Back to top

Primary tabs

Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 7 Phuptjane 2017

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 7 Phuptjane 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

1. DINTLHA TSA HAJWALE

Kabinete e boeletsa kgoeletso ya Moporesidente Jacob Zuma bakeng sa hore maAforika Borwa a ipope kgahlanong le dikgoka le tlhekefetso ya basadi le bana, le ho ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho nka mehato e potlakileng ho fedisa koduwa ena ka hara metse ya bo rona. Sena se latela leeto la Moporesidente Elsies River ho la Motse Kapa mabapi le ho tshehetsa Imbizo ya Ntwa e kgahlanong le Botlokotsebe. Leeto lena hape le hlakisitse ho ba kotsing ha basadi le bana ka hara setjhaba sa rona.

Moporesidente o ikemiseditse ho kgutlela sebakeng seo ho ya fatisisa diphephetso tse ngata tsa botlokotsebe le dipolao, ka ho qolleha tsa bana le kamoo balaodi ba qobello ya molao ba ka ntlafatsang ditshebeletso tsa bona ho badudi.

1.2. Kabinete e amohela ho lokollwa ha Diphuputso tse Akaretsang tsa Malapa tsa selemo sa 2016, tse tswellang ho bontsha kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mmuso a ho ntlafatsa maphelo a maAforika Borwa, haholoholo badudi ba neng ba tingwe menyetla pele. Dipalopalo di bontsha hore mmuso e etsa menyabuketso mabapi le ho fana ka bodulo, moo malapa a maAforika Borwa a dulang ka hara matlo a ‘RDP’ kapa matlo a tsheheditsweng ke mmuso a phahameng ho tloha ho 5% ka selemo sa 2002 ho ya ho 13,5% ka selemo sa 2016. Diphuphutso tsena hape di bontsha hore mananeo a mmuso a thuso ya kahisano a supa keketseho ho tloha ho 12,7% ka selemo sa 2003 ho ya ho 29,7% ka selemo sa 2016.

Hape ho na le keketseho e bonahalang ho phumantsho ya metsi, motlakase le tsamaiso ya dikgwerekgwere, e leng letshwao la bohlokwa bakeng sa maikemisetso a Mmuso wa Aforika Borwa wa ho lokisa dimpe tsa mmuso wa kgethollo le ho fana ka ditshebeletso tsa mantlha ho batho kaofela.

Kabinete, leha ho le jwalo, e lemohile hore ha boingodiso thutong e phahameng bo ntse bo eketseha, leha e le ka monyebe, ebile feela 3,3% ya maAforika Borwa a ba Batsho a dilemong tse 18 ho ya ho tse 29 a neng a ithuta papisong le 18,8% ya baithuti ba maIndia/maAsia le 17,5% ya makgowa sehlopheng sa ba dilemong tsena. Ke feela 3,5% ya ba Mmala ba neng ba ithuta nakong ya selemo sa 2016.

Diphuputso ho ya pele di supile phokotseho ho tloha ho 23,8% ho ya ho 11,8% ya malapa a neng a phela ka tlala, e leng se bontshang kgatelopele mabapi le ho shebana le malapa a phelang bofutsaneng bo feteletseng.

1.3. Kabinete e lemohile Diphuputso tsa Kotara ka Nngwe tsa Lebotho la Basebetsi bakeng sa kotara ya pele ya selemo tse bontshitseng hore moruo o ekeditse mesebetsi ka mesebetsi e 144 000. Dipalo tsena di thuntheditswe ke keketseho ya batho ba neng ba batla mosebetsi ba 433 000. Kabinete e thathiselleditse boitlamo ba yona ba ho tswela pele ho theha selekane le lefapha la poraefete le basebetsi maitekong a yona a ho sebetsana le diphephetso tsa naha tsa tlhokeho ya mesebetsi.

