Skip to main content
x

 

A.    Ditaba tse Itlhommeng Pele

1.    Boemo ba Naha ba Koduwa


1.1.  Mmuso wa Afrika Borwa o ne o arabele sewa sa lefatshe lohle sa Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19) ka ho phatlalatsa Boemo ba Naha ba Koduwa ka kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 2020, ho latela Molao wa Tsamaiso ya Koduwa wa selemo sa 2002 (Molao wa 57 wa selemo sa 2002). Ketso ena e ile ya nolofatsa karabelo e kopantsweng le e hokahantsweng ya ho boloka maphelo le boiphediso ba batho.

1.2.  Naha ena e bile tlasa melawana ya Boemo ba Naha ba Koduwa ya COVID-19 ho tloha ka Tlhakubele selemong sa 2020, nakong eo Afrika Borwa e neng e ngodisa diketsahalo tsa yona tsa pele tsa tshwaetso ya kokwanahloko ena. Mopresidente o phatlaladitse mehato e meng hape e reretsweng ho thusa naha ena ho kena mothathing o motjha wa taolo ya sewa sa COVID-19.

1.3.  Katoloso ya haufinyane tjena e isang Boemo ba Naha ba Koduwa letsatsing la 15 Mmesa 2022 e hlokometse tlhokeho ya ho tswela pele ho atollwa melao e sebetsang ha jwale le merero ya tshohanyetso e sebediswang ke mafapha a mmuso ho kgahlametsana le mathata a tliswang ke koduwa ena.

1.4.  Kabinete e entse boipiletso ba hore ho bebofatswe melawana ya bophelo bo botle bakeng sa taolo ya mehato ya polokeho e sa hlokeng meriana e kang ho kgweswa ha dimonkwana, tshielano e bolokehileng ya sebaka, ho kginwa ha manane bakeng sa dikopano, le dikentelo. E tla boela e re thusa ho theha mekgwa ya tshebetso ya tshohanyetso, e potlakang, hape e sebetsang hantle, e le ho bebofatsa boima ba COVID-19.

2.    Kentelo ya COVID-19

2.1.  Kabinete e hopoditse batho bohle ba ka hare ho Afrika Borwa hore ba dule ba le sedi jwalo ka ha COVID-19 e so ka e hlolwa, hape ya kopa hore batho bohle ba dilemo di 12 kapa ka hodimo ba yo fumana kentelo. Kentelo e sa ntse e le mokgwa wa rona o molemo ka ho fetisisa wa tshireletso kgahlanong le kokwanahloko ena, mme e fokotsa kotsi ya ho kula haholo, ho robatswa sepetlele le lefu.

2.2.  Le ha nakong ya jwale ditshwaetso le mafu di le tlase, re tadimane le kgonanahalo ya leqhubu la bohlano le ka bang teng bekeng tse tlang. Boitshireletso boo e leng bona feela boo re nang le bona ke bopaki ba borarsaense bo bontshang matla a diente a ho pholosa maphelo. Naha ya rona e se e fane ka diente tsa COVID-19 tse ka hodimo ho dimilione tse 33.

2.3.  Kabinete e boetse ya amohela Khouto ya Tshebetso taolong ya kgahlamelo ya COVID-19 mesebetsing e ntshitsweng ke Lefapha la Kgiro le Basebetsi. Khouto ena ya Tshebetso e ngotswe ka morao ho ditherisano tsa setjhaba tse entsweng ke Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi, mme e tla sebediswa ha Boemo ba Naha ba Koduwa bo se bo suthisitswe.

2.4.  Khouto ena ya Tshebetso e tla tataisa bahiri le basebetsi ha ba sebedisa kapa ba ntjhafatsa moralo wa tlhahlobo ya kotsi bakeng la ho notla ditshwaetso tsa COVID-19 dibakeng tsa mesebetsi. E fana ka lenane la mehato e kang kentelo, tshielano e bolokehileng ya sebaka le bohlweki ba batho molemong wa ho baballa dibaka tsa tshebetso.

3.    Seboka sa Afrika Borwa sa Matsete (SAIC)

3.1.  Kabinete e amohetse baemedi ho tswa naheng ka bophara le matjhabeng ba tlileng sebokeng sa SAIC sa bone se tla tshwarwa ka Labone la 24 Tlhakubele 2022, Johannesburg.

3.2.  Seboka sena se totobatsa menyetla e mengata ya matsete esita le boikgetho ba dinyehelo tseo Afrika Borwa e di fang batsetedi, nakong ena ya kgodiso ya ho kopanngwa ha Afrika ka morero wa Sebaka sa Kgwebo e Lokolohileng sa Kontinente ya Afrika (AfCFTA), e kgothaletsang kgwebisano ka hare ho Afrika.

