Back to top

Primary tabs

Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 31 Phato 2016



1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Moporesidente Jacob Zuma o eteletse pele kemedi ya Mmuso wa Aforika Borwa ho Seboka se Tlwaelehileng sa bo-36 sa Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC) sa Dihlooho tsa Puso se neng se tshwerwe ho tloha ka la 30 ho isa ho la 31 Phato 2016 tlasa mookotaba: “Phumantsho ya Mehlodi bakeng sa Matsete ho Meralo ya Motheo ya Eneji ya Moshwelella bakeng sa kgodiso e kenyeletsang ya diindaseteri ka hara SADC le Nala ya Lebatowa”.

Seboka se ne se tsepamisitse maikutlo hodima tlhokeho ya ho ntlafatsa ka bobedi ntshetsopele ya diindaseteri le meralo ya motheo ho matlafatsa boikopanyo le ho tiisetsa kgwebisano ka hara lebatowa bakeng sa ho tobana le lenaneo la moshwelella la ntshetsopele la SADC.

Mabapi le boemo ba sepolotiki le tshireletso ka hara lebatowa, ho ne ho tsepamisitswe maikutlo hodima diphethoho tsa lekala la molaotheo, setjhaba le tshireletso ka hara Mmuso wa Lesotho, poelano ya setjhaba, ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa SADC mabapi le Madagascar le dipuisano tsa naha tse lebisitsweng boitokisetsong ba dikgetho tsa Riphabliki ya Demokerasi ya Congo.

Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho fetisa diteboho ho Ditho tsa Dipuso tsa SADC bakeng sa tshepo le ho tshepelwa ha Aforika Borwa jwaloka modulasetulo e motjha wa SADC ka Phupu 2017.

1.2. Kabinete e ananetse matsete a R11 bilione a Koporasi ya Matjhaba ya Makoloi ya Beijing (BAIC) ho theha polante ya tlhahiso ya makoloi ka hara Setsha sa Ntshetsopele ya Diindaseteri sa Coega.

Tumellano ena ke matsete a maholo ka ho fetisisa a makoloi Aforika dilemong tse 40 tse fetileng mme sena se thathiselletsa naha jwaloka sebaka se ka hodimo sa matsete bakeng sa bahlahisi ba makoloi.

Sena se kgonahetse ka lebaka la tikoloho ya leano le nang le tshehetso la Aforika Borwa, ka ho qolleha Tlhahiso ya Makoloi le Lenaneo la Ntshetsopele le hohetse bahlahisi ba makoloi ho tswa lefatsheng ka bophara.

Matsete a BAIC ke ditlamorao tsa Foramo e mabapi le Tshebedisano-mmoho ya China-Africa (FOCAC) e neng e tshwaretswe Johannesburg ka Tshitwe 2015, moo Moporesidente Jacob Zuma le Tonakgolo ya China Xi Jinping ba ileng ba saena ditumellano tsa bobedi tse seng ka tlase ho 26 tsa boleng bo akanngwang ho R100 bilione.

Porojeke ena e beha Kapa Botjhabela jwaloka setsha sa mesebetsi ya tlhahiso ya makoloi mme e na le bokgoni ba ho matlafatsa phepelo ya dikarolwana tsa makoloi, tlhahiso ya mesebetsi le ntshetsopele ya moruo. E lebeletswe ho hlahisa mesebetsi e 2 500 ka kotloloho le mesebetsi e fetang 10 600 e ka thoko.

Pejana selemong sena Toyota e ile ya tsebisa hore e tla hlahisa motlolo tse ntjha tsa Toyota Hilux le Fortuner jwaloka karolo ya matsete a R6.1 bilione ha BMW e tla aha lebenkele la ho lokisa le ho kobolla makoloi la maemo a hodimo la R6 bilione.

Matsete ana a thusa ho ntlafatsa dintlha tsa rona tsa naha tse ka sehlohlolong tsa ho hotetsa botjha kgolo ya moruo, ho baballa mesebetsi e teng le ho hlahisa e meng ka hara moruo.

1.3. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Setheo sa pele sa Koporasi ya Ditjhelete bakeng sa Basadi ba Dibaka tsa Mahae ya Bonono le Mesebetsi ya Matsoho ke Letona la Lefapha la Tlhabollo ya Dibaka tsa Mahae, Gugile Nkwinti. Setheo sa Koporasi ya Ditjhelete sa Koporasi ya Ditjhelete ya Dibaka tsa Mahae ya Mzansi, e ngodisitsweng pejana selemong sena, e tla sebetsa jwaloka lepatlelo la tsa dibanka bakeng sa batho ba dibaka tsa mahae ba etsang mesebetsi ya matsoho bao e leng ditho tsa dikoporasi tse thehilweng Kwazulu Natal, Kapa Botjhabela, Limpopo le Mpumalanga.

Setheo sena se etsa hore basadi bana ba kgone ho fumantshwa tshebediso ya Tsamaiso ya Naha ya Ditefello, ditshebetso tse iketsang, ho tlaleha ho nepahetseng le ho tshepahala le ho thusa ditho ho sebetsana le ditjhelete sebakeng sa thekiso, di-ATM le ditheo tse ding tsa dikoporasi tsa ditjhelete ho phatlalla le Aforika Borwa. Tse ding tsa ditlamorao tsa bohlokwa tsa tshehetso e fannwang di kenyeletsa phumantsho ya ditifikeiti tse tshepahalang tsa boingodiso, diakhaonte tsa banka, ditifikeiti tsa tumello ya lekgetho le dikgokahanyo le mebaraka e metjha ya lehae le ya matjhaba. Boikitlaetso bona ke karolo ya mokutu o akaretsang wa ho matlafatsa basadi dibakeng tsa mahae ka maitsebelo le tsebo bakeng sa ho bopa dikgwebo tse atlehileng.

