A. Ditaba tse Itlhommeng Pele
1. Diphetoho Maemong a Lehodimo
1.1. Kabinete e amohetse ketelo ya Monghadi Alok Sharma, Afrika Borwa, eo e leng Mopresidente wa Seboka sa bo-26 sa Maemo a Lehodimo sa Matjhaba a Kopaneng (UN), ho tloha ka la 19 ho ya ho la 21 Phuptjane 2022, le tekolo ya hae ya hore Afrika Borwa e bontshitse ho ikemisetsa ho fetohela enejing ya mehlodi ya tsa tlhaho.
1.2. Ka 2021, Mopresidente Cyril Ramaphosa o kopane le baetapele ba bang tsebahatsong ya tshebedisano ya bohlokwa le dinaha tsa France, Germany, United Kingdom le Amerika, mmoho le European Union, molemong wa ho tshehetsa phetoho e nang le toka moruong o sebedisang mehlodi ya eneji e sa hlahiseng khabone le setjhaba se nang le bokgoni ba ho emelana le maemo a lehodimo a mabe.
1.3. Afrika Borwa e sebeditse ka thata e itokisetsa ho fetela tlhahisong ya motlakase o hlwekileng le ho fallela mehloding ya eneji ya tlhaho e kang matla a mafura a hlwekileng a etswang ka metsi le motlakase, dimela, matla a moya, matla a letsatsi le a metsi, hara mehlodi e meng. Motswako ona wa eneji o tlisa tekatekano pakeng tsa mehlodi ya eneji ho netefatsa matla a tshepehang a emelanang le ditlhoko tsa naha tsa eneji tse eketsehang.
2. Tshebediso ya Ente ya Lefu la Coronavirus (COVID-19)
2.1. Kabinete e ananetse ho theoha ka matla ha palo ya batho ba tshwaetswang ke COVID-19 e rekotilweng Afrika Borwa dibekeng tse mmalwa tse fetileng mme ya kgothaletsa batho bohle ba loketseng, ho tswela pele ka ho enta, e leng ntho e thusang ho thibela ho kula haholo, ho robatswa sepetlele le ho hlokahala.
2.2. Ho fihlela jwale halofo ya palo ya batho ba baholo ba Maafrika Borwa e se e fumane bonnyane ente e le nngwe ya COVID-19. Mmuso o ikemiseditse ho sebedisa tjhelete ya tswala e tlase eo o sa tswa e kadingwa ke Banka la Lefatshe ho reka diente tse ding tsa COVID-19 le ho netefatsa hore setjhaba se sireletsehile ka ho lekaneng ditshwaetsong tse ka bang teng.
2.3. Kabinete e boetse e buisane ka dintlha tse amanang le tswelopele taolong ya sewa sa COVID-19, haholoholo kgatelopele e etswang molemong wa ho kgutlela bophelong bo tlwaelehileng. Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Joe Phaahla, le tla fana ka dintlha tse ding.
3. Letsatsi la Naha la Batjha
3.1. Kabinete e lebohile Maafrika Borwa ohle a ikamahantseng le mekete ya naha ya Letsatsi la Naha la Batjha ya Labone la la 16 Phuptjane 2022 tlasa mookotaba o reng: “Ntshetsopele ya mekgwa ya ho iphedisa ya moshwelella ya batjha le matla a bona molemong wa bokamoso bo tjhatsi.” Moya wa tjantjello le matla a bontshitsweng ke batjha naheng ka bophara ke dintho tse ka ketekelwang mme di tlisa tshepo ya bokamoso bo tjhatsi.
3.2. Jwalokaha re lebile mafelong a Kgwedi ya Naha ya Batjha, a re tebiseng matsapa a rona ho netefatsa hore batjha ba fihlella mananeo a mangata ao mmuso o fanang ka ona le ho ba thusa hore ba kgone ho ba le seabo moruong.
3.3. Tshebeletso ya Setjhaba, jwaloka mohiri e moholo, e arabetse phephetso ena ka ho thusa batjha ba phethetseng dithuto tsa bona ba sa sebetseng ho fumana boiphihlelo ka Lenaneo la Tshebeletso ya Setjhaba la ho Rupella Batjha Mosebetsing. Mmuso o boetse o kenya tshebetsong Letlole la Mesebetsi ya Setjhaba (SEF) le Tsehebeletso e tsoseleditsweng ya Naha ya Batjha (NYS) e leng maiteko a ho theha mesebetsi, a tla thusa khirong ya batjha ba ka bang 50 000.
