Skip to main content
x

A. Dintlha ka Maemo a Renang Hajwale

1. Tsa Moraorao ka Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)
 
1.1. Kabinete e amohela taba ya phokotseho ya manane a ditshwaetso tse ntjha tse netefaditsweng tsa COVID-19 dibekeng tse mmalwa tse fetileng, esita le sekgahla se phahameng sa ba fodileng se eketsehileng ho ya ho 87%. Lenane la batho ba hlokang ho amohelwa dipetlele tsa habo rona esita le tlhokeho e hodimo ya ho etswa ha diteko tsa COVID-19, le tsona di fokotsehile.

1.2. Kabinete e leboha Maafrika Borwa ohle ka seabo sa wona sa ho tsitlallela dithibelong tsa ho batalatsa sekgahla sa ditshwaetso. Re thoholetsa boikitlaetso ba diporofeshenale tsohle tsa bophelo bo botle tseo e neng e le tsona tse hulang teu tshireletsong e kgahlanong le kokwanahloko ena.

1.3. Ha re ahelleng hodima morolo wa ditaba tsena tse kgothatsang re be re tswele pele ho sebetsa mmoho e le hore re dule re etsa dintho tse ntle, tse kang ho itlwaetsa ho qaqolohana, ho kenya sekwahelanko le molomo ha re le moo ho phetheselang batho, ho hatlela matsoho ka sesepa le metsi kapa ho sebedisa senyanyatsi sa matsoho se nang le alkhohole.

1.4. Kabinete e kgothaletsa batho bohle ba Afrika Borwa hore ba monyolle COVID Alert SA Application ya mahala ho Apple App Store kapa ho Google Play. Lefapha la Bophelo bo Botle le leleketse app ena e le sesebediswa se seng sa ho lemosa Maafrika Borwa haeba a ile a pepeseha ho COVID-19 ka ho teana le motho e mong ya nang le yona. App ena e matlafatsa ntwa ya setjhaba sa habo rona kgahlanong le ho ata ha kokwanahloko ena.

1.5. Kabinete e ile ya boela ya ananela katoloso ya maemo a koduwa ya naha hore a ilo fela ka la 15 Mphalane 2020, ho ya ka karolo ya 27(5)(c) ya Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa 2002 (Molao wa 57 wa 2002). Sena se etsetswa hore ho tswelwe pele ka ho kenya tshebetsong melawana e ntseng e sebetsa ya ho laola ho ata ha ditshwaetso tsa COVID-19.

2. Ditlhekefetso tse Amanang le Bong (GBV)

2.1. Sewa sa GBV se tswelapele ho tshwenya setjhaba sa habo rona ka ho teteka ho se nang kelello esita le ho bolawa ha basadi. Mahlatsipa a moraorao a ditlolo tsena tsa molao a akga sebapadi sa ditshwantshiso Thandeka Mdeliswa (34) ya ileng a thunngwa a le habo Evander, Mpumalanga, esita le mosadi ya dilemo di 28 ya ileng a bolawa ke monna wa hae ha a ne a ilo tlaleha ka tlhekefetso ya malapeng Seteisheneng sa Sepolesa sa Madeira se Mthatha, Kapa Botjhabela. Kabinete e etsa kgoeletso ya hore ho sebetswe ka toka ditlolong tsena tsa molao esita le tse ding tse tlalehilweng.

2.2. Kabinete e sa tswa ananela melao e meraro e le ho matlafatsa twantsho ya GBV. Yona ke Sehlomathiso sa Bili ya Ditlhekefetso tsa Malapeng; Sehlomathiso sa Bili ya 2020 ya Ditlolo tsa Molao le Dintho tse Amanang le Tsona; le Sehlomathiso sa Bili ya 2020 ya Molao wa Ditlolo tsa Molao (Ditlolo tsa Molao tsa Motabo le Dintho tse Amanang le Tsona). Melao ena e kenya letsoho ho netefatseng hore ho ba teng tshireletso e kgabane ya mahlatsipa a ditlhekefetso tsa malapeng le a GBV.

3. Papatso ya Clicks

3.1. Kabinete e elelletswe yaba ya ngongoreha haholo ka papatso e sisimosang e phatlaladitsweng websaeteng ya Clicks, e ileng ya thokola merusu setjhabeng sa habo rona naha ka bophara. Kabinete e bona papatso ena e qholotsa leqhoko le leholo ebile e kgetholla ka morabe.

