Back to top

Primary tabs

Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 16 Hlakubele 2016



1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Ditlaleho tsa kgatelopele ya diphetho tsa kotara ka nngwe di ile tsa hlahiswa ho Kabinete bakeng sa nako ya la 1 Phupu ho isa ho la 30 Loetse 2016. Ditlaleho tsena di beha leihlo mabakeng a ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Mmuso la Tshebetso ho imatahantswe le dipehelo tsa Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) le Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

1.2. Matona a Dikarolo ka ho latelana ha ona, ka Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS), a tla hokahanya dikopano tsa dikarolo tsa dikopano tsa boraditaba ho hlahisa mekolokotwane ya mafapha e fihlelletsweng nakong eo, hamorao kgweding ena.

Tse ding tsa diphihlello ho tswa ho Ditlaleho tsa Kgatelopele ya Diphetho tsa Kotara ka nngwe nakong e tlasa tekolo:

Moruo

1.3. Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane le tsheheditse dkgwebo tse 149 kotareng e tlasa tekolo. Ho tlatseletsa, dikoporasi tse 104 di ile tsa tshehetswa ka Sekema sa Ditsiane tsa Dikoporasi (CIS). Maitshunyako ana a bulela bokgoni ba Dikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME), dikoporasi, dikgwebo tsa makeisheneng le tsa metseng ya mahae.

1.4. Ka hara lekala la temo – dikgwebo tsa temo tse 172 tse ntjha le tse 23 tseo e seng tsa temo di ile tsa tshehetswa ka maikitlaetso a fapafapaneng. Di-SMME tsa tlatsetso tse 337 tse ntseng di le teng di ile tsa hlwauwa mme di tla tshehetswa ka thupello le ho fihlella dimmaraka. Dikoporasi tse 240 di ile tsa tshehetswa ka CIS.

1.5. Mosebetsi wa Komiti ya Kopanelo ya Matona ya Matsete o qala ho beha ditholwana. Nakong ya kotara e tlasa tekolo, Invest SA e thusitse ka matsete a ho kenya dipeipi tse tsamaisang kgase a ballwang ho R18.2 bilione bakeng sa haholoholo kgase e ngata bakeng sa ho thusa diporojeke.

Ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu

Ho lwantsha botlokotsebe le bobodu e dula e le ntlha e ka sehlohlolong ya mmuso. Re ikemiseditse ho fedisa ditlokotsebe ka hara metse ya rona le ho tswela pele ho sebetsa bakeng sa Aforika Borwa e bolokehileng haholo moo baahi kaofela ba bolokehileng le ho ikutlwa ba le jwalo.

1.6. Bolekane pakeng tsa badudi le mmuso bo a hlokeha ho lwana kgahlanong le botlokotsebe le bobodu. 98.9% ya diteishene tsa sepolesa di tlalehilwe di na le Diforamo tsa Badudi tsa Sepolesa tse sebetsang tse nyehelang bakeng sa tikoloho e bolokehileng le e tshiretsehileng bakeng sa baahi ba yona.

1.7. Kgatelopele e ntse e tswela pele ho etswa mabapi le ntwa kgahlanong le bobodu. Batho ba 58 ba ile ba tshwarwa mabapi le ho fokotsa bobodu ka hara bahlanka ba mmuso ka nako ya tlaleho. Batho ba bahlano ba ile ba tshwarwa bakeng sa bobodu kapa ditlolo tsa molao tse amanang le bobodu moo tjhelete e amehang nyeweng ka nngwe e fetang R5 milione mme boleng ba ditaelo tsa ho kgina tse fumanweng ke R185 milione.

Mobu

Mabidi a puseletso a ya matha bakeng sa ho kgutlisetsa seriti sa ba sotlehileng nakong ya mmuso wa kgethollo. Kgatelopele e bonahalang e entswe bakeng sa ho kgutlisetsa seriti sa ba sotlehileng nakong ya mmuso wa kgethollo.

1.8. Dihektare tse 54 400 tsa mobu o dutseng hantle di ile tsa tholahala le ho ajwa mme dihektare tse 51 188 di ile tsa abelwa bahlahisi ba ntseng ba thuthua. Dihektare tse 6 530 tsa lefatshe le tholahetseng di ile tsa abelwa badudi ba mapolasing le basebeletsi ba hirileng.

1.9. Ho ditseko tsa mobu tse 112 tse phethetsweng tse 57 di ne di le metseng ya mahae le ho tswela molemo batho ba 2 553 malapeng a 467.

1.10. Haufinyana tjena, Mokhomishenara e Moholo wa Ditseko tsa Mobu o tjhaelletse monwana ho Kenngwa ha Mokgahlelo wa 2 bakeng sa ho phethela tseko ya mobu ya Badudi ba Masinenge le tseko ya Lelapa la Mtshali ka ho buseletswa ka tefello ya tjhelete.

Boleng kaofela ba ho phethelwa ha tseko ya Masinenge ke R7, 100,608.00 molemong wa malapa a 64 a ileng a tiisetswa hore ke diphofu tsa ho nkelwa mobu.

Khomishene ya Puseletso ya Ditokelo tsa Mobu e, nakong ya la 1 Mmesa 2016 ho isa ho la 31 Mphalane 2016 se e lefile se ka fihlang ho diranta tse bilione e le puseletso ho batseki ba mobu ba ileng ba nkelwa ditokelo tsa bona tsa ho ba le mobu.