3.4. Maiteko ana a tla fana ka boiphihlelo bo hlokehang haholo ba mosebetsing mme a boele a tiise molemo wa seabo sa baahi. SEF e sebetsa mmoho le mekgatlo eo eseng ya mmuso (di-NGO) ha NYS e hira batjha ditshebeletsong tse tswelang baahi molemo naheng ka bophara.
4. Dipalangwang
4.1. Kabinete a ananetse Morero wa Dintlha tse 11 wa Tshebetso o tla sebetsana le ho kwalwa ha mebila le ho hirwa ha matswantle jwaloka bakganni ba dilori. Morero ona o sibollotsweng ke Komiti ya Matona a Fapaneng (IMC) ya Mebila le ho tsamaiswa ha Thepa ka tshebedisano le ba amehang indastering ya ho tsamaiswa ha thepa, hara tse ding, e kgothaletsa ho kenngwa tshebetsong ha ditokomane tsa ho eta le ho ikamahanya le melao ya tsa basebetsi.
4.2. IMC e thehetswe ho sebetsana le diketsahalo tse jeleng setsi tsa ho kwalwa ha mebila le mehwanto ya boipelaetso ya bakganni ba dilori ba Maafika Borwa ba sa kgotsofalang. Mehwanto le ho kwalwa ha mebila di na le kameho e mpe phallong ya dipalangwang, e tshosa boramatsete ba dinaha tse ding mme sa bohlokwa haholo e na le kameho e mpe moruong le metjheng e bohlokwa ya phepelo e sebedisang mebila e amehang mehwantong.
5. Kgaello ya metsi Masepaleng e Moholo wa Nelson Mandela Bay (NMB)
5.1. Kabinete e ananetse seabo sa Lefapha la Metsi le Bohlweki (DWS) Masepaleng e Moholo wa NMB, Kapa Botjhabela molemong wa ho thibela ho kwalwa ha phepelo ya metsi nakong eo provense e tobaneng le mathata a matla a kgaello ya metsi a qadileng ka 2015. DWS e sebetsa le provense ho kenya tshebetsong mehato ya nako e kgutshwane, e bohareng le e telele ya ho lwantsha ditlamorao tsa komello.
5.2. Kabinete e boetse e ipileditse ho baahi ba NMB ho ikamahanya le melawana ya metsi e behilweng ke bomasepala ba lehae ho netefatsa boteng ba metsi nako e telele. Ka kakaretso, metsi a sebediswang ka letsatsi a lokela ho fokotswa ka dilitara tse dimiliyone di 50, ho tloha ho dilitara tse dimiliyone di 280 tse sebediswang hona jwale ka letsatsi, mme sena se tla lebisa tshebedisong ya dilitara tse dimiliyone di 230 ka letsatsi.
6. Bosenyi le bobodu
6.1. Kabinete e amohetse ho tshwarwa ho sa tswa etsahala ha mosebetsi wa Lefapha la Ditaba tsa Kahara Naha ofising ya Benoni ya nehileng moahi wa Bangladesh bukana ya ho eta ya mokunyata. Mosebetsi eo e leng Mme Sibongile Simelane o fumane beili ya R5 000 Lekgotleng la Dinyewe la Makgistrata la Benoni ka Labobedi la la 21 Phuptjane 2022. Moahi enwa wa Bangladesh e leng Monghadi Fahim Kazi, o tshwerwe a leka ho tswa naheng ena ka la 12 Motsheanong 2022 a sebedisa lebitso la ‘Lebogang Ndlovu’.
6.2. Lefapha la Ditaba tsa Kahara Naha (DHA) le sa tswa romela sebapadi sa dipaleng sa Lithuania, Ieva Andrejevaite naheng ya habo, ha a ne a batla ho sebedisa hampe botsamaisi ba Afrika Borwa ba taolo ya baphaphathehi a iqapela pale eo e seng nnete a batla botshabelo kwano ka lebaka la “ntwa e Ukraine.”