3.3.  Matsete a ka hare ho naha le a dinaheng tse kantle a na le tema e kgolo kgodisong ya moruo wa rona le ho theweng ha mesebetsi e nang le mokoka. SAIC ena e potlakisa potoloho ya tshebetso ya moruo, ho fumantshwa ha batho mesebetsi le matla a bareki a theko a ka kgonang ho tshehetsa tshusumetso ya motjha wa kgolo ya naha.

3.4.  Diboka tsa rona tsa matsete tsa nako e fetileng – ha di se di kopane − di hohetse dibilione tse 774 tsa diranta tsa boitlamo ba matsete. Diprojekteng tsa matsete tse 152 tse phatlaladitsweng, tse 45 di se di phethilwe, mme tse ding hape tse 57 di ntse di tswela pele.

3.5.  Kabinete e dumela ka botlalo hore seboka sa selemo sena se tla phaella lenane la rona la boitlamo ba matseke, e le karolo ya morero wa rona wa ho hohela ditrilione tse 1.2 tsa diranta nakong ya dilemo tse hlano. 

4.    Kgahlamelo ya Kgohlano e Pakeng tsa Russia le Ukraine Moruong

4.1.  Kabinete e ntse e lohotha kgahlamelo ya kgohlano ya jwale e pakeng tsa Russia le Ukraine e tla ba moruong wa naha ena, jwalo ka ha ditlamorao tsa yona di utlwahala mebarakeng ya ditjhelete le dithekong lefatsheng ka bophara.

4.2.  Mokgwa o molemo ka ho fetisisa wa ho tshireletsa moruo wa rona le boiphediso ba batho ba rona ke ho tswela pele re phetha Morero wa Kahobotjha le Tsosoloso ya Moruo (ERRP).

4.3.  Mmuso o ikemiseditse ho sebedisa meqala yohle eo re nang le yona ho tshireletsa Maafrika Borwa ditlamoraong tsa ditjeho tsa ho iphedisa tse ntseng di nyoloha, le ho netefatsa hore moruo wa rona o emelana le dinako tsena tsa meferefere.

5.    Thekiso ya Setjhabeng ya Maqhubu a Radio a Pharaletseng a Sebediswang ke Batho ba Bangata

5.1.  Kabinete e amohetse ho phethwa ka katleho ha thekiso ya naha ya pele ya setjhabeng ya maqhubu a radio a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata ke Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahano la Afrika Borwa (ICASA). Kuno ya tjhelete e etsang dibilione tse 14.4 tsa diranta e bokeletsweng thekisong ena ya setjhabeng e tla ya bajeteng ya naha ho ya tshehetsa merero ya rona eo e leng ya sehlooho ya naha, e kenyeletsang kahobotjha ya moruo, ho thewa ha mesebetsi ena eo re e hlokang haholo, le ho lwantsha bobodu, ditlolo tsa molao le tshebediso ya dikgoka e amanang le bong le polao ya batho ba batshehadi.

5.2.  Ho fumaneha ha maqhubu a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata a eketsehileng ho tla potlakisa ho thakgolwa ha ditheknoloji tse kang 5G, ho tla fokotsa ditheko tsa datha e sebediswang ke diselefouno le ho netefatsa ho fumaneha haholo ha kgokelo ya inthanete. Ho abuwa ha dilaksense tsa maqhubu a pharaletseng a matjha ho tsamaya mmoho le ditlamo tseo ho dumellanweng ka tsona tsa ho thusa setjhaba ka ho hokela dikolo tsa mmuso, meaho ya bophelo bo botle le diteishene tsa sepolesa nakong ya dilemo tse tharo tse tlang.

6.    Letsatsi la Ditokelo tsa Botho

6.1.  Kabinete e lebohile Maafrika Borwa ohle ka ho ikamahanya le diketekelo tsa naha tsa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ka Mantaha wa la 21 Tlhakubele 2022 tlasa mokotaba ona: “Selemo sa Bonngwe ba Setjhaba: Ho Ntshetsa Pele le ho Tshireletsa Ditokelo tsa rona tsa Botho.”

6.2.  Ho ntshetsa pele ditokelo tsa botho naheng ya rona ke sepotlakisi sa kaho ya setjhaba, eo e leng tshebetso eo re tlamehang ho tswela pele re e hodisa le ho e tshireletsa ka dinako tsohle. Ka ho fapafana ha rona ha botjhaba, re ka matlafatsa bonngwe ba rona, mme ra aha setjhaba se tlamahaneng.

