Back to top

Primary tabs

Pehelo ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro, la 18 Pudungwana 20

A. Maemo a Renang Hajwale

1. Seboka sa bo-12 sa Brazil, Russia, India, Tjhaena le Afrika Borwa (BRICS)

1.1. Kabinete e amohetse sephetho sa Seboka sa bo-12 sa BRICS se neng se eteletswe pele ke Moporesidente Cyril Ramaphosa. Ha se ne se tshwerwe ke Moporesidente Vladimir Putin wa Federeishene ya Russia, seboka se tshohlile semphato sa BRICS bakeng sa botsitso ba lefatshe, polokeho e arolelanwang le kgolo.

1.2. Sephetho se ne se kenyeletsa kamohelo ya Lewa le shebuweng botjha bakeng sa Semphato sa Moruo sa BRICS (2020-2025) le kamohelo ya Lewa la BRICS la Twantsho ya Boferekanyi. Tumellano ya Moscow e amohetsweng qetellong ya seboka e hlakisitse, hara dintlha tse ding, tshehetso ya Lenaneo la Kopano ya Afrika (AU) la selemo sa 2063 le maiteko a lebisitseng ho kopanelo e matlafaditsweng le ntshetsopele ka hara kontinente, ho kenyeletswa ho kenngwa tshebetsong ha Tumellano ya Sebaka se Lokolohileng sa Kgwebisano sa Kontinente ya Afrika.

1.3. Seboka se boetse se ananetse kgatelopele e fihlelletsweng ke AU mabapi le ho tobana le dikgeo tsa infrastraktjha, ka ho qolleha ka hara moralo wa Semphato se Setjha sa Ntshetsopele ya Afrika, le bohlokwa ba ho kgothaletsa matsete bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele ya diindasteri, ho hlahisa mesebetsi, ho netefatsa kanetso ya dijo, ho lwantsha bofuma le ho fana ka ntshetsopele ya moshwelella ya Afrika.

2. Leeto la Tshebetso la Moporesidente wa Malawi

2.1. Kabinete e ananetse Leeto la Tshebetso la haufinyana tjena Afrika Borwa la ditho tsa Mmuso wa Malawi le neng le eteletswe pele ke Moporesidente Lazarus Chakwera. Kopano ena pakeng tsa Moporesidente Chakwera le Moporesidente Ramaphosa e tshohlile dintlha tsa dikgahlehelo tsa dinaha ka bobedi, tsa lebatowa le tsa kontinente.

2.2. Afrika Borwa e dula e itlamme bakeng sa ho tebisa le ho matlafatsa dikamano le Malawi ka kgwebisano le matsete a atolositsweng ka morero wa ho fihlella boiphediso bo nang le seriti dinaheng ka bobedi. Dinaha tsena tse pedi di na le dikamano tse mofuthu tsa dilemo tse ngata.

2.3. Kabinete e ile ya boela ya tsebiswa ka taba ya Monghadi Shepherd le Mofumahadi Mary Bushiri, ba balehetseng Malawi ha ba ntse ba lokolotswe ka beile ya R200 000 motho ka mong ho latela diqoso tsa bobodu le ho pata mohlodi wa tjhelete.

2.4. Kabinete e kgotsofetse ka mokgwa oo Lekala la Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Polokeho le sebetsaneng le taba ena mme lekala le tla beha setjhaba sehlohlolong ka tse ntseng di etsahala tabeng ena. Metjha ya ho ba busetsa kwano e se e thakgotswe.

3. Dikgetho tsa Tlatsetso tsa Bomasepala

3.1. Kabinete e thoholetsa Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho bakeng sa dikgetho tsa tlatsetso tse atlehileng, tse neng di tshwerwe diwateng tse 95 ho parola le bomasepala ba 55 ka Laboraro, la 11 Pudungwana 2020. Dikgetho tsa bomasepala e dula e le tshiya ya ho leotsa demokerasi maemong a ditereke le a bomasepala.

3.2. Kabinete e lebohile maAfrika Borwa ohle a nkileng karolo dikgethong tsa tlatsetso, tseo e neng e le tsa lekgetlo la pele kamora hoba mesebetsi ya dikgetho e fanyehwe ka Hlakubele ka lebaka la Lefu la sewa sa Kokwanahloko ya Corona (COVID-19).