6.3. Kabinete e rorisitse mosebetsi o etswang ke Karolo ya ho Lwantsha Bobodu ya DHA. E thoholetsa le ho kgothaletsa Maafrika Borwa ho tswela pele ka ho tlaleha diketso tseo tsa tlolo ya molao. Diketso tse seng molaong tsa Maafrika Borwa a rekisang boitsebiso ba ona di na le ditlamorao tse mpe le tse kgolo bakeng sa polokeho ya naha le maemo a yona bophelong ba setjhaba le moruong wa yona.
6.4. Mmuso o tla tswella le ho nka mehato e matla kgahlano le mang kapa mang ya ikamahanyang le diketso tse seng molaong tseo e leng tello melao ya rona ya ho kena naheng ena, ntle le tshabo kapa leeme.
6.5. Kabinete e boetse e ananetse ho tshwarwa ho sa tswa etsahala ha titjhere ya Durban, mme Nomusa Precious Gabuza (37) – ya ahlotsweng dilemo tse tharo tsa ho sebeletsa setjhaba le tse nne tsa tjhankaneng, mme a hloletswe kantle dilemo tse tharo ke Lekgotla la Dinyewe la Lebatowa la Mlazi, Kwazulu-Natal – ka ho tlola Molao wa Dikgetho tsa Bomasepala wa Mebuso ya Lehae, 2000 (Molao wa 27 wa 2000). Jwaloka titjhere sekolong se neng se le sebaka sa ho kgetha nakong ya Dikgetho tsa Bomasepala, Mme Gabuza o dumetse molato wa ho kgetha makgetlo a 24, ho kenyeletsa makgetlo a 12 Dikgethong tsa Bomasepala le a 12 Dikgetho tsa Diwate.
6.6. Kahlolo ena ke pontsho e matla ya boinehelo ba Khomeshene ya Dikgetho ya Afrika Borwa ya ho nka bohato kapele le ho bontsha taolo ya boitshwaro bo bobe. Ena ke tiisetso e matla ya mekgwatshebetso ya dikgetho, e seng e matlafaditswe ka ho hlahiswa ha Sesebediswa sa Taolo ya Bakgethi e thibelang ho kgetha habedi.
6.7. Kabinete e tiisitse hore dikgetho ke tshiya ya demokrasi ya rona mme di lokela ho sireletswa ka hohle kamoo ho ka kgonehang kateng.
7. Seboka sa bo-12 sa Matona (MC12) sa Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano (WTO)
7.1. Kabinete e ananetse diphetho tsa WTO MC12 e neng e tshwaretswe Geneva, Switzerland ho tloha ka la 12 ho ya ho la 17 Phuptjane 2022, haholoholo qeto e reng dinaha tse nang le bokgoni di ka ba le ditokelo tsa ho hlahisa diente tsa COVID-19 ho fihlela ka 2027. Qeto ya ho atolosa sena hore se kenyeletse kalafo le hlahlobo tsa COVID-19 e kgutliseditswe morao ka dikgwedi tse tsheletseng.
7.2. Esale Afrika Borwa e itlhomme pele boipiletsong ba hore WTO e dumelle dinaha tse ding ho ba le ditokelo tsa ho iketsetsa diente tsa COVID-19 mme sena se ka netefatsa hore ho na le phihlello e lekanang enteng le ho kgonahatsa hore dinaha tse nang le bokgoni ba ho hlahisa diente di a di etsa.
7.3. Seboka se boetse sa inehela motjheng o bulehileng le o kenyeletsang bohle molemong wa ho tlisa diphetoho mesebetsig ya sona, mme ha dumellanwa ka ditumellano tsa kgwebisano tse sebetsanang le tsa bophelo bo botle, ho behwa ha meedi dithusong tsa botshwasi, kemiso ya nakwana kgwebisanong ya marangranng le boteng ba dijo nako e telele.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kgatelopele Lenaneong la ho Fallela Kgasong ya Dijithale (BDM)
1.1. Kabinete e tsebisitswe ka tsa morao Lenaneong la BDM mme ya amohela kgatelopele e entsweng ka ho kenngwa ha di-set-top box e le karolo ya ho fallela kgasong ya dijithale ho tloha ho ya analogue.