6.3.  Tlasa moya o tswelang pele wa ho sebetsa mmoho, nakong eo re lebang Kgweding ya Tokoloho, ka Mmesa, Kabinete e ipileditse ho Maafrika Borwa ohle ho ntjhafatsa ntwa ya rona kgahlanong le bokgwahlapa ba merabe, kgethollo ya merabe, lehloyo la melata le diketso tsohle tse amanang le yona tsa ho hloka mamellano dibakeng tsohle moo a nang le tshusumetso.

7.    Ho Hirwa ha Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa

7.1.  Kabinete e amohetse le ho thoholetsa Motlatsi wa mehleng wa Moahlodi e Moholo Raymond Zondo ka ho hirwa ha hae e le Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa, ho tloha mohla la 1 Mmesa 2022, ya ba ya mo lakaletsa katleho mosebetsing wa hae o motjha.

7.2.  Kabinete e boetse e amohetse morero wa Mopresidentse Cyril Ramaphosa wa ho thonya Moahlodi Mandisa Maya, eo e leng Mopresidente wa Lekgotla le Leholo la Boipiletso la Afrika Borwa, bakeng sa ho tlatsa sekgeo sa Motlatsi wa Moahlodi e Moholo ha nako ya sona e fihla.

8.    Taelo ya Nakwana ya Diphallelo tsa Setjhaba Rephaboliking ya Cuba

8.1.  Kabinete e hlokometse taelo ya nakwana e fanweng ke Lekgotla le Phahameng la Pretoria, e kgaotsang ho phethwa ha diphallelo tsa setjhaba tseo Afrika Borwa e neng e dumetse ho di fa Rephaboliki ya Cuba. Taba ena e tla boela e hlaha ka pele ho makgotla nakong ya matsatsi a 20, mme mmuso o tla teka ngangisano ya ona ka nako eo.

8.2.  Maqhama a setswalle sa Afrika Borwa le Cuba a fumane motheo o matla boitsekong ba tokoloho ba lebatowa la rona. Ha e ne e se ka mehato ya boitelo ba batho ba Cuba malebana le Afrika e ka Borwa nakong ya dilemo tse mashome a mararo, ho ka be ho nkile nako e telele haholo ho lokolla lebatowa lena kgatellong ya bokoloniale. Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela o utlwisisitse taba ena hantle, ke ka lebaka lena Cuba e bileng naha ya pele e kantle ho kontinente ya rona eo Madiba a ileng a e etela ka mora ho lokollwa ha hae tjhankaneng ka selemo sa 1990.

8.3.  Cuba e ile ya iketsa sehlabeho se seholo ho lwana mmoho le mekgatlo ya boitseko ya Afrika nakong eo setjhaba seo se senyenyane sa sehlekehleke se neng se hula ka thata tlasa dikotloqobello tsa moruo tsa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika tse nkileng dilemo tse 15. Mathata a moruo wa Cuba a fihleletse boemong bo sa tiisetseheng, mme Mmuso wa Cuba o hloka thuso. Mexico, Bolivia le Russia ke tse ding tsa dinaha tse nnileng tsa fana ka diphallelo tsa setjhaba ho bebofatsa mathata a moruo a mabe ka ho fetisisa dilemong tse balwang ka mashome.

8.4.  Kabinete bekeng ena e ikamahanya le ho ketekelwa ha Ntwa ya Cuito Cuanavale ya Angola e lwannweng ho tloha ka selemo sa 1987 ho fihlela ka selemo sa 1988. Cuba e ile ya phetha tema ya bohlokwahlokwa ya ho thusa hore mekgatlo ya Afrika ya tokoloho e fihlele sepheo sa yona. Ha ho ka ha ba le leruo la dintho tse bonahalang leo baahi ba Cuba ba ileng ba le fumana ka ho tla re thusa, empa kgothatso e matla ya bona e ne e le ho lwanela tokoloho ya Afrika e ka Borwa kgahlanong le mekga ya bokoloniale le ya dingangele. Mopresidente wa nako tseo Fidel Castro o ne a kgannwa ke tjantjelo ya ho tlisa diphetoho, mme a bolella balekane ba hae hore ba lwanela “morero o motle ka ho fetisisa wa batho”. Ho tloha Angola ho ya Namibia, le ho tloha Algeria ho ya Guinea Bissau, Cuba e phethile tema e tswileng matsoho ka ho ba le seabo tokolohong ya dinaha tsena tsa Afrika pusong ya bokoloniale.

