Skip to main content
x

A.    Ditaba tse Itlhommeng Pele

1.    Taolo ya Dikoduwa Kamora Dikgohola 

1.1.    Kabinete e lebisitse matshediso bathong bohle ba lahlehetsweng ke beng ka bona dikgoholeng tsa morao tse mpe tse ileng tsa hlasela dibaka tse ngata tsa naha ya rona, haholoholo KwaZulu-Natal. 

1.2.    Sepheo ka tsebahatso ya Maemo a Dikoduwa a Naha le dithuso tsa boiphediso tse sa tswa tsebahatswa ke Presidente Cyril Ramaphosa e ne e le ho netefatsa karabelo e atlehileng le e hlophisehileng makaleng ohle a mmuso, ka Setsi sa Taolo ya Naha ya Dikoduwa.

1.3.    Biliyone ya diranta eo mmuso o e ntshitseng e sebedisetswa ho tshehetsa maiteko a dithuso le ho iphumana, ho kgutlisa ditshebeletso tsa motheo le ho phallela ba hlokang ka ho ba thusa ka dijo, metsi, botshabelo, tsa bohlweki le diaparo.

1.4.    Motjha wa ho aha botjha dibaka tse amehileng o se o qadile mme le batho ba naha ya rona ba kopane ka maikemisetso a ho thusa ba lahlehetsweng ke bodulo le thepa ya bona. 

2.    Tlhahisoleseding ka Lefu laCoronavirus (COVID-19) 

2.1.    Kabinete e kgathatsehile ka ho eketseha ha morao tjena ha ditshwaetso tsa COVID-19 dikarolong tse ding tsa naha mme e ipileditse ho bohle ho nka mehato ya ho itshireletsa kgahlano le vaerase ena e kotsi, haholoholo mariha tjena. 

2.2.    Vaerase ena e ntse e le kotsi mme ho enta e ntse e le sebetsa se bohlokwa haholo seo re ka itshireletsang ka sona. Kabinete e thabiswa ke hore batho ba bangata ba ntse ba kgetha ho enta e le tshireletso ya bona ya pele kgahlano le COVID-19 kamora hore dipalopalo tsa morao di bontshe hore batho ba baholo ba fetang dipersente tse mashome a mahlano ba se ba entile diprovenseng tse hlano. 

2.3.    Kabinete e ipiletsa ho ba so ente ho enta molemong wa ho itshireletsa le beng ka bona. Bohle re lokela ho tswela pele le ho ikamahanya le melao ya ho itshireletsa ho COVID-19, e kenyeletsang ho rwala semonkwana se kwahelang nko le molomo, ho hlapa matsoho ka metsi le sesepa, kapa ho sebedisa sehlwekisi se nang le alcohol e ballwang dipersenteng tse 70, le ho arohana le ba bang ka bonnyane mitara. 

3.    Thuso e Imollang Nakong ya Mathata (SRD) 

3.1.    Kabinete e kgothaleditse baahi ba fumanang R350 ya SRDGrant ho etsa dikopo hape, kamora hore ho kenngwe tshebetsong melawana e metjha e laolang dikopo le ho lokela ha batho ho fumana dithuso.

3.2.    Dikopo di ka etswa websaeteng ya Setheo sa Dithuso tsa Setjhaba sa Afrika Borwa (SASSA) e leng:https://srd.sassa.gov.za/.Mokgwatshebetso wa dikopo o butswe ka la 23 Mmesa 2022 mme o etswa inthaneteng molemong wa ho potlakisa katleho ya ona. 

3.3.    Thuso ena ya ho imolla e bohlokwa haholo malapeng a hlokang le a ka sulafallwang ke maphelo ka lebaka la bofuma le ho hloka mesebetsi. Mmuso o ikemiseditse ho fana ka dithuso tsa setjhaba hoba hlokang haholo ba kgone ho fumana tseo ba di hlokang tsa motheo. 

4.    Polokeho le Tshireletseho

4.1.    Kabinete e tswella le ho nyatsa ho bolawa ka sehloho ha basadi mme e ananetse karabelo e potlakileng ya mapolesa ha a tshwara babelaellwa polaong ya Mofumahatsana Hillary Gardee (28), waKamaguguMpumalanga. Kabinete e boetse e nyatsitse ho bolawa ha batho ba tsheletseng Khayelitsha, Motsekapa. Dipolao tsena tse sehloho di re hopotsa hore re lokela ho sebetsa ka matla re le setjhaba ho fedisa dikgoka le dikgoka tsa bong le polao ya basadi (GBVF). 