1.2. Kabinete e boetse e tobokeditse tlhokeho e potlakileng ya ho phethela BDM molemong wa ho etsa hore ho be le spectrum se hlokehang bakeng sa phihlello ya inthanete, le bakeng sa mesebetsi e meng e amanang le theknoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano.
1.3. Letona la Dikgokahano le Ditheknoloji tsa Dijithale, Khumbudzo Ntshavheni le tla ba le seboka le boraditaba hosane (Labohlano, 24 Phuptjane) ho fana ka dintlha tse ding.
2. Tlaleho ya Selemo le Selemo ya Naha ya Maemo a Ditokelo tsa Ngwana
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tlaleho ya bobedi ya Selemo le Selemo ya Naha ya Maemo a Ditokelo tsa Ngwana. Tlaleho e fana ka tlhahisoleseding e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Naha wa Tshebetso wa Bana bakeng sa 2019 ho ya ho 2024.
2.2. Tlaleho e hlakisa dikatleho tsa 2020 ho ya ho 2021. E boetse e hlakisa dibaka tse sa ntseng di fana ka bothata, ho kenyeletsa polokeho ya bana le ho se lekane pakeng tsa bana ba hlokang le ba sa hlokeng. Tlaleho e boetse e bontsha kamoo sewa sa COVID-19 se ammeng bana kateng nakong ena.
2.3. Sepheo ka mehato ya ho kena dipakeng e kenngwang tshebetsong ke mmuso ke ho netefatsa ho hlomphuwa ha ditokelo tsa bana, jwalokaha di hlalositswe Molaotheong wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. Mehato ena e boetse e tshehetsa maitlamo a naha Ditumellanong tsa Dinaha tsa Matjhaba tsa Ditokelo tsa Ngwana (UNCRC) le Tokomane ya Tumellano ya Afrika ya Ditokelo le Thekolohelo ya Ngwana (ACRWC). Afrika Borwa e saenne ditokomane tsa UNCRC le ACRWC.
2.4. Tlaleho e bokeleditswe ka tshebedisano le mafapha a mmuso le ba bang ba amehang boemong ba naha le ba diprovense. Tlaleho e felletseng e tla behwa websaeteng ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba: www.dsd.gov.za.
3. Tlaleho ya Nako le Nako ya Afrika Borwa ho UNCRC, e Kopantsweng ya boraro ho ya ho ya botshelela ho UNCRC
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tekwa ha Tlaleho ya boraro ho ya ho ya botshelela ya Nako le Nako ho UNCRC. Tlaleho ena e tla kamora ya bobedi e tekilweng ho UNCRC ka 2014.
3.2. Tlaleho e bokeleditswe ho latela Karolo ya 44 ya UNCRC, mme e boetse e akaretsa ditlhokomelo le dikgothaletso tse entsweng tlalehong ya ho qetela. UNCRC e rometse ditlhokomelo le dikgothaletso tsa naha ka 2016.
3.3. Pokeletso e entswe ka tshebedisano le mafapha ohle a loketseng le ba amehang naheng ka bophara. Tlaleho e felletseng e tla phatlalatswa ha e se e teketswe UNCRC.
4. Tlaleho ya naha ka ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo le Letjha la Metse ya Ditoropong
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tekwa ha tlaleho ya pele ya Afrika Borwa ya naha e mabapi le ho Kenngwa Tshebetsong ha Lenaneo le Letjha la Metse ya Ditoropong, e tekwa Lenaneong la Phumantsho ya Bodulo la UN (UN-Habitat). UN-Habitat e amohetse Lenaneo la yona le Letjha la Metse ya Ditoropong, Sebokeng sa yona sa Phumantsho ya Bodulo le Ntshetsopele ya Bodulo ba Ditoropng bo Tsitsitseng ka Mphalane 2016. Ho ne ho lebelletswe hore dinaha tseo e leng ditho di nehelane ka ditlaleho tsa kgatelopele ka ho ithaopa.
4.2. Afrika Borwa e tsheheditse ho amohelwa ha Lenaneo le Letjha la Metse ya Ditoropong mme hamorao ya le kenya tshebetsong ka Moralotshebetso o Momahaneng wa Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropong (IUDF). Sepheo sa IUDF ke ho tataisa ntshetsopele ya bodulo ba ditoropong bo kenyeletsang bohle, bo matla le bo nang le seriti.