1.4. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Phaka ya Diindaseteri ya Babelegi e ntjhafaditsweng ho la Hammanskraal jwaloka karolo ya meralo ya mmuso ya ho akofisa ntshetsopele ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi sebakeng seo. Porojeke ena ya R42-milione ke karolo ya mmuso ya Lenaneo la Tsoseletso ya Diphaka Tsa Diindaseteri le e nngwe ya diphaka tse tsheletseng tse ntseng di tsoseletswa ho phatlalla le naha bakeng sa ntshetsopele e pharaletseng ya moruo le diindaseteri.

Kabinete e kgothaletsa diindaseteri le dikgwebo tsa lehae ho sekaseka ho atolosetsa ditshebetso tsa bona ho ya sebakeng sena sa diindaseteri bakeng sa ho fumantshwa mekgwa e fapafapaneng ya tshehetso e teng bakeng sa ho hodisa dikgwebo tsa bona ho ya pele.

1.5. Kabinete e tsebisitswe ke Letona la Ditjhelete, Monghadi Malusi Gigaba, mabapi le dipalo tsa moraorao tsa Palohohle ya Dihlahiswa tsa Aforika Borwa (GDP), e honyetseng ka 0,7% kotareng ya pele ya selemo sa 2017. Sephetho sena sa GDP se mpefetseng ho feta kamoo ho neng ho lebeletswe se tlase haholo ho feta Tjhebobotjha ya Ditekanyetso tsa selemo sa 2017, e neng e lepile kgolo ya GDP ya selemo sa 2017 ho ba 1,3%. Sena se bakuwe ke, hara tse ding, ho honyela ha tlhahiso, kgwebisano, diindaseteri tsa phano ya dijo le bodulo.

Leha ho le jwalo moruo o ile wa tshehetswa ke kgolo merafong le diindasetering tsa dikwari e eketsehileng ka 12.8%. Diindaseteri tsa temo, meru le ditlhapi di ile tsa hlasimoloha kotareng ya pele ya selemo sa 2017 ka keketseho ya 22,2%.

Ho na le matshwao a tshepisang a hore naha e ka itseka bakeng sa ho matlafatsa tjhebahalo ya yona ya kgolo ya moruo. Tsena di kenyeletsa kgolo ya ho kenella lefatsheng, ho tsitsisa ditheko tsa phahlo, maemo a matle a tlelaemete, phepelo e tshepahalang ya motlakase le dikamano tse batlang di tsitsitse tsa basebetsi.

Jwaloka taba e potlakileng, Kabinete e ipiletsa ho dikgwebo, basebetsi le setjhaba ka kakaretso ho theha selekane le mmuso bakeng sa ho matlafatsa lenaneo la rona la kgolo le ho ntlafatsa tshepahalo bakeng sa ho kgina ho fokola le ho beha moruo maemong a batlang a phahame, ho fihlella kgolo ya moruo e kenyeletsang. Ntlheng ena Letona la Ditjhelete le tla kopana le baetapele ba dikgwebo ka morero wa ho bopa mawa a ho lwantsha ho putlama ha moruo le ho fihlella kgolo e kenyeletsang.

Kabinete e tjhaelletse monwana kopano ya boraditaba le Letona la Ditjhelete bakeng sa ho arolelana le maAforika Borwa maitshunyako ao mmuso o tla a etsang ka hara meralo ya ditekanyetso tsa hajwale. Kabinete hape e thathiselletsa moralo o amohetsweng wa ditekanyetso bakeng sa naha.

1.6. Lekala la tekolo la Fitch le la Standard & Poor’s a thathiselleditse ditekolo tsa Aforika Borwa tsa mekitlane ya ditjhelete tsa maatjhabeng tsa nako e telele tsa ‘BB+’.

Sena se tla hara nako eo dipuisano tsa Letona Gigaba le lekala la poraefete bakeng sa ho netefatsa hore mosebetsi o kopanetsweng wa mmuso, dikgwebo, basebetsi le setjhaba ka kakaretso di ntseng di tswela pele, le hore maitlamo a entsweng a ya phethahatswa.

Kabinete e boeletsa hore maAforika Borwa a lokela ho tswela pele ho sebetsa e le ntho e le nngwe, haholoholo dinakong tse thata le ho sebetsa ka thata ho feta ho netefatsa hore naha e tseke maemo a yona a tekolo ya matsete.