4.2.    Kabinete e ipileditse ho bohle naheng ena ho sebetsa mmoho le mmuso ntweng kgahlano le bosenyi le GBVF. Mmoho re ka netefatsa hore metse le diterata tsa rona di bolokehile bakeng sa batho bohle, ho kenyeletsa maqheku, basadi le bana. 

5.    Moruo

5.1.    Kabinete e ananetse ho bulwa semmuso ha feme ya ho etsa ditene ya Kwastina ya Corobrik, Driefontein,Gauteng ke Presidente Ramaphosa ka Laboraro la la 4 Motsheanong 2022. Feme ena ya maemo a phahameng haholo ke karolo ya matsete a diranta tse dimiliyone tse 800, a tsamayang mmoho le diranta tse ding tse dimiliyone tse 200 tse behetsweng ho atolosa feme ya Corobrik ya konkreiti KwaZulu-Natal.Corobrik ke e nngwe ya dikgwebo tsa mona tse ileng tsa utlwa boipiletso ba Presidente Ramaphosa ba hore dikgwebo tsa Afrika Borwa le tsa matjhaba di tsetele moruong wa naha ena.

5.2.    Kabinete e elelletswe hore moruo o fokolang wahydrogen o matlafaditswe kamora ho thakgolwa ha lori e sebedisang hydrogen ke Anglo American. Lori ena e neng e sebedisa diesel mme ya fetolelwa tshebedisong ya hydrogen le e sebedisang le dibetri tsa lithium-ion keya pele lefatsheng. Moruo wahydrogen o hlwauwe e le lewa le pele moruong wa naha ya rona o lwantshang tshenyo ya tikoloho, mme moruo ona o tla ntshetsa pele kgolo moruong o thuse le ho thehweng ha mesebetsi. 

5.3.    Kabinetee boetse e ananetse matsete a mang moruong wa rona ka khampani ya dijo ya Ireland, The Kerry Group, e butseng feme ya diranta tse dimiliyone tse 650, Hammarsdale,KwaZulu-Natal, eo sepheo ka yona e leng ho hlahisa dijo ho ya ho ile kontinenteng. Feme ena ke e ikgethang hobane e na le dikarolo tsa moshwelella tse kenyeletsang disebediswa tsa eneji e nyenyane, tlhahiso ya matla a letsatsi ho fokotsa tshebediso ya motlakase wa keriti ya naha ena, mokgwa wa paballo ya eneji, le wa paballo ya metsi, tshebediso ya ona hape le mokgwa wa ho fokotsa tshebediso ya ona. The Kerry Group e fihlile Afrika Borwa ka 2011, mme matsete a yona amang ke letshwao la hore Afrika Borwa e ntse e ratelwa matsete.

5.4.    Matsete ana a tla kamora ho thakgolwa ha vene ena ya Isuzu D-Max e hlahisitsweng naheng, Gqeberha, Kapa Botjhabela kgweding e fetileng. Koloi ena ya D-MAX ya mehleng ena e bontsha boinehelo ba Isuzu naheng ena mmeke e nngwe ya dikatleho tse fihletsweng tlasa Lenaneo la Ntshetsopele ya Tlhahiso ya Makoloi (APDP). APDP ke mokgwatshebetso wa kgothatso wa tlhahiso bakeng sa indasteri ya makoloi oo sepheo ka ona e leng ho phahamisa tlhahiso indastering e boletsweng ya makoloi, ho phahamisa bolengindastering mme ka tsela ena ho thehwe mesebetsi makaleng ohle a amanang le tlhahiso ya makoloi.Kediranta tse dibiliyone tse batlang di eba 2,8 tse tla etswa ka tlhahiso ya mona nakong ya tshebetso ya APDP. Matsete a tla thusa ho theha mesebetsi e fetang 1000 ka palo ka kotloloho femeng, le e meng ya tlatsetso e hirang batho ba 24 000, mme sena se tla kenya letsoho matlafatsong ya baahi lebatoweng.

6.    Seboka sa tsa Merafo

6.1.    Investing in African Mining Indaba 2022 e neng e tshwaretswe Cape Town International Convention Centreho tloha ka la 9 ho ya ho la 12 Motsheanong 2022, ke le leng la mapatlelo a maholo a ho bontshana le tshebedisano pakeng tsa ba amehang indastering ya merafo. Mookotaba wa ketsahalo ena e ne e le: “Ntshetsopele ho tsa Merafo Afrika: Matsete Diphetohong ho tsa Eneji, ESG, leMeruo”.