3.2. Moriri wa batho ba batsho o fetohile taba eo ho buuwang ka yona ka botebo mapatlelong a dipolotiki, yaba ya eba le mohlodi wa kgethollo e sa lokang nalaneng ya habo rona ya moraorao. Nalane ya setjhaba sa habo rona e silafaditswe ke melao e tshwantshang ‘botsho’ le makgetha a itseng a amanang le bona, a kang letlalo le letsho, moriri o manyetse le o dikgobe, e le sesupo sa maemo a tlase.

3.3. Kahoo, re amohela dikgato tsa tokiso tse nkilweng hanghang ke ba ha Clicks. Tsona di akga boikitlaetso ba bona ba ho sebetsa mmoho le mmuso ho bapatsa dihlahiswa tsa kwano lapeng mabenkeleng ohle a bona, esita le ho tshwarana ka matsoho le bafepedi bohle ba bona e le ho kgothalletsa makgabane a molaotheo jwaloka ha a fuperwe ke Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. Ba tla be ba kenye tshebetsong le lenaneo le kenyeletsang bohle la thupelo e mabapi le ho se tshwane ha merabe bakeng sa baokamedi le basebetsi bohle ba bona.

3.4. Kabinete e etsa kgoeletso ho diakgente tsa papatso tsa Clicks le tsa mabenkele a mang, hore le tsona di kenye tshebetsong mananeo a boleng a kgothalletsang a bile a sireletsa ditokelo tsa botho di be di etse tlhokomediso ka dimpe tsa semorabe, tsa ho se lekane le tsa kgethollo.

3.5. Makala ohle a setjhaba sa habo rona a tlameha ho ananela selekane se dipakeng tsa mafapha a mmuso le Ditheo tse Tsheheditseng Puso, sa ho kenya tshebetsong matsholo a thuto a kgahlanong le semorabe le a kgahlanong le kgethollo.

3.6. Ka ho tshwanang, mmuso o hopotsa Maafrika Borwa ohle hore tokelo ya ho bua kgahlanong le tlhokelo efe kapa efe ya toka ntle le tshabo ya kgoboso, e fuperwe ke Molaotheo wa habo rona. Leha ho le jwalo, tokelo ya ho ipelaetsa e amana le boikarabelo bo boholo ba hore ho etswe jwalo ka kgotso, ntle le ho thunthetsa ditokelo tsa ba bang. Mmuso o seolla diketso tsa bosenyi tse entsweng mabenkeleng a Clicks. Diketso tse jwalo tse tshwephohileng molaong di bebola moya wa ditokelo tsa botho o ileng wa bopa naha ena haesale ho tloha mathwasong a demokrasi.

3.7. Afrika Borwa e sebeletsa ho hodisa moruo kahoo e ke ke ya kgona ho ithuela thohako ya ho fela ha mesebetsi ka lebaka la ho kwalwa ha dikgwebo. Bosiyo ba botsitso ba molao le tshenyo ya thepa ya poraefete ha di a tshwanela ho dumellwa, kaha e se mokgwa o motle o nang le boikarabelo wa ho rarolla dikgohlano.

4. Moruo

4.1. Ho sesefala ho hoholo ha Kgolo le Botsitso ba Moruo (GDP) wa habo rona Kotareng ya bobedi hore o tlohe ho 16,4% ka selemo o ye ho 51,2% ka lebaka la COVID-19, ho hlahisa tsietsi ya ho fihlella kgakanyo ya Bajete ya Tlatsetso ya kgolo ya -7.2% katlase ho lefeela ka 2020.

4.2. Sena se tiisa nepahalo ya qeto ya mmuso ya ho kena morerong wa tsosoloso ya moruo ka potlako, re sebetsa mmoho le balekane bohle ba habo rona kahisanong hore re bee moruo motjheng o motlenyana wa kgolo.

4.3. Morero ona, o tla etellwa pele ke meralo ya motheo, o tla kenyeletsa ho kenngwa tshebetsong ha ditlhabollo tse hlokehang haholo tsa sebopeho sa moruo.

5. Lefu la Nathaniel Julius

5.1. Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho ba lelapa la Nathaniel Julius, moshanyana ya dilemo di 16 eo ho belaellwang hore o ile a thunngwa a ba a bolawa ke bahlanka ba sepolesa Eldorado Park.