1.4. Ho thakgolwa ha leano la 50/50 ke Letona la Tlhabollo ya Dibaka tsa Mahae, ho bonahetse ka ho ba teng ha polasi ya pele e keneng mokgahlelong wa teko wa Moralo wa Leano wa ho Matlafatsa Ditokelo tse Teng tsa Batho ba Sebetsanang le Mobu, ho la KwaZulu-Natal.

Dihektara tse 514 tsa polasi ya Westcliffe di na le dihektara tse 270 tsa lehlaka la tswekere, dihektara tse 140 tsa patsi le dihektara tse 10 tsa masimo a khabetjhe a nosetswang. Tumellano ena e tla etsa hore basebeletsi le beng ba mapolasi e be beng-mmoho ba kgwebo ya polasi masepaleng wa lehae wa uMshwathi, haufi le Greytown.

Hara dintho tse ding, leano le rerile ho tiisetsa polokeho ya bodulo ya basebeletsi ba mapolasi ha ka ho le leng le batla ho fetola mekgwa ya thuo ya mobu ka hara naha le ho matlafatsa basebeletsi hore ba fumane diabo dikgwebong tsa mapolasi. Moralo wa leano la 50/50 hape le rerile ho ntlafatsa diphethoho tsa moruo tsa lekala la temo.

1.5. Pitso ya 2016 ya Diphethoho ho tsa Ditaba tsa Dikoranta e neng e epilwe ke Lefapha la Dikgokahanyo bakeng sa ho tshohla diphethoho le ho se Tshwane ka hara ditheo tsa boraditaba ba naha e fanne ka lepatlelo ho letoto la bankakarolo ba sebetsang ka hara tikoloho ya ditaba ho tshohla diphethoho ho tsa boraditaba, boikarabelo le dintlha tse ka sehlohlolong tsa ho se tshwane.

Pitso ena, e neng e tsepamisitse maikutlo hodima lethathama kaofela ka hara sebaka sa dikoranta, ho tloha ho thuo ho isa ho tsa phatlalatso ya dikoranta, diphuputso le papatso, e tla thusa ka maele ho pampiri ya mohopolo e amanang le diphethoho le tlhabollo ya dikoranta tsa mehleng le tse ntjha ka hara Aforika Borwa.

1.6. Aforika Borwa e tshwaya Kgwedi ya Bohahlaudi ka Loetse tlasa mookotaba: “Bohahlaudi bakeng sa bohle” ho kgothaletsa tse fanwang ke bohahlaudi bo ruileng ho maAforika Borwa kaofela.

Kabinete e kgothaletsa e mong le e mong ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore ditshita tse thibelang ho fihlella dibaka di a tloswa mme maAforika Borwa kaofela a fuwa monyetla, le ho jala tjantjello ya ho kenella ka hara naha ya rona e kgahlang e ntle.

1.7. Re ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho keteka ditso tsa setjhaba sa naha ya rona tse fapaneng jwaloka ha naha e tshwaya Kgwedi ya Botjhaba ka Loetse tlasa mookotaba: “Maruo a Batho le Bahale: Lefa la rona le Phelang”.

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho ba motlotlo ka lefa la rona le phelang le ho bapala karolo e matla mabapi le ho le tiisetsa, ho le hodisa le ho le baballa. Ho bohlokwa hore jwaloka setjhaba re keteke Maruo a rona a Batho maemong kaofela a setjhaba sa rona.

Sehopotso sa selemong sena se tshwaya dilemo tse 20 esale Letsatsi la Botjhaba le phatlalatswa ka selemo sa 1996 mme re tshwanela ho sebedisa letsatsi leo ho ananela lefa la rona leo re le arolelanang bakeng sa ho ahella hodima kgatelopele ya rona esale ho tloha ka selemo sa 1994 bakeng sa ho bopa Aforika Borwa e kopaneng.

1.8. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Kgwedi ya Tshebeletso ya Mmuso ya selemo sa 2016 kgweding ya Loetse tlasa mookotaba “Ditshebeletso tsa Mmuso bakeng sa Kgolo ya Boleng bo Kenyeletsang: Re isa Batho Pele boemong bo botjha ka ho Ntshetsapele Tshebeletso ya Mmuso”.

Kgwedi ya Tshebeletso ya Mmuso ya selemong sena e etsahala bohareng ba tsamaiso ya bohlano hape le kgwedi kamora dikgetho tsa mebuso ya lehae. Lenaneo lena la kgwedi kaofela ka karolo e bopelletsweng le Lewa la Tsoseletso ya Batho Pele le reretsweng ho aha botjha maitshwaro a matle, bokgothadi, motlotlo le boporofeshenale ba basebeletsi ba mmuso mabapi le ho fana ka thepa le ditshebeletso tsa mmuso.