1.11. Diphetho tsa haufinyana tsa tlaleho ya Setheo sa Dikamano tsa Merabe: “Bophelo ka hara Aforika Borwa: Mabaka a ho ba le Tshepo” e bontsha hore bophelo ka hara Aforika Borwa bo betere kajeno ha bo bapiswa le dilemong tse 20 tse fetileng.

Ka selemo sa 2015 Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP) ya nnete ya lekeno la motho ka mong e ne e le hodimo ka 33% ho feta selemong sa 1994; kgolo ya lekeno la motho ka mong le phahame ho tloha ho R23,686 ka selemo sa 1994 ho ya ho R33,660 ka selemo sa 2015 (keketseho ya 42%), palo yohle ya batho ba sebetsang e menahane habedi ho tloha ho 7.9-milione ka selemo sa 1994 ho ya ho 15.6-milione ka selemo sa 2015; phumantsho ya matlo a semmuso e eketsehile ka 131.3% ho tloha ka selemo sa 1996 ho ya ho sa 2016; sekgahla sa boingodiso diyunivesithing se eketsehile ka 281.4% ho tloha ho 211,756 ka selemo sa 1985 ho isa ho 807,663 ka selemo sa 2014; palo ya ditshwaetso tse ntjha tsa HIV di theohile ho tloha ho 646,806 ka selemo sa 1999 ho ya ho 321,497 ka selemo sa 2015; ho bile le keketseho ya 62.5% ya ditsebi tsa kalafo lekaleng la mmuso pakeng tsa selemo sa 2000 le sa 2015; le sekgahla sa dipolao se theohile ka 49.3% ho tloha ka 1994.

Tsena di hlakisa hore leha ho ntse ho na le diphephetso, bophelo bakeng sa maAforika Borwa bo ntlafetse dilemong tse mashome a mabedi tse fetileng. Kabinete e kgothaletsa makala kaofela a setjhaba ho ahella hodima dintlafalo tsa setjhaba sa rona esale ho tloha qalong ya demokerasi. Ho sa ntsane ho na le tse ngata tse ntle bakeng sa naha ho feta tse mpe.

Ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la mmuso la tshebetso:

1.12. Beke ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ya bohlano e neng e tshwerwe ho tloha ka la 7 ho isa ka la 13 Pudungwana 2016 tlasa mookotaba “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele: Bokamoso ba rona – etsa hore bo re sebeletse” e bonahetse ha maAforika Borwa a ne a buisana le mmuso ka mafolofolo. Nako ena ya dipuisano tse matla e boetse e nyehela bakeng sa baahi ba nang le tlhahisoleseding le ho ba mafolofolo; e leng ntlha e hlokolosi bakeng sa ho tlisa Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

Moporesidente Jacob Zuma o qadile beke ena nakong ya Imbizo Sekolong sa Poraemari sa Marhulana Tembisa, ho la Gauteng moo laboratori ya dikhompyutha e nang le thepa ka botlalo e ileng ya fanwa.

1.13. Ho bulwa ha tsela le borokgo tsa Swartkopfontein pakeng tsa Aforika Borwa le Botswana ho bula kgaolo e ntjha mabapi le ho hokela lediboho la Swartkopfontein ho la Botswana motseng wa Ramotswa. Meralo ya motheo ya tsela le borokgo tse ntlafaditsweng, ka matsete a R78.5 milione o entse hore ho be le mesebetsi e 51 ya ka dinako tsohle nakong ya dikgwedi tse 23 tsa konteraka, ka basebeletsi ba hlahang dinaheng ka bobedi.

1.14. Lenaneo la tsoseletso ya Dibaka tsa Diindaseteri, tlasa Letona la Kgwebisano le Diindaseteri, Rob Davies le hlahisa mesebetsi ka hare le ho potoloha makeishene le metse ya mahae. Lenaneo lena le ile la kenngwa tshebetsong e le karabelo ya kgoeletso ya Moporesidente Jacob Zuma ya ho sebeletsa moo ho tla lebisang ho kaho ya diindaseteri ka botlalo le kgolo e kenyeletsang hara tse ding. Lefapha la Kgwebisano le Diindaseteri ho fihlela mona le se le tsetetse R22.5 milione bakeng sa tsoseletso ya Sebaka sa Diindaseteri sa Komani. Nakong ya mokgahlelo wa pele wa lenaneo la tsoseletso, di-SMME tse supileng di ile tsa thonngwa jwaloka borakonteraka ba tlatsetso bakeng sa boleng ba R5,3 milione. Basebetsi ba matsoho ba lehae ba 71 ba ile ba hirwa, moo 63% e neng e le batjha.

Lenaneo la Boradiindaseteri ba Batho ba Batsho, ka morero wa ho eketsa bankakarolo ka hara lekala la tlhahiso, ho fihlela kajeno le se le tsheheditse Boradiindaseteri ba 22 ba Batho ba Batsho le ho hlahisa mesebetsi e 1 500. Ho fannwe ka R1.5 bilione ho tshehetsa boradiindaseteri bana.