8.5.  Cuba e nnile ya tswela pele ho fana ka thuso ya meriana le ya ditlhoko tse ding ho Afrika Borwa nakong ena e ka morao ho selemo sa 1994, e sa kgathale matla, haufiufi tjena nakong ya sewa sa COVID-19, mme re tlangwa ke botho hore re bontshe kutlwelwano le batho ba Cuba nakong eo jwale ba tshwaraneng le mathata a ho leka ho phela.

9.    Ketelo ya Motlotlehi Morena Letsie III

9.1.  Kabinete e tsebisitswe, mme ya amohela ketelo ya tlhompho e entsweng ke Motlotlehi Morena Letsie III wa Mmuso wa Lesotho ho Mopresidente Ramaphosa ka Labohlano la 18 Tlhakubele 2022, motsemoholo Pretoria.

9.2.    Mopresidente Ramaphosa, ka matla a hae a ho ba Mokopanyi wa Lebatowa la Ntshetsopele ya Afrika e ka Borwa Mmusong wa Lesotho, o abelane maikutlo le Motlotlehi Morena Letsie III mabapi le dikamano tsa dinaha tsena tse pedi, le tswelopele ditabeng tse amang tshebetso ya bokopanyi ka hare ho Naha ya Lesotho. Ho tshetjwa hore Basotho, tlasa bokopanyi ba Mopresidente Ramaphosa, ba tla sebetsa ka matla ho phetha tshebetso ya diphetoho pele ba tshwara dikgetho tse tlang tse akaretsang tse reretsweng ho ba ka kgwedi ya Loetse selemong sa 2022.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Seboka sa Dinaha sa ho Phetha Mehato e Amanang le Selekane sa Lekgetho sa ho Thibela Kgoholedi ya Metheo le ho Balehiswa ha Diphaello (BEPS MLI)


1.1.  Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha BEPS MLI bakeng sa ho amohelwa. Jwalo ka e nngwe ya dinaha tse 95 tse nang le seabo sebokeng sena se thonngweng ke Kopano e bakeng sa Tshebedisanommoho ya Moruo le Ntshetsopele (OECD) bakeng la ho fokotsa menyetla ya ho qojwa ha lekgetho le kgoholeho ya metheo e etswang ke dikhampani tsa matjhaba, Afrika Borwa e ile ya saena selekane sena sa lekgetho ka kgwedi ya Phuptjane selemong sa 2017. Hang feela ha selekane sena sa lekgetho se se se amohetswe, Afrika Borwa e tla se phetha e se bapisitse le ditumellano tse ding tsa lekgetho tseo e ileng ya di saena le dinaha tse ding.

1.2.  Afrika Borwa ke setho sa OECD, mme e itlamme ho sebedisana le dinaha tse ding ho thibela diphaello tsa dikhampani tse ntshuwang ka hare ho naha ka mokgwa wa bolotsana ho iswa dibakeng tsa lekgetho le tlase kapa tsa moo ho seng lekgetho.

2.    Ho Lokiswa ha Ditlwaelo tsa Selekane sa Lekgetho pakeng tsa Afrika Borwa le Kuwait

2.1.  Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Ditlwaelo tse lokisitsweng tsa Selekane sa Lekgetho tse saennweng pakeng tsa Afrika Borwa le Kuwait. Ditokiso tse entsweng selekaneng sena, tse keneng tshebetsong ka selemo sa 2006, di ile tsa etswa tsa ba tsa saenelwa ka selemo sa 2021.

2.2.  Ditlwaelo tsena tsa lekgetho di shebane le ho qojwa ha lekgetho le hulwang habedi le thibelo ya ho qojwa ha bajete malebana le lekgetho le kuno pakeng tsa dinaha tsena tse pedi.

2.3.  Kantle ho ho shebana le ho qojwa ha lekgetho, ditumellano tsena di kgothaletsa ponaletso ya lekgetho pakeng tsa dinaha.

3.    Leano le Kopantsweng la Thibelo ya Ditlolo tsa Molao le Tshebediso ya Dikgoka (ICVPS)

3.1.  Kabinete e ananetse ICVPS bakeng sa ho sebediswa. Leano lena le tla sebetsa e le sesebediswa sa ho phethwa ha Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso malebana le Polokeho le Tshireletso e ileng ya amohelwa ka selemo sa 2016. E kgothaletsa katamelo yohle ya mmuso le setjhaba twantshong ya ditlolo tsa molao le thibelo ya tshebediso ya dikgoka.

