Skip to main content
x

A.       Ditaba tse Itlhommeng Pele

1.       Puo ka Boemo ba Naha (SoNA)

1.1. Kabinete e amohetse Puo ka Boemo ba Naha ya selemo sa 2022 e entsweng ke Mopresidente Cyril Ramaphosa, a e etsa Sebokeng se Kopanetsweng sa Seboka sa Naha le Lekgotla la Naha la Diprovinse Holong ya Motsekapa ka Labone la 10 Hlakola 2022, eo e leng puisano e thahaseletsweng ke setjhaba sohle.

1.2. SoNA ke ketsahalo ya bohlokwa alemanakeng ya mmuso wa demokrasi, jwalo ka ha e fa Hlooho ya Naha monyetla wa ho hlahisetsa baemedi ba setjhaba ho tswa mekgeng ya dipolotiki, esita le ho setjhaba ka kakaretso, boinahano bo tebileng ka boemo ba naha ba bophelo ba setjhaba le ditaba tsa sepolotiki, hape le ho teka meralo ya mmuso bakeng sa selemo seo re se qadileng le ho ya pele. 

1.3. Dibekeng tsena tse tlang, Matona a Mmuso ho tswa mafapheng ka ho fapana a tla hlopholla Lenaneo la Mmuso la Tshebetso la selemo sa 2022, le tla tataiswa ke Puo ya Bajete ya Naha e tla tekwa ka Laboraro la 23 Hlakola selemong sa 2022, le ke kabo ya bajete e lebang mafapheng kaofela a mmuso.

2.       Seabo Palong ya Setjhaba ya Selemo sa 2022

2.1. Kabinete e ipileditse ho baahi bohle le batho bohle ba phelang ka hara naha ena ho ba le seabo Palong ya Setjhaba ya selemo sa 2022, e qadileng ka Labone la 3 Hlakola selemong sa 2022, mme e tswelang pele ho fihlela ka Mantaha wa 28 Hlakola selemong sa 2022.

2.2. Ena ke palo ya bone ya setjhaba nakong ya puso ena ya demokrasi, mme ya ho qetela e ne e le ka selemo sa 2011. Sephetho sa Palo ya Setjhaba se nka tema ya bohlokwa kabong ya disebediswa ho kgahlametsana le ditlhoko tsa phepelo ya ditshebeletso tsa mantlha tsa metse ya rona.

2.3. Maafrika Borwa a ka kgetha ho ba le seabo Palong ya Setjhaba ya selemo sa 2022 ka ho sebedisa mohala, ka palo ya digithale e sebedisang khomputara kapa ka ho ngodiswa ke basebeletsi ba kenang motse le motse. Palo ya digithale e sebedisang khomputhara e tla sebediswa feela ke batho ba ileng ba ingodisa inthaneteng pele ho letsatsi la 5 kgweding ya Hlakola selemong sena.

3.       Tlaleho ka Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)

3.1. Kabinete e thoholeditsa Maafrika Borwa ka boikitlaetso ba bona bo tswelang pele ntweng ya COVID-19, bo thusitseng ho boloka ditshwaetso tse ntjha di batla di ba tlase empa re le tlasa kgatello ya leqhubu la bone.

3.2. COVID-19 e sa ntse e le karolo ya maphelo a rona, mme ditlwaelo tsohle tsa bophelo bo botle le boipaballo di tlameha ho phethwa ka dinako tsohle, ho kenyeletswa tshielano ya sebaka, ho hlatswa matsoho le ho sebedisa sehatledi, le ho kgwesa semonkwana ha re le dibakeng tsa bohle. Semonkwana e be se kwaelang molomo le nko, ka bobedi. Ha kokwanahloko ena e kotsi e ntse e tswela pele ho bolaya batho, kentelo e sa ntse e le ona mokgwa wa tshireletso o molemo ka ho fetisisa. Ha batho ba entwang ba ntse ba eketseha, ke ha naha ya rona e eketsa ho bolokeha.