Basebeletsi ba mmuso ho phatlalla le mmuso ba tla sebedisa kgwedi ena ho buisana le ho ikopanya le baahi le bankakarolo ba bang ba setjhaba mabapi le tlhokeho ya phano ya ditshebeletso e hlwahlwa. Sena se etsa karolo ya ho matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ka ho nyehela bakeng sa ho aha puso e kgonang e bapalang karolo ya ntshetsopele le diphethoho.

1.9. Beke ya Selemo ka seng ya Thusong Service Centre ho tloha ka la 19 ho isa ho la 23 Loetse 2016 e tla tshwarwa tlasa mookotaba “Thusong Service Centres – Re ntshetsapele tshebeletso ya mmuso: Ke ya rona, Re a Tsotella, Re a Sebeletsa”. Beke ena e hlakisa tlhahisoleseding ya mmuso, ditshebeletso le menyetla e teng ka hara Thusong Service Centres ho phatlalla le naha. Ho na le diketsahalo tse rerilweng bakeng sa ho hopola beke ena le ho hlophisa diphihlello tsa ditsha ho tloha esale di thehwa ka selemo sa 1999.

1.10. Mmuso o thakgotse lewa la lebitso le dikgokahanyo tsa NDP. Tsebahatso e bonwang ya NDP e tla kopanya le ho hlophisa mekutu ya dikgokahanyo tsa mmuso ka kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha NDP ka boitsebahatso ba lebitso le bonahalang.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana katamelo ya Aforika e bataletseng ho bonkakarolo ba yona ho G20 ya selemong sena eo tlasa Boporesidente ba China, e amohetseng mookotaba o bataletseng o reng “Re hahamalla Moruo wa Lefatshe o Ntlafatsang, o mafolofolo, o Kopanetsweng le ho Kenyeletsa”.

Tabatabelo ya mantlha ya G20 ke ho eketsa tshebedisano-mmoho ya dinaha tse ngata bakeng sa tsoseletso ya moruo wa lefatshe, ho tlisa botsitso ho tsamaiso ya ditjhelete tsa lefatshe, ho hodisa kgolo ya moshwelella ya nako e telele le ho matlafatsa taolo ya moruo wa lefatshe.

Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela Seboka sa G20 Hangzhou, ho la China ka la 4 le la 5 Loetse 2016. Bonkakarolo ba Aforika Borwa ho G20 ke ho fana ka lewa la ponelopele mabapi le ho theha lepatlelo la leano la moruo le la matjhaba tse tla kganna le ho rerisana ka ditlamorao tse ka bang teng tse lokileng ka ho fetisisa bakeng sa Aforika Borwa, Aforika le dinaha tse ntseng di tswela pele. Seboka sa G20 se tla ba le, kgetlong la pele nalaneng, palo e etsang rekoto ya dinaha tse tswetseng pele tse kenetseng seboka.

2.2. Ho lokollwa ha Dipalopalo tsa Naha tsa Selemo ka seng tsa Botlokotsebe tsa 2015/16, tse hlahiswang ho tswa pokellong ya diketso tsa botlokotsebe tse tlalehwang boemong ba diteishene hape di ile tsa tjhaellwa monwana mme di tla phatlalatswa ka la 2 Loetse 2016.

Ho lokollwa ha dipalopalo ho nyehela bakeng sa sephetho sa lewa la ‘Batho bohle ka hara Aforika Borwa ba bolokehile le ho ikutlwa ba le jwalo’.

Dipalopalo tsa botlokotsebe ke tshupane ya bohlokwa ya ntwa ya mmuso kgahlanong le botlokotsebe ka bomphato le badudi, boramesebetsi le dikgwebo.

Dipalopalo di tshwanela ho shejwa ho ya ka kgolo ya setjhaba le boemo ba moruo.

2.3. Kabinete e fumane tlaleho ka Diphetho tsa Kopano ya Boleshome le metso e Mmedi ya Pitso ya Mekga ho Khonvenshene ya Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng e mabapi le Twantsho ya Kgolo ya Mahwatata (UNCCD COP12) e neng e tshwaretswe Ankara, ho la Turkey ho tloha ka la 12 ho isa ho la 23 Mphalane 2015.

Aforika Borwa e ile ya hlwauwa jwaloka e nngwe ya bakgolamolemo ba lenaneo la tshehetso ya ho teka merero ya UNCCD, e tla thusa dinaha ho ipehela merero ya boithaopo e tsamaelanang le maemo a naha le dintlha tse ka sehlohlolong tsa ntshetsopele.

Aforika Borwa e amohela boemo bo akaretsang ba Khonvenshene le tlhokeho ya ho sebeletsa dinaha tsohle tse angwang ke kgolo ya mahwatata, ho thefuleha ha boleng ba mobu le komello boo ka ho le leng bo tla netefatsa hore dintlha tse jwalo di nkelwa hloohong hohle moo e bang di a etsahala ka bobedi maemong a naha kapa a matjhaba. Sena se tla netefatsa kenyeletso le ho ntlafatsa dikamano tsa Leboya-Borwa le tshebedisano-mmoho.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa kakopanelo ha Pitso ya Lefatshe ya bo-2 ya ho Nyantsha ke Lefapha la Bophelo bo Botle le Marangrang a Tshebetso a Matjhaba a Dijo tsa Masea, ho tloha ka la 11 ho isa ho la 14 Tshitwe 2016, tlasa mookotaba “Ha re tseteleng ho ntlha ya ho bopa tikoloho e thusang bakeng sa bomme le masea”.