1.7. Kabinete e ananela ditherisano tse thakgolwang kgetlo la pele tsa Komiti e Kopanetsweng ya Tsamaiso bakeng sa Mmaraka o Tshwanang wa Borwa (MERCOSUR) le Mokgatlo wa Lekgetho la Madiboho a Dinaha tsa Aforika e Borwa (SACU) tse neng di tshwerwe haufinyana tjena ka hara naha.

Mekga e dumellane hore ka kopanelo e tla sekaseka menyetla ya ho hodisa Tumellano e ka Sehloohong ya Kgwebisano (PTA) ya MERCOSUR-SACU ka ho kenyeletsa makala a yona a kgodiso ya kgwebisano, mekgatlo ya kgwebo, lekala la poraefete, le matlo a bona a bonqosa le dikantoro tsa matjhabeng ka ho latelana. PTA ya MERCOSUR-SACU e neha ba romellang thepa ya lehae ka ntle monyetla wa ho kenella mmarakeng wa batho ba fetang 280-milione.

Kabinete e ipiletsa ho ba romellang thepa ka ntle ho nka monyetla ona wa PTA kaha jwale dihlahiswa tsa mona hae di kgona ho kena lepatlelong la MERCOSUR ka dikgahla tse kgothaletswang tsa lekgetho.

1.8. Kabinete e hlahisitse tshwabo ya yona ka qeto ya Amerika (USA) ya ho ikgula Tumellanong ya Paris.

Tumellano ya Paris, e tla sebetsa ka botlalo ka selemo sa 2020, e thehilwe hodima dinyehelo tse tekilweng ke dinaha ka botsona mabapi le merero ya lefatshe eo ho dumellanweng ka kopanelo ka yona.

Aforika Borwa e ipileditse ho USA ho sekaseka botjha boemo ba yona le ho itlama botjha tsamaisong e kopanetsweng ke dinaha ka bongata.

1.9. Memorandamo wa Kutlwano (MoU) pakeng tsa Novartis, Lekgotla la Aforika Borwa la Diphuputso tsa Bongaka le Lefapha la Saense le Thekenoloji, o betla tsela ya ho matlafatsa mothamo le boleng ba diteko tsa bongaka le ho aha bokgoni ba diphuputso ka hara kontinente.

Tumellano e tla thusa bakeng sa mananeo a kopanetsweng a diphuputso mahlokong a kgethilweng a tshwaetsanang le a sa tshwaetsaneng, ho ntlafatsa phumantsho ya bakudi ba Aforika Borwa ya meriana e ntjhafatsang, le ho aha bokgoni ba naha le ba kontinente ba diphuputso le ntshetsopele.

Kabinete e dumela hore ho na le sebaka bakeng sa bolekane bo eketsehileng ba mmuso le ba poraefete, le ho kgodiseha hore tsena di ka bula tsela ya ho sebetsana le diphephetso tse ngata tse matla tseo re tobaneng le tsona.

1.10. Kabinete e amohela Tlaleho ya selemo sa 2017 ho tswa ho Mokgatlo wa Khonkerese ya Matjhaba le Khonvenshene, e tswellang ho beha Aforika Borwa jwaloka sebaka se ka hodimo sa ho tshwara diketsahalo tsa kgwebo ka hara Aforika le Botjhabela bo Hare. Tlaleho ena e lokolotswe ka Motsheanong 2017 Frankfurt, ho la Jeremane.

Aforika Borwa e dula e le se seng sa dibaka tse tummeng ka ho fetisisa sa bohahlaudi lefatsheng le ho tswela pele ho nka maemo a hodimo hape ho lenaneo la bophehisane la Foramo ya Moruo wa Lefatshe la ho eta le bohahlaudi lefatsheng jwaloka ha le lokolotswe ka Mmesa 2017.

Kabinete e rata ho bona bongata ba ditoropo le metsemeholo e menyenyane ya Aforika Borwa e iketa bakeng sa dikopano tse nyenyane moo di ka kgonang ho imatahanya le ditlhokeho tsa ho tshwara dikopano. Sena se tla thusa ho ntlafatsa qaqolohano ho ya ka sebopeho sa naha bakeng sa bohahlaudi ka nqane ho ditsi tse kgolo le ho ala moruo o fehlilweng ke diketsahalo tsena ka tsela e batlang e lekalekana.