4.3. Tlaleho ya kgatelopele e bokeleditswe ka tshebedisano le mmuso wa naha, diprovense le mebuso ya lehae, le mekgatlo e loketseng eo e seng ya mmuso.
5. Lewa le Momahaneng la Ntshetsopele ya Batjha (IYDS)
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa tshebetsong ha IYDS. Lewa le thusa ho kenya tshebetsong Leano la Naha la Batjha la 2020 ho ya ho 2030. Le hlalosa diketsahalo, diprojeke le mananeo a lokelang ho etswa ke ba fapaneng ba amehang ho tswa mekgatlong ya batjha.
5.2. Le boetse le thusa ka ho fokotsa phethapheto ya dithuso tsa mmuso mme le tataise kamoo mekgatlo ya basebetsi le lekala la poraefete di ka tshehetsang batjha ho fihlella menyetla. Pokeletso ya lewa e na le maikutlo a makala a fapaneng setjhabeng.
6. Moralo wa Tokomane ya Tataiso ya Paballo le Tshebediso ya Ho ya Ho Ile ya Dihlodilweng tsa Afrika Borwa
6.1. Kabinete e tjhaetse monwana hore setjhaba se ntshe maikutlo ka moralo wa Tokomane ya Tataiso ya Paballo le Tshebediso ya Moshwelella ya Dihlodilweng tsa Afrika Borwa. Dihlodilweng tsa Afrika Borwa di fana ka motheo wa bohlokwa bakeng sa kgolo le ntshetsopele ya moruo, mme di bohlokwa boiphedisong ba batho.
6.2. Tokomane ena ya Tataiso e thusa ho kenya tshebetsong dkgothaletso tsa Moifo wa Boemo bo Hodimo wa Ditsebi o kgethilweng ka 2019 hore o lekolebotjha maano a jwale, molao le mekgwa ya ditaba tse amanang le mefuta ya bohlokwa ya dihlodilweng.
6.3. Tlaleho e kgothaleditse tshibollo ya leano le leholo le akaretsang la paballo le tshebediso ya Moshwelella ya dihlodilweng tsa naha. Leano le tla kenngwa tshebetsong makaleng ohle a mmuso. Paballo e bohlokwa bakeng sa letsholo la naha la ho potlakisa kgolo ya moruo le ho thehwa ha mesebetsi.
7. Lewa la Nama ya tse Hlaha
7.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa Lewa la Nama ya tse Hlaha hore setjhaba se ntshe maikutlo ka lona. Sepheo ka lewa ke ho hophisa le ho tlisa diphetoho indastering ya nama ya tse hlaha. Sepheo se seng ke ho ba le seabo phumanehong ya dijo nako e telele.
7.2. Indasteri ya nama ya tse hlaha e indastering eo haholoholo e sa hlophisehang e sebetsang ka mokgwa o sa momahanang. Lewa lena le sisinngwang le fana ka mokgwa wa tshebetso o tla hlophisa le ho matlafatsa lekala lena jwaloka le fanang ka dijo nako e telele le la kgolo ya moruo le ka thusang ho thehweng ha menyetla ya mosebetsi.
C. Dibili
1. Bili ya Tlhomathiso ya Merero ya Setso ka Kakaretso ya 2022
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tekwa ha Bili ya Tlhomathiso ya Merero ya Setso ka Kakaretso ya 2022 Palamenteng bakeng sa hore e ke e sekasekwe. Sepheo ka dikarolo tse ngotsweng botjha ke ho lekolabotjha Molao wa Boetapele ba Setso le ba MaKhoi-San wa 2019 (Molao wa 3 wa 2019), o keneng tshebetsong ka la 01 Mmesa 2021.