Sena se supa boitlamo ba Aforika Borwa ba ho matlafatsa boipiletso ba ho tshireletsa, ho kgothaletsa le ho tshehetsa ho nyantsha le ho tswela pele ho matlafatsa lenaneo la phepo ya masea le bana ba banyenyane.

Sena se nyehela tabeng ya ho fihlella e nngwe ya merero e robong ya nako e telele ya bophelo bo botle e tekilweng ho NDP; ho fokotsa mafu a bomme, masea le bana ba banyenyane. Dipheo tsa Ntshetsopele ya Moshwelella le tsona di toboketsa ntlha ya ho ntlafatsa phepo. Moralo o pharaletseng wa ho Kenngwa Tshebetsong ha Phepo ya Bomme, Masea le Bana ba Banyenyane, o na le e le nngwe ya merero e tsheletseng ya lefatshe bakeng sa phepo ka sepheo sa ho eketsa sekgahla sa ho nyantsha ho ikgethileng dikgweding tse qalang tse tsheletseng ho isa ho bonyane 50% ka selemo sa 2025.

Ho nyantsha ke e nngwe ya matsete a nang le boleng bo fetisisang mabapi le ho phela ha bana. Mekgwa ya ho nyantsha ho maemong a fokolang ho nyehela selemo ka seng ho mafu a 800 000 (13% ya mafu kaofela) hara bana ba ka tlasa dilemo tse hlano dinaheng tse ntseng di tswela pele hammoho le ho ba teng ha phepo e mpe e phahameng, e leng phephetso e kgolo ya bophelo bo botle ba setjhaba naheng ya Aforika.

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa hore Lefapha la Bophelo bo Botle le tshware Pitso ya Matjhaba ya Bolaodi ba Meriana ya bo-17, ho tloha ka la 27 Pudungwana ho isa ho la 2 Tshitwe 2016, ka tshebedisano-mmoho le Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle (WHO). Sena se bontsha boitlamo ba mmuso mabapi le ho tobana le diphephetso tsa lefatshe tsa kalafo mabapi le ho tokafatsa melawana le ho ntlafatsa polokeho, bohlwahlwa le boleng ba meriana le tse tsamaelanang le yona.

Foramo ena ya dipuisano bakeng sa ba ka taolong ya meriana ya dinaha tse 194 e leng ditho tsa WHO e rerile ho tobana le melawana e laolang meriana le tse tsamaelanang le yona le tokafatso ya dipehelo tsa taolo.

Ho tshwara pitso ena ho tla matlafatsa bolaodi ba naha ba taolo ya meriana, Lekgotla la Taolo ya Meriana, le ditsamaiso tsa dihlahiswa tsa meriana. Dipuisano hape di tla nyehela tabeng ya ho sebetsana le tokafatso le ntlafatso ya maemo a taolo ka hara Aforika le SADC.

Hape e etsa hore Aforika Borwa e nkelwe hloohong jwaloka monkakarolo wa lefatshe ditabeng tsa ho okamela taolo ya meriana le dihlahiswa tse tsamaelanang le yona. Naha e tla ba le monyetla wa ho nka karolo popong ya maano a matjhaba a meriana a ka nnang a ba a tlamang ho dinaha tseo e leng ditho tsa WHO.

2.6. Hape Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Bolaodi ba Tsamaiso ya Mmuso, wa bo-11 wa 2014. Molao ona o theha tsamaiso e tshwanang ho mekgahlelo kaofela e meraro ya mmuso le ho mafiella dipehelo le melawana e laolang tsamaiso ya mmuso jwaloka ha e tekilwe ho karolo 195 (1) ya Molaotheo.

Molao o fana ka ho thehwa ha dibopeho tse pedi e leng: (i) Kantoro ya Maemo le Boimatahanyo le (ii) Yuniti ya Thuso ya Setekginiki. Katamelo e qaqolohaneng ya ho kenngwa tshebetsong e amohetswe bakeng sa ho theha tsena.

Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso (DPSA) le hlophisitse sehlotshwana sa pele sa melawana e neng e kentswe koranteng ya mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba ka la 15 Phupu 2016. Tshebedisano-mmoho e motjheng le Lekala la Aforika Borwa la Maemo le ditheo tse ding tsa naha tse tekang maemo bakeng sa ho hlahisa sesebediswa sa semolao se tla lebisa tshebetsong le ho thehweng ha Kantoro ya Maemo le Boimatahanyo.

DPSA hape e motjheng wa ho batlisisa le ho hlahisa moralo wa ditlwaelo le maemo, ho kenyeletswa le ho thehwa ha motlolo wa ditlhophiso tsa taolo o tla etsa hore ho kenngwe tshebetsong ditlwaelo tse batlehang.

2.7. Kabinete e tsebisitswe ka tlaleho e mabapi le dipalopalo tsa bophaphathehi bakeng sa nako ya Pherekgong ho isa ho Tshitwe 2015. Kabinete e ile ya tshehetsa ho thehwa ha moifo wa tshebetso wa mafapha a kopanetsweng ho tshohla tsamaiso ya ho qetela ya ho laola baphaphathehi ba kopang botshabelo ba kotetsweng.

