Back to top

Primary tabs

Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 21 Phato 2019

Kabinete e kopane ka Laboraro, 24 Phato 2019, Tuynhuys e Motse Kapa 

A. Dintlha tsa Ha jwale

1. Inshorense ya Bophelo bo Botle ya Naha (NHI)


1.1. Kabinete e ipiletsa ho ditho tsa setjhaba hore di thuhisane le Bili ya NHI, eo ha jwale e leng Palamenteng. Tsamaiso ya Palamente e tla nehela setjhaba monyetla o mong hape wa ho thuhisana le Bili ena.

1.2. Ha e se e entswe molao, Bili e tla kenya tshebetsong phumantsho ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ho baahi bohle ba naha ya rona naha ka bophara, ho sa kgathaletsehe hore na nalane ya moruo wa bona e jwang. Tokelo ena e tshireleditswe ke Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Bowa ya 1996.

1.3. Kabinete e na le tshepo ya hore NHI e tla phethahatswa ka ho ya ka mekgahlelo le tsela e nang le boikarabelo. Moralo wa ho phethahatsa o tla ntshetswapele le ho phahlalatswa hang ha Bili e se e entswe molao.

2. Leeto la Mmuso la ho ya Tanzania le Sebokeng sa SADC 

2.1. Kabinete e fumane tlaleho ka Leeto la Mmuso la Mopresidente Cyril Ramaphosa ho ya Rephaboliki e Kopaneng ya Tanzania, le kenyeleditseng baemedi ba kgwebo ho qhobela pele bohwebi le botsetedi ka hara Afrika. Jwalo ka karolo ya lenaneo la ho nehelane ka ditshebeletso ho ba hlokang, Mopresidente o ile a boela a etela Morogoro, e leng toropo eo balwanedi ba tokoloho ba Afrika Borwa ba neng ba dula ho yona. O ile a beha dikgare Toreng ya Mazimbu ho tlotla le ho hopola maAfrika Borwa a hlokahaletseng dinaheng tsa boditjhaba. 

2.2. Mopresidente Ramaphosa o ile a boela a etelapele baemedi ba Afrika Borwa ho Seboka se Tlwaelehileng sa bo39 sa Dihlooho tsa Dinaha tsa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Afrika (SADC), moo molekane wa hae wa Tanzania, Mopresidente John Pombe Magufuli, a keneng maemong a ho ba Modulasetulo wa SADC.
2.3. Boemong ba hae jwalo ka Monolofatsi wa SADC Naheng ya Borena ya Lesotho, Mopresidente Ramaphosa o nehelane ka tlaleho ya dintshetsopele tsa tsamaiso ya bonolofatsi ba nakong ya Seboka sa SADC sa Setho sa Troika sa Dipolotiki, Sesole le Tshebedisanommoho ya Tshireletso se neng se tshwerwe ka Labohlano, la 16 Phato 2019.

3. Kopano ya bo28 ya BASIC 

3.1 Kabinete e ananela kopano ya Phetoho ya Tlelaemete ya Brazil, Afrika Borwa, India le China (BASIC) ya bo28 e tshwaretsweng Brazil ho tloha ka la 14 ho fihla ka la 16 Phato 2019.

3.2 Kabinete e boela e amohela mehato ikemeseditseng e kgahlano le phetoho ya tlaemete enkuweng ke dinaha tsa BASIC ho tshehetsa ditumellano tsa matjhabeng tsa pele ho le ka mora nako ya 2020, ho sa kgathalatsehe diphepetso tse ngata tsa moruo wa setjhaba tseo dinaha tsena di tobanang le tsona.

3.3 Kabinete e ile ya tshehetsa pitso ya dinaha tsa BASIC ya hore dinaha tse tswetsengpele e be tsona tse nehelanang ka tjhelete e lekaneng, nehelano ya thekonoloji le ho fumana basebetsi ba nang le bokgoni bo lekaneng ho nolofatsa phethahatso ya Tumellano ya Moralo wa Dinaha tse Kopaneng (UN) wa Phetoho ya Tlelaemete, Tumellano ya tsona ya Kyoto le Tumellano ya Paris ka mokgwa o sa eketseng dikoloto tsa dinaha tse ntseng di hola.