5.2. Ho tshwarwa ha bahlanka ba bararo ba sepolesa ke Lekgotla le Ikemetseng le Batlisisang Mapolesa (IPID) ka diqoso tsa ho bolaya le ho sitisa tshebetso e ntle ya toka, ho tiisa mokgwatsamaiso wa bohlokwa wa hore ha ho motho ya kahodimo ho molao.

5.3. Kabinete e etsa kgoeletso setjhabeng sa Eldorado Park hore se thuse IPID se be se tswele pele ho sebetsa se ipapisitse le tsamaiso ya toka ditlolong tsa molao, e le ho netefatsa hore toka e a phethahatswa.

6. Tlaleho ya Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete (AG) ka Diphumantsho tse Amanang le COVID-19

6.1. Tlaleho ya moraorao ya AG e ile ya boela ya talola dikananyetsano tse fosahetseng di bile di se molaong mabapi le tjhelete ya kimollo ya COVID-19 e leleketsweng ke mmuso, e le ho nolofatsa matshwenyeho a moruo le ho thibela ho ata ha kokwanahloko ena.

6.2. Diphumano tsena di tla fetisetswa Setsing sa Momahanyo ya diakgente tse ngatanyana se filweng mosebetsi wa ho batlisisa boqhekanyetsi le bonyofonyofo bo amanang le COVID-19. Diphumano di akga ditheko tse nyollotsweng ho feta tekanyo, basebetsi ba mmuso ba etsang dikopo tsa tjhelete ya kimollo eo ba sa lokelang ho e fumana, kgonahalo ya boqhekanyetsi le ho se ipapise le melawana ya bolaodi ba phumantsho ya thepa.

6.3. Kabinete e thasisetsa tharollo ya yona ya ho tswela pele ka ho ba sala morao bohle ba fumanweng ba sebedisitse ditjhelete tsena, ho sa natsehe hore na ke bomang. Matshwephenene a pepeswang ke setjhaba ka lesedi le phatlalatswang websaeteng ya Lefapha la Matlotlo a Naha (www.treasury.gov.za) a tla salwa morao ke mafapha a tshwanelehileng.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Bokenadipakeng ba Naha mabapi le Phetoho ya Tlelaemete

1.1. Kabinete e ananetse ho thewa ha Khomishene ya Moporesidente ya Ditlhophiso tse Amanang le Phetoho ya Tlelaemete. Sena se tsamaisana le Tumellano ya Moralo wa Seboka sa Mesebetsi e tekennweng nakong ya Seboka sa Mesebetsi sa Moporesidente ka 2018. Khomishene e tla hlophisa phetoho e nang le toka ya naha ya habo rona, hore e ye tlelaemeteng ya tshebediso e tlase ya khabone esita le moruo le kahisano tse matla ka 2050.

1.2. Sebopeho sena se tla ba le baemedi ba tswang mmusong, balekane ba kahisanong, Mekgatlo ya Setjhaba esita le ditsebi tse tswang ditheong tsa thuto e phahameng le ditheong tsa diphuputso. Afrika Borwa ke motekeni wa Selekane sa Moralo wa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Phetoho ya Tlelaemete (UNFCCC).

1.3. Kabinete e ile ya boela ya ananela Lewa la naha la Ntshetsopele ya Mekunkelo e Tlase (LED). Lewa lena la LED le tla ntshetsa pele leano la naha la phetoho le ntshetsopele ya tlelaemete ka mokgwa o nolofaditsweng, o momahaneng o bile o na le lewa le otlolohileng. Le fana ka mekgwa ya ho kgoba matshwafo e tsepamisitseng maikutlo makaleng a mane a bohlokwa a moruo, e leng Eneji; Diindasteri; Temothuo, Meru le Tshebediso ya Mobu; esita le Dilahlwang.

2. Lewa la Naha la Taolo ya Dilahlwang (NWMS) la 2020

2.1. Kabinete e ananetse hore NWMS ya 2020 e nkele NWMS ya 2011 sebaka. Lewa la taolo ya dilahlwang le kenya tshebetsong dipeelo tsa Taolo ya Naha ya Tikoloho: Molao wa Dilahlwang wa 2008 (Molao wa 59 wa 2008). Le tataisa mananeo a tshireletso ya tikoloho. Le tsamaisa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle, wa nako e telele ebile e le o sa senyeng tikoloho, ka ditshiya tse tharo tseo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona, e leng ho notla dilahlwang, ditshebeletso tse kgabane tsa nako e telele, le tlhokomediso ya dilahlwang le boikamahanyo.