6.2.    Kabinete e na le tshepo ya hore Seboka sa tsa Merafo se tla thusa ho pepesa le ho phahamisa Afrika Borwa jwaloka naha e ka kgahlang batsetedi. 

6.3.    Afrika Borwa e amohela matsete naheng ya rona mme e inehetse ho theheng maemo a loketseng kgolo e kenyeletsang bohle le diphetoho moruong. 

7.    Dikamano le Dinaha tsa Matjhaba le tsa Mabatowa
 
7.1.    Kabinete e boetse e ananetse ditherisano tsa morao tjena tsa Presidente Ramaphosa le Presidente Joe Biden wa Amerika, Presidente Emmanuel Macron wa France le Presidente Hakainde Hichilema wa Zambia mapatlelong a fapaneng.

7.2.    Dipuisano tsena di nehile Presidente monyetla wa ho tiisa maqhama le tshebedisano pakeng tsa Afrika Borwa le dinaha tse ding ditabeng tsa bohlokwa boemong ba mabatowa le matjhaba, ho kenyeletsa ho fumana tharollo ya kgotso ntweng ya Ukraine. 

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Dipuo tsa Ditekanyetso tsa Ditjhelete

1.1.    Kabinete e ipiletsa ho baahi bohle ho mamela Dipuo tsa Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa mafapha a naha a mmuso le puo ya lefapha la Bopresidente molemong wa hore ba behe mmuso leihlo. 

1.2.    Ha ho tekwa Dipuo tsa Ditekanyetso, mafapha ohle a fana ka dintlha tse felletseng tsa merero le tsa bohlokwa tseo a ikemiseditseng ho di phetha selemong. Sepheo ka Dipuo tsa Ditekanyetso ke ho netefatsa hore ditjhelete tsa setjhaba di sebediswa hantle ho thusa setjhaba ka tseo di se hlokang.

1.3.    Dipuo tsa ditekanyetso di boetse ke monyetla wa hore Matona a hlalose haholwanyane ka mosebetsi wa mmuso, ho kenyeletsa dikatleho le diphephetso tseo o tobanang le tsona.

2.    Lewa la Qalo ya Tshebediso ya Kgase ya Mafura (LPG) 

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Lewa la Qalo ya Tshebediso ya LPG, le phatlaladitsweng hore setjhaba se ntshe maikutlo ka lona ka Tlhakubele 2022. Sepheo ka lewa ke ho atolosa indasteri ya kgase ya mafura naheng. LPG e tla ba le seabo se molemo phapanong ya mehlodi ya eneji. 

2.2.    Hara tse ding lewa le tla laola theko makaleng a fapaneng a tlhahiso le ho tshehetsa tlhahiso ya meqomo ya LPG naheng ena. Le tla boela le rute setjhaba ka melemo ya ho sebedisa LPG jwaloka mofuta o mong wa eneji. 

2.3.    Le tla fumaneha kamora hore le phatlalatswe ke Lefapha la Diminerale le Eneji howww.dmr.gov.za.

3.    Moralotshebetso wa Batho ba sa Itekanelang wa Lewa wa Naha o Mabapi le Matsholo a ho Hlokomedisa ka Ditokelo tsa ba sa Itekanelang

3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Moralotshebetso wa Batho ba sa Itekanelang wa Lewa wa Naha o mabapi le Matsholo a ho Hlokomedisa ka Ditokelo tsa ba sa Itekanelang. Moralotshebetso o tla tataisa lekala la poraefete le la setjhaba hore a netefatse ho sireletswa ha ditokelo tsa basa itekanelang, jwalokaha di sireleditswe le Molaong wa Motheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. 

3.2.    Moralotshebetso o nehelana kadisebediswa tse tla thusa ho tlosa kgethollo e thibelang ho nkuwa ha diqeto, haholoholo tse amanang le batho basa itekanelang. O boetse o lemosa batho ba sa itekanelang hore ba tsebe ditokelo tsa bona jwalokaha di sireleditswe ke Molao wa Motheo.Moralotshebetso o boetse o fana ka thupelo, o hlokomedise mehloding ya ditaba le setjhabeng ka ditokelo tsa batho basa itekanelang. 

3.3.    O thusa ho kenngweng tshebetsong ha Tokomane ya Tataiso ya Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang.Afrika Borwa e saenne Tumellano ya Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Ditokelo tsa Batho basa Itekanelang mmoho le Tokomaneya Matjhaba a Kopaneng (UN) yaLekgotla la Tumellano la Ditokelo tsa Botho le Batho Afrika e mabapi le Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang (e leng Tokomane ya Tumellano ya Ditokelo tsa basa Itekanelang Afrika).