1.15. Beke ya Lefatshe ya Baetapele ba Dikgwebo (GEW) e ile ya thakgolwa Johannesburg Labohlano le fetileng ke Motlatsi wa Moporesidente, Cyril Ramaphosa, a tsheheditswe ke Letona Lindiwe Zulu. E tla tshwarwa ho tloha ka la 14 ho isa ho la 20 Pudungwana 2016, mme ke pokano e kgolo ka ho fetisisa ya bantjhafatsi le baetapele ba dikgwebo ba thakgolang mekgwa ya ho qala dikgwebo ka ho etsahatsa mehopolo, ba kgannang kgolo ya moruo le ho hlasimolla ntshetsopele ya moruo wa kahisano. Kabinete e ananela balekane ba kgwebo le ba kahisano bakeng sa ho tlisa GEW Aforika Borwa, e leng Mmuso wa Porofense wa Gauteng, Motsemoholo wa Johannesburg, Hollard, Microsoft, IDC, SABS, SAB, SEA Africa, Global Entrepreneurship Network le Kauffman Foundation. Diketsahalo tse fetang 80 tsa balekane di tla etsahala nakong ena. GEW ke selelekela sa Khonkerese ya Baetapele ba Lefatshe ba Dikgwebo (GEC) e tla tshwarwa lekgetlo la pele ka hara kontinente ya Aforika ho la Johannesburg ka Hlakubele 2017, moo baemedi ba fetang 5 000 ho tswa dinaheng tse 160 ba lebeletsweng.

1.16. Letona Nomvula Mokonyane ka la 14 Pudunwana 2016 le thakgotse Polante ya Tlhwekiso ya Metsi a Ditshila ya Drakenstein le ho fana ka yona ho Masepala wa Drakenstein ho la Kapa Bophirima. Boleng ba porojeke bo akanngwa ho R 171 000 000 mme e tswetse molemo bolaodi ba lehae le badudi ka ho fana ka boiphihlelo le thupello ho tsa kaho; ho thaothwa ha batho ba lehae; le ho fumana thepa ho tswa ho bafepedi le bahlahisi ba lehae.

Phano ya tshebeletso ya mantlha ya metsi ho badudi ho nyehela bakeng sa ntlafatso ya boleng ba metsi ka hara Berg River le ho fokotsa kgahlamelo ya metsi a boleng bo tlase a nosetsang.

1.17. Metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere ke motso wa bohlokwa wa ntshetsopele ya moshwelella. Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le kene Letsholong la Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla qetellang ka Letsatsi la Lefatshe la Matlwana ka la 19 Pudungwana 2016, le sebediswang ho hlahisa temoso, ho ruta le ho sebedisa mekutu ho netefatsa hore e mong le e mong o fumantshwa ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere tse kgabane.

Aforika Borwa e itlamme ho akofisa phano ya ditshebeletso tsa metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, mme kahoo e kgutlisetsa seriti ka ho qolleha sa batho ba metse e neng e tinngwe menyetla pele. Lenaneo la Phediso ya Mabakete le reretswe ho tobana le masalla a matlwana a mabakete jwalo ka mokgwa wa tsamaiso ya dikgwerekgwere diporofenseng tse nne, e leng Kapa Botjhabela, Freistata, Leboya Bophirima le Kapa Leboya. Mabakete kaofela a 25 091 a fedisitswe ho fihlela mona mme mabekete kaofela a 27 147 a sa ntse a tla fediswa.

1.18. Ho atleha ha batjha ho tswa ho lenaneo la dilemo tse nne la Dihlopha tsa Naha tsa Tshebeletso ya Batjha ba Mahaeng (NARYSEC) ka la 17 Pudungwana 2016 le tlatseletsa mananeo le maikitlaetso a mmuso a ho hlahisa mesebetsi. Lenaneo lena, le ileng la thakgolwa ka selemo sa 2010, ke lenaneo la ntshetsopele ya maitsebelo le kgiro ya batjha le thusang ho fetola batjha ba metse ya mahae hore e be bahlahisi ba mesebetsi e seng babatli ba mesebetsi.

1.19. Seboka sa Bomasepala sa Lenaneo la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) se tseleng ho tloha ka la 15 ho isa ka la 17 Pudungwana 2016 tlasa mookotaba: “Sheba, Utlwa le ho Fihlella Mananeo a Kgiro a Setjhaba”, Setsing sa Dikopano sa St George ho la Gauteng. EPWP ke boikitlaetso bo ka sehloohong ba mmuso, bo nyehelang bakeng sa mosebetsi o nang le seriti le boitekanelo ba moshwelella, thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, polokeho ya dijo le tlhabollo ya mobu, ho kenyeletswa ntwa kgahlanong le botlokotsebe le bobodu.

Seboka se tsepamisitse maikutlo hodima dikarolwana tse tlwaelehileng tsa lenaneo ka ho fana ka monyetla wa ho arolelana diphihlello le diketso tse ntle ka ho fetisisa. Sena se matlafatsa mekutu ya mmuso ya ho fana ka menyetla ya mesebetsi le phumantsho ya maitsebelo ka thupello eo ka ho le leng e tsoseletsang badudi ba futsanehileng.

Menyetla e fetang 7 milione ya mesebetsi e hlahisitswe ka EPWP ho tloha ka selemo sa 2004 ho ya ho sa 2016. Sena se bontsha ho kenngwa tshebetsong ho atlehileng ha lenaneo lena ke mafapha kaofela a mmuso, bomasepala le badudi ka kakaretso. Mokgahlelo wa 3 wa EPWP o selemong sa ona sa boraro sa ho kenngwa tshebetsong – moo ho bonahetseng ho hlahiswa ha dipehelo tsa lefatshe tse laolang ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo mme mosebetsi o moholo wa lona e leng ho kgothaletsa ho kenyeletsa badudi moo diporojeke tsa EPWP di kenngwang tshebetsong. Sena se dumella ponaletso mabapi le ho thaothwa.