3. Dikholeje tsa Temothuo

3.1. Kabinete e ananetse hore ho thewa ha dikholeje tsa temothuo e be boikarabelo ba Dikholeje tsa Thuto e Phahameng ho ya ka Molao wa Thuto e Phahameng wa 1997 (Molao wa 101 wa 1997), jwaloka ha o hlomathisitswe.

3.2. Dikholeje tsa temothuo tseo hajwale di leng katlasa Lefapha la Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Mahae, di fana ka mananeo a ipapisitseng le mangolo a thuto e phahameng a kenyeletsang thupelo ya boqhetseke le mananeo a mesebetsi ya matsoho. Ho fallisetswa ha dikholeje tsena Lefapheng la Thuto e Phahameng le Thupelo ho tla di amahanya le Molao o ananetsweng wa Thuto e Phahameng wa 1997, ebile ho tla ntlafatsa taolo le tsamaiso ya tsona.

4. Tlaleho ya 2017/18 ka Lenaneo la Diphuputso le Ntshetsopele (R&D) la Ditsiane tsa Lekgetho

4.1. Kabinete e ananetse ho kenngwa ha Tlaleho ya 2017/18 ka Lenaneo la R&D la Ditsiane tsa Lekgetho Palamenteng. Diphuputso tsena di e sala morao taba ya ho sebediswa ha ditsiane tsa lekgetho ke dikhamphane e le ho kgothalletsa diphuputso le ntshetsopele kahare ho makala a tsona a fapaneng. Lenaneo lena la ditsiane tsa lekgetho le qadile ho lelekelwa ka Pudungwana ya 2006. Ho ya ka tlaleho ena, ho tloha ka Pudungwana ya 2006 ho isa ho Hlakola ya 2018, lenaneng la dikhamphane tse 1 091 tse entseng kopo ya tshehetso, ke tse 902 tse filweng ditsiane tsena tsa lekgetho. Tlaleho e felletseng e tla fumaneha hang ha e se e teketswe Palamente.

5. Moralo wa Pampiri e Tshweu mabapi le Moralo wa Leano la Ditshebeletso ho Dikateng tsa Kutlo le tsa Pono

5.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Moralo wa Pampiri e Tshweu ka Moralo wa Leano la Ditshebeletso ho Dikateng tsa Kutlo le tsa Pono: Tjhebelopele e Ntjha ya Afrika Borwa ya 2020, bakeng sa dipontshano le ditshwaelo tsa setjhaba.

5.2. Pampiri e Tshweu ena, hara tse ding, e sisinya hore ho be teng diphetoho tse ntjha tsa maano le melawana esita le dikgothalletso tse reretsweng ho hlophabotjha makala a mehlodi ya ditaba ya kutlo le pono, bakeng sa kgolo ya kamoso esita le ho kgothalletsa botsetedi.

6. Ho fetolwa ha Ditsha tsa Letlotlo la Botjhaba

6.1. Kabinete e ile ya bolellwa ka kgatelopele e entsweng ke moifo wa dipontshano o etelletsweng pele ke Lefapha la Dipapadi, Bonono le Botjhaba, ka ho fetolwa ha ditsha tsa letlotlo la botjhaba. Sehlopha sena se ne se tshwanela ho hlahloba ditsha tsa hajwale tsa letlotlo la setjhaba, le kamoo Kabinete e arabelang ka teng makgabaneng a bohlokwa a nalane ya Molaotheo wa habo rona.

6.2. Moifo ona o etsa dikgothalletso tsa diemahale/difika tse tshwanelang ho talola makgabane a motheo a Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi. Se sisinya hore tse ding tsa diemahale tsa nalane ya naha di fallisetswe diphakheng tse tla hlongwa dibakeng tse fapaneng naha ka bophara. Tlhahlobo e phethahetseng ya diemahale, matshwao le difika tsohle e tla etsuwa mme sephetho sa yona se tla tataisa tlhwayo ya diphakhe tsa setjhaba tsa kaho ya botjhaba tse sisintsweng.