3.3. Jwalo ka ha naha e ntse e kgutlela setlwaeding butlebutle, tshebetso ya moruo e ntse e buleha, le dikolo di boetse di qadile ho amohela bana bohle ka mehla le thuto e tswela pele ka botlalo, Kabinete e ipileditse ho batho bohle ba sa entwang ba dilemo di ka hodimo ho 12 hore ba fumane kentelo ka pele ka moo ho ka kgonehang. O hloka feela ho ikela setsheng sa kentelo le ha e le sefe, le haeba o sa bitswa, o tla fihla o ngodiswa o bile o entwa kantle ho tefo.

3.4. Kabinete e boetse ya kgothaletsa bohle ba entilweng ka botlalo ho ya fumana ente ya sematlafatsi, e thusang ho eketsa palo ya dithibelamahloko le ho thethefatsa mafeto a COVID-19.
Diente tsa sematlafatsi di fumantshwa motho le ha e le ofe ya ileng a fumana ente ya hae ya ho qetela le ya mantlha bonyane nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tse fetileng. Ka ho fumana diente tsohle tse lokelang, ha re fokotse feela menyetla ya ho kula haholo, ho robatswa sepetlele kapa lefu, empa re boetse re fokotsa kotsi ya ho hatellwa ke mafeto a kotsi a ka moso.

4.       Khomishene ya Boahlodi ya Dipatlisiso tsa Tlaleho ya Ho Hulwa ha Mmuso ka Nko

4.1. Kabinete e etse hloko ho fanwa ha haufinyane tjena ha karolo ya pele le ya bobedi ya Komishene ya Boahlodi ya Dipatlisiso tsa Tlaleho ya Ho hulwa ha Mmuso ka Nko ho Mopresidente Ramaphosa e le kgatelopele ntweng e kgahlanong le bobodu.

4.2. Kabinete e tshehetsa ka matla tshebetso e tla etsahala ha Mopresidente a lotomanya mehato ya ho phethahatsa ditshisinyo tsa khomishene ha a fana ka tlaleho e feletseng ho Palamente mohla la 30 Phuptjane 2022, kapa pele ho moo.

5.       Tlaleho ya Diphuputso ka Merusu ya Setjhabeng ya Kgwedi ya Phupu Selemong sa 2021

5.1. Kabinete e ikopantse le Mopresidente Ramaphosa ho amoheleng ho ntshuwa ha tlaleho ya Phanele ya Ditsebi e neng e kgethetswe ho lekodisa karabelo ya mmuso diketsahalong tsa merusu e hlohleleditsweng e etsahetseng setjhabeng, tshenyo le sabotasi ka kgwedi ya Phupu selemong sa 2021. Mopresidente o ile a teka tlaleho ya Phanele ya Ditsebi kopanong ya Lekgotla la Naha la Tshireletso ka Labohlano la 4 Hlakola selemong sa 2022, a ba a fana ka tumello ya hore e phatlalletswe setjhaba.

5.2. Phanele e bile tlasa bodulasetulo ba Moporofesara Sandy Africa, mme ya kenyeletsa Moadvokate Mojanku Gumbi le Ntate Silumko Sokupa e le ditho, le Ntate Michael Sarjoo e le mongodi wa phanele.

5.3. Phanele e ile ya fuwa matla a ho hlahloba mekgwa yohle ya karabelo ya lekala la tshireletso merusung e ileng ya etsahala haholoholo KwaZulu-Natal le Gauteng, le ho etsa ditshisinyo malebana le ho matlafatswa ha tshebetso ya lekala la tshireletso. Tlaleho mmoho le ditemohisiso tseo e fanang ka tsona malebana le mosebetsi esita le diphephetso tseo ditshebeletso tsa tshireletso, makala a phethahatso ya molao, le makala a puso a amehang di tla tataisa karabelo ya mmuso.