B. Diqeto tsa Kabinete 

1. Mokgwa wa Phano ya Ditshebeletso Ho ya ka Disetereke 


1.1 Kabinete e ananetse Mokgwa wa Phano ya Ditshebeletso Ho ya ka Disetereke, jwalo ka phetoho e bohlokwa ho phethahatseng mananeo a phano ya ditshebeletso. Mokgwa ona, oo ha jwale o tsepameng ho ditereke tse 44 le ditoropo tse robedi, o tla netefatsa hore ho na le tsamaiso e tshwanetseng le nyalano mesebetsing ya ho etsa meralo, ditekanyetso, le ya phethehatsa maano a phano ya ditshebeletso diseterekeng tsohle mekgahlelong kaofela e meraro ya mmuso – wa naha, wa profense le wa lehae.

1.2 Mokgwa ona o tsheheditswe ke Molao wa Leano la Dikamano tsa Puso ka Kopanelo, 2005 (Molao wa 13 wa 2005), o nehelanang ka leano la boikamahantso bo tsamaiswang ka tshwanelo le ka nyalano ho tse bohlokwa tse ka sehloohong ntshetsopeleng, le dipheo dipakeng tsa mekgahlelo e meraro ya mmuso. Mme o boela o etseditswe ho atalosa mananeo a boiteko a mang a ikamantshang a jwalo ka meralo ya ntshetsopele e nyalaneng ka botsepamo bo hlakileng ho phethahatseng moralo o le mong ho setereke ka seng mekgahlelong yohle ya mmuso.

1.3 Mopresidente Ramaphosa e tlaba mohale wa mokgwa ona, a tsheheditswe ke Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza le phethahatso yohle. Ditonakgolo tsa Diprofense le Phethahatso ya bona le Dimajoro tsa lehae le disetereke, ha mmoho le Dikomiti tsa Phethahatso (EXCO) tsa bona, e tla ba karolo ya ho phethahatsa mokgwa ona wa phano ya ditshebeletso ho ya ka disetereke. 

2. Lekgotla la Kgokahanyo la Mopresidente (PCC)

2.1. Mopresidente Ramaphosa o ile a tshwara seboka sa PCC, seo e neng e le sa pele Tsamaisong ya Puso ya Botshelela, ka Labobedi, la 20 Phato 2019. Mokgwa wa Phano ya Ditshebeletso Ho ya ka Disetereke o ile wa hlahiswa ho PCC mme wa amohelwa ke Ditonakgolo tsa Diprofense kaofela. 

2.2. Kopanong ho dumellanwe ka maano a mantlha a setereke a tla etelwa ke Mopresidente, a tla kenyeletsang Setereke sa OR Tambo se Kapa Botjhabela; Setereke sa Waterberg se Limpopo le Masepala wa Motse-toropo wa Ethekwini o KwaZulu-Natal. 

2.3. Maano a mararo a mantlha a tla etelwang a kenyeletsa setereke sa metseng, setereke sa merafo le motse-toropo. Le ha feela tsena e tlabe e le mekgahlelo ya ho qala ya mokgwa wa phano ya ditshebeletso ho ya ka setereke, ditereke tse 42 tse setseng le metse-toropo e supa e tla boela e etelwa ke Mopresidente Ramaphosa le mmuso wa hae ha mmoho le ketapele ya mmeso ya diprofense ho ya ka tshebetso ya Tsamaiso ya Puso ya botshelela. 

2.4. Kopanong ena ho ile ha boela ha nehelwa ka kgaso le dipuisano tse amanang le mekgwatshebetso e robong ya Ntshetsopele ya Kgolo ya Diprofense ho ya ka Leano la tshebetso la Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) ya 2019 – 2024.

3. Tumellano ya Letlole la India, Brazil le Afrika Borwa (IBSA)

3.1. Kabinete e ananetse tlhahiso ya Letlole la IBSA la ho Fokotsa Bofuma le Tlala (Tumellano ya Letlole la IBSA) Palamenteng hore e tjhaelwe monwana. Tumellano ena e dipakeng tsa Mmuso wa Rephaboliki ya India, Mmuso wa Rephaboliki ya Bofederale ya Brazil le Mmuso wa Rephaboliki ya Afrika Borwa. 