1.11. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela hore a fadimehele ditaba tsa leshano, ka ho qolleha keketseho ya ho maneha ditaba tse fosahetseng ho marangrang a ditaba a kahisano mabapi le banana le basadi ba lahlehileng, ba kwetetsweng le ba hapilweng ka mahahapa. Ho ropoha ha haufinyana tjena ha merusu KwaMashu, pela Durban ka lebaka la ditlaleho tse fosahetseng tsa hore bana ba nkuwa ka mahahapa sebakeng seo le ho belaellwa ha ho hapuwa ka mahahapa ha ngwanana Naledi, ho la Soweto ke batho ba tsamayang ka Toyota Quantum ho kenyeleditswe le nomoro ya yona ya boingodiso e ileng ya phatlalla ho marangrang a ditaba a kahisano, moo ho tholahetseng hamorao hore ha se nnete.

Meritaoke ena, ditaba tsa leshano le ho tsamaisa tlhahisoleseding e fosahetseng ho baka pherekano ka hara metse ya bo rona le ho senya nako le mehlodi ya sepolesa. Re ipiletsa ho batho hore ba seke ba pheta ho maneha le ho tsamaisa ditaba tsa leshano ho marangrang a ditaba a kahisano, ho fihlela ba tiisitse bonnete ba tsona.

1.12. Kabinete e lemohile ka ngongoreho e kgolo ditlaleho tsa ditaba ka ‘diimeile tse nyenyelepisitsweng tse hlokang nnete’ tseo ho hopolwang hore di beha Matona, bahlanka ba mmuso le batho ba poraefete ka mosing ba belaellwa hore ba entse tse sa lokang.

Kabinete e dula e itlamme bakeng sa puso e hlwahlwa le ka nako e le nngwe, hape e ananela hore batho kaofela ba nkuwa ba hloka molato ho fihlela ba bonwe molato ho ya ka dipehelo tsa Molaotheo wa rona.

Kabinete e kgothaletsa bohle ba nang le tlhahisoleseding ka molato ofe kapa ofe o etswang ke bahlanka ba mmuso kapa Matona ho tsebisa makala a qobello ya molao hore ho tle ho etswe dipatlisiso.

Kabinete e hlokometse hore ho se ho na le dinyewe tse ritetsweng, mme sepolesa se ntse se etsa dipatlisiso tse lokelang. Bohle ba anngweng ke diimeile tseo ba kgothaletswa ho sebetsa mmoho le makala a qobello ya molao.

Moporesidente Zuma o qheletse ka thoko tlaleho e phatlaladitsweng ke koranta ya Sontaha ya ho belaellwa hore o na le ntlo Dubai ho la United Arab Emirates.

2. DIQETO TSA KABINETE

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ditlaleho tsa bo-4 tsa kgatelopele ya tshebetso tsa kotara ka nngwe bakeng sa 2016/17 (Pherekgong-Hlakubele 2017) mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha diphetho tse ka sehlohlolong.

Bodisa ba Kabinete hodima ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Meralo ya Nako e Bohareng (MTSF) la 2014 ho isa ho 2019, bo baka phano ya ditshebeletso e ntlafetseng. Sena se re atametsa phihlellong ya Tjhebelopele ya 2030 ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Mmuso o entse kgatelopele e bonahalang mabapi le ho kenya tshebetsong diphetho tsa ona tse 14 tse ka sehlohlolong le ho kgannela pele merero ya NDP. Diphephetso tse amang ho kenngwa tshebetsong le mehato e batlehang bakeng sa ho ntlafatsa phano e ile ya hlwauwa.

Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS) e ntse e hlophisa dikopano tsa boraditaba tsa dibaka ka ho fapana, tse reretsweng ho etsahala ho tloha ka la 9 ho isa ka la 18 Phuptjane 2017. Lenaneo le hlophisitsweng hantle le tla manehuwa ho www.gov.za.