6.       Dikgoka tse Amang Bong le Polao ya Ba Batshehadi (GBVF)

6.1. Jwalo ka karolo ya ntwa ya naha kgahlanong le GBVF, Mopresidente Ramaphosa o sa tswa saena Melao e meraro e matlafatsang matsapa a ho fedisa GBVF – Molao o Lokisitsweng wa Ditlolo tsa Molao le Ditaba tse Amanang le Tsona, Molao o Lokisitsweng wa Ditlolo tsa Molao (Ditlolo tsa Thobalano le Ditaba tse Amanang le Tsona) le Molao o Lokisitsweng wa Dikgoka tsa ka Malapeng.

6.2. Kabinete e dumela hore ho saenwa ha melao ena e metjha ke kgatelopele e kgolo ya ho hlola GBVF, mme e ipiletsa Sepoleseng sa Afrika Borwa le ho Lekgotla la Naha la Botjhotjhisi ho matlafatsa dipehelo tsena tse ntjha ho fumantsha toka bohle ba lahlehetsweng ke bang ka bona, metswalle le basebetsimmoho ba bona ka lebaka la sewa sena.

6.3. Kabinete e tla thabiswa ke phethahatso e potlakileng ya melao ena molemong wa ho fana ka tshireletso e kgolo ho diphofu tsa tshebediso ya dikgoka le tlhekefetso.

6.4. Hopola ho tlaleha diketsahalo tsa GBVF sepoleseng se haufi le wena, ka nomoro ya mohala o sa lefellweng wa Thibelo ya Botlokotsebe: 08600 10111, kapa ka mohala wa malalaalaotswe wa Setsi sa Taolo ya GBV: 0800 428 428.

7.       Ketelo ka Mosebetsi Mozambique

7.1. Kabinete e amohetse ho phethwa ka katleho ha Ketelo ka Mosebetsi Rephaboliking ya Mozambique ke Mopresidente Ramaphosa ka Labone la 3 Hlakola selemong sa 2022, ka ho mengwa ke Mopresidente Filipe Nyusi, Mopresidente wa Mozambique.

7.2. Ka matla a hae a ho ba Modulasetulo wa Lekala la Dipolotiki, Sesole le Tshebedisano ya Tshireletso la Dinaha tse Kopanetseng Ntshetsopele tsa Afrika e ka Borwa, Mopresidente Ramaphosa o ile a etela masole ao e leng karolo ya Thomo naheng ya Mozambique, hape a ba le seabo Sehopotsong sa polao ya Ngaka Eduardo Mondlane, mothei le mopresidente wa pele wa wa Mozambique Liberation Front (FRELIMO).

7.3. Mopresidente Ramaphosa le mphato wa hae wa Mozambique ba ile ba buisana ka ditaba tse amang dinaha tsa bona tse pedi, tse amang kontinente, le tsa matjhaba.

8.       Seboka sa Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (AU)

8.1.    Kabinete e amohetse sephetho sa Seboka sa AU sa mashome a mararo a metso e mehlano se neng se tshwaretswe Addis Ababa, naheng ya Ethiopia mohla la 5 le la 6 kgweding ya Hlakola selemong sa 2022, se neng le batla ho ntshetsa pele kgotso le tshireletso ka hara kontinente, hape sa tshwela ka mathe ho ketolwa ha mebuso ho etsahalang kontinenteng ya Afrika.

8.2.    Afrika Borwa e ile ya neha Seboka sa AU Tlaleho ya Tsamaiso ya Puso ya Afrika ya selemo sa 2021, e bontshitseng tswelopele mosebetsing wa ho matlafatsa demokrasi le kgatelopele temeng ya kopanelo ya moruo ka Sebaka sa Kgwebo e Lokolohileng ka hara Kontinente ya Afrika. E boetse ya kgothaletsa hore baetapele ba nke mehato e potlakileng ya ho sebetsana le dintho tse hlokisang botsitso tse kang ho hloka ha batjha mesebetsi ho ntseng ho eketseha, ho feteletsa dintho, phallo, le ho hloka tekatekano ho ntseng ho mpefala.