3.2. Letlole la IBSA le ile la thehwa ka 2004 e le pulamadiboho ya boiteko bo kganwang ke kgahlamelo le ho tsepama bathong ho phahamisa Tshebedisanommoho ya Dinaha tse leng Borwa ba Dikontinente tsa Tsona. 

3.3. Letlole le tla kgontshahatsa Afrika Borwa hore e nehelane ka mokgwa o molemo o bohlokwa ho boiteko ba matjhabeng ba ho fokotsa bofuma bo feteletseng le tlala dinaheng tse ntse di tswelapele. Le boetse le nehetse ka katleho ho phahamiseng Maikemisetso a Ntshetsopele ya Mokoka a 17 ho dinaha tsa balekane tse ka bang 21. 

4.  Kopano ya Matona ya bo4 ya Bokgoni ba Afrika ba ho Arabela Ditshohanyetso ka Potlako (ACIRC)

4.1. Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha kopano ya boitukiso ya ditsebi tsa Kopano ya Matona ya bo4 ya Dinaha tse Boithaupi tsa ACIRC ho tloha ka la 30 Phato ho ya ka la 3 Loetse 2019.

4.2. Sena se tshehetsa le ho nehela ho dintho tse bohlokwa tse ka sehloohong tsa mmuso ho phahamisa kgotso le botsitso ba kontinente le lebatoweng, le ho netefatsa hore diqeto tsa Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (AU) tse amanang le ho tlisa kutlwano dipakeng tsa Kemedi ya ACIRC le Kemedi ya Afrika ya Ha jwale (ASF) ho netefatsa hore mesebetsi ya tsona e ya fihlellwa. Sena se tla tswella ho netefatsa hore Akhithektjha ya Kgotso le Tshireletso ya Afrika e na le kutlwano ebile e ya sebetsa. 

4.3. Afrika Borwa le Dinaha tsa Boithaupi tse ding tse 12 ke karolo ya ACIRC e ileng ya thehwa ka 2013 jwalo ka tlhophiso ya nakwana ho fihlela ho thakgolwa tshebetso ya ASF. 

C. Dibili 

1. Bili ya Tshireletso ya Bareki ba Matlo ya 2019


1.1. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Tshireletso ya Bareki ba Matlo ya 2019, Koranteng ya Mmuso hore setjhaba se etse ditshwaelo. 

1.2. Bili e phatlalatsa Molao wa Mekgwa ya Tshireletso ya Bareki ba Matlo wa 1998 (Molao wa 95 wa 1998 wa ha jwale o se molaong. Leano lena la molao le letjha le tla laola bahahi ba matlo le bahlabolli; e atolosetse tshireletso ho bareki ba matlo; e tsebisa disebediswa tse hatellang tshebetso le ho nehelana ka dikotlo/dikahlolo tse tshwanetseng ho ahlola bahahi ba matlo ba sa ikamantsheng le molao.

1.3. Bili e tla boela e theha tikolo e tla kgontshang ho kena ha bahahi ba matlo ba batjha indastering ya ho aha ka ho tsebisa dipehelo tsa ho etsa dikontraka tse tla netefatsa ho ikemela dimarakeng.

1.4. Maano a matlole a thusetso le matlo a setjha a se a tla wela tlasa Bili ena, ho netefatsa hore tshireletso ya bareki karolwaneng ya maraka wa matlo. 

D. Diketsahalo tse Tlang 

1. Seboka sa Matjhaba sa Tokyo sa Ntshetsopele ya Afrika (TICAD) sa bo VII 


1.1. Mopresidente Ramaphosa o tla ya Sebokeng sa bo7 sa Matjhaba sa Tokyo sa Ntshetsopele ya Afrika (TICAD VII) mane Japan ka la 29 le 30 Phato 2019. Ka mmokotaba wa seboka, “Ho isa pele Ntshetsopele ya Afrika ka Theknoloji, Phetoho le Batho”, se ikamahantsha le Ajenda ya AU ya 2063 le tse ka sehloohong tse bohlokwa tsa kontinente molemong wa kopano. 