3.4.    Ho bontshanwe le bohle ba amehang, ho kenyeletsa Ntshetsopele ya Moruo ya Naha le Lekgotlala Basebetsi. 

4.    Seboka sa Lefatshe Metseng ya Mahae sa Tsamaiso ya Lefatshe le Tokelo ya Lefatshe

4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tshwarwa ha Seboka saMetse ya Mahae sa Tsamaiso ya Lefatshe le Tokelo ya Lefatshe ka Labohlano la la 27 le ka Moqebelo wa la 28 Motsheanong 2022, Gauteng. 

4.2.    Kabinete e tjhaetse monwana Tlaleho ya Maikutlo ka Seboka saMetseng ya Mahae sa Tsamaiso ya Lefatshe le Tokelo ya Lefatshe ka Tlhakubele 2021. Kabinete e laetse hore ho be le dipontshano tse ding lebohle ba amehang. 

4.3.    Seboka ke sehlohlolo sa mosebetsi o entsweng ngwahola, o ileng wa nonya maikutlo a ba fapaneng ba amehang. 

C.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Seboka sa Bohlano sa Lefatshe sa Phediso ya Mosebetsi wa Bana

1.1.    Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa Bohlano sa Lefatshe sa Phediso ya Mosebetsi wa Bana, Durban International Convention Centre, KwaZulu-Natal ho tloha ka Sontaha sa la 15 ho ya ho Labohlano la la 20 Motsheanong 2022. Ke lekgetlo la pele Mokgatlo wa Lefatshe wa Basebetsi (ILO) o tshwarela seboka sena Afrika. 

1.2.    Baetapele ba Dinaha, matona a 120, baemedi ba dikarolo tse tharo tsa dinaha tse 187 tseo e leng ditho tsa ILO, makgotla a Mokgatlo wa Matjhaba, ditheo tsa thuto e phahameng, mekgatlo ya baahi, mekgatlo eo eseng ya mmuso le mehlodi ya ditaba ba lebelletswe ho ba sebokeng sena. 

1.3.    Seboka se tla boela se nehe Afrika Borwa monyetla wa ho beha ka pele Molao wa Motheo wa naha jwalokaha o sireletsa ditokelo tsa bana. Naha e tla bontshana le dinaha tse ding tse itlhommeng pele phedisong ya mosebetsi wa bana mme e ithute ho tsona.

2.    Imbizo ya Presidente ya Mokgwa wa Ntshetsopele ya Ditereke (DDM) 

2.1.    Presidente Ramaphosa o tla ba le Imbizo ya Mokgwa wa Ntshetsopele ya Ditereke Mpumalanga ka Labohlano la la 20 Motsheanong 2022 tlasa mookotaba: “Ha re siye motho morao”. Jwaloka mokgwa wa bohlokwa wa ho ba le seabo ha setjhaba, Imbizo e fa Presidente monyetla wa ho buisana le ba amehang ba fapaneng ka ho otloloha – haholoholo batho ba metseng ya mahae – le ho mamela mathata a bona ka sepheo sa ho buisana le bona ka ona. 

2.2.    Sepheo ka Imbizo ya Presidente ya Mokgwa wa Ntshetsopele ya Ditereke ke ho lwantsha tse sitisang phumantsho e momahaneng ya ditshebeletso le ho kgothaletsa seabo sa baahi ho ikamahantswe le Mokgwa wa Ntshetsopele ya Ditereke. 

2.3.    Maafrika Borwa a ka latela le ho ba leseabo dipuisanong kaho kena diwebsaeteng tsa ho etsa setswalle tlasa #PresidentialImbizo.

3.    Kgwedi ya Afrika

3.1.    Ho ketekwa ha selemo le selemo ha Kgwedi ya Afrika le Letsatsi la Afrika ka Laboraro lala 25 Motsheanong ho tla ba le mookotaba oo e leng: “Selemo sa Phepo e Nepahetseng: Matlafatso ya Phepo e Nepahetseng le ya dijo tse lekaneng bohle kontinenteng ya Afrika”. 