8.3.    Ho hlahisa boemo bo botjha ba botsitso bophelong ba setjhaba kontinenteng, seboka se ananetse mohopolo wa Afrika Borwa wa ho thewa ha letlole la ho arabela sewa kontinenteng ya Afrika, le ditshisinyo tsa hore na kontinente ena e ka ithusa jwang hore e be malalaalaotswe bakeng sa diphephetso tse ding tsa bophelo tse ka hlahang.

8.4.    Kabinete e boetse ya amohela ho kgethwa ha Afrika Borwa ho ba setho sa Lekgotla la Kgotso le Tshireletso ho AU (AUOSC). AUPSC ke lekala la dinako tsohle la AU le nkang diqeto molemong wa thibelo, tsamaiso le tharollo ya dikgohlano. Ke lekala la tshireletso le kopanetseng tshebetso, le la ditemoso tse potlakileng, le reretsweng ho tsamaisa kapele dikarabelo tsa maemo a kgohlano le mathata ka hara Afrika. Le boetse e le tshiya ya sehlooho ya Kgotso ya Afrika le Kaho ya Tshireletso, eo e leng moralo wa ho ntshetsa pele kgotso, tshireletso le botsitso kontinenteng ya Afrika. AUPSC e theuwe ka ditho tse 15 tse nang le matla a lekanang a ho vouta.

8.5.    Baetapele ba Afrika ba tla kopana Brussels, naheng ya Belgium, bakeng sa Seboka se kopanyang Dinaha tse Kopaneng tsa Europe le AU mohla la 17 le mohla la 18 Hlakola selemong sa 2022, moo ho tla tsitsiswa maikutlo diphephetsong tse tjametseng lefatshe, tse kang diphetoho tsa maemo a lehodimo, le ntjhjafatso ya kgotso le tshireletso.

9.       Mokgwa wa Tekodisano ya Balekane ka hara Afrika (APRM)

9.1.    Afrika Borwa e phethile bodulasetulo ba yona ba dilemo tse pedi ba Foramo ya Tekodisano ya Balekane ya Afrika, eo e leng lekala la APRM, leo sepheo sa lona e leng ho kgothaletsa le ho tshireletsa ditokelo tsa botho, ho matlafatsa demokrasi le ho ntshetsa pele puso e kgabane le ho hlonetjhwa ha molao ka hara dinaha tsa Afrika.

9.2.    Tekolong ya yona ya tekodisano ya balekane ya selemo sa 2021, Afrika Borwa e ile ya fumana ditekodiso tse kgahlisang tsa ho hlonetjhwa ha molao, makala a tebelo a tshwanang le mekga e tshehetsang demokrasi ntshetsopele ya ditokelo tsa basadi, tshireletso e matla ya baphaphathehi le tlhaboloho ya tshebetso ya rona ya dikgetho, puso e matla ya dikhampani, ditshebetso tsa bajete e bulehileng le bakeng sa keketseho e matla ya dikgwebo tse habileng ho ba le tshusumetso lefatsheng. Naha ena e boetse ya babatswa ka boetapele le tsamaiso ya yona e hlwahlwa malebana le sewa sa COVID-19.

9.3.    Dibaka tse ngongorehisang tekolong ena – tse kang ho se lekalekane ho ntseng ho eketseha le tlhokeho ya mesebetsi, bobodu, diketsahalo tsa lehloyo la melata le phepelo e mpe ya ditshebeletso – re ntse re sebetsana le tsona mananeong a rona a moralo le a mmuso.