Tlaleho ena e nyehela ho tsamaiso e tletseng ya bofalli e le ho ntlafatsa taolo ya ba kopang botshabelo le baphaphathehi.

Ho ya ka tlhahisoleseding e tswang ho Tsamaiso ya Naha ya Tlhahisoleseding ya Bofalli, ho ngodisitswe batho ba batjha ba kopang botshabelo ba 62 159, kgahlanong le ba 71 914 ba ngodisitsweng ka selemo sa 2014 le ba 70 010 ka selemo sa 2013. Dinyewe tse 60 640 tse ngodisitsweng tsa ba kopang botshabelo di ile tsa ahlolelwa le ho phethelwa maemong a Tiisetso ya Maemo a Bophaphathehi pakeng tsa Pherekgong le Tshitwe 2015. Dinyeweng tsena tse ahloletsweng: dinyewe tse 2 499 tsa kopo ya botshabelo di ile tsa tjhaellwa monwana, tse 4 093 di ile tsa qhelwa e le tse se nang motheo le tse 44 048 di ile tsa qhelwa e le tse se nang motheo, tsa tshebediso e mpe ya molao le tsa boqhekanyetsi.

2.8. Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e seng e entswe mabapi le Bili ya Bolaodi ba Taolo ya Madiboho (BMA), ya 2016 e ileng ya tjhaellwa monwana bakeng sa ho kenngwa Palamenteng ka la 23 Loetse 2015. Bili ena sethathong e ne e kenngwe Palamenteng ka la 8 Mphalane 2015. Dikgahlamelo tsa Bili ena hodima moruo wa kahisano hodima ho thehwa ha BMA di bakile hore e tshwanelwe ke ho iswa ho NEDLAC, sena se ile sa etswa ka la 13 Mphalane 2015.

Ho ile ha ba le tsela ya dipuisano tse tebileng tsa NEDLAC mabapi le Bili ena pakeng tsa Pudungwana 2015 le Motsheanong 2016. Ka la 12 Motsheanong 2016 tlaleho ya ho qetela ya NEDLAC mabapi le Bili ya BMA, ya 2016 e ile ya tjhaellwa monwana ke Komiti ya Tsamaiso ya NEDLAC. Bili e ile ya netefatswa Palamenteng ka la 18 Motsheanong 2016 ke Kantoro ya Moeletsi e Moholo wa Molao wa Puso hore e tsebiswe. Kabinete e etse hloko hore Bili ya BMA, ya 2016 e ile ya hlahiswa kamora moo ho Palamente ka la 25 Motsheanong 2016 mme dingangisano tsa pele mabapi le Bili ena di tshwerwe Palamenteng ka la 6 Phato 2016.

Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Merero ya Lehae (DHA) le Tshebeletso ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) di akofise ho phethelwa ha Memorandamo wa Kutlwano o amanang le ho fetisetswa ha basebeletsi ba tshwanelehang ba SARS ho DHA ho tshehetsa mekutu ya taolo ya hajwale ya madiboho le kgokahanyo tikolohong ya madiboho.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Mekgatlo ya Thepa ya Mobu ya Badudi, ya 2016 ho Palamente. Bili e hlomathisa Molao wa Mekgatlo ya Thepa ya Mobu ya Badudi, wa 1996 (Molao bo-28 wa 1996), ka ho o matahanya le thomo e bataletseng ya tlhabollo ya mobu ya naha.

E hodisa taolo ya demokerasi le tshebediso ya moshwelella ya mobu o kopanetsweng ke badudi o laolwang ke mekgatlo ya thepa ya mobu ya badudi lebitsong la badudi. E matlafatsa bolaodi ba taolo ya ditheo le ho matlafatsa tshehetso ya mmuso ho tsona. Bili e batla ho theha Kantoro ya Mekgatlo ya Thepa ya Mobu ya Badudi e etellwang pele ke Mongodisi wa Mekgatlo ya Thepa ya Mobu ya Badudi.

Badudi ba tla thuswa bo betere ho fumana, ho tshwara le ho laola thepa ka mohlodi wa badudi o thehilweng semolao le kabo ya bolaodi le tsamaiso ya ditheo, ba tshehetswa ke mmuso.

3.2. Ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Ditaba tsa Makgotla a Dinyewe, sa 2016 Palamenteng se batlang ho fetola melao e mengata e nang le kgahlamelo ho tsamaiso ya toka bakeng sa ho tobana le dintlha tse setlwaeding le tse rarahaneng, ho netefatsa tsamaiso ya toka e bobebe le sona se tjhaelletswe monwana.

Mokgwa wa dihlomathiso ke wa tsela e sa sebetseng hantle bakeng sa ho kgothaletsa Dihlomathiso tsa Melao ka bonngwe bakeng sa ho sebedisa dihlomathiso tsena melaong e amehang. Dihlomathiso ke tsa mefuta e fapaneng mme di ka matahanngwa le dipheo tse latelang tsa bohlokwa tsa NDP, e leng ho netefatsa hore batho kaofela ba bolokehile le ho ikutlwa ba le jwalo ho itshetlehilwe hodima tsamaiso e ikemetseng le e hlokang leeme ya toka; momahano ya kahisano; ho fihlella puso e tswelang pele, e kgonang le e nang le maitshwaro e tshwarang baahi ka seriti; le kenyeletso ho tsa moruo.