1.20. Ho falla ho tloha ho kgaso ya analoko ho ya ho ya dijithale ho atlehileng bakeng sa badudi ba ka hara sebaka sa Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara ho la Kapa Botjhabela, ho bolela hore badudi bana ba hara ba bang ba pele ba ho fihlella letoto ka botlalo la melemo ya boleng ba modumo o ntlafetseng le setshwantsho tse tsamaelanang le thelevishene ya dijithale.

Tsebiso ka Letona Muthambi ya ho phethela motjha wa ho fallela ho tsamaiso ya kgaso ya dijithale ka Tshitwe 2018 ka katamelo ya ho ya ka diporofense e ya etsahala, jwaloka ha ho se ho simollotswe ho la Kapa

Leboya le Limpopo. Boingodiso bo buletswe Freistata, Mpumalanga le Limpopo. Boingodiso hape bo tla bulelwa Leboya Bophirima, Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal, Kapa Bophirima le Gauteng ha mmamorao.

1.21. Ho tingwa ha mokgwa wa analoko ho etsa karolo ya motjha wa naha wa Bofalli ba Kgaso ya Dijithale ka hara naha. Malapa a futsanehileng a tshwanelwang ke tshehetso ya mmuso a kgothaletswa ho ingodisa bakeng sa di-STB tsa mahala Dikantorong tsa bona tsa Poso tsa lehae.

1.22. Kabinete hape e ile ya tsebiswa ka moralo wa ho epolla masalla a balwanedi ba dipolotiki ba ileng ba fanyehwa nakong ya mmuso wa kgethollo. Ho bile le bonyane batshwaruwa ba dipolotiki ba 130 ba ileng ba fanyehwa mabapi le ditlolo tsa molao tse amanang le dipolotiki pakeng tsa dilemo tsa 1960 le 1990, seo kamora sona kahlolo ya lefu e ileng ya kginwa. Barati bana ba naha ba tla bolokwa dibakeng tsa bona tsa sethathong.

Tsamaiso ena e latela Porojeke ya Kepollo ya Bafanyehuwa ka la 23 Hlakubele 2016 Setsheng sa Tlhabollo ya Batshwarua sa Kgosi Mampuru II, ho qala ka kepollo ya masalla a balwanedi ba dipolotiki ba 83 bakeng sa nako ya dikgwedi tse tsheletseng pele ho mafelo a 2016/17.

1.23. Kabinete e amohetse qeto e atlehileng ya Tulo ya bo-3 ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi pakeng tsa Botswana le Aforika Borwa e neng e eteletswe pele ke Moporesidente Jacob Zuma le wa mphato wa hae Moporesidente Seretse Ian Khama ho boela ho tebisa tshebedisano-mmoho ya moruo pakeng tsa dinaha ka bobedi.

Akofiso ya mosebetsi wa Porojeke ya Phethisetso ya Metsi a Dihlaba a Lesotho, ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la kaho ya Diindaseteri la Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC) le Moralo wa Ntshetsopele wa Lewa la Ponahalo la Lebatowa ho hlahisa matoto a bokgoni ba dikgwebo tsa lebatowa le tlhahiso, le tshebedisano ho bolaodi ba madiboho ho lwantsha botlokotsebe ba ho tshela madibohong bo kang ba ho tsongwa ho seng molaong ha ditshukudu le ditlou, e ne e le tse ding tsa dintlha tsa dipuisano.

Aforika Borwa e thathiselleditse botjha tshehetso ya yona ya SADC ya ho iketa bakeng sa sekgeo sa ho ba Modulasetulo wa Khomishene ya Kopano ya Aforika (AU), ha Mohlomphehi Ngaka Pelonomi Venson-Moitoi, Letona la Merero ya Matjhaba le Tshebedisano la Riphabliki ya Botswana.

1.24. Mopresidente Jacob Zuma o phethetse ka katleho Leeto la Tshebetso ho ya Addis Ababa, Riphabliking ya Demokerasi ya Bofederale ya Ethiopia moo a neng a kenetse kopano ya Komiti ya Boemo bo Hodimo ya AU mabapi le Libya ho lekola botjha le ho tshohla kgotso le maemo a tshireletso ka hara Libya. Komiti e tshohlile le ho dumellana ka dintlha tse ngata tse tla thusa ho fumana tharollo ya moshwelella ya diphephetso tse tobileng batho ba Libya. Jwaloka ditho tsa AU re batla ho bona ho na le kgotso le botsitso ka hara Libya mme komiti e dumellane hore jwaloka Aforika re lokela ho kgothaletsa ka matla mekga kaofela e amehang ka hara Libya ho fumana tharollo ya mathata a tobaneng le naha.

Moporesidente Zuma hape o ile a nka karolo ho Seboka sa Bobedi se sa Tlwaelehang sa Dinaha tsa Boithaopi tsa Bokgoni ba Aforika ba Karabelo ya Hanghang ya Dikoduwa (ACIRC). Sepheo sa Seboka e ne e le ho tshohla maemo a Lebotho la ACIRC ho latela boitshwaro ba Diketso tsa Setheo sa Taolo (CPX) sa UTULIVU AFRICA I le II le netefatso ya bokgoni bo tshepisitsweng ho tloha ka Motsheanong 2014 ho ya ho Mmesa 2015. Dinaha tse ithaopang ho ACIRC, tse kenyeletsang Aforika Borwa, di entse qeto ya ho nka ketapele ya ho tlisa ditharollo tsa seAforika bakeng sa diphephetso tsa Aforika ntle le boitshunyako ba dinaha tsa ka ntle.