10.     Dikgau tsa Boraditaba tsa SADC

10.1.   Kabinete e kgothaleditse boraditaba ba Maafrika Borwa ho romela dintlha tsa ho kenela tlhodisano ya Dikgau tsa Boraditaba ba SADC ya selemo sa 2022. Dikgau tsena di kgothaletsa kopano le tshebedisano ka hara lebatowa, hape di tlotla mosebetsi o tswileng matsoho dibakeng tsa masedinyana, ditshwantsho, thelevishene le seyalemoya, hape di kgothaletsa boraditaba ba dinaha tse ka hara lebatowa ho hlahisa ditaba tse etsahalang lebatoweng.

10.2.   Bahlodi ba tla phatlalatswa nakong eo Seboka sa Dihlooho tsa Mebuso ya SADC ya mashome a mane a metso e mmedi se tla beng se dutse. Diforomo le melao ya tlhodisano ya selemo sa 2022 di ka fumaneha ho www.gcis.gov.za/newsroom/media-releases/launch-2022-sadc-media-awards-co....

11.     Thuto

11.1.   Kabinete e thoholeditse Sehlopha sa 2021, hape ya leboha bohle ba bileng le seabo katlehong e fihletsweng ke baithuti tlasa diphephetso tse bakilweng ke COVID-19. Lenane la baithuti ba ngotseng dihlahlobo tsa Lengolo la Naha le Phahameng (NSC) tsa selemo sa 2021 e bile 897 163, eo e leng keketseho ya 23,6% lenaneng la selemo sa 2020.

11.2.   Sekgahla sa ho tswelella ha baithuti ba NSC ba selemo sa 2021 ke 76,4%, − le moo baithuti ba 256 000 ba paseditseng ho ka amohelwa univesithi − eo e leng keketseho ya 0,2% ho tloha ho sekgahla sa ho tswelella sa 76,2% sa Sehlopha sa 2020.

11.3.   Kabinete e lakaleditse baithuti bohle katleho jwalo ka ha ba qala maphelo a bona a dilemo tsa ka morao ho sekolo. Ka Sekema sa Naha sa Baithuti sa Thuso ya Ditjhelete (NSFAS), mmuso o tshehetsa ka ditjhelete baithuti ba sebetsang hantle dithutong tsa bona, ba tswa malapeng a futsanehileng le a ba fumanang meputso e tlase, ba lakatsang ho ithuta univesithi kapa koletjheng tsa Tekgniki le Thuto ya Mosebetsi le Thupelo.

B.       Diqeto tsa Kabinete

1.    Ditlaleho tse Ntshwang Habedi ka Selemo tsa Tswelopele tsa Tshebetso

1.1.    Kabinete e ananetse ditlaleho tse ntshuwang habedi ka selemo tsa tswelopele ya tshebetso bakeng sa nako e qadileng mohla la 1 Mmesa ho ya mohla la 30 Loetse selemong sa 2021. Ditlaleho tsena ke karolo ya Moralo wa Nako e Mahareng ya Maano a ho tloha selemong sa 2019 ho isa ho sa 2024. Ditlaleho tsa tshebetso tsa dihlopha tsa mafapha a mmuso di tsepamisa maikutlo mererong e supileng e lenaneng le ka pele ya mmuso le mehatong e amanang le yona nakong ya sehla sa botshelela sa puso ya demokrasi.

1.2.    Kabinete e amohetse dibaka tseo ho tsona ho bileng le tswelopele dipakaneng tse neng di hlometswe nako ena ya tekodiso. E boetse ya amohela meralo ya mehato e nkelwang ho lokisa ditiehiso tse entseng hore dipakana tsena tse ding e be ha di a atleha 

1.3.    Letoto la ditlaleho tsa boraditaba tsa dihlopha tsa Mafapha a mmuso le tla hlophiswa ke GCIS ho thusa mafapha ho lokodisa ditlaleho tsena tsa tshebetso.