2. Bili ya Tlhomathiso ya 2022 ya Tshireletso ya Demokrasi e Itshetlehileng ho Molaotheo, e kgahlano le Boferekanyi le Diketsahalo tse Amehang
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tekwa ha Bili ya Tlhomathiso ya 2022 ya Tshireletso ya Demokrasi e Itshetlehileng ho Molaotheo, e kgahlano le Boferekanyi le Diketsahalo tse Amehang, Palamenteng bakeng sa hore e ke e sekasekwe. Ha e se e amohetswe, Bili e tla fetola Molao wa jwale wa Tshireletso ya Demokrasi e Itshetlehileng ho Molaotheo e Kgahlano le Boferekanyi le Diketsahalo tse Amehang wa 2004 (Molao wa 33 wa 2004).
2.2. Bili ena e fetile motjheng o matla wa dipuisano le setjhaba kamora hore e tjhaelwe monwana ke Kabinete ka Motsheanong 2021. Sepheo ka diphetoho ke ho tjhorisa metjha ya kwano ya ho lwantsha boferekanyi le ya lefatshe e teng. Diphetoho di boetse tsa lokisa dikarolwana tseo ho neng hothwe ha di ikamahanye le molaotheo ke Lekgotla la Molaotheo.
2.3. Jwaloka setho sa Lekgotla la Tshireletseho la Matjhaba a Kopaneng, Afrika Borwa e tlameha ho sebedisa melao ya matjhaba naheng ena, e leng melao eo sepheo ka yona e leng ho matlafatsa mehato ya ho lwantsha boferekanyi lefatsheng.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Seboka sa bo-14 sa Brazil, Russia, India, China le Afrika Borwa (BRICS)
1.1. Mopresidente Ramaphosa o tla etella pele Afrika Borwa Sebokeng sa mokgwa wa vidiyo sa bo-14 sa Baetapele ba dinaha tsa BRICS se tla tshwarwa ke People’s Republic of China ho tloha ka Labone la la 23 ho ya ho Labohlano la la 24 Phuptjane 2022.
1.2. Botho ba rona ba BRICS bo tswela pele ho tswela naha molemo. Ngwahola thepa ya Afrika Borwa e rometsweng dinaheng tse ding e ballwang dipersenteng tse fetang tse 17 e ile dinaheng tsa BRICS, mme dipersente tse fetang tse 29 tsa thepa e tlileng kwano di ne di tswa dinaheng tseo. Boleng ba kgwebisano ena e ntse bo ntse bo hola, mme kgwebisano yohle ya Afrika Borwa le dinaha tse ding tsa BRICS ka 2021 e ballwa dibiliyoneng tse R702, ha ka 2017 e ne e ballwa dibiliyoneng tse R487.
1.3. Tshebedisano hara dinaha tseo e leng ditho tsa BRICS makaleng a kang a bophelo bo botle le kgwebisano e ntlafetseng e hodisitse diindasteri tsa naha ena, mme e tswetse ditho tsohle tsa BRICS molemo. Sepheo ka botsetedi ba rona diprojekeng tsa ntshetsopele ya meralo ya ditshebeletso le maiteko a ho potlakisa metjha ya kgwebo ke ho eketsa thepa e romelwang ho balekane ba rona ba BRICS.
2. Sekolo sa Mariha sa Tsamaiso ya Moruo
2.1. Sekolo sa Naha sa Mmuso (NSG) se tla tshwara Lenaneo la sona la boraro la sekolo sa Mariha sa Tsamaiso ya Moruo bakeng sa Bahlanka ba Phethahatso, Johannesburg ho tloha ho la 27 Phuptjane ho ya ho la 1 Phupu 2022. Sebokeng ho tla tla Matona a tswang Côte d'Ivoire; South Sudan le Afrika Borwa; le Balaodi-Kakaretso ba Lesotho, Zambia, Democratic Republic of Congo, Tanzania le Ghana. Boramotse ba Afrika Borwa, mmoho le ditho tsa dikomiti tsa boramotse le makgotla a phethahatso ba tla ba teng le bona.
2.2. Ho lebelletswe hore bahlanka bana ba phethahatso ba tswang dinaheng tse fapaneng ba abelane dikgopolo le dithuto ka maemo a fapaneng ao ba kopanang le ona mosebetsing wa bona wa letsatsi le letsatsi.