2. Diketsahalo tse Tlang

2.1. Matsatsi a 16 a Ntwa Kgahlanong le Merusu ho Basadi le Bana a qala selemo ka seng ho tloha ka la 25 Pudungwana (Letsatsi la Matjhaba la Phediso ya Merusu Kgahlanong le Basadi le Bana) ho isa ho la 10 Tshitwe (Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho). Matsatsi a mang a bohlokwa a sehopotso nakong ena a kenyeletsa Letsatsi la Lefatshe la Aids ka la 1 Tshitwe le Letsatsi la Lefatshe la Batho ba nang le Boqwhala ka la 3 Tshitwe.

Mookotaba wa selemo sa 2016 wa matsatsi a 16 a Ntwa ke “Mpalleng le nna: mmoho re ntshetsa Aforika Borwa e hlokang merusu pele” le ho tshwarellwa ka katamelo ya selemo kaofela ka ho dula re sebetsa le badudi.

Moporesidente Jacob Zuma ka la 25 Pudungwana 2016 o tla thakgola Dipuisano tsa Naha moo Ditereke tsa Bomasepala di tla hlophisang dipuisano tsa selemo kaofela. Dipuisano di tla kenyeletsa ntshetsopele ya maitsebelo le matlafatso bakeng sa badudi, haholoholo bakeng sa basadi, hammoho le ntlafatso ya phano ya ditshebeletso mabapi le phumantsho ya ditshebeletso tsa toka le dikeletso le bophelo bo botle. Ke mosebetsi wa maAforika Borwa kaofela ho itahlela ka setotswana ntweng e kgahlanong le merusu ho basadi le tlhekefetso ya bana.

2.2. Letona la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano Maite Nkoana-Mashabane le Letona la Mehlodi ya Tlhaho le Tikoloho la Federeishene ya Russia, Monghadi Sergey Donskoy, ba tla kopanela bodulasetulo ba Tulo ya bo-14 ya Komiti ya Kopanelo ya Mebuso e Kopaneng ya Tshebedisano-mmoho ya Kgwebisano le Moruo (ITEC) pakeng tsa Aforika Borwa le Russia ka Labohlano, la 18 Pudungwana 2016, Pretoria.
Tulo ena e lebeletswe ho dumellana hodima meralo e itseng ya tshebetso ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha maitlamo a teng ka hara makala kaofela a ITEC, ho kenyeletswa kgwebisano, matsete le tsa dibanka; mehlodi ya diminerale; eneji; temo, meru le botshwasi ba ditlhapi; dipalangwang; saense, thekenoloji le sepakapaka; mehlodi ya metsi; le thuto le toka.

2.3. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya matona le bankakarolo bao e seng ba mmuso ka la 19 Pudungwana 2016 ho Dipontsho tsa Ntshetsopele ya Batjha tsa Makala a Mosebetsi Lebaleng la Dipapadi la Nkowankowa ka hara Masepala wa Lehae wa Greater Tzaneen, Limpopo.

Dipontsho di tla fana ka tataiso ya makala a mosebetsi le tlhahisoleseding ka menyetla ya thuto le thupello e tswelang pele ho baithuti ba balang Kereiti 10 ho ya ho 12, ho batjha ba sa sebetseng, le ho baithuti ba nyahladitseng sekolo ba le dikolong tse phahameng.

Dipontsho tsa Ntshetsopele ya Batjha tsa Makala a Mosebetsi ke karolo ya mosebetsi wa mmuso wa ho ntlafatsa batjha, ka ho qolleha bonkakarolo ba bona moruong, hore ba tle ba nke maemo a ba lokelang ka hara setjhaba sa rona.

2.4. Ho latela Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae, bonkakarolo ba setjhaba ka hara taolo ya badudi e dula e le ntlha e hlokolosi bakeng sa ho susumetsa meralo ya bomasepala, ka mokgwa o hlwahlwa ka ho fetisisa o tla shebana le ditlhoko tsa baahi.

Molao wa Dibopeho tsa Mebuso ya Bomasepala ba Lehae, wa 1998, o batla hara tse ding hore bomasepala ba hlahisa ditsela tsa ho ikopanya le badudi le mekgatlo ya badudi mabapi le ho etsa mesebetsi ya bona le ho sebedisa matla a bona. Dibopeho tsena di tlwaelehile ka hore ke Dikomiti tsa Diwate, mme di fana ka lehokahanyi la bohlokwa pakeng tsa Makhanselara a Diwate, badudi le masepala.

Dikgweding tse tlang Dikomiti tsa Diwate di tla kgethwa ho sebeletsa badudi ba tsona mme baahi ba tla itahlela ka setotswana hore ba nke karolo dikgethong tsena le ho sebetsa ka hara dibopeho tsena.

Kabinete e amohetse dikgetho tsa bomasepala tsa tlatsetso tsa diwate tse atlehileng tse neng di tshwerwe haufinyana tjena diporofenseng tse tsheletseng. MaAforika Borwa a boetse hape a bontshitse boitlamo ba bona ba mamellano ya dipolotiki e leng bopaki ba ho hola ha demokerasi ya rona ya molaotheo.

2.5. Mokete wa Dikgau tsa 2016 tsa Dipapadi tsa Aforika Borwa o tla tshwarwa ka la 27 Pudungwana 2016 Teatereng ya Sand du Plessis, Mangaung, ho la Freistata. Mehala ya ho kgetha bakeng sa People’s Choice Sports Star of the Year le molekane wa SABC Sport e buletswe mme e tla kwallwa ka la 27 Pudungwana 2016 ka 21h00. Kabinete e thoholetsa kaofela Bakgethwa ba People’s Choice Sports Star of the Year.

3. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

3.1. Tshusumetso ya phethoho ya Tlelaemete e utlwahala ka maemo a mabe haholo a lehodimo ka sebopeho sa pula e sa tsitsang, maemo a komello, motjheso o matla le dikgohola tse matla. Dikgohola tse matla Gauteng le Mpumalanga di bakile hore ho be le tahlehelo ya maphelo, badudi ba fellwe ke bodulo haholoholo dibakeng tsa mekhukhu le ho senya meralo ya motheo e kang mebila, marokgo le thepa.

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya ba lahlehetsweng ke maphelo ka lebaka la dikgohola le ho lakaletsa ba lemetseng ho fola kapele. Mehopolo le dithapelo tsa setjhaba di na le batho bao baratuwa ba bona ba ntseng ba nyametse. Dihlopha tsa naha tsa Bolaodi ba Dikoduwa di dula di fadimehile ho phatlalla le naha, ka ho qolleha dibakeng tseo ho tsona ho lebeletsweng dipula tse ngata. Batho bohle ba tshwanela ho hlompha le ho arabela ditemoso tsa ka nako tsa maemo a mabe a lehodimo.

Moporesidente Jacob Zuma a feleheditswe ke Tonakgolo ya Gauteng David Makhura le Letona la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba Des van Rooyen ba ile ba hlahloba sebaka seo le ho etela malapa a neng a hohotswe mekhukhung ya Stjwetla e mabopong a Noka ya Jukskei. Moporesidente Zuma o laetse boitshunyako bo kopanetsweng ke mmuso bo eteletsweng pele ke Letona van Rooyen ho qhaneha Noka ya Jukskei le ho matlafatsa mabopo a yona ho fokotsa sekgahla sa dikgohola tse matla ho badudi. Kabinete e leboha Mekgatlo eo e seng ya mmuso (di-NGO) e ka hara motse, Makhanselara a Diwate le baithaopi ba thusitseng badudi.

Dipula tsa haufinyana tjena leha ho le jwalo ha di a tshwanela ho etsa hore maAforika Borwa a ye le kgongwana hodimo hore tsohle di lokile kaha dikarolo tse fapafapaneng tsa naha di ntse di hlasetswe ke maemo a komello. Mmuso o buletse metsi ho tswa Letamong la Sterkfontein ho ya Letamong la Vaal e le mokgwa wa nakwana wa ho thusa ho bebofatsa maemo le ho fana ka R212 milione e le thuso bakeng sa komello ho thusa dihwai diporofenseng tse boletsweng e le dibaka tsa koduwa ya komello.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho hlokomela kgahlamelo eo diketso tsa ona di nang le yona hodima tikoloho le ho etsa tsohle tse matleng a bona ho baballa metsi.

3.2. Makala a Matjhaba a tekolo ya mekitlane Moody’s, Fitch le Standard and Poors dibekeng tse tlang a tla phatlalatsa qeto ya ona ya maemo a naha a matsete. Mmuso esale o sebetsa le dikgwebo, badudi ka kakaretso le boramosebetsi ho fetolela meralo ya naha hore e be diketso tsa nnete tse tla netefatsa hore Aforika Borwa e dula e le naha ya maemo a matsete.

Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela ho imatahanya le mmuso ka ho kgema mmoho bakeng sa ho tshireletsa maemo a matsete a naha ya rona.

3.3. Ho lokollwa ha sephetho sa 2015/16 sa bohlakisi ba ditjhelete ke Mohlakisikakaretso, Kimi Makwetu sa mafapha a naha le a diporofense le ditheo tsa ona se hlakisa bohlokwa ba ho etsa tse latelang tsa mantlha ka nepo le ka dinako tsohle: ho kenya tshebetsong meralo ya ho sebetsana le dikgaello taolong ya ditjhelete ho itshetlehilwe hodima maitlamo a seng a entswe; ho fana ka boetapele bo hlwahlwa le ho beha leihlo phihlello ya merero ya tshebetso; le ho lekola botjha boimatahanyo le bodisa le melao ya bohlokwa le melao e amang mabaka a ditjhelete.

Diphetho tsa bohlakisi tsa bahlakisiwa ba naha di bontshitse ntlafalo ka kakaretso ya 8%; 30% ya bahlakisiwa e bile le bohlakisi ba maemo a hlwekileng mme 14% e le bohlakisi bo salletseng, kapa e sa bolelwang kapa bohlakisi bo sa kgotsofatseng.

Boemo ba diporofense bo bontshitse hore boholo ba mafapha a bile le boimatahanyo le melao ya bohlokwa le ho boleng ba ditlaleho tsa ona tsa tshebetso tsa selemo ka seng.

Kabinete e lemohile ka ngongoreho dikotsi le diphephetso tse hlakisitsweng ke sephetho sa bohlakisi. Se tlamme mmuso ho sebetsana le dintlha tse hlokolosi tse hlwauweng le ho matlafatsa taolo ya ditjhelete bakeng sa ho lebisa diphethong tse betere tsa bohlakisi.

3.4. Kabinete e amohetse baemedi ba akanngwang ho 11 000 ba nkang karolo ho pitso ya bo-19 ya AfricaCom e tshwaretsweng Motse Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ka la 17 Pudungwana 2016 tlasa mookotaba “Re qhaneha matla a diphetho tsa boimatahanyo ba dijithale ba Aforika: inthanete jwaloka enjene ya matlafatso ya moru le tsa kahisano”. Pitso e tshetlehetswe puo ke Letona la Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso Ngaka Siyabonga Cwele mme ho bile le dibui tse fetang 350.