2.       Ho Romelwa ha Ditsha tsa Afrika Borwa tsa Pleistocene Occupation bakeng sa ho ba Ditsha tsa Lefatshe tsa Mafa

2.1 Kabinete e ananetse ho romelwa ha ditsha tsa Pleistocene Occupation tsa Ho Hlaha ha Batho ba Dinako tsa Jwale bakeng la ho amohelwa le ho ngodiswa e le ditsha tsa Mafa tsa Lefatshe. Tse tharo tsa tsona di Kapa Bophirima (Diepkloof Rock Shelter; Pinnacle Point Site Complex le Biombos Cave); se le seng se Kapa Botjhabela (Klasies River Caves), mme tse pedi di KwaZulu-Natal (Sibhudu Cave le Border Cave).

Ditsha tsena, tseo mmoho di fanang ka kutlwisiso ya tlhaboloho ya batho, di se di ile tsa phatlalatswa e le ditsha tsa Naha tsa Mafa ho latela Molao wa Disiu tsa Mafa a Naha wa selemo sa 1999 (Molao wa 25 wa selemo sa 1999). Di pepesa matoto a matelele a ho ba teng ha batho lefatsheng nakong ya dikete tsa dilemo tse balwang ka mashome, ka bopaki bo qalang nakong ya ho hlaha ha batho ba nako tsena tsa jwale.

2.2.    Ho romelwa ha ditsha tsena ho ikamahanya le Molao wa Tumellano ya Mafa a Lefatshe, wa selemo sa 1999 (Molao wa 49 wa selemo sa 1999), o dumellang dinaha ho etsa dithomello tsena e le karolo ya kutlwisiso ya lefatshe lohle ya tlhaboloho ya batho.

3.       Ho Atollwa ha Nako ya Boemo ba Naha ba Koduwa

3.1.    Kabinete e tlalehetswe ka mosebetsi o entsweng ke Lekala la Naha le Kopanetsweng la Tshebetso le Bohlwela ho fumana hore na tsamaiso ya sewa sa COVID-19 e ntse e hloka boteng ba Boemo ba Naha ba Koduwa. Ditshisinyo di ile tsa amohelwa ho tswa mafapheng a mmuso a fapafapaneng ho fumana hore na ke dibaka dife tsa mesebetsi ya ona tse seng di le mokgahlelong wa ho phethwa.

3.2.    Le ha ho le jwalo, ka morao ho ho hlokomela hore a mang a mafapha ao e leng a sehlooho taolong ya COVID-19 a ne a eso ka a qeta ho phetha tlhophollo ya ona, Kabinete e amohetse katoloso ya ho qetela ya Boemo ba Naha ba Koduwa ho fihlela mohla la 15 Tlhakubele selemong sa 2022, ho latela Karolo ya 27(5)( c) ya Molao wa Tsamaiso ya Koduwa, wa selemo sa 2002 (Molao wa 57 wa selemo sa 2002).

4.       Moralo wa Leano la Ditheko tsa Motlakase (EPP)

4.1.    Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha tekodiso ya EPP bakeng la ditshwaelo tsa setjhaba. EPP ena e lekotsweng botjha e batla ho tlisa tekatekano ho tlisweng ha dikepele tsa motlakase bakeng sa bareki ba amohelang meputso e tlase le dikepele tsa motlakase tsa ditjeho tse sebetsang hantle bakeng sa bareki ba bang bohle. 

4.2.    Leano lena le fana ka metheo e akaretsang ya ditheko, sebopeho sa ditheko tsa tlhahiso le phetiso ya motlakase, le sebopeho sa phepelo le thekiso ya motlakase. EPP e tla phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso, hape e ka fumaneha webosaeteng ya Lefapha la Disebediswa tsa Minerale le Matla (DMRE): www.dmr.gov.za.

C.       Dibili

1.       Bili e Lokisitsweng ya Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) ya selemo sa 2022

1.1.    Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili e Lokisitsweng ya NYDA ya selemo sa 2022. Molao o sebetsang ha jwale o fana ka moralo wa molao bakeng la phumantsho ya Tshebeletso ya Naha ya Batjha, le tshehetso e thusang batjha ho ba le seabo moruong, le ditshebeletso tsa boeletsi le tlhahisoleseding. 