4. Matsatsi a Mahlano a Naha a ho Ila

4.1. Kabinete e kgothaleditse maAfrika Borwa ho nka karolo matsatsing a mahlano a ho ila bakeng sa ho hopola ba lahlehetsweng ke maphelo a bona ka lebaka la COVID-19 le dikgoka tsa bong le dipolao tsa basadi (GBVF). Difolakga tsohle tsa naha di tla fofela tlase nakong ya matsatsi a mahlano a ho ila ho tloha ka Laboraro, la 25 Pudungwana ho isa ka Sontaha, la 29 Pudungwana 2020.

4.2. E le mohato wa ho tlotla le ho hopola bohle ba weleng ka lebaka la COVID-19 le GBVF, baahi bohle ba kgothaletswa ho apara diaparo le ho sebedisa mekgabiso e bontshang ho ila ho itshetlehilwe hodima botjha ba bona, meetlo le ditumelo tsa bona.

5. Ho saenwa ha Moralo o Moholo wa Tswekere

5.1. Kabinete e ananetse ho saenwa ha Moralo o Moholo wa Indasteri ya Tswekere ke Letona la Temothuo, Kabobotjha ya Naha le Tlhabollo ya Dibaka tsa Mahae Thoko Didiza le lekala la indasteri ya tswekere. Moralo o Moholo wa Tswekere o reretswe ho nka mohato o potlakileng ho sireletsa dikete tsa mesebetsi, boiphediso ba metseng ya mahae le dikgwebo, mme hona moo ho bopa boikemisetso bo botjha bakeng sa bokamoso, bo reretsweng ho hlahisa metjha e fapakaneng ya lekeno bakeng sa bahlahisi ba tswekere, mme ho fanwe ka menyetla e metjha e hlwahlwa ya mesebetsi.

5.2. Indasteri ya tswekere ke mohiri ya hlokolosi wa basebeletsi le mohlodi wa boiphediso bakeng sa palo e kgolo ya badudi ba dibakeng tsa mahae.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Lewa la Naha la Twantsho ya Bobodu (NACS)


1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NACS e fanang ka moralo wa naha ka bophara wa boitshunyako. Lewa lena ke sephetho sa ditherisano tsa naheng ka bophara le makala a fapafapaneng, ho kenyeletswa dikgwebo, mmuso le setjhaba ka kakaretso. Sehlopha sa Tshebetso sa NACS, se bopilweng ka setjhaba ka kakaretso, dirutehi, borakgwebo le baemedi ba mmuso, se tsheheditse ho hlophiswa ha lewa lena.

1.2. NACS e akaretsa ditshiya tse tshelela, tse kenyeletsang ho kgothaletsa boahi bo matla, ho loma tsebe, boitlhompho le ponaletso; ho ntlafatsa boporofeshenale ba basebeletsi, ho matlafatsa taolo ka hara ditheo, le ho matlafatsa mehlodi le kgokahano ya tshebetso le boikarabelo.

1.3. Lewa lena le boetse le sisinya ho ba teng ha Lekgotla la nakwana la Boeletsi la Naha la Twantsho ya Bobodu e le tlhophiso ya makala bakeng sa ho netefatsa bodisa bo toma, boikarabelo le ponaletso. Lekala lena la nakwana le tla qala ka motjha wa ho theha lekala le ikemetseng la mmuso le akaretsang le tla tlalehela Palamente ka ho otloloha.

2. Lewa la Naha la Katoloso ya Dibaka tse Tshireleditsweng (NPAES)

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NPAES e shebuweng botjha bakeng sa ho kenngwa tshebetsong. Lewa lena le ile la tjhaellwa monwana bakeng sa ditherisano le setjhaba ka Pudungwana 2018. Ditherisano tsena di bakile hore ho be le ditshisinyo tse ngata tse shebuweng botjha tse kenyeletswang ho dikgaolo tse robong tsa lewa lena.

2.2. Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse ruileng ka ho fetisisa mabapi le dimela le diphoofolo tse fapaneng. E boletswe e le e nngwe ya dinaha tse tharo tse ka hodimo lefatsheng e nang le dintho tse ngata tse fapaneng. Ho laola le ho baballa dintlha tsena tsa bohlokwa tse fapaneng tsa tlhaho ho boetse ho nyehela bakeng sa ho hlahisa mesebetsi ka mananeo a bohahlaudi le paballo ya tlhaho, mme hape di sebetsa e le dibaka tsa diphuputso tsa saense.