1.2. Seboka sa TICAD VII sa selemo sena se tla buisana, ho tse ding, ka tse sehloohong tse bohlokwa tse tharo: (i) ho potlakisa phetolo ya moruo le dipuisano le lekala la poraefete; (ii) ho tibisa setjhaba se mokoka le botsitso le matla; le (iii) ho matlafatsa kgotso le botsitso.

1.3. Tshebedisanommoho ya Japan ho ditaba tsa lebatowa le matjhaba e bohlokwa ho phahamisa Ajenda ya Afrika le ho ntsha metheo ya Tshebedisanommoho ya Dinaha tse leng Borwa ba Dikontinente tsa Tsona 

2. Seboka sa Sehlopha sa Dinaha tse Supa (G7)

2.1 Mopresidente Ramaphosa o tla etelapele baemedi ba Afrika Borwa ho ya sebokeng sa G7 mane France ho tloha ho la 24 ho ya ho la 26 Phato 2019, ka mora hore Afrika Borwa e mengwe e le molekani wa bohlokwa.

2.2. G7 ke foramo ya dinaha tse supa tse nang le meruo ya lefatshe e tswetsengpele le ho ba le diindasteri ka ho fetisisa– France, Germany, Italy, Japan, United States, United Kingdom le Canada – tseo baetapele ba mmeso ya bona ba kopanang selemo le selemo ho buisana ka moruo wa lefatshe, dipolotiki, ditaba tsa setjhaba le tshireletso. Seboka se tlang sa G7 se tla tsepama ho lwantsheng tlhokehong ya tekatekano, ho phahamisa tekatekano ya bong, phumano ya thuto le ditshebeletso tsa bophelo bo botle tsa boleng. 

2.3. Ho ba le seabo ha Afrika Borwa Sebokeng sa G7 sa 2019 ho tataiswa ke dipilara tse maano a tshebetso a kantle, (i) ho ntshetsapele melemo ya setjhaba ho fihlela dipheo tsa lehae; (ii) ho eketsa Ajenda ya Afrika le ho phahamisa tshehetso ya ntshetsopele ya mokoka; (iii) ho kgahlamela Akhithektjha ya tumellano ya dinaha tse mmalwa ya lefatshe e hlabolohileng; le (iv) ho ntshetsapele ajenda ya Borwa ka ho matlafatsa Tshebedisanommoho ya Dinaha tse leng Borwa ba Dikontinente tsa Tsona ha mmoho le Dipuisano tse dipakeng tsa Dinaha tse leng Borwa le tse leng Botjhabela Dikontinenteng tsa Tsona. 

3. Foramo ya Moruo wa Lefatshe ya Afrika (WEF)

3.1. Foramo ya bo28 ya Moruo wa Lefatshe ya Afrika e tla nka sebaka mane Motse Kapa ho tloha ka la 4 ho ya ho la 6 Phato 2019 ka tlasa mokotaba: “Ho bopa Kgolo e Kenyeletsang Bohle le Bokamoso bo Arolelwanang ho Phetoho ya Diindasteri tsa Theknoloji (4IR)”. Foramo e ikemiseditse ho bopa diajenda tsa lebatowa le diindasteri molemong wa selemo se tlang. 

3.2. Lenanetsamaiso le tla tsepama ho phahamisa phetoho ya akhithektjha ya lebatowa bo amanang le ditsi, letsete, kopano, indasteri le phetolo ya ho phahamisa 4IR.

3.3. Boteng ba baetapele ba Moruo wa Lefatshe le Dihlooho tsa Mmeso naheng ya rona e bontshahatsa monyetla o sa tlwaelehang ho Afrika Borwa wa ho iphahamisa le ho ntshetsapele maikemisetso a rona a ka sehlooho a ho hodisa moruo wa rona. 

4.  Seboka sa Kakaretso sa bo42 sa ISO

4.1. Biro ya Maemo a Kgwebisano ya Afrika Borwa e Motse Kapa e tla tshwara Seboka sa Kakaretso sa bo42 sa Mokgatlo wa Matjhaba sa Maemo a Kgwebisano (ISO) ho tloha ka la 16 ho ya ho la 20 Phato 2019.