3.2.  ICVPS e entswe ka ditshiya tse sebedisanang mmoho hape tse amanang, tsona ke (1) lefapha le sebetsang hantle la toka; (2) mehato ya kapelepele ya thibelo ya ditlolo tsa molao; (3) mehato ya tshehetso ya diphofu; (4) phepelo ya ditshebeletso e sebetsang hantle le e kopantsweng; (5) polokeho ka moralo wa dibaka le (6) ho kenya letsoho ka mafolofolo ha mmuso le setjhaba. Leano lena le amohela tlhokeho ya mehato e thusanang molemong wa ho shebana le maemo a hlohleletsang ditlolo tsa molao a kang bofutsana, ho hloka tekatekano, tlhokeho ya mesebetsi, thekolohelo, bophelo bo botle le thuto.

3.3.  E kenyeletsa bohle dibakeng tsa ditoropong le tsa metseng ya mahae, ho kenyeletswa le makgotla a baetapele ba setso, jwalo ka bankakarolo. E etseditswe ditherisano ka botlalo le didikadikwe tsohle tsa mmuso, kgwebo, mekgatlo ya diphuputso le mekgatlo ya setjhaba. Leano lena le ananetsweng le suthisa Leano la jwale la Naha la Thibelo ya Ditlolo tsa Molao.

4.    Leano la Naha ya Afrika Borwa la Matsete (CIS)

4.1.  Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha CIS bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le batla ho beha naha ena maemong a hodimo a ho ba sebaka sa bohlokwa se hohelang boramatsete kontinenteng ya Afrika ka ho phahamisa matsete a boleng bo hodimo a dinaha tsa matjhaba le a etswang ka kotloloho ka hare ho naha.

4.2.  Leano lena le tsitsisitswe hodima makala a naha a merero e ka sehloohong ya matsete le ntshetsopele a kang a (1) ditjhelete, inshorense, thekiso ya matlo le ditshebeletso tsa kgwebo; (ii) dipalangwang le ho thothwa ha thepa, (iii) tlhahiso; (iv) merafo le dikwari, (v) motlakase; kgase le metsi, le (vi) temo le lekalana la moruo la tshebetso ya dihlahiswa tsa temo.

4.3.  E fana ka mekgwa ya ho tsetela e hohellang dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng morerong wa kgodiso ya moruo. Leano lena le boetse le nka malebela ditumellanong tse ngata tse entsweng boemong ba matjhaba, ba lebatowa le ditumellanong tse dipakeng tsa dinaha tseo Afrika Borwa e di saenetseng.

4.4.  Leano lena le amahantswe le merero ya Moralo wa Naha wa Ntshetsopele, ERRP, Leano le Tolokilweng Botjha la Diindasteri le Moralo o sa tswa amohelwa wa Naha wa Metheo ya Tshebetso ya Moruo wa selemo sa 2050.

4.5.    Diprovinse tsa rona tse robong le meruo ya sehlooho metseng ya bommasepala ba tsona ba robedi ba diteropokgolo, di bohlokwa phethahatsong ya leano lena, le tla ba tokomane e nang le boleng e tla ba le bokgoni ba hore e nne e fetofetolwe ho latela tikoloho e fetofetohang ya moruo.

5.    Moralo o Lekotsweng Botjha wa Naha wa Mefutafuta ya Dintho tse Phelang (NBF)

5.1.  Kabinete e ananetse NBF bakeng sa ho sebediswa. NBF, eo Kabinete e neng e e ananele bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka kgwedi ya Pudungwana selemong sa 2020, e ne e ile ya etswa ho latela Taolo ya Naha ya Tikoloho: Molao wa Mefutafuta ya Dintho tse Phelang wa selemo sa 2004 (Molao wa 10 wa selemo sa 2004). E lokisetsa katamelo e kopantsweng, e hokahantsweng le e tshwanang ya taolo ya dintho tse fapafapaneng tse phelang ke mafapha ohle a mmuso, mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO), lekala la poraefete le setjhaba.

5.2.  Ka selemo sa 2018, Setsi sa Afrika Borwa sa Naha sa Dintho tse Fapafapaneng tse Phelang se ile sa etsa tlhahlobo e matla ya borasaense ya boemo ba dintho tse fapafapaneng tse phelang le tikoloho ka hara Afrika Borwa. Moralo wa tshebetso o lekotsweng botjha wa lekala la NBF o shebane le ditshoso tse hlahisitsweng ke tlhahlobo ena.