3. Moralo o Shebuweng Botjha wa Diphapano tsa Tlhaho wa Naha (NBF)

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya NBF bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Sena ke moralo wa lekala wa tshebetso bakeng sa ho sebetsana le ditshoso tsa phapano ya tlhaho tse hlwauweng nakong ya tekolo ya saense ya boemo ba diphapano tsa tlhaho le dibaka tsa diphedi ka hara Afrika Borwa e entsweng ke Setheo sa Naha sa Diphapano tsa Tlhaho sa Afrika Borwa ka selemo sa 2019.

3.2. Dibaka tse hlokolosi ka ho fetisisa tlalehong ya tekolo di amana le dibaka tsa diphedi tsa metsing a foreshe, dinokeng le moo dinoka di kopanang le lewatle tse nang le ditlhapi tse hlokang metsi a foreshe e leng tse kotsing ka ho fetisisa bakeng sa diphedi kaofela.

4. Moralo o Moholo wa Lekala la Meru (CFS) wa Afrika Borwa (2020-2025)

4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa tshebetsong ha Moralo o Moholo wa CFS, oo ho dumellanweng ka ona ke diindasteri, mmuso le basebetsi. Moralo ona o lekalekanya molemo wa tikoloho, moruo le kahisano ho tswa ho mehlodi ya meru.

4.2. O akaretsa dintlha tse supileng tse ka sehlohlolong: (a) katoloso ya mehlodi ya meru le bapallo/tshireletso, (b) diphethoho lekaleng lena, (c) keketso ya boleng le tswelliso, (d) boshodu ba lehong le diketso tse seng molaong, (e) diphuputso, ntshetsopele, ntjhafatso le ntshetsopele ya maitsebelo, (f) ditshitiso tse ka sehloohong tsa kgolo tsa lekala lena le (g) ntshetsopele ya ditheo tse amehang.

5. Moralo wa Naha o tla Kenngwa Tshebetsong mabapi le ho etsa Tshebeletso ya Mmuso ya seporofeshenale

5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa naha mabapi le ho etsa Tshebeletso ya Mmuso ya seporofeshenale. Sena se kgema le boitlamo bo entsweng ke tsamaiso ya botshelela bakeng sa ho bopa Tshebeletso ya Mmuso e kgonang, e nang le botho le tswelopele.

5.2. Moralo ona o sisinya ditshiya tse hlano tse hlokolosi tsa ho ntlafatsa tshebeletso ya mmuso tse tla etellwa pele ke Sekolothupello sa Naha sa Mmuso (NSG), ka semphato le ditheo tse fapafapaneng tsa thuto. Ditshiya tsena tse hlano di kenyeletsa ho thaothwa ha pele ho kgiro le kgetho ka hara Tshebeletso ya Setjhaba; thupello le tlwaetso ya mosebetsi; taolo ya meralo le tshebetso; thuto e tswellang le ntshetsopele ya seporofeshenale, le ntlafatso ya mosebetsi le tse etsahalang mosebetsing.

6. Ditshisinyo tsa ho Hlomathisa Maano a Molao wa Taolo ya Tshebeletso ya Setjhaba (PAMA) wa Selemo sa 2014 le Molao wa Tshebeletso ya Mmuso (PSA) wa Selemo sa 1994

6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ditshisinyo tsa maano tse reretsweng ho hlomathisa PAMA, 2014 (Molao wa bo-11 wa selemo sa 2014) le PSA, 1994 (Molao wa bo-103 wa selemo sa 1994). Hara tse ding, a sisinya kgato e tla lebisa ho Tshebeletso ya Mmuso e le nngwe, ho baballwa ha boemo ba NSG jwaloka lefapha la naha le ho hlakisa mosebetsi wa Kantoro ya Boimatahanyo le Maemo a Boitekanelo (OHSC) mabapi le ditsela tsa ho hokahanya melawana le maemo ka hara tsamaiso ya mmuso.

6.2. Ditshisinyo tsa maano bakeng sa PSA di kenyeletsa ho hlakisa mosebetsi wa dihlooho tsa mafapha Kantorong ya Tonakgolo le ya Moporesidente, mme hape ho lokisa tse ding tsa dintlha tse tlileng ka dikahlolo tsa lekgotla la dinyewe.