4.2. ISO e tlo tlisa mmoho ditsebi ho tla arorelana tsebo ya bona le ho ntshetsapele tumellano ya boithaupi le tse amanang le maemo a dimaraka tsa matjhaba tse tshehetsang phetoho le ho nehelana ka ditharollo tsa diphepetso tsa matjhaba. 
Lenaneo la ISO la 2019 le tla thakgola maano a shebanang le diphepetso tsa phetoho ya tlelaemete, moruo wa dijithale, kgolo ya moruo le kgwebisano ya dinaha tse mmalwa. 

5. Nyalano ya Ditshebeletso tsa Mmuso Kgweding ya ho Keteka Ditshebeletso tsa Setjhaba (PSM) ka Loetse. 

5.1. Lenaneo le tlang la PSM ka Loetse ke lenaneo la ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso leo e leng karolo ya Lenaneo la Matlafatso la Batho Pele ho phahamisa tlwaelo ya phano ya ditshebeletso tsa setjhaba e maemo a phahameng le kekeletso ya ntlafatso mekgahlelong yohle ya phano ya ditshebeletso tsa setjhaba.

5.2. Lenaneo la PSM la 2019 le tla tshwarwa tlasa mokotaba wa: “Khawuleza”: Ho isa Ditshebeletso Bathong: Batho Pele “Re Mmoho, Re a Kgathala, Re a Sebetsa”. Sena se matlafatsa pitso eo Mopresidente Ramaphosa a e entseng Puong ya Pulo ya Palamente ya hae ya 2019 ho basebetsi ba setjhaba hore ba sebetse ba ikamahantse le melemo le metheo ya Batho Pele ka ho beha batho pele.

5.3.  Sehlopha sa Lenanetsamaiso la PSM la 2019 se tla kenyeletsa:

  • Kgwedi ya Bohahlaudi – ka tlasa mokotaba: “Bohahlaudi le Mesebetsi – bokamoso bo molemo ho bohle”. Bohahlaudi ke e nngwe ya makala a e leng hore kgale a theha mesebetsi. Kabinete e kgothaletsa maAfrika Borwa ho nka Sho’t Left le ho phamisa bohahlaudi naheng ya rona, ka ho sebedisa monyetla wa Beke ya Dipaka tsa Naha tsa Afrika Borwa (SANParks) ya selemo le selemo ho tloha ka la 8 ho ya ho 15 Phato 2019, moo dipaka tsa rona tsa naha di tla beng di buletswe setjhaba mahala. Afrika Borwa ke lehae la Ditsha tsa Botjhaba tsa Lefatshe tse 10 mme ke tulo e nang le kgohelo ya bohahlaudi. 
  • Kgwedi ya Botjhaba – Botjhaba bo boela bo bula menyetla ya mesebetsi le bokgoni, bo nehelana ka menyetla ya baetsisi, dikgabi tsa matsoho le diindasteri tseka tlasa botjhaba. Ho boela ho ena le tlhokeho ya ho tswelapele ho leka ho boloka, ho ntjhafatsa le ho phahamisa dipuo tsa setso, jwalo ka karolo ya ho tshireletsa botjhaba ba rona.
  • Kgwedi ya Tshireletseho ya Seponesa – boiteko ba Letsatsi la Naha la Sehopotso la 1 Phato 2019, sehopotsong sa bahale ba rona ba hlokahaletseng mosebetsing.

Lenaneo lena la nyalano le thusetsa ho Moralo wa Ntshetsopele ya Naha o bontshahatsang tlhokeho ya ditsha tsa mmuso tse tsamaiswang hantle ka tshebedisanommoho ke basebetsi ba setjhaba ba nang le bokgoni ba itlameng molemong wa setjhaba mme ba ena le bokgoni ba ho nehelana ka ditshebeletso tse boleng bo hodimo ka dinako tsohle, mme ba ntse ba beheletse ka pele dipheo tsa ntshetsopele ya naha.

E. Melaetsa

1. Matshediso 


Kabinete e fetisetsa matshediso ho:

  • mmuso le batho ba Tanzania ka mora koduwo ya hore tanka ya dibeso e thuntshe mme ka bomadimabe e bolaye batho ba fetang 90 mme e boela e lakaletsa ba tswileng kotsi hore ba fole ka potlako.
  • Leloko le metswalle ya sebetli, seradi le mmakgwebo wa moAfrika Borwa, Mme Carrol Boyes (65), ya hlokahetseng ka Laboraro, 14 Phato 2019. 