4. Diketsahalo tse Tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Kopano ya Kakaretso ya bo-17 ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNGA 71) pakeng tsa la 13 le la 26 Loetse New York tlasa mookotaba: "Dipheo tsa Ntshetsopele ya Moshwelella: boikitlaetso ba lefatshe ba ho fetola lefatshe la rona."

Sena se fana ka monyetla bakeng sa dinaha tseo e leng ditho ho lekola bohlwahlwa ba Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN), haholoholo kaha mokgatlo haufinyana tjena o ne o keteka selemo sa bo-70. Ho lebeletswe dipuisano mabapi le ho fetolwa ha UN, ho kenyeletswa tsoseletso ya UNGA; ntlafatso ya mosebetsi wa Lekgotla la Moruo le Kahisano (ECOSOC); le ho fetolwa ha Lekgotla la Tshireletso la UN (UNSC) bakeng sa ho atolosa botho ba yona ho ka bobedi mekgahlelong ya botho ba ka dinako tsohle le ba nakwana.

Sena hape e tla be e le lekgetlo la ho qetela la hore Ban Ki-moon a tshetlehele Kopano Kakaretso ya UN puo jwaloka Mongodikakaretso wa yona.

4.2. Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) e tla tshwara Letsatsi la Naha la Sehopotso ka la 4 Loetse 2016 la selemo ka seng, ho hopola ditho kaofela tsa SAPS tse lahlehetsweng ke maphelo a tsona pakeng tsa la 1 Mmesa 2015 ho isa ho la 31 Hlakubele 2016, ba etsa mesebetsi ya bona ka morero wa ho netefatsa polokeho le tshireletso ka hara Aforika Borwa.

5. Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Tikolohong tsa Hajwale

5.1. Kabinete e hlahisitse maikutlo a yona mabapi le dipuo tsa ditlhaselo tsa phatlalatsa pakeng tsa mekga e fapafapaneng tabeng e amanang le diphuputso tsa di-Hawk tsa ditaba tse amanang le SARS. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba amehang, ho kenyeletswa le ditho tsa Kabinete tse sebetsang maemong a fapafapaneng, ho kgoba matshwafo le ho tlohela ho etsa dipehelo phatlalatsa tse lebisitsweng ho mang kapa mang ya amaheng tabeng ena. Kabinete e ipiletsa ho mekga kaofela ho sebetsa ka seriti le boitlhompho le ho sebetsana le taba ena ka boikokobetso le ho buisana le ba amehang ho na le ho sebedisa mapatlelo a phatlalatsa.

5.2. Kabinete e bapa le Moporesidente Zuma mabapi le ho bontsha tshepo ho Letona la Ditjhelete leo, mmoho le ditho tse ding tse fapafapaneng tsa Phethahatso, dikgwebo, Boramesebetsi le setjhaba ka kakaretso, esale le etsa mosebetsi o babatsehang wa ho aha tshepo moruong wa rona hara boramatsete ba ka lapeng le ba dinaheng disele. Kabinete ka ho tshwana e ipileditse ho mekga kaofela ho hlompha le ho sebedisana mmoho le makala a mmuso a fuweng mosebetsi wa qobello ya molao.

5.3. Ditho tsa Phethahatso di tswela pele ho etsa se matleng a tsona ho tshireletsa moruo, le mosebetsi wa bohlokwa wa ntshetsopele oo e leng boikarabelo ba ditheo tsa mmuso. Makala kaofela a mmuso a na le boikarabelo ba ho phethisa thomo ya ona ka mokgwa o sa tlo hlokisa mosebetsi wa mmuso botsitso kapa ho ama moruo hampe.

5.4. Moporesidente Jacob Zuma o ne a kenetse Seboka sa botshelela sa Pitso ya Matjhaba sa Ntshetsopele ya Aforika sa Tokyo (TICAD VI) se neng se tshwaretswe Nairobi, ho la Kenya ho tloha ka la 27 ho isa ho la 28 Phato 2016. Sena e ne e le lekgetlo la pele hore TICAD e tshwarelwe Aforika esale ho tloha e thehwa ka selemo sa 1993.

TICAD-VI e file Dihlooho tsa Puso le Mebuso ho tswa Aforika monyetla wa ho beha leihlo kgatelopele le ho kenngwa tshebetsong ha ditumellano tsa TICAD e fetileng tse rerileng ho akofisa kgolo le ntshetsopele ya Aforika.

TICAD-VI hape e etsahetse selemong sa pele sa ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a ntshetsopele ya lefatshe le lebatowa, e leng Lenaneo la selemo sa 2030 la Ntshetsopele ya Moshwelella le Lenaneo la 2063 le Leano la Dilemo tse Leshome tsa Pele tsa ho le Kenya Tshebetsong. Ka ho tsamaelana ka botlalo le mananeo ana a ntshetsopele, TICAD-VI e tshohlile dintlha tsa mookotaba tseo Aforika esale e tobane le tsona esale ho tloha ka TICAD-V e fetileng Yokohama, ho la Japan ka selemo sa 2013. Tsena di kenyeletsa ho thehwa ha diindaseteri, bophelo bo botle, le botsitso ba kahisano.

Kabinete e amohela boitlamo ba Tonakgolo Shinzo Abe ba hore Japan e tla bokeletsa tjhelete e etsang $30 bilione e le matlole a lekala la poraefete le a mmuso bakeng sa ho tsetela ka hara Aforika nakong ya dilemo tse tharo tse tlang ho matlafatsa kaho ya meralo ya motheo ka hara Aforika.