5.3.  Moralo ona o lekotsweng botjha o ile wa etsetswa ditherisano le didikadikwe tsohle tsa mmuso; dikhampani tsa mmuso (di-SOE), mekgatlo ya paballo ya tlholeho; di-NGO le baahi ba dibaka tse amehang. Ho sebediswa ha NBF ena ho tataiswa ke Leano le amohetsweng la Naha la Dintho tse Fapafapanneng tse Phelang le Moralo wa Tshebetso (wa dilemo tsa 2015-2025). Afrika Borwa ke setho se jarang boikarabelo sa Seboka sa Dinaha tse Kopaneng tsa Lefatshe se malebana le tlhokomelo ya Dintho tse Fapafapaneng tse Phelang, e ntshetsang pele paballo ya bophelo ba dintho tse fapafapaneng tse phelang, tshebediso e nang le mokoka ya dikarolo tsa tsona, le kabelano e hlokang leeme, hape e nang le tekatekano ya ditholwana tse fumanehang mehloding ya diphatsa tsa lefutso.

6.    Moralo wa Tokomane ya Moralo wa Naha wa Ntshetsopele ya Dibaka tsa Bodulo (NSDF)

6.1.  Kabinete e ananetse moralo wa NSDF bakeng sa ho sebediswa. E ile ya etswa ho ikamahantswe le Molao wa Moralo wa Dibaka tsa Bodulo le Taolo ya Tshebediso ya Mobu, molao wa 2013 (Molao wa 16 wa selemo sa 2013), mme ya ananelwa bakeng sa ditherisano tsa setjhaba ka selemo sa 2019. Diphehiso di ile tsa amohelwa ho tswa ho bankakarolo ba fapafapaneng, ho kenyeletswa le mekgatlo ya ditsebi, didikadikwe tsohle tsa mmuso, di-SOE le ditho tsa setjhaba.

6.2.  Moralo ona o batla ho sebetsana le ho fediswa ha maano a kabo ya dibaka tsa bodulo a mebuso ya bokoloniale le ya kgethollo ka mokgwa o makgethe le o hokahantsweng hantle. O lokisetsa katamelo ya nako e telele e tsepamisitseng maikutlo ntshetsopeleng ya dibaka tsa bodulo, e tla fihlella moralong le tshebetsong ya taolo ya tshebediso ya mobu. Tokomane ena e tla fumaneha webosaeteng ya Lefapha la Temo, Diphetoho tsa Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae (www.dalrrd.gov.za).

7.    Leano la Taolo ya Boitsebiso ba Semolao

7.1.  Kabinete e ananetse Leano la Taolo ya Boitsebiso ba Semolao, ka morao ho ditherisano tsa setjhaba tse ileng tsa tshwarwa ka selemo sa 2021. Leano lena le suthisa Molao wa jwale wa Boitsebiso wa selemo sa 1997 (Molao wa 68 wa selemo sa 1997), o thehang Rejistara ya Naha ya Setjhaba (NPR), o boetseng hape o totobatsa tema ya yona direkotong tse tlamehang ho ngolwa ho yona. Molao ona ha o a amahanngwa le metheo ya molaotheo ya tekatekano, ho se kgetholle le seriti sa botho.

7.2.  Leano lena le amohetsweng le sisinya hore ho be le NPR e le nngwe ya digithale bakeng sa batho bohle – ho sa natsehe boemo ba boahi le ba bong – ba phelang kapa ba phetseng Afrika Borwa. Hape le lokisetsa hore ho be le Sistimi ya Naha ya Boitsebiso (NIS) e sebedisang kgatiso ya menwana, e tla thusa hore ho bonahale motho a le mong ka nako. NIS ena e tla boela e kgona ho hokelana le disistimi tse ding tsa boitsebiso tsa mmuso le tsa poraefete.

7.3.  Leano lena le tla boela le netefatsa tshireletso ya ditokelo tsa ditho tsa setjhaba sa LGBTIQA.

8.    Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso Malebana le Manyalo Afrika Borwa

8.1.  Kabinete e ananetse Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso malebana le Manyalo Afrika Borwa bakeng sa tshebediso. Tokomane ena ya Ntlhakemo e arabela dikahlolo tse ngata tse entsweng ke makgotla a dinyewe tse ileng tsa fumana dikarolo tse itseng tsa melao ya jwale ya manyalo di sa ikamahanye le molaotheo wa naha. E amahantse manyalo ohle hore a tle a phethahatswe ho ikamahantswe le metheo ya tekatekano, ho se kgetholle le seriti sa botho, jwalo ka ha ho hlakisitswe Molaong wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996.