6.3. Kabinete e ananela mosebetsi ona o tla kenya letsoho kahong ya setjhaba o be o netefatse hore ditsha tsa setjhaba di bontsha makgabane ohle a molaotheo a tsamaiso ya demokrasi ya kamora bokoloniale le kamora kgethollo. Diphakhe tsa setjhaba tsa kaho ya botjhaba di tla fallisa dintho tsohle tse amanang le matshwao a bontshang bokoloniale le kgethollo, molemong wa meloko e tlang.

C. Melaetsa

1. Dithoholetso

Kabinete e fetisetsa dithoholetso tsa yona le ditakaletso tsa mahlohonolo ho:

1.1. Molaodi-Kakaretso (DG) wa mehleng Boporesidenteng ebile e le Mongodi wa Kabinete, Ngaka Cassius Lubisi, jwaloka ha a etswa Tshebeletsong ya Setjhaba a bea meja fatshe kamora ho sebetsa e le mohlala o motle wa bosebeletsi ba setjhaba Boporesidenteng le mmusong wa provense ya KwaZulu-Natal. Ngaka Lubisi o siya lefa le letle setjhabeng sa Afrika Borwa la tshebeletso e otlolohileng, ya seporofeshenale eo a e entseng ka sebete.

1.2. DG wa mehleng wa Lefapha la Bophelo bo Botle, Ngaka Precious Matsoso, ka ho thonngwa ha hae e le karolo ya Moifo o Ikemetseng wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle bakeng sa Boitlhophisetso le Karabelo ya Sewa.

2. Matshediso

Kabinete e rometse matshediso ho:

2.1. ba lelapa le metswalle ya seroki se tummeng ebile e le moitseki wa dipolotiki Monghadi Achmat Dangor, ya neng a sebedisa boqhetseke ba hae ba bongodi ho pepesa bosiyo ba toka mmusong wa kgethollo esita le ho buella ba neng ba sa kgone ho ipuella.

2.2. ba lelapa, metswalle le basebetsi mmoho ba Mofumahadi Nyameka Goniwe, Motsamaisi wa Dipuisano Masepaleng wa Inxuba Yethemba Kapa Botjhabela ebile e le mohlolohadi wa moitseki wa Ntwa ya Tokoloho, Ntate Matthew Goniwe.

2.3. ba lelapa le metswalle ya Ngaka ya Lebotho la Sesole sa Naha sa Afrika Borwa e neng e se e beile meja fatshe, Moleftenete-Kakaretso Vejay Ramlakan, ya ileng a kenya letsoho le tokolohong ya Maafrika Borwa ohle.

2.4. ba lelapa le metswalle ya Monghadi Petrus Meyer, ya neng a tumme ka la Oom Piet, wa Kapa Bophirimela, le Leqosa Kgoši Mohlamme Piet Mathebe le Monghadi David Mbulaheni Malada ba Limpopo. Maafrika Borwa ana a qollehileng a nyehetse ka maphelo a wona ntweng ya tokoloho le demokrasi ya Afrika Borwa.

2.5. ba lelapa le metswalle ya moitseki ya tummeng wa ditokelo tsa botho Moadvokeiti George Bizos, ya hlokahetseng a le dilemo di 92. E ne e le qhoku ya ntwa ya tokoloho kgahlanong le kgethollo Afrika Borwa. Moadvokeiti Bizos e bile moeletsi wa tsa molao wa Nelson Mandela ka dilemo tse ngata, ebile e ne e le e mong wa boramolao ba neng ba buella baqosuwa Nyeweng ya Rivonia.

E ne e le thatohatsi ya ramolao wa ditokelo tsa botho ebile e ne e le setho sa bathehi ba Setsi sa Mehlodi ya Molao, e leng mokgatlo wa ditokelo tsa botho.

D. Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

1. Moleftenente-Kakaretso Tebello Constance Mosikili e le Motlatsi wa Hlooho ya Naha ya Lekala la Bofuputsi ba Ditlolo tsa Molao tse ka Sehloohong.
2. Monghadi Trevor Rammitiwa e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Setheo sa Naha sa Mehlodi ya Ditaba ya Elektroniki sa Afrika Borwa.

Dipotso: Mme Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139
Letsatsi: Labone, 10 Loetse 2020
E ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Lesedi la Mmuso (GCIS)

 Union Building