6.3. Dihlomathiso tsena di thehilwe hodima taba ya ho lebisa ho boikitlaetso ba Tsamaiso ya Mmuso e le Nngwe le hape ho fana ka matla ho diphethoho tse lohothwang ho Moralo wa Ntshetsopele ya Naha bakeng sa ho aha tshebeletso ya mmuso ya seporofeshenale.

6.4. Tsamaiso ya Mmuso e le Nngwe e kgannwa ke ntlha ya ho netefatsa phano ya ditshebeletso e hlwahlwa, ya boleng le ho ba le boikarabelo.

7. Leano la Taolo ya Boitsebiso ba Semmuso

7.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Taolo ya Boitsebiso ba Semmuso le tla lokollwa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le sisinya diphethoho tse ngata, ho kenyeletsa le ho hlomathisa Molao wa Boitsebiso, 1997 (Molao wa bo-68 wa selemo sa 1997) le Molao wa Phetolo ya Bong le Maemo a Bong, Molao wa bo-40 wa selemo sa 2003) ho e matahanya le Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996 le Molao wa Tshireletso ya Tlhahisoleseding ya Motho, 2013 (Molao wa bo-4 wa selemo sa 2013).

7.2. Le boetse le sisinya ho kopanngwa ha Rejistara ya Naha ya Setjhaba ho thusa ka mmono o le mong wa motho ya nang le matshwao a itseng ho ikamahanya le ditsamaiso tse ding tsa taolo ya boitsebiso tsa mmuso le lekala la poraefete. Le tla hokahanya ditsamaiso tsa hajwale le Tsamaiso ya Naha ya Boitsebiso e matlafatswang ka tshebediso ya dikgatiso tsa menwana. Rejistara e ntjha e sisinngwang e tla bopa motheo wa e-identity e tla sebetsa jwaloka mokokotlo wa mapatlelo a mmuso le a poraefete a tsa dijithale.

8. Prothokhole ho Molao wa Kenyeletso wa AU e Amanang le Palamente ya Boafrika (PAP)

8.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Prothokhole ho Molao wa Kenyeletso wa AU ho PAP bakeng sa kamohelo. Bakeng sa ho fana ka matla ho prothokhole ena, dipuso tsa ditho di lokela ho e amohela ka dipalamente tsa tsona ka ho latelana. Afrika Borwa ke yona e tshwarang PAP, e leng karolo ya theromolao ya AU.

C. Dibili

1. Bili ya Sehlomathiso sa Naha sa Dikgwebo tse Nyane (NSEA) ya Selemo sa 2020


1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha NSEA bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba, e reretsweng ho fetola Molao wa Naha wa Dikgwebo tse Nyane, 1996 (Molao wa bo-102 wa selemo sa 1996). Dihlomathiso di bua ka Tshebeletso ya Tshireletso ya Kantoro ya Dikgwebo tse Nyane le ho hula taba e mabapi le ho Thehwa ha Lekala la Boeletsi.

1.2. Bili e pharalatsa phumantsho ya toka bakeng sa dikgwebo tse nyane ka tshebediso ya Tshebeletso ya Mosireletsi, ya tla fuwa mosebetsi wa ho sekaseka le ho sebetsana le ditletlebo tsa dikgwebo tse nyane.

1.3. Ho kenngwa tshebetsong ha dihlomathiso ho tla tlisa botsitso bo matla lekaleng lena le ho ntlafatsa menyetla ya moruo ka tlhahiso ya mesebetsi dikgwebong tse nyane tse mahareng le tse kgolo.

2. Bili ya Sehlomathiso sa Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA)

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Sehlomathiso sa NYDA bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Dihlomathiso di matlafatsa bohlwahlwa ba tshebetso ba NYDA mabapi le katoloso ya phihlello ya lona le ho eketsa karabelo ya lona ho ditlhoko tsa batjha.

2.2. Batjha ba etsa ho ka bang nngwe borarong ya setjhaba sa Afrika Borwa mme ho kenngwa tshebetsong ha Bili ena ho tswela pele ho nyehela mabapi le ho aha lebotho la basebetsi le nang le maitsebelo le ho boela e eketsa tshehetso bakeng sa boetapele ba dikgwebo. Sena se tla nyehela mabapi le ho sebetsana le diqholotso tse tharo tsa ntshetsopele e leng bofuma, ho se lekalekane le tlhokeho ya mesebetsi.