8.2.  Tokomane ena e ananetsweng ya Ntlhakemo ya Mmuso e tla dumella Maafrika Borwa ohle le badudi ba ditshekamelo tsohle tsa bong, ditumelo le ditso tsohle ho kena manyalong a molaong ho ikamahantswe le metheo ya molaotheo. Ntlhakemo ena ya Mmuso e fana ka lenane la dikopano tse ding tse sa amohelehang tse kang manyalo a bana le tse ding tse phethwang motho wa bobedi a amehang a le siyo.

9.    Leano la ho Thibela Tiehiso Madibohong (OSBP)

9.1.  Kabinete e ananetse OSBP mmoho le leano la yona ya tshebediso. Leano lena le batla ho tlosa mekgwa ya tshebetso e sitisang ho tsamaya ha batho le tsamaiso ya thepa pakeng tsa madiboho a Afrika Borwa le dinaha tsa boahisani. E kenya tshebetsong Moralo wa ho Thibela Tiehiso Madibohong o neng o dumelwe ke Kabinete ka selemo sa 2018.

9.2.  Tshebediso ya leano lena e tla fokotsa tshubuhlellano ya jwale madibohong a rona bakeng la baeti ba tshelang meedi le bahwebi. Mehato ena e boetse e le ya bohlokwa matsapeng a naha a ho sebedisa ka katleho tumellano ya AfCFTA.

9.3.  Ha leano lena le se le amahantswe le melao e amehang mmoho le dintlafatso tsa metheo ya tshebetso ya moruo, re dumela hore tshebetso ya ho fetiswa ha thepa, dikoloi le batho e tla etswa ka mokgwa o hlokang makukuno le o potlakileng.

10.    Ho Tshwarwa ha Nakwana ha Khomishene ya Mopresidente ya Boemo ba Lehodimo

10.1.  Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha Khomishene ya Mopresidente ya Boemo ba Lehodimo ke Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (Nedlac), e le mosebetsi oo Nedlac e o filweng ha nakwana. Nedlac e tla tshwara khomishene ka ofisi ya yona ya dinako tsohle nakong ya dilemo tse pedi kapa ka tlase, e le ho dumella ho pasiswa ha Molao wa Diphetoho tsa Boemo ba Lehodimo.

10.2.  Nako ena e tla boetse e thusa khomishene – ka tshebetsommoho le Lefapha la Meru, Botshwasi le Tikoloho – ho phetha diphuputso tsa kgonahalo le tokomane e fupereng mabaka a projekte ena malebana le ho thewa ha ka moso ha khomishene ho latela ditshisinyo tsa Bili ya Diphetoho tsa Boemo ba Lehodimo.

11.    Tokomane ya Moralo wa Ntlhakemo ya Mmuso Malebana le Leano la Naha la Ditshebeletso tsa Diterene

11.1.  Kabinete e ananetse tokomane ya moralo wa Ntlhakemo ya Mmuso malebana le Leano la Naha la Ditshebeletso tsa Diterene. Leano lena le tla tataisa ho thewa ha tshebetso e sebetsang hantle ya dipalangwang e tla kgona ho emelana le tlhodisano ka hare ho naha esita le matjhabeng.

11.2.  Leano lena le sisinya mehato e tsepamisang maikutlo e tla kgothaletsa ho jalwa ha matsete ditshebeletsong tsa ho thothwa ha thepa le tsa bapalami. E tla boetse e ntlafatsa ho fihlelleha ha dibaka tsa mahaeng, e be e eketse bokgoni ba ho tsamaya molemong wa ho ntshetsa pele kgolo ya moruo. E tla boetse e ba le seabo se seholo phokotsong ya tlhahiso ya naha ya dikgase tse tshilafatsang sepakapaka jwalo ka ha e sisinya ditheknoloji tse ikgethang tsa ditshebeletso tsa diterene ha ho ntlafatswa disebediswa tsa ditshebeletso tsa diterene. 

11.3.  Leano lena le tla hlahella setjhabeng hang ha Lefapha la Dipalangwang le se le le phatlaladitse Lesedinyanneng la Mmuso.

C.    Bili 

1.    Bili ya Lekgotla le Ikemetseng la Meedi ya Bommasepala (IMDA) ya Selemo sa 2022


1.1.  Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili ya IMDA ya selemo sa 2022 bakeng sa ho ntshetswa pele. Bili ena e ile ya phatlaletswa ditshwaelo tsa setjhaba ka kgwedi ya Phuptjane selemong sa 2020, mme dipuisano tse ileng tsa latela tsa ho tshohla ditshwaelo di ile tsa amohelwa ho tswa setjhabeng.