2.3. NSG e radile lenaneo la selemo le selemo bakeng sa ditho tsa phethahatso ka 2020, e le karolo ya tshehetso ya yona boinehelong ba mmuso ba ho aha naha e nang le bokgoni. Sepheo ka sekolo sena hara tse ding ke ho hlomella bahlanka ba phethahatso makaleng a mararo a mmuso ka boetapele bo ntlafetseng le bokgoni ba ho hlokomela le hore ba kgone ho lekola botjha diphephetso tsa tsamaiso tse sitisang ho kenyeletswa ha bohle le kgolo ya ho ya ho ile ya moruo.
3. Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela
3.1. Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela le ka Mantaha, 18 Phupu 2022, mme le tla ketekwa tlasa mookotaba: “Etsa seo o se kgonang, ka seo o nang le sona, moo o leng teng”.
3.2. Ke boipiletso bo matla bathong hore ba tshehetse le ho ba le seabo letsholong lena ka maiteko a moshwelella a nang le thuso ya nako e telele.
3.3. Bo bong ba maiteko ao a moshwelella ke Dipuisano tsa selemo le selemo tsa Batjha tsa ho tlotla Nelson Mandela le Lenaneo la Boetapele bo Kgabane bo tsepameng dintlheng tseo ho buuwang ka tsona haholo tse amanang le batjha Afrika Borwa le lefatsheng ka bophara.
4. Nako ya Lekgetho
4.1. Sehla sa 2022 sa ho kenya ditokomane tsa lekgetho se qala ka la 1 Phupu ho ya ho la 24 Mphalane 2022. Balefi ba lekgetho ba kgothaletswa ho kenya ditokomane tsa bona tsa lekgetho ka mokgwa wa eFiling (www.sarsefiling.co.za(link is external)) kapa ho MobiApp ya Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS).
4.2. Monongwaha SARS e tla nne e sebedise tlhahisoleseding eo e e bokellang ya motho ka mong, ho etsa tlaleho ya motho e nang le dintlha tsohle tsa hae tsa ditjhelete, ho thusa ho bebofatsa motjha wa ho kenya ditokomane tsa lekgetho. Ka 2021 SARS e bokelletse tlhahisoleseding ya balefi ba lekgetho ba dimiliyone tse fetang tse tharo.
4.3. Ho kenngwa ha ditokomane ka nako le ka nepo ho netefatsa hore batho ba ikamahanye le melao ya lekgetho, le ho thusa mmuso ho isa ditshebeletso ho Maafrika Borwa a di hlokang haholo.
E. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e thoholeditse le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho bana:
- Moahlodi Owen Lloyd Rogers kamora hore a kgethelwe ho ba moahlodi wa Lekgotla la Molaotheo la Afrika Borwa.
- Kabinete le Mopresidente Ramaphosa ba lakaleditse Mopresidente wa Mehleng Thabo Mbeki mahlohonolo a Letsatsi la Tswalo ha a qeta dilemo tse 80, leo a le ketekileng ka la 18 Phuptjane 2022. Monghadi Mbeki o lakaleditse Maafrika Borwa ohle bokamoso bo tjhabileng le bo nang le katleho.
F. Khiro
Ho tlameha hore ho netefatswe mangolo a thuto a ba hirwang mme ho netefatswe le hore ba ha ba e so ka ba tlola molao.
1. Balaodi ba Ikemetseng ba Boto ya Boladi ya Bofofisi Afrika Borwa:
a. Monghadi Ernest Khosa;
b. Mme Bulelwa Koyana;
c. Monghadi Surendra Sooklal; le
d. Mme Rejoice Edith Phewa.
2. Ditho tsa Ofisi ya Diphatlalatso tsa Dilounu tsa ho reka Matlo le Phatlalatso ya Dikoloto tsa Matlo:
a. Mme Kenosi Pearl Louisa Selane (Modulasetulo);
b. Mme Catharina Maria Van der Sandt;
c. Monghadi Errol Vincent Magerman;
d. Moadvokheiti Mandla Dludlu;
e. Monghadi Matsobane Gabriel Mello;
f. Mme Palesa Mawasha;
g. Mme Penelope Anne Beck-Paxton;
h. Mme Sphiwe Dorris Mayinga;
i. Mme Tshifhiwa Victor Mphigalale; le
j. Monghadi Zuko Ncemane.
Dipatlisiso: Mme Phumla Williams – Mmuedi wa Kabinete
Selfounu: 083 501 0139