2. Ditebohiso le Ditakaletso tsa Mahlohonolo 

Kabinete e:

  • lakaletsa Moahlodi Edwin Cameron mahlohonolo ka mora ho penshela ha hae ka mora dilemo tse 25 e le moahlodi. Moahlodi Cameron, a ileng a hirwa Lekgotleng la Molaotheo ka 2008, o sebeditse e le mmuelli wa ditokelo tsa botho nakong ya mmuso wa kgethollo, a buella bao ba neng ba lwana kgahlano le mmuso wa kgethollo le ho lwanela tekatekano ya banna ba ratanang le banna le basadi ba ratanang le basaditho ba diterasi. Kabinete e theoheletsa ho boella ditokelo tsa botho ba hae ka nako e telele, ha mmoho le ntwa ya hae ya ho fumantshwa meriana e lwantshang kokwanahloko ya HIV. .
  • lakaletsa kgalala ya mmino, Monghadi Caiphus Semenya, letsatsi la tswalo le hlonolofetseng ha a tshwara dilemo di 80. Monghadi Semenya o kentse letsho bukeng ya mmino ya naha ya Afrika Borwa ka dipina tsa kgale tse kang Matswale, Angelina, Ziphi’nkomo, ha mmoho le pina e matla ya Ndiphendule ya binang ha mmoho le mohatsae, Mama Letta Mbulu. O sebeditse le bahlahise ba mmino ba matjhabeng, a thongwa ka makgetlo a 37 ho Kgao ya Primetime Emmy mme a hlola dikgao tse robong. O ile a boela a fumana Kgao ya Emmy ka karolo ya hae ho theheng modumo wa pina ya Roots. O boetse a eba le seabo tlhahisong ya The Lion King ya Disney.
  • lakaletsa Motlatsi wa Molaodi wa Naha wa Batjhotjhisi ba Naha (NPA), Akgente Silas Ramaite (Mmuelli e Moholo (SC)) mahlohonolo, ka mora ho dumellwa ke Mopresidente Ramaphosa ho nka penshene ya pele ho nako ya yona mme a tswe kantorong ho ya ka Kgaolo ya 12 (8)(a) ya Moloa wa NPA, wa 1998 (Molao wa 32 wa 1998). Kabinete e atolosa kananelo ya yona ho seabo se Akgente Ramaite a bileng le sona ho NPA le tsamaisong ya toka ka bophara ka nako ya dilemo tse ngata nakong ya khiro ya hae lekaleng la toka. 
  • lebohisa Mme Sasha Maria Schwendenwein tlhatlhamano ya bofupotsi ba ditaba ya thelebeshening (TV), Carte Blanche, ho kenyela Dikgao tsa SADC tsa Ditaba, moo a hapileng moputso wa bobedi mokgahlelong wa TV. Pale e hlotseng ke ya “Follow the Guns”, e neng e boela e shebane le tlhahiso ya ho fuputsa kotlo ya ho tsoma ho seng molaong ha ditshukudu.
  • lebohisa Springboks le Banyana Banyana ka ho fofisetsa folakga ya Afrika Borwa hodimo mme ba hlahela e le bahlodi ba Bompodi ba Rekibi le Bomampodi ba Mekgatlo ya Lekgotla la Bolo ya Maoto ya Afrika e Borwa (COSAFA) ya Basadi, ka tatelano. Ba entse naha ya rona motlotlo mme katleho ya bona e kgothaletsa baatlelete ba banyenyana le ba tshepisang naheng ka bophara.
  • lebohisa Mme Zozibini Tunzi, ya hapileng Miss South Africa le ho mo lakaletsa katleho nakong ya tshebetso ena. Mme o tla emela naha ho ditlhodisano tsa bommabotle tsa Miss Universe le Miss World. 

F. Dithonyo 

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

1. Ho thongwa botjha ha Monghadi Fundisile Goodman Mketeni jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Dipaka tsa Naha tsa Afrika Borwa (SANParks). 

Dipotso:
Mme Phumla Williams
Mmueli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139