1.2.    Ditokiso tse sisintsweng di matlafatsa dibaka tse itseng tsa ho nkelwa mehato tikolohong ya diphephetso tse tjametseng batjha; hape, e hlakisa metjha ya sepolotiki ya ho tlaleha, hape e boetse e sisinya ho eketswa ha Boto ya NYDA ho tloha dithong tse supileng ho ya ho tse 10. E dumella ho thewa ha ditshebeletso tsa NYDA boemong ba metseng ya bodulo, haholoholo bakeng sa batjha ba dibakeng tsa mahae, ba sa kgoneng ho fumana ditshebeletso tsa NYDA habobebe.

1.3.    Ditokiso tsena tse sisintsweng e bile ditholwana tsa ditherisano tse batsi tse entsweng le bankakarolo bohle ba amehang diprovinseng tsohle tse robong.

2.    Bili ya selemo sa 2022 ya Tshilafatso e Bakwang ke Oli Mawatleng (OPRC) (Boitokisetso, Karabelo le Tshebedisanommoho) 

2.1.    Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili ya OPRC ya selemo sa 2022, e ileng ya dumelwa bakeng sa phatlalatso ka kgwedi ya Mphalane selemong sa 2019. Diphehiso tse ngata tse fumanweng ho bankakarolo ba fapafapaneng di ile tsa kenngwa Biling ena.

2.2. Hang ha e se e fetoletswe molaong, Bili ena e tla fana ka taolo le tsamaiso ya karabelo ya naha diketsahalong tse kgolo tsa tshilafatso e etswang ke oli mawatleng, dibakeng tsa mabopo a naha ya rona.

2.3.    Afrika Borwa ke sebaka se itshetlehileng ka mawatle le ditsela tsa dikepe tse phatlallang le Mawatle a Indian, Atlantic le Lewatle la Leboya, le phatlallelang sebakeng se batlang e ba halofo ya ho fihla lebatoweng la Antarctic. Naha ena e boetse e le setho se ikarabellang sa Tumellano ya OPRC.

3.       Moralo wa Leano la Naha la Phallo ya Basebetsi (NLMP) le Bili e Sisintsweng e Lokisitsweng ya Ditshebeletso tsa Kgiro (ESAB)

3.1.    Kabinete e ananetse ho qalwa ha ditherisano tsa setjhaba le bankakarolo malebana le moralo wa leano la naha la phallo ya basebetsi le ESAB e sisintsweng. Leano lena le fana ka tekatekano pakeng tsa tshireletso ya ho hirwa ha Maafrika Borwa ho ntse ho hlokometswe bokgoni bo hlokwang ke naha ena. E boetse e elelletswe ditshwanelo tsa naha ena ho SADC, AU, le ditlwaelong tse ding tsa matjhaba tsa phallo ya basebetsi.

3.2.    NLMP e fana ka moralo le motheo wa molao wa ho laola hore na mohiri ka mong a ka hira melata e mekae mosebetsing wa hae, ho ntse ho tshireleditswe ditokelo tsa basebetsi bao ba phallo. Leano lena le fana ka motheo wa ESAB e sisintsweng.

3.3.    Kabinete e ananetse hore Lefapha la Basebetsi le Kgiro le ka qala ditherisano tsa setjhaba malebana le leano le tla fumantsha baahi le bankakarolo ba amehang monyetla wa ho fana ka diphehiso ho NLMP ya naha.