AfricaCom e se e le lepatlelo le pharaletseng mabapi le ho ntshetsapele moruo wa tsa dijithale Aforika bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa kahisano le matlafatso mabapi le ho tshehetsa morero wa Aforika wa Lenaneo la 2063. Pitso e hohela baetapele ba Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo (ICT), baetapele ba dikgwebo le bantjhafatsi ho tsa Aforika le ba etsang diqeto ho tswa dinaheng tse fetang 140.

Pitso ya selemong sena e ne e tsepamisitse maikutlo hodima ntshetsopele ya maitsebelo a dijithale, matlafatso ya basadi ho tsa thekenoloji, thekenoloji ya ho sebetsana le boqhwala le ho tshehetsa Tech Start-up Ecosystem ya Aforika. Sena se fanne ka motjha wa ho fihlella merero ya NDP ho ya ka diphethoho tsa dijithale, ntshetsopele ya moruo le matlafatso ho tsa kahisano.

3.5. Kabinete e thabetse hore baithuti ba bangata ditsheng tsa thuto e phahameng ho phatlalla le naha ba arabetse hantle ho dikgoeletso tsa ho baballa lenaneo la dithuto la selemo sa 2016. Ditsha tse ngata di se di qadile ka dihlahlobo tsa tsona tsa mafelo a selemo.

Re kgothaletsa baithuti ho dula ba tsepamisitse maikutlo hodima ho phethela dithuto tsa bona le ho dumella Khomishene ya Kgonahalo ya Bosiyo ba Ditefello bakeng sa Thuto e Phahameng le Thupello ho phethela mosebetsi wa yona.

Mosebetsi o etswang ka NEDLAC o a ananelwa, moo Lefapha la Naha la Matlotlo le tlileng ka ditlhahiso tsa kamoo re ka fihlellang thuto ya mahala bakeng sa baithuti ba dithuto tsa kamora materiki. Tumellano e tla phethelwa mafelong a Pudungwana 2016.

Boipiletso ba baetapele ba naha ba dikereke le baetapele ba bang ba ditumelo bakeng sa ditharollo tsa thuto e phahameng di ananelwa haholo. Tshehetso ya bona ka bonamodi, dithapelo le mekutu ya kgotso, hammoho le kgoeletso ya bona bakeng sa hore selemo sa dithuto sa 2016 se fele ka katleho di amohelehile.

3.6. Kabinete e amohela qeto ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo mabapi le Tsamaiso ya Tlhahisoleseding ya Naha ya Elektroniki ya tsa Sephethephethe (eNATIS) eo jwale e tla tsamaiswa ke mmuso.

3.7. Hape re lemohile Taelo ya Lekgotla la Dinyewe ya hore kopo ya Terry Crawford-Browne, ya hore khomishene ya tumellano ya dibetsa e behellwe ka thoko, e ne e se molemong wa toka. Khomishene ya Dipatlisiso ya Seriti e neng e sekaseka tumellano ya dibilione tse ngata tsa diranta ya selemo sa 1999 e fumane hore ho ne ho se na bopaki ba hore dife kapa dife tsa dikonteraka di ne di na le phoso ya bobodu, boqhekanyetsi kapa tse sa lokang, tlaleho ena e lokolotswe ke Moporesidente Jacob Zuma ka Mmesa 2016.

3.8. Kabinete e ngongorehile ka tlhotlholetso ya tsitsipano ya bosemorabe le merusu ke batho ba bohlokwa setjhabeng e leng se re fapohisang tokolohong ya rona e lwanetsweng ka thata. MaAforika Borwa a lokela ho tshwela ka mathe ditshusumetso tse kotsi tse kang ditlhaselo tsa bosemorabe tse kang tlhaselo ya semorabe ya Rethabile Mlotshwa e sebetsang feela ho hlokofatsa maAforika Borwa a bo rona mme e sa tlatseletse ho Botho ba setjhaba sa rona. Re tshwanela hape ho tswela pele ho hlompha molao le ho bua kgahlanong le dikgoeletso tseo e seng tsa molaotheo tsa ho hapa lefatshe ho seng molaong metseng ya rona.

3.9. Kabinete e hlompha ho leboha mosebetsi ha Monghadi Brian Molefe jwaloka Mohlanka wa Phethahatso wa Sehlopha sa Eskom le ho mo lakaletsa tse molemo maitekong a hae a nako e tlang. Monghadi Molefe o sebeditse ka matla bakeng sa ho ntshetsapele lewa la ho fetola Eskom le seng le qala ho hlahisa ditholwana tse ntle. Kabinete e na le tshepo ya hore o siile moifo wa phethahatso o matla o tla tswela pele ho phethisa thomo ya Eskom ya ho kenya tshebetsong lewa la diphethoho.

3.10. Kabinete e lemohile diqoso tse hlokang motheo lenaneong la tlhakisetso la AL Jazeera kgahlanong le Letona la Tshireletso ya Puso, Monghadi David Mahlobo, le ho ananela hore Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa e fuputsa diqoso tsena.

3.11. Kabinete e hlakisitse hore mmuso esale o le ka pele ntweng e kgahlanong le diketso tsa botlokotsebe ba tikoloho, sena se kenyeletsa mosebetsi o etswang ke ditshebeletso tsa tshireletso jwaloka karolo ya mekutu ya mmuso ya ho thibela botlokotsebe bo hlophisitsweng bo tshelang madiboho le ho netefatsa hore toka e ya etswa kgahlanong le ba amehang ka hara maqulwana ao.