Kopano e kgathile dipuisano tse bataletseng le tse tebileng mabapi le matsete a lekala la poraefete, ho etsa hore meruo ya Aforika e ba ya diindaseteri, ho theha dibopeho tsa moruo tsa moshwelella, bophelo bo botle le thibelo ya mafu a kotsi a kang Ebola le Zika, ntwa kgahlanong le boferekanyi, ho ruta le ho matlafatsa batjha ba hlasetsweng ke bofuma ho ba thibela bakeng sa ho hohelwa ke dihlopha tsa dingangele le tsa baferekanyi.

Dihloho tsa Puso le mmuso di boeleditse boitlamo ba bona ba ho tswela pele ho matlafatsa tsamaiso ya TICAD ka dipehelo tsa tataiso tsa foramo e bulehileng le ho kenyeletsa, ditherisano le bankakarolo ba bangata, boimatahanyo le mananeo a Aforika a pele, ho toboketsa ntshetsopele e tobileng batho, le ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa ka mekgwa e kopanetsweng ya tekolo le tatelliso.

5.5. Diketsahalo tsa semorabe tse lebisitsweng ho Sekolo se Phahameng sa Banana sa Pretoria ke tse ngongorehisang haholo. Kabinete e thoholetsa sebete sa baithuti sa ho pepesa semorabe le kgethollo sekolong seo. Ruri ke balwanedi ba diphethoho tsa kahisano, ba hlokehang bakeng sa ho tlosa naha ya rona mekgweng ya kgale ya kgethollo le ho e tlisa haufi le ho fihlella merero ya Aforika Borwa e kopaneng.

Re ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho hlomphana le ho ba ntho e le nngwe kgahlanong le karohano ya semorabe ka hara setjhaba sa ha bo rona. Leeto la rona la demokerasi le ahilwe hodima mamellano le tlhompho.

5.6. Hape re ipapisa le dimilione tsa maAforika Borwa mabapi le ho thoholetsa Sehlopha sa Aforika Borwa bakeng sa tshebetso e babatsehang ho Dipapadi tsa Diolimpiki tsa Rio tsa selemo sa 2016. Sehlopha se entse naha motlotlo ka ho hapa dimedale tse leshome ho phatlalla le dipapadi tse fapafapaneng, ho kenyeletswa dimedale tse pedi tsa gauta. Tshebetso e babatsehang ka Wayde Van Niekerk mabapi le ho hapa gauta lebelong la 400m le ho pshatla rekoto ya lefatshe, le ho matha ho makatsang ha ngwanana wa rona ya kgabane Caster Semenya lebelong la 800m ho tla dula nako e telele mehopolong ya rona kaofela.

5.7. Kabinete e thoholetsa maAforika Borwa le IEC bakeng sa ho netefatsa Dikgetho tse ding hape tsa Mebuso ya Lehae tse atlehileng. Ho phatlalla le naha, makgotla a metse a kopane bakeng sa ho kgetha borametse, batsamaisi ba dipuisano le baetapele ba mekga ka kgetho e matla bakeng sa demokerasi e sebetsang.

Kabinete e kgothaletsa baahi ho tswela pele ho nka karolo ka Dikomiti tsa Diwate le mekgwa e meng e kenyeletsang badudi mebusong ya lehae.

5.8. Tsebiso ya kotlo ya R1, 5 bilione e lokelang ho lefuwa ke ArcelorMittal, e leng baetsi ba tshepe ba baholo ka ho fetisisa ba naha, ka lebaka la ho henahenana le ditheko le bobodu ka hara indaseteri ya tshepe ke kotlo e le nngwe ya pele e kileng ya fuwa khamphani e le nngwe ke balaodi ba phehisano.

Khamphani hape e itlamme, jwaloka karolo ya ditokiso ho balaodi, ho tsetela R4,6 bilione ditjehong tse ka sehloohong ho ntlafatsa dipolante tsa yona le ho ntlafatsa bophehisani. Ditokiso ho ya pele di fana ka mokgwa wa ho beha ditheko o tla ntlafatsa kuno hodima dihlahiswa tsa tshepe e bataletseng bakeng sa dilemo tse hlano.

Sena ke karolo ya ntwa kgahlanong le tshebediso e mpe ya matla a mmaraka le ho henahenana le ditheko tse nyatsang tshebetso ya moruo, ho hlahisa ditjeho tse sa hlokahaleng bakeng sa difeme tse nyenyane le ho senya mesebetsi ya lehae. Mmuso o dula o itlamme bakeng sa ho kgothaletsa kgolo ya moruo e eteletsweng pele ke matsete, e seng ho kginwa ha moruo ka lebaka la bobodu.

5.9. Re ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho sebedisa metsi ka makgethe le ho a baballa; ka ho sebetsa mmoho re ka netefatsa phepelo e hantle ya metsi mme hape le ho tshireletsa meralo ya motheo ya bohlokwa ya metsi.

Ho na le maemo a ntseng a phehella a komello dikarolong tse mmalwa tsa naha moo Gauteng jwale e seng e ameha moo Tsamaiso e Kopanetsweng ya Noka ya Lekwa e leng tlasa kgatello e matla.