4.       Bili e Lokisitsweng ya Taolo ya Motlakase

4.1.    Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili e Lokisitsweng ya Taolo ya Motlakase. Bili ena e sisinya ditokiso tsa Molao wa Taolo ya Motlakase, wa selemo sa 2007 (Molao wa 28 wa selemo sa 2007). Ditokiso tsena tse sisintsweng di atolla moralo wa naha wa taolo bakeng sa indasteri ya phepelo ya motlakase. Di amahanya naha le tshebetso e ntle ka ho fetisisa ya matjhaba ditabeng tsa motlakase le ho lokisetsa mesebetsi ya Mosebedisi wa Sistimi ya Phetiso, le ho lokisetsa moralo wa dilaksense bakeng la phehlo, phetiso, phepelo le kgwebo.

4.2.    Ditokiso tse sisintsweng di etsa karolo ya dikgato tse ngata tseo naha e di nkang ho tlisa diphetoho lekaleng la motlakase molemong wa ho fihlella phepelo ya motlakase e tsitsitseng le e tshireletsehileng. Di tla boela di matlafatsa tshebetso ya indasteri ya motlakase, mme qetellong di thehe tikoloho e atlehisang kgolo ya moruo.

4.3.    Bili ena e tla phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso, hape e ka fumanwa webosaeteng ya DMRE: www.dmr.gov.za.

D.       Molaetsa

1.       Thoholetso

Kabinete e thoholeditse le ho lakaletsa mahlohonolo: 

1.1.    Mofumahadi Nomandla Dorothy Mhlauli, Modulasetulo ya sa tswa kgethwa wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso le ba Ma-Khoi-San. Mofumahadi Mhlauli ke mosadi wa pele wa ho kgethelwa ho etella pele mokga ona wa baetapele ba setso. O ile a kgethelwa sekgeo se siilweng ke Kgosi Sipho Mahlangu ya ileng a hlokahala.

E.       Kgiro

Pele batho bohle ba ka hirwa, ho netefatswa mangolo a thuto le ditokollo tsohle tse tshwanelang.

1.       Ditho tsa Lekgotla la Naha la Boeletsi Tabeng tsa Meru (NFAC).

Kabinete e dumellane le Letona la Meru, Botshwasi le Tikoloho ka ho kgethelwa ha ditho tse latelang Botong ya NFAC bakeng sa dilemo tse tharo:

a.       Mme Nosisa Euticus Nzuza (Modulasetulo); 
b.       Ngaka Pulane Elsie Molokwane (Motlatsi wa Modulasetulo);
c.       Mme Getrude Mathithwa Nonginzi; 
d.       Mme Maropeng Dipitseng Manamela;
e.       Ntate Bhutinyana Calvin Chirwa;
f.        Mme Phindiwe Keletso Mokoena;
g.       Mme Manushka Moodley;
h.       Ntate Bishop Ngobeli;
i.        Mme Nombuso Mlambo;
j.        Ntate Mzwandile Roy Mendu;
k.       Ntate Sikhumbuzo Sipho Masuku;
l.        Ntate Thabo Simon Moloi;
m.      Mme Felicity Blakeway;
n.       Ntate Jim Matsho;
o.       Mme Fefekazi Sefara;
p.       Ntate Phemelo Sebitlo;
q.       Ntate Goodman Gcaba;
r.        Ntate Nkosipendule Quvile;
s.       Ntate Sixolile Msayi; le
t.        Nate Makale Ngwenya.

2.       Ngaka Jennifer Molwantwa – Mohlanka ya ka Sehloohong (CEO) wa Khomishene ya Diphuputso tsa Metsi. 
3.       Ntate Petrus Maselaganye Matji – CEO ya Amatola Water. 
4.       Ntate Frans Moatshe –Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete tsa Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.
5.       Moprikatire Mokgadi Bertha Bokaba – Hlooho ya Lekala la Diphuputso tsa Ditlolo tsa Molao tsa Lenane le ka Pele (DPCI) provinseng ya Freistata.
6.       Moprikatire Mathipa Solomon Makgato –Hlooho ya Provinse ya DPCI provinseng ya Kapa Bophirima.

Dipotso:
Mme Phumla Williams
Sebuedi sa Kabinete, ka ho letsetsa selefouno ho 083 501 0139

 Union Building