D. Diketsahalo tse Tlang

1. Matsatsi a 16 a Twantsho ya Dikgoka

1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana mookotaba o reng: “Toka ya Moruo wa Basadi e lebisitseng ho Afrika Borwa e hlokang dikgoka le leeme ho basadi” bakeng sa letsholo la Matsatsi a 16 a Twantsho ya Dikgoka Kgahlanong le Basadi, e leng sehlohlolo sa letsholo la Matsatsi a 365 kgahlanong le GBVF. Ka lebaka la melawana ya Boemo ba Naha ba Koduwa e thibelang dikopano tse kgolo, Moporesidente Ramaphosa o tla thakgola letsholo lena ka dikgokahano tsa vidiyo ka Laboraro, la 25 Pudungwana 2020. Moralo wa Tshebetso o Potlakang wa Karabelo bakeng sa ho lwantsha GBVF o ileng wa tjhaellwa monwana ka selemo sa 2019 o qadile ka ho fana ka matla matsholong a ho tshehetsa diphofu; ho matlafatsa temoso le thibelo; ho ntlafatsa melao le maano; ho kgothaletsa matlafatso ya moruo wa basadi, le ho matlafatsa tsamaiso ya ditlolo tsa molao.

1.2. Moralo wa Lewa la Naha (NSP) o ananetsweng, o ileng wa fumanwa ke Moporesidente Ramaphosa pejana monongwaha, o ntshetsapele boitshunyako ba karabelo e potlakileng bo qaduweng ka selemo sa 2019. Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya GBVF e eteletsweng pele ke Letona la Basadi, Bana le Batho ba Holofetseng Kantorong ya Moporesidente, Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane, e tswella ho tjhorisa ka matla ho okamela ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a NSP.

2. Letsatsi la Lefatshe la AIDS – la 1 Tshitwe 2020

2.1. Mookotaba wa Letsatsi la Lefatshe la AIDS ka la 1 Tshitwe 2020: “Sena se re ama bohle, Cheka Impilo!” o toboketsa boikarabelo ba bo mong ba ho netefatsa hore dikuno tsa ho fihlela mona tse mabapi le ho arabela ho diwa tsa HIV le lefuba (TB) ha se tsa lefeela.

2.2. Afrika Borwa e na le sewa se seholohadi sa HIV lefatsheng, ka batho ba ka fihlang ho 7.7 milione ba nang le HIV, mme e ikarabella bakeng sa nngwe borarong ya ditshwaetso kaofela tse ntjha Afrika e Borwa. Batho ba bangata hajwale ba etsa diteko tsa HIV. Afrika Borwa e na le lenaneo le leholo ka ho fetisisa la kalafo ka di-antiretroviral. Ke naha ya pele ya Afrika e Borwa ba Sahara ya ho tjhaella monwana Pre-exposure Prophylaxis ka botlalo, eo hajwale e fuwang ba kotsing e kgolo ya tshwaetso.

2.3. Kabinete e kgothaletsa maAfrika Borwa ho latela mehato e meraro ya Cheka Impilo: Wa pele, hlahloba maemo a hao a bophelo, kenela diteko tsa HIV le TB tleliniking efe kapa efe e haufi le wena. Wa bobedi, nka bohato hang ha o tseba sephetho sa hao, qala ka kalafo hanghang kapa o dule o nwa meriana. Wa ho qetela, phela hantle, phela ka boitekanelo ka ho phema boitshwaro bo kotsi ho tsa thobalano, ka ho phema ditlwaelo tse kotsi bophelong bo botle, ka ho dula o ja dijo tse tletseng phepo, tse itekanetseng.

3. Seboka sa Baetapele ba Sehlopha sa Dinaha tse Mashome a Mabedi (G20)

3.1 Moporesidente Ramaphosa o tla etella pele kemedi ya Afrika Borwa ho Seboka sa Baetapele ba G20 se tla tshwarwa ka kgokahano ya vidiyo ka Moqebelo, la 21 Pudungwana le Sontaha, la 22 Pudungwana.