Bakeng sa ho sebetsana le boemo ba hajwale, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le sebetsa mmoho le SALGA, CoGTA le bomasepala le tla beha dithibelo hodima tshebediso ya metsi Ekurhuleni, Johannesburg, Tshwane le Mogale City.

Phepelo ya Metse ya Ditoropo e tla fokotswa ka 15% mme ho nosetswa ho tla fokotswa ka 20%. Dithibelo tsena ha di qobehe mme di tla dula di le teng ho netefatsa phepelo ya metsi ho fihlela maemo a ya ka theko.

5.10. Diphetho tsa Dikakanyo tsa Palo ya Setjhaba tsa Mahareng a Selemo ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa di bontshitse hore palo ya setjhaba sa Aforika Borwa e holetse ho batho ba 55.9 milione moo nako ya ho phela e leng dilemo tse 62 mme mafu a masea a akanngwa ho 33.7 ho 1 000 ya ba phelang.

Kabinete e ne e ngongorehile ka keketseho ya sekgahla sa boteng ba HIV ho tloha ho 11.2% selemong se fetileng ho ya ho 12.7% ka selemo sa 2016 e leng se lebisang ho akanngwang ho batho ba 7.03 milione ba phelang ka HIV.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho sebetsa le mmuso ho thibela ditshwaetso tse ntjha ka ho kenela diteko bonyane hanngwe ka selemo, ho kena thobalanong e bolokehileng le hore banna le bashemane ba mamele boipiletso le ho kenela lebollo la bongaka.

5.11. Kabinete e ananetse kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo mabapi le Sehlomathiso sa Molao wa Puseletso ya Ditokelo tsa Mobu, se tekilweng ka selemo sa 2014, ho bula botjha tsamaiso ya puseletso ya mobu ya naha.

Lekgotla le file Palamente dilemo tse pedi ho kgutlisetsa molao oo kapa ho fetisa Molao o motjha. Kahlolo e bolela hore ha ho dikopo tse ntjha tse ka kenngwang ho fihlela ho tekwa Molao o motjha o tla bula ho kenngwa ha ditseko tse ntjha.

Khomishene ya Puseletso ya Ditokelo tsa Mobu e tla hlophisa pitso ya boraditaba ho fana ka tataiso ya tsela ya ho ya pele ho latela kahlolo ena.

5.12. Aforika Borwa e tla tshwara Khonkerese ya Matjhaba ya Sebopeho sa Lefatshe ya bo-35 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Motse Kapa ho tloha ka la 27 Phato ho isa ho la 4 Loetse 2016.

Khonkerese ena e rerile ho nyehela ntshetsopeleng ya diphuputso tsa motheo tse ka sebediswang ho disaense tsa sebopeho sa lefatshe. Ketsahalo ena e tla bontsha sebopeho se tummeng lefatsheng sa lebatowa le lefa la sebopeho sa lefatshe mmoho le dibaka tsa sebopeho sa naha le dibaka tse babatsehang.

Diphephetso tsa sebopeho sa lefatshe le tsona di tla hlahlojwa.

5.13. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Letona la Kabinete la mehleng le Tonakgolo ya Porofense ya Kapa Botjhabela, Moruti Arnold Makhenkesi Stofile. Moruti Stofile e ne e le mokaubere wa ntwa ya dipolotiki ya nkileng karolo ka hara ditshiya tsohle tsa ntwa ya boitseko ya Aforika Borwa, ho tloha ho mesebetsi ya bokgukguni le ho susumetsa batho ba bangata, ho ya ho bonngwe ba matjhaba le molaotheong wa semolao wa dibopeho tsa mmuso.

Kabinete hape e hlahisa matshediso a yona ho malapa a ditho tsa Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa tse lahlehetsweng ke maphelo a tsona kotsing ya bese Clarens ho la Foreisetata.

Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho romela matshediso ho Mohlomphehi Moporesidente Sergio Mattarella, Mmuso le batho ba Italy ho latela ho reketla ha lefatshe ho hlasetseng Italy bohareng, ho bakileng mafu a baahi le tshenyo e matla ho ditoropo tse mmalwa. Hape re rata ho lakaletsa ba lemetseng ho fola ka potlako.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Kabinete e tshohlile ho thonngwa ha Boto ya Tshebeletso ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA) le ho tjhaella monwana dithonyo tse latelang:

a) Mofumahadi Duduzile Cynthia Myeni (o thontswe hape jwaloka Modulasetulo);
b) Mofumahadi Mmakeaya Magoro Tryphosa Ramano (Motlatsi wa Modulasetulo le Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
c) Mofumahadi Bajabulile Swazi Tshabalala (motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
d) Mofumahadi Thandeka Nozipho Mgoduso (motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
e) Mofumahadi Nazmeera Moola (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
f) Monghadi Akhter Hoosen Moosa (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
g) Mofumahadi Gugu Sepamla (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
h) Monghadi Siphile Buthelezi (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
i) Monghadi Peter Holmes Maluleka (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
j) Monghadi Mzimkulu Malunga (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso);
k) Ngaka Martha Mbatha (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso); le
l) Monghadi Peter Tshisevhe (Motsamaisi eo e seng wa phethahatso).

Letona la Ditjhelete le tla kopana le Boto e thontsweng botjha ho fana ka tsela ya tshebetso ho ya ka tjhebo ya mosebetsi wa boradiabo.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766