3. DIKETSAHALO TSE TLANG

3.1. Moporesidente Zuma o thakgotse Kgwedi ya Batjha tlasa mookotaba “Selemo sa OR Tambo: Re Ntshetsapele Matlafatso ya Batjha Moruong”, ka kopano ya Sehlopha sa Tshebetso sa Batjha sa Kantoro ya Moporesidente. Sena se bokantse mmoho mmuso le baetapele ba mekgatlo ya batjha, ba lekotseng kgatelopele ntshetsopeleng ya moruo wa kahisano wa batjha.

Matona le Batlatsi ba Matona ba tla kenella diketsahalong tse fapafapaneng tse reretsweng ho kgothaletsa ntshetsopele le matlafatso ya batjha. Ketsahalo ya sehopotso sa Letsatsi la Naha la Batjha e tla tshwarelwa Ventersdorp, ho la Leboya Bophirima ka la 16 Phuptjane 2017. Selemo sena se tshwaya selemo sa bo-41 sa Merusu ya Soweto mme sehopotso se sebetsa jwaloka kgopotso ya hore batjha ka hara naha ba ne ba le ka pele Ntweng.

Kabinete e kgothaletsa batjha kaofela ho nka karolo diketsahalong tsa Letsatsi la Batjha le ho sebedisa tshehetso kaofela le mehlodi eo mmuso e e hlahisitseng bakeng sa ho ntlafatsa menyetla ya bona le ho ntshetsapele bonkakarolo ba bona ka hara moruo.

3.2. PITSO YA MEBUSO YA LEHAE E LENG KA BATJHA

Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba, Monghadi Des van Rooyen, o tla epa Pitso ya Mebuso ya Lehae ho tloha ka la 19 ho isa ka la 22 Phuptjane 2017, tlasa mookotaba “Batjha ba nka marapo ho tsa ntshetsopele”. Pitso e tla thakgola Foramo ya Mebuso ya Lehae ya Ntshetsopele ya Batjha.

Sena se tla kgontsha batjha ho sheba botjha kgatelopele ya mebuso ya lehae papisong le phihlello ya Leano la Naha la Batjha (NYP) la 2020. E tla boela e matlafatsa bolekane pakeng tsa mmuso, dikgwebo le setjhaba ka kakaretso mabapi le ho ntshetsapele baetapele ba batjha lepatlelong la lehae.

3.3. Letona la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso, Mofumahadi Faith Muthambi, o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa e tla kenela Letsatsi la Tshebeletso ya Mmuso la Aforika Kigali, ho la Rwanda ho tloha ka la 21 ho isa ka la 23 Phuptjane 2017. Mookotaba wa selemo sena ke: “Re Tebisa Tlwaelo e Tobaneng le Batho ya Phano ya Ditshebeletso: Re theha selekane le batjha bakeng sa Phethoho ya Aforika.” Mookotaba o fana ka menyetla ya ho lekola kamoo Tshebeletso ya Setjhaba e hlalosang le ho arabela ho tlwaelo e tobaneng le batho ya phano ya ditshebeletso e hlaloswang ke tsela eo dintho di etswang ka yona hajwale.

4. MELAETSA YA MATSHEDISO

4.1. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya mopalami ya hlokahetseng ha diterene tse pedi tsa Metrorail di ne di thulana pela seteishene sa Elandsfontein Ekurhuleni le ho lakaletsa ba lemetseng kotsing eo ho fola ka potlako.

Kabinete e ipiletsa bakeng sa hore dipatlisiso tsa sesosa sa kotsi di akofiswe ho thibela ho hlaha hape ha dikotsi tse kang ena tse bolayang.

4.2. Kabinete e ile ya ipapisa le badudi ba matjhaba ka ho tshwela ka mathe ka matla tlhaselo ya haufinyana tjena ya boferekanyi ho la United Kingdom (UK). Tlhaselo ena, e etsahetseng bosiung ba la 3 Phuptjane 2017 ka hara Motsemoholo wa London, e nkile maphelo a batho ba mmalwa le ho siya ba bang ba lemetse.