3.2 Seboka sa Baetapele ba G20 se bitswa ke Puso ya Borena ba Saudi Arabia ka morero wa ho tiisa tshebedisano ya lefatshe ka mookotaba o reng “Ho fihlella Menyetla ya Mongwahakgolo wa bo-21 bakeng sa bohle”. Seboka se reretswe ho etella pele maiteko a matjhaba bakeng sa ho ntshetsapele karabelo e matla e kopanetsweng bakeng sa ho lwantsha sewa sa COVID-19, ho baballa moruo wa lefatshe le ho matlafatsa tshebedisano ya matjhaba.

3.3 Dipuisano di tla shebana le ho matlafatsa batho, ho sireletsa polanete le tharollo ya diqholotso tsa lefatshe ka ditharollo tse tswelang molemo batho kaofela.

A. Melaetsa

1. Dithoholetso


Kabinete e lebisa dithoholetso le ditakaletso tse molemo tsa yona ho:

• Moporesidente Ramaphosa bakeng sa ho keteka letsatsi la hae la tswalo la bo-68 ka Labobedi, la 17 Pudungwana 2020.
• Moporesidente Alassane Ouattara le batho ba Cote d’Ivoire bakeng sa ho hlophisa dikgetho tse atlehileng.
• Moporesidente ya tla hlomamiswa wa Amerika (USA) Joseph R. Biden, le batho ba USA, ho latela ho kgethwa ka katleho.
• Master KG bakeng sa ho hapa Kgau ya Best African Act ho MTV EMA’s ka lebaka la pina ya setlabolane Jerusalema e kenyeleditseng Nomcebo Zikode, e bileng e nngwe ya dipina tse matla ka ho fetisisa lefatsheng.
• Banyana Banyana ba iphumanetseng sekola sa Bompodi ba Basadi ba COSAFA ka dilemo tse nne tse latelanang ka ho hlola Botswana ka 2-1.
• Bafana Bafana ba phethetseng tlholo ya bobedi ya Sao Tome le Principe ho ba motjheng wa ho kenela thonamente ya Mohope wa Dinaha tsa Afrika ya selemo sa 2022.

2.    Matshediso

Kabinete e romela matshediso ho:

• batho ba Ghana le lelapa le metswalle ya Moporesidente wa mehleng wa Ghana Jerry Rawlings.
• lelapa, metswalle le bomphato ba Mohlahlobi-Kakaretso Monghadi Kimi Makwetu ya tlohelang marapo ya sebeleditseng naha ya rona ka bokgabane le ho nehela mabapi le ho kenya tlwaelo ya boikarabelo tshebedisong ya mehlodi ya puso. Lefu la Monghadi Makwetu e bi le tahlehelo e kgolo lekaleng la bohlahlobi ba maemo a ditjhelete le mosebetsi o tswellang wa ho aha tsamaiso e nang le boikarabelo. Kabinete e hlahisitse motlotlo wa hore Monghadi Makwetu o ile a kgethwa ka ditlatse ho Komiti ya Boeletsi ba Bohlahlobi bo Ikemetseng ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, e leng mosebetsi oo, ntle le tikatiko, a o phethileng ka bokgabane.
• mmuso le batho ba Puso ya Palestina ho latela ho hlokahala ha Ngaka Saeb Erekat. Ngaka Erekat e ne e le Mongodi-Kakaretso wa Komiti ya Phethahatso ya Mokgatlo wa Tokoloho ya Palestina, setho sa Komiti e Bohareng ya Fatah le serutehi se ipabotseng, raditherisano ya ka sehloohong wa kgotso ya Palestina le ho ba motswalle e moholo wa Afrika Borwa.

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha tshireletso le mangolo a thuto.

1. Lekgotla la Taolo la Khomishene ya Poelano le Bonamodi:
a. Monghadi Enos Ngutshane (Modulasetulo);
b. Monghadi Siobhan Leyden;
c. Monghadi Kaizer Moyane;
d. Monghadi Sifiso Lukhele;
e. Mofumahadi Riefdah Ajam;
f. Monghadi Narius Moloto;
g. Monghadi Bheki Ntshalintshali;
h. Monghadi Thembinkosi Mkalipi;
i. Mofumahadi Thabitha Constance Mametja; le
j. Mofumahadi Tshepo Mahlaela.

2. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Batsamaisi ya Koporasi ya Dihlomo ya Afrika Borwa:
a. Lenqosa Jeanette Thokozile Ndhlovu (o thontswe hape);
b. Ngaka Reginald Cassius Lubisi;
c. Ngaka Phillip David Dexter;
d. Mofumahadi Refilwe Matenche;
e. Majoro Mokgenerale (ya behileng meja fatshe) Lungile Christian Pepani;
f. Mofumahadi Fundiswa Skweyiya-Gushu;
g. Monghadi Timothy Mandla Sukazi; le
h. Mofumahadi Peta Nonceba Mashinini.

3. Lekgetlo la bo-6 ho Lekgotla la Boenjinere la Afrika Borwa:
1. Mofumahadi Refilwe Buthelezi;
2. Mofumahadi Prudence Madiba;
3. Mofumahadi Tshwaraganang Ramagofu;
4. Monghadi John Daniels;
5. Monghadi Mashao Lawrence Lebea;
6. Monghadi Kasango Nyembwe;
7. Monghadi Simphiwe Nathaniel Zimu;
8. Monghadi Thembinkosi Cedric Madikane;
9. Monghadi Sipo Mkhize;
10. Mofumahadi Nirvanna Rampersad;
11. Mofumahadi Liezl Smith Smith;
12. Mofumahadi Refilwe Lesufi;
13. Mofumahadi Sarah Skorpen;
14. Mofumahadi Abimbola Olukunle;
15. Monghadi Sandiswa Jekwa;
16. Mofumahadi Linda Njomane;
17. Mofumahadi Mpho Ramuhulu;
18. Mofumahadi Philile Precious Mdletshe;
19. Monghadi Lesetja Boshomane;
20. Mofumahadi Amelia Mtshali;
21. Monghadi Thulebona Memela;
22. Mofumahadi Simangele Mngomezulu;
23. Mofumahadi Otilia Mthethwa;
24. Monghadi Thembinkosi Gamedze;
25. Mofumahadi Phumza Zweni;
26. Monghadi Bhekinkosi Williamson Mvovo;
27. Mofumahadi Patronella Fikile Sibiya;
28. Mofumahadi Cingisa Mbola;
29. Mofumahadi Thulisile Mwelase;
30. Monghadi Kemraj Ramgobind Ojageer;
31. Monghadi Enson Muranganwa Mangwengwende;
32. Mofumahadi Thandeka Chili;
33. Monghadi Sifiso Keswa;
34. Mofumahadi Sejako Morejwane;
35. Mofumahadi Nirasha Sampson;
36. Mofumahadi Sewela Mutileni;
37. Mofumahadi Nokhana Moerane;
38. Monghadi Mamadi Isau Mailula;
39. Mofumahadi Natalie Skeepers;
40. Monghadi Matome Edmund Modipa;
41. Ngaka Reginald Sethole Legoabe.
42. Monghadi Carlo Van Zyl;
43. Monghadi Ranthekeng Moloisane;
44. Monghadi Njabulo Nhleko;
45. Mofumahadi Elizabeth Theron;
46. Monghadi Arnold Heinz Sommer;
47. Mofumahadi Rachel Ledwaba;
48. Monghadi Nic Smit; le
49. Monghadi Sekete Zachia David Botsane;

4. Khomishene ya Tekatekano ya Kgiro
a. Mofumahadi Tabea Kabinde  (Modulasetulo);
b. Monghadi Bhabhali kaMaPhikela Nhlapho;
c. Mofumahadi Lebogang Mulaisi;
d. Monghadi Puleng Tsebe;
e. Monghadi Mpho Vuma;
f. Mofumahadi Thembi Chagonda;
g. Mofumahadi Zinzisa Pearl Mgobondela;
h. Mofumahadi Stieneke Jensma; le
i. Mofumahadi Dineo Mmako.

5. Monghadi Mashwahle Joseph Diphofa – Katoloso ya konteraka ya dilemo tse hlano e le Motsamaisi-Kakaretso (DG) wa Lefapha la Merero ya Botjhaba.
6. Ngaka Phil Mjwara – Katoloso ya konteraka ya dilemo tse pedi e le DG ya Lefapha la Saense le Ntjhafatso.
7. Ngaka Duncan Ettienne Pieterse – Motlatsi wa DG (DDG): Leano la Moruo, Lefapha la Matlotlo a Naha.
8. Ngaka Thuli Nomsa Khumalo – DDG: Bolaodi ba Phethoho ya Tlelaemete le Boleng ba Moya, Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139