetso bakeng sa Boto ya Nakwana ya Batsamaisi ba Lekala la Ditjhelete la Dikgwebo tse Nyane:
a. Monghadi AM Mahosi (Modulasetulo);
b. Monghadi M Radebe (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Monghadi J Kganyago;
d. Mofumahadi N Dlamini;
e. Mofumahadi NR Mlonzi;
f.  Mofumahadi DL Mabuza;
g. Mofumahadi M Makara; le
h. Moemedi wa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri. 

8.12. Monghadi Mlindi Mashologu – Motlatsa Motsamaisi Kakaretso (DDG):  Ntshetsopele ya Mokgatlo wa Tlhahisoleseding le Diphuputso, Lefapha la Dikgokahanyo le Dithekenoloji tsa Dijithale.
8.13. Mofumahadi Thabitha Constance Mametja – DDG: Ditshebeletso tsa Kgwebo, Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo. 

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

 Union Building