1.2.  Bili ena e fana ka melawana ya tsamaiso ya IMDA. Ditshisinyo tsa yona di kenyeletsa ho hlakiswa ha dipehelo tsa ditho tsa Boto le hore ditho di tshwanela ho sebetsa mosebetsi wa nakwana, kantle ho Modulasetulo yena ya ka sebetsang ka dinako tsohle. E boetse e tataisa IMDA tshebetsong e lebisang ho theweng ha meedi.

D.    Ketsahalo e Tlang

1.    Ketelo ya Botjhabela bo Mahareng


1.1.    Mopresidente Ramaphosa o tla etella pele boemedi ba Matona ho ya sebokeng sa World Expo Dubai se tla tshwarelwa United Arab Emirates ka Mantaha wa 28 Tlhakubele 2022. Afrika Borwa, e ilo emelwa ke letshwelehadi, e tla ba le seabo dipontshong tsena ka ho bapatsa mafa a nonneng a naha le menyetla ya matsete.

E.    Melaetsa

1.    Dithoholetso


Kabinete e thoholeditse le ho lakaletsa katleho: 

- sehlopha sa Afrika Borwa sa kirikete ya basadi, ka ho tumisa Afrika Borwa dipapading tsa Mohope wa Lefatshe wa Kirikete ya Basadi tse tshwaretsweng New Zealand. Sehlopha sena se ile sa hlola England, eo e leng Mmampodi wa jwale wa Lefatshe, papading ya sona ya boraro, hape, ho fihlela jwale, se kgonne ho hapa tlholo dipapading tse nne tlhodisanong ena.

2.    Matshediso

- Kabinete e ikamahantse le Mopresidente Ramaphosa ho fetisa matshediso a yang mmusong le bathong ba Rephaboliki ya Zambia ka morao ho lefu la Mopresidente wa bona wa mehleng Rupiah Bwezani Banda (ya dilemo di 85).

 Kabinete e tshedisitse malapa le metswalle ya: 

- Ntate Michael Spicer (ya dilemo di 68), Mohlanka ya ka Sehloohong wa mehleng wa Lekgotla la Phethahatso (CEO), wa Business Leadership South Africa, ya bileng le tema e matla mosebetsing wa ho theha dikamano tse matla pakeng tsa sedikadikwe sa kgwebo le mmuso.

- Ntate Luzuko Koti (ya dilemo di 47), Motsamaisi wa mehleng wa Dikgokahano le Mebaraka wa Nelson Mandela Foundation le Molaodi wa Kgwebo wa Channel Afrika.

- Ntate Sheik Abdul Gamiet Gabier (ya dilemo di 86), Mopresidente wa Nako Tsohle wa Muslim Judicial Council of South Africa, eo e neng e le morutehi ya tummeng, moitseki wa setjhaba hape le pulamadiboho ya Al-Azhar Institute, Motsekapa.
 

F.    Kgiro 

Pele batho bohle ba ka hirwa, ho netefatswa mangolo a thuto le ditokollo tsohle tse tshwanelang.

1.    Ditho tsa Boto tseo e seng tsa Lekgotla la Phethahatso tsa Koporasi ya Naha ya Ditjhelete tsa Kaho ya Matlo a Bodulo: 

(a)   Ntate Luthando Vutula; 
(b)   Ntate Thembinkosi Bonakele;
(c)   Mme Seithati Bolimpobo;
(d)   Mme Thembisile Chiliza;
(e)   Mme Palesa Kadi; 
(f)    Mme Philisiwe Mthethwa;
(g)   Ntate Thulani Mabaso;
(h)   Ntate Paul Heeger;
(i)    Ntate Velile Cecil Dube;
(j)    Mme Tshepiso Kobile; le
(k)   Mme Ayesha Seedat.

2.    Ntate Lwazi Mboyi, jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Cross-Border Road Transport Agency.
3.    Mme Nozipho Mdawe, jwalo ka CEO ya Ditshebeletso tsa Difofane le Dikepe.
4.    Mme Tshepo Kgare, jwalo ka CEO ya Lekgotla la Taolo ya Polokeho Ditereneng. 
5.    Ntate Brenton Van Vrede, jwalo ka Molaodi wa Lekgotla la Phethahatso: Taolo ya Ditshebetso tsa Diphallelo, Lekaleng la Afrika Borwa la Tshireletso ya Setjhaba (SASSA).

Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebuedi sa Kabinete 
Selefouno: 083 501 0139

 Union Building