Tlhaselo ya London e etsahetse nakong ya ho siyana ka dibeke tse pedi le ya Manchester, moo badudi ba bangata, boholo e le batjha le bana, ba lahlehetsweng ke maphelo a bona.

Kabinete e fetiseditse matshediso a yona ho mmuso le batho ba UK, ka ho qolleha malapa le baratuwa ba ba hlokahetseng, le ho lakaletsa ba lemetseng ho fola ka potlako.

4.3. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Moporofesara Babatunde Osotimehin, ya hlokahetseng bekeng ena. Moporofesara Osotimehin e ne e le Motsamaisi wa Phethahatso wa Letlole la Setjhaba la Matjhaba a Kopaneng. O ne a le bohlokwa bakeng sa ho kgannela pele dintlha tsa motabo le boitekanelo ba tswadiso ka hara Aforika dilemong tsa moraorao tjena. O sebeditse ka matla ho kgothaletsa ditokelo tsa motabo le boitekanelo ba tswadiso tsa basadi le batjha ka hara Aforika le lefatsheng ka bophara. O lwanetse ka mafolofolo ditokelo tsa Basadi ba ratanang le basadi ba bang, Banna ba ratanang le banna ba bang, Ba bong bo habedi, Ba fetotseng bong, Ba ditlwaelo tse makatsang tsa bong le ba kopanelo ya bong.

4.4. DIFEFO TSA KAPA LE MELLO YA KNYSNA

Kabinete e hlokometse ka difefo tse ammeng boholo ba dibaka tsa Kapa Bophirima le tshenyo e latetseng difefo tseo. Kabinete e romela matshediso a yona ho malapa a ba lahlehetsweng ke maphelo le thepa nakong ya dikoduwa tsena; palo ya moraorao e tlalehilweng ke ya mafu a batho ba robedi. Setsi sa Taolo ya Dikotsi tsa Dikoduwa sa Motse Kapa se kgothaletswa ho sebetsa ka matla mabapi le ho pholosa maphelo le thepa, ho kenyeletswa sebaka sa Knysna moo ho nang le mello e befileng. Re ipiletsa ho batho ho tsitlallela mehato ya boipaballo.

5. MELAETSA YA DITHOHOLETSO

5.1. Kabinete e ananela qeto ya Moporesidente Jacob Zuma ya ho thonya Moleftenente Kgenerale Lesetja Mothiba jwaloka Mokomishenara e motjha wa Sepolesa sa Naha wa ya Tshwereng Mokobobo.

5.2. Kabinete e thoholetsa dimathi tsa rona le boradipapadi le bommadipapadi bakeng sa ho kgethwa mekgahlelong e robedi ya Dikgau tsa Selemo ka seng tsa Dipapadi tse Lebatowa tsa selemo sa 2017, tse neng di tshwerwe ke Aforika Borwa.

Lekgotla la Dipapadi la Kopano ya Aforika la Lebatowa la 5 ke le leng la mabatowa a mahlano a tshepetsweng boikarabelo ba ho ntshetsapele dipapadi tlasa Kopano ya Aforika. Ditho tsa lebatowa ke: Angola, Botswana, Lesotho, Malawi, Mozambique, Namibia, Aforika Borwa, Swaziland, Zambia le Zimbabwe.

Wayde van Niekerk o hapile kgau ya Radipapadi wa Selemo
Caster Semenya o hapile kgau ya Mmadipapadi wa Selemo
Anna Botha o hapile kgau ya Mokwetlisi wa Selemo
Mamelodi Sundowns e hapile kgau ya Sehlopha sa Selemo.
5.3 Kabinete e thoholetsa batho ba Lesotho mabapi le dikgetho tsa kgotso le hape ho thoholetsa eo e tla ba Tonakgolo Monghadi Thomas Thabane le mokga wa hae ka ho hapa dikgetho.

6. DITHONYO

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1 Motsamaisikakaretso (DG): Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso, Mofumahadi Nompumelelo Zandile Mpofu.
6.2 DG: Lefapha la Matlotlo a Naha, Monghadi Dondo Mogajane.

Dipotso: 
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisikakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139