Kabinete e thoholeditse ba latelang:

3.12. Letona la Ditjhelete, Pravin Gordhan ya ileng a ananelwa ho Dikgau tsa Dikhamphani tse 100 tse ka Sehloohong tsa selemo sa 2016 tsa Sunday Times ke baetapele ba diindaseteri ba Aforika Borwa. Kananelo ena ke mokgopi wa dikgwebo e supa hore re mmoho ho sena, le hore ka kopanelo re na le maikemisetso a ho fetola Aforika Borwa hore e be tulo e betere. Mekutu e kopanetsweng ya mmuso, dikgwebo, boramosebetsi le setjhaba ka kakaretso e leba boemong bo hodimo ba ho fihlella Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

3.13. Francois Groepe ya thontsweng hape jwaloka Motlatsi wa Mmusisi wa Banka ya Resefe ya Aforika Borwa, ke Moporesidente Jacob Zuma, bakeng sa nako ya dilemo tse hlano ho tloha ka la 1 Pherekgong 2017.

3.14. Mothei wa mokgatlo wa Gift of the Givers Imtiaz Sooliman, ya hapileng Kgau ya Moahi wa Lefatshe ke feme ya matjhaba ya boeletsi ya Henley & Partners. Sena se bontsha hore baahi ba Aforka Borwa ba fofisetsa folakga hodimo ka ho fana ntle le boinahanelo ho batho ba hlokang.

3.15. Tjhefe ya Phethahatso Martin Kobald, e leng seapehi se ipabotseng ka makgabane Aforika Borwa, ya thontsweng jwaloka motlatsi wa moporesidente wa World Association of Chefs Societies.

3.16. Hotele ya Aforika e Hlwekileng ka ho Fetisisa, Hotel Verde e fumanehang Boemafofaneng ba Matjhaba ba Motse Kapa e kgethilwe jwaloka mohlodi wa lefatshe ho mokgahlelo wa Urban Accommodation nakong ya Dikgau tsa Bohahlaudi tsa bo-15th tsa selemo ka seng tsa Skål International Sustainable Tourism, tse neng di tshwaretswe Monaco.

3.17. Naledi ya Aforika Borwa ya di-Sevens Seabelo Senatla, ya kgethilweng e le Sebapadi sa Selemo sa World Rugby Men's Sevens bakeng sa ditshebetso tsa hae tse babatsehang tsa selemo sa 2016. Sebapadi sena sa ka lepheong sa Aforika Borwa se tshetse ho kora diterae tse 66 diketsahalong tse 10 letotong la 2015-16 - e leng tsa bobedi tse hodimo ka ho fetisisa nalaneng ya dilemo tse 17 ya letoto lena, sena ke tshutshumetso ho dibapadi tse ntseng di thuthua tsa rakbi. Sena hape ke selemo sa bobedi ka tatelano hore moAforika Borwa a hape kgau ena.

3.18. Mohapi wa Aforika Borwa wa medale ya gauta Wayde van Niekerk ya kgethilweng e le moatlelete wa monna wa Dipapadi tsa Diolimpiki ke Mokgatlo wa Naha wa Komiti ya Dikgau tsa Diolimpiki tse neng di tshwaretswe Doha.

3.19. Brad Binder ya tlatseleditseng letsholo la hae la Moto3 ka kgapo ya sekola ka tlholo ho sehla sa makgaolakgang lebelong la Valencia ho la Spain.

3.20. Kabinete e thoholeditse Proteas ka tlholo ya bona ya letoto la Teko ho Australia hammoho le Bafana Bafana ka tlholo ya bona ya Senegal ho papadi ya ho lokela ho bapalla Mohope wa Lefatshe. Kabinete e lakaletsa Springboks katleho papading ya bona kgahlanong le Italy le ho ba le tshepo ya hore ho hlolwa ke England ho thusa ho matlafatsa sehlopha.

Kabinete e leboha maAforika Borwa kaofela ao hape a kopaneng ho tshehetsa dihlopha tsa rona tsa naha ka ho boha dipapadi tse fapafapaneng le ho apara mebala ya folakga ya rona kapa dikipa tsa sehlopha seo ba se tshehetsang. Ha re tsweleng pele ho atlarela le ho kgomarela mohopolo wa motlotlo wa naha ha dihlopha tsa rona di fofisa folakga ya naha.

3.21. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Jacob Zuma bakeng sa ho lakaletsa mahlohonolo Donald John Trump ya kgethilweng jwaloka Moporesidente wa bo-45 wa America (USA) le ho ba le tshepo ya hore dipuisano tsa nako e tlang pakeng tsa Aforika Borwa le USA di tla tswela dinaha ka bobedi molemo.

4. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ke ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

4.1. Lefapha la Basebetsi:
a) Mofumahadi MSB Matebesi jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso (DG): Ditshebeletso tsa Kgwebo, le
b) Monghadi TS Maruping jwaloka DG: Letlole la Inshorense ya Batho ba felletsweng ke mosebetsi (UIF).

4.2. Mofumahadi CL Duma jwaloka DG: Ditshebeletso tsa Kgwebo ho Lefapha la Bohahlaudi.

4.3. Monghadi H Ratshisusu jwaloka Motlatsi wa Mokhomishenara wa Diphehisano.

4.4. Monghadi Enver Daniels jwaloka Motlatsi wa Modulasetulo wa Lekgotla la Diphehisano

4.5. Moporofesara H Cheadle jwaloka setho sa nakwana sa Lekgotla la Diphehisano.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766