3.2.    Jwaloka karolo ya ponelopele ya nako e telele e ho Agenda 2063 (eo e leng leano la ntshetsopele la Afrika la ho fihlella ntshetsopele ya tsa bophelo e kenyeletsang bohle le ya moshwelella ya dilemo tse fetang tse mashome a mahlano), mookotaba ona o tsepame bokgoning ba batho ba Afrika mme ho tsepamisitswe maikutlo haholo basading, batjheng le baneng. Sena se bohlokwa haholo bakeng sa ntshetsopele hobane se lebisa maphelong a ntlafetseng bakeng sa motho ka mong, se lebise le meputsong e hodimo le kunong e hodimo bakeng sa dinaha. 

3.3.    Ntlha e ka sehloohong meketeng ya Kgwedi ya Afrika ke Beke ya Dikgokahano ya Afrika, e tla ketekwa Constitutional Hill, Johannesburg ho tloha ka la 23 ho ya ho la 27 Motsheanong 2022. 

3.4.    Kgwedi ya Afrika ke monyetla wa ho phahamisa kopano ya Afrika le momahano e tebileng ya lebatowa, le ho inehela botjha ha Afrika bokamosong bo le bong. Kabinete e hopotsa bohle hore ditabatabelo tsa rona tsa naha di amana haholo le botsitso, kopano le tswelopele ya Afrika. 

D.    Melaetsa

1.    Matshediso

Kabinete e lebisitse matshediso malapeng le metswalleng ya bana: 

- MmePhindile Xaba(53),ya sebeditseng nako e telele le ka bokgabane indastering ya ditaba, Afrika Borwa le mose.O sebeleditse ntlafalo ya naha ena ka boitelo.

- LenqosaSilumkoSokupa(74),ya sebeleditseng Lekgotla la Tshireletseho ya Mmuso maemong a fapaneng, nako e telele a sebetsa ka bokgabane Tshebeletsong ya Mmuso. 

- Profesa Francis Wilson(83), setsebi sa moruo se ipabotseng, le mothehi wa Lekala la Diphuputso la tsa Basebetsi le Ntshetsopele Lebatoweng le Borwa ba Afrika.

E.    Khiro

Ho tlameha hore ho netefatswe mangolo a thuto a ba hirwang mme ho netefatswe le hore ba ha ba eso ka ba tlola molao. 

1.    Ngaka Kesavan Naidoo jwaloka Motlatsa-Molaodi-Kakaretso (DDG): Ntshetsopele ya Makgabane Ditheong, Lefapheng la Puso ya Kopanelo (DCoG).
2.    Monghadi Siphosihle Emmanuel Hlomukajwaloka DDG: Botsamaisi ba Tshehetso le Dithuso Mebusong ya Lehae,DCoG. 
3.    Monghadi Risimati Patrick Mathyejwaloka DDG: Botsamaisi ba Ditshebeletso tsa Metsi le Bohlweki (DWS). 
4.    MonghadiCollin Xolani Zwane jwaloka DDG: Taolo, Tumellano le Phethahatso,DWS.
5.    MonghadiMelanchton Makobe jwaloka DDG:Ditshebeletso tsa Molao le Peholeihlo ya Tshebetso Pusong, Dikgwebong tsa Mmuso,Lefapheng la Dikgwebo tsa Mmuso. 

F.    Kabinete e dumellane le Matona ka ho hirwa ha ba latelang:

1.    MonghadiBhekuyise Mathews Khenisajwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso(CEO)Lekgotleng la Ntshetsopele ya Phumantsho ya Bodulo (HDA).
2.    Mme Joy KelediMasemolajwaloka Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete, HDA.
3.    Ngaka Cornelius Ruiters jwalokaCEO ya Lepelle Northern Water.
4.    Ditho tsa Lekgotla la Tumellano ya Lekala la Meru:

(a)    MmeNelly Ndlovu (Modulasetulo);
(b)    MmeMakhosazana Mavimbela;
(c)    Monghadi Dwayne Marx;
(d)    MmeTanuciaCoopasamy;
(e)    Monghadi Tyrone Hawkes;
(f)     Monghadi Penwell Lunga;
(g)    Monghadi Michael Peter;
(h)    Monghadi Bruce Breedt;
(i)     Monghadi Pierre Tullis; 
(j)     Monghadi Roy Southey;
(k)    Monghadi LulamileXate;
(l)     Monghadi MlungisiBushula;
(m)   MmeThandi Mokoena;
(n)    Monghadi Darryll Sauer;
(o)    Monghadi Tshepo Makhene;
(p)    Mme Pumeza Nodada;
(q)    MmeLindiwe Mavundla; le
(r)     MmeKwena Komape.

Dipatlisiso: Mofumahadi Phumla Williams – Mmuedi wa Kabinete
Selfounu: 083 501 0139

 Union Building